Buka ea Bibele ea 5—Deuteronoma
Mongoli: Moshe
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Mahoatateng a Moabe
Ho Ngoloa ho Phethiloe ka: 1473 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: Likhoeli tse 2 (1473 B.C.E.)
1. Ke lipotso life tse ka ’nang tsa botsoa mabapi le ho kena ha Iseraele Naheng e Tšepisitsoeng?
BUKA ea Deuteronoma e na le molaetsa o matla bakeng sa batho ba Jehova. Ka mor’a ho lelera lefeelleng ka lilemo tse 40, bara ba Iseraele joale ba eme lintšing tsa Naha e Tšepisitsoeng. Ke eng se larileng ka pele ho bona? Ke mathata afe a neng a ikhetha ao ba neng ba tla tobana le ’ona ka mose oane ho Jordane? Qetellong Moshe o ne a tla re’ng ho sechaba? Le rōna re ka ’na ra botsa, Ke hobane’ng ha ho le molemo ho rōna kajeno ho tseba likarabelo lipotsong tsee?
2. Deuteronoma ke ea bohlokoa ka tsela efe e ikhethang?
2 Likarabelo li ka fumanoa mantsoeng a builoeng ke Moshe ao a a tlalehileng bukeng ea bohlano ea Bibele, Deuteronoma. Le hoja boholo ba seo Deuteronoma e se phetang e le se tsoang libukeng tsa pejana, ke ea bohlokoa ka tsela ea eona e ikhethang. Hobane’ng? E eketsa khatiso molaetseng oa bomolimo, o fanoeng ka nako historing ea batho ba Jehova ha ba ne ba hlile ba hloka boeta-pele bo matla le tataiso e nepahetseng. Ba ne ba le haufi le ho kena Naheng e Tšepisitsoeng tlas’a moeta-pele e mocha. Ba ne ba hloka khothatso ea hore ba ee pele, ’me ka nako e tšoanang ba ne ba hloka temoso ea bomolimo hore ba tle ba khone ho nka tsela e nepahetseng e isang tlhohonolofatsong ea Jehova.
3. Moshe o hatisa eng ho theosa le Deuteronoma, ’me ke hobane’ng ha hoo e le habohlokoa ho rōna kajeno?
3 Ho lumellana le se hlokoang, Moshe o ile a susumetsoa ka matla ke moea oa Jehova ho etsa boipiletso bo tobileng ho Iseraele hore e be e utloang le e tšepahalang. Ho pholletsa le buka eohle, o hatisa hore Jehova ke Molimo o Holimo-limo, o hlokang boinehelo bo ikhethang le o lakatsang hore batho ba oona ba ‘o rate ka lipelo tsa bona tsohle le ka sephefumolohi sa bona kaofela le ka matla a bona ’ohle.’ Ke “Molimo oa melimo, le Morena oa marena, Molimo o moholo, o matla, o tšabehang, o sa talimeng tšobotsi ea motho, o sa amoheleng limpho.” Ha o mamelle bofetoheli. Ho o utloa ho bolela bophelo, ho se utloe, lefu. Taelo ea Jehova, joalokaha e fanoe ho Deuteronoma, e ne e mpa e le tokiso le keletso tseo Iseraele e neng e li hloka bakeng sa mesebetsi e boima e neng e larile ka pele ho eona. Hape ke mofuta oa keletso oo re o hlokang kajeno e le hore re tle re ’ne re tsamaee ka ho tšaba Jehova, re halaletse lebitso la hae ka hare ho lefatše le silafetseng.—Deut. 5:9, 10; 6:4-6; 10:12-22.
4. Lebitso Deuteronoma le bolela eng, hona morero oa buka ee ke ofe?
4 Lebitso lena Deuteronoma le tsoa sehloohong se phetolelong ea Septuagint ea Segerike, Deu·te·ro·noʹmi·on, le kopanyang deuʹte·ros, e bolelang, “ea bobeli,” le noʹmos, e bolelang “molao.” Ka lebaka leo le bolela “Molao oa Bobeli; Pheto ea Molao.” Sena se tsoa phetolelong ea Segerike ea poleloana ea Seheberu e ho Deuteronoma 17:18, mish·nehʹ hat·toh·rahʹ, eo ka nepo e fetoletsoeng e le ‘kopi ea molao.’ Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe se boleloang ke lebitso Deuteronoma, buka ena ea Bibele hase Molao oa bobeli leha e le hore ke pheto feela ea molao. Ho e-na le hoo, ke tlhaloso ea Molao, e khothalletsang Iseraele ho rata le ho utloa Jehova Naheng e Tšepisitsoeng eo ba neng ba tla kena ho eona haufinyane.—1:5.
5. Ke eng e pakang hore Moshe e ne e le mongoli oa Deuteronoma?
5 Kaha ona ke moqolo oa bohlano oa Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, mongoli e tlameha e be e ntse e le ea tšoanang le oa libuka tse ’nè tse ka pele, e leng, Moshe. Polelo e qalang e khetholla Deuteronoma e le “mantsoe ao Moshe a kileng a a bolella ba-Iseraele kaofela,” ’me lipolelo tsa morao, tse kang “Moshe a ngola molao ona” le “Moshe a ngola sefela sena,” ka ho hlakileng li paka hore ke eena ea e ngotseng. Lebitso la hae le hlaha ka makhetlo a ka bang 40 bukeng ena, hangata e le eena mong’a lipolelo tseo. Seemeli sa motho ea buang, e leng Moshe, se sebelisitsoe haholo. Litemana tse qetellang li ile tsa eketsoa ka mor’a lefu la Moshe, ’me ho ka etsahala hore li ekelitsoe ke Joshua kapa Eleazare moprista e moholo.—1:1; 31:9, 22, 24-26.
6. (a) Deuteronoma e akarelitse nako e kae? (b) Ke hoo e ka bang neng ha buka e ne e se e hlile e phethiloe?
6 Liketsahalo tsa Deuteronoma li etsahetse neng? Qalong, buka ka boeona e bolela hore “ka selemo sa mashome a mane, ka tsatsi le qalang khoeli ea leshome le motso o mong, Moshe a bolella bana ba Iseraele.” Ha ho phethoa tlaleho e ho Deuteronoma, buka ea Joshua e tsoela pele ka tlaleho eo ho tloha nakong ea matsatsi a mararo pele ho tšeloa Jordane, eo e neng e le “letsatsi la leshome la khoeli ea pele.” (Deut. 1:3; Josh. 1:11; 4:19) Hona ho siea nako ea likhoeli tse peli le beke e le ’ngoe bakeng sa liketsahalo tsa Deuteronoma. Leha ho le joalo, matsatsi a 30 a nako ea libeke tsena tse robong a ile a qetoa ho ntse ho lleloa lefu la Moshe. (Deut. 34:8) Hona ho bolela hore ha e le hantle e tlameha e be liketsahalo tsohle tsa Deuteronoma li etsahetse khoeling ea bo11 ea selemo sa bo40. Ho ea qetellong ea khoeli eo, ho ngoloa ha buka ena le hona e tlameha e be ho ile ha fela, ha lefu la Moshe le ne le tla tla mathoasong a khoeli ea bo12 ea selemo sa bo40, kapa mathoasong a 1473 B.C.E.
7. Ke eng e bontšang hore Deuteronoma ke tlaleho ea ’nete?
7 Bopaki bo seng bo fanoe ka bonnete ba libuka tsa pele tse ’nè tsa Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele bo boetse boa sebetsa ho Deuteronoma, buka ea bohlano. Hape ke e ’ngoe ea libuka tse ’nè ka Mangolong a Seheberu tse qotsoang hangata haholo ka Mangolong a Segerike a Bokreste, tse ling ke Genese, Lipesaleme, le Esaia. Lirapa tsena tse qotsitsoeng li 83, ’me ke libuka tse tšeletseng feela ka Mangolong a Segerike a Bokreste tse sa qotseng Deuteronoma.a
8. Ke bopaki bofe ba makhaola-khang bo entsoeng ke Jesu bo pakang hore Deuteronoma ke tlaleho ea ’nete?
8 Jesu ka boeena o fana ka bopaki bo matla bo tšehetsang Deuteronoma. Qalong ea tšebeletso ea hae, o ile a lekoa ka makhetlo a mararo ke Diabolose, ’me ka makhetlo a mararo o ile a arabela ka ho re, “ho ngoliloe.” Ho ngotsoe hokae? Bukeng ea Deuteronoma (8:3; 6:16, 13), eo Jesu a e qotsitseng e le mohloli oa hae oa matla o bululetsoeng: “Motho o tlameha ho phela, eseng ka bohobe feela, empa ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang molomong oa Jehova.” “U tlameha hore u se ke ua leka Jehova Molimo oa hao.” “Ke Jehova Molimo oa hao eo u tlamehang ho mo rapela, ’me u tlameha ho nehelana ka tšebeletso e halalelang ho eena feela.” (Matt. 4:1-11, NW) Hamorao, ha Bafarisi ba tlil’o mo leka ka litaelo tsa Molimo, Jesu o ile a arabela ka ho qotsa ‘molao o moholo oa pele’ ho Deuteronoma 6:5. (Matt. 22:37, 38; Mar. 12:30; Luka 10:27) Bopaki ba Jesu ka ho khaolang khang bo hatisa hore Deuteronoma ke tlaleho ea ’nete.
9. Ke bopaki bofe bo hlahang ka ntle bo tšehetsang Deuteronoma?
9 Ho feta moo, liketsahalo le lipolelo tse bukeng ena li tšoanela boemo le se potolohileng histori hantle. Likarolo tse buang ka Egepeta, Kanana, Amaleke, Ammone, Moabe, le Edomo lia tšepahala ntlheng ea linako, le mabitso a libaka a boletsoe ka nepo.b Thuto ea boepolli ba lintho tsa khale e tsoela pele ho hlahisa leseling bopaki bo bongata mabapi le botšepehi ba mangolo a Moshe. Henry H. Halley oa ngola: “Morao tjena thuto ea boepolli ba lintho tsa khale e ’nile ea bua haholo hoo e hlahisang karabelo e tiileng mabapi le pono ea khale [ea hore Moshe o ngotse Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele]. Khopolo ea hore ho ngola ho ne ho sa tsejoe mehleng ea Moshe e felile ka ho felletseng. ’Me selemo le selemo Egepeta, Palestina le Mesopotamia, ho chekoa bopaki, ba mongolo le ba mekato ea mobu, ba hore litlhaloso tse qaqileng tsa [Mangolo a Seheberu] ke litlaleho tsa ’nete tsa histori. ’Me ‘botsebi’ bo entse qeto ea ho hlompha haholoanyane neano ea hore Moshe ke eena mongoli.”c Kahoo, le bopaki bo tsoang ka ntle bo tšehetsa Deuteronoma, hammoho le Libuka tse ling tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, e le tlaleho ea sebele le ea ’nete e entsoeng ke moprofeta oa Molimo Moshe.
LITABA TSE KA HARE TSA DEUTERONOMA
10. Deuteronoma e entsoe ka eng?
10 Buka ena boholo e entsoe ka letoto la lipuo tseo Moshe a faneng ka tsona ho bara ba Iseraele Mahoatateng a Moabe mabapa le Jeriko. Ea pele ho tsena e fella ho khaolo 4, ea bobeli e tsoela pele ho ea qetellong ea khaolo 26, ea boraro e tsoela pele ho ea fihla ho khaolo 28, ’me puo e ’ngoe e tsoela pele ho ea qetellong ea khaolo 30. Joale, ka mor’a hore Moshe a etse litokisetso tsa ho qetela ka lebaka la ho atamela ha lefu la hae, ho akarelletsa ho laela Joshua ho ba mohlahlami oa hae, o tlaleha pina e ’ngoe e monate haholo e rorisang Jehova, e lateloang ke tlhohonolofatso melokong ea Iseraele.
11. Moshe o kenyelletsa puo ea hae ea pele joang?
11 Puo ea pele ea Moshe (1:1–4:49). Ena e fana ka kenyelletso ea histori ho se latelang. Pele Moshe o hlahloba tšebelisano e tšepahalang ea Jehova le batho ba Hae. Moshe o ba bolella hore ba kene ’me ba ithuele naha e tšepisitsoeng bo-ntat’a bona moholo Abrahama, Isaaka le Jakobo. O pheta kamoo Jehova a ileng a hokahanya tšebetso ea sechaba sena sa puso ea Molimo qalong ea leeto le boima lefeelleng ka hore a re Moshe a khethe banna ba bohlale, ba masene, le ba nang le phihlelo ho sebetsa e le balebeli ba likete, ba makholo, ba mashome a mahlano, le ba mashome. Ho bile le tlhophiso e babatsehang, e lebetsoeng ke Jehova, ha Iseraele e ntse e “tsamaea le nahathothe eane kaofela e kholo, e tšabehang.”—1:19.
12. Ke liketsahalo life tse potolohileng ho hloela Kanana ka lekhetlo la pele tseo a li hopolang hape?
12 Joale Moshe o hopola sebe sa bona sa borabele ha ba ne ba utloa tlaleho ea lihloela tse khutlang Kanana ’me ba belaela ka hore Jehova o ba hloile hobane, ba ne ba qosa, O ba ntšitse Egepeta hore feela a tl’o ba lahla kherehloa har’a Baamore. Ka lebaka la ho haelloa ke tumelo ha bona, Jehova o ile a bolella moloko oo o khopo hore ha ho le ea mong oa bona, ntle le Kalebe le Joshua, ea neng a tla bona naha e ntle. Ho sena ba boetse ba itšoara ka borabele, ba halefa ’me ba itherela ho ea hlasela sera, empa phello e-ba hore Baamore ba ba lelekise joaloka mohlape oa linotši le ho ba hasanya.
13. Moshe o ile a tiisetsa Joshua hore o tla fumana tlhōlo motheong ofe?
13 Ba tsamaea lefeelleng ba lebile tlaase ka ’nģa ea Leoatle le Lefubelu, ’me ka lilemo tse 38, moloko oohle oa banna ba ntoa oa shoa. Eaba Jehova o ba laela hore ba tšele ’me ba rue naha e ka leboea ho Arnone, a re: “Kajeno, ke tla qala ho tšollela lichaba tse ka tlas’a leholimo lohle tšoho le tšabo ea hao; etlere ha li utloa botumo ba hao, li thothomele, ’me li tsielehe pel’a hao.” (2:25) Sihone le naha ea hae ba ile ba oela ho Baiseraele, eaba joale ’muso oa Oge oa haptjoa. Moshe o ile a tiisetsa Joshua hore Jehova o ne a tla loanela Iseraele ka tsela e tšoanang leo a ileng a hlōla mebuso eohle ka eona. Eaba Moshe o kōpa Molimo hore na ho ne ho ka khoneha hore a fetele naheng e ntle e ka mose ho Jordane, empa Jehova a ’na a tsoela pele ho hana taba ena, a ’molella hore a rome, a khothatse le ho matlafatsa Joshua.
14. Ke khatiso efe eo Moshe a e beang Molaong oa Molimo le holim’a boinehelo bo ikhethang?
14 Joale Moshe o bea khatiso e khōlō holim’a Molao oa Molimo, o lemosa khahlanong le ho eketsa kapa ho fokotsa litaelo tsa Oona. Ho hloka kutlo ho tla tlisa tlokotsi: “Feela, u iponele, ’me u lebele moea oa hao haholo, u tle u se ke ua lebala litaba tseo mahlo a hao a li boneng, ’me li se ke tsa tsoa pelong ea hao le ka letsatsi le le leng la ho phela ha hao. Hape, u li phetele bana ba hao le bana ba bana ba hao.” (4:9) Ha ho sebōpeho seo ba se boneng ha Jehova a ba bolella Mantsoe a Leshome tlas’a maemo a tšabehang Horebe. E tla ba tšenyeho ho bona haeba joale ba tla retelehela borapeling ba melimo ea bohata le borapeling ba litšoantšo, hobane, joalokaha Moshe a bolela, “Jehova Molimo oa hao ke mollo o timetsang, Molimo o batlang boinehelo bo ikhethang.” (4:24, NW) Ke Eena ea ileng a rata bo-ntat’a bona moholo le ea ba khethileng. Ha ho Molimo o mong maholimong a holimo kapa lefatšeng ka tlaase. Moshe oa khothatsa, Mo utloe, “u tle u atise litšiu tsa hao ka ho sa feleng lefatšeng leo Jehova, Molimo oa hao, a u neang lona.”—4:40.
15. Ke tokisetso efe e etsoang bakeng sa metse ea setšabelo ka bochabela ho Jordane?
15 Hoba Moshe a qetelle puo ena e matla, o tsoela pele ho arola Bezere, Ramothe, le Golane e le metse ea setšabelo ka bochabela ho Jordane.
16. Puo ea bobeli ea Moshe e hatisa eng?
16 Puo ea bobeli ea Moshe (5:1–26:19). Ena ke pitso e eang ho Iseraele hore e utloe Jehova, ea ileng a bua le bona ba talimane Sinai. Hlokomela kamoo Moshe a boetseng a pheta Molao ona o nang le litokiso tse ling tse hlokahalang, kahoo o fetoloa hore o lokele bophelo ba bona bo bocha ka mose ho Jordane. Hase feela ho phetoa ha litaelo le melao. Lentsoe le leng le le leng le bontša hore pelo ea Moshe e tletse cheseho le boinehelo ho Molimo oa hae. O buella bophelo ba sechaba sena. Puong eohle ho hatisoa ho utloa Molao—ho utloa ho tlohang pelong e ratang e seng ka ho qobelloa.
17. Iseraele e tlameha ho bontša lerato leo Jehova a e bontšitseng lona joang?
17 Pele, Moshe o pheta Mantsoe a Leshome, Melao e Leshome, ’me o bolella Iseraele hore e e utloe, e se ke ea khelohela ka ho le letona kapa ka ho le letšehali, e le hore ba lelefatse matsatsi a bona naheng eo le hore ba be bangata haholo. “Utloa, Iseraele! Molimo oa rōna ke Jehova, Jehova a ’notši.” (6:4) Pelo, sephefumolohi, le matla li tlameha ho lebisoa ho Mo rateng, ’me Iseraele e tlameha ho ruta bara ba eona le ho ba bolella ka lipontšo tse khōlō le mehlolo eo Jehova a e entseng Egepeta. Ha hoa lokela ho ba le lilekane tsa manyalo le Bakanana ba rapelang litšoantšo. Jehova o khethile Iseraele hore e be thepa ea hae e khethehileng, eseng hobane ba le bangata, empa hobane a ba rata ’me a tla boloka polelo e hlapanyelitsoeng eo a e entseng le bo-ntat’a bona moholo. Iseraele e tlameha ho qoba leraba la bolumeli ba bademona, ho senya litšoantšo naheng eo, le ho itšoarella ka Jehova, ruri ke “Molimo o moholo, o tšabehang.”—7:21.
18. Moshe o khothalletsa hore Baiseraele ba itebele khahlanong le eng?
18 Jehova o ile a ba kokobetsa ka lilemo tse 40 lefeelleng, a ba ruta hore motho ha a phele ka manna kapa bohobe, empa ka polelo e ’ngoe le e ’ngoe ea molomo oa Jehova. Nakong ea lilemo tseo tsohle tsa tokiso, liphahlo tsa bona ha lia ka tsa taboha, leha e le hore maoto a bona a kile a ruruha. Joale ba haufi le ho kena naheng e ruileng le ea nala! Leha ho le joalo, ba tlameha ho itebela khahlanong le maraba a lintho tse bonahalang le ho itokafatsa ’me ba hopole hore Jehova ke ‘eena ea fanang ka matla a ho rua lintho tseo’ le ea amohang lichaba tse khopo leruo. (8:18) Joale Moshe o pheta makhetlo ao Iseraele e ileng ea qholotsa Molimo ka oona. Ba tlameha ho hopola kamoo bohale ba Jehova bo ileng ba ba tukela lefeelleng, ka seoa le ka mollo le ka polao! Ba tlameha ho hopola borapeli ba bona bo senyang ba namane ea gauda, bo ileng ba tlisa bohale bo chesang ba Jehova le ho etsoa ha matlapa a Molao bocha! (Ex. 32:1-10, 35; 17:2-7; Num. 11:1-3, 31-35; 14:2-38) Ka sebele joale ba tlameha ho sebeletsa le ho khomarela Jehova, ea ba ratileng ka baka la bo-ntat’a bona le ea ba entseng ba joaloka “bongata bo ka ka linaleli tsa leholimo.”—Deut. 10:22.
19. Ke khetho efe e boletsoeng ka ho hlaka, ’me ke melao efe e thathamiselitsoeng sechaba?
19 Iseraele e tlameha ho boloka “litaelo tsohle,” ’me ntle ho phoso ba tlameha ho utloa Jehova, ba mo rate e le Molimo oa bona le ho mo sebeletsa ka lipelo tsohle tsa bona le ka liphefumolohi tsohle tsa bona. (11:8, 13) Jehova o tla ba tšehetsa le ho ba putsa haeba ba mo utloa. Leha ho le joalo, ba tlameha ho ikitlaetsa ’me ba rute bara ba bona ka matla. Khetho e ka pel’a Iseraele e boletsoe ka ho hlaka: Kutlo e isa tlhohonolofatsong, ho se utloe ho isa thohakong. Ba tlameha hore ba se ke ba “latela melimo esele.” (11:26-28) Joale Moshe o thathamisa melao e tobileng e amang Iseraele ha ba kena moo ho rua Naha e Tšepisitsoeng. Ke (1) melao e amang bolumeli le borapeli; (2) melao e amanang le tsamaiso ea toka, puso, le ntoa; le (3) melao e laolang bophelo ba botho le ba tulisano ea sechaba.
20. Ke lintlha life tse totobatsang melao mabapi le borapeli?
20 (1) Bolumeli le borapeli (12:1–16:17). Ha Baiseraele ba kena naheng eo, moneketsela o mong le o mong oa bolumeli ba bohata—libaka tsa bona tse phahameng, lialetare, lipilara, lipalo tse halalelang, le litšoantšo—o tlameha ho felisoa ka ho felletseng. Iseraele e tlameha ho rapela feela sebakeng seo Jehova Molimo oa bona a khethang ho bea lebitso la hae ho sona, mono ba tlameha ho mo thabela, kaofela ha bona. Litaelo tsa ho jeoa ha nama le mahlabelo li akarelletsa likhopotso tse pheta-phetoang tsa hore ba tlameha hore ba se je mali. “Feela u iponele, u se ke ua ja mali . . . U se ke ua a ja, u tle u iketle, uena, le bana ba hao ka [mor’a] hao, ha u ntse u etsa se lokileng pel’a Jehova.” (12:16, 23-25, 27; 15:23) Joale Moshe o nyatsa borapeli ba litšoantšo phatlalatsa. Iseraele e tlameha hore le ho botsa feela e se ke ea botsa ka litsela tsa bolumeli ba bohata. Haeba moprofeta a pakiloe e le oa bohata, o tlameha ho bolaoa, le bakoenehi—esita le beng ka motho ba ratehang kapa motsoalle, e, esita le metse kaofela—ka ho tšoanang e tlameha ho neheloa thipitlo. Ho latela litaelo tse holim’a bohloeki le lijo tse litšila, ho lefshoa ha karolo ea leshome, le tlhokomelo ea Balevi. Lithahasello tsa ba alimiloeng, ba futsanehileng, le makhoba a botlamuoeng li tlameha ho sireletsoa ka lerato. Qetellong, Moshe o boela a hlahloba mekete ea selemo le selemo e le linako tsa ho leboha Jehova bakeng sa tlhohonolofatso ea hae: “Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pel’a Jehova, Molimo oa hao, nģalong eo a tla e khetha; mohl’a mokete oa Mahobe a sa lomosoang, le mohl’a mokete oa Liveke, le mohl’a mokete oa Metlotloane: ba se ke ba itlhahisa pel’a Jehova ba le feela.”—16:16.
21. Ho fanoe ka melao efe e amanang le toka, ’me Moshe o bolela boprofeta bofe ba bohlokoa?
21 (2) Toka, puso, le ntoa (16:18–20:20). Pele ho tsohle, Moshe o fana ka melao e amang baahloli le basebeletsi. Toka ke ntho ea bohlokoa, litjotjo le kahlolo e sokamisitsoeng ke lintho tse hloiloeng ke Jehova. Mekhoa ea ho fumana bopaki le ho tšoara linyeoe tsa molao e thathamisitsoe. “Ea tšoaneloang ke lefu, a bolaoe ka melomo ea lipaki tse peli, kapa tse tharo.” (17:6) Melao e beiloe mabapi le marena. Ho entsoe tokisetso bakeng sa baprista le Balevi. Tšebelisano le meea e thibetsoe e le “manyala ho Jehova.” (18:12) Moshe, a talimile hōle nakong e tlang, oa phatlalatsa: “Jehova, Molimo oa hao, o tla u hlahisetsa moprofeta ea tsoang ha eno, har’a banab’eno ea joale ka ’na; le tla utloa eena.” (18:15-19) Leha ho le joalo, moprofeta oa bohata o tlameha ho shoa. Karolo ena e qetella ka melao e mabapi le metse ea setšabelo le ho pheteletsa mali, hammoho le litšoaneleho bakeng sa ho behelloa ka thōko sesoleng le melaoana ea ntoa.
22. Ho buisanoa ka Melao efe e laolang litaba tsa botho le tsa sechaba?
22 (3) Bophelo ba botho le ba sechaba (21:1–26:19). Melao e amang bophelo ba letsatsi le letsatsi ba Baiseraele e beiloe litabeng tse kang ha motho a fumanoa a bolailoe, ho nyala basali ba botlamuoeng, tokelo ea letsibolo, mora oa lerabele, ho fanyehoa ha senokoane thupeng, bopaki ba boroetsana, litlōlo tsa botona kapa botšehali, ho faola, bara ba matšeo, tšoaro ea basele, bohloeki, ho lefshoa ha phaello le likano, tlhalo, ho koetela, likalimo, meputso, le ho khoahlapisa. Moeli oa ho otla motho ke lithupa tse 40. Poho ha ea lokela ho tlangoa molomo ha e pola. Ho beiloe kemiso ea lenyalo la ho kenela. Litekanyo tse nepahetseng li tlameha ho sebelisoa, hobane ho hloka toka ke manyala ho Jehova.
23. Moshe o bontša hore ho tla hlaha eng ha batho ba Molimo ba utloa litaelo tsa Oona?
23 Pele Moshe a phetha puo ena e chesehang, o hopola kamoo Amaleke a ileng a otla Baiseraele ba tepelletseng a ba hlaha ka morao ha ba baleha Egepeta, ’me Moshe o laela Iseraele hore e “hlakole lebitso la ba-Amaleke tlas’a leholimo.” (25:19) Ha ba kena naheng eo, ba tlameha ho nyehela lilopotsiea tsa mobu oo ka thabo, hape ba tlameha ho nyehela karolo ea leshome ka thapelo ea teboho ho Jehova: “Talima, u le maholimong, nģalong ea hao ea bokhethehi ba hao, ’me u hlohonolofatse sechaba sa hao sa Iseraele, le lefatše leo u re neileng lona, joale ka ha u anetse bo-ntat’a rōna, e leng lefatše le kollang lebese le linotši.” (26:15) Haeba ba phetha litaelo tsena ka lipelo tsohle tsa bona le liphefumolohi tsohle tsa bona, Jehova eena, o tla ‘ba holisa, a ba phahamise ka poko, ka botumo le ka khanya ho feta lichaba tsohle tsee a li entseng, ’me e be sechaba se khethetsoeng Jehova, Molimo oa hao, joale ka ha a boletse.’—26:19.
24. Ke litlhohonolofatso le lithohako life tseo puo ea boraro e li beang ka pel’a Iseraele?
24 Puo ea boraro ea Moshe (27:1–28:68). Puong ena banna ba hōlileng ba Iseraele le baprista ba kopane le Moshe ha a pheta halelele lithohako tsa Jehova bakeng sa ho se utloe le mahlohonolo bakeng sa ho tšepahala. Ho fanoa ka litemoso tsa tlokotsi mabapi le liphello tse tšabehang tsa ho hloka botšepehi. Haeba Baiseraele joaloka sechaba sa hae se halalelang ba ntse ba mamela lentsoe la Jehova Molimo oa bona, ba tla thabela mahlohonolo a babatsehang, ’me lichaba tsohle tsa lefatše li tla bona hore ba bitsoa ka lebitso la Jehova. Leha ho le joalo, haeba ba hlōleha ho sena, Jehova o tla ba romela “thohako, letsoso, le tšoenyo.” (28:20) Ba tla otloa ka lefu le nyonyehang, ka komello, le ka tlala; lira tsa bona li tla ba lelekisa ’me li ba etse makhoba, ’me ba tla qhalakanngoa ’me ba felisoe naheng eo. Lithohako tsena, le tse ling tse eketsehileng li tla tla haeba ba “sa itise ho etsa ka lipolelo tsohle tsa molao ona, tse ngoliloeng bukeng ena, ’me ha [ba] sa tšabe lebitso leo le khanyang, le tšabehang, la Jehova, Molimo oa [bona].”—28:58.
25. (a) Joale Jehova o thea selekane sefe le Iseraele? (b) Ke khetho efe eo Moshe a e beang ka pel’a sechaba?
25 Puo ea bone ea Moshe (29:1–30:20). Joale Jehova o thea selekane le Iseraele Moabe. Sena se akarelletsa Molao, joalokaha o boletsoe hape oa ba oa hlalosoa ke Moshe, o tla tataisa Iseraele ha e kena Naheng e Tšepisitsoeng. Kano e tiileng hammoho le selekane li ne li bontša ho teba ha boikarabelo ba sechaba. Qetellong, Moshe o bitsa maholimo le lefatše hore e be lipaki ha a bea ka pele ho sechaba bophelo le lefu, tlhohonolofatso le thohako, ’me a khothatsa: “Ikhethele bophelo, u tle u phele, uena, le litloholo tsa hao; u tle u rate Jehova, Molimo oa hao, u utloe lentsoe la hae, ’me u mo khomarele; hobane ke eena bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao, u tle u ahe lefatšeng leo Jehova a anetseng bo-ntat’ao, Abrahama, Isaaka le Jakobo, hore o tla ba nea lona.”—30:19, 20.
26. Moshe o etsa litokisetso life tsa ho qetela pele ho lefu la hae?
26 Ho rongoa ha Joshua, le pina ea Moshe (31:1–32:47). Khaolo 31 e pheta kamoo, ka mor’a ho ngola Molao le ho fana ka litaelo mabapi le ho baloa ha oona ka mehla phatlalatsa, Moshe a romang Joshua, a mo bolella hore a be sebete le ho ba matla, le kamoo joale Moshe a lokisetsang pina ea sehopotso le ho phethela ho ngoloa ha mantsoe a Molao le ho lokisetsa hore a tle a beoe lehlakoreng la areka ea selekane sa Jehova. Ka morao ho moo, Moshe o bolella phutheho eohle mantsoe a pina ena e le khothatso ea ho qetela.
27. Ke molaetsa ofe o matla o fuperoeng ke pina ea Moshe?
27 Pina ea Moshe e qala ka mokhoa o bontšang kananelo hakaakang, e khetholla Mohloli o khathollang oa taelo ea hae! “Thuto ea ka e tla rotha joale ka pula; lipolelo tsa ka li tla qhitsa joale ka phoka, li be joale ka pula e tšesane e kolobisang joang bo bocha, le joale ka marotholi a nelang joang. Hobane ke tla bolela lebitso la Jehova.” E, lebisa boholo ho “Molimo oa rōna,” “Lefika.” (32:2-4) Tsebahatsa tšebetso ea hae e phethahetseng, litsela tsa hae tsa toka, le ho tšepahala ha hae, ho loka ha hae le bokhabane ba hae. E bile ho hlabisang lihlong hore e be Iseraele e ile ea itšenya, le hoja Jehova a ile a ba sireletsa lehoatateng le se nang letho le feela, a ba sireletsa joaloka thaka ea leihlo la hae ’me a ba okaokela joaloka ntsu holim’a malinyane a eona. O ile a nontša sechaba sa hae, a se bitsa Jeshurune, “Ea Khabane,” empa ba mo boulelisa ka melimo esele ’me ba fetoha “bana ba ke keng ba tšepjoa.” (32:20) Phetetso le puseletso ke tsa Jehova. Oa timetsa ebile oa phelisa. Ha a leotsa sabole ea hae e benyang ’me letsoho la hae le tšoara kahlolo, ka sebele o tla iphetetsa ho lira tsa hae. Hoo ho lokela ho susumetsa tšepo e kaakang ho batho ba hae! Joalokaha pina ha e fihla tlhōrōng e re, ke nako ea ho ‘etsa litlatse tsa thabo, lōna lichaba, hammoho le sechaba sa hae.’ (32:43) Ke seroki sefe sa lefatše se ka atamelang botle bo phahameng, matla le botebo ba se boleloang ke pina ee e eang ho Jehova?
28. Jehova o tlotlisitsoe joang tlhohonolofatsong ea ho qetela ea Moshe?
28 Tlhohonolofatso ea ho qetela ea Moshe (32:48–34:12). Moshe joale o filoe litaelo tsa ho qetela mabapi le lefu la hae, empa ha a e-s’o qete ka tšebeletso ea hae ea puso ea Molimo. Pele, o tlameha ho hlohonolofatsa Iseraele, ’me ka ho etsa joalo, o boetse o phahamisa Jehova, Morena oa Jeshurune, e le ea phatsimang a e-na le limiriade tsa hae tse halalelang. Ho ea ka mabitso a meloko, moloko ka mong o amohela tlhohonolofatso, ’me joale Moshe o rorisa Jehova e le ea khanyang: “Molimo oa ka mehla ke setšabelo sa hao, ’me matsoho a sa feleng a ka tlas’a hao.” (33:27) Ho tloha pelong e tletseng kananelo, joale o bua mantsoe a hae a ho qetela le sechaba: “U ithaba hakaakang, Iseraele! Ke mang ea kang uena moo, sechaba se thabelang pholoho ho Jehova?”—33:29, NW.
29. Moshe o ne a ikhetha ka litsela life?
29 Ka mor’a hore Moshe a talime Naha e Tšepisitsoeng a le Thabeng ea Nebo, oa shoa, ’me Jehova o mo pata Moabe, ’me lebitla la hae ha le tsejoe ebile ha le hlomphuoe ho tla fihlela kajeno. O ile a phela a ba a ba lilemo li 120, empa “mahlo a hae a na a e-so ho fifale; ’me matla a hae a na a e-so ho kokobele.” Jehova o ne a ile a mo sebelisa ho etsa lipontšo tse khōlō le mehlolo e meholo, ’me joalokaha khaolo ea ho qetela e tlaleha, “ha hoa ka ha boela ha e-ba moprofeta Iseraeleng ea joale ka Moshe, eo Jehova a mo tsebileng, sefahleho se talimane le sefahleho.”—34:7, 10.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
30. Deuteronoma e fana ka qetello e loketseng joang Libukeng tse Hlano tse Qalang tsa Bibele?
30 Deuteronoma, e le buka ea ho qetela ea Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, e hokahanya hammoho tsohle tse tlileng pele ho eona ka ho phatlalatsa le ho halaletsa lebitso le leholo la Jehova Molimo. Ke oona feela Molimo, o batlang boinehelo bo ikhethang le o sa mamelleng ho hlōlisana le melimo ea bademona ea borapeli ba bolumeli ba bohata. Kajeno, Bakreste bohle ba tlameha ho ela hloko ka ho fetisisa melao-motheo e meholo e totobatsang molao oa Molimo le ho o utloa e le hore ba ka lokoloha thohakong ea oona ha o leotsa sabole ea oona e benyang bakeng sa ho phethahatsa kahlolo ea ho iphetetsa holim’a lira tsa oona. Taelo ea oona e khōlō ebile e le ea pele e tlameha ho ba pontšo e ba tataisang bophelong ba bona: “U tlameha ho rata Jehova Molimo oa hao ka pelo eohle ea hao le ka sephefumolohi sohle sa hao le ka matla ’ohle a hao a bohlokoa.”—6:5, NW.
31. Mangolo a mang a bululetsoeng a qotsa ho Deuteronoma joang ho hōlisa kananelo mererong ea Molimo?
31 Karolo e ’ngoe kaofela ea Mangolo hangata e supa ho Deuteronoma ho hōlisa kananelo bakeng sa merero ea bomolimo. Ho ekelletsa ho seo Jesu a se qotsitseng ha a arabela Moleki, o ile a etsa litšupiso tse ling tse ngata. (Deut. 5:16—Matt. 15:4; Deut. 17:6—Matt. 18:16 le Joh. 8:17) Tsena li tsoela pele ho kena ho Tšenolo, moo Jesu ea tlotlisitsoeng a qetellang a lemositse khahlanong le ho eketsa kapa ho fokotsa moqolong oa boprofeta ba Jehova. (Deut. 4:2—Tšen. 22:18) Petrose o qotsa Deuteronoma ho rarolla khang ea hae e matla ea hore Jesu ke Kreste le hore ke Moprofeta ea fetang Moshe eo Jehova a tšepisitseng ho mo phahamisa Iseraeleng. (Deut. 18:15-19—Lik. 3:22, 23) Pauluse o qotsa ho eona ha a bua ka meputso bakeng sa basebetsi, phuputso e batsi ka melomo ea lipaki, le ho rutoa ha bana.—Deut. 25:4—1 Ba-Kor. 9:8-10 le 1 Tim. 5:17, 18; Deut. 13:14 le 19:15—1 Tim. 5:19 le 2 Ba-Kor. 13:1; Deut. 5:16—Ba-Ef. 6:2, 3.
32. Ke lintlheng life moo Joshua, Gideone, le baprofeta e leng mehlala e metle ho rōna?
32 Hase bangoli ba Mangolo a Bokreste feela empa le bahlanka ba Molimo ba mehleng ea pele ho Bokreste ba fumane thuto le khothatso ho Deuteronoma. Re etsa hantle ha re latela mohlala oa bona. Nahana ka kutlo e felletseng ea mohlahlami oa Moshe, Joshua, ka ho nehela metse e hapiloeng thipitlong ha ba futuhetse Kanana, ba sa inkele thepa e hapiloeng joaloka Akane. (Deut. 20:15-18 le 21:23—Josh. 8:24-27, 29) Ho tlosa ha Gideone ‘ba tšabang le ba tepeletseng’ lebothong la hae e ne e le ho utloa Molao. (Deut. 20:1-9—Baahl. 7:1-11) E bile ka lebaka la ho tšepahala molaong oa Jehova moo baprofeta Iseraeleng le Juda ba ileng ba bua ka ho tiea le ka sebete ha ba nyatsa lichaba tse hlephileng boitšoarong. Amose e fana ka mohlala o babatsehang oa sena. (Deut. 24:12-15—Amose 2:6-8) Ka sebele, ho na le mehlala e makholo-kholo e kopanyang Deuteronoma le karolo eohle ea Lentsoe la Molimo, kahoo e bontša hore ke karolo ea bohlokoa le e molemo e lumellanang le lona kaofela.
33. (a) Deuteronoma e hlahisa thoriso e eang ho Jehova joang? (b) Lethathamo le latelang le bontša eng mabapi le ho hlokomela ha lichaba tsa lefatše melao-motheo ea molao oa Molimo?
33 ’Moko-taba oa Deuteronoma o hlahisa thoriso e eang ho Molimo o Phahameng ka ho Fetisisa, Jehova. Ho theosa le eona ea hatisa: ‘Rapela Jehova; mo nee boinehelo bo ikhethang.’ Le hoja molao o se o sa tlame Bakreste, melao-motheo ea oona ea bohlokoa ha e e-s’o ho fele. (Ba-Gal. 3:19, NW) Bakreste ba ’nete ba ka ithuta ho hoholo hakaakang bukeng ee e matla ea Molao oa Molimo, ka thuto ea eona e tsoelang pele, e hlakileng, le e beiloeng ka mokhoa o bonolo! Esita le lichaba tsa lefatše li hlokometse bokhabane ba molao o phahameng oa Jehova, li ngola litaelo tse ngata tsa Deuteronoma libukeng tsa tsona tsa melao. Lethathamo le kentsoeng mona le fana ka mehlala ea melao eo ba e qotsitseng kapa eo ba sebelisitseng moelelo oa eona.
34. Ke kamano efe e teng pakeng tsa ‘Pheto ee ea Molao’ le ’Muso oa Molimo?
34 Ho feta moo, tlhaloso ena ea Molao e supa le ho phahamisa kananelo ea ’Muso oa Molimo. Joang? Ha Jesu Kreste, Morena ea Khethiloeng, a sa le lefatšeng, o ne a tloaelane le buka ena haholo ’me a e sebelisa, joalokaha ho supa ha hae ho bohlale ho eona ho bontša. Ha a atolosetsa puso ea ’Muso oa hae lefatšeng lohle, o tla busa ho latela melao-motheo e nepahetseng ea oona “molao” ona, ’me bohle ba tlang ho itlhohonolofatsa ho eena e le “peō” ea ’Muso ba lokela ho utloa melao-motheo ena. (Gen. 22:18; Deut. 7:12-14) Ho molemo ebile hoa thusa ho qala ho e utloa hona joale. O le hōle le ho felloa ke nako, “molao” ona o lilemo li 3 500 o bua le rōna kajeno ka lentsoe le matla, ’me o tla ’ne o tsoele pele ho bua ho fihlela lefatšeng le lecha tlas’a ’Muso oa Molimo. E se eka lebitso la Jehova le ka tsoela pele ho halaletsoa har’a batho ba hae ha ho sebelisoa taeo eohle e molemo ea Libuka tse Hlano tse Qalang tsa Bibele, e fihlang tlhōrōng ea eona e khanyang ho Deuteronoma—ka sebele ke karolo e bululetsoeng le e susumetsang ea “Lengolo lohle”!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona lethathamo la “Quotations from the Old Testament” (Lirapa tse Qotsitsoeng Testamenteng ea Khale) ho The New Testament in Original Greek, ea B. F. Westcott le F. J. A. Hort, 1956, maqephe 601-18.
b Deuteronoma 3:9, (NW), botlaaseng ba leqephe.
c Halley’s Bible Handbook, 1988, Henry H. Halley, leqephe 56.
[Chate e leqepheng la 41]
MEHLALA E MENG EA MOLAO E HO DEUTERONOMAd
I. Melao ea botho le ea lelapa Likhaolo le Litemana
A. Likamano tsa botho
1. Batsoali le bana 5:16
2. Likamano tsa lenyalo 22:30; 27:20, 22, 23
3. Melao ea tlhalo 22:13-19, 28, 29
B. Litokelo tsa setša 22:1-4
II. Melao ea motheo
A. Litšoaneleho le mesebetsi 17:14-20
ea morena
B. Litaelo tsa sesole
2. Marenana 20:9
III. Boahloli
A. Mesebetsi ea baahloli 16:18, 20
B. Lekhotla le phahameng 17:8-11
la boipiletso
IV. Melao ea bonokoane
A. Litlōlo tse khahlanong le naha
1. Tjotjo, ho sokamisa toka 16:19, 20
2. Kano ea bohata 5:20
B. Litlōlo tse khahlanong le boitšoaro
2. Lenyalo leo e seng la molao 22:30; 27:20, 22, 23
C. Litlōlo tse khahlanong le motho
1. Polao le tlatlapo 5:17; 27:24
2. Peto le thetso 22:25-29
V. Melao ea batho
A. Mosa ho liphoofolo 25:4; 22:6, 7
B. Ho nahanela ba malimabe 24:6, 10-18
C. Molao oa tšireletso oa kaho 22:8
D.Tšoaro ea lihlopha tse busoang, 15:12-15; 21:10-14;
ho akarelletsa makhoba 27:18, 19
le batšoaruoa
E. Litokisetso tsa botho 14:28, 29; 15:1-11;
ho ba hlokang 16:11, 12; 24:19-22
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
d Israel’s Laws and Legal Precedents, 1907, C. F. Kent, maqephe vii ho fihlela ho xviii; bona le Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 214-20.