’Muso oa Molimo—Na U Utloisisa Seo o Leng Sona?
“Empa ea amohetseng peō mobung o motle, ke motho ea utloang lentsoe ea le utloisisang.”—MATTHEU 13:23.
1. Ke litumelo life tse tloaelehileng mabapi le “’muso oa maholimo”?
NA U ‘utloisisa’ seo ’Muso oa Molimo o leng sona? Maikutlo mabapi le seo “’muso oa maholimo” o leng sona a ’nile a fapana haholo ho theosa le makholo a lilemo. Tumelo e tloaelehileng har’a litho tse ling tsa kereke kajeno ke hore ’Muso ke ntho eo Molimo a e behang pelong ea motho nakong ea tšokoloho. Ba bang ba ikutloa hore ke sebaka seo batho ba molemo ba eang ho sona ka mor’a lefu e le hore ba thabe ka ho feletseng. Le hona joale ba bang ba bolela hore Molimo o lumeletse batho ho hloma ’Muso lefatšeng ka hore ba sebeletse ho melisa ka metso lithuto tsa Bokreste le mekhoa litabeng tsa sechaba le tsa puso.
2. Bibele e hlalosa ’Muso oa Molimo joang, ’me o tla finyella eng?
2 Leha ho le joalo, Bibele e bontša ka ho hlaka hore ’Muso oa Molimo hase tokisetso ea lefatšeng. Hase boemo ba pelo kapa ho etsa batho Bakreste. Ke ’nete, kutloisiso e nepahetseng ea seo ’Muso ona o leng sona e lebisa liphetohong tse khōlō bophelong ba ba bontšang tumelo ho oona. Empa ’Muso ona ka booona ke puso ea leholimo e thehiloeng ke Molimo e tlisang thato ea Molimo, e felisang liphello tsa sebe le lefu le e tsosolosang maemo a lokileng lefatšeng. ’Muso ona o se o qalile ho busa leholimong, ’me haufinyane “o tla robaka o felise mebuso eo [ea batho] kaofela, empa oona o tla ba teng ka ho sa feleng.”—Daniele 2:44; Tšenolo 11:15; 12:10.
3. Ha Jesu a qalisa tšebeletso ea hae, batho ba ne ba bulehetsoe ke eng?
3 Rahistori H. G. Wells o ile a ngola: “Thuto ena ea bolumeli ea ’Muso oa Leholimo, eo e neng e le thuto e ka sehloohong ea Jesu, le e phethang karolo e nyenyane haholo lithutong tsa motheo tsa Bokreste, ka sebele ke e ’ngoe ea lithuto tsa bolumeli tse khothaletsang phetoho e khōlō, tse kileng tsa tsukutla monahano oa motho le ho o fetola.” Ho tloha qalong feela, sehlooho sa tšebeletso ea Jesu se ne se re: “Bakang, hobane ’muso oa maholimo o atametse.” (Mattheu 4:17) O ne a le lefatšeng e le Morena ea tlotsitsoeng, ’me e ’ngoe ea lintho tse thabisang haholo ke hore joale batho ba ne ba sa buleheloa ke monyetla oa litlhohonolofatso tsa ’Muso oo feela, empa ba ne ba boetse ba bulehetsoe ke monyetla oa ho ba babusi le baprista-’moho le Jesu ’Musong oo!—Luka 22:28-30; Tšenolo 1:6; 5:10.
4. Lekholong le pele la lilemo, matšoele a ile a arabela joang ‘Evangeling ea ’muso,’ e leng se ileng sa lebisa kahlolong efe?
4 Le hoja matšoele a ile a utloa “Evangeli ea ’muso” e thabisang, ke ba seng bakae feela ba ileng ba lumela. Ho isa tekanyong e itseng sena se ne se etsahala hobane baeta-pele ba bolumeli ba ne ba ‘koaletse batho ’muso oa maholimo.’ Ba ne ba “nkile senotlolo sa tsebo” ka lithuto tsa bona tsa bohata. Kaha batho ba bangata ba ne ba hana Jesu e le Messia le Morena ea tlotsitsoeng oa ’Muso oa Molimo, Jesu o ile a re ho bona: “’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla beha litholoana tsa oona.”—Mattheu 4:23; 21:43; 23:13; Luka 11:52.
5. Bongata ba ba ileng ba utloa lipapiso tsa Jesu bo ile ba bontša joang hore ha bo utloisise?
5 Ka nako e ’ngoe ha Jesu a ruta letšoele le leholo, ho latela tloaelo ea hae, o ile a sebelisa letoto la lipapiso ho hlahloba letšoele lena le ho arola ba neng ba se na thahasello ea sebele ’Musong. Papiso ea pele e ne e le ea mojali ea ileng a jala peō mobung oa mefuta e mene. Mefuta e meraro ea pele e ne e le mebe bakeng sa ho hōlisa limela, empa oa ho qetela e ne e le ‘mobu o motle’ o ileng oa hlahisa litholoana tse ntle. Papiso ena e khutšoanyane e ile ea fella ka khothatso ena: “Ea nang le litsebe [a mamele, NW].” (Mattheu 13:1-9) Bongata ba ba neng ba le teng bo ile ba mo utloa, empa ha boa ka ba ‘mamela.’ Ho ne ho se na se ba susumetsang, ba se na thahasello ea sebele ea ho tseba kamoo peō e jetsoeng tlas’a maemo a sa tšoaneng e neng e tšoana le ’Muso oa maholimo. Ba ile ba khutlela hae bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi, mohlomong ba nahana hore lipapiso tsa Jesu e ne e le feela lipale tse molemo tsa litaba tsa boitšoaro. Ba ile ba hlōleha ho ba le kutloisiso e molemo hakaakang le ho fumana litokelo le menyetla e mekaakang ka lebaka la lipelo tsa bona tse sa arabeleng!
6. Ke hobane’ng ha kutloisiso ea “liphiri tsa ’muso” e ne e filoe barutuoa ba Jesu feela?
6 Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Lōna le neiloe ho tseba liphiri tsa ’muso oa maholimo, empa bona ha ba ka ba neoa.” Ha a qotsa Esaia, o ile a phaella: “Hobane pelo ea sechaba sena e nonne; litsebe tsa bona li utloa ka thata, ’me ba pompalitse mahlo a bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utloa ka litsebe, ba se ke ba utloisisa ka lipelo, ba se ke ba sokoloha, ’me ke se ke ka ba folisa. Empa mahlo a lōna a lehlohonolo, hobane a bona, le litsebe tsa lōna li lehlohonolo, hobane lia utloa.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—Mattheu 13:10-16; Mareka 4:11-13.
Ho ‘Utloisisa’ Seo ’Muso o Leng Sona
7. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho “utloisisa” seo ’Muso o leng sona?
7 Jesu o ile a hlakisa hore na bothata bo hokae. Bo ne bo amana le ho “utloisisa” molaetsa oa ’Muso. O ile a re ho barutuoa ba hae boinotšing: “Joale lōna, mamelang taba ea setšoantšo sa mojali. E mong le e mong ha a utloa polelo ea ’muso, ’me a sa e utloisise, e mobe o ee a tle ho eena, a mo amohe se jetsoeng pelong ea hae.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) O ile a tsoela pele ho hlalosa hore mefuta e mene ea mobu e emela maemo a sa tšoaneng a pelo ao “polelo ea ’muso” e neng e tla jaloa har’a ’ona.—Mattheu 13:18-23; Luka 8:9-15.
8. Ke’ng se ileng sa thibela “peō” e jetsoeng mefuteng ea mobu e meraro ea pele hore e hlahise litholoana?
8 Boemong ka bong “peō” e ne e le ntle, empa litholoana li ne li tla itšetleha ka boemo ba mobu. Haeba mobu oa pelo o ne o tšoana le tsela e phetheselang, e batalalitsoeng ke mesebetsi e mengata eo e seng ea moea, ho ne ho tla ba bonolo hore ea utloang molaetsa oa ’Muso a ikemele ka ho re nako ea ’Muso ha e eo. Peō e hlokomolohiloeng e ka ’na ea thonakoa habonolo pele e mela. Empa ho thoe’ng haeba peō e ne e jetsoe pelong e tšoanang le mobu o majoe? Peō eo e ne e ka ’na ea mela, empa e ne e tla ba le bothata ba hore methapo ea eona e tebele tlaase e le hore e ōtlehe e be e tsitse. Tebello ea ho ba mohlanka oa Molimo ea utloang, haholo-holo tlas’a khatello ea mahloriso, e ne e tla hlahisa phephetso e matla haholo, ’me motho eo o ne a tla khoptjoa. Hape, haeba mobu oa pelo o ne o tletse matšoenyeho a kang meutloa kapa takatso ea maruo a lintho tse bonahalang, semela sa ’Muso se tetemang se ne se tla pupetsoa. Maemong ana a mararo a sebele bophelong, ha ho tholoana ea ’Muso e neng e tla hlahisoa.
9. Ke hobane’ng ha peō e jetsoeng mobung o motle e ile ea khona ho hlahisa litholoana tse ntle?
9 Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka peō ea ’Muso e jetsoeng mobung o motle? Jesu oa araba: “Empa ea amohetseng peō mobung o motle, ke motho ea utloang lentsoe, ea le utloisisang, ’me oa beha; hlaku e ’ngoe e hlahisa tse lekholo, e ’ngoe e hlahisa tse mashome a tšeletseng, e ’ngoe e hlahisa tse mashome a mararo.” (Mattheu 13:23, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ha ba ‘utloisisa’ seo ’Muso o leng sona, ba ne ba tla hlahisa litholoana tse ntle ho latela maemo a bona ka bomong.
Boikarabelo bo Tsamaea le Kutloisiso
10. (a) Jesu o bontšitse joang hore ho “utloisisa” seo ’Muso o leng sona ho tlisa litlhohonolofatso le boikarabelo? (b) Na thōmo ea Jesu ea ho etsa barutuoa e ne e sebetsa ho barutuoa ba lekholo la pele la lilemo feela?
10 Ka mor’a ho etsa lipapiso tse ling tse tšeletseng ka morero oa ho hlalosa likarolo tse sa tšoaneng tsa ’Muso, Jesu o ile a botsa barutuoa ba hae: “Ana le utloisisa taba tseo tsohle na?” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ha ba araba ka ho re “e,” o ile a re: “Ke moo ke reng: Mongoli e mong le e mong, ea rutiloeng tsa ’muso oa maholimo, o joalo ka motho eo e leng mong a ntlo, ea ntšang lintho tse ncha le lintho tsa khale letlotlong la hae.” Lithuto le koetliso tseo Jesu a ileng a fana ka tsona li ne li tla haha barutuoa ba hae hore e be Bakreste ba hōlileng tsebong ba neng ba ka hlahisa “letlotlong” la bona phepelo e sa khaotseng ea lijo tsa moea tse ngata haholo. Boholo ba sena bo ne bo amana le ’Muso oa Molimo. Jesu o ile a hlakisa hore ho ‘utloisisa’ seo ’Muso o leng sona ho ne ho ke ke ha tlisa litlhohonolofatso feela empa ho ne ho tla tlisa le boikarabelo. O ile a laela: ‘E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba rute, ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me bonang, ’na, ke na le lōna ka mehla eohle, ho isa bofelong ba lefatše.’—Mattheu 13:51, 52; 28:19, 20.
11. Ha 1914 e fihla, ho ile ha etsahala liketsahalo life tse amanang le ’Muso?
11 Joalokaha a tšepisitse, Jesu o ’nile a tsoela pele ho ba le barutuoa ba hae ba ’nete ho theosa le makholo a lilemo ho fihlela kajeno. Mehleng ena ea qetello, o ’nile a ba fa kutloisiso bohato ka bohato, ’me hape o ba nkile ba ikarabella bakeng sa tšebeliso ea leseli la ’nete le ntseng le eketseha. (Luka 19:11-15, 26) Ka 1914, liketsahalo tsa ’Muso li ile tsa qala ho senoleha kapele le ka matla. Selemong seo, hase feela hore ’Muso oo e neng e le khale o letetsoe o ile oa ‘belehoa’ empa ‘bofelo ba lefatše’ bo ile ba qala. (Tšenolo 11:15; 12:5, 10; Daniele 7:13, 14, 27) Bakreste ba ’nete, ha ba lemoha se boleloang ke liketsahalo tse etsahalang hona joale, ba entse phutuho e khōlō ka ho fetisisa historing ea ho bolela ka ’Muso le ea ho ruta. Jesu o boletse sena esale pele, ha a re: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:14.
12. (a) Bopaki ba ’Muso bo pharaletseng ba kajeno bo ile ba fella ka eng? (b) Lefatšeng lena le tletseng lipelaelo, Bakreste ba tobane le kotsi efe?
12 Bopaki bona ba ’Muso bo boholo bo fihlile linaheng tse fetang 230. Hona joale, barutuoa ba ’nete ba ka holimo ho limilione tse hlano ba kopanela mosebetsing ona, ’me ho ntse ho bokelloa ba bang. Empa haeba re bapisa palo ea barutuoa le ea baahi ba lefatše ba limilione tse 5 600, ho totobetse hore joaloka mehleng ea Jesu, batho ba bangata haholo ha ba “utloisise” seo ’Muso o leng sona. Ba bangata joalokaha ho boletsoe esale pele, baa phoqa ’me ba re: “E kae pallo ea ho tla ha hae?” (2 Petrose 3:3, 4) Kotsi eo re tobaneng le eona joaloka Bakreste ke hore boikutlo ba bona ba ho se tsotelle, ba ho belaela, ba ho sekamela linthong tse bonahalang, butle-butle bo ka ’na ba ama tsela eo re talimang litokelo tsa rōna tsa ’Muso ka eona. Kaha re pota-potiloe ke batho ba lefatše lena, ho ka ba bonolo hore re be le maikutlo le mekhoa e meng ea bona. Ke habohlokoa hakaakang hore re “utloisise” seo ’Muso oa Molimo o leng sona ’me re o khomarele!
Ho Itlhahloba Mabapi le ’Muso
13. Mabapi le thōmo ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, re ka itlhahloba joang hore na re sa ntse re ‘mamela’ ka kutloisiso?
13 Jesu o itse ka nako ea kotulo eo re phelang ho eona: “Mor’a motho o tla roma mangeloi a hae; a tla khetha ’musong oa hae likhopiso tsohle le ba etsang bokhopo . . . Mohlang oo, ba lokileng ba tla khanya joalo ka letsatsi ’musong oa Ntat’a bona. Ea nang le litsebe ho utloa, a utloe.” (Mattheu 13:41, 43) Na u ntse u ‘mamela’ ka ho arabela ka kutlo taelo ea ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa? Hopola, “ea amohetseng peō mobung o motle” ‘o ile a utloa lentsoe ’me a le utloisisa’ ’me a hlahisa litholoana tse ntle.—Mattheu 13:23.
14. Ha taeo e fanoa, re bontša joang hore re “utloisisa” keletso e fanoang?
14 Ha re e-ba le thuto ea botho re bile re kopanela libokeng tsa Bokreste, re tlameha ho ‘lebisa lipelo tsa rōna kutloisisong.’ (Liproverbia 2:1-4) Ha ho fanoa ka keletso mabapi le boitšoaro, moaparo, ’mino le boithabiso, re tlameha ho e lumella hore e tebele lipelong tsa rōna e be e re susumelletse ho etsa liphetoho leha e le life tse hlokahalang. Le ka mohla u se ke ua ikemela, ua itokafatsa kapa ka lehlakoreng le leng ua hlōleha ho arabela. Haeba ’Muso ke oa sebele bophelong ba rōna, re tla phela ka litekanyetso tsa oona ’me ka cheseho re bolelle ba bang ka oona. Jesu o itse: “Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.”—Mattheu 7:21-23.
15. Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho ‘batla ’muso oa Molimo le ho loka ha hae pele’?
15 Tšekamelo ea botho ke ho tšoenyeha ka lintho tse hlokahalang tse kang lijo, liaparo le bolulo, empa Jesu o itse: ‘Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha hae pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.’ (Mattheu 6:33, 34) Ha u lekanyetsa lintho tse tlang pele, beha ’Muso pele bophelong ba hao. Nolofatsa bophelo ba hao, u khotsofalle lintho tse hlokahalang. E ne e tla ba booatla ho tlatsa bophelo ba hao ka mesebetsi le matlotlo a sa hlokahaleng, mohlomong u ikemela ka hore ho etsa sena hoa amoheleha, kaha lintho tsena ka botsona ha li hlile ha li mpe. Le hoja seo e ka ’na ea e-ba ’nete, ho fumana lintho tse joalo tse sa hlokahaleng le ho li sebelisa ho tla ama joang kemiso ea thuto ea rōna ea botho, ho ba teng libokeng tsa Bokreste le ho kopanela mosebetsing oa ho bolela? Jesu o ile a re ’Muso o tšoana le mohoebi ea ileng a fumana “perela ea bohlokoa, [’me] a ea, a bapatsa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, ’me a ithekela eona.” (Mattheu 13:45, 46) Ena ke tsela eo re lokelang ho ikutloa ka eona ka ’Muso oa Molimo. Re lokela ho etsisa Pauluse, e seng Demase, ea ileng a lahla tšebeletso “ka ho rata lefatše la joale.”—2 Timothea 4:10, 18; Mattheu 19:23, 24; Ba-Filippi 3:7, 8, 13, 14; 1 Timothea 6:9, 10, 17-19.
‘Ba Khopo ba ke ke ba Rua Lefa la ’Muso oa Molimo’
16. Ho “utloisisa” seo ’Muso oa Molimo o leng sona ho re thusa joang hore re qobe boitšoaro bo fosahetseng?
16 Ha phutheho ea Korinthe e ne e mamella boitšoaro bo bobe, a sa tsila-tsile Pauluse o ile a re: “Ana ha le tsebe hoba bakhopo ha ba ka ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo na? Le se ke la lahleha: Ha e le ba litšila, ha e le ba rapelang litšoantšo, ha e le babōki le bafebi, leha e le basotoma, le masholu, le ba lakatsang leruo, le matahoa, le ba sebang ba bang, le ba utsoang, ba joalo ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.” (1 Ba-Korinthe 6:9, 10) Haeba re ‘utloisisa’ seo ’Muso oa Molimo o leng sona, re ke ke ra ithetsa ka ho nahana hore Jehova o tla mamella mofuta o itseng oa boitšoaro bo bobe hafeela a bona re le maphatha-phathe tšebeletsong ea Bokreste. Litšila ha lia lokela le ho boleloa har’a rōna. (Ba-Efese 5:3-5) Na u lemoha hore e meng ea menahano e litšila ea lefatše lena kapa mekhoa e qala ho nyonyobela bophelong ba hao? E tlose bophelong ba hao hang-hang! ’Muso ke oa bohlokoa haholo hore o ka u lahlehela ka lebaka la lintho tse joalo.—Mareka 9:47.
17. Kananelo bakeng sa ’Muso oa Molimo e tla hōlisa boikokobetso le ho tlosa lisosa tsa ho khopeha ka litsela life?
17 Barutuoa ba Jesu ba ile ba botsa: “E moholo ’musong oa maholimo ke mang na?” Jesu o ile a araba ka ho beha ngoana e monyenyane har’a bona ’me a re: “Ka ’nete ke re ho lōna: Ha le sa fetohe, la ba joalo ka bana, ha le ka ke la kena ’musong oa maholimo. Ka baka leo, e mong le e mong ea ikokobetsang joalo ka ngoana enoa, ke eena eo e leng e moholo ’musong oa maholimo.” (Mattheu 18:1-6) Ba ikhohomosang, ba hatellang ba bang hore ba ba etsetse lintho tse ngata ka ho tlōlisang, ba sa tsotelleng le ba sa bolokeng molao ba ke ke ba e-ba teng ’Musong oa Molimo leha e le hona ho ba bafo ba ’Muso oo. Na lerato la hao bakeng sa baena ba hao, boikokobetso ba hao, tšabo ea hao ea bomolimo, li u susumeletsa ho qoba ho khopisa ba bang ka boitšoaro ba hao? Kapa na u tsitlellela “litokelong” tsa hao ho sa tsotellehe hore na boikutlo boo le boitšoaro li ka ama ba bang joang?—Ba-Roma 14:13, 17.
18. Phello e tla ba efe ho moloko oa batho ba ikokobelitseng ha ’Muso oa Molimo o etsa hore thato ea Hae e etsoe “lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong”?
18 Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, haufinyane o tla araba ka ho feletseng thapelo e etsoang ka tieo: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” Haufinyane Morena ea busang, Jesu Kreste, o tla tla ka kutloisiso ea hore o tla lula teroneng ea hae bakeng sa ho ahlola, ho arola “linku” ho “lipōli.” Ka nako eo e khethiloeng, ‘Morena o tla bolella ba ka letsohong la hae le letona, a re: tloong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa.’ Lipōli li “tla ea bohlokong bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.” (Mattheu 6:10; 25:31-34, 46) ‘Mahlomola a maholo’ a tla felisa tsamaiso ena ea khale le bohle ba hanang ho “utloisisa” seo ’Muso o leng sona. Empa baphonyohi ba limilione ba ‘mahlomola a maholo’ le ba likete tsa limilione ba tla tsoha, ba tla rua lefa la litlhohonolofatso tsa ’Muso ka ho sa feleng Paradeiseng ea lefatšeng e tsosolositsoeng. (Tšenolo 7:14) ’Muso ke puso e ncha ea lefatše, e busang e le maholimong. E tla phetha morero oa Jehova ka ho feletseng bakeng sa lefatše le moloko oa batho, sena sohle se tla halaletsa lebitso la hae le halalelang ka ho fetisisa. Na leo hase lefa leo ha e le hantle ho leng molemo ho le sebeletsa, ho itella lona le ho le letela? Sena ke seo ho “utloisisa” seo ’Muso o leng sona ho lokelang ho se bolela ho rōna!
U ne U Tla Araba Joang?
◻ ’Muso oa Molimo ke eng?
◻ Ke hobane’ng ha bamameli ba bangata ba Jesu ba ne ba sa “utloisise” seo ’Muso o leng sona?
◻ Ho “utloisisa” seo ’Muso o leng sona ho tlisa litlhohonolofatso le boikarabelo joang?
◻ Mabapi le ho bolela, ke’ng se bontšang hore na re “utloisisa” seo ’Muso o leng sona?
◻ Ka boitšoaro ba rōna re bontša joang hore re “utloisisa” keletso e fanoang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 17]
Barutuoa ba Jesu ba ile ba “utloisisa” seo ’Muso o leng sona ’me ba hlahisa litholoana tse molemo