“Le Hlokomele Tomōso ea Bafarisi le Basaduke”
HA Jesu Kreste a ne a bua mantsoe ao lilemo tse fetang makholo a 19 tse fetileng, o ne a lemosa barutuoa ba hae ka lithuto le mekhoa ea bolumeli e kotsi. (Mattheu 16:6, 12, Bibele—Phetolelo e Ncha) Tlaleho e ho Mareka 8:15 (BPN) e qaqisa taba: “Le hlokomele tomōso ea Bafarisi le tomōso ea Heroda.” Ke hobane’ng ha ho thoe Heroda? Hobane ba bang ba Basadusi e ne e le ba sehlopha sa Heroda, sehlopha sa bopolotiki.
Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala temoso e joalo e khethehileng? Na Bafarisi le Basadusi e ne e se bahanyetsi ba Jesu ka mokhoa o tobileng? (Mattheu 16:21; Johanne 11:45-50) E, ho joalo. Empa, ba bang ba bona ba ne ba tla amohela Bokreste hamorao ’me joale ba leke ho kenya likhopolo tsa bona phuthehong ea Bokreste.—Liketso 15:5.
Ho ne ho boetse ho e-na le kotsi ea hore barutuoa ka bobona ba ne ba ka ’na ba etsisa baeta-pele bao ba bolumeli bao ba hōletseng tlas’a tšusumetso ea bona. Ka linako tse ling, ho tsoa semelong se joalo ho ne ho ipaka e le tšitiso ho bona hore ba utloisise lithuto tsa Jesu.
Ke eng e ileng ea etsa hore Bofarisi le Bosadusi bo be kotsi hakaale? Ho talima maemo a bolumeli mehleng ea Jesu ho tla re fa leseli.
Karohano ea Bolumeli
Mabapi le motse oa Sejode lekholong la pele la lilemo C.E., rahistori Max Radin o ile a ngola: “Ho ipusa ha liphutheho tsa Sejode e ’ngoe ho e ’ngoe e ne e le ntho ea sebele, ’me e ne e bile e hatelloa. . . . Hangata, ha ho ne ho hatelloa ka matla ho hlompha tempele le motse o halalelang, nyeliso e feteletseng e ne e ka ’na ea bontšoa ho bao ka nako eo e neng e le bona batšoari ba marapo a puso naheng eo motho a tsoaletsoeng ho eona.”
Ka sebele e ne e le boemo bo hlobaetsang ba moea! Lintho tse neng li tlatsetsa ho see ke eng? E ne e se Bajode bohle ba neng ba phela Palestina. Tšusumetso ea setso sa Magerike, eo ho eona baprista e neng e se baeta-pele ba motse, e ne e phethile karolo ea eona ho hlompholleng tokisetso ea Jehova ea boprista. (Exoda 28:29; 40:12-15) ’Me ba neng ba sa lokela ho hlokomolohuoa ke batho feela ba neng ba rutehile le bangoli.
Bafarisi
Lebitso Bafarisi, kapa Peru·shimʹ, e ka ’na eaba le ne le bolela “ba arotsoeng.” Bafarisi ba ne ba inka e le balateli ba Moshe. Ba ile ba ithehela lekhotla (chavu·rahʹ, ka Seheberu). Hore a amohelehe, motho o ne a lokela ho tšepisa ka pel’a litho tse tharo hore o tla boloka ka thata bohloeki ba Balevi, a qobe ho kopana haufi-ufi le ʽam-ha·ʼaʹrets (matšoele a sa rutehang), le ho lefa karolo ea leshome ka botšepehi bo feletseng. Mareka 2:16 e bua ka “bangoli le Bafarisi.” Ba bang ba sehlopha sena e ne e le bangoli ba nang le mangolo le matichere, ha ba bang e ne e le batho feela.—Mattheu 23:1-7.
Bafarisi ba ne ba lumela ho Molimo o teng hohle. Ba ne ba re kaha “Molimo o hohle, O ne a ka rapeloa ka hare le ka ntle ho Tempele, le hore o ne a sa lokeloa ho rapeloa ka ho etsa mahlabelo feela. Kahoo ba ile ba khothalletsa hore synagoge e be sona sebaka sa borapeli, sa ho ithuta, le sa thapelo, ’me ba e phahamisetsa sebakeng se bohareng le sa bohlokoa bophelong ba batho ho ileng ha etsa hore e lekane le Tempele.”—Encyclopaedia Judaica.
Bafarisi ba ne ba hloka kananelo bakeng sa tempele ea Jehova. Sena se ka bonoa mantsoeng a Jesu: “Ho malimabe lōna, batsamaisi ba foufetseng, le reng: Motho ha a anne ka tempele, ha ho na’ng; empa ha a anne ka khauta ea tempele, o tlamiloe. Maoatla le lifofu! ho hoholo ke’ng? Na ke khauta, kapa a ke tempele e halaletsang khauta na? Hape le re: Motho ha a anne ka aletare, ha ho na’ng; empa ha a anne ka kabelo e holim’a eona, o tlamiloe. Maoatla le lifofu! ho hoholo ke’ng? Na ke kabelo, kapa ke aletare e halaletsang kabelo na? ’Me joale, ea anang ka aletare, o ana ka eona le ka tsohle tse holim’a eona.”—Mattheu 23:16-20.
Ho tla joang hore ebe monahano oa Bafarisi o ne o sothehile hakaale? Ba ne ba hlokomoloha eng? Hlokomela seo Jesu a se buang tabeng e latelang. ‘Le ea anang ka tempele, o ana ka eona le ka ea ahileng ho eona.’ (Mattheu 23:21, mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Mabapi le temana ena, setsebi E. P. Sanders se ile sa hlokomela: “Tempele e ne e halalela eseng feela hobane Molimo ea halalelang a ne a rapeloa moo, empa hape hobane a ne a le teng mono.” (Judaism: Practice and Belief, 63 BCE—66 CE) Leha ho le joalo, ho ba teng ha Jehova ho khethehileng ho ne ho ke ke ha bolela letho ho ba nahanang hore o hohle.
Bafarisi ba ne ba boetse ba lumela linthong tse peli, hore bokamoso ba motho bo reroa esale pele le hore ho na le boikhethelo. Ka mantsoe a mang, “ntho e ’ngoe le e ’ngoe e reriloe esale pele, empa ho fanoe ka bolokolohi ba ho ikhethela.” Leha ho le joalo ba ne ba lumela hore ka Adama le Eva ho ne ho reriloe esale pele hore ba etse sebe le hore phatsa e nyenyane monoaneng e reriloe esale pele.
Mohlomong Jesu o ne a nahanne ka likhopolo tse joalo tsa bohata ha a ne a bua ka ho oa ha tora ho ileng ha baka lefu la ba 18. O ile a botsa: “Hleka le lekanya hoba [bahlaseluoa] ba ne ba le molato ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na?” (Luka 13:4) Joalokaha e le ’nete ka likotsi tse ngata, ena e ne e le phello ea “nako le ketsahalo e sa lebelloang,” eseng phello e sa qojoeng joalokaha Bafarisi ba ne ba ruta. (Moeklesia 9:11, NW) Baa bao ho neng ho nkoa hore ba na le tsebo ba ne ba sebetsana le litaelo tsa Mangolo joang?
E ne e le Bahlahisi ba Lintho Tse Ncha Tsa Bolumeli
Bafarisi ba ne ba khomaretse hore litaelo tsa Mangolo li lokela ho hlalosoa ke bo-rabbi ba moloko o mong le o mong tumellanong le likhopolo tse tsoetseng pele. Ke kahoo Encyclopaedia Judaica e bolelang hore “ha baa ka ba fumana bothata bo boholo ba ho lumellanya lithuto tsa Torah le likhopolo tsa bona tse tsoetseng pele, kapa ho fumana likhopolo tsa bona li kenyellelitsoe kapa li anngoe mantsoeng a Torah.”
Mabapi le Letsatsi la Poelano la selemo le selemo, ba ile ba tlosa matla a ho hlakola libe ho moprista ea phahameng ho a isa letsatsing leo ka bolona. (Levitike 16:30, 33) Moketeng oa Paseka, ha ba ntse ba e-noa veine le ho ja matzo ba ile ba phahamisa ho phetoa ha lithuto tsa tlaleho ea Exoda ho feta konyana ea paseka.
Ka mor’a nako, Bafarisi ba ile ba e-ba le tšusumetso tempeleng. Joale ba ile ba theha mokoloko oa ho kha metsi letšeng la Siloame bosiung ba Mokete oa Kotulo, ho qhaloa ha metsi ao hoseng ho hlahlamang, ho otloa ha lifate tsa moluoane holim’a aletare qetellong ea mokete oo, le lithapelo tsa kamehla tse neng li se na motheo Molaong.
The Jewish Encyclopedia e re: “Lintho tse ncha tse hlahisitsoeng ke Bafarisi mabapi le Sabbatha” e ne e le tsa “bohlokoa ka ho khethehileng.” Mosali o ne a lebelletsoe ho amohela Sabbatha ka ho bonesa mabone. Haeba ho ne ho bonahala hore tšebetso e itseng e ka ’na ea lebisa mosebetsing oo eseng oa molao, Bafarisi ba ne ba e thibela. Ba bile ba ea bohōleng ba ho laola phekolo ea meriana ’me ba bontša ho khopeha ha Jesu a phekola ka mohlolo ka Sabbatha. (Mattheu 12:9-14; Johanne 5:1-16) Leha ho le joalo, bahlahisi bana ba lintho tse ncha ba bolumeli ha baa ka ba khaotsa ka ho hloma mekhoa e mecha ka boiteko ba ho etsa thibelo, kapa mokoallo, bakeng sa tšireletso ea melao ea Mangolo.
Pheliso
Bafarisi ba ne ba bolela hore ba na le matla a ho fanyeha kapa ho felisa melao ea Mangolo. Mabaka a bona a bonahala molao-motheong oa Talmud: “Ho molemo ho qotsula molao o le mong ho e-na le hore Torah eohle e lebaloe.” Mohlala e bile ho khaotsa ho ntšetsa pele Jubili ka mabaka a hore, ka ho tšaba ho lahleheloa ke ho batla seng sa hae, ha nako eo e atamela, ha ho ea neng a tla alima mafutsana.—Levitike, khaolo ea 25.
Mehlala e meng ke pheliso ea nyeoe ea mosali ea belaelloang ka bofebe le taba ea polao e sa rarolloang, ho fanyehoa ha tsamaiso ea mekhoa ea ho etsa poelano. (Numere 5:11-31; Deuteronoma 21:1-9) E ne e le feela taba ea nako pele Bafarisi ba tla felisa tlhoko ea Mangolo ea hore motho a hlokomele batsoali ba hae ba hlokang.—Exoda 20:12; Mattheu 15:3-6.
Jesu o ile a lemosa: “Hlokomelang tomōso ea Bafarisi, e leng boikaketsi.” (Luka 12:1, BPN) Bofarisi, ka maikutlo a bona ao eseng a puso ea Molimo, ka ho feletseng e ne e le a boikaketsi—ka sebele e leng ntho e sa lokelang ho tlisoa ka phuthehong ea Bokreste. Leha ho le joalo, libuka tsa litšupiso tsa Sejode li hlahisa Bafarisi hamolemonyana ho feta Basadusi. Joale a re hlahlobeng sehlopha sena se khomaretseng lintho tsa khale.
Basadusi
Lebitso Basadusi e ka ’na eaba le nkiloe ho Tsadoke, moprista ea phahameng oa mehleng ea Salomone. (1 Marena 2:35, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Basadusi ba ile ba theha sehlopha se khomaretseng lintho tsa khale se emelang lithahasello tsa tempele le boprista. Ho fapana le Bafarisi, ba neng ba ipolela hore ba na le matla ka lebaka la bokhabane ba ho ruteha le ho halalela, Basadusi ba ne ba theile tokelo ea bona melokong le boemong. Ba ile ba hanyetsa likenyelletso tse ncha tsa Bofarisi ho fihlela ho timetsoa tempele ka 70 C.E.
Ho phaelleng ho hana ho rereloa esale pele ha lintho, Basadusi ba ne ba hana ho amohela thuto leha e le efe e neng e sa boleloa ka ho hlaka Libukeng tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, esita le haeba e ne e boletsoe kae-kae Lentsoeng la Molimo. Ha e le hantle, ba “ne ba ho nka e le bokhabane ho phehisana” ka litaba tsena. (The Jewish Encyclopedia) Hona ho hopotsa ka ketsahalo eo ho eona ba ileng ba phephetsa Jesu mabapi le tsoho.
Ba sebelisa papiso ea mohlolohali oa banna ba supileng, Basadusi ba ile ba botsa: “Mohl’a tsoho ea bafu, mosali eo e tla ba oa ofe ho ba supileng”? Koana, mohlolohali eo oa bona ea inahaneloang a ka ’na a be a bile le banna ba 14 kapa 21. Jesu a hlalosa: “Tsohong ea bafu, ha ho ka ke ha nyaloa, leha e le ho nyalisoa.”—Mattheu 22:23-30.
A hlokometse hore ka ntle ho Moshe Basadusi ba qhela bangoli ba bang ba bululetsoeng, Jesu o ile a tiisa taba ea Hae ka ho qotsa Libukeng tse Hlano tse Qalang tsa Bibele. A re: “Ha e le hore bafu ba tla tsoha, hleka ha lea ka la bala bukeng ea Moshe, kamoo Molimo o buileng le eena kateng sehlahleng, oa re: Ke ’na Molimo oa Abrahama, le Molimo oa Isaaka, le Molimo oa Jakobo? Molimo hase Molimo oa bafu, empa ke Molimo oa ba phelang.”—Mareka 12:26, 27.
Bahlorisi ba Jesu le Balateli ba Hae
Basadusi ba ne ba lumela tšebelisong ea mekhoa ea ho sebetsa litaba tsa naha ha ba sebetsana le lichaba tse ling ho e-na le ho letela Messia—haeba le teng ba ne ba lumela ho tleng ha hae. Tlas’a tumellano le Roma, ba ne ba lokela ho tsamaisa tempele ’me ba ne ba sa batle hore Messia leha e le ofe a be teng, a sitise litaba. Ka ho talima Jesu e le ea sokelang boemo ba bona, ba ile ba ikopanya le Bafarisi hore ba rere lefu la hae.—Mattheu 26:59-66; Johanne 11:45-50.
Ka lebaka la ho sekamela bopolotiking, ka ho utloahalang Basadusi ba ile ba hlahisa tseko ea botšepehi ho Roma ’me ba hoeletsa: “Ha re na morena, ha e se Sesare.” (Johanne 19:6, 12-15) Ka mor’a lefu la Jesu le tsoho ea hae, e ne e le Basadusi ba ileng ba etella pele ho leka ho thibela ho hasana ha Bokreste. (Liketso 4:1-23; 5:17-42; 9:14) Ka mor’a ho timetsoa ha tempele ka 70 C.E., sehlopha sena se ile sa khaotsa ho ba teng.
Tlhokahalo ea ho Itebela
Temoso ea Jesu e ipakile e le e loketseng hakaakang! E, ho hlokahala re “hlokomele tomōso ea Bafarisi le Basaduke.” Motho o lokela feela ho hlokomela litholoana tse mpe Bojodeng le Bokreste-’mōtoaneng kajeno.
Leha ho le joalo, ha ho bapisoa, baholo ba tšoanelehang ba Bakreste liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova tse fetang 75 500 ho pota lefatše baa ‘itlhokomela, ba hlokomela le thuto ea bona.’ (1 Timothea 4:16, BPN) Ba amohela Bibele eohle e le e bululetsoeng ke Molimo. (2 Timothea 3:16) Ho e-na le ho ba ba hlahisang lintho tse ncha le ba khothalletsang mekhoa ea bona ea bolumeli, ba sebetsa ba kopane tlas’a tataiso ea mokhatlo o hlophisitsoeng o theiloeng Bibeleng o sebelisang makasine ena e le kofuto ea oona e ka sehloohong ea ho laea.—Mattheu 24:45-47.
Phello? Batho ba limilione ho pota lefatše ba hlasimolloa moeeng ha ba utloisisa Bibele, ba e sebelisa bophelong ba bona, le ho e ruta ba bang. E le ho bona hore na sena se finyelloa joang, ke hobane’ng ha u sa etele phutheho e haufi-ufi ea Lipaki tsa Jehova kapa u ngolle bahatisi ba makasine oo?
[Lebokose le leqepheng la 26]
JESU O NE A NAHANELA BAMAMELI BA HAE
JESU KRESTE o ne a ruta ka ho hlaka, a nahanela likhopolo tsa bamameli ba hae. Ka mohlala, o ile a etsa joalo ha a bua le Mofarisi Nikodema ka taba ea ho “tsoaloa” hape. Nikodema o ile a botsa: “Na motho a ka tsoaloa joang ha a se a tsofetse? Na a ka boela a khutlela popelong ea ’m’ae, a boela a tsoaloa?” (Johanne 3:1-5) Ke hobane’ng ha Nikodema a ne a maketse hakaale, kaha Bafarisi ba ne ba lumela hore ho tsoaloa hape ho ne ho hlokahala bakeng sa ba sokolohelang Bojodeng, le polelo ea bo-rabbi e ne e tšoantša mosokolohi le “ngoana ea sa tsoa tsoaloa”?
A Commentary on the New Testament From the Talmud and Hebraica, ea John Lightfoot, e fana ka temohisiso e latelang: “Maikutlo a tloaelehileng a Bajode ka tšoaneleho ea Moiseraele . . . a ntse a khomaretse kelellong ea Mofarisi enoa” ea ke keng “a tlosa leeme lena la hae la pele habonolo . . . : ‘Ha Baiseraele . . . ba e-na le tokelo ea ho amoheloa ’musong oa Messia, ka hona na ka polelo ee ea hao u bolela hore hoa hlokahala hore mang le mang a kene ka pōpelong ea ’m’ae lekhetlo la bobeli, e le hore e ka ba Moiseraele bocha?’”—Bapisa le Mattheu 3:9.
Le hoja a ne a lumela ho tsoaloa bocha bakeng sa basokolohi, Nikodema o ne a tla talima tšebetso e joalo e le ntho e ke keng ea etsahala ho Bajode ba tlhaho—ho boela a kena ka pōpelong kamoo re ka bolelang kateng.
Ketsahalong e ’ngoe, ba bangata ba ile ba khopeha ha Jesu a bua ka ho ‘ja nama ea hae le ho noa mali a hae.’ (Johanne 6:48-55) Leha ho le joalo, Lightfoot o totobatsa hore “ho ne ho se letho le neng le tloaelehile likolong tsa Bajode ho feta lipoleloana tsa ‘ho ja le ho noa’ ka kutloisiso ea tšoantšetso.” O ile a boela a hlokomela hore Talmud e bua ka “ho ja Messia.”
Kahoo ho bile joalo hore lipono tsa Bafarisi le Basadusi li bile le phello monahanong oa Bajode ba lekholong la pele la lilemo. Leha ho le joalo, ka ho loketseng, kamehla Jesu o ne a hopola tsebo le phihlelo ea bamameli ba hae. Ena ke e ’ngoe ea lintlha tse ngata tse ileng tsa mo etsa Tichere e Khōlō.