-
“Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”Molula-Qhooa—2010 | March 15
-
-
5. Sera ke mang papisong ee, ’me mofoka o tšoantšetsa bo-mang?
5 Sera ke mang, hona mofoka ke bo-mang? Jesu o re bolella hore sera ke “Diabolose.” Ho hlalosoa hore mofoka ke “bara ba ea khopo.” (Mat. 13:25, 38, 39) Ha e le hantle, ho ka etsahala hore ebe mofoka oo Jesu a neng a bua ka oona e ne e le bearded darnel. Ha semela sena se chefo se sa hōla, pele se butsoa, se tšoana le koro haholo. Ke tšoantšetso e loketseng hakaakang ea Bakreste-’mōtoana, ba ipolelang hore ke bara ba ’Muso, empa ba sa behe litholoana tsa ’nete! Bakreste bana ba baikaketsi ba bolelang hore ke balateli ba Kreste, ha e le hantle ke karolo ea “peō” ea Satane Diabolose.—Gen. 3:15.
-
-
“Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”Molula-Qhooa—2010 | March 15
-
-
7. Na koro e ’ngoe e ile ea fetoha mofoka? Hlalosa.
7 Jesu ha aa ka a re koro e ne e tla fetoha mofoka, empa o itse mofoka o ne o jetsoe har’a koro. Kahoo, papiso ena ha e bue ka Bakreste ba ’nete ba koenehelang ’nete. Ho e-na le hoo, e bontša boiteko bo etsoang ka boomo ke Satane ba ho silafatsa phutheho ea Bokreste ka hore a kenye batho ba khopo ka hare ho eona. Nakong eo ka eona moapostola oa ho qetela, e leng Johanne, a neng a se a tsofetse, bokoenehi bona bo ne bo se bo bonahala ka ho hlaka.—2 Pet. 2:1-3; 1 Joh. 2:18.
-
-
“Ba Lokileng ba Tla Khanya ka ho Phatsimang Joaloka Letsatsi”Molula-Qhooa—2010 | March 15
-
-
Nako ea Kotulo eo e Leng Khale e Letetsoe
10, 11. (a) Nako ea kotulo e neng? (b) Koro ea tšoantšetso e tlisoa neng ka tlung ea Jehova ea polokelo?
10 Jesu o re ho rōna: “Kotulo ke qetello ea tsamaiso ea lintho, ’me bakotuli ke mangeloi.” (Mat. 13:39) Mosebetsi oa ho arola o tsoela pele matsatsing a ho qetela a tsamaiso ena ea lintho e khopo—bara ba ’Muso ba lokela ho bokelloa le ho aroloa ho bohle ba kang mofoka. Mabapi le sena, moapostola Petrose o re ho rōna: “Ke nako e behiloeng bakeng sa hore kahlolo e qale ka ntlo ea Molimo. Joale haeba e qala pele ka rōna, bofelo ba ba sa mameleng litaba tse molemo tsa Molimo e tla ba bofe?”—1 Pet. 4:17.
11 Nakoana ka mor’a hore ho qalehe matsatsi a ho qetela, kapa “qetello ea tsamaiso ea lintho,” ho ile ha qala kahlolo ea ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ’nete—hore na e ne e hlile e le “bara ba ’muso” kapa e le “bara ba ea khopo.” Ha kotulo e qala, ho ile ha oa Babylona e Moholo “pele,” eaba “joale” ka mor’a moo, ho bokelloa bara ba ’Muso. (Mat. 13:30) Empa hona joale koro ea tšoantšetso e bokelloa joang ka tlung ea Jehova ea polokelo? Bana ba kotutsoeng ba tlisoa ka phuthehong ea Bokreste e tsosolositsoeng, moo Molimo a ba bontšang mosa le moo a ba sireletsang, kapa ba amohela moputso oa bona oa ho phela leholimong.
12. Kotulo e tsoela pele ka nako e kae?
12 Kahlolo e nka nako e kae? Jesu o ile a bua ka “nako” ea kotulo, e leng nako eo hangata e tsoelang pele ka nako e itseng. (Tšen. 14:15, 16) Kahlolo ea batlotsuoa ka bomong e tsoela pele nakong eohle ea bofelo. E tla tsoela pele ho fihlela ba fumane tiiso ea ho qetela.—Tšen. 7:1-4.
-