Na Ngoana oa ka o Lokela ho Kena Sekolo?
NA U ke u nahane hore na ho ka be ho le joang haeba u ne u sa tsebe ho bala se ngotsoeng moo? Ho thoe’ng haeba u ne u sa tsebe ho bua puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao? Ho ne ho tla ba joang haeba u ne u ka sitoa ho supa naha ea heno ’mapeng oa lefatše? Bana ba bangata ba tla hōla ka tsela eona ena. Na le ngoana oa hao o tla hōla joalo?
Na ngoana oa hao o lokela ho kena sekolo? Linaheng tse ngata, bana ba tlangoa ho ea sekolong sa mathomo le se mahareng, ’me hangata ha ba lefelloe. Ho Tumellano ka Litokelo Tsa Ngoana ho boleloa hore ho kena sekolo ke tokelo ea motheo. Sena se boletsoe le Phatlalatsong e Akaretsang ea Litokelo Tsa Botho. Leha ho le joalo, linaheng tse ling e ka ’na eaba bana baa lefelloa sekolong ’me sena e ka ba moroalo ho batsoali. A re ke re sekasekeng taba ena re e shebile ka leihlo la batsoali ba Bakreste ba batlang hore bana ba bona ba tsebe ho bala le ho ngola, ebang ke ka ho kena sekolo kapa ka mekhoa e meng.
Mehlala ea Bibele ea ba Neng ba Tseba ho Bala le ho Ngola
Bahlanka ba bangata ba Molimo bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ba ne ba tseba ho bala le ho ngola. Baapostola ba Jesu, e leng Petrose le Johanne e ne e le batšoasi ba litlhapi ba Bajuda empa ba ile ba ngola libuka tsa Bibele ka Segerike, eseng ka Segalilea sa habo bona.a Ho hlakile hore batsoali ba bona ba ile ba etsa bonnete ba hore ba fumana thuto ea motheo. Bangoli ba bang ba Bibele ba neng ba le boemong bo tšoanang ba ne ba akarelletsa Davida oa molisa, Amose oa molemi, le ngoan’abo Jesu, e leng Juda, eo mohlomong e neng e le ’metli.
Jobo o ne a tseba ho bala le ho ngola, ’me buka ea Bibele e bitsoang ka lebitso la hae e bontša hore o ne a e-na le kutloisiso e itseng ea saense. Hape ho ka etsahala hore ebe o ne a tseba ho ngola moqoqo, hobane lipolelo tsa hae tse qotsitsoeng bukeng ea Jobo li ngotsoe joaloka lithoko. ’Me rea tseba hore Bakreste ba pele ba ne ba tseba ho bala le ho ngola hobane seo e ka ’nang eaba e ne e le lintlha tsa bona tsa Mangolo li ’nile tsa fumanoa mangetaneng.
Thuto ke ea Bohlokoa ho Bakreste
Ho hlokahala hore Bakreste bohle ba tsoele pele tsebong ea Bibele e le hore ba khahlise Molimo. (Bafilipi 1:9-11; 1 Bathesalonika 4:1) Ho ithuta ka mafolofolo Mangolo le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng ho ka etsa hore motho a hōle moeeng. Kaha Molimo o fane ka Lentsoe la hae le ngotsoeng, o lebeletse hore barapeli ba hae ba tsebe ho bala le ho ngola ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ho bala Bibele ka kutloisiso ho etsa hore ho be bonolo ho sebelisa keletso ea eona. Ke ’nete hore re ka ’na ra tlameha ho bala likarolo tsa eona hangata e le hore re utloisise lintlha tseo re ithutang ka tsona ’me re tsebe ho thuisa ka tsona.—Pesaleme ea 119:104; 143:5; Liproverbia 4:7.
Selemo le selemo, batho ba Jehova ba fumana lingoliloeng tse ngata tse thusang tse lokiselitsoeng ka tataiso ea “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47) Lingoliloeng tse joalo li sebetsana le bophelo ba lelapa, meetlo, bolumeli, saense le litaba tse ling tse ngata. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ke hore li na le keletso ea Mangolo litabeng tsa moea. Haeba bana ba hao ha ba tsebe ho bala, ha ba na ho fumana boitsebiso ba bohlokoa.
Ho ithuta histori ea moloko oa batho ke habohlokoa hobane ho re thusa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha re hloka ’Muso oa Molimo. Tsebo ea motheo ea jeokrafi le eona ke ea bohlokoa. Bibele e bua ka libaka tse ngata, tse kang Iseraele, Egepeta le Greece. Na ngoana oa hao a ka li supa ’mapeng oa lefatše? Na a ka supa naha ea habo? Ha motho a sitoa ho bala ’mapa, ho ka ba ha mo sitisa ho tsamaea tšimo sebakeng seo a se abetsoeng.—2 Timothea 4:5.
Litokelo ka Phuthehong
Baholo ba Bakreste le bahlanka ba sebeletsang ba na le boikarabelo bo bongata bo ba hlokang ho bala. Ka mohlala, ho hlokahala hore ho lokisetsoe lipuo bakeng sa liboka tsa phutheho. Ho hlokahala hore ho bolokoe litlaleho tsa libuka le tsa menehelo. Ha motho a se na thuto ea motheo a ka thatafalloa ho hlokomela boikarabelo bona hantle.
Ho na le baithaopi ba sebetsang mahaeng a Bethele lefatšeng lohle. E le hore baithaopi bana ba tsebe ho buisana le ho phetha mesebetsi ea bona, e kang ho fetolela lingoliloeng le ho lokisa mechine, ba tlameha ho tseba ho bala le ho ngola puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao. Hangata ho hlokahala thuto ea motheo haeba ka letsatsi le leng bana ba hao ba tla thabela litokelo tse kang tsena. Ebe mabaka a mang a molemo a hore ngoana oa hao a kene sekolo ke afe?
Bofutsana le Tumela-Khoela
Maemong a mang batho ba futsanehileng ba ka ’na ba hloka mokhoa oa ho iphelisa. Leha ho le joalo, maemong a mang, thuto e lekaneng e ka ’na ea re thusa hammoho le bana ba rōna hore re se ke ra sotleha ho sa hlokahale. Batho ba bangata ba sa tsebeng ho bala le ho ngola ba kolla ntsi hanong. Bana le batho ba baholo ka linako tse ling ba shoa ka lebaka la meputso e menyenyane e ba thatafalletsang ho ea ngakeng. Hangata batho ba sa rutehang kapa ba sa kenang sekolo ha ba je hantle ebile ba lula matlong a mabe. Thuto kapa ho tseba ho bala le ho ngola li ka ’na tsa thusa maemong ana.
Ho tseba ho bala le ho ngola ho boetse ho fokotsa tloaelo ea ho ba le tumela-khoela. Ke ’nete hore tumela-khoela e tloaelehile har’a batho ba rutehileng le ba sa rutehang. Empa ba sa rutehang ba ka thetsoa le ho qhekelloa habonolo ho feta ba bang, kahobane ba ke ke ba bala lintho tse pepesang mashano ana. Kahoo, ba rata tumela-khoela haholo ’me ba lumela hore mofolisi ea sebelisanang le meea a ka phekola ka mohlolo.—Deuteronoma 18:10-12; Tšenolo 21:8.
Morero oa Thuto Hase Feela Hore Motho a Fumane Mosebetsi
Batho ba bangata ba nahana hore morero o ka sehloohong oa thuto ke ho fumana chelete. Empa batho ba bang ba rutehileng ha ba sebetse kapa ha ba fumane chelete e lekaneng hore ba fumane lintho tsa bohlokoa. Kahoo, batsoali ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha ho thuse letho ho isa ngoana sekolong. Empa ho kena sekolo ho lokisetsa bana hore ba fumane chelete ebile ho ba hlomellela bophelo ka kakaretso. (Moeklesia 7:12) Haeba motho a tseba ho bua, ho bala le ho ngola puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao, ha a thatafalloe ke ho sebetsana le batho ba tsa bongaka, babusi, kapa basebetsi ba libanka, ’me ha ho mo tšose.
Libakeng tse ling, bana ba sa rutehang ba ka ’na ba fuoa motho e mong hore a ba rute ho haha ka setene, ho tšoasa litlhapi, ho rōka, kapa mesebetsi e meng ha ba ntse ba mo sebeletsa. Ho ithuta mosebetsi ke ntho e ntle, empa haeba ho se mohla bana bana ba kenang sekolo, ho ka etsahala hore ba se ke ba ithuta ho bala le ho ngola ka tsela e nepahetseng. Ha ho pelaelo hore ba ne ba ka qoba ho tlatlapuoa ’me ba ne ba ka phela hamolemo haholoanyane haeba ba ne ba ka qala ka ho fumana thuto ea motheo ebe ka mor’a moo ba ithuta mosebetsi.
Jesu oa Nazaretha e ne e le ’metli ’me ho bonahala hore o ile a rutoa mosebetsi ke ntat’ae ea mo hōlisitseng, Josefa. (Matheu 13:55; Mareka 6:3) Jesu o ne a boetse a tseba ho bala le ho ngola, hobane ha a le lilemo li 12, o ile a bua ka mokhoa o utloahalang le banna ba rutehileng ba neng ba le tempeleng. (Luka 2:46, 47) Tabeng ea Jesu, ho ithuta mosebetsi ha hoa ka ha kena-kenana le ho ithuta lintho tse ling.
Na le Bana ba Banana ba Lokela ho Ruteha?
Ka linako tse ling batsoali ba isa bara ba bona sekolong eseng barali ba bona. Mohlomong batsoali ba bang ba nahana hore ho ruta barali ba bona ke ho ikenya litšenyehelong tse ngata ’me ba lumela hore banana ba ka thusa bo-’m’a bona haholo haeba ba lula le bona malapeng letšehare lohle. Empa ho se tsebe ho bala le ho ngola ho tla sitisa ngoanana bophelong. Sengoliloeng sa Letlōle la Machaba a Kopaneng la Thuso ea Bana (UNICEF) se re: “Liphuputso tse ngata li bontšitse hore ho ruta banana ke leano le molemo ka ho fetisisa la ho thibela bofutsana.” (Poverty and Children: Lessons of the 90s for Least Developed Countries) Banana ba rutehileng ba khona ho sebetsana le mathata a bophelo le ho etsa liqeto tse bohlale haholoanyane, kahoo ba tsoela lelapa lohle molemo.
Phuputso e ileng ea etsoa Benin, Afrika Bophirimela ka ho shoa ha masea, e ile ea bontša hore bo-’mè ba sa tsebeng ho bala le ho ngola ba shoeloa ke bana ba ka tlaase ho lilemo tse hlano, bana ba 167 ho ba 1 000, athe basali ba keneng sekolo se mahareng ba shoeloa ke bana ba 38 ho ba 1 000. UNICEF e etsa qeto e reng: “Kahoo, thuto ea kenella tabeng ea hore na ho shoa masea a makae Benin, joalokaha ho le joalo lefatšeng lohle.” Kahoo, ho ruta barali ba hao ho ka ba le melemo e sa tšoaneng.
Na Litlelase Tsa ho Ithuta ho Bala le ho Ngola ke Tsona Feela Tse Hlokahalang?
Moo ho hlokahalang, Lipaki Tsa Jehova li ruta litho tsa phutheho ho bala le ho ngola.b Tokisetso ena e molemo e thusa batho ho ithuta ho bala, haholo-holo ka puo ea habo bona. Na see se ka nka sebaka sa thuto ea sekolo? Na ho ka lebelloa hore phutheho e rute bana ba hao empa likolo li le teng?
Le hoja litlelase tsa ho ruta ho bala le ho ngola e le tokisetso e ntle e etsoang ke liphutheho tsa Lipaki Tsa Jehova, li lokiselitsoe ho ruta batho ba baholo ba sa kang ba kena sekolo. Ho ka etsahala hore ebe batsoali ba bona ba ne ba sa hlokomele hore ho tseba ho bala le ho ngola ke ntho ea bohlokoa, kapa mohlomong ho ne ho se na likolo. Batho ba joalo ba ka thusoa ke ho ba teng litlelaseng tsa ho ithuta ho bala le ho ngola, tse liphuthehong. Empa litlelase tsena ha li nke sebaka sa sekolo ebile morero oa tsona hase ho fana ka thuto ea mathomo. Litlelaseng tsena tsa ho ithuta ho bala le ho ngola ha ho ithutoe lithuto tse kang saense, lipalo le histori. Empa lithuto tsena lia rutoa likolong.
Afrika, hangata litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola li ba teng ka lipuo tsa batho ka bomong ’me hase kamehla li bang ka puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao naheng eo. Leha ho le joalo, hangata sekolong ho rutoa ka puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao. Sena se na le molemo ka ho eketsehileng baneng hobane libuka tse ngata le lingoliloeng tse ling tse sa tšoaneng li ngoloa ka puo e sebelisoang haholo linthong tsa molao. Le hoja, litlelase tsa ho ithuta ho bala le ho ngola tsa phutheho li ka ’na tsa phaella ho hong thutong ea ngoana, li ke ke tsa nka sebaka sa sekolo. Kahoo, ha ho khoneha, bana ba lokela ho kena sekolo.
Boikarabelo ba Batsoali
Banna ba etellang pele ho sebeletseng litlhoko tsa moea tsa phutheho e lokela ho ba Bakreste ba behang mohlala. Ba lokela ho okamela ba ntlo ea bona le bana ba bona “ka mokhoa o motle.” (1 Timothea 3:4, 12) Ho okamela “ka mokhoa o motle” ho akarelletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang ho thusa bana ba rōna ho qoba mathata a ka moso.
Molimo o file batsoali ba Bakreste boikarabelo bo boholo. Ba lokela ho hōlisa bana ba bona ka Lentsoe la hae ’me ba ba thuse hore ‘ba rate tsebo.’ (Liproverbia 12:1; 22:6; Baefese 6:4) Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka sebele haeba leha e le mang a sa lokisetse hore ho be le lintho tse hlokahalang bakeng sa bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bakeng sa litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.” (1 Timothea 5:8) Bana ba rōna ba boetse ba lokela ho fuoa thuto e loketseng.
Ka linako tse ling likolo ha li rute bana ka ho loketseng ka lebaka la palo e ngata haholo ea bana, ho haella ha lichelete, kapa mohlomong mesuoe e sa thabang, e sa lefuoeng hantle. Ka lebaka leo, ke habohlokoa hore batsoali ba thahaselle seo bana ba bona ba ithutang sona sekolong. Ke bohlale ho tseba mesuoe, haholo-holo ha likolo li buloa, esita le ho batla keletso ea kamoo bana e ka bang liithuti tse molemo kateng. Kahoo, mesuoe e ka ikutloa e le ea bohlokoa ’me ea khothalletsoa ho etsa boiteko bo boholoanyane ho ruteng bana.
Thuto ke karolo ea bohlokoa khōlong ea ngoana. Liproverbia 10:14 e re: “Ba bohlale ke bona ba bolokang tsebo.” Sena ke ’nete haholo-holo ka tsebo ea Bibele. Batho ba Jehova—ba banyenyane le ba baholo—ba lokela ho ruteha ka hohle kamoo ho ka khonehang e le hore ba thuse ba bang moeeng ‘e le hore ba ka itlhahisa ba amoheleha ho Molimo, ho se letho leo ba ka hlajoang ke lihlong ka lona, ba tšoara lentsoe la ’nete ka nepo.’ (2 Timothea 2:15; 1 Timothea 4:15) Kahoo, na bana ba hao ba lokela ho kena sekolo? Ha ho pelaelo hore u tla lumela hore ho joalo le hoja ho tla itšetleha haholo ka hore na se molemo ke sefe naheng ea heno. Empa ho hlokahala hore batsoali ba Bakreste ba arabe potso ena ea bohlokoa haholo, ‘Na bana ba ka ba lokela ho ruteha?’ Ho sa tsotellehe hore na u lula hokae, na ha u lumele hore karabo e lokela ho ba e, e utloahalang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a E ka ’na eaba puo ea habo bona e ne e le Segalilea seo e neng e le mofuta o mong oa Searame kapa oa Seheberu. Bona Insight on the Scriptures, Buka ea 1, leqepheng la 144-6, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 12, 13]
HAEBA HO LE THATA HO KENA SEKOLO
Ho thata ho kena sekolo maemong a mang. Ka mohlala, makasine ea Refugees e ile ea tlaleha hore likampong tsa baphaphathehi ke ngoana a le mong feela ho ba bahlano ba tšoanelehang, ea ka kenang sekolo. Mabakeng a mang, literaeke li etsa hore likolo li koaloe ka nako e telele. Likolo li ka ’na tsa e-ba hōle haholo kapa tsa e-ba sieo libakeng tse itseng. Ho hlorisoa ha Bakreste ho ka ’na ha fella ka hore bana ba lelekoe likolong.
U ka thusa bana ba hao joang maemong a joalo? Ho ka etsoa’ng haeba u e-na le bana ba bangata ’me u lula sebakeng seo litšenyehelo li phahameng hoo u sitoang ho ba isa sekolong kaofela? Na u ka khona ho isa ngoana a le mong kapa ba babeli sekolong u sa ba behe kotsing moeeng? Haeba ho joalo, ba ka ’na ba thusa ho ruta bana ba bang ba hao seo ba ithutang sona sekolong.
Linaheng tse ling ho na le seo ho thoeng ke ho rutela bana malapeng.c Tokisetsong ena, motsoali e mong o qeta nako e itseng a ruta ngoana letsatsi ka leng. Mehleng ea boholo-holo, batsoali ba ne ba atleha ho ruta bana ba bona. Ho hlakile hore ka lebaka la ho koetlisoa hantle ke batsoali a sa le monyenyane, Josefa, mora oa Jakobo, o ile a ba boemong ba boikarabelo a sa le monyenyane.
Ho ka ’na ha e-ba thata ho fumana lenaneo la thuto libakeng tse kang likampong tsa baphaphathehi, empa batsoali ba ka sebelisa lingoliloeng tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova ho ruta bana. Ka mohlala, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele e ka ba molemo ho ruteng bana ba banyenyane. Makasine ea Tsoha! e na le lihlooho tse fapa-fapaneng. Buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? e ka sebelisetsoa ho ruta saense. Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova e na le ’mapa o monyenyane oa lefatše ’me e bua ka bophelo le mosebetsi oa boboleli linaheng tse sa tšoaneng.
Ho ka finyelloa molemo o moholo haeba thuto e lokiselitsoe hantle ’me e entsoe hore e finyelle kutloisiso ea bana. Haeba ba tsoela pele ho bala le ho ithuta, ba ke ke ba thatafalloa mohlang ba eang sekolong. Ka ho ba le thahasello le ho ikitlaetsa, u ka thusa bana ba hao hore ba rutehe. Hoo e ka ba ntho e molemo hakaakang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
c Bona sehlooho se reng “Home Schooling—Is It for You?” ho Tsoha! (ea Senyesemane) ea April 8, 1993, leqepheng la 9-12.
[Setšoantšo]
Ho ka etsoa’ng haeba u lula moo bana ba ke keng ba kena sekolo?