Pale ea Bophelo
Ke Ile ka Matlafatsoa ke Mohlala oa Batsoali ba Ka
JOALOKAHA HO BOLETSE JANEZ REKELJ
E ne e le ka selemo sa 1958. ’Na le mohats’a ka, Stanka, re ne re le holimo Lithabeng Tse Telele tsa Karawanken tse moeling oa Yugoslavia le Austria, re leka ho balehela Austria. Ho etsa seo ho ne ho le kotsi, kaha balebeli ba hlometseng ba lebetseng moeli oa Yugoslavia ba ne ba ikemiselitse ho thibela motho leha e le mang ho feta moo. Ha re ntse re ea le methati, ra fihla lintšing tsa selomo se selelele. ’Na le Stanka re ne re qala ho bona lithaba tse ka lehlakoreng la Austria. Re ile ra leba bochabela ho fihlela re fihla leralleng le nang le lehlohlojane. Ra ithatela ka seile eo re neng re e nkile, ra ntan’o theoha letsoapong moo re sa tsebe hore na bokamoso bo re tšoaretse eng.
E-RE ke u phetele hore na ho tlile joang hore re be boemong bona le hore na ho tšepahala ha batsoali ba ka ho ile ha ntšusumetsa joang hore ke lule ke tšepahala ho Jehova linakong tse thata.
Ke hōletse Slovenia, eo hona joale e leng naha e nyenyane e Europe Bohareng. E lutse har’a Lithaba Tse Telele tsa Europe, ka leboea ho eona ke Austria, ka bophirimela ke Italy, ’me ka boroa ke Croatia ha ka bochabela ho eona e le Hungary. Ha batsoali ba ka, e leng Franc le Rozalija Rekelj ba hlaha, Slovenia e ne e le karolo ea ’Muso oa Austria le Hungary. Ha Ntoa ea I ea Lefatše e lala, Slovenia e ile ea e-ba karolo ea ’muso o mocha o neng o bitsoa ’Muso oa Maserbia, Macroatia le Maslovenia. Ka 1929 lebitso la naha eo le ile la fetoloa ea e-ba Yugoslavia, eo ha e le hantle e bolelang “Slavia Boroa.” Ke hlahile ka la 9 January hona selemong seo, ’me ke hlahetse motseng oa Podhom, o haufi le Letša la Bled le bohehang.
’Mè o hōlisitsoe e le Mok’hatholike oa popota. Rangoane oa hae e mong e ne e le moprista, ’me bo-rakhali’ae ba bararo e le masistere. O ne a labalabela ho ba le Bibele, a bile a labalabela ho e bala le ho e utloisisa. Ntate eena o ne a sa thahaselle bolumeli hakaalo. O ne a sa rate tsela eo bolumeli bo kentseng letsoho ka eona Ntoeng e Khōlō e loannoeng ho tloha ka 1914 ho isa ka 1918.
Ba Ithuta ’Nete
Nakoana ka mor’a ntoa, motsoala oa ’Mè ea bitsoang Janez Brajec le mosali oa hae, Ančka, e ile ea e-ba Liithuti Tsa Bibele, e leng kamoo Lipaki Tsa Jehova li neng li tsejoa kateng. Ka nako eo ba ne ba lula Austria. Hoo e ka bang ho tloha ka 1936, Ančka o ile a qala ho etela ’Mè ka makhetlo a ’maloa. O ile a mo fa Bibele, eo ’Mè a sa kang a senya nako ho e bala, hammoho le limakasine tsa Molula-Qhooa le likhatiso tse ling tsa Bibele tsa Seslovenia. Qetellong, Janez le Ančka ba ile ba khutlela Slovenia, kaha Hitler o ile a hapa Austria ka 1938. Ke sa hopola hore e ne e le banyalani ba rutehileng, ba nang le temoho ba bileng ba ratang Jehova ka tieo. Ba ne ba atisa ho buisana le ’Mè ka linnete tsa Bibele, e leng se ileng sa mo susumelletsa hore a nehele bophelo ba hae ho Jehova. O ile a kolobetsoa ka 1938.
’Mè o ile a makatsa batho moo motseng ha a khaotsa ho etsa meetlo e sa lumellaneng le Mangolo, e joaloka ho keteka Keresemese; le ha a khaotsa ho ja soseje e nang le mali; ’me a ba makatsa le ho feta ha a tlosa litšoantšo tsohle tseo re neng re e-na le tsona lapeng ’me a li chesa. Ka mor’a nakoana o ile a qala ho hanyetsoa. Bo-rakhali ba ’Mè bao e neng e le masistere, ba ile ba mo ngolla ba leka ho mo kholisa hore a khutlele ho Maria le kerekeng. Empa eitse ha ’Mè le eena a ba ngolla a kōpa hore ba arabe lipotso tse itseng tse tobileng tsa Bibele, eaba ha ba sa mo ngolla. Ntate-moholo le eena o ile a mo hanyetsa ka matla. E ne e se motho ea bohale, empa beng ka rōna le baahelani ba ne ba mo behile bothateng. Ka lebaka leo, o ile a senya lingoliloeng tsa ’Mè tsa Bibele ka makhetlo a ’maloa, empa Bibele eona a e siea. O ile a khumama fatše e le ha a kōpa ’Mè hore a khutlele kerekeng. A ba a ea bohōleng ba hore a tšose ’Mè ka thipa. Empa Ntate a mo bolella a lomahantse meno hore a ke ke a lumella seo.
Ntate o ile a tsoela pele ho tšehetsa tokelo ea ’Mè ea hore a bale Bibele le hore a ikhethele seo a se lumelang. Ntate o ile a kolobetsoa ka 1946. Le ’na ha ke bona kamoo Jehova a matlafalitseng ’Mè kateng hore a emele ’nete ka tieo le hoja a hanyetsoa ’me ke bona kamoo Jehova a hlohonolofalitseng tumelo ea hae kateng, ke ile ka susumelletseha hore le ’na ke be le kamano le Molimo. Hape ’Mè o ile a nthusa haholo kaha o ne a tloaetse ho mpalla Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng.
’Mè o ne a boetse a buisana le moen’ae ea lulang hōjana le lapeng, e leng Marija Repe, ’me qetellong ’na le Mangoane Marija re ile ra kolobelletsoa hong ka July 1942. Mora e mong oabo rōna o ile a fana ka puo e khutšoanyane, ra ntan’o kolobelletsoa ka bateng e khōlō e entsoeng ka lehong, lapeng heso.
Ke Ile ka Qobelloa ho Sebetsa Nakong ea Ntoa ea II ea Lefatše
Ka 1942, ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e kupa, Jeremane le Italy li ile tsa hlasela Slovenia ’me tsa arolelana Hungary. Batsoali ba ka ba ile ba hana ho kena mokheng oa Volksbund, o neng o tšehetsa Manazi. Ke ile ka hana ho re “Heil Hitler” sekolong. Kamoo ho bonahalang kateng, tichere ea ka e ile ea tsebisa ba boholong ka taba ena.
Re ile ra kenngoa tereneng e eang mohahong o mong o moholo o haufi le motse oa Hüttenbach, Bavaria, eo e neng e le kampo ea mosebetsi o boima. Ntate o ile a hlophisa hore ke sebetse ha motho e mong ea neng a e-na le lebaka moo le hore ke lule le eena le ba lelapa la hae. Ha ke ntse ke le moo ke ile ka ithuta ho baka, e leng se ileng sa nthusa haholo hamorao. Ka mor’a nako, bohle ba lelapa leso (ho akarelletsa ’Mangoane Marija le ba lelapa la hae) ba ile ba isoa kampong e ’ngoe e Gunzenhausen.
Ha ntoa e lala, ke ne ke lokela ho tsamaea le sehlopha se seng ho ea moo batsoali ba ka ba leng teng. Empa Ntate o ile a fihla ka tšohanyetso mantsiboeeng a ha ke tla tsoha ke tsamaea. Ha ke tsebe hore na nka be ke le hokae hoja ke ile ka tsamaea le sehlopha seo, kaha e ne e le sa batho ba belaetsang. Le mona ke ile ka hlokomela tsela e lerato eo Jehova a ntlhokometseng ka eona a sebelisa batsoali ba ka hore ba ntšireletse le ho nkoetlisa. Ke ile ka qeta matsatsi a mararo ke tsamaea le Ntate ho ea kopana le ba bang ba lelapa leso. Re ile ra fihla hae kaofela ha rōna ka June 1945.
Ka mor’a ntoa, Yugoslavia e ile ea laoloa ke Makomonisi a neng a eteletsoe pele ke Mopresidente Josip Broz Tito. Ka lebaka leo, lintho li ile tsa ’na tsa thatafalla Lipaki Tsa Jehova.
Ka 1948 ho ile ha tla mora e mong oabo rōna ea tsoang Austria ’me a ba le rōna lijong. Mapolesa a ne a mo setse morao hohle moo a eang teng ’me a ne a tšoara barab’abo rōna bao a neng a ba etela. Ntate le eena o ile a tšoaroa hobane a ne a ile a mo amohela ka liatla tse mofuthu ’me a se ke a mo tlaleha mapoleseng, ka hona Ntate o ile a koalloa lilemo tse peli teronkong. Eo e ne e le nako e thata ho ’Mè, eseng feela hobane Ntate a le sieo empa hape hobane a tseba hore haufinyane ’na le moen’a ka re ne re tla tobana le teko ea ho se nke lehlakore.
Ke Koalloa Teronkong Macedonia
Ke ile ka bitsetsoa sesoleng ka November 1949. Ke ile ka itlaleha ’me ka hlalosa hore letsoalo la ka ha le ntumelle ho amohela mosebetsi oo. Ba boholong ha baa ka ba mamela, ho e-na le hoo ba ile ba nkenya tereneng e eang Macedonia, e ka lehlakoreng le leng la Yugoslavia, hammoho le ba bang ba sa tsoa kena sesoleng.
Ke ile ka qeta lilemo tse tharo ke sa bonane le ba lelapa leso le barab’eso ke bile ke se na lingoliloeng esita le eona Bibele. Lintho li ne li hlile li le thata. Ke ne ke thusoa ke ho thuisa ka Jehova le ka mohlala oa Mora oa hae, Jesu Kreste. ’Me mohlala oa batsoali ba ka o ile oa ’matlafatsa. Ho feta moo, ho rapela kamehla ke kōpa matla ho ile ha nthusa hore ke se ke ka nyahama.
Qetellong, ke ile ka isoa teronkong e Idrizovo, haufi le Skopje. Teronkong ena, batšoaruoa ba ne ba etsa mesebetsi e sa tšoaneng. Ke qalile ke hloekisa hamorao ka tsamaisa melaetsa e eang liofising. Le hoja motšoaruoa e mong eo e neng e kile ea e-ba lepolesa la mautloela a ne a atisa ho ntsunya-tsunya, ke ne ke sebelisana hantle le batho ba bang kaofela—balebeli, batšoaruoa, esita le mookameli oa fektheri ea teronko.
Ha nako e ntse e ea, ke ile ka utloa hore ho hlokahala motho ea sebetsang lebakeng la teronko. Matsatsi a se makae hamorao, mookameli o ile a tla ho tla bitsa mabitso a batšoaruoa ba teng. O ile a tla a ntse a ea le mola, ’me a fihla a ema ka pel’a ka, eaba o re, “Na u tseba ho baka?” Ka re, “Kea tseba, Mohlomphehi.” Eaba o re: “Hosasane hoseng u itlalehe lebakeng.” Motšoaruoa ea neng a rata ho ntlhekefetsa o ne a atisa ho mpheta ke le ka lebakeng moo empa a sa khone ho nketsa letho. Ke sebelitse moo ho tloha ka February ho fihlela ka July, 1950.
Ka mor’a moo, ke ile ka isoa liahelong tsa sesole tsa Volkoderi, ka boroa ho Macedonia, haufi le Letša la Prespa. Ha ke le motseng oa Otešovo o haufi le moo, ke ne ke khona ho ngolla hae. Ke ne ke sebetsa ’mileng, empa ke qeta boholo ba nako ke le lebakeng, e leng ho neng ho ’nolofalletsa lintho. Ke ile ka lokolloa ka November 1952.
Ho ile ha thehoa phutheho Podhom ha ke ntse ke le sieo. Qalong, phutheho eo e ne e kopanela ntlong e ’ngoe ea baeti e motseng oa Spodnje Gorje. Hamorao, Ntate o ile a lokisetsa hore phutheho e tšoarele liboka kamoreng e ’ngoe ea lapeng. Ke ile ka thabela ho kopanela le eona ha ke khutla Macedonia. Ke ile ka boela ka tsosolosa setsoalle le Stanka, eo ke neng ke mo tsebile pele ke ea teronkong. Re ile ra nyalana ka la 24 April, 1954. Empa phomolo eo ea ka e bile ea nakoana feela.
Ke Koalloa Teronkong Maribor
Ke ile ka boela ka bitsetsoa sesoleng ka September 1954. Lekhetlong lena, ke ile ka ahloleloa ho qeta nako e fetang lilemo tse tharo le halofo teronkong ea Maribor, e karolong e ka bochabela ea Slovenia. Ke ile ka reka lipampiri le lipentšele, hang feela ha ke fumana monyetla. Eaba ke qala ho ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e hopolang—litemana, lintlha tse tsoang Molula-Qhooeng le lingoliloeng tse ling tsa Bokreste. Ke ne ke bala lintlha tseo ke li ngotseng ebe ke ntse ke ngola tse ling ha ke li hopola. Ha ke tsoa teronkong buka eo e ne e tletse, e leng se ileng sa ’nolofalletsa ho lula ke tsepame ’neteng ke bile ke le matla moeeng. Ho rapela le ho thuisa le hona ho ile ha nthusa hore ke be matla moeeng, ha nthusa hore ke be sebete haholoanyane ha ke bua le ba bang ka ’nete.
Lekhetlong lena, ke ne ke lumeletsoe ho fumana lengolo le le leng ka khoeli le ho eteloa hang ka khoeli ka metsotso e 15. Stanka o ne a qeta bosiu bohle a tsamaea ka terene e le hore a fihle teronkong esale hoseng ha a tl’o mpona le hore a tsebe ho khutlela hae hona letsatsing leo. Maeto ao a ile a nkhothatsa haholo. Ke ile ka loha leqheka la hore ke fumane Bibele. Re ne re lutse tafoleng re shebane le Stanka, ’me ho e-na le molebeli ea re lebetseng. Eitse ha molebeli eo a sheba koana, ka sunya lengolo ka mokotleng oa hae, ke mo kōpa hore a tle a kentse Bibele ka mokotleng ha a tla lekhetlong le latelang.
Stanka le batsoali ba ka ba ile ba nahana hore ho etsa seo ho tla ba kotsi haholo, kahoo ba ntša maqephe a Mangolo a Segerike a Bakreste ’me ba a kenya ka har’a libantše. Ka tsela eo ke ile ka fumana Bibele eo ke neng ke e hloka. Ke ile ka fumana le lihlooho tsa Molula-Qhooa ka tsela e tšoanang, tseo Stanka a neng a li ngola ka letsoho. Ke ne ke ingolla tsona ka letsoho hang feela ha li fihla ebe ke tabola tseo a li ngotseng e le hore ha motho a ka li fumana a se ke a tseba hore na li tsoa hokae.
Kaha ke ne ke lula ke paka, batšoaruoa ba bang ba ne ba re ke tla kena khathatsong. Ka letsatsi le leng, ke ne ke hlile ke chesa lekomo le motšoaruoa e mong re buela holimo ka Bibele. Ra utloa senotlolo se se se bula monyako, eaba ho kena molebeli. Ke ne ke nahana hore ke tlil’o koalloa seleng ke le mong. Empa molebeli o ne a sa rera ho etsa seo. O ne a utloile puisano ea rōna ’me a batla ho tla mamela le eena. Ha a se a khotsofetse ke likarabo tsa lipotso tseo a neng a li botsa, o ile a itsoela eaba o notlela monyako.
Khoeling ea ho qetela ea kahlolo ea ka, mokomishinara ea ikarabellang tabeng ea ho sokolla batšoaruoa o ile a mpabatsa ka hore ke ikemiselitse ho emela ’nete ka tieo. Ke ile ka nka hore oo ke moputso o babatsehang oa boiteko boo ke bo entseng ba ho tsebahatsa lebitso la Jehova. Ke ile ka boela ka lokolloa ka May 1958.
Re Ile ra Balehela Austria, ra Ntan’o ea Australia
’Mè o ile a hlokahala ka August 1958. O ne a kutse nakoana. Ke ile ka boela ka bitsetsoa sesoleng ka lekhetlo la boraro ka September 1958. Mantsiboeeng ’ona ao, ’na le Stanka re ile ra etsa qeto ea bohlokoa e ileng ea etsa hore re tšele moeli ka lephehlophehlo lela leo ke le hlalositseng qalong. Re ile ra paka mekotla e seng mekae e jaroang mahetleng ra nka le seile ra ntan’o tsoa ka fensetere re sa bolella motho, eaba re leba moeling oa Austria o ka bophirimela ho Thaba ea Stol. Kamoo ho bonahalang kateng, Jehova o ile a re bulela tsela ea ho tsoa ha a bona hore re hloka thuso.
Ba boholong Austria ba ile ba re isa kampong ea baphaphathehi e haufi le Salzburg. Ka likhoeli tse tšeletseng tseo re li qetileng moo, re ne re lula re e-na le Lipaki tsa moo kahoo re ne re qeta nako e fokolang re le kampong. Ba bang moo kampong ba ne ba makatsoa ke hore re khonne ho etsa metsoalle ka pele joalo. Ke nakong ena moo re ileng ra ea kopanong ka lekhetlo la pele. Ntho e ’ngoe eo re neng re qala ho e etsa ke ho bolela ka bolokolohi ka ntlo le ntlo. Ho ne ho le thata ho siea metsoalle eo ea rōna e ratehang ha re lokela ho arohana.
Ba boholong Austria ba ile ba re fa monyetla oa ho fallela Australia. Re ne re sa nahane hore le ka mohla re ka ea hōle hakaalo. Re ile ra kena tereneng ra ea Genoa, Italy, ra ntan’o kena sekepeng ra leba Australia. Qetellong, re ile ra lula motseng oa Wollongong, New South Wales. Ke hona moo mora oa rōna Philip, a hlahetseng teng ka la 30 March, 1965.
Ho lula Australia ho ile ha re bulela menyetla e mengata ea tšebeletso, ho akarelletsa monyetla oa ho pakela batho ba bang ba falletseng moo ba tsoang libakeng tseo pele li neng li tsejoa e le Yugoslavia. Re leboha litsela tseo Jehova a re hlohonolofalitseng ka tsona, ho akarelletsa hore ebe re khona ho mo sebeletsa re le lelapa le momahaneng. Philip le mosali oa hae, Susie, ba sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova e Australia, ’me ba qetile lilemo tse peli ba le ofising ea lekala, Slovenia.
Le hoja botsofali le ho kula ho re tlisetsa mathata, ’na le mohats’a ka re ntse re thabela ho sebeletsa Jehova. Ke ananela ka ho teba mohlala o motle oa batsoali ba ka! O ntse o ’matlafatsa, o nthusa hore ke etse seo moapostola Pauluse a se buileng, ha a re: “Thabang tšepong. Mamellang tlas’a matšoenyeho. Phehellang thapelong.”—Baroma 12:12.
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Batsoali ba ka lilemong tsa ho elella ho 1930
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
’Mè ka ho le letona le Ančka, ea mo rutileng ’nete
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
’Na le mohats’a ka, Stanka, ha re qeta ho nyalana
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Litho tsa phutheho e neng e kopanela lapeng ka 1955
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
’Na le mohats’a ka le mora oa rōna Philip hammoho le mohats’ae, Susie