Na Bakreste ba na le Tšepo ea ho Phela Lefatšeng ka ho sa Feleng?
“[Molimo] o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng.”—TŠEN. 21:4.
1, 2. Re tseba joang hore Bajuda ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng?
MOHLANKANA e mong ea ruileng le ea tummeng o ile a tla ho Jesu, eaba o khumama ka pel’a hae, ’me oa botsa: “Mosuoe ea Molemo, ke etse’ng hore ke rue bophelo bo sa feleng?” (Mar. 10:17) Mohlankana enoa o ne a botsa hore na a ka fumana bophelo bo sa feleng joang—empa o ne a tla bo fumana hokae? Joalokaha re tšohlile taba ena sehloohong se fetileng, lilemo tse makholo pejana, Molimo o ne a file Bajuda tšepo ea hore ho tla ba le tsoho le bophelo bo sa feleng lefatšeng. Bajuda ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le tšepo eo.
2 Ho hlakile hore motsoalle oa Jesu Maretha o ne a nahanne ka ho phela hape lefatšeng ha a ne a re ka khaitseli ea hae ea neng a hlokahetse: “Kea tseba hore o tla tsoha tsohong ka letsatsi la ho qetela.” (Joh. 11:24) Ke ’nete hore Basaduse ba mehleng eo ba ne ba latola hore ho tla ba le tsoho ea bafu. (Mar. 12:18) Leha ho le joalo, bukeng ea hae e nang le sehlooho se reng Judaism in the First Centuries of the Christian Era, George Foot Moore o re: “Libuka . . . tsa lekholong la bobeli kapa la pele la lilemo tsa pele ho mehla ea rōna, li tiisa hore batho ba ne ba lumela hore ka nako eo ho lebeletsoeng hore lintho li tla fetoha ka eona lefatšeng, batho ba ileng ba shoa melokong e fetileng ba tla tsosoa ’me ba boele ba phele lefatšeng.” Monna oa morui ea ileng a tla ho Jesu o ne a batla ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng.
3. Ho tla arajoa lipotso life sehloohong see?
3 Kajeno, litsebi tse ngata tsa bolumeli le tsa Bibele li latola hore Jesu o ile a ruta hore ho na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Batho ba bangata ba na le tšepo ea hore ba tla phela sebakeng sa moea ka mor’a lefu. Kahoo, ha batho ba balang Mangolo a Segerike a Bakreste ba bala poleloana e reng “bophelo bo sa feleng,” ba bangata ba nahana hore ka linako tsohle e bua ka bophelo ba leholimong. Na ho hlile ho joalo? Jesu o ne a bolela’ng ha a bua ka bophelo bo sa feleng? Barutuoa ba hae ba ne ba lumela’ng? Na Mangolo a Segerike a Bakreste a ruta hore batho ba na le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng?
Bophelo bo sa Feleng “Pōpong e Entsoeng Bocha”
4. Ho tla etsahala’ng “pōpong e entsoeng bocha”?
4 Bibele e ruta hore ho tla tsosoa Bakreste ba tlotsitsoeng ba tla busa lefatše ba le leholimong. (Luka 12:32; Tšen. 5:9, 10; 14:1-3) Leha ho le joalo, ha Jesu a ne a bua ka bophelo bo sa feleng, hase kamehla a neng a nahana ka sehlopha seo feela. Nahana ka seo a ileng a se bolella barutuoa ba hae ka mor’a hore mohlankana oa morui a tlohe a saretsoe ha a kōptjoa hore a siee thepa eohle ea hae ’me e be molateli oa Kreste. (Bala Matheu 19:28, 29.) Jesu o ile a bolella baapostola ba hae hore ba ne ba tla ba har’a ba neng ba tla busa e le marena ’me ba ahlole “meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele,” e leng batho bao e seng karolo ea sehlopha seo se tla busa leholimong. (1 Bakor. 6:2) O ile a boela a bua ka moputso oa “e mong le e mong” ea mo latelang. Le batho ba joalo ba “tla rua bophelo bo sa feleng.” Sena sohle se tla etsahala “pōpong e entsoeng bocha.”
5. U ka hlalosa ‘pōpo e entsoeng bocha’ joang?
5 Jesu o ne a bolela’ng ka ‘pōpo e entsoeng bocha’? The Bible—An American Translation e fetolela poleloana eo ka hore ke “lefatše le lecha.” Bibele—Phetolelo e Ncha eona e e fetolela tjena, “mohla tsohle li nchafatsoang,” ’me Bibele ea Sesotho eona e re, “nchafalong ea tsohle.” Kaha Jesu o ile a sebelisa poleloana ena a sa e hlalose, ho totobetse hore o ne a bua ka seo e neng e bile tšepo ea Bajuda ka lilemo tse makholo. Maemo a lefatše a ne a tla bōptjoa bocha e le hore lintho li tle li be kamoo li neng li le kateng serapeng sa Edene pele Adama le Eva ba etsa sebe. Pōpo e entsoeng bocha e tla phethahatsa tšepiso ea Molimo ea ho “bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha.”—Esa. 65:17.
6. Papiso ea linku le lipōli e re ruta eng mabapi le tšepo ea bophelo bo sa feleng?
6 Jesu o ile a boela a bua ka bophelo bo sa feleng ha a ne a bua ka bofelo ba tsamaiso ea lintho. (Mat. 24:1-3) O ile a re: “Ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena, joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang. Lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae, ’me o tla arola batho e mong ho e mong, feela joalokaha molisa a arola linku ho lipōli.” Ba fumanang kahlolo ea tsuo “ba tla ea phelisong e sa feleng, empa ba lokileng ba ee bophelong bo sa feleng.” Batho “ba lokileng” ba fumanang bophelo bo sa feleng, ke ba tšehetsang ka botšepehi ‘barab’abo’ Kreste ba tlotsitsoeng ka moea. (Mat. 25:31-34, 40, 41, 45, 46) Kaha batlotsuoa ba khethiloe hore e be babusi ’Musong oa leholimo, e tlameha ebe “ba lokileng” ke bafo ba lefatšeng ba ’Muso oo. Bibele e ile ea profeta: “[Morena ea behiloeng ke Jehova] o tla ba le bafo ho tloha leoatleng le leng ho ea ho le leng le ho tloha Nōkeng ho ea lipheletsong tsa lefatše.” (Pes. 72:8) Bafo bana ba tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng.
Kosepele ea Johanne e re Ruta Eng?
7, 8. Jesu o ile a bua le Nikodemase ka tšepo efe e buang ka lintho tse peli tse sa tšoaneng?
7 Joalokaha ho tlalehiloe Kosepeleng ea Matheu, ea Mareka, le ea Luka, Jesu o sebelisa poleloana e reng “bophelo bo sa feleng” liketsahalong tsena tseo ho builoeng ka tsona. Kosepele ea Johanne e qotsa mantsoe a Jesu a buang ka bophelo bo sa feleng ka makhetlo a ka bang 17. A re ke re hlahlobeng tse ling tsa tsona e le hore re bone hore na Jesu o ile a reng mabapi le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.
8 Ho ea ka Johanne, Jesu o buile ka bophelo bo sa feleng ka lekhetlo la pele ha a ne a bua le Mofarisi ea bitsoang Nikodemase. O ile a re ho Nikodemase: “Ntle le hore mang kapa mang a tsoaloe ka metsi le ka moea, a ke ke a kena ’musong oa Molimo.” Ba kenang ’Musong oa maholimo ba lokela hore ba “tsoaloe hape.” (Joh. 3:3-5) Jesu ha aa ka a fella moo. Ka mor’a moo o ile a bua ka tšepo eo batho bohle ba ka bang le eona. (Bala Johanne 3:16.) Jesu o ne a bua ka tšepo ea bophelo bo sa feleng boo balateli ba hae ba tlotsitsoeng ba tla bo fumana leholimong, ha ba bang bona ba tla bo fumana lefatšeng.
9. Jesu o ile a bua le mosali oa Mosamaria ka tšepo efe?
9 Ka mor’a hore Jesu a bue le Nikodemase a le Jerusalema, o ile a nka tsela e eang ka leboea a lebile Galilea. Ha a le tseleng, o ile a kopana le mosali e mong selibeng sa Jakobo haufi le motse oa Sikare o Samaria. O ile a re ho eena: “Mang kapa mang ea noang metsi ao ke tla mo fa ’ona ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa ’ona a tla fetoha ka ho eena seliba sa metsi a tšikhunyang ho fana ka bophelo bo sa feleng.” (Joh. 4:5, 6, 14) Metsi ana a tšoantšetsa litokisetso tsa Molimo tsa ho khutlisetsa batho bohle bophelong bo sa feleng, ho akarelletsa le ba tla phela lefatšeng. Bukeng ea Tšenolo, ho hlalosoa hore Molimo ka boeena o re: “Mang kapa mang ea nyoriloeng ke tla mo fa ho tsoa selibeng sa metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšen. 21:5, 6; 22:17) Kahoo, Jesu ha aa ka a bua le mosali oa Mosamaria ka bophelo bo sa feleng bo tla fumanoa ke majalefa a tlotsitsoeng a ’Muso feela, empa o ile a bua le ka bo tla fumanoa ke batho ba lumelang, ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng.
10. Ka mor’a hore a folise monna e mong letamong la Bethzatha, ke sefe seo Jesu a ileng a se bolella bahanyetsi ba hae ba bolumeli ka bophelo bo sa feleng?
10 Selemong se latelang, Jesu o ne a boetse a le Jerusalema. Ha a le moo, o ile a folisa monna ea kulang ea neng a le letamong la Bethzatha. Jesu o ile a fana ka tlhaloso e latelang ho Bajuda ba ileng ba mo nyatsa ka lebaka la seo a neng a se entse: “Mora a ke ke a etsa ntho le e ’ngoe e le ho itsoelang ho eena, haese feela seo a bonang Ntate a se etsa.” Ka mor’a ho ba bolella hore Ntate “o file Mora ho ahlola hohle,” o ile a re: “Ea utloang lentsoe la ka ’me a lumela ea nthomileng o na le bophelo bo sa feleng.” O ile a boela a re: “Hora ea tla eo ka eona bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la [Mor’a motho] ’me ba tsoe, ba entseng lintho tse molemo ba ee tsohong ea bophelo, ba ileng ba tloaela ho etsa lintho tse mpe ba ee tsohong ea kahlolo.” (Joh. 5:1-9, 19, 22, 24-29) Jesu o ne a bolella Bajuda ba neng ba mo hlorisa hore ke eena eo Molimo a mo khethileng hore a phethahatse tšepo eo Bajuda ba neng ba e-na le eona ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le hore o ne a tla e phethahatsa ka hore a tsose bafu.
11. Re tseba joang hore tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng e akarellelitsoe ho seo Jesu a ileng a se bua se tlalehiloeng ho Johanne 6:48-51?
11 Ha Jesu a le Galilea, batho ba likete ba neng ba batla bohobe boo a neng a fane ka bona ka mohlolo, ba ile ba mo latela. Jesu o ile a bua le bona ka bohobe ba mofuta o mong—e leng “bohobe ba bophelo.” (Bala Johanne 6:40, 48-51.) O ile a re: “Bohobe boo ke tla fana ka bona ke nama ea ka.” Jesu ha aa ka a fana ka bophelo ba hae molemong oa ba neng ba tla busa le eena feela ’Musong oa hae leholimong empa o fane ka bona le “bakeng sa bophelo ba lefatše” la batho ba ka rekolloang. “Haeba leha e le mang a ja bohobe bona,” ke hore, a bontša tumelo sehlabelong sa Jesu se nang le matla a ho rekolla, o tla ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng. Ha e le hantle, taba ea ho “phela ka ho sa feleng” e ne e akarelletsa tšepo eo e neng e le khale Bajuda ba e-na le eona ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ha Mesia a busa.
12. Jesu o ne a bua ka tšepo efe ha a ne a bolella bahanyetsi ba hae hore ‘o tla fa linku tsa hae bophelo bo sa feleng’?
12 Hamorao, Moketeng oa Nehelo o neng o le Jerusalema, Jesu o ile a re ho bahanyetsi ba hae: “Ha le lumele, hobane ha le linku tsa ka. Linku tsa ka li mamela lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela. Ke li fa bophelo bo sa feleng.” (Joh. 10:26-28) Na Jesu o ne a bua feela ka bophelo ba leholimong, kapa o ne a boetse a nahanne ka bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise? Jesu o ne a sa tsoa khothatsa balateli ba hae ka mantsoe ana: “Le se ke la tšaba, mohlatsoana, hobane Ntat’a lōna o amohetse ho le fa ’muso.” (Luka 12:32) Leha ho le joalo, hona Moketeng ona oa Nehelo, Jesu o ile a re: “Ke na le linku tse ling, tseo e seng tsa lesaka lena; le tsona ke tla li tlisa.” (Joh. 10:16) Kahoo, ha Jesu a ne a bua le bahanyetsi bao, mantsoe a hae a ile a akarelletsa tšepo ea bophelo ba leholimong bo neng bo tla fumanoa ke “mohlatsoana,” le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng bo neng bo tla fumanoa ke “linku tse ling” tse limilione.
Tšepo e Neng e sa Hloke ho Hlalosoa
13. Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re: “U tla ba le ’na Paradeiseng”?
13 Ha Jesu a ne a utloa bohloko bo otlang pelo thupeng ea tlhokofatso, o ile a fana ka bopaki bo ke keng ba latoloa ba tšepo eo batho ba nang le eona. E mong oa baetsi ba bobe ba neng ba khokhothetsoe thupeng pel’a hae o ile a re: “Jesu, u nkhopole ha u kena ’musong oa hao.” Jesu o ile a mo fa tšepiso ena: “Kannete kea u bolella kajeno, U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:42, 43) Kaha ho hlakile hore monna enoa e ne e le Mojuda, ho ne ho sa hlokahale hore a hlalosetsoe ka Paradeise. O ne a tseba ka tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng nakong e tlang.
14. (a) Ke eng e bontšang hore ho ne ho le thata hore baapostola ba utloisise tšepo ea ho phela leholimong? (b) Balateli ba Jesu ba ile ba hlakeloa neng ke tšepo ea ho phela leholimong?
14 Leha ho le joalo, seo ho neng ho hlokahala hore se hlalosoe, ke tšepo ea ho phela leholimong eo Jesu a neng a buile ka eona. Ha a ne a bua le barutuoa ba hae ka ho ea ha hae leholimong ho ea ba lokisetsa sebaka, ba ne ba sa utloisise hore na o ne a bolela’ng. (Bala Johanne 14:2-5.) Hamorao o ile a re ho bona: “Ke na le lintho tse ngata tseo ke sa ntseng ke tla le bolella tsona, empa ha le khone ho li jara hona joale. Leha ho le joalo, ha eo a fihla, moea oa ’nete, o tla le tataisetsa ’neteng eohle.” (Joh. 16:12, 13) Ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., ha balateli ba Jesu ba ne ba tlotsoa ka moea oa Molimo hore e be marena a ka moso, ke hona moo ba ileng ba qala ho utloisisa hore literone tsa bona li ne li tla ba leholimong. (1 Bakor. 15:49; Bakol. 1:5; 1 Pet. 1:3, 4) Tšepo ea ho ja lefa leholimong e ne e le ncha, ’me Mangolo a Segerike a Bakreste a bululetsoeng a ile a bua haholo ka eona. Empa, na mangolo aa a tiisa tšepo ea hore batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng?
Mangolo a Bululetsoeng a Re’ng?
15, 16. Lengolo le bululetsoeng la Baheberu le mantsoe a Petrose a bontša joang hore ho na le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng?
15 Lengolong la hae le eang ho Baheberu, moapostola Pauluse o ile a re balumeli-’moho le eena ke “barab’eso ba halalelang, ba nang le kabelo pitsong ea leholimo.” Leha ho le joalo, o ile a boela a bolela hore Molimo o behile ho Jesu “lefatše leo ho ahiloeng ho lona le tlang ho tla.” (Baheb. 2:3, 5; 3:1) Mangolong a Segerike a Bakreste, kamehla lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lefatše leo ho ahiloeng ho lona” le bolela lefatše leo batho ba lulang ho lona. Kahoo, “lefatše leo ho ahiloeng ho lona le tlang ho tla,” ke tsamaiso ea lintho ea lefatšeng ea nakong e tlang, e tla busoa ke Jesu Kreste. Ka nako eo, Jesu o tla phethahatsa tšepiso ea Molimo e reng: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.”—Pes. 37:29.
16 Moapostola Petrose le eena o ile a bululeloa hore a ngole ka bokamoso ba batho. O ile a ngola a re: “Maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo ’me li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo.” (2 Pet. 3:7) Ke eng e tla nka sebaka sa maholimo a busang hona joale hammoho le sa batho ba khopo ba teng hona joale? (Bala 2 Petrose 3:13.) A tla nkeloa sebaka ke “maholimo a macha”—e leng ’Muso oa Molimo oa Bomesia—’me batho ba khopo ba nkeloe sebaka ke “lefatše le lecha”—e leng sechaba se lokileng sa barapeli ba ’nete.
17. Tšepo ea batho e hlalositsoe joang ho Tšenolo 21:1-4?
17 Buka ea ho qetela ea Bibele e susumetsa lipelo tsa rōna ka pono ea eona ea batho ba khutlisetsoang bophelong bo sa feleng. (Bala Tšenolo 21:1-4.) Batho ba lumelang ba ’nile ba e-ba le tšepo ena ho tloha ha motho oa pele a ne a etsa sebe tšimong ea Edene. Batho ba lokileng ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise ba sa tsofale. Tšepo ena e thehiloe ka botlalo Mangolong a Seheberu le Mangolong a Segerike a Bakreste, ’me e tsoela pele ho matlafatsa bahlanka ba tšepahalang ba Jehova ho fihlela kajeno.—Tšen. 22:1, 2.
Na U ka Hlalosa?
• Jesu o ne a bolela’ng ka ‘pōpo e entsoeng bocha’?
• Jesu o ile a bua le Nikodemase ka eng?
• Jesu o ile a tšepisa moetsi oa bobe ea neng a khokhothetsoe thupeng pel’a hae eng?
• Lengolo la Baheberu le mantsoe a Petrose a tiisa joang hore ho na le tšepo ea bophelo bo sa feleng lefatšeng?
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Batho ba kang linku ba tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Jesu o ile a bua le batho ba bang ka bophelo bo sa feleng