Ela Hloko Lentsoe la Molimo la Boprofeta
“Re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane; ’me le etsa hantle ha le le ela hloko.”—2 PETROSE 1:19.
1, 2. U ka fana ka mohlala ofe oa mesia oa bohata?
KA MAKHOLO a lilemo, bo-mesia ba bohata ba ’nile ba leka ho noha bokamoso. Lekholong la bohlano la lilemo C.E., monna e mong ea neng a ipitsa Moshe o ile a kholisa Bajuda ba sehlekehleke sa Kreta hore ke mesia le hore o ne a tla ba lokolla khatellong. Ka letsatsi le neng le behetsoe tokoloho ea bona, ba ile ba mo latela ho ea sebakeng se seng se phahameng se okametseng Leoatle la Mediterranean. O ile a ba bolella hore seo ba lokelang ho se etsa ke ho itihela feela ka leoatleng ’me le tla arohana ba le shebile. Ba bangata ba ileng ba itahlela ka metsing ba ile ba khangoa ke metsi, ’me mesia eo oa bohata o ile a baleha.
2 Lekholong la bo12 la lilemo, ho ile ha hlaha “mesia” e mong Yemen. Mo-caliph, kapa ’musi, o ile a mo kōpa pontšo ea bomesia ba hae. “Mesia” enoa o ile a etsa tlhahiso ea hore mo-caliph a mo pome hlooho. O ile a profeta hore o tla tsoha ka potlako, ’me seo e ne e tla ba eona pontšo. Mo-caliph o ile a lumela leano leo—eaba ke phetho ka “mesia” eo.
3. Mesia oa ’nete ke mang, ’me mosebetsi oa hae o ile oa paka eng?
3 Bo-mesia ba bohata le boprofeta ba bona ba hlōleha ka ho feletseng, empa ho ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta ha ho mohla ho soetsang. Mesia oa ’nete, Jesu Kreste, ke eena ea ileng a phethahatsa hantle boprofeta bo bongata ba Bibele. Ka mohlala, ha a qotsa boprofeta ba Esaia, mongoli oa Kosepele Matheu o ile a ngola: “‘Lōna naha ea Zebulone le naha ea Nafthali, pel’a tsela ea leoatle, ka lehlakoreng le leng la Jordane, Galilea ea lichaba! batho ba lutseng lefifing ba ile ba bona leseli le leholo, ’me ha e le ba lutseng sebakeng sa moriti oa lefu, leseli le ile la ba chabela.’ Ho tloha ka nako eo ho ea pele Jesu o ile a qala ho bolela ’me a re: ‘Bakang, kaha ’muso oa maholimo o atametse.’” (Matheu 4:15-17; Esaia 9:1, 2) Jesu e ne e le eena “leseli [leo] le leholo,” ’me mosebetsi oa hae o ile oa paka hore ke eena Moprofeta ea boletsoeng esale pele ke Moshe. Ba hanang ho mamela Jesu ba ne ba tla timetsoa.—Deuteronoma 18:18, 19; Liketso 3:22, 23.
4. Jesu o ile a phethahatsa Esaia 53:12 joang?
4 Jesu o ile a boela a phethahatsa mantsoe a boprofeta ba Esaia 53:12, a reng: “O neetse moea oa hae lefu, ’me o baliloe le lihlola; o jere libe tsa ba bangata, ’me o tla rapella batlōli.” Kahobane Jesu a ne a lemoha hore o tla tloha a nyehela bophelo ba hae e le thekollo, o ile a matlafatsa tumelo ea barutuoa ba hae. (Mareka 10:45) O ile a etsa sena ka tsela e ikhethang ka ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang.
Ho Fetohela Boemong bo Phahameng bo khanyang ho Haha Tumelo
5. Ka mantsoe a hao, u ka hlalosa ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang joang?
5 Ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang e ne e le ketsahalo ea boprofeta. Jesu o itse: “Mora oa motho o reretsoe hore a tle ka khanya ea Ntate oa hae . . . Kannete ke re ho lōna ho na le ba bang ba ba emeng mona bao ho hang ba se nang ho latsoa lefu ho fihlela pele ba bona Mora oa motho a tla ka ’muso oa hae.” (Matheu 16:27, 28) Na ba bang ba baapostola ba ile ba fela ba bona Jesu a e-tla ka ’Muso oa hae? Matheu 17:1-7 e re: “Matsatsi a tšeletseng hamorao Jesu a nka Petrose le Jakobo le Johanne mor’abo ’me a nyolohela le bona thabeng e phahameng ba le bang. ’Me a fetoha sebōpeho ka pel’a bona.” A ketsahalo e tsotehang! “Sefahleho sa hae se ile sa khanya joaloka letsatsi, le liaparo tsa hae tsa ka ntle ea e-ba tse phatsimang joaloka leseli. ’Me, bonang! ha bonahala ho bona Moshe le Elija, ba qoqa le eena.” Hape, “leru le khanyang la ba koahela,” ’me ba utloa lentsoe la Molimo ka boeena le re: “‘Enoa ke Mora oa ka, moratuoa, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.’ Ha ba utloa sena barutuoa ba itihela ka lifahleho ’me ba tšoha haholo. Joale Jesu a atamela ’me, ha a ba ama, a re: ‘Emang ’me le se ke la ba le tšabo.’”
6. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bitsa ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang pono? (b) Ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang e ne e le tlhase ea eng?
6 Ho ka etsahala hore ebe ketsahalo ena e tšosang e etsahetse letsoapong le leng la Thaba ea Hermone, moo Jesu le baapostola ba bararo ba ileng ba qeta bosiu teng. Ho hlakile hore ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang ho etsahetse bosiu, e leng ho ileng ha etsa hore ho bonahale ka ho hlakileng haholo. Lebaka le leng leo ka lona Jesu a ileng a ho bitsa pono ke hobane Moshe le Elija bao e neng e le khale ba shoele, ba ne ba se teng ka sebele. Ke Kreste feela ea neng a hlile a le teng moo. (Matheu 17:8, 9) Pontšo e phatsimang joalo e ile ea fa Petrose, Jakobo le Johanne tlhase e babatsehang ea ho ba teng ho khanyang ha Jesu ka matla a ’Muso. Karolo ea Moshe le Elija e phethahatsoa ke majalefa-’moho le Jesu a tlotsitsoeng, ’me pono ena e tiisitse ka matla bopaki ba hae mabapi le ’Muso le borena ba hae ba nakong e tlang.
7. Re tseba joang hore Petrose o ne a hopola ka ho hlaka pono ea ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang?
7 Ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang ho ile ha thusa ho matlafatsa tumelo ea baapostola bao ba bararo ba neng ba tla etella pele phuthehong ea Bokreste. Sefahleho se phatsimang sa Kreste, liaparo tse benyang tsa hae le lentsoe la Molimo ka boeena le bolelang hore Jesu ke Mora oa Hae ea ratoang eo ba lokelang ho mo mamela—tsena tsohle li ile tsa phetha morero oa hona hamolemo ka ho fetisisa. Empa baapostola ba ne ba sa lokela ho phetela mang kapa mang pono ena ho fihlela ha Jesu a tsositsoe. Lilemo tse ka bang 32 hamorao, pono ena e ne e ntse e hlakile ka kelellong ea Petrose. Ha a bua ka eona le bohlokoa ba eona, o ile a ngola: “Che, e ne e se ka ho latela lipale tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene re ileng ra le tsebisa matla le ho ba teng tsa Morena oa rōna Jesu Kreste, empa e ne e le ka hore re bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang. Etsoe o ile a amohela ho Molimo Ntate tlhompho le khanya, ha mantsoe a kang ana a ne a fetisetsoa ho eena ka khanya e hlollang: ‘Enoa ke mora oa ka, moratuoa oa ka, eo ’na ka bonna ke mo amohetseng.’ E, re ile ra utloa mantsoe ana a fetisoa ho tsoa leholimong ha re ntse re e-na le eena thabeng e halalelang.”—2 Petrose 1:16-18.
8. (a) Phatlalatso ea Molimo mabapi le Mora oa hae e ne e lebisa tlhokomelo ho eng? (b) Leru le ileng la hlaha ponong ea ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang le ne le bontša eng?
8 Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e ne e le phatlalatso ea Molimo, e reng: “Enoa ke mora oa ka, moratuoa, eo ke mo amohetseng; mo mameleng.” Polelo ena e lebisa tlhokomelo ho Jesu e le Morena ea hlomamisitsoeng oa Molimo, eo pōpo eohle e lokelang ho mo mamela. Leru le sirang le ne le bontša hore phethahatso ea pono ena e ne e sa tl’o bonahala. E ne e tla hlokomeloa feela ka mahlo a kutloisiso a ba lemohang “pontšo” ea hore Jesu o teng a sa bonahale ka matla a ’Muso. (Matheu 24:3) Ha e le hantle, taelo ea Jesu ea hore pono ena e se ke ea bolelloa mang kapa mang ho fihlela ha a tsohile bafung e bontša hore ho phahamisoa le ho tlotlisoa ha hae ho ne ho tla tla ka mor’a hore a tsohe.
9. Ke hobane’ng ha ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang ho lokela ho matlafatsa tumelo ea rōna?
9 Hoba a bue ka ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang, Petrose o ile a re: “Ka lebaka leo re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane; ’me le etsa hantle ha le le ela hloko joaloka lebone le khanyang sebakeng se lefifi, ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea motšehare e hlaha, ka lipelong tsa lōna. Etsoe le tseba sena pele, hore ha ho boprofeta ba Lengolo bo hlahang tlhalosong leha e le efe ea botho. Etsoe ha ho nako eo ka eona boprofeta bo ileng ba tlisoa ke thato ea motho, empa batho ba ile ba bua ho tsoa ho Molimo ha ba ntse ba khannoa ke moea o halalelang.” (2 Petrose 1:19-21) Ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang ho hatisa ho tšepahala ha lentsoe la Molimo la boprofeta. Re lokela ho ela lentsoe leo hloko re se ke ra ela hloko “lipale tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene” tseo Molimo a sa li tšehetseng kapa hona ho li amohela. Tumelo ea rōna lentsoeng la boprofeta e lokela ho matlafatsoa ke ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang hobane tlhase eo ea khanya ea Jesu le matla a ’Muso e phethahetse. E, re na le bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore Kreste o teng kajeno e le Morena ea matla oa leholimo.
Kamoo Naleli ea Motšehare e Hlahang Kateng
10. “Naleli ea motšehare” e boletsoeng ke Petrose ke mang kapa ke eng, ’me ke hobane’ng ha u arabela joalo?
10 Petrose o ile a ngola: “Le etsa hantle ha le . . . ela hloko [lentsoe la boprofeta] joaloka lebone le khanyang sebakeng se lefifi, ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea motšehare e hlaha.” “Naleli ea motšehare” ke mang kapa ke eng? Poleloana “naleli ea motšehare” e hlaha ka lekhetlo le le leng feela ka Bibeleng, ’me moelelo oa eona o tšoana le oa ‘naleli ea hoseng.’ Tšenolo 22:16 e bitsa Jesu Kreste “naleli e khanyang ea hoseng.” Ka linako tse itseng tsa selemo, linaleli tseo ke tsona tse hlahang qetellong sepakapakeng ka bochabela. Li hlaha nakoana pele letsatsi le chaba, kahoo li phatlalatsa ho qaleha ha letsatsi le lecha. Petrose o sebelisitse poleloana “naleli ea motšehare” ha a bua ka Jesu ka mor’a hore A amohele matla a ’Muso. Ka nako eo, Jesu o ile a hlaha bokahohleng bohle, ho akarelletsa le lefatšeng la rōna! Joaloka Naleli ea Motšehare ea Bomesia, o bontša ho qaleha ha letsatsi le lecha, kapa mehla e mecha, bakeng sa moloko oa batho o mamelang.
11. (a) Ke hobane’ng ha 2 Petrose 1:19 e sa bolele hore “naleli ea motšehare” e hlaha lipelong tsa sebele tsa batho? (b) U ka hlalosa 2 Petrose 1:19 joang?
11 Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li fana ka maikutlo a hore mantsoe a moapostola Petrose a ngotsoeng ho 2 Petrose 1:19 a bolela pelo ea motho ea nama. Pelo ea motho e moholo e boima ba ligrama tse 250 ho ea ho tse 300. Ke joang Jesu Kreste—eo hona joale e leng sebōpuoa sa moea se khanyang le se sa shoeng leholimong—a neng a ka hlaha lithong tsee tse nyenyane tsa batho? (1 Timothea 6:16) Ho hlakile hore tabeng ena ho ameha lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso, hobane ke ka tsona re elang hloko lentsoe la Molimo la boprofeta. Empa hlahloba ka hloko 2 Petrose 1:19, ’me u tla hlokomela hore Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste e sebelisa lifeeloane ho arola poleloana “ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea motšehare e hlaha” poleloaneng e tlang pele temaneng ena le poleloaneng e reng, “ka lipelong tsa lōna.” Temana ena e ka ’na ea ngoloa ka tsela ena: ‘Re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane; ’me le etsa hantle ha le le ela hloko joaloka lebone le khanyang sebakeng se lefifi, ke hore, lipelong tsa lōna, ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea motšehare e hlaha.’
12. Lipelo tsa batho ka kakaretso li joang, empa ’nete ke efe ka Bakreste ba ’nete?
12 Lipelo tsa tšoantšetso tsa moloko oa batho oa baetsalibe ka kakaretso li joang? Ha e le hantle, lipelo tsa oona li lefifing la moea! Leha ho le joalo, haeba re Bakreste ba ’nete, ho joalokaha eka re na le lebone le khanyang lipelong tsa rōna, tseo ntle ho moo li neng li tla ba lefifing. Joalokaha ho bontšoa ke mantsoe a Petrose, ka ho ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta le behang leseling, Bakreste ba ’nete ba ne ba tla lula ba falimehile ba le leseling mabapi le ho qala ha letsatsi le lecha. Ba ne ba tla hlokomela ’nete ea hore Naleli ea Motšehare e hlahile ka pel’a pōpo eohle eseng ka lipelong tsa batho tsa nama.
13. (a) Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Naleli ea Motšehare e se e hlahile? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ka mamella maemo a thata ao Jesu a a boletseng esale pele bakeng sa mehla ea rōna?
13 Naleli ea Motšehare e se e hlahile! Re ka kholiseha ka sena ka ho ela hloko boprofeta bo boholo ba Jesu bo mabapi le boteng ba hae. Kajeno, re bona phethahatso ea bona liketsahalong tseo ho seng tse tšoanang le tsona tse kang lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše le ho boleloeng ha litaba tse molemo lefatšeng ka bophara. (Matheu 24:3-14) Le hoja maemo a thata ao Jesu a a boletseng esale pele a re ama le rōna re le Bakreste, re tseba ho mamella ka khotso le ka lipelo tse thabileng. Hobane’ng? Hobane re ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta ’me re na le tumelo ho seo a se tšepisang bakeng sa nako e tlang. Rea tseba hore re haufi haholo le linako tseo ka tsona lintho li tla ba molemo ka ho fetisisa hobane re keneletse ka botebo “nakong ea bofelo”! (Daniele 12:4) Lefatše le maqakabetsing a boletsoeng esale pele ho Esaia 60:2, e reng: “Bona, lefifi le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba.” Ke joang motho mang kapa mang a ka bonang tsela lefifing lee? Ka boikokobetso, motho o lokela ho ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta hona joale, pele a siuoa ke nako. Ho hlokahala hore batho ba lipelo li tšepahalang ba retelehele ho Jehova Molimo, Mohloli oa bophelo le leseli. (Pesaleme ea 36:9; Liketso 17:28) Ke ka ho etsa sena feela moo motho a ka bang le leseli la ’nete le tšepo ea ho thabela bokamoso bo babatsehang boo Molimo a bo reretseng moloko oa batho ba mamelang.—Tšenolo 21:1-5.
“Leseli le Tlile Lefatšeng”
14. Re lokela ho etsa’ng hore re tle re bone phethahatso ea boprofeta bo babatsehang ba Bibele?
14 Mangolo a hlakisa hore hona joale Jesu Kreste o busa e le Morena. Ka lebaka la ho qala puso ha hae ka 1914, ke hona boprofeta bo babatsehang bo tla phethahala. Hore re tle re bone phethahatso ea bona, re lokela ho bontša hore re ba bonolo ba nang le tumelo ho Jesu Kreste, ba bakelang mesebetsi ea boetsalibe le libe tse entsoeng ka lebaka la ho hloka tsebo. Ho hlakile hore ba ratang lefifi ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng. Jesu o itse: “Ona ke motheo bakeng sa kahlolo, hore leseli le tlile lefatšeng empa batho ba ratile lefifi ho e-na le leseli, kaha mesebetsi ea bona e ne e le khopo. Etsoe ea tloaetseng ho etsa lintho tse nyonyehang o hloile leseli ’me ha a tle leseling, e le hore mesebetsi ea hae e se ke ea khalemeloa. Empa ea etsang seo e leng ’nete o tla leseling, e le hore mesebetsi ea hae e ka bonahatsoa e le e sebelitsoeng tumellanong le Molimo.”—Johanne 3:19-21.
15. Ho tla etsahala’ng haeba re hlokomoloha poloko eo Molimo a entseng hore e be teng ka Mora oa hae?
15 Leseli la moea le tlile lefatšeng ka Jesu, ’me ho mo mamela ke habohlokoa. Pauluse o ile a ngola: “Molimo, eo khale a ileng a bua ka makhetlo a mangata le ka litsela tse ngata le baholo-holo ba rōna ka baprofeta, bofelong ba matsatsi ana o buile le rōna ka Mora, eo a ileng a mo beha hore e be mojalefa oa lintho tsohle.” (Baheberu 1:1, 2) Ho tla etsahala’ng ha re hana poloko eo Molimo a entseng hore e be teng ka Mora oa hae? Pauluse o ile a tsoela pele ka ho re: “Haeba lentsoe le builoeng ka mangeloi e ile ea e-ba le tiileng, ’me tlōlo e ’ngoe le e ’ngoe le ketso e ’ngoe le e ’ngoe ea ho se mamele li ile tsa amohela tefetso tumellanong le toka; re tla phonyoha joang haeba re hlokomolohile poloko ea boholo bo bokaalo ka hore ho ile ha qala ho buuoa ka eona ka Morena oa rōna ’me ra e netefaletsoa ke ba ileng ba mo utloa, ha Molimo a kopanela ho pakeng ka lipontšo hammoho le limakatso tse bontšang se tlang le mesebetsi e sa tšoaneng e matla le ka likabo tsa moea o halalelang ho ea ka thato ea hae?” (Baheberu 2:2-4) E, Jesu o ka sehloohong ho phatlalatseng lentsoe la boprofeta.—Tšenolo 19:10.
16. Ke hobane’ng ha re ka ba le tumelo e feletseng boprofeteng bohle ba Jehova Molimo?
16 Joalokaha ho hlokomelehile, Petrose o itse: “Ha ho boprofeta ba Lengolo bo hlahang tlhalosong leha e le efe ea botho.” Batho ka bobona e ke ke ea e-ba mohloli oa boprofeta ba ’nete, empa re ka ba le tumelo e feletseng boprofeteng bohle ba Molimo. Bo tsoa ho Jehova Molimo ka boeena. Ka moea o halalelang, o nolofalelitse bahlanka ba hae ho utloisisa kamoo boprofeta ba Bibele bo ntseng bo phethahala kateng. Ka sebele, re leboha Jehova hore ebe re bone phethahatso ea boprofeta bo bongata bo joalo ho tloha ka selemo sa 1914. Re kholisehile ka ho feletseng hore boprofeta bo setseng bo mabapi le bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho bo tla phethahala kaofela. Ke habohlokoa hore re ’ne re ele hloko lipolelo tsa bomolimo tse boletsoeng esale pele ha re ntse re etsa hore leseli la rōna le khanye. (Matheu 5:16) Re leboha hakaakang hore ebe Jehova o etsa hore ‘leseli le re chabele lefifing lena’ le apesitseng lefatše kajeno!—Esaia 58:10.
17. Ke hobane’ng ha re hloka leseli la moea le tsoang ho Molimo?
17 Leseli la sebele le etsa hore re bone. Le boetse le hōlisa lijalo tse re fang lijo tsa mefuta-futa. Ha ho letho leo re ka le etsang ntle ho leseli la sebele. Ho thoe’ng ka leseli la moea? Lea re tataisa ebile le re bontša bokamoso joalokaha bo boletsoe esale pele ka Lentsoeng la Molimo, Bibele. (Pesaleme ea 119:105) Ka lerato Jehova Molimo o ‘romela leseli la hae le ’nete ea hae.’ (Pesaleme ea 43:3) Ka sebele re lokela ho bontša kananelo e tebileng bakeng sa litokisetso tse joalo. Kahoo, a re etseng se matleng a rōna ho amohela leseli la “tsebo e khanyang ea Molimo” e le hore le bonese lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso.—2 Bakorinthe 4:6; Baefese 1:18.
18. Hona joale Naleli ea Motšehare ea Jehova e loketse ho etsa’ng?
18 Re lehlohonolo hakaakang ho tseba hore ka 1914, Jesu Kreste, Naleli ea Motšehare, o ile a hlaha bokahohleng bohle ’me a qala ho phethahatsa pono eo ea ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang! Naleli ea Motšehare ea Jehova e teng hona joale, e loketse ho phethahatsa morero oa Molimo phethahatsong e tsoelang pele ea pono ea ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang—e leng ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.’ (Tšenolo 16:14, 16) Ha tsamaiso ena ea khale e se e tlositsoe, Jehova o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea “maholimo a macha le lefatše le lecha” tseo ho tsona re ka mo rorisang ka ho sa feleng e le Morena ea Phahameng oa bokahohle le Molimo oa boprofeta ba ’nete. (2 Petrose 3:13) Ho fihlela letsatsing leo le leholo, a re tsoeleng pele ho tsamaea leseling la bomolimo ka ho ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta.
U ka Araba Joang?
• U ka hlalosa ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang ha Jesu joang?
• Ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang ho matlafatsa tumelo joang?
• Naleli ea Motšehare ea Jehova ke mang kapa ke eng, ’me e hlahile neng?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Na u ka hlalosa bohlokoa ba pono ea ho fetohela boemong bo phahameng bo khanyang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Naleli ea Motšehare e se e hlahile. Na ua tseba hore na e hlahile joang hona neng?