Maria (’M’ajesu)
Tlhaloso: Mosali ea ileng a khethoa ke Molimo le ea fumaneng mohau o fetisisang ea ileng a beleha Jesu. Ho na le bo-Maria ba bang ba bahlano ba boletsoeng ka Bibeleng. Enoa e ne e le setloholo sa Morena Davida, oa leloko la Juda, morali oa Heli. Ha re qala ho mo tsebisoa ka Mangolong, o lebelelitsoe ke Josefa, le eena e le oa leloko la Juda le setloholo sa Davida.
Re ka ithuta eng ka Maria tlalehong ea Bibele?
(1) Thuto ea ho ithaopela ho mamela seo Molimo o se buang ka manģosa a oona le hoja seo re se utloang se ka ’na sa re tšoenya ha re qala ho se utloa kapa sa bonahala se ke ke sa etsahala.—Luka 1:26-37.
(2) Sebete sa ho sebetsa tumellanong le seo motho a ithutang hore ke thato ea Molimo, a o tšepa ka ho feletseng. (Bona Luka 1:38. Joalokaha ho bontšitsoe ho Deuteronoma 22:23, 24, ho ne ho ka ba le liphello tse kotsi bakeng sa moroetsana oa Mojode ha ho fumaneha hore ke moimana.)
(3) Ho ithaopela hoa Molimo ho sebelisa motho ho sa tsotellehe hore na o boemong bofe bophelong.—Bapisa Luka 2:22-24 le Levitike 12:1-8.
(4) Ho etelletsa pele lithahasello tsa moea. (Bona Luka 2:41; Liketso 1:14. E ne e se tlamo hore basali ba Bajode ba ee le banna ba bona maetong a malelele a ho ea Jerusalema ka Paseka selemo le selemo, empa Maria o ne a ho etsa.)
(5) Ho ananela boitšoaro bo hloekileng.—Luka 1:34.
(6) Masene ha motho a ruta bana ba hae Lentsoe la Molimo. (Hona ho bonahetse ho seo Jesu a neng a se etsa ha a le lilemo li 12. Bona Luka 2:42, 46-49.)
Na ruri Maria e ne e le moroetsana ha a beleha Jesu?
Luka 1:26-31 e tlaleha hore lengeloi Gabriele le ile la isa litaba ho “moroetsana” ea neng a bitsoa Maria hore: “U tla emola, ’me u tla tsoala mora, ’me u tla mo rea lebitso la Jesu.” Tabeng ena, temana ea 34 e re, “Maria a re ho lengeloi: Taba eo e tla etsahala joang, athe ha ke tsebe monna [“ke moroetsana,” JB; “Ha ke be le likamano tsa botona le monna,” NW]?” Mattheu 1:22-25 e-ea eketsa: “Hoo hohle ho hlahile, hore ho etsahale ho boletsoeng ke Morena, ka moprofeta ea itseng: Bonang, moroetsana o tla emola, a tsoale mora, ’me lebitso la hae o tla bitsoa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetoloa, Molimo o na le rōna. Eare Josefa ha a tsoha borokong, a etsa kamoo lengeloi la Morena le mo laetseng kateng; a inkela mosali oa hae; ’me ha a ka a mo tseba, a e-so ho belehe mor’a oa hae oa letsibolo; ’me a mo rea lebitso la Jesu.”
Na hoo hoa utloahala? Ruri e ne e se bothata ho ’Mōpi, ea entseng litho tsa batho tsa ho ikatisa, hore a ka emolisa lehe le ka popelong ea Maria ka mekhoa e phahametseng tlhaho. Ka mohlolo, Jehova a fetisetsa ka popelong ea Maria matla a bophelo le botho tsa Mora oa hae oa letsibolo oa leholimo. Matla a sebetsang a Molimo, moea o halalelang oa oona, oa sireletsa ho hōla hoa ngoana ka popelong ea Maria e le hore ho hlahe motho ea phethahetseng.—Luka 1:35; Joh. 17:5.
Na haesale Maria e le moroetsana?
Matt. 13:53-56: “Eare ha Jesu a qetile litšoantšo tseo, a tloha teng. ’Me hobane a fihle naheng ea habo, a ruta batho synagogeng ea bona, ba ba ba tsota, ba re: Na enoa o nkile bohlale bo bokalo le mehlolo e mekalo kae? Na enoa hase mora oa ’metli na? Ha re re, ’m’ae ke ea bitsoang Maria? Le banab’abo [“baena,” NW; a·del·phoiʹ ka Segerike] na hase Jakobo, le Josefa, le Simone, le Juda na? Bo khaitseliee [a·del·phaiʹ ka Segerike] le bona na ha ba moo ho rōna kaofela ha bona?” (Motheong oa litemana tsena, na u ka etsa qeto ea hore Jesu e ne e le eena feela ngoana oa Maria kapa hore o ne a e-na le bara ba bang hammoho le barali?)
New Catholic Encyclopedia (1967, Moq. IX, leq. 337) e-ea lumela mabapi le mantsoe a Segerike a·del·phoiʹ le a·del·phaiʹ, a sebelisitsoeng ho Mattheu 13:55, 56, hore ana “a na le tlhaloso ea bana ba letsoele lefatšeng le neng le bua Segerike la mehleng ea baboleli ba Evangeli le hore ka tlhaho ’mali oa Segerike o ne a tla a utloisisa ka tsela eona ena. Ho ea qetellong ea lekholo la bo4 la lilemo (hoo e ka bang ka 380) Helvidius bukeng e seng e lahlehile hona joale o hatisa ’nete ena e le hore a ka bolela hore Maria o ne a e-na le bana ba bang ntle ho Jesu e le hore a ka mo etsa mohlala bakeng sa bo-’mè ba nang le malapa a maholo. Mohalaleli Jerome, a susumelitsoe ke tumelo ea neano ea Kereke ea hore haesale Maria e le moroetsana, o ile a ngola pampitšana e hananang le Helvidius (A.D. 383) eo ho eona a ileng a hōlisa tlhaloso . . . e sa ntsaneng e rateha haholo har’a liithuti tsa K’hatholike.”
Mar. 3:31-35: “’M’ae le banab’abo ba tla, ba ema kantle, ba romela ho eena ho ’mitsa. ’Me bongata bo ne bo lutse, bo mo teetse hare. Eaba ba re ho eena: Bona, ’m’ao le banab’eno ke bana kantle, ba u batla. A ba araba, a re: ’Mè le banab’eso ke bomang? A ba a habanya ba lutseng ba mo teetse hare, a re: Bonang, ’mè le banab’eso ke bana; hobane ea etsang thato ea Molimo, ke eena e leng ngoan’eso le khaitseli ea ka le ’mè.” (Mona ho khetholloa ka ho hlakileng pakeng tsa banab’abo Jesu ba tlhaho le banab’abo ba moea, barutuoa ba hae. Mona ha ho ea bolelang hore ho boleloa ntho e ’ngoe e fapaneng ha ho buuoa ka ’M’ajesu. Ka hona na hoa nyallana ho bolela hore banab’abo ka tlhaho mohlomong e ne e mpa e le bo-motsoala’e? Ha ho buuoa ka beng ka motho e seng banab’abo, ho sebelisoa lentsoe le fapaneng la Segerike [syg·ge·nonʹ], joaloka ho Luka 21:16.)
Na Maria e ne e le ’M’amolimo?
Lengeloi le mo tsebisitseng ka tsoalo e tlang ea mohlolo ha lea ka la re mora oa hae etlaba Molimo. Le itse: “U tla emola, ’me u tla tsoala mora, ’me u tla mo rea lebitso la Jesu. O tla ba moholo, ’me o tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo; . . . ho halalelang ho tla tsoaloa ke uena ho tla bitsoa Mor’a Molimo.”—Luka 1:31-35; mongolo o tšekaletseng ke keketso.
Ba-Heb. 2:14, 17: “Kahobane bana ba na le kabelo nameng le maling, le eena [Jesu] o ile a ba le kabelo teng joale ka bona, . . . ho no ho tšoanetse hobane a ka etsoa ea tšoanang kahohle le banab’abo.” (Empa na o ne a ka ‘tšoana kahohle le banab’abo’ hoja ebile Molimo-motho?)
New Catholic Encyclopedia e re: “Maria ke ’M’amolimo kannete haeba ho phethahatsoa maemo a mabeli: haeba kannete ke ’M’ajesu le haeba kannete Jesu ke Molimo.” (1967, Moq. X, leq. 21) Bibele e bolela hore Maria e ne e le ’mè oa Jesu, empa na Jesu e ne e le Molimo? Lekholong la bone la lilemo, e le khale ho ngoloa hoa Bibele ho phethiloe, Kereke e ile ea qapa polelo ea eona ea Boraro-bo-bong. (New Catholic Encyclopedia, 1967, Moq. XIV, leq. 295; bona leqephe 90, tlas’a sehlooho “Boraro-bo-bong.”) Ka nako eo Tumelong ea Nicaea Kereke e buile ka Jesu Kreste e le “oona Molimo.” Kamorao ho moo, Sebokeng sa Efese ka 431 C.E., Kereke ea bolela hore Maria ke The·o·toʹkos, e bolelang “Motsoali oa Molimo” kapa “’M’amolimo.” Leha ho le joalo, mangolong a fetoletseng Bibele ha ho le le leng leo ho lona ho fumanoang polelo kapa oona maikutlo ao. (Bona maqephe 192-196, tlas’a “Jesu Kreste.”)
Na Maria ka boeena o emotsoe ke ’m’ae a hloekile sebeng sa tlhaho?
New Catholic Encyclopedia (1967, Moq. VII, maq. 378-381) e-ea lumela mabapi le qaleho ea tumelo ena: “ . . . Mangolo ha a rute hore motho a ka Emola A Se Na Sebe Sa Tlhaho . . . Bo-Ntate ba pele ba Kereke ba ne ba nka Maria a halalela empa e se hore ha a na sebe ho hang. . . . Ho thata ho fana ka letsatsi le tobileng leo tumelo ena e tiisitsoeng ka lona, empa ho bonahala e ne e amoheloa ka kakaretso hoo e ka bang ka lekholo la bo8 kapa la bo9 la lilemo. . . . [Ka 1854 Mopapa Pius IX a qaqisa thuto ena] ‘e bolelang hore Moroetsana Maria ea Lehlohonolo ka ho fetisisa o ile a bolokoa a se na letheba le le lenyenyane la sebe sa tlhaho ha a Emoloa.’” Tumelo ena ea thooletsoa ke Vatican II (1962-1965).—The Documents of Vatican II (New York, 1966), e hlophisitsoeng ke W. M. Abbott, S.J., leq. 88.
Bibele ka boeona e re: “Ka baka leo, joale ka ha sebe se kene lefatšeng ka motho [Adama] a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12, mongolo o tšekaletseng ke keketso.) Na hoo ho akarelletsa Maria? Bibele e tlaleha hore tumellanong le se neng se hlokoa ke Molao oa Moshe, matsatsi a 40 hoba Jesu a tsoaloe, Maria o ile a nyehela sehlabelo sa ho itlhatsoa sesila tempeleng Jerusalema. Le eena, o ne a futsitse sebe le ho se phethahale ho Adama.—Luka 2:22-24; Lev. 12:1-8.
Na Maria o nyolohetse leholimong ka ’mele oa hae oa nama?
Ha e hlalosa ka polelo ea Mopapa Pius XII ka 1950 e ileng ea etsa thuto ena karolo ea molao ea tumelo ea K’hatholike, New Catholic Encyclopedia (1967, Moq. I, leq. 972) e re: “Ha ho moo Bibele e buang ka ho toba ka Nyolohelo [ea Maria], empa Mopapa o tsitlella hore ho boleloe phatlalatsa hore Mangolo ke oona motheo oa ho qetela oa ’nete ena.”
Bibele ka boeona e re: “Nama le mali li ke ke tsa e-ja lefa la ’muso oa Molimo, ’me ho bola ho ke ke ha e-ja lefa la ho sa boleng.” (1 Ba-Kor. 15:50) Jesu o boletse hore “Molimo ke Moea.” Jesu ebile moea hape tsohong ea hae, e se e le “moea o phelisang.” Mangeloi ke meea. (Joh. 4:24; 1 Ba-Kor. 15:45; Ba-Heb. 1:13, 14) O hokae motheo oa Mangolo oa ho re mang le mang a ka finyella bophelo ba leholimo ka ’mele o hlokang tikoloho ea nama ea lefatše hore o ’ne o phele? (Bona maqephe 427-430, tlas’a “Tsoho.”)
Na ho loketse ho tobisa lithapelo ho Maria e le morapelli?
Jesu Kreste o itse: “Rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong . . .” A boetse a re: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na. Ekare ha le kōpa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.”—Matt. 6:9; Joh. 14:6, 14; mongolo o tšekaletseng ke keketso.
Na lithapelo tse eang ho Ntate ka Jesu Kreste li tla amoheloa ka kutloisiso le qenehelo joalokaha ho ne ho tla ba joalo ha li ne li fetisoa ka e mong ea ileng a kopanela liphihlelong tsa bosali? Ka Ntate, Bibele e-ea re bolella: “Joale ka ha ntat’a motho a hauhela bana ba hae, Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang. Hobane o tsebisisa ho bopjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.” Ke “Molimo o mohau, o lereko, o liehang ho halefa, o tletseng mohau le ’nete.” (Pes. 103:13, 14; Ex. 34:6) ’Me ka Kreste ho ngotsoe: “Hobane moprista e moholo eo re nang le eena, hase ea ka sitoang ho re utloela bohloko mefokolong ea rōna; hobane o lekiloe nthong tsohle joale ka rōna, empa ha a ka a etsa sebe. Ka baka leo, a re atameleng ka tšepo terone ea mohau, hore re tle re bone mohau, ’me re fumane lereko, re tle re thusoe nakong e loketseng.”—Ba-Heb. 4:15, 16.
Na ho hlomphuoa hoa litšoantšo tsa Maria ho tumellanong le Bokreste ba Bibele?
Ka sebele mokhoa o ile oa khothalletsoa ke Vatican II (1962-1965). “Seboka sena se halalelang ka ho fetisisa . . . se eletsa bara bohle ba Kereke hore mokhoa oa borapeli, haholo-holo mokhoa oa ho rapela Moroetsana ea Lehlohonolo, o khothalletsoe ka mokhoa o motle. Se laela hore mekhoa le liketso tsa boinehelo ho eena li nkoe e le tsa bohlokoa joalokaha ho buelletsoe ka makholo-kholo a lilemo ke ba boholong thutong ea Kereke, le hore litaelo tseo tse ntšitsoeng mehleng ea pejana mabapi le ho hlompha litšoantšo tsa Kreste, Moroetsana ea Lehlohonolo le bahalaleli, li eloe hloko ka bolumeli.”—The Documents of Vatican II, maq. 94, 95.
Bakeng sa karabelo ea Bibele, bona “Litšoantšo,” maqephe 264-268.
Na Maria o ne a hlomphuoa ka ho khethehileng phuthehong ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo?
Moapostola Petrose ha a re letho ka eena mangolong a hae a bululetsoeng. Moapostola Pauluse ha a ka a sebelisa lebitso la Maria mangolong a hae a bululetsoeng empa o buile ka eena feela e le “mosali.”—Ba-Gal. 4:4.
Jesu ka boeena o beile mohlala ofe ka ’mè oa hae?
Joh. 2:3, 4: “Veine ea fela [moketeng oa lenyalo Kana]. Eaba ’m’a Jesu o re ho eena: Ha ba na veine. Jesu a re ho eena: Mosali, taba ea ka le uena ke efe [“Hoo ho re’ng ho ’na le uena,” Dy]? Nako ea ka ha e e-so ho tle.” (Jesu haele ngoana o ile a ikokobeletsa ’m’ae le ntate ea mo hōlisitseng. Empa joale ha a hōlile o ile a hana tsamaiso ea Maria ka mosa empa ka tieo. Maria a amohela khalemelo ka boikokobetso.)
Luka 11:27, 28: “Jesu a re a sa bolela taba tseo, mosali e mong ea har’a bongata a phahamisa lentsoe, a re ho eena: Ho lehlohonolo popelo e u emereng, le matsoèlè ao u a antseng. A mpa a re: E, empa haholo ho lehlohonolo ba utloang lentsoe la Molimo, ’me ba le boloka.” (Ona ruri ekabe ebile monyetla o motle bakeng sa Jesu hore a hlomphe ’m’ae ka ho khethehileng haeba hoo ho ne ho loketse. Ha a ka a etsa joalo.)
Ka histori ho rapela Maria ho qalile joang?
Moprista oa K’hatholike Andrew Greeley o re: “Maria ke le leng la matšoao a matla ka ho fetisisa a bolumeli historing ea lefatše la Bophirima . . . Letšoao la Maria le kopanya Bokreste ka ho toba le malumeli a boholo-holo a melimo ea basali ea bo-’mè.”—The Making of the Popes 1978 (U.S.A., 1979), leq. 227.
Ho khahlisang ke sebaka seo thuto ea hore Maria ke ’M’amolimo e tiisitsoeng ho sona. “Seboka sa Efese se neng se bokane lebaleng la Theotokos ka 431. Mono, le har’a libaka, motse o tummeng ka boinehelo ba oona ho Arthemise, kapa Diana ka puo ea Baroma, moo ho boleloang hore setšoantšo sa hae se oele se e-tsoa leholimong, tlas’a moriti oa tempele e khōlō e nehetsoeng ’Mè e Moholo ho tloha ka 330 B.C. ’me ka neano, e e-na le bolulo ba nakoana ba Maria, ho thata hore tlotla ‘Motsoali oa Molimo, e ne e ka sitoa ho phahamisoa.”—The Cult of the Mother-Goddess (New York, 1959), E. O. James, leq. 207.
Haeba e Mong a Re—
‘Na u lumela ho Moroetsana Maria?’
U ka ’na ua arabela: ‘Ka ho hlakileng Mangolo a Halalelang a re ’mè oa Jesu Kreste e ne e le moroetsana, ’me rea ho lumela. Molimo e ne e le Ntate oa hae. Ruri ngoana ea ileng a tsoaloa e ne e le Mora oa Molimo, joalokaha lengeloi le ile la bolella Maria. (Luka 1:35)’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Empa na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha e ne e le hoa bohlokoa hakaalo hore Jesu a tsoaloe ka tsela eo? . . . Ke ka tsela eo feela ho neng ho ka fanoa ka sehlabelo se tšoanelehang se neng se tla re nolofaletsa ho lopolloa sebeng le lefung.—1 Tim. 2:5, 6; joale mohlomong Johanne 3:16.’
Kapa u ka re: ‘E, rea lumela. Re lumela sohle seo Mangolo a Halalelang a se bolelang ka eena, ’me a hlile a re o belehile Jesu e le moroetsana. Hape ke fumana lintho tse ling tseo a re bolellang tsona ka Maria le lintho tseo re ka ithutang tsona ho eena e le tse khathollang pelo haholo. (Sebelisa taba e maqepheng 274, 275.)’
‘Ha u lumele ho Moroetsana Maria’
U ka ’na ua arabela: ‘Ke hlokometse hore ho na le batho ba sa lumeleng hore Mora oa Molimo o tsoetsoe ke moroetsana. Empa rōna rea lumela. (Phetla e ’ngoe ea libuka tsa rōna karolong e buang ka taba ena ’me u e bontše mong a ntlo.)’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Empa na ho na le ho hong ho hlokahalang haeba re tla bolokeha? . . . Hlokomela seo Jesu a se buileng ho Ntate oa hae thapelong. (Joh. 17:3)’