Letlooa le Litlhapi li Bolela Eng ho Uena?
“Lōna le neiloe ho tseba liphiri tsa ’muso oa maholimo.”—MATTHEU 13:11.
1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella litšoantšo tsa Jesu?
NA U THABELA ho tseba lekunutu kapa ho rarolla selotho? Ho thoe’ng haeba ho etsa joalo ho ka u thusa ho bona ka ho hlakileng haholoanyane karolo eo u e phethang morerong oa Molimo? Ka thabo, u ka fumana temohisiso e joalo eo e leng tokelo ka setšoantšo seo Jesu a se boletseng. Se ile sa tsietsa ba bangata ba ileng ba se utloa ’me ho tloha ka nako eo se ’nile sa tsietsa ba bang ba bangata, empa u ka se utloisisa.
2 Hlokomela seo Jesu a se buileng ho Mattheu khaolo 13 mabapi le ho sebelisa ha hae litšoantšo. Barutuoa ba ile ba botsa: “Na u buela’ng le bona ka litšoantšo na?” (Mattheu 13:10) E, ke hobane’ng ha Jesu a ne a sebelisa litšoantšo tseo batho ba bangata ba sa li utloisiseng? Litemaneng tsa 11 ho ea ho 13 o arabetse tjena: “Lōna le neiloe ho tseba liphiri tsa ’muso oa maholimo, empa bona ha ba ka ba neoa. . . . Ke ka baka leo ke buang le bona ka litšoantšo, kahobane leha ba bona, ha ba bone; leha ba utloa, ha ba utloe, ’me ha ba utloisise.”
3. Ho utloisisa litšoantšo tsa Jesu ho ka re tlisetsa melemo joang?
3 Joale Jesu o ile a sebelisa Esaia 6:9, 10, e hlalosang batho bao e neng e le litholo le lifofu tsa moea. Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore rōna re be joalo. Haeba re utloisisa le ho nka khato tumellanong le litšoantšo tsa hae, re ka thaba haholo—hona joale le nakong e tlang e sa feleng. Jesu o re fa tiiso ena e mofuthu: “Mahlo a lōna a lehlohonolo, hobane a bona, le litsebe tsa lōna li lehlohonolo, hobane lia utloa.” (Mattheu 13:16) Tiiso eo e akaretsa litšoantšo tsa Jesu kaofela, empa a re lebiseng tlhokomelo setšoantšong se sekhutšoaane sa letlooa, se tlalehiloeng ho Mattheu 13:47-50.
Setšoantšo se Nang le Moelelo o Tebileng
4. Jesu o ile a bolela setšoantšo sefe, joalokaha se tlalehiloe ho Mattheu 13:47-50?
4 “’Muso oa maholimo o joale ka letlooa le akhetsoeng leoatleng, ’me le bokella ntho [litlhapi] tsa mefuta-futa. Ha le tletse, ba le hulela lebopong, ba ntoo lula, ba boloka tse ntle lipitseng tsa bona, ba lahla tse mpe. Ho tla ba joalo bofelong ba lefatše: mangeloi a tla tsoa, a khethe ba khopo ho ba lokileng, ’me a tla ba lahlela seboping sa mollo; ke moo lillo li tla ba teng le litsikitlano tsa meno.”
5. Ho phahama lipotso life mabapi le se boleloang ke setšoantšo sa letlooa?
5 Mohlomong u kile ua bona ha batho ba tšoasa litlhapi ka letlooa, bonyane u ba bona baesekopong kapa thelevisheneng, kahoo setšoantšo sa Jesu hase thata hore u ka ba le pono ea sona. Empa ho thoe’ng ka litaba tsa sona le seo se se bolelang? Ka mohlala, Jesu o itse setšoantšo sa letlooa se bua ka “’muso oa maholimo.” Leha ho le joalo, ka sebele o ne a sa bolele hore batho ba ‘mofuta o mong le o mong,’ ba batle le ba sa tšoaneleheng, kapa ba khopo, ba tla kena ’Musong. Hape ke bo-mang ba etsang mosebetsi oa ho tšoasa? Na mosebetsi oo oa ho tšoasa le oa ho arola o ile oa etsahala mehleng ea Jesu, kapa na o fella mehleng ea rōna feela, e leng ea ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho’? Na ua ipona setšoantšong see? U ka qoba joang hore u qetelle u le har’a ba llang le ba tsikitlanyang meno?
6. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho ba le thahasello e khōlō ea ho utloisisa setšoantšo sa letlooa? (b) Senotlolo sa ho se utloisisa ke sefe?
6 Lipotso tseo li bontša hore ho hang setšoantšo sena ha se bonolo. Leha ho le joalo, u se ke ua lebala: “Mahlo a lōna a lehlohonolo, hobane a bona, le litsebe tsa lōna li lehlohonolo, hobane lia utloa.” A re bone hore na re ka hlahlobisisa seo se se bolelang e le hore litsebe tsa rōna e tle e se ke ea e-ba tse sa arabeleng le mahlo a rōna a tle a se ke a lahleheloa ke bohlokoa ba sona. Ha e le hantle, re se re ntse re na le senotlolo sa bohlokoa sa ho rarolla seo se se bolelang. Sehlooho se fetileng se re bolelletse kamoo Jesu a ileng a mema batšoasi ba litlhapi ba Galilea hore ba tlohele mosebetsi oa bona ’me ba nke mosebetsi oa moea oa ho ba “ba tšoasang batho.” (Mareka 1:17) O ile a ba bolella: ‘Ho tloha joale, le tla ba batšoasi ba batho.’—Luka 5:10.
7. Jesu o ne a tšoantšetsa eng ha a bua ka litlhapi?
7 Tumellanong le seo, litlhapi tse boletsoeng setšoantšong sena li emela batho. Ka hona, ha temana ea 49 e bua ka ho aroloa ha ba khopo ho ba lokileng, ha e bolele libōpuoa tse lokileng kapa tse khopo tse phelang metsing, empa e bolela batho ba lokileng kapa ba khopo. Ka ho tšoanang, temana ea 50 ha ea lokela ho etsa hore re nahane ka liphoofolo tsa leoatle tse llang kapa tse tsikitlanyang meno a tsona. Che. Setšoantšo sena se bua ka ho bokelloa ha batho le ho aroloa ha bona hamorao, e leng ho tebileng haholo, joalokaha phello e bontša.
8. (a) Re ka ithuta eng mabapi le phello ea litlhapi tse sa tšoaneleheng? (b) Ka baka la se boletsoeng ka litlhapi tse sa tšoaneleheng, re ka etsa qeto efe mabapi le ’Muso?
8 Hlokomela hore litlhapi tse sa tšoaneleheng, ke hore, tse khopo, li tla lahleloa sebōping sa mollo, moo li tla lla le ho tsikitlanya meno a tsona. Kae-kae Jesu o ile a amahanya ho lla ho joalo le ho tsikitlanya meno le ho lahleloa ka ntle ho ’Muso. (Mattheu 8:12; 13:41, 42) Ho Mattheu 5:22, (NW) le 18:9, (NW), o bile a bua ka “Gehenna ea mollo,” e bolelang timetso ea ka ho sa feleng. Na seo hase bontše kamoo e leng habohlokoa ka teng ho fumana se boleloang ke setšoantšo see le ho nka khato e loketseng? Kaofela ha rōna rea tseba hore ’Musong oa Molimo ha ho na ba khopo ebile ba ke ke ba ba teng. Ka hona, ha Jesu a ne a re “’muso oa maholimo o joale ka letlooa,” e tlameha ebe o ne a bolela hore mabapi le ’Muso oa Molimo, ho na le tšobotsi e kang letlooa le akheloang hore le bokelle mefuta e sa tšoaneng ea litlhapi.
9. Mangeloi a kenella joang setšoantšong sa letlooa?
9 Ka mor’a hore letlooa le akheloe ’me litlhapi li bokelloe, ho ne ho tla ba le mosebetsi oa ho arola. Jesu o itse ke bo-mang ba amehang? Mattheu 13:49 e bontšitse hore batšoasi bana ba litlhapi bao e bileng e leng ba arolang ba khetholloa e le mangeloi. Kahoo Jesu o ne a re bolella hore mangeloi a hlokometse kofuto e lefatšeng e sebelisoang ho khetholla batho—ba batle le ba tšoanelehang bakeng sa ’Muso oa leholimo, ba bang e le ba ipakang ba sa tšoanelehe bakeng sa pitso eo.
Ho Tšoasa—Neng?
10. Re ka sebelisa monahano ofe ho hlokomela hore mosebetsi oa ho tšoasa o tsoetse pele ka nako e teletsana?
10 Boitsebiso bo potolohileng taba ena bo re thusa ho fumana hore na sena se sebetsa neng. Pejana ho sena, Jesu o ile a fana ka setšoantšo se buang ka ho jaloa ha peō e ntle, empa ho ile ha jaloa mofoka tšimong, e tšoantšetsang lefatše. Ho Mattheu 13:38 o ile a hlalosa hore peō e ntle e emela “bana ba ’muso; mofoka ke bana ba e mobe.” Peō ena e ntle le mofoka li ile tsa hōla ’moho ka makholo a mangata a lilemo, ho fihlela mohla kotulo bofelong ba tsamaiso ea lintho. Joale mofoka o ile oa aroloa ’me ka mor’a moo oa chesoa. Ha re bapisa sena le setšoantšo sa letlooa, rea bona hore ho huloa ha libōpuoa ka letlooa ho ne ho tla tsoela pele ka nako e telele.—Mattheu 13:36-43.
11. Mosebetsi oa ho tšoasa har’a lichaba tsohle o ile oa tsoela pele joang lekholong la pele la lilemo?
11 Ho latela setšoantšo sa Jesu, litlhapi li ne li tla bokelloa ho sa khethoe, ke hore, letlooa le ile la hula litlhapi tse ntle le tse sa tšoaneleheng. Ha baapostola ba sa ntse ba phela, mangeloi a tataisang mosebetsi oa ho tšoasa a ne a sebelisa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Bakreste oa Molimo ho tšoasa “lihlapi” tse ileng tsa fetoha Bakreste ba tlotsitsoeng. Mohlomong u ka re pele ho Pentekonta ea 33 C.E., mosebetsi oa Jesu oa ho tšoasa batho o ile oa tšoasa barutuoa ba ka bang 120. (Liketso 1:15) Empa hang hoba phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e thehoe, mosebetsi oa ho tšoasa ka letlooa o ile oa qala, ’me ho ile ha tšoasoa litlhapi tse ntle tse likete-kete. Ho tloha ka 36 C.E., mosebetsi oa ho tšoasa o ile oa saballa metsing a lichaba, kaha Balichaba ba ile ba huleloa Bokresteng ’me ba fetoha litho tsa phutheho ea Kreste e tlotsitsoeng.—Liketso 10:1, 2, 23-48.
12. Ka mor’a lefu la baapostola ho ile ha hlaha eng?
12 Makholong a lilemo ka mor’a hore baapostola ba shoe, ho ile ha tsoela pele ho ntse ho e-na le Bakreste ba tšepahalang ba loanelang ho fumana ’nete ea Molimo le ho tšoarella ho eona. Bonyane ke ba seng bakae ho bona ba neng ba amoheloa ke Molimo, ’me o ile oa ba tlotsa ka moea o halalelang. Ho sa le joalo, lefu la baapostola le ile la tlosa tšusumetso e sitisang ho hlaha ha bokoenehi, ’me bokoenehi bo ile ba ata. (2 Ba-Thessalonika 2:7, 8) Ho ile ha hlaha mokhatlo o neng o ipolela ntle ho tšoanelo hore ke phutheho ea Molimo. Ka bohata o ne o ipolela hore ke sechaba se halalelang se tlotsitsoeng ka moea oa Molimo hore se buse le Jesu.
13. Ke hobane’ng ha ho ka thoe Bokreste-’mōtoana bo phethile karolo e itseng tšebelisong ea letlooa?
13 Na u nahana hore litho tse sa tšepahaleng tse ipolelang hore ke tsa Bokreste li ne li ameha ka tsela leha e le efe setšoantšong sa letlooa? Ho na le lebaka le utloahalang la ho arabela ka ho re e, ho joalo. Letlooa la tšoantšetso le ne le akarelletsa Bokreste-’mōtoana. Ke ’nete, ka lilemo-lemo Kereke e K’hatholike e ile ea leka ho thibela batho ba tloaelehileng hore ba fumane Bibele. Leha ho le joalo, ho theosa le makholo a lilemo, litho tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa phetha karolo e khōlō ka ho fetolela Lentsoe la Molimo, ho le kopitsa, le ho le aba. Hamorao, Likereke li ile tsa hlahisa mekhatlo ea Bibele kapa tsa e tšehetsa, e leng mekhatlo e ileng ea fetolela Bibele ka lipuo tse sa tšoaneng tsa libaka tse hōle. Li ile tsa boela tsa romela baromuoa ba lingaka le baruti ba ileng ba etsa Bakreste ba sokollotsoeng ka lithuso. Sena se ile sa bokella litlhapi tse ngata-ngata tse sa tšoaneleheng, tse neng li sa amoheloe ke Molimo. Empa bonyane se ile sa etsa hore batho ba bangata bao e seng Bakreste ba retelehele Bibeleng le Bokresteng ba mofuta o itseng, le hoja bo ne bo silafetse.
14. Ho tšoasoa ha litlhapi tse ntle ho ile ha thusoa joang ke mosebetsi o itseng o entsoeng ke likereke tsa Bokreste-’mōtoana?
14 Leha ho le joalo, ba tšepahalang ba neng ba qhalakane ba khomaretseng Lentsoe la Molimo ba ile ba ikitlaetsa ka hohle kamoo ba ka khonang. Ka nako leha e le efe, ba ne ba bōpa phutheho ea ’nete e tlotsitsoeng ea Molimo lefatšeng. ’Me re ka kholiseha hore le bona ba ne ba tšoasa litlhapi, kapa batho, bao ba bangata ho bona Molimo o neng o tla ba talima e le ba batle ’me o ba tlotse ka moea oa oona. (Ba-Roma 8:14-17) Litho tsena tse ntle tse ipolelang hore ke tsa Bokreste li ile tsa tlisa ’nete ea Bibele ho ba bangata ba neng ba fetohile Bakreste ba sokollotsoeng ka lithuso kapa ba neng ba fumane tsebo e fokolang ea Bibele e tsoang ka Mangolong a fetoletsoeng ke mekhatlo ea Bibele ea Bokreste-’mōtoana ka lipuo tsa bona. Ke ’nete, ho bokelloa ha litlhapi tse ntle ho ne ho ntse ho tsoela pele, le hoja tse ngata tse bokelletsoeng ke Bokreste-’mōtoana li ne li sa tšoanelehe ho Molimo.
15. Ka ho toba, letlooa le boletsoeng setšoantšong le emela eng?
15 Kahoo letlooa le emela kofuto e lefatšeng e ipolelang hore ke phutheho ea Molimo le e bokellang litlhapi. Le akarelletsa Bokreste-’mōtoana le phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng, ’me Bakreste bana ba ’nile ba tsoela pele ho bokella litlhapi tse ntle, tlas’a tataiso e sa bonahaleng ea mangeloi, tumellanong le Mattheu 13:49.
Mehla ea Rōna ke e Khethehileng
16, 17. Ke hobane’ng ha nako eo re phelang ho eona e le ea bohlokoa hakaale mabapi le ho phethahatsoa ha setšoantšo sa Jesu sa letlooa?
16 Joale a re hlahlobe boemo ba nako. Ka makholo a lilemo kofuto ea letlooa e ’nile ea bokella litlhapi tse ntle hammoho le tse ngata tse sa tšoaneleheng, kapa tse khopo. Joale ho ile ha tla nako ea ha mangeloi a kenella ho etseng mosebetsi oa makhaola-khang oa ho arola. Neng? Temana ea 49 e bolela ka ho hlaka hore sena se etsahala nakong ea ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho.’ Sena se lumellana le seo Jesu a se buileng setšoantšong sa linku le lipoli: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli.”—Mattheu 25:31, 32.
17 Ka hona, tumellanong le Mattheu 13:47-50, mosebetsi oa makhaola-khang oa ho arola o ’nile oa tsoela pele tlas’a tataiso ea mangeloi ho tloha ha ‘bofelo ba tsamaiso ea lintho’ bo qala ka 1914. Haholo-holo sena se bonahetse ka mor’a 1919, ha masala a batlotsuoa a lokolloa botlamuoeng, kapa bokhobeng ba nakoana ba moea, ’me a fetoha kofuto e atlehang haholoanyane bakeng sa ho phethahatsa mosebetsi oa ho tšoasa.
18. Litlhapi tse ntle li ’nile tsa bokelloa joang ka har’a lipitsa?
18 Ho ne ho tla etsahala eng ka litlhapi tse ntle tse arotsoeng? Temana ea 48 e re mangeloi ao e leng batšoasi ba litlhapi le a li arolang a ile a “boloka [litlhapi] tse ntle lipitseng tsa [’ona], [a] lahla tse mpe.” Lipitsa ke lintho tse tšelang tse sireletsang tseo ho tšeloang litlhapi tse ntle ka har’a tsona. Na see se etsahatse mehleng ea rōna? Ka sebele ho joalo. Ha litlhapi tse ntle tsa tšoantšetso li tšoasoa li ntse li phela, li ’nile tsa bokelloa ka liphuthehong tsa Bakreste ba ’nete. Liphutheho tsena tse kang lipitsa li ’nile tsa li sireletsa le ho li boloka bakeng sa tšebeletso ea Molimo, na ha u lumellane le hoo? Ho ntse ho le joalo, e mong a ka ’na a botsa, ‘Kea utloa, empa hoo ho amana joang le bophelo ba ka ba hona joale le bokamoso ba ka?’
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa kajeno ho utloisisa setšoantšo see? (b) Ho ’nile ha etsoa mosebetsi ofe oa bohlokoa oa ho tšoasa ho tloha ka 1919?
19 Ho phethahala ha se neng se tšoantšetsoa mona ho ne ho sa felle makholong a lilemo pakeng tsa mehla ea baapostola le 1914 feela. Nakong eo, kofuto ea letlooa e ile ea bokella litho tsa bohata le tsa ’nete tsa Bokreste. E, le ile la bokella litlhapi tse sa tšoaneleheng le litlhapi tse ntle. Ho phaella moo, mosebetsi oa ho arola o etsoang ke mangeloi ha oa ka oa fella morao koo hoo e ka bang ka 1919. Ka sebele ha ho joalo. Ka litsela tse itseng setšoantšo sena sa letlooa se sebetsa ho tla fihlela mehleng ea rōna. Rea ameha, ’me le bokamoso ba rōna boa ameha. Ke habohlokoa hore re utloisise hore na ke joang le hore na ke hobane’ng ha ho le joalo haeba re batla ho hlalosoa ka mantsoe ana: “Mahlo a lōna a lehlohonolo, hobane a bona, le litsebe tsa lōna li lehlohonolo, hobane lia utloa” ebile lia utloisisa.—Mattheu 13:16.
20 Mohlomong ua tseba hore ka mor’a 1919 masala a tlotsitsoeng a ile a tšoareha mosebetsing oa ho bolela a sebelisana ’moho le mangeloi, a ileng a tsoela pele a sebelisa letlooa la tšoantšetso ho ntšetsa litlhapi lebōpong, hore a arole tse ntle ho tse sa tšoaneleheng. Lipalo tsa ho tloha ka nako eo li bontša hore ho tšoasoa ha litlhapi tse ntle bakeng sa hore li tlotsoe ka moea oa Molimo ho ile ha ’na ha tsoela pele ha ba ho qetela ba ba 144 000 ba ntse ba bokelloa ka letlooa la tšoantšetso. (Tšenolo 7:1-4) Empa bohareng ba lilemo tsa bo-1930, ha e le hantle ho bokelloa ha litlhapi tse ntle bakeng sa ho tlotsoa ka moea o halalelang ho ile ha fela. Na joale phutheho ea masala a tlotsitsoeng e ne e lokela ho lahla letlooa, e be e lula e iketlile, e emetse moputso oa eona oa leholimo? Le hanyenyane!
Ho Kenella ha Hao Mosebetsing oa ho Tšoasa
21. Ke mosebetsi ofe o mong oa ho tšoasa o etsahetseng mehleng ea rōna? (Luka 23:43, NW)
21 Setšoantšo sa Jesu sa letlooa se ile sa lebisa tlhokomelo ho litlhapi tse ntle tse neng li tla putsoa ka ho amoheloa ’Musong oa maholimo. Leha ho le joalo, ka ntle ho setšoantšo seo, ho na le mosebetsi o mong oa tšoantšetso oa ho tšoasa o etsoang ka tekanyo e khōlō, joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng. Mosebetsi ona oa ho tšoasa hase oa litlhapi tse ntle tse tlotsitsoeng tse boletsoeng setšoantšong sa Jesu, empa ke oa litlhapi tsa tšoantšetso tse tla tšoasoa li phela ’me li fuoe tšepo e tsotehang ea bophelo lefatšeng la paradeise.—Tšenolo 7:9, 10; bapisa le Mattheu 25:31-46.
22. Re ka thabela phello efe e thabisang, ’me phello e fapaneng le eo ke efe?
22 Haeba u na le tšepo eo, joale u ka thabela hore e be Jehova o lumelletse hore mosebetsi oa ho tšoasa o pholosang bophelo o ’ne o tsoele pele ho tla fihlela joale. Sena se u nolofallelitse hore u fumane tšepo e tsotehang. Tšepo? E, leo ke lentsoe le loketseng leo re ka le sebelisang, kaha phello e tla ba tumellanong le ho tsoela pele ha rōna re tšepahala ho Ea tataisang mosebetsi o tsoelang pele oa ho tšoasa litlhapi. (Sofonia 2:3) Hopola hore setšoantšong hase litlhapi tsohle tse hutsoeng ka letlooa tse fumanang phello e molemo. Jesu o itse litlhapi tse sa tšoaneleheng, kapa tse khopo, li tla aroloa ho tse lokileng. Ka phello efe? Ho Mattheu 13:50, Jesu o hlalositse phello e tebileng bakeng sa litlhapi tse sa tšoaneleheng, kapa tse khopo. Li tla lahleloa sebōping sa mollo, ho bolelang timetso ea ka ho sa feleng.—Tšenolo 21:8.
23. Ke’ng se etsang hore mosebetsi oa ho tšoasa o etsoang kajeno e be oa bohlokoa hakaale?
23 Bakeng sa litlhapi tse ntle tse tlotsitsoeng, hammoho le litlhapi tsa tšoantšetso tse ka ’nang tsa phela ka ho sa feleng lefatšeng, ho na le bokamoso bo khanyang. Ka hona, ka lebaka le utloahalang, mangeloi a kholisehile hore hona joale mosebetsi o atlehileng oa ho tšoasa o ntšetsoa pele ho pota lefatše. ’Me ho ntse ho tšoasoa litlhapi tse ngata hakaakang! U tla be u nepile ha u bolela hore ka tsela e itseng ke mosebetsi oa ho tšoasa ha mohlolo o tšoanang le oo baapostola ba ileng ba o latsoa ha ba akhela matlooa a bona a sebele ka taelo ea Jesu.
24. Ke’ng seo re lokelang ho se etsa mabapi le mosebetsi oa moea oa ho tšoasa?
24 Na u kopanela ka mafolo-folo kamoo ho ka khonehang mosebetsing oo oa moea o pholosang bophelo oa ho tšoasa? Ho sa tsotellehe hore na re ’nile ra kopanela ka ho pharalletseng hakae ka bomong ho tla fihlela nakong ena, e mong le e mong oa rōna a ka rua molemo ka ho talima se ntseng se finyelloa lefatšeng ka bophara mosebetsing o moholo oa ho tšoasa le o pholosang bophelo o ntseng o tsoela pele hona joale. Ho etsa joalo ho lokela ho re susumelletsa ho ba le cheseho e khōloanyane ea ho akhela matlooa bakeng sa ho tšoasa matsatsing a sa ntsaneng a larile ka pele!—Bapisa le Mattheu 13:23; 1 Ba-Thessalonika 4:1.
Na U sa Hopola Lintlha Tsee?
◻ Litlhapi tsa mefuta e ’meli tse boletsoeng setšoantšong sa Jesu sa letlooa li emela eng?
◻ Likereke tsa Bokreste-’mōtoana li ’nile tsa kenella ka kutloisiso efe ho sebelisoeng ha letlooa?
◻ Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho tšoasa o etsoang mehleng ea rōna e le oa bohlokoa hakaale?
◻ Setšoantšo sa letlooa se lokela ho susumelletsa e mong le e mong oa rōna ho etsa boitlhahlobo ba mofuta ofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Ho ’nile ha etsoa mesebetsi ea ho tšoasa litlhapi Leoatleng la Galilea ka lilemo tse makholo-kholo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.