Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Basebetsi Tšimong ea Merara
    Molula-Qhooa—1989 | August 15
    • JESU o sa tsoa qeta ho re, “Ba bangata ba pele e tla ba ba morao, ’me ba morao e tla ba ba pele.” Joale o bontša sena ka ho pheta pale. Oa qala, “’Muso oa maholimo o tšoana le mong a ntlo ea tsoileng e sa le ka meso, ho memela tšimo ea hae ea merara balemi.”

  • Basebetsi Tšimong ea Merara
    Molula-Qhooa—1989 | August 15
    • Basebetsi ba lihora tse 12, kapa ba letsatsi lohle, ba emela baeta-pele ba Bajode ba ’nileng ba tšoareha ka ho tsoelang pele tšebeletsong ea bolumeli. Ba fapane le barutuoa ba Jesu, ba ’nileng ba hiroa mesebetsing ea ho tšoasa litlhapi kapa e meng ea boipheliso, hoo e ka bang boholo ba bophelo ba bona. Ha e-ea ka ea e-ba ho fihlela ka 29 C.E. ha “mong a ntlo” a romela Jesu Kreste ho bokella bana ho ba barutuoa ba hae. Ka hona ba ile ba fetoha “ba morao,” kapa basebetsi ba tšimo ea merara ba hora ea bo11.

  • Basebetsi Tšimong ea Merara
    Molula-Qhooa—1989 | August 15
    • Ho amoheloa ha denare ho etsahetse, e seng ka lefu la Jesu, empa ka Pentakonta 33 C.E., ha Kreste, “mohlahlobi oa ntlo,” a tšollela moea o halalelang ho barutuoa ba hae. Barutuoa bana ba Jesu ba ne ba tšoana le “ba morao,” kapa basebetsi ba hora ea bo11.

  • Basebetsi Tšimong ea Merara
    Molula-Qhooa—1989 | August 15
    • Kapele ba hiriloeng pele ba ile ba hlokomela hore barutuoa ba Jesu ba lefiloe, ’me ba ba bona ha ba sebelisa denare ea tšoantšetso. Empa ba ne ba batla ho fetang moea o halalelang hammoho le litokelo tsa ’ona tsa ’Muso. Ho korotla ha bona le lipelaelo ho ile ha nka sebōpeho sa ho hlorisa barutuoa ba Kreste, basebetsi “ba morao” tšimong ea merara.

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela