“Lekhoba le Tšepahalang” le Feta Tlhahlobo ka Katleho!
“Ke nako e behiloeng bakeng sa hore kahlolo e qale ka ntlo ea Molimo.”—1 Petrose 4:17.
1. Jesu o ile a fumana eng ha a hlahloba “lekhoba”?
KA Pentekonta ea 33 C.E., Jesu o ile a beha “lekhoba” le neng le tla fa “bahlanka ba hae ba ntlo” lijo ka nako e tšoanetseng. Ka 1914, Jesu o ile a behoa hore e be Morena, ’me kapele ka mor’a moo e ne e le nako ea hore a hlahlobe “lekhoba” leo. O ile a fumana hore boholo ba litho tsa “lekhoba” lena bo bontšitse hore boa ‘tšepahala ebile bo masene.’ Kahoo, o ile a le beha hore “le okamele lintho tsohle tsa hae.” (Matheu 24:45-47) Leha ho le joalo, ho ne ho boetse ho e-na le lekhoba le lebe, le neng le sa tšepahale e bile le se masene.
“Lekhoba Leo le Lebe”
2, 3. “Lekhoba leo le lebe” le qalile hokae, ’me le ile la hōla joang?
2 Jesu o ile a bua ka lekhoba le lebe hang ka mor’a hore a bue ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.” O ile a re: “Haeba lekhoba leo le lebe le ka re ka pelong ea lona, ‘Mong’a ka oa lieha,’ ’me le ka qala ho otla makhoba-’moho le lona ’me le ka ja la noa le ba tsebahalang e le matahoa, mong’a lekhoba leo o tla tla ka letsatsi leo le sa le lebellang le ka hora eo le sa e tsebeng, o tla le fa kotlo e matla ka ho fetisisa ’me o tla le abela karolo ea lona le baikaketsi. Ke moo ho lla ha lona le ho tsikitlanya meno ho tla ba teng.” (Matheu 24:48-51) Poleloana e reng “lekhoba leo le lebe” e re hlokomelisa seo Jesu a ileng a se bua pele ho mona ka lekhoba le tšepahalang le le masene. Ha e le hantle, qalong litho tsa ‘lekhoba lena le lebe’ e ne e le karolo ea lekhoba le tšepahalang.a Joang?
3 Pele ho 1914, ba bangata bao e neng e le litho tsa sehlopha sa lekhoba le tšepahalang ba ne ba e-na le tšepo e matla ea ho kopana le Monyali leholimong selemong seo, empa tšepo ea bona ha ea ka ea phethahala. Ka lebaka la sena le la liphetoho tse ling tse ileng tsa etsahala, ba bangata ba bona ba ile ba soaba ’me ba seng bakae ba ile ba halefa. Ba bang ba bona ba ile ba qala ho “otla” ka mantsoe barab’abo bona ba nakong e fetileng ba ba ba ikamahanya le “ba tsebahalang e le matahoa,” e leng lihlopha tsa bolumeli tsa Bokreste-’mōtoana.—Esaia 28:1-3; 32:6.
4. Jesu o ile a tšoara ‘lekhoba le lebe’ joang hammoho le bohle ba ’nileng ba bontša moea o tšoanang le oa lona?
4 Batho bana bao e neng e le Bakreste, hamorao ba ile ba tsejoa e le ‘lekhoba le lebe,’ ’me Jesu o ile a ba “fa kotlo e matla.” Joang? O ile a ba lahla, eaba ha ba rue molemo tšepong eo ba neng ba e-na le eona ea ho ea phela leholimong. Leha ho le joalo, ha baa ka ba timetsoa hang-hang. Ba ile ba tlameha ho qala ka ho mamella nako ea ho lla le ho tsikitlanya meno “lefifing ka ntle” ho phutheho ea Bokreste. (Matheu 8:12) Ho tloha nakong eo ea pele, batlotsuoa ba bang ba seng bakae ba ’nile ba bontša moea o joalo o mobe, ba ikamahanya le ‘lekhoba le lebe.’ Ba bang ba “linku tse ling” ba etsisitse ho se tšepahale ha bona. (Johanne 10:16) Lira tsohle tse joalo tsa Kreste li qetella li le “lefifing [le tšoanang la moea] ka ntle.”
5. Lekhoba le tšepahalang le le masene le ile la itšoara joang, ha le bapisoa le ‘lekhoba le lebe’?
5 Leha ho le joalo, lekhoba le tšepahalang le le masene le ile la hlahlojoa ka tsela e tšoanang le “lekhoba leo le lebe.” Empa, ho e-na le hore le halefe, le ile la khutlela tseleng. (2 Bakorinthe 13:11) Lerato la lona ho Jehova le barab’abo lona le ile la matlafala. Ka lebaka leo, lekhoba lena e bile “tšiea le setšehetso sa ’nete” ‘matsatsing ana a ho qetela’ a morusu.—1 Timothea 3:15; 2 Timothea 3:1.
Baroetsana ba Masene le ba Maoatla
6. (a) Jesu o ile a etsa papiso efe e mabapi le masene a sehlopha sa lekhoba le tšepahalang? (b) Pele ho 1914, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ne ba bolela molaetsa ofe?
6 Ha Jesu a qeta ho bua ka “lekhoba leo le lebe,” o ile a etsa lipapiso tse peli e le hore a bontše hore na ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ne ba tla tšepahala hape ba be masene ha ba bang ba ne ba sa tl’o ba joalo.b Ha a etsa papiso e mabapi le masene o ile a re: “’Muso oa maholimo o tla ba joaloka baroetsana ba leshome ba ileng ba nka mabone a bona ’me ba tsoa ho ea kopana le monyali. Ba bahlano ba bona e ne e le maoatla, ’me ba bahlano e le ba masene. Hobane maoatla a ile a nka mabone a ’ona empa a se ke a nka oli, ha ba masene ba ile ba nka oli ka lipitsaneng tsa bona hammoho le mabone a bona.” (Matheu 25:1-4) Baroetsana ba leshome ba re hopotsa se ileng sa etsahala pele ho 1914 ka Bakreste ba tlotsitsoeng. Ba ne ba hakantse hore monyali, e leng Jesu Kreste, o ne a tla tloha a hlaha. Kahoo, ba ile “ba tsoa” ho ea mo khahlanyetsa, ka sebete ba ntse ba bolela hore “linako tse behiloeng tsa lichaba” li ne li tla fela ka 1914.—Luka 21:24.
7. Ka puo ea tšoantšetso, ho ka thoe Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba “robala” neng hona e le ka lebaka lefe?
7 Ba ne ba nepile. Linako tse behiloeng tsa lichaba li ile tsa hla tsa fela ka 1914, eaba ’Muso oa Molimo o qala ho busa tlas’a Kreste Jesu. Empa sena se etsahetse maholimong a sa bonahaleng. Lefatšeng moloko oa batho o ile oa qala ho oeloa ke ‘bomalimabe’ bo neng bo boletsoe esale pele. (Tšenolo 12:10, 12) Ho ile ha qala nako ea tlhahlobo. Ka lebaka la ho se utloisise lintho hantle, Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba nahana hore ‘monyali oa lieha.’ Kaha ba ne ba ferekane ba bile ba tobane le bora ba lefatše, ba bangata ba ile ba khoehlisa ’me ba batla ba emisa mosebetsi o hlophisitsoeng oa ho bolela phatlalatsa. Ka kutloisiso ea moea, ba ile ba etsisa baroetsana ba papisong ea Jesu, ‘ba thibasela ’me ba robala,’ feela joalokaha ka mor’a lefu la baapostola ba Jesu batho ba sa tšepahaleng ba neng ba ipolela hore ke Bakreste ba ile ba thibasela ba ba ba robala.—Matheu 25:5; Tšenolo 11:7, 8; 12:17.
8. Ke eng e ileng ea etsa hore ho etsoe mohoo o reng: “Monyali ke enoa!” ’me e ne e le nako ea hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba etse’ng?
8 Joale, ka 1919 ho ile ha etsahala ntho e neng e sa lebelloa. Re bala mantsoe a latelang: “Har’a bosiu ha tsoha mohoo, ‘Monyali ke enoa! Tsoang le kopane le eena.’ Joale baroetsana bao kaofela ba tsoha ’me ba hlophisa mabone a bona.” (Matheu 25:6, 7) Hantle feela nakong eo ho neng ho bonahala tšepo e fela, ho ile ha utloahala mohoo oa hore ho kenoe khabong! Ka 1918, Jesu, “lenģosa la selekane,” o ne a tlile tempeleng ea moea ea Jehova ho tla hlahloba le ho hloekisa phutheho ea Molimo. (Malakia 3:1) Joale, ho ne ho hlokahala hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba tsoe ho ea mo khahlanyetsa mabaleng a lefatšeng a tempele eo. E ne e le nako ea hore ba ‘khantše leseli.’—Esaia 60:1; Bafilipi 2:14, 15.
9, 10. Ke hobane’ng ha ka 1919 Bakreste ba bang ba ne ba le “masene” ha ba bang e ne e le “maoatla”?
9 Empa ak’u eme hanyenyane feela! Papisong ena, baroetsana ba bang ba ne ba e-na le bothata. Jesu o ile a tsoela pele a re: “Maoatla a re ho ba masene, ‘Re feng oli e ’ngoe ea lōna, hobane mabone a rōna a haufi le ho tima.’” (Matheu 25:8) Mabone a ne a ke ke a bonesa a se na oli. Kahoo, oli ea mabone e re hopotsa ’nete ea Lentsoe la Molimo le moea oa hae o halalelang, tse matlafatsang barapeli ba ’nete hore e be manģosa a leseli. (Pesaleme ea 119:130; Daniele 5:14) Ho sa tsotellehe bofokoli ba bona ba nakoana, pele ho 1919, Bakreste ba tlotsitsoeng ba masene ba ne ba ile ba batlisisa e le hore ba tsebe hore na thato ea Molimo ka bona ke efe. Kahoo, ha mohoo o fihla oa hore ba khantše leseli, ba ne ba loketse ho etsa joalo.—2 Timothea 4:2; Baheberu 10:24, 25.
10 Leha ho le joalo, batlotsuoa ba bang ba ne ba se boemong bo loketseng ba ho itela kapa ho ikitlaetsa—le hoja ba ne ba lakatsa ka tieo hore ba be le Monyali. Kahoo, ha nako e fihla ea hore ba bolele litaba tse molemo ka mafolofolo, ba ne ba sa itokisetsa ho etsa seo. (Matheu 24:14) Ba ile ba ba ba leka ho nyahamisa bo-mphato ba bona ba chesehang, ka mantsoe a mang, ba ba kōpa oli e ’ngoe ea bona. Papisong ea Jesu, baroetsana ba masene ba ile ba araba joang? Ba ile ba re: “Mohlomong ho ke ke ha e-ba le e lekaneng bakeng sa rōna le lōna. Ho e-na le hoo, e-eang ho ba e rekisang ’me le ithekele.” (Matheu 25:9) Ka tsela e tšoanang, ka 1919 Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba ile ba hana ho etsa ntho efe kapa efe e neng e tla fokotsa matla a bona a ho ba manģosa a leseli. Kahoo, ba ile ba feta tlhahlobo ka katleho.
11. Ho ile ha etsahala joang ka baroetsana ba maoatla?
11 Jesu o phethela ka ho re: “Ha [baroetsana ba maoatla] ba tloha ba il’o reka, monyali a fihla, ’me baroetsana ba neng ba itokisitse ba kena le eena moketeng oa lenyalo; ’me monyako oa koaloa. Ka mor’a moo baroetsana ba bang kaofela le bona ba tla, ba re, ‘Mohlomphehi, mohlomphehi, re bulele!’ Ha a araba a re, ‘Ke le bolella ’nete, ha ke le tsebe.’” (Matheu 25:10-12) Ka sebele ba bang ba ne ba sa itokisetsa ho fihla ha Monyali. Kahoo, ha baa ka ba feta tlhahlobo ka katleho ’me ba ile ba hlōloa ke monyetla oa ho ba teng moketeng oa lenyalo oa leholimo. E ile ea e-ba ntho e bohloko hakaakang!
Papiso ea Litalenta
12. (a) Jesu o ile a etsa papiso efe e mabapi le ho tšepahala? (b) Motho ea ileng a “ea hole” ke mang?
12 Ka mor’a hore Jesu a etse papiso e mabapi le masene, o ile a etsa papiso e mabapi le ho tšepahala. O ile a re: “Ho joalokaha motho, ea mothating oa ho etela hōle, a ile a bitsa makhoba a hae ’me a beha lintho tsa hae kalosong ea ’ona. Le leng a le fa litalenta tse hlano, le leng tse peli, le leng hape e le ’ngoe, le leng le le leng ho ea ka bokhoni ba lona, ’me a ea hōle.” (Matheu 25:14, 15) Motho eo ho buuang ka eena papisong ena ke Jesu ka boeena, ea ileng a “ea hōle” ha a nyolohela leholimong ka selemo sa 33 C.E. Empa pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a beha ‘lintho tsa hae’ tlhokomelong ea barutuoa ba hae ba tšepahalang. Joang?
13. Jesu o ile a hlophisa tšimo e khōlō e neng e lokela ho sebetsoa le ho fa “makhoba” a hae matla a ho etsa khoebo joang?
13 Ka hore Jesu a bolele litaba tse molemo tsa ’Muso naheng eohle ea Iseraele nakong ea tšebeletso eo a ileng a e etsa lefatšeng, o ile a qala ho hlophisa tšimo e khōlō e neng e lokela ho sebetsoa. (Matheu 9:35-38) Pele a ‘e-ea hole,’ o ile a beha tšimo eo tlhokomelong ea barutuoa ba hae ba tšepahalang, a re: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba rute ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:18-20) Ka mantsoe ana, Jesu o ile a fa “makhoba” a hae matla a ho etsa khoebo ho fihlela a khutla, “le leng le le leng ho ea ka bokhoni ba lona.”
14. Ke hobane’ng ha ho ne ho sa lebelloa hore bohle ba etse khoebo ka tsela e lekanang?
14 Poleloana eo e bontša hore hase Bakreste bohle ba lekholong la pele la lilemo bao maemo a bona kapa menyetla ea bona e neng e tšoana. Ba bang, ba kang Pauluse le Timothea, ba ne ba lokolohile ho kopanela ka botlalo kamoo ba ka khonang kateng mosebetsing oa ho bolela le ho ruta. Ho ka etsahala hore ebe maemo a ba bang a ne a ba thibela haholo hore ba sebetse ka bolokolohi. Ka mohlala, Bakreste ba bang e ne e le makhoba, ’me ba bang ba ne ba kula, ha ba bang ba ne ba hōlile kapa ba e-na le boikarabelo ka malapeng. Ha e le hantle, ho ne ho e-na le litokelo tse itseng ka phuthehong, tse neng li sa fumanoe ke barutuoa bohle. Basali ba tlotsitsoeng le banna ba bang ba tlotsitsoeng ba ne ba sa rute ka phuthehong. (1 Bakorinthe 14:34; 1 Timothea 3:1; Jakobo 3:1) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe hore na boemo ba motho ka mong e ne e le bofe, barutuoa bohle ba tlotsitsoeng ba Kreste—banna le basali—ba ne ba abetsoe ho etsa khoebo, e leng ho sebelisa menyetla ea bona le maemo a bona hamolemo tšebeletsong ea Bokreste. Barutuoa ba kajeno ba Kreste le bona ba etsa joalo.
Nako ea Tlhahlobo ea Qala!
15, 16. (a) Nako ea ho lokisa litlaleho e ne e le neng? (b) Ba tšepahalang ba ile ba fuoa menyetla efe e mecha ea ho “etsa khoebo”?
15 Papiso ena e tsoela pele ka ho re: “Ka mor’a nako e telele mong’a makhoba ao a fihla ’me a lokisa litlaleho le ’ona.” (Matheu 25:19) Ka 1914—nako e telelehali ka mor’a 33 C.E.—Kreste Jesu o ile a qala ho ba teng e le morena. Lilemo tse tharo le halofo hamorao, ka 1918, o ile a tla tempeleng ea Molimo ea moea eaba o phethahatsa mantsoe a Petrose a reng: “Ke nako e behiloeng bakeng sa hore kahlolo e qale ka ntlo ea Molimo.” (1 Petrose 4:17; Malakia 3:1) E ne e le nako ea ho lokisa litlaleho.
16 Ebe makhoba, barab’abo Jesu ba tlotsitsoeng, a ne a entse eng ka “litalenta” tsa Morena? Ba bangata ba ne ba ’nile ba sebetsa ka thata ‘khoebong’ ea Jesu ho tloha ka 33 C.E. ho ea pele, ho akarelletsa le lilemong tsa pele ho 1914. (Matheu 25:16) Esita le nakong ea ntoa ea pele ea lefatše, ba ne ba bontšitse takatso e matla ea ho sebeletsa Mong’a bona. Joale, ho ne ho loketse hore ba tšepahalang ba nehoe menyetla e mecha ea ho “etsa khoebo.’ Nako ea ho fela ha tsamaiso ena ea lintho e ne e fihlile. Litaba tse molemo li ne li lokela ho boleloa lefatšeng lohle. “Lijalo tsa lefatše” li ne li lokela ho kotuloa. (Tšenolo 14:6, 7, 14-16) Litho tsa ho qetela tsa sehlopha sa koro li ne li lokela ho fumanoa ’me “bongata bo boholo” ba linku tse ling bo ne bo lokela ho bokelloa.—Tšenolo 7:9; Matheu 13:24-30.
17. Bakreste ba tšepahalang ba tlotsitsoeng ba ile ba ‘kena thabong ea mong’a bona’ joang?
17 Nako ea kotulo ke nako ea thabo. (Pesaleme ea 126:6) Kahoo, ho loketse hore ebe ka 1919 ha Jesu a neha barab’abo ba tšepahalang ba tlotsitsoeng boikarabelo bo eketsehileng, o ile a re: “U ile ua tšepahala linthong tse seng kae. Ke tla u beha hore u okamele lintho tse ngata. Kena thabong ea mong’a hao.” (Matheu 25:21, 23) Ho feta moo, ho rōna, thabo eo Mong’a lekhoba a bileng le eona ha a hlomamisoa e le Morena oa ’Muso oa Molimo, ha e na tekanyo. (Pesaleme ea 45:1, 2, 6, 7) Sehlopha sa lekhoba le tšepahalang se fumana thabo eo ka ho ba baemeli ba Morena le ka ho eketsa lintho tsa hae lefatšeng. (2 Bakorinthe 5:20) Thabo ea sona e bonoa mantsoeng a boprofeta ba Esaia 61:10, a reng: “Ruri ke tla ithabela ho Jehova. Moea oa ka o tla ithabela ho Molimo oa ka. Etsoe o nkapesitse liaparo tsa poloko.”
18. Ke hobane’ng ha ba bang ba sa ka ba feta tlhahlobo ka katleho, hona phello e ile ea e-ba efe?
18 Ka masoabi, ba bang ha baa ka ba feta tlhahlobo ka katleho. Rea bala: “Le neng le amohetse talenta e le ’ngoe la atamela ’me la re, ‘Monghali, ke ile ka tseba hore u motho ea thata, ea kotulang moo u sa kang ua jala le ea bokellang moo u sa kang ua olōsa. Kahoo ke ile ka tšoha ’me ka tloha eaba ke pata talenta ea hao fatše. Nka sa hao ke sena.’” (Matheu 25:24, 25) Ka tsela e tšoanang, Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ne ba sa “etsa khoebo.” Pele ho 1914 ba ne ba sa ka ba chesehela ho bolella batho ba bang ka tšepo ea bona, ’me ka 1919 ba ne ba ntse ba sa batle ho qala. Jesu o ile a etsa’ng ka tello ea bona? O ile a ba amoha litokelo tsohle tsa bona. Ba ile ba ‘lahleloa lefifing ka ntle, moo ba neng ba tla lla le ho tsikitlanya meno teng.’—Matheu 25:28, 30.
Tlhahlobo e Tsoela Pele
19. Mosebetsi oa ho hlahloba o tsoela pele ka tsela efe, ’me Bakreste bohle ba tlotsitsoeng ba ikemiselitse ho etsa joang?
19 Ho hlakile hore ba bangata bao nakong ea bofelo e neng e tla ba makhoba a tlotsitsoeng a Kreste ba ne ba e-s’o sebeletse Jehova ha Jesu a qala ho hlahloba ka 1918. Na ba ile ba fetoa ke monyetla oa ho hlahlojoa? Le hanyenyane. Ke hona tlhahlobo e neng e qala ka 1918 ho ea ho 1919 ha lekhoba le tšepahalang le le masene e le sehlopha, le ne le feta tlhahlobo ka katleho. Bakreste ka bomong ba tlotsitsoeng ba ntse ba tsoela pele ho hlahlojoa ho fihlela ha ho tiisoa ha bona e e-ba ha ka ho sa feleng. (Tšenolo 7:1-3) Kaha barab’abo Kreste ba tlotsitsoeng ba hlokomela sena, ba ikemiselitse ho tsoela pele ka botšepehi ‘ba ntse ba etsa khoebo.’ Ba ikemiselitse ho ba masene, ba ntse ba bolokile oli e ngata e le hore leseli le tsoele pele ho phatsima. Baa tseba hore ha e mong le e mong a shoa a tšepahala, Jesu o tla mo amohela sebakeng sa bolulo leholimong.—Matheu 24:13; Johanne 14:2-4; 1 Bakorinthe 15:50, 51.
20. (a) Linku tse ling li ikemiselitse ho etsa’ng kajeno? (b) Ke eng eo Bakreste ba tlotsitsoeng ba e hlokomelang?
20 Bongata bo boholo ba linku tse ling bo etsisitse barab’abo bona ba tlotsitsoeng. Boa hlokomela hore ho tseba merero ea Molimo ho bo jarisa boikarabelo bo boholo. (Ezekiele 3:17-21) Kahoo, ka thuso ea Lentsoe la Jehova le ea moea o halalelang, le bona bo lula bo e-na le oli e ngata ka ho ithuta le ka ho kopanela libokeng tsa Bokreste. Bo etsa hore leseli la bona le khanye, bo kopanela mosebetsing oa ho bolela le ho ruta ’me kahoo bo “etsa khoebo” hammoho le barab’abo bona ba tlotsitsoeng. Leha ho le joalo, Bakreste ba tlotsitsoeng baa hlokomela hore litalenta li ile tsa behoa boikarabelong ba bona. Ba lokela ho fana ka tlaleho mabapi le hore na lintho tsa Morena tse lefatšeng li sebelisoa joang. Le hoja ba fokola ka palo, ba ke ke ba rolela boikarabelo ba bona ho bongata bo boholo. Ke ka lebaka lena lekhoba le tšepahalang le le masene le tsoelang pele ho etella pele khoebong ea Morena, le leboha tšehetso eo le e fuoang ke litho tse itetseng tsa bongata bo boholo. Litho tsena lia hlokomela hore barab’abo tsona ba tlotsitsoeng ba na le boikarabelo ’me li nka hore ke tlotla hore li sebetse tlas’a kaloso ea bona.
21. Ke tlhokomeliso efe e sebetsang ho bohle bao e bileng Bakreste ho tloha pele ho 1919 ho tla fihlela mehleng ea rōna?
21 Kahoo, le hoja lipapiso tsena tse peli li hlakisa liketsahalo tsa 1919 kapa tsa lilemong tsona tseo, melao-motheo ea tsona e boetse e sebetsa ho Bakreste bohle ba ’nete matsatsing ana a ho qetela. Ka tsela ena, le hoja qalong tlhokomeliso eo Jesu a ileng a fana ka eona qetellong ea papiso ea baroetsana ba leshome e ile ea sebetsa pele ho 1919 ho Bakreste ba tlotsitsoeng, molao-motheo oa eona o ntse o sebetsa ho Mokreste e mong le e mong. Kahoo, e se eka bohle re ka ela hloko mantsoe a Jesu a reng: “Ka hona, le lule le lebetse, hobane ha le tsebe letsatsi kapa eona hora.”—Matheu 25:13.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka tsela e tšoanang, ka mor’a lefu la baapostola, ho ile ha tsoa “liphiri tse hatellang” har’a baholo ba tlotsitsoeng ba Bakreste.—Liketso 20:29, 30.
b Bakeng sa boitsebiso bo bong ba papiso ena ea Jesu, bona buka ea Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a Morena oa Khotso, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, khaolo ea 5 le ea 6.
Na U ka Hlalosa?
• Jesu o ile a hlahloba balateli ba hae neng, ’me o ile a fumana eng?
• Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng ba ile ba e-ba le moea oa “lekhoba leo le lebe”?
• Re ka bontša joang hore re masene linthong tsa moea?
• Ha re ntse re etsisa barab’abo Jesu ba tšepahalang ba tlotsitsoeng, re ka tsoela pele ho “etsa khoebo” ka litsela life?
[Lebokose le leqepheng la 16]
JESU O TLA NENG?
Ho Matheu khaolo ea 24 le ea 25, Jesu o “tla” ka kutloisiso e sa tšoaneng. Ha ho hlokahale hore a hle a tlohe moo a leng teng e le hore ‘a tle.’ Ho e-na le hoo, o “tla” ka kutloisiso ea ho sebetsana le batho kapa balateli ba hae, hangata e le ho ba ahlola. Kahoo, ka 1914 o ile a “tla” ho tla qalisa nako ea ho ba teng ha hae e le Morena ea teroneng. (Matheu 16:28; 17:1; Liketso 1:11) Ka 1918 o ile a “tla” e le lenģosa la selekane eaba o qala ho ahlola ba bolelang hore ba sebeletsa Jehova. (Malakia 3:1-3; 1 Petrose 4:17) Ka Armagedone, o tlela ho “tla” ahlola lira tsa Jehova.—Tšenolo 19:11-16.
Ho tla (kapa ho fihla) hoo ho buuoang ka hona ka makhetlo a mangata ho Matheu 24:29-44 le 25:31-46 ho tla etsahala “matšoenyehong a maholo.” (Tšenolo 7:14) Ka lehlakoreng le leng, ho tla hoo ho buuoang ka hona ka makhetlo a mangata ho Matheu 24:45 ho ea ho 25:30 ho amana le kahlolo eo a e qalileng ho tloha ka 1918 ho ba ipolelang hore ke barutuoa ba hae. Ka mohlala, e ke ke ea e-ba ho utloahalang ho bolela hore ho putsoa ha lekhoba le tšepahalang, ho ahloloa ha baroetsana ba maoatla le ho ahloloa ha lekhoba le noabolohang, le ileng la pata talenta ea Mong’a lona, ke lintho tse tla etsahala ha Jesu a “tla” nakong ea matšoenyeho a maholo. Seo se ne se tla bolela hore batlotsuoa ba bangata ba tla fumanoa ba sa tšepahale matšoenyehong a maholo le hore ka lebaka leo ba tla tlameha ho nkeloa sebaka ke ba bang. Leha ho le joalo, Tšenolo 7:3 e bontša hore makhoba ’ohle a tlotsitsoeng a Kreste a tla be a se a ‘tiisitsoe’ ka ho sa feleng ka nako eo.
[Setšoantšo se leqepheng la 14]
‘Lekhoba le lebe’ ha lea ka la hlohonolofatsoa ka 1919
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Baroetsana ba bohlale ba ne ba itokisitse ha monyali a fihla
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Makhoba a tšepahalang a ne a entse “khoebo”
Lekhoba le noabolohang le ne le sa e etsa
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Batlotsuoa le “bongata bo boholo” ba tsoela pele ho khantša leseli la bona