Ho Hopola Matsatsi a ho Qetela a Jesu Lefatšeng
KE LETSATSI la bosupa la khoeli ea Sejuda ea Nisane selemong sa 33 C.E. Nka hore u shebeletse se etsahalang profinseng ea Roma ea Judea. Jesu Kreste le barutuoa ba hae ha ba tloha Jeriko eo lifate tsa eona li nang le mahlaku a tlokomang, ba nyoloha ka boima tseleng e lerōle e matsoelintsoeke. Batsamai ba bang ba bangata le bona ba nyolohela Jerusalema moketeng oa Paseka oa selemo le selemo. Leha ho le joalo, ho na le ho hong likelellong tsa barutuoa ba Kreste ntle le ho nyolosa hona ho khathatsang.
Bajuda ba ’nile ba labalabela hore ho be le Mesia ea ka tlisang tokoloho jokong ea Baroma. Ba bangata ba lumela hore Jesu oa Nazaretha ke eena Molopolli eo e leng khale a letetsoe. O ’nile a bua ka ’Muso oa Molimo ka lilemo tse tharo le halofo. O phekotse ba kulang ’me o fepile ba lapileng. E, o tliselitse batho matšeliso. Empa baeta-pele ba bolumeli ba halefile ha Jesu a ba nyatsa ka matla ’me ba ikemiselitse ho mo bolaea. Empa, ke eo, a tsamaea ka boikemisetso a nyolosa tseleng e lerōle ka pel’a barutuoa ba hae.—Mareka 10:32.
Ha letsatsi le likela ka mor’a Thaba ea Mehloaare e ka pele, Jesu le balekane ba hae ba fihla motseng oa Bethani, moo ba tla ba teng ka masiu a tšeletseng a latelang. Metsoalle ea bona e ratehang Lazaro, Maria le Maretha ba moo ho ba amohela. Mantsiboea a khatholla batho leetong la mochesong ’me a tšoaea qaleho ea Sabatha ea la 8 Nisane.—Johanne 12:1, 2.
La 9 Nisane
Ka mor’a Sabatha, Jerusalema hoa phethesela. Baeti ba likete ba se ba bokane motseng bakeng sa Paseka. Empa morusu o lerata oo re o utloang o feta o tloaelehileng nakong ena ea selemo. Matšoele a ratang litaba a tsamaea ka potlako ho theosa literata tse patisaneng ho ea likeiting tsa motse. Ha a ntse a fohla batho a tsoela ka ntle ho likeiti tse subuhlellaneng, a bona pono e hlollang hakaakang! Batho ba bangata ba nyakaletseng ba theosa Thabeng ea Mehloaare tseleng e tsoang Bethfage. (Luka 19:37) See sohle se bolela’ng?
Bona! Jesu oa Nazaretha o tla a kaletse petsana ea esele. Batho ba ala liaparo tseleng e ka pel’a hae. Ba bang ba tsoka makala a palema a sa tsoa rengoa ’me ba hooa ka thabo: “Ho hlohonolofetse ea tlang ka lebitso la Jehova, eena morena oa Iseraele!”—Johanne 12:12-15.
Ha letšoele lena le atamela Jerusalema, Jesu o sheba motse ona ’me o amehile ka ho teba. O qala ho lla, ’me re mo utloa a bolela esale pele hore motse ona o tla timetsoa. Ha Jesu a fihla tempeleng nakoana hamorao, o ruta matšoele ’me o folisa batho ba foufetseng le ba holofetseng ba tlang ho eena.—Matheu 21:14; Luka 19:41-44, 47.
Sena se hlokomeloa ke baprista ba ka sehloohong le bangoli. Ba khopehile hakaakang ha ba bona lintho tse babatsehang tseo Jesu a li etsang le nyakallo ea matšoele! Bafarisi ba sa khone ho pata khalefo ea bona baa laela: “Mosuoe, khalemela barutuoa ba hao ka matla.” Jesu oa araba: “Kea le bolella, Haeba bana ba ne ba ka lula ba khutsitse, majoe a ne a tla hoeletsa.” Pele a tsamaea, Jesu o lemoha khoebo e etsoang ka tempeleng.—Luka 19:39, 40; Matheu 21:15, 16; Mareka 11:11.
La 10 Nisane
Jesu o fihla tempeleng esale hoseng. Ka la maobane, o ne a halefisitsoe ke khoebo e totobetseng e etsoang ka borapeli ba Ntate oa hae, Jehova Molimo. Ka lebaka leo, ka cheseho e khōlō, o qala ho phahla ba rekang le ba rekisang ka tempeleng. Joale o phethola litafole tsa ba ananyang chelete le libenche tsa ba rekisang maeba. Jesu oa hooa: “Ho ngoliloe, ‘Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo,’ empa le e etsa lehaha la masholu.”—Matheu 21:12, 13.
Baprista ba ka sehloohong, bangoli le banna ba ka sehloohong ba nena liketso tsa Jesu le thuto ea hae ea phatlalatsa. Ba labalabela ho mo bolaea hakaakang! Empa ba sitisoa ke letšoele hobane batho ba hloletsoe ke thuto ea Jesu ’me ba tsoela pele ho “mo manama ho mo utloa.” (Luka 19:47, 48) Ha mantsiboea a atamela, Jesu le balekane ba hae ba thabela ho tsamaea hamonate ba khutlela Bethani bakeng sa ho phomola hamolemo bosiu.
La 11 Nisane
Ke hoseng-seng, ’me Jesu le barutuoa ba hae ba se ba le tseleng e fetelang ka nģ’ane ho Thaba ea Mehloaare ho ea Jerusalema. Ha ba fihla tempeleng, baprista ba ka sehloohong le banna ba hōlileng ba potlakela ho hanyetsa Jesu. Se sa ntseng se le secha likelellong tsa bona ke ketso ea hae khahlanong le ba ananyang ka chelete le ba rekisetsang ka tempeleng. Lira tsa hae ka lonya lia botsa: “Ke ka matla afe a ho laela u etsang lintho tsee? ’Me ke mang ea ileng a u fa matla aa a ho laela?” Jesu oa araba: “Le ’na, ka sebele ke tla le botsa ntho e le ’ngoe. Haeba le mpolella eona, le ’na ka sebele ke tla le bolella hore na ke ka matla afe a ho laela ke etsang lintho tsena: Kolobetso ea Johanne, e ne e tsoa mohloling ofe? Leholimong kapa ho batho?” Bahanyetsi bana baa khobokana ’me baa buisana: “Haeba re re, ‘Leholimong,’ o tla re ho rōna, ‘Joale, ke hobane’ng ha le sa ka la mo lumela?’ Leha ho le joalo, haeba re re, ‘Ho batho,’ re tšaba bongata, kaha kaofela bo nka Johanne e le moprofeta.” Ba tsielehile, ba araba ka monyebe: “Ha re tsebe.” Jesu o araba a khobile matšoafo: “Le ’na ha ke le bolelle hore na ke ka matla afe a ho laela ke etsang lintho tsena.”—Matheu 21:23-27.
Lira tsa Jesu joale li leka ho mo qhekella hore a bue ntho e ’ngoe eo li ka etsang hore a tšoaroe ka lebaka la eona. Lia botsa: “Na ho lumelloa ke molao ho lefa lekhetho la hlooho ho Sesare kapa che?” Jesu oa araba: “Mpontšeng chelete ea tšepe ea lekhetho la hlooho.” Oa botsa: “Setšoantšo le mantsoe a ngotsoeng aa ke tsa mang?” Li re: “Tsa Sesare.” Jesu ha a li tsietsa o bolela ka ho hlaka hore bohle ba utloe o re: “Le lefe lintho tsa Sesare ho Sesare, empa lintho tsa Molimo ho Molimo.”—Matheu 22:15-22.
Ha a se a khutsisitse lira tsa hae ka mabaka a ke keng a hanyetsoa, joale Jesu ka matla o bontša ho nyatsa ha hae ka pel’a matšoele le barutuoa ba hae. Mamela ha ka ho hloka tšabo a nyatsa bangoli le Bafarisi. O re: “Le se ke la etsa ho ea ka liketso tsa bona, kaha baa bua empa ha ba etse.” Ka sebete o phatlalatsa letoto la bomalimabe holim’a bona, a ba tsebahatsa e le batataisi ba foufetseng le baikaketsi. Jesu o re: “Linoha, malinyane a bo-marabe, le tla balehela kahlolo ea Gehena joang?”—Matheu 23:1-33.
Ho nyatsa hona ho matla ha ho bolele hore Jesu ha a hlokomele litšoaneleho tse molemo tsa ba bang. Hamorao, o bona batho ba akhela chelete matloleng a polokelo ea matlotlo. Ho ama maikutlo hakaakang ho bona mohlolohali oa mofutsana a akhela sohle seo a phelang ka sona—licheletana tse peli tse theko e fokolang haholo! Ka kananelo e mofuthu, Jesu o hlokomelisa hore, ha e le hantle, o akhetse se fetang hōle se akhetsoeng ke bohle ba entseng menehelo e mengata “ho tsoa botlallong ba bona.” Qenehelong ea hae e mofuthu, Jesu o ananela ka ho teba eng kapa eng eo motho a khonang ho e etsa.—Luka 21:1-4.
Hona joale Jesu o tloha tempeleng ka lekhetlo la ho qetela. Barutuoa ba bang ba hae ba bua ka botle ba eona, hore e “khabisitsoe ka majoe a matle le lintho tse nehetsoeng.” Baa makala ha Jesu a araba tjena: “Matsatsi a tla tla ao ka ’ona ho seng lejoe le tla tloheloa holim’a lejoe le leng mona ’me le se ke la heletsoa.” (Luka 21:5, 6) Ha baapostola ba latela Jesu ha a tsoa motseng o subuhlellaneng, baa ipotsa hore na ekaba o ne a bolela’ng.
Ha e le hantle, hamoraonyana Jesu le barutuoa ba hae ba lula fatše ’me ba thabela khotso le khutso tsa Thaba ea Mehloaare. Ha ba ntse ba talimile botle ba Jerusalema le tempele, Petrose, Jakobo, Johanne le Andrease ba batla ho hlakisetsoa boprofeta ba Jesu bo tsotehang. Ba re: “Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?”—Matheu 24:3; Mareka 13:3, 4.
Ha a araba, Mosuoe e Moholo o fana ka boprofeta boo ka sebele bo tsotehang. O profeta lintoa, litšisinyeho tsa lefatše, likhaello tsa lijo le mafu a seoa. Jesu o boetse o bolela esale pele hore litaba tse molemo tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle. “Joale,” oa hlokomelisa, “ho tla ba le matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o be teng ho tloha tšimolohong ea lefatše ho fihlela joale, che, leha e le hore a tla ba teng hape.”—Matheu 24:7, 14, 21; Luka 21:10, 11.
Baapostola bana ba bane ba mamela ka hloko ha Jesu a ntse a tšohla likarolo tse ling tsa ‘pontšo ea ho ba teng ha hae.’ O hatisa tlhokahalo ea hore ‘ho luloe ho lebetsoe.’ Hobane’ng? O re: “Hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.”—Matheu 24:42; Mareka 13:33, 35, 37.
Lena e bile letsatsi le sa lebaleheng ho Jesu le baapostola ba hae. Ha e le hantle, ke letsatsi la ho qetela la tšebeletso ea Jesu ea phatlalatsa pele ho ho tšoaroa ha hae, nyeoe le lefu. Kaha nako e se e ile, ba khutlela morao ba tsamaea sebaka se sekhutšoanyane ho ea ka nģ’ane ho leralla ba lebile Bethani.
La 12 le la 13 Nisane
Jesu o qeta letsatsi la la 12 Nisane ka khutso le barutuoa ba hae. O hlokomela hore baeta-pele ba bolumeli ka tieo ba batla ho mo bolaea, ’me ha a batle ha ba mo thibela ho keteka Paseka mantsiboeeng a latelang. (Mareka 14:1, 2) Letsatsing le latelang, la la 13 Nisane, batho ba phathahane ba etsa litokisetso tsa ho qetela bakeng sa Paseka. Qalong ea motšehare oa mantsiboea, Jesu o roma Petrose le Johanne ho ea ba lokisetsa Paseka ka kamoreng e ka holimo Jerusalema. (Mareka 14:12-16; Luka 22:8) Pejana letsatsi le likela, Jesu le baapostola ba bang ba leshome ba kopana le bona moo bakeng sa mokete oa bona oa Paseka oa ho qetela.
La 14 Nisane, ka Mor’a Hore Letsatsi le Likele
Jerusalema ho lerootho ha khoeli e tolokileng e hlahella ka holim’a Thaba ea Mehloaare. Ka kamoreng e khōlō e nang le thepa, Jesu le ba 12 ba otlile ka lehlakore tafoleng e lokisitsoeng. O re: “Ke lakalitse haholo ho ja paseka ena le lōna pele ke utloa bohloko.” (Luka 22:14, 15) Ka mor’a nakoana baapostola ba makaletse ho bona Jesu a ema ’me a behella liaparo tsa hae tsa ka ntle ka thōko. Ha a nka thaole le sekotlolo sa metsi, o qala ho hlatsoa maoto a bona. Ke thuto e sa lebaleheng hakaakang ea tšebeletso e bontšang boikokobetso!—Johanne 13:2-15.
Leha ho le joalo, Jesu oa tseba hore e mong oa banna bana—Judase Iskariota—o se a lokiselitse ho mo eka ho baeta-pele ba bolumeli. Hoa utloahala hore ebe o tšoenyehile haholo. Oa senola: “E mong oa lōna o tla nkeka.” Baapostola ba saretsoe haholo ke sena. (Matheu 26:21, 22) Ka mor’a ho keteka Paseka, Jesu o bolella Judase: “Seo u se etsang se etse kapele haholoanyane.”—Johanne 13:27.
Hang ha Judase a tsamaile, Jesu o qalisa sejo sa ho ikhopotsa lefu la hae le atamelang. O nka bohobe bo sa lomosoang, oa leboha, oa bo qhetsola, ’me o laela ba 11 hore ba bo je. O re: “Sena se bolela ’mele oa ka oo ka sebele o tla fanoa molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” Joale o nka senoelo sa veine e khubelu. Ka mor’a ho leboha, o ba fetisetsa senoelo sena, a ba bolella hore ba noele ho sona. Jesu oa eketsa: “Sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka, ao ka sebele a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.”—Luka 22:19, 20; Matheu 26:26-28.
Mantsiboeeng ao a bohlokoa, Jesu o ruta baapostola ba hae ba tšepahalang lithuto tse ngata tsa bohlokoa, ’me har’a tsona o ba ruta bohlokoa ba lerato la bara ba motho. (Johanne 13:34, 35) O ba tiisetsa hore ba tla fumana “mothusi,” moea o halalelang. O tla ba hopotsa lintho tsohle tseo a ba boleletseng tsona. (Johanne 14:26) Hamorao mantsiboeeng ao, e tlameha ebe ba ile ba khothala haholo ha ba utloa Jesu a ba rapella ka tieo. (Johanne, khaolo ea 17) Ha ba qeta ho bina lipina tsa thoriso, ba tsoa ka kamoreng e ka holimo ’me ba latela Jesu ha a tsoela ka ntle moeeng o pholileng oa bosiu bo boholo.
Ha Jesu le barutuoa ba hae ba tšela Phula ea Kidrone, ba ea ho se seng sa libaka tseo ba li ratang haholo, serapa sa Gethsemane. (Johanne 18:1, 2) Ha baapostola ba hae ba ntse ba letile, Jesu o tsamaea sebaka se sekhutšoanyane ho ea rapela. Ho thata ho hlalosa khatello ea hae ea maikutlo ha ka tieo a kōpa thuso ho Molimo. (Luka 22:44) Se hlokofatsang ka ho fetisisa ke monahano oa nyeliso e neng e tla bokelloa ho Ntate oa hae oa leholimo haeba a ne a ka hlōleha.
Jesu o sa tsoa qeta ho rapela ha Judase Iskariota a fihla le letšoele le tšoereng lisabole, melamu le lirumula. “Lumela, Rabi!” Judase o rialo, ha a aka Jesu ka bonolo. Ena ke pontšo ea hore banna bao ba tšoare Jesu. Ka tšohanyetso, Petrose o hlatha ka sabole ea hae ’me o poma tsebe ea lekhoba la moprista ea phahameng. Ha Jesu a ntse a folisa tsebe ea monna eo, o re: “Khutlisetsa sabole ea hao sebakeng sa eona, kaha bohle ba nkang sabole ba tla timela ka sabole.”—Matheu 26:47-52.
Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahala kapele haholo! Jesu oa tšoaroa ’me oa tlangoa. Ka lebaka la tšabo le pherekano, baapostola ba siea Monghali oa bona ’me baa baleha. Jesu o isoa ho Anase, eo e neng e le moprista ea phahameng. Joale o isoa ho Kaifase, eo joale e leng moprista ea phahameng, hore a e’o qosoa. Lihoreng tsa hoseng, Sanhedrine e qosa Jesu ka bohata ka ho nyefola. Hamorao, Kaifase o etsa hore a isoe ho ’musisi oa Roma Ponse Pilato. O romela Jesu ho Heroda Antipase, ’musi oa Galilea. Heroda le balebeli ba hae ba soma Jesu. Joale o busetsoa ho Pilato. Pilato o tiisa hore Jesu ha a na molato. Empa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba mo hatella hore a ahlolele Jesu lefu. Ka mor’a ho rohakoa le ho shapuoa haholo, Jesu o isoa Golgotha moo a khokhotheloang thupeng ea tlhokofatso ka ho hloka mohau ’me o shoa lefu le bohloko.—Mareka 14:50–15:39; Luka 23:4-25.
E ka be e bile masisa-pelo a maholo historing hoja Jesu a shoela ruri. Hoa thabisa hore ebe ha hoa ka ha e-ba joalo. Ka la 16 Nisane, 33 C.E., barutuoa ba hae ba ne ba makaletse ho fumana hore o tsositsoe bafung. Ka mor’a nako e itseng, batho ba fetang 500 ba ile ba khona ho netefatsa hore Jesu o ne a boetse a phela. ’Me matsatsi a 40 ka mor’a tsoho ea hae, sehlopha sa balateli ba tšepahalang se ile sa mo bona a nyolohela leholimong.—Liketso 1:9-11; 1 Bakorinthe 15:3-8.
Bophelo ba Jesu le Uena
See se u ama joang—ha e le hantle, kaofela ha rōna? Ka sebele, tšebeletso ea Jesu, lefu la hae le tsoho li tlotlisa Jehova Molimo ’me ke tsa bohlokoa ho phethahaleng ha morero oa Hae o hlollang. (Bakolose 1:18-20) Ke tsa bohlokoahali ho rōna ka hore re ka tšoareloa libe motheong oa sehlabelo sa Jesu, kahoo re ka ba le kamano ea botho le Jehova Molimo.—Johanne 14:6; 1 Johanne 2:1, 2.
Esita le batho ba shoeleng baa ameha. Tsoho ea Jesu e bula tsela ea ho ba busetsa bophelong lefatšeng la Paradeise leo Molimo a le tšepisitseng. (Luka 23:39-43; 1 Bakorinthe 15:20-22) Haeba u batla ho tseba se eketsehileng ka lintho tse joalo, re u memela ho ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka la 11 April, 1998, Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova sebakeng sa heno.
[Lebokose le leqepheng la 6]
“Lehaha la Masholu”
JESU o ne a e-na le mabaka a mangata a ho bolela hore bahoebi ba meharo ba ne ba fetotse tempele ea Molimo “lehaha la masholu.” (Matheu 21:12, 13) Hore ba lefe lekhetho la tempele, Bajuda le basokolohi ba tsoang linaheng tse ling ba ne ba tlameha ho chencha chelete ea bona ea linaha lisele ba fumane chelete e loketseng. Bukeng ea hae ea The Life and Times of Jesus the Messiah, Alfred Edersheim o re batho ba ananyang chelete ba ne ba tloaetse ho etsa likhoebo tsa bona liprofinseng ka la 15 Adare, khoeli pele ho Paseka. Ho tloha ka la 25 Adare, ba ne ba tla sebakeng sa tempele e Jerusalema ho ithuisa ka tšubuhlellano e khōlō haholo ea Bajuda le basokolohi. Bahoebi ba ne ba etsa khoebo e atlehang, ba lefisa chelete e itseng bakeng sa chelete e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e ananyang. Ha Jesu a bua ka bona e le masholu, hoo ho bontša hore lichelete tseo ba neng ba li lefisa li ne li feta tekano, ha e le hantle, ba ne ba amoha mafutsana chelete.
Ba bang ba ne ba sa khone ho itlela le liphoofolo tsa sehlabelo. Mang kapa mang ea neng a ho etsa, phoofolo ea hae e ne e tlameha ho hlahlojoa ke mohlahlobi tempeleng—ka tefiso e itseng. Kaha ba bangata ba ne ba sa batle ho ikenya mathateng a hore phoofolo e se ke ea amoheloa ka mor’a hore ba tle le eona ba tloha sebakeng se hōle, ba ne ba reka e “amohetsoeng” ke Balevi ho bahoebi ba sa tšepahaleng tempeleng. Setsebi se seng se re: “Balemi ba bangata ba futsanehileng ba ne ba lefisoa ka ho feteletseng moo.”
Ho na le bopaki ba hore Anase eo e kileng ea e-ba moprista ea phahameng le lelapa la hae ba ne ba e-na le thahasello ea boithati ho bahoebi ba tempele. Mengolo ea Bo-rabi e bua ka “Lithekisetsano tse Etsetsoang [tempeleng] tsa bara ba Anase.” Chelete e tsoang ho batho ba ananyang chelete le thekisong ea liphoofolo mabaleng a tempele e ne e le mohloli o mong oa chelete eo ba e fumanang. Setsebi se seng se re ketso ea Jesu ea ho leleka bahoebi “e ne e sa hlasele feela botumo ba baprista empa e ne e hlasela mohloli oa chelete eo ba e fumanang.” Ho sa tsotellehe hore na lebaka e ne e le lefe, ka sebele lira tsa hae li ne li batla ho mo bolaea!—Luka 19:45-48.
[Chate e leqepheng la 4]
Matsatsi a ho Qetela a Bophelo ba Jesu e le Motho oa Nama
Nisane 33 C.E. Liketsahalo Motho e Moholo
ka ho Fetisisa*
La 7 Labohlano Jesu le barutuoa ba hae
ba tloha Jeriko ba ea
Jerusalema (La 7 Nisane le
lumellana le Sontaha, la
5 April, 1998, le hoja matsatsi
a Seheberu a ne a qala
mantsiboea a mang a fella ho
a latelang) 101, ser. 1
La 8 Labohlano
mantsiboea Jesu le barutuoa ba hae ba fihla
Bethani; Sabatha ea
qaleha 101, lir. 2-4
Moqebelo Sabatha (Mantaha, la 6 April, 1998)
101, ser. 4
La 9 Moqebelo
mantsiboea Lijong le Simone molepera; Maria o
tlotsa Jesu ka nareda; ba bangata ba
tsoang Jerusalema ba tlil’o bona le
ho utloa Jesu 101, lir. 5-9
Sontaha O kena Jerusalema ka tlhōlo;
o ruta ka tempeleng 102
La 10 Mantaha Leeto la ho ea Jerusalema esale
hoseng; o hloekisa tempele; Jehova
o bua a le leholimong 103, 104
La 11 Labobeli Jerusalema, o ruta tempeleng a
sebelisa lipapiso; o nyatsa Bafarisi;
o lemoha monehelo oa mohlolohali;
o fana ka pontšo ea ho ba teng ha
hae nakong e tlang 105 ho ea ho 112, ser. 1
La 12 Laboraro Letsatsi la ho ikhutsa le barutuoa
ba hae Bethani; Judase o lokisetsa
ho mo eka 112, lir. 2-4
La 13 Labone Petrose le Johanne ba lokisetsa
Paseka Jerusalema; Jesu le
baapostola ba bang ba leshome
baa latela motšehare oa mantsiboea
(Moqebelo, la 11 April, 1998)
112, ser. 5 ho ea ho 113, ser. 1
La 14 Labone mantsibo ea Mokete oa Paseka; Jesu
o hlatsoa baapostola ba hae
maoto; Judase o tsoela ka ntle
ho ea eka Jesu; Kreste o theha
Sehopotso sa lefu la hae
(Ka mor’a hore letsatsi le likele,
Moqebelo, la 11 April, 1998)
113, ser. 2 ho ea ho 117
Ka mor’a khitla Oa ekoa ebile oa tšoaroa serapeng
sa Gethsemane; baapostola baa
baleha; nyeoe ka pel’a moprista
ea ka sehloohong le Sanhedrine;
Petrose o latola Jesu 118 ho ea ho 120
Labohlano ho tloha ha letsatsi le chaba ho fihlela
ha le likelaO ka pel’a Sanhedrine
hape; o ea ho Pilato, hamorao ho
Heroda, a ntan’o khutlela ho Pilato;
o ahloleloa lefu; o khokhotheloa
thupeng; oa patoa 121 ho ea ho 127, ser. 7
La 15 Moqebelo Sabatha; Pilato o fana ka tumello
ea hore lebitla la Jesu le lebeloe 127, lir. 8-10
La 16 Sontaha Jesu o tsoha bafung 128
* Mona ho thathamisitsoe linomoro tse bontšang likhaolo tsa buka ea Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Bakeng sa chate e nang le litšupiso tsa Mangolo tse feletseng tsa tšebeletso ea ho qetela ea Jesu, bona “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” leqepheng la 290. Libuka tsena li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.