Mehla ea Bofelo Karolo e Ikhethang
“Oppenheimer [ea thusitseng ho etsa bomo ea athomo] o ne a nepile monahanong oa hae oa motheo oa hore histori e fetotse tsela ea eona ka 1945. Ha ho le ka mohla ho tlang ho loanoa ntoa e khōlō ka mokhoa o tšoanang le oa Ntoa ea II ea Lefatše.”—Weapons and Hope, ka Freeman Dyson.
HO SEBELISOA ha bomo ea athomo ka 1945 ho fetotse lefatše. Ho tšoaile nako e ’ngoe ea bohlokoa historing ea lintoa. Ke kamoo e mong oa baqapi ba libomo, Robert Oppenheimer, a boneng boemo. Ha ho phatloha ha teko ea bomo ho etsahala New Mexico, Oppenheimer a qotsa Bhagavad Gita oa Mohindu, a re: “Ke fetohile lefu, mosenyi oa lefatše.” Oppenheimer o boletse hape: “Batho ba lefatše lena ba tlameha ho kopana, kapa ba tla shoa.”
Ka 1949 komiti ea boeletsi ea bo-ramahlale ho Basebetsi ba Matla a Athomiki ba U.S. e neng e kopanyelletsa Oppenheimer, e lemositse khahlanong le ho etsoa ha bomo e bolaeang ea hydrogen. Tlaleho ea bona e boletse: “Sena ke sebetsa se seholo; se fapane ka ho feletseng le bomo ea athomiki.” Ho joalo ka hobane matla a senyang a bomo ea hydrogen a ka atisoa haholo ka ho kenya motsoako o theko e tlaase oa deuterium. Nakong ea lilemo tse 4, bomo ea athomo e ile ea fetoha ntho ea ho bapala.
Enrico Fermi le Isidor Rabi, bao le bona e leng litho tsa komiti ea boeletsi, ba fane ka temoso e matla haholoanyane, “’Nete ea hore ha ho litekanyetso tse teng tšenyong e etsoang ke sebetsa sena e etsa hore ho ba teng ha sona le tsebo ea ho se etsa e be kotsi ho batho bohle. Ha e le hantle ke ntho e mpe e nahannoeng.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ba ne ba tseba hore joale motho a ka itimetsa. Keletso ea bona khahlanong le ho etsa bomo ea athomiki e ile ea hlokomolohuoa.
‘Boprofeta ba Kahlolo bo Nang le Motheo oa Mahlale’
Matla a ho senya ao hajoale motho a nang le ona a bontšoa ke ’nete e ’ngoe e qotsitsoeng ke Ngaka Lown, mopresidente ea tlaasana oa Lingaka tsa Machaba tsa Thibelo ea Ntoa ea Nuclear: “Sekepe se le seng sa ntoa se tsamaeang ka tlas’a metsi sa kajeno se na le matla a seqhomane a batlang a imenne ha robeli ho feta sa Ntoa ea II ea Lefatše—a lekaneng ho timetsa motse o mong le o mong o moholo Karolong e ka Leboea.” Ka kōpo hlokomela—ena ke tšenyo e ka hlahisoang ke sekepe se le seng feela sa ntoa se tsamaeang ka tlas’a metsi! Mebuso e meholo ea lefatše e na le likepe tse ngata tsa ntoa tse tsamaeang ka tlase le ka holimo ho metsi tse nang le libetsa tsa nuclear. Ha re akarelletsa tse sebelisoang holim’a mobu le tsa moeeng, libetsa tsena li etsa kakaretso ea lihlooho tse thuntšang tsa nuclear tse ka holimo ho 50 000!
Ke neng pele historing motho a kileng a ba le matla a tšabehang joalo matsohong a hae? Ngaka Lown o lumela hore nako e ’ngoe le e ’ngoe ea histori e bile le boprofeta ba eona bo sa eloang hloko. Phapang ke efe hona joale? Oa hlalosa: “Mehla ea rōna ke ea pele eo boprofeta ba thipitlo bo tsoang litlhahlobong tsa sebele tsa mahlale.” Haeba ho ka ba le ntoa ea nuclear, o re, “e tla ba boikhohomoso bo feletseng ho iphapanyetsa linnete ho nahana hore baphonyohi ba batho ba tla ba teng kamor’a kotsi e joalo e entsoeng ke batho.”
“Tsieleho ea Lichaba” e Eketsehileng
Ka 1945 motho o lokolotse moea o mobe oa ntoa ea nuclear bonoheng ba hae ba tsebo ea mahlale ’me joale o hlōleha ho o khutlisetsa. A ka felisa libetsa tsa hae tsa nuclear, empa ke joang a ka felisang tsebo e ka mo khutlisetsang ho tsona ka linako tsohle? Ka baka leo, liketsahalo tsa sebele tsa Hiroshima le Nagasaki hammoho le ho etsoa ha libetsa tse matla tsa nuclear ho ekelitse “matšabeho” a ka bang teng le “mehlolo e meholo” leholimong, ho ‘lichaba tse tsielehileng tse sa tsebeng moo li ka tsoang le teng’ ho tloha ka 1945.—Luka 21:11, 25.
Ho tsieleha ha lichaba ho ekelitsoe hape ke mekhoa ea rōna e potlakileng ea puisano. Ke feela lekholong lena la bo20 la lilemo litsamaiso tsa kajeno tsa puisano (sea-le-moea, TV, li-computer, li-satellite) li lumeletseng batho bohle ho tseba ka potlako ka lintoa le likoluoa, kahoo li hasa tšabo le ho tsieleha ha lichaba ka tsela eo le pele e neng e ke ke ea etsahala. Batho ba lefatše ha ba tsebe feela ka tsona empa hape ho TV ba ka shebella lintoa le tšollo ea mali ha li etsahala!
Mabali a Ntoa
Selemong sena sa 1988, ho na le malapa a limillione lefatšeng lohle a utloileng karolo ea bopaki ba hore re mehleng ea bofelo. Joang? Moratuoa a le mong kapa ba bangata ba shoele lintoeng tse peli tsa lefatše kapa ntoeng e le ’ngoe ea tse khōlō (Korea, Vietnam, Iraq le Iran, Lebanone, le tse ling) tse bolaileng karolo e khōlō ea batho. Mohlomong lelapa la hao ke le leng la a ka hopolang ntate ea shoeleng, ntate-moholo, malome, kapa moena. Hape, bo-’mè ba limillione, bo-nkhono, likhaitseli, le bo-malome ba shoele lintoeng le Koluoeng ea Europa.
Ho phaella moo, molokong oa rōna, masole a nyolosa a theosa Europa le Bochabela bo Hōle, a beta le ho tlatlapa baahi bao e seng masole. Ka baka leo, ba setseng ba phela, haholo-holo basali, ba na le mabali a tšoaro eo e mpe ho tla fihlela kajeno. Na motho o kile a tetebela joalo tšenyehong ea boitšoaro le ho hloka kelello?
Pere e halefileng ea ntoa le polao ea tšenolo pere e tšehla ea Lefu ka tsela e s’o kang e bonoa ha e sa le ho tloha ka 1914 ruri li kalletse lefatšeng lohle.—Tšenolo 6:4.
Empa ho thoe’ng ka “pere e ntšo” ea tlala? (Tšenolo 6:5) Na e amme moloko oa rōna?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
Kamoo lintho li leng kateng hona joale,ntoa ea lefatše e ka ba teng hape—e le ntoa ea nuclear. Ho ke ke ha ba le lichaba le mebuso. Lebaka lena le le leng le etsa hore mehla ea rōna e be e ikhethang le ho eketsa matla tlhalosong ‘mehla ea qetello.’—2 Timothea 3:1
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]
“Sekepe se le seng sa ntoa se tsamaeang ka tlas’a metsi sa kajeno se na le matla a seqhomane a batlang a imenne ha robeli ho feta sa Ntoa ea II ea Lefatše—a lekaneng ho timetsa motse o mong le o mong o moholo Karolong e ka Leboea”