Lipotso Tse Tsoang ho Babali
Lipaki tsa Jehova tse ngata li keteka sehopotso sa matsatsi ao li chatileng ka ’ona. Letsatsi la tsoalo ke sehopotso sa hore na u hlahile neng. Kahoo, ke hobane’ng ha ho ketekoa lihopotso tsa machato empa ho sa ketekoe lihopotso tsa matsatsi a tsoalo?
Ha re toba taba, bobeli ba tsona ha ho hlokahale hore Mokreste a li keteke. Ho ntse ho le joalo, hoo ha ho bolele hore lia lekana ka bohlokoa kapa hore Bakreste ba tlameha ho talima lihopotso tsa lechato ka tsela eo ba talimang mekete ea matsatsi a tsoalo ka eona.
Joalokaha ho boletsoe, bobeli ba tsona ho ka thoe ke lihopotso hobane “sehopotso” ke ‘ketsahalo ea selemo le selemo ea letsatsi le tšoaeang ketsahalo e itseng.’ Ho ka ikhopotsoa ketsahalo efe kapa efe—letsatsi leo u bileng kotsing ea koloi ka lona, leo u boneng ho siroa ha letsatsi ke khoeli ka lona, la ha u ne u il’o sesa le lelapa la hao, joalo-joalo. Ho hlakile hore Bakreste ha ba fetole “sehopotso” se seng le se seng hore e be letsatsi le khethehileng kapa hona ho se keteka. Ho hlokahala hore motho a hlahlobe makolopetso a ketsahalo ebe o etsa qeto ea hore na ke sefe se loketseng.
Ka mohlala, Molimo o ile a laela Baiseraele ka ho toba hore selemo le selemo ba keteke letsatsi la ho feta ha lengeloi la hae matlung a Baiseraele Egepeta le ho falla ha sechaba sa hae ho ileng ha latela ka 1513 B.C.E. (Exoda 12:14) Ha Bajuda, ho akarelletsa le Jesu, hamorao ba ne ba keteka sehopotso sa ketsahalo eo, ba ne ba etsa joalo e le ho latela tataiso ea Molimo, ’me ha baa ba ka ba etsa hoo ka moketjana kapa ka ho fana limpho. Hape Bajuda ba ile ba tšoara ho neheloa ha tempele la bobeli e le sehopotso se khethehileng. Le hoja ho keteka ketsahalo ena ea histori ho ne ho sa laeloa ka Bibeleng, Johanne 10:22, 23 e fana ka maikutlo a hore Jesu o ne a sa nyatse ho ketekoa ha eona. Qetellong, Bakreste ba na le seboka se khethehileng mohla sehopotso sa lefu la Jesu. Ho hlakile hore ba etsa joalo ka lebaka la ho mamela taelo e hlakileng e fumanoang Lentsoeng la Molimo.—Luka 22:19, 20.
Ho thoe’ng ka lihopotso tsa machato? Linaheng tse ling, ho tloaelehile hore monna le mosali ba boloke sehopotso sa ho nyalana ha bona, e leng tokisetso e qaliloeng ke Molimo. (Genese 2:18-24; Matheu 19:4-6) Ka sebele, Bibele ha e behe lenyalo ka mosing. Jesu o ile a ba teng moketeng oa lenyalo ’me a tlatsetsa ho etsa hore ketsahalo eo e be monate.—Johanne 2:1-11.
Kahoo, e ke ke ea e-ba ho makatsang hore banyalani ba khethe ho ipha nako mohla sehopotso sa lechato la bona, hore ba ikhopotse thabo ea ketsahalo eo le ho tsosolosa qeto ea bona ea ho sebeletsa ho atleha joaloka banyalani. Hore na ba nahana ka ketsahalo ena e thabisang moo ba leng bang, ba le babeli feela, kapa ba ba le beng ka bona ba seng bakae kapa metsoalle e haufi, qeto ke ea bona. Ketsahalo ena ha ea lokela ho ba lebaka la ’moka o moholo oa boithabiso. Ketsahalong ena, Bakreste ba batla ho tataisoa ke melao-motheo e sebetsang bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. Kahoo, hore na motho o boloka sehopotso sa lechato kapa che, ke taba ea botho.—Baroma 13:13, 14.
Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka ho boloka letsatsi la tsoalo ka ho khetheha? Na re na le mehlala leha e le efe ea sehopotso se joalo ka Bibeleng?
Ha e le hantle, mathoasong a lekholo lena la lilemo, Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li bitsoa joalo ka nako eo, li ile tsa boloka matsatsi a tsoalo. Ba bangata ho tsona ba ne ba e-na le libuka tse nyenyane tse bitsoang Daily Heavenly Manna. Libukana tsena li ne li na le temana ea letsatsi le letsatsi ea Bibele, ’me Bakreste ba bangata ba ne ba kenya foto e nyenyane maqepheng a tsamaisanang le matsatsi a tsoalo a Liithuti-’moho le bona tsa Bibele. Hape, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa February 15, 1909, o ile oa pheta hore kopanong e ’ngoe Jacksonville, Florida, U.S.A., Mor’abo rōna Russell, eo ka nako eo e neng e le mookameli oa Mokhatlo, o ile a felehetsoa ho ea sethaleng. Ka lebaka lefe? O ile a fuoa mabokose a li-grapefruit, liphaenapole le lilamunu e le mpho eo a neng a sa e lebella ea letsatsi la tsoalo. Seo se re fa leseli la se neng se etsahala nakong e fetileng. Ho beha litaba maemong a tsona, u hopole hore nakong eo, Liithuti tsa Bibele le tsona li ne li keteka la 25 December e le sehopotso sa tsoalo ea Jesu, kapa letsatsi la hae la tsoalo. Ho ne ho bile ho tloaelehile ho ba le tinare ea Keresemese ntlo-khōlō e Brooklyn.
Ho hlakile hore batho ba Molimo ba hōlile moeeng litabeng tse ngata ho tloha ka nako eo. Ka bo-1920, leseli le eketsehileng la ’nete le ile la ba thusa ho bona se latelang:
Jesu ha aa tsoaloa ka la 25 December, e leng letsatsi le amanang le bolumeli ba bohetene. Bibele e re laela ho keteka letsatsi la ho shoa ha Jesu, eseng sehopotso sa tsoalo ea hae kapa letsatsi la tsoalo la mang kapa mang. Ho etsa joalo ho tumellanong le Moeklesia 7:1 le ’nete ea hore tsela eo bophelo ba motho ea tšepahalang bo fellang ka eona ke ea bohlokoa haholo ho feta letsatsi la hae la tsoalo. Bibele ha e tlalehe hore ho na le mohlanka leha e le ofe ea tšepahalang ea kileng a keteka letsatsi la hae la tsoalo. E tlaleha ho ketekoa ha matsatsi a tsoalo a bahetene, e a amahanya le liketso tse sehlōhō. E-re re fumane boitsebiso bo hlokahalang ka lihopotso tseo tsa matsatsi a tsoalo.
Oa pele ke letsatsi la tsoalo ea Faro mehleng ea Josefa. (Genese 40:20-23) Tabeng ena, sehlooho se mabapi le matsatsi a tsoalo ho Encyclopædia of Religion and Ethics ea Hasting se qala ka ho re: “Tloaelo ea ho ikhopotsa letsatsi la tsoalo, sebōpehong sa eona, e amana le ho baloa ha nako, ’me, bohlokoa ba eona, bo amana le melao-motheo e itseng ea boholo-holo ea bolumeli.” Hamorao, encyclopedia e qotsa Setsebi sa Lintho tsa Boholo-holo tsa Egepeta, Sir J. Gardner Wilkinson, ea ileng a ngola: “Moegepeta e mong le e mong o ne a nka letsatsi leo e le la bohlokoa haholo, esita le ho isa horeng eo a tsoetsoeng ka eona; ’me ho ka ’na ha etsahala hore, joaloka Persia, motho e mong le e mong o ne a boloka letsatsi la hae la tsoalo ka ho etsa mekete e meholo, a amohela metsoalle ea hae ka boithabiso bohle ba sechaba, le ka lijo tse ngata haholo tse lutlisang mathe tse beoang tafoleng.”
Mokete o mong o boleloang ka Bibeleng oa letsatsi la tsoalo ke oa Heroda, oo ho oona Johanne Mokolobetsi a ileng a khaoloa hlooho. (Matheu 14:6-10) The International Standard Bible Encyclopedia (khatiso ea 1979) e fana ka leseli lena: “Magerike a pele ho Histori ea Segerike a ile a keteka matsatsi a tsoalo a melimo le a batho ba tummeng. Genéthlia [ea Segerike] e ne e khetholla mekete ena, ha genésia e ne e bolela mokete oa sehopotso sa letsatsi la tsoalo la motho oa bohlokoa ea shoeleng. Ho 2 Macc[abees] 6:7 ho buuoa ka genéthlia ea khoeli le khoeli ea Antiochus IV, eo ka eona Bajuda ba neng ba qobelloa ‘ho ja mahlabelo.’ . . . Ha Heroda a keteka letsatsi la tsoalo ea hae o ne a etsa tumellanong le moetlo Historing ea Magerike; ha ho na bopaki ba hore ho ile ha ketekoa matsatsi a tsoalo Iseraele pele ho mehla e amanang le Histori ea Magerike.”
Bonneteng, kajeno Bakreste ba ’nete ha baa ameha haholo ka tšimoloho le ka litšebelisano tsa boholo-holo tsa bolumeli tsa tloaelo kapa moetlo o mong le o mong, empa hape ha ba hlokomolohe matšoao a totobetseng a fumanehang Lentsoeng la Molimo. Sena se akarelletsa taba ea hore mekete feela ea matsatsi a tsoalo a tlalehiloeng ka Bibeleng ke ea bahetene ’me e amana le liketsahalo tse sehlōhō. Kahoo, ka ho hlakileng Mangolo a beha ho ketekoa ha matsatsi a tsoalo ka mosing, e leng ntlha eo Bakreste ba tšepahalang ba sa e hlokomoloheng.
Ka lebaka leo, le hoja e le taba ea botho ka ho feletseng haeba Bakreste ba khetha ho boloka sehopotso sa lechato la bona, ho na le mabaka a utloahalang ao ka ’ona Bakreste ba hōlileng tsebong ba qobang ho se kopanele ho ketekoeng ha matsatsi a tsoalo.