U ka ’na Ua Rua Mor’eno
“E-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena le le bang. Haeba a u mamela, u ruile mor’eno.”—MATHEU 18:15.
1, 2. Jesu o ile a fana ka keletso efe e sebetsang mabapi le ho sebetsa liphoso?
HA Jesu a saletsoe ke nako e ka tlaase ho selemo tšebeletsong ea hae, o ne a e-na le lithuto tsa bohlokoa bakeng sa barutuoa ba hae. U ka li bala ho Matheu khaolo ea 18. E ’ngoe e ne e le bohlokoa ba hore re be baikokobetsi, joaloka bana. E latelang e ile ea hatisa hore re tlameha ho qoba ho khopisa “e mong oa ba banyenyane bana” le hore re lokela ho leka ho khutlisa “ba banyenyane” ba khelohang e le hore ba se ke ba timela. Eaba Jesu o phaella ka keletso ea bohlokoa le e sebetsang ea ho lokisa mathata pakeng tsa Bakreste.
2 U ka ’na ua hopola mantsoe a hae, a reng: “Haeba mor’eno a etsa sebe, e-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena le le bang. Haeba a u mamela, u ruile mor’eno. Empa haeba a sa mamele, u nke a le mong kapa ba bang ba babeli, e le hore ka melomo ea lipaki tse peli kapa tse tharo taba e ’ngoe le e ’ngoe e ka tiisoa. Haeba a sa ba mamele, u bue le phutheho. Haeba a sa mamele le phutheho, ho uena a be feela joaloka motho oa lichaba le joaloka ’mokelli oa lekhetho.” (Matheu 18:15-17) Re lokela ho sebelisa keletso e joalo neng, hona moea oa rōna e lokela ho ba ofe ha re etsa joalo?
3. Ke bohato bofe bo akaretsang boo re ka bo nkang mabapi le liphoso tsa ba bang?
3 Sehlooho se fetileng se hatisitse hore kaha kaofela ha rea phethahala ’me re sekametse ho etseng liphoso, ho hlokahala hore re sebeletse hore re be ba tšoarelang. Ho joalo ka ho khetheha haeba motho a hlabehisitsoe ke seo Mokreste-’moho le eena a se buileng kapa a se entseng. (1 Petrose 4:8) Hangata ho molemo ka ho fetisisa ho hlokomoloha khopiso eo—ho tšoarela kapa ho lebala. Ho etsa tjena re ka ho talima e le ho tlatsetsa khotsong ka phuthehong ea Bokreste. (Pesaleme ea 133:1; Liproverbia 19:11) Leha ho le joalo, ho ka ’na ha e-ba le ketsahalo eo ho eona u ka ’nang ua ikutloa hore u tlameha ho rarolla taba le mora kapa morali oeno ea u hlabehisitseng. Tabeng e joalo, mantsoe a Jesu a ka holimo aa tataisa.
4. Ha e le hantle, liphoso tsa ba bang re ka li sebelisetsa Matheu 18:15 joang?
4 Jesu o elelitse hore “u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena le le bang.” Ke bohlale ho etsa joalo. Liphetolelo tse ling tsa Sejeremane li e ngola ka ho re, teka phoso ea hae “ka pel’a mahlo a mane,” e leng se bolelang a hao le a hae. Ha u hlahisa bothata ka mosa lekunutung, hangata ho bonolo ho bo rarolla. Ho ka ba bonolo haholoanyane hore mor’eno ea buileng kapa ea entseng phoso kapa ea sa kang a ba mosa, a lumele phoso ho uena ha u le mong. Haeba ba bang ba ne ba mametse, botho bo sa phethahalang bo ka ’na ba mo etsa hore a latole hore o fositse kapa a leke ho lokafatsa seo a se entseng. Empa ha le tšohla taba ena “ka pel’a mahlo a mane,” le ka ’na la fumana hore e ne e le ho se utloisisane ho e-na le hore ebe ke sebe kapa phoso ea ka boomo. Hang ha le utloisisa ka bobeli ba lōna hore ke ho se utloisisane, le ka e rarolla, le sa lumelle taba e fokolang hore e hōle ebe e senya kamano ea lōna. Kahoo, molao-motheo o ho Matheu 18:15 o ka sebelisoa le likhopisong tse fokolang bophelong ba letsatsi le letsatsi.
O ne a Bolela’ng?
5, 6. Ka moelelo oa seo ho buuoang ka sona, Matheu 18:15 e ne e bolela libe tsa mofuta ofe, ’me ke eng se bontšang seo?
5 Ho bua ’nete, seo Jesu a neng a eletsa ka sona se ama litaba tse tebileng haholoanyane. Jesu o ile a re: “Haeba mor’eno a etsa sebe.” Ka kutloisiso e batsi, “sebe” e ka ba phoso leha e le efe kapa tšito. (Jobo 2:10; Liproverbia 21:4; Jakobo 4:17) Leha ho le joalo, taba eo ho buuoang ka eona e fetisa maikutlo a hore sebe seo Jesu a neng a bua ka sona e tlameha ebe e ne e le se tebileng. Se ne se tebile hoo se neng se ka etsa hore moetsalibe a talingoe “feela joaloka motho oa lichaba le joaloka ’mokelli oa lekhetho.” Polelo eo e fana ka maikutlo afe?
6 Barutuoa ba Jesu ba neng ba utloa mantsoe ao ba ne ba tseba hore batho ba naha ea habo bona ba ne ba ke ke ba thabela setsoalle le Balichaba. (Johanne 4:9; 18:28; Liketso 10:28) Ha ho pelaelo hore ba ne ba qoba balekhetho, banna ba neng ba tsoetsoe e le Bajuda empa ba iphetotse batlatlapi ba batho. Ho bua ’nete, seo ho buuoang ka sona ho Matheu 18:15-17 se ne se ama libe tse tebileng, eseng ho khopisoa kapa ho hlabehisoa hoo u ka ho tšoarelang motho ’me oa ho lebala.—Matheu 18:21, 22.a
7, 8. (a) Baholo ba lokela ho sebetsa libe tsa mofuta ofe? (b) Ke libe tsa mofuta ofe tse ka rarolloang pakeng tsa Bakreste ba babeli, tumellanong le Matheu 18:15-17?
7 Tlas’a Molao, libe tse ling li ne li hloka ho fetang tšoarelo ea motho ea sitetsoeng. Bonyefoli, bokoenehi, borapeli ba litšoantšo, le libe tsa ho kopanela liphate ka bohlola le bofebe le bosodoma li ne li lokela ho tlaleheloa baholo (kapa baprista) ’me e ne e le bona ba li sebetsang. Seo ke ’nete le ka phutheho ea Bokreste. (Levitike 5:1; 20:10-13; Numere 5:30; 35:12; Deuteronoma 17:9; 19:16-19; Liproverbia 29:24) Leha ho le joalo, hlokomela hore mofuta oa libe oo Jesu a buileng ka oona mona, o ne o ka rarolleha pakeng tsa batho ba babeli. Mehlala ke ena: Motho e mong ka lebaka la ho halefa kapa mōna o etselletsa e mong. Mokreste o kena tumellanong ea ho etsa mosebetsi o itseng ka thepa e itseng le ho o phetha ka nako e itseng. E mong o lumela hore o tla lefa chelete ka mekhahlelo kapa ka letsatsi le behiloeng. Motho e mong o tšepisa hore haeba mohiri oa hae a ka mo koetlisa, a ke ke (le haeba a ka sebetsa hosele) a hlōlisana kapa a leka ho nka ba rekang ho mong’a hae ka nako e itseng kapa sebakeng se itseng.b Haeba mor’abo rōna leha e le ofe a sitoa ho boloka lentsoe la hae ’me a sa bake liphosong tse joalo, ka sebele e ne e tla ba taba e tebileng. (Tšenolo 21:8) Empa liphoso tse joalo li ka rarolloa pakeng tsa ba babeli ba amehang.
8 Leha ho le joalo, u ne u tla nka khato efe ho rarolla bothata boo? Mantsoe a Jesu hangata a ’nile a talingoa ka mehato e meraro. A re hlahlobeng o mong le o mong. Ho e-na le ho e talima e le mehato e sa tenyetseheng, e ikamahantseng le molao, utloisisa moea oa eona, le ka mohla u sa fifalloe ke pakane ea hao e lerato.
Loanela ho Rua Mor’eno
9. Ke eng eo re lokelang ho e hopola ha re sebelisa Matheu 18:15?
9 Jesu o ile a qala ka ho re: “Haeba mor’eno a etsa sebe, e-ea u totobatse phoso ea hae pakeng tsa hao le eena le le bang. Haeba a u mamela, u ruile mor’eno.” Ho hlakile hore bohato bona ha boa thehoa holim’a pelaelo feela tjee. U lokela ho ba le bopaki kapa boitsebiso bo tobileng boo u ka bo sebelisang ho thusa mor’eno hore a bone hore o entse phoso ’me ho hlokahala hore a lokise litaba. Ho molemo hore u nke bohato ka potlako, u se ke ua lumella taba eo hore e hōle kapa hore moea oo a o bontšang o mele ka metso. Hape u se ke ua lebala hore ho hlonama ka lebaka la taba eo ho ka u ntša kotsi le uena. Kaha puisano e lokela ho ba pakeng tsa hae le uena le le bang, qoba ho bua le ba bang esale pele hore ba u qenehele kapa hore u itlhatsoe ka eena. (Liproverbia 12:25; 17:9) Hobane’ng? Ka lebaka la pakane ea hao.
10. Ke eng e tla re thusa ho rua mor’abo rōna?
10 Sepheo sa hao e lokela ho ba ho rua mor’eno, eseng ho mo fa kotlo, ho mo tlosa seriti, kapa ho mo senya. Haeba a fositse e le kannete, kamano ea hae le Jehova e kotsing. Ha ho pelaelo hore u batla hore a lule e le mor’eno oa Mokreste. Monyetla oa katleho o tla ba moholo haeba puisanong e etsoang lekunutung le khoba matšoafo, le qoba mantsoe a hlabang kapa lentsoe le utloahalang eka lea qosa. Puisanong ena e lerato e etsoang le shebane lifahleho, hopolang hore ka bobeli le batho ba sa phethahalang, ba baetsalibe. (Baroma 3:23, 24) Ha a hlokomela hore ha ua mo seba ’me a bona hore u tiile u batla ho mo thusa, tharollo e ka ’na ea hlaha habonolo. Bohato bona bo mosa le bo hlakileng bo tla bontša bohlale ka ho khethehileng haeba ho bonahala hore ka bobeli le molato ka tsela e itseng kapa haeba ho bonahala hore sesosa sa taba e ne e hlile e le ho se utloisisane.—Liproverbia 25:9, 10; 26:20; Jakobo 3:5, 6.
11. Le haeba mofosi a sa re mamele, ke’ng seo re ka ’nang ra se etsa?
11 Haeba u mo thusa hore a bone hore phoso e etsahetse le hore e tebile, mohlomong a ka susumelletseha hore a bake. Leha ho le joalo, ’nete ke hore boikhohomoso e ka ba tšitiso. (Liproverbia 16:18; 17:19) Kahoo, esita le haeba qalong ea taba a sa lumele phoso le ho baka, u ka ’na ua leta pele u fetisetsa taba eo pele. Jesu ha aa ka a re ‘e-ea ka lekhetlo le le leng feela ’me u totobatse phoso ea hae.’ Kaha ke sebe seo le ka se rarollang, nahana ka ho mo atamela hape ka moea oa Bagalata 6:1 le “ka pel’a mahlo a mane.” Mohlomong u tla atleha. (Bapisa le Jude 22, 23.) Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u kholisehile hore sebe se entsoe le hore ha a na ho arabela?
Ho Fumana Thuso ea Batho ba Hōlileng Tsebong
12, 13. (a) Jesu o ile a lokolisa bohato bofe ba bobeli ha ho sebetsanoa le liphoso? (b) Ke likeletso life tse loketseng ha ho nkoa bohato boo?
12 Na u ne u ka rata hore ba bang ba u tele kapele haeba u ne u le molato oa phoso e tebileng? Ha ho joalo ho hang. Tumellanong le seo, Jesu o bontšitse hore ka mor’a bohato ba pele, ha ua lokela ho tela ho leka ho rua mor’eno, ho mo etsa hore a lule bonngoeng le uena le ba bang ba rapelang Molimo ka tsela e amohelehang. Jesu o ile a lokolisa bohato ba bobeli: “Haeba a sa mamele, u nke a le mong kapa ba bang ba babeli, e le hore ka melomo ea lipaki tse peli kapa tse tharo taba e ’ngoe le e ’ngoe e ka tiisoa.”
13 O itse “u nke a le mong kapa ba bang ba babeli.” Ha aa ka a re ka mor’a hore u nke bohato ba pele, u lokolohile hore u bue ka bothata bona le ba bang ba bangata, u bonane le molebeli oa potoloho, kapa u ngolle barab’abo rōna ka bothata bona. Le hoja u kholisehile ka phoso eo, ha e e-s’o tiisoe ka ho feletseng hore e etsahetse. U ke ke ua rata ho jala boitsebiso bo fosahetseng bo ka ’nang ba u hlanamela ka hore ke ketselletso. (Liproverbia 16:28; 18:8) Empa ke ’nete hore Jesu o itse ho nkoe a le mong kapa ba bang ba babeli. Hobane’ng? Hona e ka ba bo-mang?
14. Re ka ea le bo-mang ha ho nkoa bohato ba bobeli?
14 U leka ho rua mor’eno ka ho mo kholisa hore ho na le sebe seo a se entseng le ka ho mo susumelletsa hore a bake e le hore a be le khotso le uena le Molimo. Hore sena se etsahale, ho ka ba molemo haeba “a le mong kapa ba bang ba babeli” e ne e le lipaki tsa phoso eo. Mohlomong ba ne ba le teng ha e etsahala, kapa ba na le boitsebiso bo nang le bopaki ba se ileng sa etsoa (kapa se sa kang sa etsoa) tabeng ea khoebo. Haeba ho se na lipaki tse joalo, bao u tlang le bona mohlomong e ka ba ba nang le phihlelo tabeng e tsekoang ’me kahoo ba ka tseba ho tiisa hore na se etsahetseng ke phoso kannete na. Ho feta moo, haeba ho ka hlokahala hamorao, e ka ba lipaki tsa se ileng sa boleloa, ba tiisa linnete tse ileng tsa hlahisoa le boiteko bo ileng ba etsoa. (Numere 35:30; Deuteronoma 17:6) Kahoo, ha baa isa tsebe feela, hase bafuputsi feela tjee ba tla fana ka tlaleho; empa, boteng ba bona ke ho tla u thusa hore u rue mor’eno le mor’abo bona.
15. Ke hobane’ng ha baholo ba Bakreste ba ka ba le thuso haeba re tlameha ho nka bohato ba bobeli?
15 Hase tlamo hore bao u tlang le bona e be banna bao e leng baholo ka phuthehong. Leha ho le joalo, banna ba hōlileng tsebong bao e leng baholo ba ka ’na ba tlatsetsa ka litšoaneleho tsa bona tsa moea. Baholo ba joalo ba joaloka “sebaka sa ho ipatela moea le sebaka sa ho ipatela pula e nang ka sefefo, joaloka melapo ea metsi naheng e se nang metsi, joaloka moriti oa lefika le leholo naheng e phophothehileng.” (Esaia 32:1, 2, NW) Ba na le phihlelo ea ho behela bara le barali babo rōna mabaka le ho ba khutlisetsa tseleng. Mofosi o na le lebaka le utloahalang la ho bontša hore o tšepa ba joalo bao e leng “limpho tseo e leng banna.”c (Baefese 4:8, 11, 12) Ho bua taba moo ho leng teng banna ba joalo ba hōlileng tsebong le ho kopanela thapelong le bona ho ka kenya moea o mocha ’me ha rarolla seo ho neng ho bonahala se sa rarollehe.—Bapisa le Jakobo 5:14, 15.
Boiteko ba ho Qetela ba ho mo Rua
16. Bohato ba boraro boo Jesu a ileng a bo lokolisa ke bofe?
16 Haeba bohato bona ba bobeli bo hlōleha ho lokisa taba, ha ho pelaelo hore balebeli ba phutheho baa ameha bohatong ba boraro. “Haeba a sa . . . mamele [a le mong kapa ba babeli], u bue le phutheho. Haeba a sa mamele le phutheho, ho uena a be feela joaloka motho oa lichaba le joaloka ’mokelli oa lekhetho.” See se akarelletsa’ng?
17, 18. (a) Ke mohlala ofe o re thusang ho utloisisa bohlokoa ba ‘ho bua le phutheho’? (b) Bohato boo re bo sebelisa joang kajeno?
17 Kutloisiso ea rōna hase hore sena ke taelo ea ho teka sebe kapa phoso sebokeng se tloaelehileng kapa se khethehileng sa phutheho eohle. Ka Lentsoeng la Molimo ke hona moo re ka fumanang mokhoa o nepahetseng o lokelang ho lateloa. Bonang se neng se lokela ho etsoa Iseraele ea boholo-holo tabeng ea borabele, bonyollo le botahoa: “Haeba motho a e-ba le mora ea manganga le oa lerabele, a sa mamele lentsoe la ntat’ae kapa lentsoe la ’m’ae, ’me ba mo khalemetse empa a sa ba mamele, ntat’ae le ’m’ae ba mo tšoare ’me ba mo tlise ho banna ba baholo ba motse oa habo le hekeng ea sebaka sa habo, ’me ba re ho banna ba baholo ba motse oa habo, ‘Mora enoa oa rōna o manganga ’me ke lerabele; ha a mamele mantsoe a rōna, kaha ke monyollo ebile ke letahoa.’ Joale batho bohle ba motse oa habo ba tla mo tlepetsa ka majoe.”—Deuteronoma 21:18-21, NW.
18 Sebe sa motho eo se ne se sa mameloe le ho ahloloa ke sechaba kaofela kapa bona ba moloko oohle oa habo. Ho e-na le hoo, “banna ba baholo” ba hlokomelehang ba ne ba se sebetsa e le baemeli ba phutheho. (Bapisa le Deuteronoma 19:16, 17, NW, mabapi le taba e neng e sebetsoa ke ‘baprista le baahloli ba neng ba sebetsa matsatsing ao.’) Kajeno le teng ho joalo, ha ho hlokahala hore ho nkoe bohato ba boraro, baholo, ba emelang phutheho, ke bona ba sebetsang taba eo. Pakane ea bona ea tšoana, ke ho rua mor’abo bona oa Mokreste haeba ho khoneha. Sena ba se bontša ka ho bontša toka, ho se ahlole taba pele e buuoa kapa ka ho se be leeme.
19. Baholo ba khethetsoeng ho mamela taba ba tla loanela ho etsa’ng?
19 Ba tla loanela ho lekanyetsa linnete le ho mamela lipaki tse hlokahalang ho tiisa hore na kannete sebe se etsahetse (kapa se ntse se etsoa ho ea pele). Ba batla ho sireletsa phutheho litšileng le ho ntša moea oa lefatše. (1 Bakorinthe 2:12; 5:7) Tumellanong le litšoaneleho tsa bona tsa Mangolo, ba tla leka ho “eletsa ka thuto e phelisang hantle hammoho le ho khalemela ba hanyetsang.” (Tite 1:9) Tšepo e teng ea hore mofosi a ke ke a tšoana le Baiseraele bao moprofeta oa Jehova a ileng a ngola tjena ka bona: “Ke bitsitse, empa ha lea ka la araba; ke boletse, empa ha lea ka la mamela, ’me le entse se sebe pel’a mahlo a ka, la ikhethela see ke sa se rateng.”—Esaia 65:12.
20. Jesu o itse ke eng e tlamehang ho etsahala haeba moetsalibe a hana ho mamela le ho baka?
20 Leha ho le joalo, ke mabakeng a batlang a le ’maloa moo moetsalibe a bontšang boikutlo bo joalo. Haeba ho joalo, tataiso ea Jesu e hlakile: “Ho uena a be feela joaloka motho oa lichaba le joaloka ’mokelli oa lekhetho.” Morena ha aa ka a buella ho mo hlokela botho kapa ho mo lakaletsa kotsi leha e le efe. Leha ho le joalo, tataiso ea moapostola Pauluse ea hore baetsalibe ba sa bakeng ba behelloe ka thōko ho phutheho, e hlakile. (1 Bakorinthe 5:11-13) Le sona sena qetellong se ka ’na sa fella ka ho rua moetsalibe.
21. Ke monyetla ofe o saletseng ea beheletsoeng ka thōko ho phutheho?
21 Monyetla oa sena re ka o bona setšoantšong sa Jesu sa mora ea lehlasoa. Joalokaha ho bontšitsoe, ka mor’a nako e itseng a phela hōle le botsoalle bo lerato ba ntlo ea ntat’ae, moetsalibe eo ‘o ile a hlaphoheloa kelellong.’ (Luka 15:11-18) Pauluse o ile a bolella Timothea hore ka mor’a nako bafosi ba bang ba ne ba tla baka le hona ho “hlaphoheloa hantle likelellong ho tsoa lerabeng la Diabolose.” (2 Timothea 2:24-26) Ka sebele re na le tšepo ea hore leha e le bafe ba etsang sebe ebile ba sa bake ’me ba tlameha ho behelloa ka thōko ho phutheho, ba tla utloa hore ba lahlehetsoe—ke kamohelo ea Molimo le botsoalle bo mofuthu le ho thaba hammoho le Bakreste ba tšepahalang—ebe ba hlaphoheloa likelellong.
22. Ho sa na le monyetla ofe oa ho rua mor’abo rōna hape?
22 Jesu ha aa ka a nka balichaba le balekhetho e le ba boemong boo ba ke keng ba hlola ba lopolloa ho bona. E mong oa balekhetho, e leng Matheu Levi, o ile a baka, ‘a latela Jesu’ ka tieo, a ba a khetheloa ho ba e mong oa baapostola. (Mareka 2:15; Luka 15:1) Ka lebaka leo, haeba kajeno moetsalibe “a sa mamele le phutheho” ’me a behelloa ka thōko ho eona, re ka emela ho bona hore na ka mor’a nako, o tla baka ebe o otlollela maoto a hae litsela. Ha a etsa joalo ’me e boetse e le setho sa phutheho, ke moo re tla thabela hore re boetse re ruile mor’abo rōna ka mohlapeng oa borapeli ba ’nete.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Cyclopedia ea McClintock le Strong e re: “Balekhetho ba [Testamente] e Ncha ba ne ba nkoa e le baeki le bakoenehi, e le ba silafalitsoeng ke ho tsoaka-tsoakana hangata le bahetene hape e le mahlahana a ikemiselitseng a mohatelli. Ba ne ba behoa sehlopheng se le seng le baetsalibe . . . Kaha ba ne ba khetholloa ka tsela eo, batho ba itlhomphang ba ne ba sa thabele setsoalle le bona, ba ne ba fumana metsoalle feela har’a ba neng khesoa joaloka bona.”
b Litaba tsa khoebo le tsa lichelete tse amang mano, bolotsana, kapa bomenemene bo itseng li ka oela sehlopheng sa libe tseo Jesu a neng a li bolela. Se bontšang sena ke hore ka mor’a hore Jesu a fane ka tataiso e tlalehiloeng ho Matheu 18:15-17, o ile a fana ka mohlala oa makhoba (bahiruoa) a neng a kolota chelete empa a hlōlehile ho e lefa.
c Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re: “Ka linako tse ling mofosi o tla utloisisa haholoanyane ho ela hloko keletso ea ba babeli kapa ba bararo (haholo haeba e le batho ba lokeloang ke tlhompho) ho feta ea a le mong, haholo haeba eo e le motho eo a bileng le phapang le eena.”
Na U sa Hopola?
◻ Matheu 18:15-17 e sebetsa haholo-holo libeng tsa mofuta ofe?
◻ Ke eng eo re lokelang ho e hopola haeba re tlameha ho nka bohato ba pele?
◻ Ke bo-mang ba ka thusang haeba re tlameha ho nka bohato ba bobeli?
◻ Ho ameha bo-mang ha ho nkoa bohato ba boraro, hona re ka rua mor’abo rōna hape joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bajuda ba ne ba qoba balekhetho. Matheu o ile a furalla litsela tsa hae ’me a latela Jesu
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Hangata re ka rarolla taba “ka pel’a mahlo a mane”