Ha Jesu a Tla ka Khanya ea ’Muso
‘Ba bang ba ba emeng mona . . . ho hang ha ba na ho latsoa lefu ho fihlela pele ba bona Mora oa motho a tla ka ’muso oa hae.’—MATHEU 16:28.
1, 2. Ho ile ha etsahala eng nakoana ka mor’a Pentekonta ea 32 C.E., ’me morero oa ketsahalo eo e ne e le ofe?
NAKOANA ka mor’a Pentekonta ea 32 C.E., ba bararo ho baapostola ba Jesu Kreste ba ile ba bona pono e ke keng ea lebaloa. Ho latela tlaleho e bululetsoeng, “Jesu a nka Petrose le Jakobo le Johanne mor’abo ’me a nyolohela le bona thabeng e phahameng ba le bang. ’Me a fetoha sebōpeho ka pel’a bona.”—Matheu 17:1, 2.
2 Pono ena ea ho fetoha sebōpeho e ile ea tla nakong e mahlonoko. Jesu o ne a qalile ho bolella balateli ba hae hore o tla utloa bohloko a be a shoele Jerusalema, empa ba ile ba thatafalloa ho utloisisa mantsoe a hae. (Matheu 16:21-23) Pono ena e ile ea matlafatsa tumelo ea baapostola ba Jesu ba bararo ho ba lokisetsa lefu la hae le tlang ’me ea boela ea ba lokisetsa nako ea mosebetsi o thata le ea ho lekoa e neng e tla latela bakeng sa phutheho ea Bokreste. Na kajeno re ka ithuta ho hong ponong ee? E, hobane ha e le hantle seo e neng e se tšoantšetsa se etsahala mehleng ea rōna.
3, 4. (a) Jesu o ile a re’ng matsatsi a tšeletseng pele a fetoha sebōpeho? (b) Hlalosa se ileng sa etsahala nakong ea ho fetoha sebōpeho.
3 Matsatsi a tšeletseng pele a fetoha sebōpeho, Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “Mora oa motho o reretsoe hore a tle ka khanya ea Ntate oa hae a e-na le mangeloi a hae, ’me joale o tla buseletsa e mong le e mong ho ea ka boitšoaro ba hae.” Mantsoe ana a ne a tla phethahala ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho.’ Jesu o ile a tsoela pele ho re: “Kannete ke re ho lōna ho na le ba bang ba ba emeng mona bao ho hang ba se nang ho latsoa lefu ho fihlela pele ba bona Mora oa motho a tla ka ’muso oa hae.” (Matheu 16:27, 28; 24:3; 25:31-34, 41; Daniele 12:4) O ile a fetoha sebōpeho ho phethahatsa mantsoe ao a qetellang.
4 Hantle-ntle baapostola ba bararo ba ile ba bona eng? Luka o hlalosa ketsahalo ena ka tsela e latelang: “Ha [Jesu] a ntse a rapela ponahalo ea sefahleho sa hae ea e-ba e fapaneng ’me liaparo tsa hae tsa e-ba tšoeu ka mokhoa o benyang. Hape, bonang! banna ba babeli ba ne ba qoqa le eena, e le Moshe le Elija. Bana ba bonahala ka khanya ’me ba qala ho bua ka ho tloha ha hae hoo a neng a reretsoe ho ho phethahatsa Jerusalema.” Joale, “leru la bōpeha ’me la qala ho . . . koahela [baapostola]. Eare ha ba kena lerung, ba tlala tšabo. Eaba lentsoe le tsoa lerung, le re: ‘Enoa ke Mora oa ka, eena ea khethiloeng. Mo mameleng.’”—Luka 9:29-31, 34, 35.
Tumelo ea Matlafatsoa
5. Ho fetoha sebōpeho ho bile le phello efe ho moapostola Petrose?
5 Moapostola Petrose o ne a se a boletse hore Jesu ke “Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.” (Matheu 16:16) Mantsoe a Jehova a tsoang leholimong a ile a tiisa polelo eo, ’me pono ea Jesu ea fetohileng sebōpeho e ne e le pontšo e tlang esale pele ea ho tla ha Kreste ka matla a ’Muso le ka khanya, bakeng sa ho ahlola moloko oa batho qetellong. Lilemo tse fetang 30 ka mor’a ho fetoha sebōpeho hona, Petrose o ile a ngola: “E ne e se ka ho latela lipale tsa bohata tse qapiloeng ka bomene-mene re ileng ra le tsebisa matla le ho ba teng tsa Morena oa rōna Jesu Kreste, empa e ne e le ka hore re bile lipaki tse boneng ka mahlo tsa botle ba hae bo hlollang. Etsoe o ile a amohela ho Molimo Ntate tlhompho le khanya, ha mantsoe a kang ana a ne a fetisetsoa ho eena ka khanya e hlollang: ‘Enoa ke mora oa ka, moratuoa oa ka, eo ’na ka bonna ke mo amohetseng.’ E, re ile ra utloa mantsoe ana a fetisoa ho tsoa leholimong ha re ntse re e-na le eena thabeng e halalelang.”—2 Petrose 1:16-18; 1 Petrose 4:17.
6. Liketsahalo li ile tsa bonahala ka ho hlaka joang ka mor’a ho fetoha sebōpeho hoo?
6 Kajeno, tumelo ea rōna le eona e matlafatsoa ke seo baapostola bao ba bararo ba se boneng. Ho hlakile hore ho bile le liketsahalo tse ’nileng tsa tsoela pele ho etsahala ho tloha ka 32 C.E. Selemong se latelang, Jesu o ile a shoa a ba a tsoha, a nyolohela letsohong le letona la Ntate oa hae. (Liketso 2:29-36) Ka Pentekonta ea selemo seo, “Iseraele ea Molimo” e ncha e ile ea tsoaloa, ’me phutuho ea boboleli e ile ea qala, ea simolla Jerusalema ’me hamorao ea atolohela lipheletsong tsa lefatše. (Bagalata 6:16; Liketso 1:8) Hoo e ka bang hang-hang tumelo ea balateli ba Jesu e ile ea lekoa. Baapostola ba ile ba tšoaroa ’me ba otloa ka sehlōhō hobane ba ne ba hana ho khaotsa ho bolela. Kapele Setefane o ile a bolaoa. Eaba Jakobo, paki e boneng ka mahlo ho fetoha ha sebōpeho, oa bolaoa. (Liketso 5:17-40; 6:8–7:60; 12:1, 2) Leha ho le joalo, Petrose le Johanne ba ile ba pholoha hore ba sebeletse Jehova ka botšepehi ka lilemo tse ling tse ngata. Ha e le hantle, ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo C.E., Johanne o ile a tlaleha mahlaseli a eketsehileng a pono ea Jesu khanyeng ea leholimo.—Tšenolo 1:12-20; 14:14; 19:11-16.
7. (a) Pono ea ho fetoha sebōpeho e ile ea qala ho phethahala neng? (b) Jesu o ile a buseletsa ba bang ho ea ka boitšoaro ba bona neng?
7 Ho tloha qalong ea ‘letsatsi la Morena’ ka 1914, lipono tse ngata tse bonoeng ke Johanne li phethahetse. (Tšenolo 1:10) Ho thoe’ng ka ‘ho tla ha [Jesu] ka khanya ea Ntate oa hae,’ joalokaha ho tšoantšelitsoe ka hore a fetohe sebōpeho? Pono ena e ile ea qala ho phethahala tsoalong ea ’Muso oa Molimo oa leholimo ka 1914. Ha Jesu, joaloka naleli ea motšehare, a ne a phahamela moo a neng a ka bonahala ho bohle e le Morena ea sa tsoa behoa teroneng, ka puo ea tšoantšetso, hoo e ne e le ho chaba ha letsatsi le lecha. (2 Petrose 1:19; Tšenolo 11:15; 22:16) Na Jesu ka nako eo o ile a buseletsa ba bang ho latela boitšoaro ba bona? E. Ho na le bopaki bo matla ba hore kapele ka mor’a moo, tsoho ea leholimong ea Bakreste ba tlotsitsoeng e ile ea qala.—2 Timothea 4:8; Tšenolo 14:13.
8. Ke liketsahalo life tse tla tšoaea sehlohlolo sa ho phethahala ha pono ea ho fetoha sebōpeho?
8 Leha ho le joalo, haufinyane Jesu o tla fihla “ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena,” e le hore a ahlole moloko oohle oa batho. (Matheu 25:31) Ka nako eo, o tla itšenola khanyeng eohle ea hae e hlollang ’me a buseletse “e mong le e mong” ka ho loka ho ea ka boitšoaro ba hae. Ba kang linku ba tla ja lefa la bophelo bo sa feleng ’Musong oo ba o lokiselitsoeng, ’me ba kang lipōli ba tla ea “ho khaoloeng ho sa feleng.” Ke qetello e hlollang hakaakang e tla phethahatsa pono ea ho fetoha sebōpeho!—Matheu 25:34, 41, 46; Mareka 8:38; 2 Bathesalonika 1:6-10.
Metsoalle ea Jesu e Tlotlisitsoeng
9. Na re lokela ho lebella hore Moshe le Elija ba be le Jesu phethahatsong ea pono ea ho fetoha sebōpeho? Hlalosa.
9 Jesu o ne a se mong ha a fetoha sebōpeho. Moshe le Elija ba ile ba bonoa ba e-na le eena. (Matheu 17:2, 3) Na ba ne ba le teng ka sebele? Che, hobane banna bao ka bobeli e ne e le khale ba shoele ’me ba ne ba robetse lerōleng ba emetse tsoho. (Moeklesia 9:5, 10; Baheberu 11:35) Na ba tla hlaha le Jesu ha a tla ka khanya ea leholimo? Che, hobane Moshe le Elija ba phetse pele batho ba fuoa tšepo ea leholimo. Ba tla ba har’a ba tla thabela “tsoho ea ba lokileng” lefatšeng. (Liketso 24:15) Ka hona ho hlaha ha bona ponong ea ho fetoha sebōpeho ke ha tšoantšetso. Ho tšoantšetsa eng?
10, 11. Elija le Moshe ba tšoantšetsa bo-mang maemong a sa tšoaneng?
10 Maemong a mang, Moshe le Elija ke batho ba hlaheletseng litabeng tsa boprofeta. E le mokena-lipakeng oa selekane sa Molao, Moshe o ne a tšoantšetsa Jesu, Mokena-lipakeng oa selekane se secha. (Deuteronoma 18:18; Bagalata 3:19; Baheberu 8:6) Elija o ne a tšoantšetsa Johanne Mokolobetsi, selelekela sa Mesia. (Matheu 17:11-13) Ho feta moo, boemong bo potolohileng Tšenolo khaolo ea 11, Moshe le Elija ba tšoantšetsa masala a tlotsitsoeng nakong ea bofelo. Re tseba seo joang?
11 Phetla Tšenolo 11:1-6. Temaneng ea 3 rea bala: “Ke tla etsa hore lipaki tsa ka tse peli li profete ka matsatsi a sekete le makholo a mabeli le mashome a tšeletseng li apere lesela la mokotla.” Boprofeta bona bo ile ba phethahatsoa ho masala a Bakreste ba tlotsitsoeng nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše.a Lipaki tse peli hobane’ng? Hobane masala a tlotsitsoeng a etsa mesebetsi eo, ka tsela ea moea, e tšoanang le ea Moshe le Elija. Temana ea 5 le ea 6 li tsoela pele ho re: “Haeba leha e le mang a batla ho . . . ntša [lipaki tse peli] kotsi, mollo o tsoa melomong ea tsona ’me o harola lira tsa tsona; ’me haeba leha e le mang a ka batla ho li ntša kotsi, ka mokhoa ona o lokela ho bolaoa. Tsena li na le matla a ho koala leholimo hore ho se ke ha e-ba le pula e ka nang nakong ea matsatsi a ho profeta ha tsona, ebile li na le matla a ho laela holim’a metsi ho a fetola mali le ho otla lefatše ka mofuta o mong le o mong oa kotlo hangata kamoo li lakatsang kateng.” Kahoo, re hopotsoa ka mehlolo e ileng ea etsoa ke Elija le Moshe.—Numere 16:31-34; 1 Marena 17:1; 2 Marena 1:9-12.
12. Boemong bo potolohileng ho fetoha sebōpeho hona, Moshe le Elija ba tšoantšetsa bo-mang?
12 Joale, Moshe le Elija ba tšoantšetsa bo-mang ho latela boemo bo potolohileng ho fetoha ha sebōpeho? Luka o bolela hore ba ile ba hlaha hammoho le Jesu “ka khanya.” (Luka 9:31) Ho hlakile hore ba tšoantšetsa Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea o halalelang e le “majalefa hammoho” le Jesu le bao ka tsela eo ba ileng ba amohela tšepo e babatsehang ea ho “tlotlisoa hammoho” le eena. (Baroma 8:17) Batlotsuoa ba tsositsoeng ba tla ba le Jesu ha a e-tla ka khanya ea Ntate oa hae ho “buseletsa e mong le e mong ho ea ka boitšoaro ba hae.”—Matheu 16:27.
Lipaki Tse Kang Moshe le Elija
13. Ke litšobotsi life tse khethollang Moshe le Elija e le bao ka tsela ea boprofeta ba tšoantšetsang ka ho loketseng majalefa hammoho le Jesu a tlotsitsoeng, a tlotlisitsoeng le eena?
13 Ho na le litšobotsi tse hlaheletseng tse khethollang Moshe le Elija e le bao ka tsela ea boprofeta ba tšoantšetsang ka ho loketseng majalefa hammoho le Jesu a tlotsitsoeng. Moshe hammoho le Elija ba ne ba sebeletsa e le babuelli ba Jehova ka lilemo tse ngata. Ka bobeli ba ile ba talimana le khalefo ea ’musi ea itseng. Nakong ea ho hloka, ka mong oa bona o ile a hlokomeloa ke lelapa la basele. Ka bobeli ba ile ba profetela marena ka sebete ’me ba ema ba tiile khahlanong le baprofeta ba bohata. Moshe le Elija ka bobeli ba ile ba bona lipontšo tsa matla a Jehova Thabeng ea Sinai (eo hape e bitsoang Horebe). Ka bobeli ba ile ba khetha bahlahlami ka lehlakoreng le ka bochabela ho Jordane. ’Me mehleng ea Moshe (le Joshua) le Elija (le Elisha) ho ile ha etsoa mehlolo e mengata ka ho fetisisa, ntle ho e ileng ea etsoa nakong ea bophelo ba Jesu.b
14. Batlotsuoa ba sebelelitse joang e le ’muelli oa Jehova, joaloka Moshe le Elija?
14 Na seo sohle ha se re hopotse Iseraele ea Molimo? E, ka sebele. Jesu o ile a bolella balateli ba hae ba tšepahalang: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona. ’Me, bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.” (Matheu 28:19, 20) Ka ho mamela mantsoe ana, Bakreste ba tlotsitsoeng ba sebelelitse e le ’muelli oa Jehova ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E. ho fihlela hona joale. Joaloka Moshe le Elija, ba ile ba talimana le khalefo ea babusi ’me ba ba pakela. Jesu o ile a bolella baapostola ba hae ba 12: “Le tla hulanyetsoa ka pel’a babusisi le marena ka lebaka la ka, hore e be bopaki ho bona le lichaba.” (Matheu 10:18) Mantsoe a hae a phethahetse khafetsa historing ea phutheho ea Bokreste.—Liketso 25:6, 11, 12, 24-27; 26:3.
15, 16. Ke ho tšoana hofe ho leng teng pakeng tsa batlotsuoa ka lehlakoreng le leng le Moshe le Elija ka ho le leng tabeng ea (a) ho emela ’nete ba sa tšabe letho? (b) ho thusoa ke bao e seng Baiseraele?
15 Ho feta moo, Bakreste ba tlotsitsoeng e bile ba se nang tšabo ea ho emela ’nete khahlanong le leshano la bolumeli joaloka Moshe le Elija. Hopola kamoo Pauluse a ileng a nyatsa moprofeta oa bohata oa Mojuda Bar-Jesu ’me ka bohlale empa e le ka tieo a pepesa hore melimo ea Baathene ke ea bohata. (Liketso 13:6-12; 17:16, 22-31) Hape hopola hore mehleng ea kajeno masala a tlotsitsoeng ka sebete a ile a pepesa Bokreste-’mōtoana ’me ho paka ho joalo ho bo hlokofalitse.—Tšenolo 8:7-12.c
16 Ha Moshe a ne a baleha bohale ba Faro, o ile a tšabela lehaeng la motho eo e neng e se Moiseraele, Reuele, eo hape a bitsoang Jethro. Hamorao, Moshe o ile a amohela keletso e molemo mabapi le tlhophiso ho Reuele, eo mora oa hae Hobabe a ileng a tataisa Baiseraele ho pholletsa le lefeella.d (Exoda 2:15-22; 18:5-27; Numere 10:29) Na litho tsa Iseraele ea Molimo li thusitsoe ka ho tšoanang ke batho ka bomong bao e seng litho tse tlotsitsoeng tsa Iseraele ea Molimo? E, li ’nile tsa tšehetsoa ke “bongata bo boholo” ba “linku tse ling,” bo hlahileng matsatsing ana a ho qetela. (Tšenolo 7:9; Johanne 10:16; Esaia 61:5) Ha a bolela esale pele ka tšehetso e mofuthu, e lerato eo “linku” li neng li tla e fa barab’abo ba tlotsitsoeng, Jesu o itse ho bona ka tsela ea boprofeta: “Ke ile ka lapa ’me la mpha ho hong ho jeoang; ke ile ka nyoroa ’me la mpha ho hong ho nooang. Ke ne ke le osele ’me la nkamohela ka kamohelo e mofuthu ea baeti; ke hlobotse, ’me la nkapesa. Ke ile ka kula ’me la ntlhokomela. Ke ne ke le chankaneng ’me la tla ho ’na. . . . Kannete ke re ho lōna, Ho isa tekanyong eo ho eona le ileng la ho etsa ho e mong oa ba banyenyane ka ho fetisisa ba bana barab’eso, le ile la ho etsa ho ’na.”—Matheu 25:35-40.
17. Batlotsuoa ba bile le phihlelo e tšoanang le ea Elija joang Thabeng ea Horebe?
17 Ho feta moo, Iseraele ea Molimo e bile le phihlelo e tšoanang le ea Elija Thabeng ea Horebe.e Joaloka Elija nakong eo ka eona a neng a baleha Mofumahali Jezebele, masala a tlotsitsoeng a tletseng tšabo a ile a nahana hore mosebetsi oa ’ona o phethiloe qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Hape joaloka Elija, a ile a teana le Jehova, ea neng a tlil’o ahlola mekhatlo e neng e ipolela hore ke “ntlo ea Molimo.” (1 Petrose 4:17; Malakia 3:1-3) Le hoja Bokreste-’mōtoana bo ile ba fumanoa bo sa tšoanelehe, masala a tlotsitsoeng a ile a nkoa e le “lekhoba le tšepahalang le le masene” ’me a ile a behoa holim’a tsohle tseo e leng tsa Jesu tse lefatšeng. (Matheu 24:45-47) Ha a le Horebe, Elija o ile a utloa “lentsoe le nyenyetsang, le lesesane” le ileng la ipaka ho ba la Jehova, a mo fa mosebetsi o eketsehileng oo a lokelang ho o etsa. Nakong ea khutso ea lilemo tsa ka mor’a ntoa, bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba ile ba utloa lentsoe la hae ka Bibeleng. Le bona ba ile ba utloisisa hore ba na le thōmo eo ba neng ba lokela ho e phethahatsa.—1 Marena 19:4, 9-18; Tšenolo 11:7-13.
18. Lipontšo tse hlaheletseng tsa matla a Jehova li bonahalitsoe joang ka Iseraele ea Molimo?
18 Qetellong, na lipontšo tse totobetseng tsa matla a Jehova li ’nile tsa bonahatsoa ka Iseraele ea Molimo? Ka mor’a lefu la Jesu, baapostola ba ile ba etsa mehlolo e mengata, empa e ile ea fela butle-butle. (1 Bakorinthe 13:8-13) Mehleng ena, ha re bone mehlolo ka kutloisiso ea sebele. Ka lehlakoreng le leng, Jesu o itse ho balateli ba hae: “Kannete-nete ke re ho lōna, Ea sebelisang tumelo ho ’na, eo ka ho tšoanang o tla etsa mesebetsi eo ke e etsang; ’me o tla etsa mesebetsi e meholo ho feta ena.” (Johanne 14:12) Phethahatso ea pele ea sena e bile ha barutuoa ba Jesu ba ne ba bolela litaba tse molemo ho pholletsa le ’Muso oa Roma lekholong la pele la lilemo. (Baroma 10:18) Kajeno ho entsoe mesebetsi e bileng e leng meholoanyane kaha masala a tlotsitsoeng a eteletse pele boboleli ba litaba tse molemo “lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle.” (Matheu 24:14) Phello e bile efe? Lekholong la bo20 la lilemo ho bokeletsoe palo e khōlō ka ho fetisisa ea bahlanka ba Jehova ba inehetseng ba tšepahalang historing. (Tšenolo 5:9, 10; 7:9, 10) Ke bopaki bo hlollang hakaakang ba matla a Jehova!—Esaia 60:22.
Barab’abo Jesu ba Tla ka Khanya
19. Barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng ba bonoa ba e-na le eena ka khanya neng?
19 Ha masala a barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng a phetha tsela ea ’ona ea lefatšeng, a tlotlisoa le eena. (Baroma 2:6, 7; 1 Bakorinthe 15:53; 1 Bathesalonika 4:14, 17) Kahoo a fetoha marena le baprista ba sa shoeng ’Musong oa leholimo. Ka nako eo, a e-na le Jesu, a tla “lisa batho ka molamu oa tšepe e le hore ba tle ba pshatloe likoto joaloka lijana tsa letsopa.” (Tšenolo 2:27; 20:4-6; Pesaleme ea 110:2, 5, 6) A tla lula literoneng le Jesu a ahlole “meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” (Matheu 19:28) Pōpo e bobolang e ’nile ea letela liketsahalo tsena ka tabatabelo, tseo e leng karolo ea “ho senoloa ha bara ba Molimo.”—Baroma 8:19-21; 2 Bathesalonika 1:6-8.
20. (a) Ho fetoha sebōpeho ho ile ha matlafatsa tumelo ea Petrose mabapi le tebello efe? (b) Ho fetoha sebōpeho ho matlafatsa Bakreste joang kajeno?
20 Pauluse o ile a bua ka tšenolo ea Jesu nakong ea “matšoenyeho a maholo” ha a ne a ngola: ‘O tla hore a tlotlisoe mabapi le bahalaleli ba hae le hore ka letsatsi leo a talingoe ka ho makala mabapi le bohle ba ileng ba sebelisa tumelo.’ (Matheu 24:21; 2 Bathesalonika 1:10) Petrose, Jakobo, Johanne le Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ka moea ba na le tebello e hlollang hakaakang! Ho fetoha sebōpeho hona ho ile ha matlafatsa tumelo ea Petrose. Ka sebele, ho bala ka hona ho matlafatsa tumelo ea rōna ka ho tšoanang ’me ho tiisa kholiseho ea rōna ea hore haufinyane Jesu o tla “buseletsa e mong le e mong ho ea ka boitšoaro ba hae.” Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba phetseng ho fihlela kajeno ba bona ha kholiseho ea bona ea hore ba tla tlotlisoa le Jesu e tiisoa. Tumelo ea linku tse ling e matlafatsoa ke ho tseba hore o tla li boloka ho pholletsa le bofelo ba tsamaiso ena e khopo ea lintho le ho ea fihla lefatšeng le lecha le khanyang. (Tšenolo 7:14) Ho re khothatsa hakaakang hore re eme re tiile ho fihlela qetellong! ’Me pono ena e ka re ruta ho eketsehileng, joalokaha re tla bona sehloohong se latelang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona buka ea “Lebitso La Hao Le Halaletsoe,” leqepheng la 316-17 le ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, leqepheng la 164-5, tse hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Exoda 2:15-22; 3:1-6; 5:2; 7:8-13; 8:18; 19:16-19; Deuteronoma 31:23; 1 Marena 17:8-16; 18:21-40; 19:1, 2, 8-18; 2 Marena 2:1-14.
d Bona leqephe la 133-41 bukeng ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
e Bona buka ea You May Survive Armageddon Into God’s New World, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., leqepheng la 281-3.
Bona buka ea “Lebitso La Hao Le Halaletsoe,” leqepheng la 320-3.
Na U sa Hopola?
◻ Ke mang ea ileng a hlaha le Jesu ha a fetoha sebōpeho?
◻ Tumelo ea baapostola e ile ea matlafatsoa joang ke ho fetoha sebōpeho?
◻ Ha Moshe le Elija ba ne ba hlaha “ka khanya” hammoho le Jesu ha a fetoha sebōpeho, ba ne ba emela bo-mang?
◻ Ho na le ho tšoana hofe pakeng tsa Moshe le Elija ka lehlakoreng le leng, le Iseraele ea Molimo ka ho le leng?
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho fetoha sebōpeho ho matlafalitse tumelo ea Bakreste ba nakong e fetileng le ea ba kajeno