Bophelo bo sa Feleng Lefatšeng—Tšepo e Fumanoeng Bocha
“Uena, Daniele, etsa hore mantsoe ana e be sephiri ’me u tiise buka, ho fihlela nakong ea bofelo. Ba bangata ba tla phenya, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.”—DAN. 12:4.
1, 2. Ho tla tšohloa lipotso life sehloohong see?
KAJENO batho ba limilione ba utloisisa hantle hore tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise e thehiloe Mangolong. (Tšen. 7:9, 17) Qalong ea histori ea batho, Molimo o ile a bolela hore motho o ne a sa etsetsoa hore a phele ka lilemo tse seng kae feela ebe oa shoa, empa o ne a etselitsoe hore a phele ka ho sa feleng.—Gen. 1:26-28.
2 Ntho e ’ngoe eo Baiseraele ba neng ba e-na le tšepo ea eona, e ne e le hore batho ba tla etsoa ba phethahetseng joalokaha Adama a ne a phethahetse tšimolohong. Mangolo a Segerike a Bakreste a hlalosa hore na Molimo o tla etsa hore batho phele ka ho sa feleng joang lefatšeng la Paradeise. Kahoo, ke hobane’ng ha ho ile ha hlokahala hore tšepo eo batho ba neng ba e-na le eona e fumanoe bocha? Batho ba limilione ba ile ba e senoleloa ba ba ba e tsebisoa joang?
Tšepo e Neng e Patiloe
3. Ke hobane’ng ha ho sa makatse hore ebe tšepo ea hore batho ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng e ile ea patoa?
3 Jesu o ile a bolela esale pele hore baprofeta ba bohata ba ne ba tla silafatsa lithuto tsa hae le hore batho a bangata ba ne ba tla khelosoa. (Mat. 24:11) Moapostola Petrose o ile a lemosa Bakreste a re: “Ho tla boela ho be le mesuoe ea bohata har’a lōna.” (2 Pet. 2:1) Moapostola Pauluse o ile a bua ka “nako ea ha [batho ba ne] ba sa tl’o mamella thuto e phelisang hantle, empa, tumellanong le litakatso tsa bona, [ba ne] ba tla ipokellela mesuoe hore litsebe tsa bona li tsikinyetsoe.” (2 Tim. 4:3, 4) Satane o kentse letsoho ho khelosa batho ’me o ’nile a sebelisa Bokreste ba bokoenehi ho patela batho ’nete e thabisang e mabapi le morero oa Molimo ka batho le lefatše.—Bala 2 Bakorinthe 4:3, 4.
4. Baeta-pele ba bolumeli ba bakoenehi ba ’nile ba latola tšepo efe ea batho?
4 Mangolo a hlalosa hore ’Muso oa Molimo o leholimong o tla silakanya o be o felise mebuso eohle e entsoeng ke batho. (Dan. 2:44) Pusong ea Kreste ea lilemo tse sekete, Satane o tla koalloa ka mohohlong, bafu ba tla tsosoa, ’me batho ba tla khutlisetsoa bophelong bo phethahetseng lefatšeng. (Tšen. 20:1-3, 6, 12; 21:1-4) Leha ho le joalo, baeta-pele ba bolumeli ba bakoenehi ba Bokreste-’mōtoana ba amohetse maikutlo a mang ebile baa a ruta. Ka mohlala, Origen oa Alexandria, e leng Mongoli oa Boholo-holo oa Kereke oa lekholong la boraro la lilemo, o ile a nyatsa ba neng ba lumela hore Puso ea Lilemo Tse Sekete e tla tlisa mahlohonolo lefatšeng. Ho ea ka The Catholic Encyclopedia, setsebi sa bolumeli sa Mok’hatholike, e leng Augustine oa Hippo (354-430 C.E.) “se ne se tšehetsa khopolo ea hore ho ke ke ha e-ba le puso ea lilemo tse sekete.”a
5, 6. Ke hobane’ng ha Origen le Augustine ba ile ba latola puso ea lilemo tse sekete?
5 Ke hobane’ng ha Origen le Augustine ba ile ba latola puso ea lilemo tse sekete? Origen e ne e le morutoana oa Clement oa Alexandria, ea neng a nkile khopolo ea hore moea ha o shoe tumelong ea Bagerike. Setsebi sa thuto ea bolumeli se bitsoang Werner Jaeger se bolela hore kaha Origen o ne a susumelitsoe haholo ke maikutlo a Plato mabapi le moea, “o ile a nka khopolo eohle ea hore moea o tsoela pele ho phela libakeng tse ling ha o tloha lefatšeng, eo a neng a e nkile ho Plato, eaba o e tsoakeletsa thutong ea Bokreste.” Ka lebaka leo, Origen o ile a ruta hore mahlohonolo a Puso ea Lilemo Tse Sekete a ke ke a fumanoa lefatšeng empa a tla fumanoa leholimong.
6 Pele Augustine a sokolohela ho seo ho thoeng ke Bokreste ha a le lilemo li 33, e ne e se e le ’muelli oa filosofi ea Plato e qapiloeng ke Plotinus lekholong la boraro la lilemo. Augustine o ile a lula e le ’muelli oa filosofi ea Plato leha a se a sokolohile. The New Encyclopædia Britannica e re: “Kelello ea hae e ne e tšoana le sebōpi seo ho sona bolumeli ba Testamente e Ncha bo ileng ba tsoakoa le lithuto tsa Plato tsa filosofi ea Bagerike.” Ho latela The Catholic Encyclopedia, Augustine o ile a hlalosa hore Puso ea Lilemo Tse Sekete eo ho buuoang ka eona ho Tšenolo khaolo ea 20 “e ne e mpa e le tšoantšetso.” E phaella ka ho re: “Tlhaloso ena . . . e ile ea amoheloa ke litsebi tsa bolumeli tsa Linaha Tsa Bophirimela tse ileng tsa latela, ’me khopolo eo batho ba neng ba e-na le eona pele mabapi le puso ea lilemo tse sekete ha ea ka ea hlola e tšehetsoa.”
7. Tšepo ea batho ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng e ile ea thefuloa ke tumelo efe ea bohata, ’me e ile ea e thefula joang?
7 Tšepo ea batho ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng e ile ea thefuloa ke khopolo e neng e atile Babylona ea boholo-holo e ileng ea namela lefatšeng lohle—e leng khopolo ea hore motho o na le moea o sa shoeng o mpang o phela ka hare ho ’mele oa hae feela. Ha Bokreste-’mōtoana bo ne bo amohela khopolo eo, litsebi tsa bolumeli li ile tsa sotha Mangolo e le hore litemana tse hlalosang tšepo ea ho phela leholimong li ka bonahala eka li ruta taba ea hore batho bohle ba lokileng ba ea leholimong. Ho latela maikutlo ana, bophelo ba motho lefatšeng ke ba nakoana—ke teko ea ho bona hore na o tšoaneleha ho ea phela leholimong kapa che. Ho ile ha etsahala se tšoanang ka tšepo eo Bajuda ba neng ba e-na le eona pele ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ha Bajuda ba ntse ba amohela butle-butle khopolo ea Bagerike ea hore moea oa motho ha o shoe, tšepo eo ba neng ba e-na le eona pele ea ho phela lefatšeng e ile ea e-ba lerootho. Sena se fapane haholo le tsela eo motho a hlalosoang ka eona ka Bibeleng! Motho ke sebōpuoa sa nama eseng sa moea. Jehova o ile a re ho motho oa pele: “U lerōle.” (Gen. 3:19) Motho o tla phela ka ho sa feleng lefatšeng, eseng leholimong.—Bala Pesaleme ea 104:5; 115:16.
’Nete e Phatsima Lefifing
8. Litsebi tse ling tsa lilemong tsa bo-1600 li ile tsa re’ng ka tšepo ea batho?
8 Le hoja malumeli a mangata a ipolelang hore ke a Bokreste a latola tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng, Satane ha aa ka a atleha kamehla hore a pate ’nete. Ha lilemo li ntse li feta, babali ba seng bakae ba Bibele ba hlokolosi ba ile ba bona mahlaseli a ’nete ha ba ne ba utloisisa lintlha tse itseng tsa kamoo Molimo a tla boela a etse hore batho ba phethahale. (Pes. 97:11; Mat. 7:13, 14; 13:37-39) Lilemong tsa bo-1600, Mangolo a Halalelang a ile a fumanoa ke batho ba bangata kaha Bibele e ile ea fetoleloa ea ba ea hatisoa. Ka 1651, setsebi se seng se ile sa ngola sa re kaha batho “ba lahlehetsoe ke Paradeise, le Bophelo bo sa Feleng Lefatšeng” ka lebaka la Adama, ka tsela e tšoanang ka Kreste “batho bohle ba tla etsoa hore ba phele Lefatšeng; ho seng joalo papiso eo e ne e tla be e sa nepahala.” (Bala 1 Bakorinthe 15:21, 22.) John Milton (1608-1674), e leng e mong oa liroki tse tummeng tse buang Senyesemane o ile a ngola buka ea Paradise Lost le e e latelang ea Paradise Regained. Libukeng tsa hae, Milton o ile a bua ka moputso oo batho ba tšepahalang ba tla o fumana lefatšeng la paradeise. Le hoja Milton a ile a qeta nako e telele a ithuta Bibele, o ile a hlokomela hore batho ba ne ba ke ke ba utloisisa ’nete ea Mangolo hantle ho fihlela Kreste a e-ba teng.
9, 10. (a) Isaac Newton o ile a re’ng ha a ne a ngola ka tšepo ea batho? (b) Ke hobane’ng ha Newton a ne a nahana hore ho ba teng ha Kreste ho ne ho sa le hōle?
9 Sir Isaac Newton (1642-1727), eo e neng e le setsebi se tummeng sa thuto ea lipalo, le eena o ne a thahasella ho ithuta Bibele haholo. O ne a utloisisa hore bahalaleli ba tla tsosetsoa ho ea phela leholimong ’me ba tla busa le Kreste ba sa bonahale. (Tšen. 5:9, 10) O ile a ngola tjena mabapi le bafo ba ’Muso oo: “Batho ba tla tsoela pele ba lula lefatšeng ka mor’a letsatsi la kahlolo, eseng feela ka lilemo tse 1000, empa ka ho sa feleng.”
10 Newton o ne a lumela hore ho ne ho tla feta lilemo tse makholo pele Kreste a e-ba teng. Rahistori Stephen Snobelen o itse: “Lebaka le leng le neng le etsa hore Newton a nke hore ’Muso oa Molimo o ne o le hōle haholo, ke hore o ne a hloka tšepo ka lebaka la bokoenehi bo boholo ba batho ba neng ba lumela thuto ea Boraro-bo-bong ba neng ba mo potolohile.” Litaba tse molemo li ne li sa ntse li koahetsoe. Ho feta moo, Newton o ne a bona ho se na sehlopha sa Bakreste se neng se ka li phatlalatsa. O ile a ngola a re: “Boprofeta bona ba Daniele le ba Johanne [ba Johanne bo ngotsoe bukeng ea Tšenolo] ha boa lokela ho utloisisoa ho fihlela nakong ea bofelo.” Newton o ile a hlalosa a re: “Daniele o re, ‘Joale ba bangata ba tla mathela koana le koana, ’me tsebo e tla eketseha.’ Etsoe Kosepele e tlameha ho boleloa lichabeng tsohle pele ho matšoenyeho a maholo, le bofelo ba lefatše. Haeba ho sa boleloe Kosepele pele ho moo, ha ho kamoo ho ka bang le letšoele le tsoang lichabeng tsohle le tšoereng lipalema matsohong a lona, le tsoang matšoenyehong ana a maholo le leo ho seng motho ea ka khonang ho le bala.”—Dan. 12:4; Mat. 24:14; Tšen. 7:9, 10.
11. Ke hobane’ng ha tšepo ea batho e ile ea lula e patetsoe boholo ba batho mehleng ea Milton le Newton?
11 Mehleng ea Milton le Newton, ho ne ho le kotsi ho bua ka likhopolo tse neng li le khahlanong le thuto ea kereke. Ka lebaka leo, boholo ba litaba tseo ba neng ba li fupulitse mabapi le Bibele ha lia ka tsa hatisoa ho fihlela ba se ba shoele. Phetohelo ea lekholong la bo16 la lilemo khahlanong le lithuto tsa K’hatholike e ile ea hlōleha ho fetola thuto ea hore moea ha o shoe, ’me likereke tse ka sehloohong tsa Prostanta li ile tsa tsoela pele ho ruta khopolo ea Augustine ea hore Puso ea Lilemo Tse Sekete e ne e se e fetile, e ne e se hona e tlang. Na tsebo e eketsehile nakong ea bofelo?
“Tsebo ea ’Nete e Tla ba Ngata”
12. Tsebo ea ’nete e ne e tla ba ngata neng?
12 Mabapi le ‘nako ea bofelo,’ Daniele o ile a profeta hore ho na le ntho e molemo haholo e neng e tla etsahala. (Bala Daniele 12:3, 4, 9, 10.) Jesu o ile a re: “Ka nako eo ba lokileng ba tla khanya ka ho phatsimang joaloka letsatsi.” (Mat. 13:43) Tsebo ea ’nete e ile ea e-ba ngata joang nakong ea bofelo? Nahana ka tse ling tsa lintho tse ileng tsa etsahala lilemong tse mashome pele ho 1914, e leng selemo seo nako ea bofelo e qalileng ka sona.
13. Charles Taze Russell o ile a re’ng ka mor’a ho hlahloba taba ea tsosoloso?
13 Qetellong ea lilemo tsa bo-1800, batho ba ’maloa ba tšepahalang ba ne ba batla ho utloisisa “mohlala oa mantsoe a phelisang hantle.” (2 Tim. 1:13) Charles Taze Russell e ne e le e mong oa batho bao. Ka 1870 eena le batho ba bang ba seng bakae ba neng ba batla ’nete, ba ile ba theha sehlopha sa ho ithuta Bibele. Ka 1872 ba ile ba hlahloba taba ea tsosoloso. Hamorao, Russell o ile a ngola a re: “Ho fihlela ka nako eo re ne re sa ka ra hlokomela ka ho hlaka phapang e khōlō e teng pakeng tsa moputso oa kereke e hlahlobisisoang hona joale le moputso oa batho ba tšepahalang ba lefatše.” Batho ba tšepahalang ba lefatše ba tla putsoa ka hore ba “tsosolosetsoe bophelong bo phethahetseng boo motsoali oa bona le hlooho ea bona, Adama, a neng a bo phela Edene.” Russell o ile a lumela hore ho ne ho e-na le batho ba mo thusitseng ha a ntse a ithuta Bibele. Ke bo-mang?
14. (a) Henry Dunn o ne a utloisisa Liketso 3:21 joang? (b) Dunn o ile a re ke bo-mang ba neng ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng?
14 Henry Dunn e ne e le e mong oa bona. O ne a ngotse ka “tsosoloso ea lintho tsohle tseo Molimo a ileng a bua ka tsona ka melomo ea baprofeta ba hae ba halalelang ba nakong ea khale.” (Lik. 3:21) Dunn o ne a tseba hore tsosoloso ena e ne e akarelletsa ho khutlisetsa batho bophelong bo phethahetseng lefatšeng nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete ea Kreste. Dunn o ile a boela a hlahloba potso e neng e emisitse batho ba bangata lihlooho, e reng, Ke bo-mang ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng? O ile a hlalosa hore batho ba limilione ba tla tsosoa bafung, ba rutoe ’nete, ’me ba be le monyetla oa ho bontša tumelo ho Kreste.
15. George Storrs o ile a hlokomela eng mabapi le tsoho ea bafu?
15 Ka 1870, George Storrs le eena o ile a etsa qeto ea hore batho ba sa lokang ba tla tsosoa ’me ba fuoe monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. O ile a boela a hlokomela hore ho ea ka Mangolo motho ea tsositsoeng ’me a sa sebelise monyetla oo “o tla shoa le haeba ‘moetsalibe eo a ka ba lilemo li lekholo.’” (Esa. 65:20) Storrs o ne a lula Brooklyn, New York, ’me e ne e le mohlophisi oa makasine e bitsoang Bible Examiner.
16. Ke eng e neng e etsa hore Liithuti Tsa Bibele li fapane le Bokreste-’mōtoana?
16 Russell o ile a hlokomela hore ho ea ka Bibele ho ne ho fihlile nako ea hore litaba tse molemo li phatlalatsoe haholo. Kahoo ka 1879, o ile a qala ho hatisa Zion’s Watch Tower and Herald of Christ’s Presence, eo hona joale e tsejoang e le Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Pele ho moo, ke batho ba seng bakae feela ba neng ba utloisisa hore na ’nete ke efe ka tšepo ea batho, empa joale lihlopha tsa Liithuti Tsa Bibele linaheng tse ngata li ne li se li fumana Molula-Qhooa li bile li ithuta oona. Liithuti Tsa Bibele li ne li fapane le boholo ba Bokreste-’mōtoana ka hore li ne li lumela hore ke batho ba seng bakae feela ba tla ea leholimong, ha ba limilione ba tla fuoa bophelo bo phethahetseng lefatšeng.
17. Tsebo ea ’nete e ile ea e-ba ngata joang?
17 ‘Nako ea bofelo’ e neng e profetiloe e ile ea qala ka 1914. Na tsebo ea ’nete ka tšepo ea batho e ile ea e-ba ngata? (Dan. 12:4) Ho fihlela ka 1913, lipuo tsa Russell li ne li se li hatisoa likoranteng tse 2 000 ’me ka kakaretso li ne li baloa ke batho ba 15 000 000. Qetellong ea 1914, batho ba fetang 9 000 000 lik’honthinenteng tse tharo ba ne ba bone “Photo-Drama of Creation”—e leng baeskopo le li-slide tse neng li hlalosa Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete. Ho tloha ka 1918 ho fihlela ka 1925, bahlanka ba Jehova ba ile ba fana ka puo e nang le sehlooho se reng “Ba Limilione ba Phelang Hona Joale ba ke ke ba Hlola ba E-shoa,” ka lipuo tse fetang 30 lefatšeng ka bophara; puo eo e ne e hlalosa tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Ka 1934, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa hlokomela hore batho ba nang le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng ba lokela ho kolobetsoa. Ho utloisisa sena ho ile ha etsa hore li boele li bolele litaba tse molemo tsa ’Muso ka mafolofolo. Kajeno, tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng e etsa hore batho ba limilione ba lebohe Jehova haholo.
“Tokoloho e Khanyang” e Haufi!
18, 19. Ke bophelo ba mofuta ofe bo profetiloeng ho Esaia 65:21-25?
18 Moprofeta Esaia o ile a bululeloa hore a ngole hore na batho ba Molimo ba tla phela bophelo ba mofuta ofe lefatšeng. (Bala Esaia 65:21-25.) Lifate tse ling tse neng li le teng lilemong tse ka bang 2 700 tse fetileng, ha Esaia a ne a ngola mantsoe ao li sa ntse li le teng kajeno. Nahana feela u se u phela nako e telele hakaalo, u le matla ebile u phetse hantle ’meleng!
19 Ho e-na le ho phela nako e khutšoanyane feela ebe ka mor’a moo motho oa shoa, ho tla ba le menyetla e mengata ea ho haha, ho lema le ho ithuta. Nahana ka metsoalle eo u tla ba le eona. Setsoalle se joalo se mofuthu se tla tsoela pele se matlafala ka ho sa feleng. Ka nako eo, “bana ba Molimo” ba tla ba le “tokoloho e khanyang” hakaakang lefatšeng!—Bar. 8:21.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Augustine o ile a bolela hore Puso ea Lilemo Tse Sekete ea ’Muso oa Molimo e ne e se hona e tlang empa e ile ea qala ha kereke e ne e thehoa.
Na U ka Hlalosa?
• Tšepo ea hore batho ba tla phela lefatšeng e ile ea patoa joang?
• Babali ba bang ba Bibele ba ile ba utloisisa eng lilemong tsa bo-1600?
• Tšepo ea ’nete ea batho e ile ea hlaka joang ha selemo sa 1914 se ntse se atamela?
• Tsebo e mabapi le tšepo ea ho phela lefatšeng e ile ea e-ba ngata joang?
[Litšoantšo tse leqepheng la 13]
John Milton oa seroki (ka ho le letšehali) le setsebi sa thuto ea lipalo, Isaac Newton (ka ho le letona) ba ne ba tseba ka tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng
[Litšoantšo tse leqepheng la 15]
Liithuti Tsa Bibele tsa khale li ile tsa hlokomela hore ho ea ka Mangolo e ne e se e le nako ea hore tšepo ea ’nete ea batho e phatlalatsoe lefatšeng ka bophara