Lihele
Tlhaloso: Lentsoe “lihele” le fumaneha liphetolelong tse ngata tsa Bibele. Litemaneng tsona tseo, liphetolelo tse ling li re “lebitla,” “lefatše la bafu,” jj. Libibele tse ling li ngola mantsoe a puo ea pele ao ka nako e ’ngoe a ngoloang e le “lihele” ka lipuo tsona tsa pele empa li a peletile ka litlhaku tsa alfabeta ea rōna. Mantsoe ao ke afe? She’ohlʹ ea Seheberu le ’mate oa eona haiʹdes ea Segerike, a sa boleleng sebaka ka seng sa kepelo, empa lebitla le tloaelehileng la batho ba shoeleng; le geʹen·na ea Segerike e sebelisoang e le tšoantšetso ea timetso ea ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, Bokreste-’mōtoana le malumeli a mangata ao e seng a Bokreste, li ruta hore lihele ke sebaka seo ho ahileng bademona ho sona le moo ba khopo, ba otloang kamorao ho lefu (’me ba bang ba lumela hore hona ho etsoa ka tlhokofatso).
Na Bibele e bontša hore na bafu ba utloa bohloko kapa che?
Moek. 9:5, 10: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, . . . Tsohle tse fihleloang ke letsoho la hao hore li ka sebetsoa, u li etse ka matla a hao; hobane nģalong ea bafu* moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.” (Haeba ha ba utloe letho, ho hlakile hore ha ba utloe bohloko.) (*“Lebitleng,” KJ, Kx; “liheleng,” Dy; “lefatšeng la bafu,” TEV; “Sheol,” NW, AS, RS, NE, JB.)
Pes. 146:4: “Phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero* ea bona e felile.” (*“Mehopolo,” KJ, 145:4 ho Dy; “mano,” JB; “merero,” RS, TEV.)
Na Bibele e bontša hore moea o-oa phonyoha ha ’mele o e-shoa?
Ezek. 18:4: “Moea* o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (*“Moea,” KJ, Dy, RS, NE, Kx; “motho,” JB, TEV.)
“Maikutlo a ‘moea,’ o bolelang boleng bo feletseng ba moea le boo e seng ba nama, bo arohaneng le ‘’mele,’ . . . ha a eo ka Bibeleng.”—La Parole de Dieu (Paris, 1960), Georges Auzou, Moprofesa oa Mangolo a Halalelang, Seminaring ea Rouen, France, leq. 128.
“Le hoja lentsoe la Seheberu nefesh [ka Mangolong a Seheberu] le atisa ho fetoleloa e le ‘moea,’ e ka ba phoso ho le bala ka tlhaloso ea Segerike. Nefesh . . . ha ho mohla ho nkoang e sebetsa e arohane le ’mele. Ka Testamenteng e Ncha, lentsoe la Segerike psyche hangata le fetoleloa e le ‘moea’ empa le teng le ke ke la hla la utloisisoa hore le bolele seo lentsoe le neng le se bolela ho bahlalefi ba Bagerike. Hangata le bolela ‘bophelo,’ kapa ‘sehlahlo,’ kapa ka linako tse ling, ‘motho boeena.’”—The Encyclopedia Americana (1977), Moq. 25, leq. 236.
Ke batho ba mofuta ofe ba eang liheleng tsa Bibele?
Na Bibele e re ba khopo ba ea liheleng?
Pes. 9:17: “Bakhopo ba leba nģalong ea bafu,* ho joalo le lichaba kaofela tse lebetseng Molimo.” (*“Liheleng,” 9:18 ho Dy; “lefung,” TEV; “nģalong ea lefu,” Kx; “Sheol,” AS, RS, NE, JB, NW.)
Na Bibele e re le batho ba khabane ba ea liheleng?
Jobo 14:13, Dy: “[Jobo a rapela:] Ke mang ea tlang ho ’nea hona; hore u mpe u ntšireletse liheleng,* ’me u mpate ho fihlela khalefo ea hao e feta, ’me u mpeele nako eo u tla nkhopola ka eona?” (Molimo ka booona o itse Jobo e ne e le ‘motho ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane ea sesefang bobe le ea tšabang Molimo.’—Jobo 1:8.) (*“Lebitleng,” KJ; “lefatšeng la bafu,” TEV; “Sheol,” AS, RS, NE, JB, NW.)
Lik. 2:25-27, KJ: “Davida o buile ka eena [Jesu Kreste], . . . Hobane u ke ke ua tlohela moea oa ka liheleng,* leha e le hore u tla tlohela Mohalaleli oa hao a bone ho bola.” (’Nete ea hore Molimo ha o-oa ka oa “tlohela” Jesu liheleng e fana ka maikutlo a hore Jesu o bile liheleng, kapa Hades, bonyane ka nakoana, na ha ho joalo?) (*“Liheleng,” Dy; “lefung,” NE; “sebakeng sa lefu,” Kx; “lefatšeng la bafu,” TEV; “Hades,” AS, RS, JB, NW.)
Na ho na le motho ea keng a tsoe liheleng tsa Bibele?
Tšen. 20:13, 14: “Leoatle la busetsa bafu ba ho lona, lefu le lebitla* tsa ntša bafu ba ho tsona; e mong le e mong a ntoo ahloloa ka mesebetsi ea hae. Lefu le lebitla tsa akheloa letšeng la mollo.” (Ka hona bafu ba tla lokolloa liheleng. Hlokomela hape hore lihele hase ntho e le ’ngoe le letša la mollo empa hore li tla akheloa ka letšeng la mollo.) (*“Lihele,” KJ, Dy, Kx; “lefatše la bafu,” TEV; “Hades,” NE, AS, RS, JB, NW.)
Ke hobane’ng ha ho e-na le pherekano ka hore na Bibele e re’ng ka lihele?
“Ho bakiloe pherekano e ngata le ho hloka kutloisiso ho hongata ka hore bafetoleli ba pele ba Bibele ba phehelle ho fetolela Sheol ea Seheberu le Hades ea Segerike le Gehenna ka lentsoe lihele. Hore bafetoleli ba likhatiso tse ncha tsa Bibele ba ngole mantsoe ana a peletiloe ka liletere tsa rōna feela ha hoa lekana ka ho ananelehang ho hlakisa pherekano ena le maikutlo a fosahetseng.”—The Encyclopedia Americana (1942), Moq. XIV, leq. 81.
Bafetoleli ba lumelletse hore seo ba se lumelang se fifatse mosebetsi oa bona ho e-na le hore ba tsitse ha ba fetolela mantsoe a pele. Ka mohlala: (1) King James Version e ngola she’ohlʹ e le “lihele,” “lebitla” le “mokoti”; haiʹdes mono e ngotsoe e le “lihele” le “lebitla”; geʹen·na le eona e fetoletsoe e le “lihele.” (2) Today’s English Version e ngotse haiʹdes e le “Hades” hape e e fetolela e le “lihele” le “lefatše la bafu.” Empa ntle ho ho fetolela “lihele” ho tloha ho haiʹdes e sebelisa phetolelo eona eo bakeng sa geʹen·na. (3) The Jerusalem Bible e le ngola le le joalo e le haiʹdes ka makhetlo a tšeletseng, empa lirapeng tse ling e le fetolela e le “lihele” le “lefatše le ka tlaase.” E boetse e fetolela geʹen·na e le “lihele,” joalokaha e etsa ka haiʹdes ka makhetlo a mabeli. Kahoo se hlileng se boleloang ke mantsoe a puo ea pele se patiloe.
Na ho na le kotlo ea ka ho sa feleng bakeng sa ba khopo?
Matt. 25:46: “Bona bao ba tla ea bohlokong [“bohlokong,” KJ; “ho khethuloeng,” Int; koʹla·sin, ka Segerike] bo sa feleng, empa ba lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.” (The Emphatic Diaglott e re “khaoloa” bakeng sa “kotlo.” Botlaaseng ba leqephe ho thoe: “Kolasin . . . e nkiloe ho kolazoo, e bolelang, 1. Ho poma; joalokaha ho khethuloa makala a sefate, ho faola lifate. 2. Ho thibela, ho sitisa. . . . 3. Ho khalemela ka matla, ho otla. Ho khaola motho bophelong, kapa mokhatlong, kapa hona ho thibela, ho nkoa e le kotlo;—ke ka lebaka leo ho hlahileng tlhaloso ena ea boraro ea lentsoe. Tlhaloso ea sehlooho e nkiloe, hobane e lumellana hamolemo le karolo ea bobeli ea polelo, ka hona e boloka matla le bokhabane ba papiso. Ba lokileng ba ea bophelong, ba khopo ba khaoloa bophelong, kapa lefung. Bona 2 Ba-Thess. 1.9.”)
2 Ba-Thess. 1:9: “Bao ba tla otloa ka tšenyeho e sa feleng,* ba tlosoe pel’a Morena, le pel’a khanya ea matla a hae.” (*“Tšenyeho e sa feleng,” NAB, NE; “ba lahlehe ka ho sa feleng,” JB; “ba ahloleloe kotlo e sa feleng,” Kx; “kotlo e sa feleng timetsong,” Dy.)
Juda 7: “Ho bile joalo le Sodoma le Gomorrha, le metse e ka mathōko a teng, e neng e ineetse bootsoa bo le bong, ka ho khelohela ho batla nama esele; metse eo eohle e beiloe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ea mollo o sa feleng.” (Mollo o timelitseng Sodoma le Gomorrha o timme lilemo tse likete tse fetileng. Empa phello ea mollo oo e bile ea ka ho sa feleng; metse eo ha e e-s’o tsosolosoe. Leha ho le joalo, kahlolo ea Molimo e ne e se khahlanong le metse eo feela empa le baahi ba eona ba khopo. Se etsahetseng ho bona ke mohlala o lemosang. Ho Luka 17:29, Jesu o re ba ile “ba timetsoa”; Juda 7 e bontša hore timetso e ne e le ea ka ho sa feleng.)
Ke eng se boleloang ke ‘hlokofatso ea ka mehla le mehla’ eo ho buuoang ka eona ho Tšenolo?
Tšen. 14:9-11; 20:10: “Ekare ha motho a rapela sebata le setšoantšo sa sona, a nka le letšoao la sona phatleng ea hae, kapa letsohong la hae, le eena o tla noa veine ea bohale ba Molimo e tšetsoeng, e sa tsoakoa, senoelong sa khalefo ea oona, ’me o tla hlokofatsoa mollong le sebaboleng pontšeng ea mangeloi a halalelang le ea Konyana. Mosi oa hlokofalo [ba·sa·ni·smouʹ, ka Segerike] ea bona o nyoloha ka mehla le mehla, ’me barapeli ba sebata le ba setšoantšo sa sona ba ke ke ba e-ba le phomolo bosiu le motšehare, leha e le ba amohetseng letšoao la lebitso la sona.” “’Me Diabolose ea ba khelositseng a akheloa letšeng la mollo le sebabole, moo ho seng ho le sebata le moprofeta oa bohata, ’me ba tla hlokofatsoa motšehare le bosiu, ka ho sa feleng.”
‘Tlhokofatso’ eo litemana tsee li buang ka eona ke eng? Hoa hlokomeleha hore ho Tšenolo 11:10 (KJ) ho buuoa ka ‘baprofeta ba hlokofatsang ba ahileng lefatšeng.’ Tlhokofatso e joalo e hlahisoa ke ho pepesa ho nyenyefatsang hoa melaetsa e boleloang ke baprofeta bana. Ho Tšenolo 14:9-11 barapeli ba “sebata” sa tšoantšetso le “setšoantšo sa sona” ho boleloa hore ba “hlokofatsoa mollong le sebaboleng.” Hona ho ke ke hoa bolela ho hlokofatsoa hoo motho a ikutloang ho hona kamorao ho lefu hobane “bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.” (Moek. 9:5) Joale, ke eng e ba bakelang hore ba utloe tlhokofatso e joalo ha ba sa ntsane ba phela? Ke polelo ea bahlanka ba Molimo ea hore barapeli ba “sebata le setšoantšo sa sona” ba tla shoa lefu la bobeli, le emeloang ke ‘letša le tukileng hampe la mollo le sebabole.’ Mosi, o amanang le ho timetsoa hoa bona ka mollo, o nyoloha ka ho sa feleng hobane timetso ea bona etlaba ea ka ho sa feleng le e ke keng ea lebaloa le ka mohla. Ha Tšenolo 20:10 e re Diabolose o tla ‘hlokofatsoa ka ho sa feleng’ “letšeng la mollo le sebabole,” hoo ho bolela eng? Tšenolo 21:8 e bolela ka ho hlakileng hore ‘letša le tukileng hampe la mollo le sebabole,’ le bolela “lefu la bobeli.” Ka hona ho “hlokofatsoa” hoa Diabolose moo ka ho sa feleng ho bolela hore a ke ke a fumana topollo; o tla bolokoa litlamong ka ho sa feleng, haele hantle, lefung la ka ho sa feleng. Ho sebelisoa hoa lentsoe “tlhokofatso” (baʹsanos ka Segerike) tjena ho hopotsa motho ka ho sebelisoa hoa lona ho Mattheu 18:34, moo lentsoe leo la motheo la Segerike le sebeliselitsoeng ‘balebeli ba teronko.’—RS, AT, ED, NW.
‘Mollo oa Gehenna’ oo Jesu a buileng ka oona ke eng?
Ho buuoa ka Gehenna ka makhetlo a 12 ka Mangolong a Bakreste a Segerike. Ka makhetlo a mahlano e amana ka ho toba le mollo. Bafetoleli ba ngotse polelo ea Segerike geʹen·nan tou py·rosʹ e le ‘mollo oa lihele’ (Bibele ea Sesotho, KJ, Dy), “mello ea lihele” (NE), “sekoti sa mollo” (AT) le “mello ea Gehenna” (NAB).
Boitsebiso ba histori: Khohlo ea Hinnome (Gehenna) e ne e le kantle ho marako a Jerusalema. Ka nako e ’ngoe e ne e le sebaka sa borapeli ba litšoantšo, bo akarelletsang mahlabelo a neng a etsoa ka bana. Lekholong la pele la lilemo Gehenna e ne e sebelisetsoa ho chesa lithōle tsa Jerusalema. Litopo tsa liphoofolo tse shoeleng li ne li lahleloa ka khohlong hore li jeoe ke mollo, o neng o eketsoa matla ka sebabole. Le litopo tsa batlōli ba molao ba bolailoeng, ba neng ba nkoa ba sa lokeloe ke ho patoa lebitleng la khopotso, li ne li lahleloa Gehenna. Ka hona, ho Mattheu 5:29, 30 Jesu o buile ka ho lahlela “’mele oohle” oa motho ka Gehenna. Haeba setopo se ne se ka oela mollong o sa timeng se ne se jeoa ke mollo empa haeba se oela pel’a lerako moo ho bataletseng linama tsa sona tse bolang li ne li tlala liboko tse sa feleng, kapa tšenyane. (Mar. 9:47, 48) Batho ba phelang ba ne ba sa lahleloe ka Gehenna; ka hona e ne e se sebaka sa tlhokofatso eo motho a ikutloang ho eona.
Ho Mattheu 10:28, Jesu o hlokomelisa bamameli ba hae hore ba “tšabe ea nang le matla a ho bolaela moea le ’mele liheleng (Gehenna).” Ho bolela eng? Hlokomela hore mona ha ho moo ho boleloang tlhokofatso mellong ea Gehenna; ho e-na le hoo, o re ‘ho tšajoe ea ka bolaelang Gehenna.’ Ka ho arola “moea,” mona Jesu o ne a hatisa hore Molimo o ka senya litebello tsohle tsa motho tsa bophelo; kahoo ha ho tšepo ea tsoho bakeng sa hae. Ka hona, litšupiso tsa ‘mollo oa lihele’ li hlalosa ntho e tšoanang le ‘letša la mollo’ la Tšenolo 21:8, e leng, timetso, “lefu la bobeli.”
Bibele e re kotlo ea sebe ke eng?
Ba-Roma 6:23: “Moputso oa sebe ke lefu.”
Hoba motho a shoe, na o sa le tsuong ea kotlo e tsoelang pele bakeng sa libe tsa hae?
Ba-Roma 6:7: “Ea shoeleng o lokolotsoe sebeng.”
Na tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea ba khopo e lumellana le botho ba Molimo?
Jer. 7:31: “Ba [Bajudea ba bakoenehi] hahile linģalo tse liphahameng tsa Tofethe, khohlong ea mor’a Hinnome, ho chesa bara ba bona le barali ba bona mollong, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ’me ha sea ka sa hlaha pelong ea ka.” (Haeba ho se mohla ho kileng hoa e-ba pelong ea Molimo, ka sebele ha o na ntho e joalo ’me ha o e sebelise ka tekanyo e kholoanyane.)
Papiso: U ne u ka nahana joang ka motsoali ea tšoarellang letsoho la ngoana oa hae mollong ho otla ngoana ka lebaka la phoso? “Molimo ke lerato.” (1 Joh. 4:8, TLP) Na o ne o tla etsa seo motsoali ea kelello e phelang hantle a neng a ke ke a se etsa? Ka sebele che!
Na Jesu o rutile tlhokofatso ea ba khopo kamorao ho lefu ka seo a se buileng ka morui le Lazaro?
Na tlaleho e ho Luka 16:19-31 ke ea sebele kapa ke papiso feela ea ho hong? The Jerusalem Bible, botlaaseng ba leqephe, e lumela hore ke “setšoantšo se entsoeng pale se sa bueng ka batho ba bang ba kileng ba phela.” Haeba e nkoa e le ea sebele, e ne e tla bolela hore bohle ba thabelang mohau oa bomolimo ba ka fella sefubeng sa motho a le mong, Abrahama; hore metsi a ntlheng ea monoana oa motho a ne a ke ke a monngoa ke mollo oa Hades; hore lerotholi la metsi le ka lopolla motho ea mahlomoleng moo. Na hoo ho utloahala ho utloahala ho uena? Haeba e ne e le ea sebele, e ne e tla hanana le likarolo tse ling tsa Bibele. Haeba Bibele e ne e ikhanyetsa ka tsela eo, na ea ratang ’nete o ne a ka e sebelisa e le motheo oa tumelo ea hae? Empa Bibele ha e ikhanyetse.
Setšoantšo se bolela eng? “Morui” o ne a emela Bafarisi. (Bona temana ea 14.) Mokopi Lazaro o ne a emela batho feela ba Bajode ba neng ba khesoa ke Bafarisi empa ba ile ba baka ’me ea e-ba balateli ba Jesu. (Bona Luka 18:11; Johanne 7:49; Mattheu 21:31, 32.) Le ho shoa hoa bona e ne e le hoa tšoantšetso, ho emelang maemo a fetohileng. Ka hona, ba neng ba khesoa ba kena boemong ba mohau oa bomolimo, ’me ba neng ba bonahala ba le mohaung ba lahloa ke Molimo, ha ba ntse ba hlokofatsoa ke melaetsa ea kahlolo e boleloang ke bao ba neng ba ba khesa.—Lik. 5:33; 7:54.
Thuto ea mollo oa lihele e qalile hokae?
Litumelong tsa Bababylona le Baassyria ba boholo-holo “lefatše le ka tlaase . . . le tšoantšelitsoe e le sebaka se tletseng lintho tse tšosang, ’me se lebetsoe ke melimo le bademona ba matla le ba tšabehang ka ho fetisisa.” (The Religion of Babylonia and Assyria, Boston, 1898, Morris Jastrow, e monyenyane, leq. 581) Bopaki ba pele ba mollo oa lihele tsa Bokreste-’mōtoana bo fumanoa bolumeling ba Egepeta ea boholo-holo. (The Book of the Dead, New Hyde Park, N.Y., 1960, ka kenyelletso ea E. A. Wallis Budge, maq. 144, 149, 151, 153, 161) Bobuddha, bo qalileng hoo e ka bang lekholong la bo6 la lilemo B.C.E., kamorao ho nako ba tšoantšetsa lihele tse chesang le tse batang. (The Encyclopedia Americana, 1977, Moq. 14, leq. 68) Litšoantšo tsa lihele tse etsoang likerekeng tse K’hatholike Italy mohlala oa tsona o hlaha Etruria.—La civiltà etrusca (Milan, 1979), Werner Keller, leq. 389.
Empa metso ea sebele ea thuto ena e hlomphollang Molimo e tebile haholoanyane. Maikutlo a sehlōhō se feteletseng a amanang le lihele tsa tlhokofatso a etselletsa Molimo ’me a simoloha ho moetselletsi e moholo oa Molimo (Diabolose, e leng lebitso le bolelang “Moetselletsi”), eo Jesu Kreste a ileng a mo bitsa “ntate oa ea leshano.”—Joh. 8:44.