Ho Bolokoa ‘Molokong o Khopo’
“Oee! moloko o sa lumeleng, o [sothehileng, NW] ke tla ba le lōna ho le hokae na? ke tla le behela pelo ho le hokae na”?—LUKA 9:41.
1. (a) Linako tsa rōna tsa litlokotsi li bolela’ng? (b) Mangolo a re’ng ka baphonyohi?
RE PHELA linakong tsa litlokotsi. Litšisinyeho tsa lefatše, meroallo, litlala tsa boja-likata, mafu, ho hloka molao, ho qhomisoa ha libomo, lintoa tse susumetsang tšabo—tsena le tse ling li aparetse moloko oa batho lekholong la rōna la bo20 la lilemo. Leha ho le joalo, bokamosong bo haufi, ho na le tlokotsi e khōlō ho feta tsohle e sokelang. Ke efe eona eo? Ke ‘mahlomola a maholo ao ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo e e-song ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng, le ka mohla o le mong.’ (Mattheu 24:21) Empa, bongata ba rōna re ka ’na ra lebella bokamoso bo thabileng! Hobane’ng? Hobane Lentsoe la Molimo ka bolona le bua ka “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle . . . Ba tsoang mahlomoleng a maholo . . . Ha ba sa tla hlola ba lapa leha e le ho nyoroa . . . ’me Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona.”—Tšenolo 7:1, 9, 14-17.
2. Litemana tse qalang tsa Mattheu 24, Mareka 13 le Luka 21 li bile le phethahatso efe ea pele ea boprofeta?
2 Tlaleho e bululetsoeng e ho Mattheu 24:3-22, Mareka 13:3-20 le Luka 21:7-24 e kenyelletsa tlhaloso ea Jesu ea boprofeta ea “ho fela ha lefatše.”a Boprofeta bona ho phethahetse pele tsamaisong ea lintho ea Sejode e senyehileng ea lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng, bo ileng ba fihla sehlohlolong sa bona ‘mahlomoleng a maholo’ ao ho seng a kileng a tšoana le ’ona a ileng a oela Bajode. Tokisetso eohle ea bolumeli le ea lipolotiki ea tsamaiso ea Sejode, eo setsi sa eona se neng se le tempeleng ea Jerusalema, e ile ea felisoa, e se e ke ke ea hlola e tsosolosoa.
3. Ke hobane’ng ha ho potlakile hore re ele hloko boprofeta ba Jesu kajeno?
3 Joale a re hlahlobeng maemo a neng a potolohile phethahatso ea pele ea boprofeta ba Jesu. Sena se tla re thusa ho utloisisa hamolemo phethahatso e tšoanang le eona kajeno. Se tla re bontša hore na ho potlakile hakae ho nka bohato bo tiileng hona joale e le hore re ka pholoha mahlomola a maholo ka ho fetisisa a sokelang moloko oohle oa batho.—Ba-Roma 10:9-13; 15:4; 1 Ba-Korinthe 10:11; 15:58.
“Bofelo”—Neng?
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Bajode ba tšabang Molimo ba lekholong la pele la lilemo C.E. ba ne ba thahasella boprofeta ba Daniele 9:24-27? (b) Boprofeta boo bo ile ba phethahala joang?
4 Hoo e ka bang ka selemo sa 539 B.C.E., moprofeta oa Molimo Daniele o ile a fuoa pono ea liketsahalo tse neng li tla etsahala ‘vekeng’ ea ho qetela ea nako ea ‘liveke tse mashome a supileng’ tsa lilemo. (Daniele 9:24-27) ‘Liveke’ tsena li ile tsa qala ka 455 B.C.E. ha Morena Artaxerxese oa Persia a laela hore motse oa Jerusalema o hahuoe hape. “Veke” ea ho qetela e ile ea qala ka ho hlaha ha Messia, Jesu Kreste, ho kolobetsoeng le ho tlotsoeng ha hae ka 29 C.E.b Bajode ba tšabang Molimo ba lekholong la pele la lilemo C.E. ba ne ba elelletsoe hantle tšobotsi ena ea nako ea boprofeta ba Daniele. Ka mohlala, mabapi le bongata bo neng bo khobokana ho tla utloa boboleli ba Johanne Mokolobetsi ka 29 C.E., Luka 3:15 e re: “Sechaba se ne se lutse ka tebello, bohle ba hakanya ka lipelong tsa bona, ka ho re: Na mohlomong Johanne e ke se be ke eena Kreste.”
5 “Veke” ea bo70 e ne e lokela ho ba lilemo tse supileng tsa mohau o khethehileng o neng o atoloselitsoe ho Bajode. Ho tloha ka 29 C.E., e ne e akarelletsa kolobetso ea Jesu le tšebeletso ea hae, lefu la hae la sehlabelo “mahareng a veke” ka 33 C.E., le ‘mahareng a mang a veke’ ho fihla ho 36 C.E. ‘Vekeng’ ena, monyetla oa ho ba barutuoa ba Jesu ba tlotsitsoeng o ile oa atolosetsoa feela ho Bajode ba tšabang Molimo le ho ba neng ba sokolohetse bolumeling ba Bajode. Joale ka 70 C.E., e leng nako e sa kang ea tsejoa esale pele, mabotho a maholo a sesole sa Roma tlas’a Tite a ile a felisa ka ho feletseng tsamaiso ea Sejode ea bokoenehi.—Daniele 9:26, 27.
6. “Manyala” a ile a nka khato joang ka 66 C.E., hona Bakreste ba ile ba arabela joang?
6 Ka hona boprista ba Sejode, bo neng bo silafalitse tempele ea Jerusalema le ho rera ho bolaea Mora oa Molimo ka boeena, bo ile ba felisoa ka ho feletseng. Litlaleho tsa sechaba le tsa meloko le tsona li ile tsa felisoa. Ka mor’a moo, ha ho Mojode eo ho latela molao a neng a ka batla lefa la boprista kapa la borena. Leha ho le joalo, hoa thabisa hore ebe Bajode ba moea ba tlotsitsoeng ba ne ba arotsoe e le boprista ba borena bo neng bo tla ‘bolela lithoko’ tsa Jehova Molimo. (1 Petrose 2:9) Ka lekhetlo la pele ha lebotho la Roma le hlometseng le lika-liketsa Jerusalema le bile le cheka sebaka sa tempele ka tlaase ka 66 C.E., Bakreste ba ile ba hlokomela hore lebotho leo la sesole ke “manyala a bofeliso, a boletsoeng ke moporofeta Daniele, a eme[ng] nģalong e halalelang.” Ka lebaka la ho ikokobelletsa taelo ea Jesu ea boprofeta, Bakreste ba Jerusalema le Judea ba ile ba balehela libakeng tse lithabeng e le hore ba ka sireletseha.—Mattheu 24:15, 16; Luka 21:20, 21.
7, 8. Bakreste ba ile ba hlokomela “pontšo” efe, empa ba ne ba sa tsebe eng?
7 Bakreste bao ba Bajode ba tšepahalang ba ile ba hlokomela ho phethahala ha boprofeta ba Daniele ’me e ne e le lipaki tse boneng ka mahlo lintoa tse sehlōhō, litlala tsa boja-likata, mafu a seoa, litšisinyeho tsa lefatše le ho hloka molao tseo Jesu a neng a ile a li bolela esale pele e le karolo ea “pontšo . . . ea ho fela ha lefatše.” (Mattheu 24:3) Empa na Jesu o ne a ba boleletse hore ha e le hantle Jehova o ne a tla ahlola tsamaiso eo e senyehileng neng? Che. Seo a ileng a se profeta ka tlhōrō ea ho ba teng ha hae ha borena nakong e tlang ruri se ne se sebetsa le ‘mahlomoleng a maholo’ a lekholong la pele la lilemo: “Ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang; esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a ’notši.”—Mattheu 24:36.
8 Bajode ba ka be ba ile ba lekanyetsa nako ea ho hlaha ha Jesu e le Messia ka boprofeta ba Daniele. (Daniele 9:25) Empa ba ne ba sa fuoa nako ea ‘mahlomola a maholo’ ao qetellong a ileng a timetsa tsamaiso ea Bajode ea bokoenehi. E bile feela ka mor’a timetso eo ea Jerusalema le tempele ea eona moo ba ileng ba elelloa hore nako eo ke 70 C.E. Leha ho le joalo, ba ne ba ile ba lemoha mantsoe a Jesu a boprofeta: “Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li eso ho etsahale.” (Mattheu 24:34) Kamoo ho bonahalang kateng, tšebeliso ea “moloko” mona e fapane le e ho Moeklesia 1:4, e buang ka meloko e latellanang e hlahang ebile e ikela nakong e itseng.
“Moloko Ona”—Ke Ofe?
9. Libuka tse hlalosang mantsoe li hlalosa lentsoe la Segerike ge·ne·aʹ joang?
9 Ha baapostola ba bane ba neng ba lutse le Jesu Thabeng ea Mehloaare ba ne ba utloa boprofeta ba hae mabapi le “ho fela ha lefatše,” ba ne ba tla utloisisa polelo “moloko ona” joang? Ka Likosepeleng lentsoe “moloko” le fetoletsoe ho tloha lentsoeng la Segerike ge·ne·aʹ, leo libuka tsa morao-rao tse hlalosang mantsoe li le hlalosang tjena: “[Ka ho toba] ba [tsoang ho] moholo-holo a le mong.” (Greek-English Lexicon of the New Testament ea Walter Bauer) “Se tsoetsoeng, lelapa; . . . litho tse latellanang tsa leloko . . . kapa tsa morabe oa batho . . . kapa tsa letšoele lohle la batho ba phelang ka nako e le ’ngoe, Matt. 24:34; Mar. 13:30; Luka 1:48; 21:32; Ba-Fil. 2:15, ’me haholo-holo tsa morabe oa Bajode o phelang ka nako e le ’ngoe.” (Expository Dictionary of New Testament Words ea W. E. Vine) “Se tsoetsoeng, batho ba tsoang mohloling o le mong, lelapa; . . . letšoele lohle la batho ba phelang ka nako e le ’ngoe: Mt. xxiv. 34; Mk. xiii. 30; Lk. i. 48 . . . le sebelisoa [haholo-holo] morabeng oa Bajode o phelang ka nako e le ’ngoe.”—Greek-English Lexicon of the New Testament ea J. H. Thayer.
10. (a) Litsebi tse peli li fana ka tlhaloso efe e tšoanang ha li bua ka Mattheu 24:34? (b) Dikshinari ea thuto ea bolumeli le liphetolelo tse ling tsa Bibele li tšehetsa tlhaloso ee joang?
10 Kahoo Vine le Thayer ka bobeli ba qotsa Mattheu 24:34 ha ba hlalosa “moloko ona” (he ge·ne·aʹ hauʹte) e le “letšoele lohle la batho ba phelang ka nako e le ’ngoe.” Theological Dictionary of the New Testament (1964) e tšehetsa tlhaloso ena, e re: “Ho sebelisa ha Jesu ‘moloko’ ho bontša morero oa hae o pharaletseng: o lebisa tlhokomelo ea hae ho batho bohle o bile o ela hloko bonngoe ba bona sebeng.” Ruri ‘bonngoe sebeng’ bo ne bo bonahala sechabeng sa Bajode ha Jesu a ne a le lefatšeng, joalokaha bo khetholla tsamaiso ea lefatše kajeno.c
11. (a) Ke setsebi sefe se lokelang hore ka ho khetheha se re tataise tabeng ea ho rera tsela ea ho sebelisa he ge·ne·aʹ hauʹte? (b) Setsebi see se ile sa sebelisa polelo ee joang?
11 Ha e le hantle, Bakreste ba ithutang taba ena ba tataisa menahano ea bona haholo-holo ho latela tsela eo ka eona bangoli ba Kosepele ba bululetsoeng ba ileng ba sebelisa polelo ea Segerike he ge·ne·aʹ hauʹte, kapa “moloko ona,” ha ba tlaleha mantsoe a Jesu. Polelo ena e ile ea sebelisoa ka tsela e lumellanang, e nyatsang. Kahoo, Jesu o ile a bitsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajode “linoha, malinyane a marabe” ’me a tsoela pele a bolela hore “moloko ona” o ne o tla liheloa kahlolo ea Gehenna. (Mattheu 23:33, 36) Leha ho le joalo, na kahlolo ee e ne e lekanyelitsoe ho baruti ba baikaketsi? Le hanyenyane. Ka makhetlo-khetlo, barutuoa ba Jesu ba ile ba mo utloa a bua ka “moloko ona,” a sebelisa polelo ena ka ho tšoana ka kutloisiso e pharaletseng haholoanyane. Ke efe eona eo?
“Moloko Ona o Khopo”
12. Barutuoa ba hae ba ntse ba mametse, Jesu o ile a amahanya “bongata” le “moloko ona” joang?
12 Ka 31 C.E., nakong ea tšebeletso e khōlō ea Jesu ea Galilea le kamoraonyana ho Paseka, barutuoa ba hae ba ile ba mo utloa a re ho “bongata”: “Moloko ona na ke tla o tšoantša ka’ng? O joalo ka bana ba lutseng mapatlelong, ba hooanang le thaka tsa bona, ba re: Re le teetse phala, ’me ha lea ka la etsa chao; re le binetse mahlomola, ’me ha lea ka la lla. Hobane Johanne [Mokolobetsi] o tlile a sa je, a sa noe, ’me ba re: O na le motemona. Mor’a motho [Jesu] eena o tlile a e-ja, a e-noa, ’me ba re: A le ke le boneng motho oa moji le oa monoi, molekane oa ba-lekhetho le oa baetsalibe.” Ho ne ho se letho le khahlisang “bongata” boo bo sa lateleng melao-motheo!—Mattheu 11:7, 16-19.
13. Barutuoa ba hae ba ntse ba le teng, Jesu o ile a tsebahatsa le ho nyatsa bo-mang e le “moloko ona o khopo”?
13 Hamorao ka 31 C.E., ha Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba qalisa leeto la bona la bobeli la boboleli la ho ea Galilea, “bangoli le bafarisi ba bang” ba ile ba kōpa pontšo ho Jesu. O ile a ba bolella hammoho le “bongata” bo neng bo le teng: “Moloko ona o [khopo, NW], o mofebi, o batla mohlolo; empa ha o ka ke oa neoa mohlolo, ha e se mohlolo oa moporofeta Jonase. Hobane joalo ka Jonase ha a bile matsatsi a mararo le masiu a mararo ka mpeng ea hlapi e kholo, Mor’a motho le eena o tla ba maleng a lefatše matsatsi a mararo le masiu a mararo. . . . Moloko o [khopo, NW] ona o tla hlaheloa ke taba e joalo.” (Mattheu 12:38-46) Ho totobetse hore “moloko ona o [khopo, NW]” o ne o akarelletsa baeta-pele ba bolumeli le “bongata” boo le ka mohla bo sa kang ba utloisisa pontšo e ileng ea phethahala lefung le tsohong ea Jesu.d
14. Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo utloa ha a nyatsa Basadduci le Bafarisi ka ho re’ng?
14 Ka mor’a Paseka ea 32 C.E., ha Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba e-tla sebakeng sa Galilea sa Magdala, Basadduci le Bafarisi ba ile ba boela ba kōpa pontšo ho Jesu. O ile a boela a re ho bona: “Moloko ona o [khopo, NW], o mofebi, o batla pontšo, o mpa o ke ke oa neoa pontšo, ha e se pontšo ea moporofeta Jonase.” (Mattheu 16:1-4) Baikaketsi bao ba bolumeli ruri ba ne ba le molato ka ho fetisisa joaloka baeta-pele har’a “bongata” boo Jesu a ileng a bo nyatsa ka hore ke “moloko ona o [khopo, NW].”
15. Pejana feela le hang ka mor’a hore Jesu a fetohele boemong bo phahameng bo khanyang, eena le barutuoa ba hae ba ile ba kopana joang ka tšohanyetso le ‘moloko ona’?
15 Ho ella qetellong ea tšebeletso ea Jesu Galilea, o ile a bitsa bongata boo le barutuoa ba hae hore bo tle ho eena ’me a re: “Ea hlajoang ke lihlong ka ’na le ka litaba tsa ka, pel’a moloko ona o mofebi, o moetsalibe, le eena Mor’a motho o tla mo hlabeloa ke lihlong.” (Mareka 8:34, 38) Kahoo ho totobetse hore “moloko ona o mofebi, o moetsalibe” o ne o entsoe ka matšoele a Bajode ba sa bakeng ba mehleng eo. Matsatsi a itseng hamorao, ka mor’a hore Jesu a fetohele boemong bo phahameng bo khanyang, Jesu le barutuoa ba hae ‘ba tla ho bongata boo,’ ’me motho e mong a mo kōpa hore a folise mora oa hae. Jesu a re: “Moloko o sa lumeleng, o [sothehileng, NW] ke tla ba le lōna ho le hokae na? Ke tla le behela pelo ho le hokae na”?—Mattheu 17:14-17; Luka 9:37-41.
16. (a) Jesu o ile a boela a nyatsa “bongata” boo ka ho re’ng Judea? (b) “Moloko ona” o ile oa tlōla molao ka tsela e khopo ka ho fetisisa joang?
16 Ho ka etsahala hore ebe e ne e le Judea, ka mor’a Mokete oa Metlotloane ka 32 C.E., “ha bongata bo petahana” ho potoloha Jesu, moo a ileng a boela a ba nyatsa, a re: “Moloko ona ke moloko o [khopo, NW]; o qela mohlolo; ’me ha o ka ke oa neoa mohlolo, ha e se mohlolo oa moporofeta Jonase.” (Luka 11:29) Qetellong, ha baeta-pele ba bolumeli ba qosa Jesu, Pilato o ile a leka ho mo lokolla. Tlaleho e re: “Baprista ba baholo le baholo ba hlohlelletsa bongata hore ba kōpe Barabase, Jesu eena a bolaoe. . . . Pilato a re ho bona: ’Me Jesu, ea bitsoang Kreste, eena ke mo etse joang na? Bohle ba re ho eena: A thakhisoe! ’Musisi a re: Na o entse bobe bofe? Empa ba totisa ho hooa, ba re: A thakhisoe!” ‘Moloko oo o khopo’ o ne o batla hore Jesu a bolaoe!—Mattheu 27:20-25.
17. Ba bang “molokong ona o sothehileng” ba ile ba arabela joang boboleling ba Petrose ka Pentekonta?
17 “Moloko o sa lumeleng, o [sothehileng, NW],” o susumetsoa ke baeta-pele ba oona ba bolumeli, kahoo o ile oa phetha karolo e ka sehloohong tabeng ea ho bolaea Morena Jesu Kreste. Matsatsi a 50 hamorao, ka Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa ba ile ba fumana moea o halalelang ’me ba qala ho bua ka lipuo tse fapaneng. Ha ba utloa molumo, ‘batho ba bangata ba bokana hammoho,’ ’me moapostola Petrose a ba bitsa “banna ba Judea, le lōna bohle ba aheletseng Jerusalema,” a re: “Le mo [Jesu] thakhisitse ka matsoho a bakhopo, le ’molaile.” Ba bang ba bamameli bao ba ile ba itšoara joang? “Ba hlajoa lipelo.” Eaba Petrose o ipiletsa ho bona hore ba bake. O ile “a beha bopaki bo feletseng ’me a ’na a ba khothatsa, a re: ‘Bolokehang molokong ona o sothehileng.’” Ha ba arabela ho sena, ba ka bang likete tse tharo ba ile ba ‘amohela polelo ea hae ka thabo ’me ba kolobetsoa.’—Liketso 2:6, 14, 23, 37, 40, 41, bapisa le NW.
Ho Tsebahatsoa “Moloko Ona”
18. Ha Jesu a ne a sebelisa polelo “moloko ona” o ne a bua ka eng ka tsela e lumellanang?
18 Joale, “moloko” ona oo Jesu a buang ka oona hangata hakana moo barutuoa ba hae ba leng teng ke ofe? Ba ile ba utloisisa eng ka mantsoe a hae: “Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li eso ho etsahale”? Ruri, Jesu o ne a sa fetole tšebeliso ea hae ea motheo ea polelo “moloko ona,” eo a ileng a e sebelisa ka tsela e lumellanang ho matšoele a mehleng ea hae le ‘batsamaisi ba oona ba lifofu’ bao kaofela ha bona e neng e le sechaba sa Bajode. (Mattheu 15:14) “Moloko ona” o ile oa latsoa matšoenyeho ’ohle ao Jesu a ileng a a bolela esale pele eaba o-oa fela ‘mahlomoleng a maholo’ ao ho seng a kileng a lekana le ’ona Jerusalema.—Mattheu 24:21, 34.
19. “Leholimo le lefatše” tsa tsamaiso ea Sejode li ile tsa fela neng hona joang?
19 Lekholong la pele la lilemo, Jehova o ne a ahlola sechaba sa Bajode. Ba bakileng, ba ileng ba bontša tumelo tokisetsong ea Jehova e bonahatsang mohau ka Kreste, ba ile ba bolokoa ‘mahlomoleng ao a maholo.’ Lintho tsohle tse profetiloeng li ile tsa etsahala hantle feela joalokaha Jesu a li boletse esale pele, eaba joale “leholimo le lefatše” tsa tsamaiso ea Sejode ea lintho—e leng sechaba sohle, le baeta-pele ba sona ba bolumeli le mokhatlo oa batho ba khopo—lia fela. Jehova o ne a lihile kahlolo!—Mattheu 24:35; bapisa le 2 Petrose 3:7.
20. Ke keletso efe e nakong e sebetsang hang-hang ho Bakreste bohle?
20 Bajode bao ba neng ba ile ba mamela mantsoe a Jesu a boprofeta ka hloko ba ile ba elelloa hore poloko ea bona e ne e sa itšetleha ka ho leka ho lekanyetsa bolelele ba nako ea “moloko” kapa ba “mehla, leha e le linako,” empa e ne e itšetlehile ka ho lula ba arohile molokong o khopo oa mehleng ea bona le ho etsa thato ea Molimo ka cheseho. Le hoja mantsoe a ho qetela a boprofeta ba Jesu a sebetsa phethahatsong e khōloanyane mehleng ea rōna, Bakreste ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ne ba lokela ho ela hloko keletso ena: “Falimehang ke hona, ’me le rapele ka mehla, le tle le neoe tokelo ea ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ea ho ema pel’a Mor’a motho.”—Luka 21:32-36; Liketso 1:6-8.
21. Re ka lebella ketsahalo efe ea tšohanyetso bokamosong bo haufi?
21 Kajeno, “letsatsi la Jehova . . . le atametse, . . . le bile le akofa ka ho fetisisa.” (Sofonia 1:14-18; Esaia 13:9, 13) Ka tšohanyetso, ka ‘letsatsi le hora’ tseo Jehova a li rerileng esale pele, khalefo ea hae e fetisisang e tla tšolleloa holim’a likarolo tsa lefatše tsa bolumeli, lipolotiki le khoebo, hammoho le batho ba tsoileng tseleng bao “moloko ona o [khopo, NW], o mofebi” oa mehleng ea joale o entsoeng ka bona. (Mattheu 12:39; 24:36; Tšenolo 7:1-3, 9, 14) U ka bolokoa “mahlomoleng a maholo” joang? Sehlooho sa rōna se latelang se tla fana ka karabo se be se bue ka tšepo eo e hlollang ea kamoso.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa kemiso e qaqileng ea boprofeta bona, ka kōpo bona chate e maqepheng a 14 le 15 a Molula-Qhooa oa February 15, 1994.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le ‘liveke’ tsa lilemo, bona maqephe a 130-2 a buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
c Libibele tse itseng li fetolela he ge·ne·aʹ hauʹte ho Mattheu 24:34 tjena: “batho bana” (The Holy Bible in the Language of Today [1976], ea W. F. Beck); “sechaba sena” (The New Testament—An Expanded Translation [1961], ea K. S. Wuest); “batho bana” (Jewish New Testament [1979], ea D. H. Stern).
d “Bongata” bona bo sa tšepahaleng ha boa lokela ho tšoantšoa le ʽam-ha·ʼaʹrets, kapa “batho ba naha,” bao baeta-pele ba bolumeli ba ikakasang ba neng ba hana ho kopana le bona, empa bao Jesu a ileng a ba “utloela bohloko.”—Mattheu 9:36; Johanne 7:49.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Re ithuta eng phethahatsong ea Daniele 9:24-27?
◻ Libuka tsa morao-rao tse hlalosang mantsoe li hlalosa polelo “moloko ona” joang joalokaha e sebelisitsoe ka Bibeleng?
◻ Jesu o ile a sebelisa lentsoe “moloko” joang ka tsela e lumellanang?
◻ Mattheu 24:34, 35 e ile ea phethahala joang lekholong la pele la lilemo?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Jesu o ile a bapisa “moloko ona” le bana ba bangata ba sa laoleheng
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ke Jehova feela ea ileng a tseba esale pele nako ea ho liha kahlolo holim’a tsamaiso ea Sejode e khopo