Na aa ka Sebele ke Matsatsi a ho Qetela?
U LUTSE karolong e ka pele ea seketsoana se tsamaisoang ka masokoana ha se kena nōkeng e matsutla-tsutla. Mafika a maholo a hlahella har’a ho loebehlana ha lekoeba le metsi a ntseng a khaphatseha. U leka ho a qoba. Motho ea ka mor’a hao o lebeletsoe ho u thusa ho tsamaisa seketsoana, empa o na le phihlelo e fokolang. Ho hobe le ho feta, ha u na ’mapa, ka hona ha u tsebe hore na metsi ana a phallang a tla fella letšeng le khutsitseng kapa phororong.
Tatellano ena ea liketsahalo hase e thabisang, na ha ho joalo? Kahoo, a re e fetoleng. Nahana u tsamaisoa ke motho ea nang le phihlelo, ea tsebang lefika le leng le le leng la nōka ena, mothinya o mong le o mong. O tsebile esale khale hore metsi ana a ipōpileng a tloha a hlaha, ’me o tseba hore na qetello ea ’ona ke efe, ’me o tseba le hore na a ka phunyelletsa joang har’a ’ona. Na u ne u ke ke ua ikutloa u sireletsehile haholoanyane?
Ka sebele, kaofela ha rōna re boemong bo tšoanang. E se ka molato oa rōna, re iphumana re le mathateng a sa feleng paleng ea motho. Batho ba bangata ha ba tsebe hore na lintho li tla ba tjena ho fihlela neng, hore na ebe maemo a tla ntlafala, kapa hore na ba ka pholoha hamolemonyana joang nakong ea joale. Empa ha rea lokela ho ikutloa re lahlehile kapa re se na thuso. ’Mōpi oa rōna o re file tataiso—e ileng ea bolela esale pele ka mehla ena e lefifi ea histori, ea bolela esale pele hore na e tla fela joang, ’me e re fa tataiso eo re e hlokang bakeng sa ho pholoha. Tataiso eo ke buka, Bibele. Moqapi oa eona, Jehova Molimo, o ipitsa Morupeli e Moholo, ’me ka kholiseho eohle o re ka Esaia: ‘Litsebe tsa hao li tla utloa lentsoe ka mor’a hao le reng: Tsela ke eona ena, tsamaeang ho eona, e se re la ea ka ho le letona, kapa ka ho le letšehali.’ (Esaia 30:20, 21) Na u tla amohela tataiso eo? Joale a re hlahlobeng hore na ka sebele Bibele e boletse esale pele hore na mehla ea rōna e tla ba joang.
Balateli ba Jesu ba Botsa Potso e Utloahalang
E tlameha ebe balateli ba Jesu ba ne ba maketse. Jesu o ne a sa tsoa ba bolella a sa hlathe koana le koana hore mehaho e neng e khahla ea tempele ea Jerusalema e ne e tla timetsoa ka ho feletseng! Boprofeta bo joalo bo ne bo makatsa. E se khale ka mor’a moo, ha ba lutse Thabeng ea Mehloaare, baapostola ba bane ba ile ba botsa Jesu: “Re bolelle, Lintho tsee li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea ho ba teng ha hao le ea qetello ea tsamaiso ea lintho?” (Matheu 24:3; Mareka 13:1-4) Ebang ba ne ba elelloa kapa che, karabo ea Jesu e ne e tla sebetsa ka makhetlo a fetang le le leng.
Ho timetsoa ha tempele ea Jerusalema le ho fela ha tsamaiso ea lintho ea Sejuda e ne e se ntho e le ’ngoe le nako ea ho ba teng ha Kreste le ea ho fela ha tsamaiso eohle ea lefatše ea lintho. Leha ho le joalo, karabong ea hae e telele, ka bokhoni Jesu o ile a bua ka litšobotsi tsena tsohle tsa potso eo. O ile a ba bolella hore na ho ne ho tla ba joang pele ho timetso ea Jerusalema; ’me a boela a ba bolella hore na ba lebelle hore lefatše le be joang nakong ea ho ba teng ha hae, ha a tla be a busa joaloka Morena leholimong ’me a le lintšing tsa ho felisa tsamaiso eohle ea lefatše ea lintho.
Pheliso ea Jerusalema
Nahana pele ka seo Jesu a se buileng ka Jerusalema le tempele ea eona. Lilemo tse ka holimo ho mashome a mararo esale pele, o ile a hla a bolela nako ea tsietsi e tšabehang bakeng sa o mong oa metse e meholo ka ho fetisisa lefatšeng. Ka ho khetheha hlokomela mantsoe a hae a tlalehiloeng ho Luka 21:20, 21: “Ha le bona Jerusalema e lika-liketsoa ke mabotho a ntoa a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea a ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona a ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko a ba se ke ba kena ka har’a eona.” Haeba Jerusalema e ne e tla lika-liketsoa, e teeloe hare ke mabotho a ntoa a liahelong, ke joang ka sebele “ba ka hare ho eona” ba neng ba ka ‘tloha,’ joalokaha Jesu a ne a laetse? Ka ho hlakileng, Jesu o ne a bolela hore monyetla oa ho pholoha o ne o tla ba teng. Na o ile oa fela oa e-ba teng?
Ka 66 C.E., mabotho a ntoa a Roma a neng a le tlas’a bolaoli ba Cestius Gallus a ne a sutulelitse makhotla a marabele a Bajuda Jerusalema ’me a a qobeletse ka har’a motse. Baroma ba ne ba sutulitse le ho ea fihla ka har’a motse ka booona ’me ba ba ba ea honyella lerakong la tempele. Empa joale Gallus o ile a laela mabotho a hae a ntoa hore a etse ntho e ferekanyang ka sebele. O ile a a laela hore a cheche! Masole a Bajuda a thabileng a ile a hlasela le ho ntša likotsi lira tsa ’ona tsa Baroma tse neng li baleha. Kahoo, monyetla oa ho pholoha oo Jesu a neng a o boletse esale pele o ile oa buleha. Bakreste ba ’nete ba ile ba ela hloko temoso ea hae ’me ba tsoa Jerusalema. Eo e bile qeto e molemo, kaha lilemo tse ’nè feela hamorao, mabotho a ntoa a Roma a ne a khutlile, a se a laoloa ke Molaoli Tite. Lekhetlong lena ha hoa ka ha e-ba le monyetla oa ho pholoha.
Mabotho a ntoa a Roma a ile a lika-liketsa Jerusalema hape; a haha thibello ka lithupa tse nchocho ho e potoloha. Jesu o ne a ile a profeta mabapi le Jerusalema: “Matsatsi a tla u tlela a ha lira tsa hao li tla haha thibello e nang le lithupa tse nchocho ho u likoloha ’me li tla u pota-pota ’me li u bakele mahlomola ka mahlakoreng ’ohle.”a (Luka 19:43) E se khale, Jerusalema e ile ea oa; tempele ea eona e khanyang ea senngoa ho ba lithako tse kubellang. Mantsoe a Jesu a ne a phethahalitsoe ka botlalo!
Leha ho le joalo, Jesu o ne a hopotse ho fetang hōle timetso eo ea Jerusalema. Barutuoa ba hae ba ne ba boetse ba mo botsitse ka pontšo ea ho ba teng ha hae. Nako eo ba ne ba sa e tsebe, empa e ne e supa nakong eo ka eona a tla beng a hlongoa ho busa e le Morena leholimong. O ile a bolela eng esale pele?
Ntoa Matsatsing a ho Qetela
Ha u ka bala Matheu khaolo ea 24 le 25, Mareka khaolo ea 13 le Luka khaolo ea 21, u tla hlokomela bopaki ba sebele ba hore Jesu o ne a bua ka mehla ena ea rōna. O ile a bolela esale pele ka mehla ea lintoa—eseng feela “lintoa le litlaleho tsa lintoa” tseo esale li ntse li senya pale ea motho, empa lintoa tse amang ‘sechaba se tsohelang sechaba se seng matla le ’muso o tsohelang ’muso o mong matla’—e, lintoa tse khōlō tsa machaba.—Matheu 24:6-8.
Ka motsotsoana, ak’u nahane hore na ntoa e fetohile hakaakang lekholong la rōna la lilemo. Nakong ea ha ntoa e ne e sa ntse e bolela feela ho hohlana ha mabotho a ntoa a emelang lichaba tse peli tse loantšanang, ho hlatha ka sabole kapa hona ho thunyana lebaleng la ntoa, ho ne ho ntse ho le hobe haholo. Empa ka 1914 ho ile ha qhoma Ntoa e Khōlō. Lichaba li ile tsa kena ka ho latellana ntoeng eo ho lumeloang hore e bile selelekela—ntoa ea pele ea lefatše lohle. Ho ile ha qaptjoa libetsa tse iqhomisang bakeng sa ho bolaea batho ba bangata le ho ba bolaea ba le libakeng tse hōle. Lithunya tsa morathatha li ile tsa fafatsa likulo ka bokhoni bohle bo sehlōhō; khase e sebelisoang ntoeng ea chesa, ea hlokofatsa, ea holofatsa le ho bolaea masole a likete; ntle le mohau, likoloi tsa ntoa tsa feta ka lerata le tšabehang meleng ea lira, lithunya tsa tsona tse khōlō li khabola. Ho ile ha boela ha sebelisoa lifofane le likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi—lilelekela tse sa reng letho ha li bapisoa le tse neng li tla sebelisoa hamorao.
Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea etsa feko—ha e le hantle e ile ea nyenyefatsa ntoa ea pele ea lefatše, ea bolaea limilione tse ngata tsa batho. Likepe tse khōlō tse tsamaisang lifofane, tse kang metse e phaphametseng holim’a metsi, li ne li sesa maoatleng ’me li ntša lifofane tsa ntoa hore li phatlole ba lireng li le holimo. Likepe tse tsamaeang ka tlas’a metsi li ne li harasoanya le ho tebisa likepe tsa lira. ’Me ho ile ha akheloa libomo tsa athomo, tse ileng tsa bolaea bophelo ba ba likete tlhaselong ka ’ngoe e silakanyang! Feela joalokaha Jesu a ne a profetile, ka sebele ho ’nile ha e-ba le “lipono tse tšabehang” ho tšoaea nako ena ea lintoa.—Luka 21:11.
Na ntoa e kile ea kokobela ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše? Le hanyenyane. Ka linako tse ling lintoa tse se nang palo li kupa ka selemo se le seng—esita le lilemong tsena tsa bo-1990—li bolaea limilione tse ngata. ’Me ho na le phetoho tabeng ea bahlaseluoa ba ka sehloohong ba ntoa. Ha e sa le masole a shoang haholo. Kajeno, boholo ba bahlaseluoa ba ntoa—ha e le hantle, karolo e ka holimo ho 90 lekholong ea bona—ke batho ba sa loaneng.
Litšobotsi Tse Ling Tsa Pontšo
Ntoa e mpa e le tšobotsi e ’ngoe ea pontšo eo Jesu a ileng a bua ka eona. O ile a boela a lemosa hore ho tla ba le “likhaello tsa lijo.” (Matheu 24:7) ’Me ho ’nile ha e-ba joalo, le hoja e le ho ikhanyetsa ho makatsang kaha lefatše le hlahisa lijo tse ngata ho feta tse hlokahalang bakeng sa ho fepa batho bohle, le hoja saense ea tsa temo e tsoetse pele ho feta leha e le neng pele paleng ea motho, le hoja ho e-na le mokhoa o potlakileng le o sebetsang hantle oa ho isa lijo leha e le kae lefatšeng. Ho sa tsotellehe tseo tsohle, hoo e ka bang karolo ea bohlano ea baahi ba lefatše lena e lapa letsatsi le leng le le leng.
Jesu o ile a boela a bolela esale pele hore ho ne ho tla ba le “mafu a seoa . . . sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Luka 21:11) Le hona mona, mehla ea rōna e bone ho ikhanyetsa ho makatsang—tlhokomelo ea meriana e molemo ho feta e kileng ea e-ba teng, katleho ea theknoloji, liente tse thibelang mafu a mangata a tloaelehileng; leha ho le joalo, mafu a seoa le ’ona a eketseha ka mokhoa o sa tloaelehang. Mokakallane oa Spain o ile oa latela hang-hang ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše ’me oa bolaea batho ba bangata ho feta ba bolailoeng ntoeng. Lefu lena e ne e le le tšoaetsanoang hoo metseng e meholo joaloka oa New York, batho ba neng ba ka lefisoa kapa ba koalloa teronkong ka lebaka la ho thimola feela! Kajeno, kankere le lefu la pelo li bolaea batho ba limilione selemo le selemo—ke mafu a sebele a seoa. ’Me AIDS e tsoela pele ho bolaea batho, haholo-holo kaha ha e fumaneloe pheko ke saense ea meriana.
Le hoja ka ho pharalla Jesu a buile haholo-holo ka maemo a histori le a lipolotiki ha a hlalosa matsatsi a ho qetela, moapostola Pauluse o ile a lebisa tlhokomelo haholo mathateng a botho le boitšoarong bo atileng. Karolong e ’ngoe o ngotse: “Tseba sena, hore matsatsing a ho qetela linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona li tla ba teng. Etsoe batho e tla ba baithati, . . . ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, . . . ba hlokang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba hlokang lerato la se molemo, baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo.”—2 Timothea 3:1-5.
Na mantsoe ao a utloahala a tloaelehile ho uena? Nahana ka karolo e le ’ngoe feela ea tšenyeho e bathong lefatšeng la kajeno—ho tsekoloha ha malapa. Leqhubu la malapa a qhalanang, balekane ba otloang, bana ba hlekefetsoang hammoho le batsoali ba hōlileng ba sa hlokomeloeng hantle—lintho tsee li bontša hore batho ke ba “se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho,” ba “bohale bo tšosang” esita le “baeki,” “ba hlokang lerato la se molemo” hakaakang! E, re bona litšobotsi tsena e le seoa kajeno.
Na Moloko oa Rōna ke o Boletsoeng Esale Pele?
Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa, ‘Na maemo aa hase khale a ntse a hlahela moloko oa batho? Re tseba joang hore moloko oa rōna oa hona joale ke oona o ileng oa boleloa esale pele boprofeteng boo ba boholo-holo?’ A re hlahlobeng litsela tse tharo tsa bopaki tse netefatsang hore Jesu o ne a bua ka mehla ea rōna.
Ea pele, le hoja ho ile ha ba le karolo e itseng e ileng ea phethahala tšenyehong ea Jerusalema le tempele ea eona, ka sebele mantsoe a Jesu a ne a supa bokamoso bo ka pele ho moo. Lilemo tse ka bang 30 ka mor’a tlokotsi e khōlō e ileng ea timetsa Jerusalema, Jesu o ile a fa moapostola Johanne ea neng a hōlile pono e bontšang hore maemo a profetiloeng—ntoa, tlala ea sekoboto, mafu a seoa le lefu qetellong—li ne li lokela ho aparela lefatše lohle nakong e tlang. E, mahlomola ana a ne a sa tl’o ama sebaka se le seng, empa “lefatše” kaofela.—Tšenolo 6:2-8.
Ea bobeli, lekholong lena la lilemo litšobotsi tse ling tsa pontšo ea Jesu li phethahala ka tekanyo eo re ka reng e phahame ka ho fetisisa. Ka mohlala, na ho na le monyetla oa hore lintoa li mpefale ho feta kamoo li ’nileng tsa e-ba kateng ho tloha ka 1914? Haeba ho ne ho e-na le Ntoa ea III ea Lefatše, ka linaha tsohle tsa kajeno tse nang le libetsa tsa nyutlelie tse neng li ka sebelisa libetsa tsa tsona, ka mor’a eona lefatše lena le ne le ka ’na la fumanoa e le lehōkō—’me moloko oa batho o le sieo ka ho feletseng. Ka ho tšoanang, Tšenolo 11:18 e ile ea bolela esale pele hore matsatsing ana a ha lichaba li “halefa,” moloko oa batho o ne o tla ‘senya lefatše.’ Ka lekhetlo la pele historing, tšilafalo le ho senyeha ha tikoloho hona joale li sokela ho luloa ha polanete ena! Kahoo, tšobotsi ena le eona e phethahala ka tekanyo e phahameng ka ho fetisisa kapa e atametse moo haholo. Na ka sebele lintoa le tšilafalo li tla tsoela pele ho mpefala ho fihlela ha motho a itimelitse hammoho le polanete ee? Che; hobane Bibele ka boeona e tsebisitse hore lefatše le tla hlola ka ho sa feleng, ho phele ho lona batho ba pelo li lokileng.—Pesaleme ea 37:29; Matheu 5:5.
Ea boraro, pontšo ea matsatsi a ho qetela e kholisa haholo ha e hlahlojoa ka kakaretso. Ha re nahana ka litšobotsi tsohle tseo Jesu a li boletseng Likosepeleng tse tharo, mangolong a Pauluse le ho Tšenolo, pontšo ena e na le litšobotsi tse ngata. Motho a ka ’na a ipehela mabaka ka tsona ka bonngoe, a pheha khang ea hore linako tse ling li ne li ntse li e-na le mathata a tšoanang, empa ha re li hlahloba re li kopantse hammoho, li supa ka ho hlaka mehla e le meng feela—ea rōna.
Leha ho le joalo, see sohle se bolela eng? Na se bolela hore Bibele e mpa feela e hlalosa mehla ea rōna e le e tsielehileng, e lahlehetsoeng ke tšepo? Le hanyenyane!
Litaba Tse Molemo
Tšobotsi e ’ngoe ea tse hlokomelehang ka ho fetisisa ea pontšo ea matsatsi a ho qetela e tlalehiloe ho Matheu 24:14: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” Lekholong lena la lilemo, Lipaki tsa Jehova li phethile mosebetsi o ikhethang historing ea motho. Li amohetse molaetsa oa Bibele mabapi le ’Muso oa Jehova Molimo—hore na ke eng, o busa joang le hore na o tla finyella eng—’me li hasitse molaetsa oo hohle lefatšeng. Li hatisitse lingoliloeng tse buang ka taba ena ka lipuo tse fetang 300 ’me li li tlisitse ho batho malapeng a bona kapa literateng kapa libakeng tsa bona tsa khoebo hoo e batlang e le naheng e ’ngoe le e ’ngoe lefatšeng.
Ka ho etsa joalo, li ’nile tsa phethahatsa boprofeta bona. Empa li ’nile tsa boela tsa hasa tšepo. Hlokomela hore Jesu o ile a li bitsa “litaba tse molemo,” eseng litaba tse bohloko. Ho ka ba joalo joang nakong ee e lerootho? Hobane molaetsa oa sehlooho oa Bibele hase hore na lintho li tla mpefala hakae qetellong ea lefatše lena la khale. Molaetsa oa eona oa sehlooho o ama ’Muso oa Molimo, le hore ’Muso oo o tšepisa ho itseng ho ratehang pelong ea motho e mong le e mong ea ratang khotso—topollo.
Topollo ee ke eng, ’me e ka ba ea hao joang? Ka kōpo bala lihlooho tse latelang tabeng ena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ntle ho pelaelo, mona Tite o ne a e-na le monyetla oa ho hlōla. Leha ho le joalo, ka mabaka a bohlokoa a mabeli, ha aa ka a finyella seo a se rerileng. O ile a fana ka monyetla oa ho inehela ka khotso, empa ka manganga le ka ho sa hlaloseheng baeta-pele ba motse ba ile ba hana. ’Me ha qetellong marako a motse a phunngoa, o ile a laela hore tempele e se ke ea senngoa. Leha ho le joalo, e ile ea chesoa lore! Boprofeta ba Jesu bo ne bo hlakisitse hantle hore Jerusalema e ne e tla ripitloa le hore tempele e ne e tla senngoa ka ho feletseng.—Mareka 13:1, 2.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]
Batho ba batla likarabo lipotsong tse tšoenyang tse kang, Ke hobane’ng ha lintho li le mpe tjee? Moloko oa batho o lebile hokae?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]
Kajeno, karolo e ka holimo ho 90 lekholong ea bahlaseluoa ba ntoa ke batho ba sa loaneng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Boprofeta ba Jesu mabapi le timetso ea Jerusalema bo ile ba phethahala ka hohle-hohle