“Le Lule le Lebetse”—Hora ea ho Ahlola e Fihlile!
Boitsebiso bo sehloohong sena bo nkiloe bukaneng ea Le Lule le Lebetse! e lokolotsoeng likopanong tsa setereke tse neng li tšoeroe lefatšeng ka bophara ka 2004/05.
“Le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.”—MATHEU 24:42.
1, 2. Jesu o ile a tšoantša ho tla ha hae le eng?
U NE u ka etsa’ng haeba u ne u tseba hore ho na le lesholu le ntseng le solla tikolohong ea heno le batla ho qheketsa matlo? U ne u tla lula u le seli, u lebetse e le hore u sireletse baratuoa ba hao le matlotlo a hao. Haholo hobane lesholu ha le tsebise ha le tla. Ho e-na le hoo, le tla le patile mohoasa ebile le sa lebelloa.
2 Jesu o ile a etsa lipapiso tse ’maloa tse bontšang tsela eo lesholu le tlang ka eona. (Luka 10:30; Johanne 10:10) Jesu o ile a fana ka temoso ena mabapi le liketsahalo tse tla etsahala nakong ea qetello le tse tla etsahala pele a tla ho tla liha kahlolo: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe. Empa tsebang ntho e le ’ngoe, hore haeba mong’a ntlo a ne a tsebile hore na lesholu le tla ka tebelo efe, a ka be a ile a lula a falimehile ’me a se ke a lumella hore ntlo ea hae e thuhuoe.” (Matheu 24:42, 43) Kahoo Jesu o ile a tšoantša ho tla ha hae le tsela eo lesholu le tlang ka eona—e le ho sa lebelloang.
3, 4. (a) Ho mamela temoso ea Jesu mabapi le ho tla ha hae ho akarelletsa eng? (b) Ho hlaha lipotso life?
3 Papiso eo e ne e loketse, kaha nako e tobileng ea ho tla ha Jesu ha e tsejoe. Pejana, hona boprofeteng boo, Jesu o ile a re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Matheu 24:36) Kahoo, Jesu o ile a phehella bamameli ba hae a re: “Le itokise.” (Matheu 24:44) Ba mamelang temoso ea Jesu ba ne ba tla itokisa, ba lule e le malala-a-laotsoe, ho sa tsotellehe hore na o tla neng e le Mophethahatsi oa Kahlolo ea Jehova.
4 Ho hlaha lipotso tse ling tsa bohlokoa: Na Jesu o ne a lemosa batho ba lefatše feela, kapa Bakreste ba ’nete le bona ba lokela ‘ho lula ba lebetse’? Ke hobane’ng ha ho potlakile hore re ‘lule re lebetse,’ hona seo se akarelletsa eng?
Ho Lemosoa Bo-mang?
5. Re tseba joang hore ho ne ho lemosoa Bakreste ba ’nete ha ho thoe “le lule le lebetse”?
5 Ke ’nete hore Morena o tla tla ka mokhoa o kang oa lesholu ho batho ba lefatše, ba hlokomolohang temoso ea hore ho na le tlokotsi e tlang. (2 Petrose 3:3-7) Empa ho thoe’ng ka Bakreste ba ’nete? Ha moapostola Pauluse a ngolla balumeli-’moho le eena o ile a re: “Le tseba hantle hore letsatsi la Jehova le tla hantle feela joaloka lesholu bosiu.” (1 Bathesalonika 5:2) Ha re na pelaelo le e nyenyane ea hore ‘letsatsi la Jehova lea tla.’ Empa na seo se bebofatsa taba ea hore re lokela ho lula re lebetse? Hlokomela hore Jesu o ne a bua le barutuoa ba hae, ha a re: “Mor’a motho o tla tla ka hora eo le sa e nahaneng.” (Matheu 24:44) Pejana ha Jesu a ne a khothalletsa barutuoa ba hae hore ba batle ’Muso ba sa khaotse, o ile a ba lemosa, a re: “Le lule le lokile, hobane Mor’a motho o tla ka hora eo le sa nahaneng hore e ka ba eona.” (Luka 12:31, 40) Na see ha se bontše ka ho hlaka hore Jesu o ne a lemosa balateli ba hae ha a re: “Le lule le lebetse”?
6. Ke hobane’ng ha re lokela ‘ho lula re lebetse’?
6 Ke hobane’ng ha re lokela ‘ho lula re lebetse’ re bile re ‘itokisitse’? Jesu o ile a re: “Banna ba babeli ba tla be ba le tšimong: e mong o tla nkuoa ’me e mong a tloheloe; basali ba babeli ba tla be ba sila leloaleng la letsoho: e mong o tla nkuoa ’me e mong a tloheloe.” (Matheu 24:40, 41) Ba itokisitseng ba tla “nkuoa,” kapa ba pholosoe ha lefatše lena le sa tšabeng Molimo le felisoa. Ba bang ba tla ‘tloheloa’ hore ba timetsoe hobane ba ’nile ba phehella ho phela ka tsela ea boithati. Batho bao ba ka ’na ba akarelletsa batho ba kileng ba tseba ’nete empa ba sa ka ba lula ba lebetse.
7. Ho se tsebe nako e tobileng eo bofelo bo tla tla ka eona ho re fa monyetla oa ho bontša eng?
7 Kaha ha re tsebe nako e tobileng eo bofelo ba tsamaiso ena ea khale ea lintho bo tla fihla ka eona, seo se re fa monyetla oa ho bontša hore re sebeletsa Molimo ka sepheo se setle. Ka tsela efe? Ho ka ’na ha bonahala eka bofelo bo lieha ho tla. Ka masoabi, Bakreste ba bang ba ikutloang ka tsela ena ba lumeletse cheseho ea bona tšebeletsong ea Jehova hore e tape. Empa ha re ne re inehela, re ile ra itlhahisa ho Jehova e le hore re mo sebeletse re sa itšiele letho. Ba tsebang Jehova baa hlokomela hore ho cheseha ka motsotso oa ho qetela ho ke ke ha mo khahla. O bona seo pelo e leng sona.—1 Samuele 16:7.
8. Ho rata Jehova ho re susumelletsa ho lula re lebetse joang?
8 Kaha re rata Jehova e le kannete, re fumana thabo e khaphatsehang ha re etsa thato ea hae. (Pesaleme ea 40:8; Matheu 26:39) Re batla ho sebeletsa Jehova ka ho sa feleng. Bohlokoa ba tšepo eo ha bo fokotsoe ke hore re lokela ho leta haleletsana ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng. Habohlokoa le ho feta, re lula re lebetse hobane re lebeletse ka tjantjello seo letsatsi la Jehova le tla se finyella ho phethahatseng morero oa hae. Takatso e matla ea ho khahlisa Molimo e re susumelletsa ho sebelisa keletso e Lentsoeng la hae le ho etelletsa ’Muso oa hae pele bophelong ba rōna. (Matheu 6:33; 1 Johanne 5:3) A re hlahlobeng kamoo ho lula re lebetse ho lokelang ho ama liqeto tseo re li etsang le tsela eo re phelang ka eona letsatsi le letsatsi.
Bophelo ba Hao bo Lebile Hokae?
9. Ke hobane’ng ha ho potlakile hore batho ba lefatše ba falimehele se boleloang ke mehla eo re phelang ho eona?
9 Batho ba bangata kajeno baa lemoha hore mathata a tebileng le liketsahalo tse tšosang e se e le karolo ea bophelo, ’me e ka ’na eaba ha ba khotsofatsoe ke moo bophelo ba bona bo lebileng teng. Empa na baa tseba hore na maemo ao ba phelang har’a ’ona a hlile a bolela’ng? Na baa hlokomela hore re phela ‘qetellong ea tsamaiso ea lintho’? (Matheu 24:3) Na baa lemoha hore ho ata ha mekhoa ea boithati, pefo, esita le ho se tšabe Molimo ho bontša hore aa ke ‘matsatsi a ho qetela’? (2 Timothea 3:1-5) Ho potlakile hore ba falimehele se boleloang ke sena sohle ’me ba hlahlobe tsela eo ba phelang ka eona.
10. Re lokela ho etsa eng e le hore re netefatse hore re lula re lebetse?
10 Ho thoe’ng ka rōna? Letsatsi le letsatsi re lokela ho etsa liqeto tse amang mosebetsi oa rōna oa boipheliso, bophelo ba rōna ba ’mele, malapa a rōna le borapeli ba rōna. Re tseba seo Bibele e se bolelang, ’me re leka ho se sebelisa. Ka hona, re lokela ho ipotsa: ‘Na ke lumeletse matšoenyeho a bophelo hore a nkise hosele? Na ke lumella lifilosofi tsa lefatše le monahano oa lona ho laola seo ke khethang ho se etsa?’ (Luka 21:34-36; Bakolose 2:8) Re lokela ho tsoela pele re bontša hore re tšepile Jehova ka lipelo tsohle tsa rōna ’me re se ke ra itšetleha ka kutloisiso ea rōna. (Liproverbia 3:5) Ka tsela eo, re tla “tšoara ka tieo bophelo ba sebele”—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo.—1 Timothea 6:12, 19.
11-13. Re ka ithuta eng mohlaleng oa se etsahetseng (a) mehleng ea Noe? (b) mehleng ea Lota?
11 Bibele e na le mehlala e mengata e lemosang e ka re thusang ho lula re lebetse. Nahana ka se etsahetseng mehleng ea Noe. Molimo o ile a netefatsa hore ho fanoa ka temoso nako e telele esale pele. Empa batho ha baa ka ba e ela hloko, haese Noe le ba lelapa la hae feela. (2 Petrose 2:5) Mabapi le seo, Jesu o ile a re: “Feela kamoo matsatsi a Noe a neng a le kateng, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo. Etsoe joalokaha matsatsing ao pele ho moroallo, ba ne ba ja ’me ba noa, banna ba nyala ’me basali ba nyalisoa, ho fihlela letsatsing leo Noe a ileng a kena ka arekeng ka lona; ’me ba se ke ba elelloa ho fihlela moroallo o tla ’me o ba hohola bohle, ho ba teng ha Mor’a motho ho tla ba joalo.” (Matheu 24:37-39) Re ka ithuta eng ho see? Haeba leha e le bafe ba rōna ba lumella mesebetsi e tloaelehileng ea bophelo ba letsatsi le letsatsi hore e pupetse lintho tsa moea tseo Molimo a re khothalletsang hore re li behe sebakeng sa pele, ho hlokahala hore re nahane ka ho teba ka boemo ba rōna.—Baroma 14:17.
12 Ak’u nahane hape ka se etsahetseng mehleng ea Lota. Motse oa Sodoma, moo Lota le ba lelapa la hae ba neng ba lula teng, o ne o ruile empa o qoetse boitšoarong bo litšila. Jehova o ile a romela mangeloi ho ea o felisa. Mangeloi ao a ile a phehella Lota le ba lelapa la hae hore ba balehe Sodoma ’me ba se ke ba hetla. Ba ile ba tsoa motseng ka mor’a hore mangeloi a ba khothalletse hore ba tsoe. Empa kamoo ho bonahalang kateng, pelo ea mosali oa Lota e ne e ntse e khomaretse lehae la hae Sodoma. Ha aa ka a mamela, o ile a hetla, e leng se ileng sa fella ka hore a shoe. (Genese 19:15-26) Ha Jesu a re lemosa ka tsela ea boprofeta, o ile a re: “Hopolang mosali oa Lota.” Na re latela temoso eo?—Luka 17:32.
13 Ba ileng ba ela hloko litemoso tsa Molimo ba ile ba bolokeha. Ho bile joalo ka Noe le ba lelapa la hae le Lota le barali ba hae. (2 Petrose 2:9) Ha re ntse re thuisa ka mehlala ena e lemosang, re boetse re khothatsoa ke molaetsa oa topollo oo e o fuparetseng ba ratang ho loka. E tlatsa lipelo tsa rōna tebello e tiileng ea hore tšepiso ea Molimo ea “maholimo a macha le lefatše le lecha” tseo “ho loka ho tla aha ho tsona” e tla phethahala.—2 Petrose 3:13.
‘Hora ea ho Ahlola e Fihlile’!
14, 15. (a) “Hora” ea ho ahlola e akarelletsa eng? (b) ‘Ho tšaba Molimo le ho mo tlotlisa’ ho akarelletsa eng?
14 Re ka lebella eng ha re ntse re lutse re lebetse? Buka ea Tšenolo e hlalosa se tla etsahala mohato ka mohato ha morero oa Molimo o phethahala. Ke habohlokoa hore re etse seo e se bolelang e le hore re lule re itokisitse. Boprofeta boo bo hlalosa ka ho qaqileng se neng se tla etsahala “letsatsing la Morena,” le qalileng ha Kreste a behoa teroneng leholimong ka 1914. (Tšenolo 1:10) Tšenolo e re hlokomelisa ka lengeloi le filoeng “litaba tse molemo tse sa feleng hore le li bolele.” Le re ka lentsoe le phahameng: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise, hobane hora ea ho ahlola ha hae e fihlile.” (Tšenolo 14:6, 7) “Hora” eo ea ho ahlola ke nako e khutšoanyane; e akarelletsa ho phatlalatsoa ha likahlolo tse boletsoeng boprofeteng boo le ho phethahatsoa ha tsona. Hona joale re phela nakong eo.
15 Pele hora eo ea ho ahlola e fela, re khothatsoa ka mantsoe a reng: “Tšabang Molimo ’me le mo tlotlise.” See se akarelletsa eng? Ho tšaba Molimo ka ho loketseng ho lokela ho re susumelletsa ho furalla bobe. (Liproverbia 8:13) Haeba re hlompha Molimo, re tla mo mamela ka tlhompho e tebileng. Ha re na ho tšoareha hoo re sitoang ho bala Lentsoe la hae, Bibele, kamehla. Ha re na ho khella fatše keletso ea hae ea hore re be teng libokeng tsa Bokreste. (Baheberu 10:24, 25) Re tla ananela tokelo ea ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo oa Bomesia ’me re etse seo ka cheseho. Re tla tšepa Jehova ka linako tsohle le ka lipelo tsohle tsa rōna. (Pesaleme ea 62:8) Kaha rea tseba hore Jehova ke ’Musi oa Bokahohle, re mo hlompha ka ho ikemisetsa ho ikokobelletsa eena e le ’Musi oa bophelo ba rōna. Na u tšaba Molimo e le kannete le ho mo tlotlisa ka hohle ka litsela tseo?
16. Ke hobane’ng ha re ka re ho ahloloa ha Babylona e Moholo ho boletsoeng ho Tšenolo 14:8 ho se ho phethahetse?
16 Tšenolo khaolo ea 14 e hlalosa liketsahalo tse ling tse lokelang ho etsahala nakong ea hora ea ho ahlola. E qala ka ho bua ka Babylona e Moholo, e leng ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, e re: “Le leng, lengeloi la bobeli, la latela, le re: ‘O oele! Babylona e Moholo o oele!’” (Tšenolo 14:8) E, ponong ea Molimo, Babylona e Moholo e se e ntse e oele. Ka 1919 bahlanka ba Jehova ba tlotsitsoeng ba ile ba lokolloa botlamuoeng ba lithuto tsa Babylona le mekhoeng ea eona, tse ’nileng tsa laola batho le lichaba ka lilemo tse likete. (Tšenolo 17:1, 15) Joale ba ne ba ka inehela ho ntšetseng pele borapeli ba ’nete. Ho tloha ka nako eo litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ’nile tsa boleloa lefatšeng lohle.—Matheu 24:14.
17. Ho tsoa Babylona e Moholo ho akarelletsa eng?
17 Kahlolo ea Molimo ho Babylona e Moholo ha e felle moo. Timetso ea eona ea ho qetela e haufi. (Tšenolo 18:21) Ka ho utloahalang, Bibele e phehella batho hohle e re: “Tsoang ho eena [Babylona e Moholo] . . . haeba le sa batle ho kopanela le eena libeng tsa hae.” (Tšenolo 18:4, 5) Re ka tsoa Babylona e Moholo joang? Eseng ka ho khaola maqhama le bolumeli ba bohata feela. Tšusumetso ea Babylona e fumaneha meketeng le meetlong e mengata e ratoang, boikutlong ba lefatše ba ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe ha ho tluoa tabeng ea ho kopanela liphate le ho khothalletseng boithabiso bo tsamaisanang le tšebelisano le meea le lintho tse ling tse ngata. E le hore re lule re lebetse, ke habohlokoa hore re bontše ka liketso le ka seo re se lakatsang lipelong tsa rōna hore ka sebele re arohile ho Babylona e Moholo ka hohle-hohle.
18. Ho latela se hlalositsoeng ho Tšenolo 14:9, 10, Bakreste ba falimehileng ba ela hloko hore ba qobe eng?
18 Ho Tšenolo 14:9, 10, ho hlalosoa karolo e ’ngoe ea ‘hora ea ho ahlola.’ Lengeloi le leng le re: “Haeba leha e le mang a rapela sebata le setšoantšo sa sona, ’me a amohela letšoao phatleng ea hae kapa letsohong la hae, o tla boela a noe veine ea bohale ba Molimo.” Hobane’ng? “Sebata le setšoantšo sa sona” li tšoantšetsa puso ea batho, e sa amoheleng bobusi ba Jehova. Bakreste ba falimehileng ba ela hloko hore tsela eo ba ikutloang ka eona kapa eo ba etsang lintho ka eona e se ke ea susumetsoa ke ba sa amoheleng bobusi bo phahameng ba Jehova Molimo oa ’nete kapa hona hore e se ke ea ba tšoaea e le makhoba a bona. Bakreste baa tseba hore ’Muso oa Molimo o se o hlonngoe leholimong, e leng ’Muso o tla silakanya ’me o felise mebuso eohle ea batho, ’me oona o eme ka ho sa feleng.—Daniele 2:44.
U se ke Ua Khoehlisa!
19, 20. (a) Ha re ntse re kenella hare-hare matsatsing a ho qetela, re ka kholiseha hore Satane o tla leka ho etsa’ng? (b) Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?
19 Likhatello le liteko li tla eketseha ha re ntse re kenella hare-hare matsatsing ana a ho qetela. Hafeela re ntse re phela tsamaisong ena ea khale ea lintho re bile re hlaseloa ke ho se phethahale ha rōna, re tla ’ne re angoe ke lintho tse kang ho kula, botsofali, ho shoeloa ke batho bao re ba ratang, likhopiso, ho soetsoa ke batho ba sa thabeleng ha re bua ka Lentsoe la Molimo le lintho tse ling tse ngata. U se ke ua lebala hore Satane o leka ka matla ho sebelisa likhatello tseo re tobanang le tsona ho re susumelletsa hore re tele—e le hore re khaotse ho bolela litaba tse molemo kapa re khaotse ho phela ka melao-motheo ea Molimo. (Baefese 6:11-13) Ena hase nako ea hore re khoehlise ha re nahana ka linako tseo re phelang ho tsona!
20 Jesu o ne a tseba hore re tla ba tlas’a khatello e matla ea hore re tele, kahoo o ile a re eletsa a re: “Le lule le lebetse, hobane ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe.” (Matheu 24:42) Kahoo, a re luleng re falimehile re hlokomela hore na re phela nakong efe. A re itebeleng e le hore re se ke ra tšoasoa ke maqiti a Satane a ka etsang hore re nyehlise kapa re khaotse. A re ikemisetseng ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka cheseho le ka tieo. A re etseng sohle se matleng a rōna ho phahamisa maoto e le ha re mamela temoso ea Jesu e reng: “Le lule le lebetse.” Ha re mamela temoso eo, re tla tlotlisa Jehova ’me re tla ba har’a ba tšepang ho fumana litlhohonolofatso tsa hae tsa ka ho sa feleng.
U ka Araba Joang?
• Re tseba joang hore temoso ea Jesu ea hore batho ba ‘lule ba lebetse’ e sebetsa ho Bakreste ba ’nete?
• Ke mehlala efe e lemosang e ka Bibeleng e ka re thusang ho ‘lula re lebetse’?
• Hora ea ho ahlola ke eng, hona re phehelloa ho etsa eng pele e fela?
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Jesu o ile a tšoantša ho tla ha hae le tsela eo lesholu le tlang ka eona
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Ho timetsoa ha Babylona e Moholo ho atametse
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
A re ikemisetseng ho bolela ka cheseho le ka tieo haholoanyane