‘Ho Lemoha Seo re Leng Sona’—Nakong ea Sehopotso
“Haeba re ne re tla lemoha seo rōna ka borōna re leng sona, re ne re se na ho ahlōloa . . . hore re se ke ra nyatsuoa.”—1 BA-KORINTHE 11:31, 32, “NW.”
1. Ke eng eo ka tieo Bakreste ba ’nete ba batlang ho e qoba, hona hobane’ng?
NTHO ea ho qetela eo Mokreste a ka e batlang ke ho ahlōloa haboima ke Jehova. Ho halefisa “Moahloli oa lefatše” ho ka etsa hore ‘re nyatsuoe hammoho le lefatše’ ’me re lahleheloe ke poloko. Ho joalo ho sa tsotellehe hore na re tšepile ho fumana bophelo leholimong le Jesu kapa bophelo bo se nang ho fela paradeiseng ea lefatše.—Genese 18:25; 1 Ba-Korinthe 11:32, NW.
2, 3. Ke tabeng efe moo re ka ’nang ra ahloloa haboima, hona Pauluse o itse’ng ka see?
2 Ho 1 Ba-Korinthe khaolo ea 11, moapostola Pauluse o buile ka karolo eo re ka ’nang ra ahloloa ho eona. Le hoja a ne a lebisitse lipolelo tsa hae ho Bakreste ba tlotsitsoeng, keletso ea hae ke ea bohlokoa ho bohle, haholo-holo nakong ena. Ho lemoha ha rōna seo rōna ka borōna re leng sona ho ka re thusa ho fumana kamohelo ea Molimo ’me re se ke ra ahloloa. Ha a bua ka mokete oa selemo le selemo oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea, Pauluse o ngotse:
3 “Morena Jesu, ka bosiu boo a ekiloeng ka bona, o na a nke bohobe; ’me hobane a lebohe, a bo ngoatha, a re: Nkang, le je; hona ke ’mele oa ka o robeloang lōna; le etse hoo, le tle le nkhopole ka hona. Ka mokhoa o joalo, a nka senoelo, hobane ho lalloe, a re: Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka; etsang hoo, ka mehla eohle ha le e-noa, le tle le nkhopole ka hona. Efela ka mehla eohle, ha le e-ja bohobe boo, ’me le noela senoelong seo, etlaba le bolela lefu la Morena, a tle a be a fihle.”—1 Ba-Korinthe 11:23-26.a
4. Ho tla etsahala joang mantsiboeeng a la 10 ’Mesa, 1990?
4 Ka mor’a hore letsatsi le likele ka la 10 ’Mesa, 1990, Lipaki tsa Jehova li tla keteka Sehopotso sa lefu la Kreste. Hangata, sehlopha se bōkanang e ba phutheho e le ’ngoe; ka hona ho tla ba le sebaka bakeng sa batho bao e e-song ho be Lipaki. Seboka se tla ba joang? Ho tla ba le puo ea Bibele. Joale, ka mor’a thapelo, bohobe bo tla fetisoa. Thapelo e ’ngoe e etella pele ho fetisoa ha senoelo. Ho fapana le hore sena sohle se etsoe ho latela neano e tloaelehileng kapa ka mokhoa o sa fetoheng, lenane la mahobe kapa linoelo le tsela eo li fetisoang ka eona le lokisetsoa ho latela boemo ba sebaka. Ntho e khōlō ke hore lintho tseo li fihle ho bohle ba leng teng, le hoja ba bangata ba tla li fetisa feela ba sa kopanele ho li ja. Leha ho le joalo, ke lintho life tse fetisoang, hona li bolela eng? Ho feta moo, re lokela ho nahanisisa ka eng esale pele e le hore re ka lemoha seo rōna ka borōna re leng sona?
“Sena se Bolela ’Mele oa ka”
5, 6. (a) Jesu o ile a etsa joang ka bohobe? (b) O ile a sebelisa bohobe ba mofuta ofe?
5 Re se re balile seo Pauluse a ‘se amohetseng ho Morena’ mabapi le Sehopotso. Ho boetse ho na le litlaleho tse ngotsoeng ke lingoli tse tharo tsa Melaetsa e Molemo, tseo se seng sa tsona se neng se le teng ha Jesu a thea mokete ona. (1 Ba-Korinthe 11:23; Mattheu 26:26-29, NW; Mareka 14:22-25; Luka 22:19, 20) Litlaleho tsena li bolela hore pele Jesu o ile a nka bohobe, a rapela, eaba oa bo roba ’me a bo aba. Bohobe boo e ne e le eng? Tumellanong le hoo, ke eng e sebelisoang kajeno? Bo bolela eng kapa bo emela eng?
6 Ho ne ho e-na le lintho tse tsoang sejong sa Paseka ea Bajode, e ’ngoe ea tsona e le bohobe bo sa lomosoang, boo Moshe a ileng a bo bitsa “mahobe a sa lomosoang, mahobe a mahlomola.” (Deuteronoma 16:3; Exoda 12:8) Bohobe bona bo ne bo etsoa ka phofo ea koro ho sa sebelisoe tomoso, letsoai, kapa linōko. Kaha bo ne bo sa lomosoe (mats·tsahʹ ka Seheberu), bo ne bo e-ba sephara ’me bo robeha habobebe; bo ne bo lokela ho rojoa hore bo be boholo ho lekana hore bo ka jeoa.—Mareka 6:41, NW; 8:6, NW; Liketso 27:35, NW.
7. Lipaki tsa Jehova li sebelisa eng bakeng sa bohobe nakong ea Sehopotso?
7 Jesu o ile a sebelisa bohobe bo sa lomosoang Sejong sa Morena sa Mantsiboea, kahoo Lipaki tsa Jehova li etsa ho tšoanang kajeno. Mahobe a tloaelehileng a sa lomosoang a Bajode a phetha morero ona haeba a sa etsoa ka metsoako e eketsehileng, e kang lithollo tse inetsoeng, lieiee, kapa mahe. (Mahobe a sa lomosoang a nang le metsoako eo, ho hang a ne a ke ke a tšoaneloa ke tlhaloso ea “mahobe a mahlomola.”) Kapa baholo ba phutheho ba ka ’na ba lokisetsa hore motho e mong a etse bohobe bo sa lomosoang ka hlama ea phofo ea koro le metsi. Haeba phofo ea koro e sa fumanehe, bohobe bo sa lomosoang bo ka etsoa ka phofo ea harese, reise, poone, kapa lithollo tse ling. Hlama e pitikisoa hore e be tšesaane ’me e bakoa ka pane e tlotsitsoeng hanyenyane ka oli.
8. Ke hobane’ng ha bohobe bo sa lomosoang e le tšoantšetso e loketseng, ’me ho kopanela ho bo ja ho bontša eng? (Ba-Heberu 10:5-7; 1 Petrose 4:1)
8 Bohobe bo joalo bo loketse hobane ha bo na tomoso (yeast), eo Bibele e e sebelisang ho emela tšilafalo kapa sebe. Pauluse o ile a lemosa mabapi le monna e mong ea boitšoaro bo bobe ka phuthehong: ‘Tomoso e nyenyane e hohomosa hlama kaofela. Tlosang ho lōna litomoso tsa khale, le tle le be hlama e sa lomosoang; Paseka ea rōna, e leng Kreste, e hlabetsoe rōna. A re etseng mokete ke hona, e seng ka litomoso tsa lonya le tsa bobe, e mpe e be ka mahobe a se nang litomoso, a khabane le a ’nete.’ (1 Ba-Korinthe 5:6-8; bapisa le Mattheu 13:33; 16:6, 12.) Bohobe bo sa lomosoang ke tšoantšetso e loketseng ea ’mele oa Jesu oa botho, hobane o ne a “tšepahala, a se na molato, a sa silafatsoa, a arohile ho baetsalibe.” (Ba-Heberu 7:26, NW) Jesu o ne a le teng ka ’mele oa hae oa botho o phethahetseng ha a re ho baapostola: “Nkang ’me le je [bohobe] bona, bo bolela ’mele oa ka.” (Mattheu 26:26, A New Translation of the Bible, ea James Moffatt) Ho kopanela ho ja bohobe ho bolela hore motho o lumela molemong oa sehlabelo sa Jesu lebitsong la hae o bile oa se amohela. Leha ho le joalo, ho akarelletsoa ho hongata.
Veine e Nang le Seo e se Bolelang
9. Tšoantšetso e ’ngoe eo Jesu a itseng e lokela ho sebelisoa ke efe?
9 Jesu o ile a sebelisa tšoantšetso e ’ngoe: “A boela a nka senoelo, ’me ka mor’a ho leboha Molimo a ba fa sona a re, ‘Noelang ho sona, kaofela ha lōna; sena se bolela mali a ka, mali-a-selekane se secha, a tšolleloang ba bangata, ho hapa topollo ea libe tsa bona.’” (Mattheu 26:27, 28, Moffatt) Ho ne ho e-na le eng ka har’a senoelo seo se neng se kopaneloa seo a ileng a se fetisa, ’me e bolela eng bakeng sa rōna ha re ntse re leka ka matla ho lemoha seo rōna ka borōna re leng sona?
10. Veine e ile ea fumana sebaka joang Pasekeng ea Bajode?
10 Qalong ha Moshe a bolela ka ho hlaka ka mokete oa Paseka, ha aa ka a bua ka seno sefe kapa sefe. Liithuti tse ngata li lumela hore veine e ile ea kenyelletsoa Pasekeng nako e telele hamorao, mohlomong lekholong la bobeli la lilemo B.C.E.b Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, ho sebelisoa ha veine sejong sena ho ne ho tloaelehile lekholong la pele la lilemo, ’me Jesu ha aa ka a ho hanyetsa. O ile a sebelisa veine ea Paseka ha a thea Sehopotso.
11. Ke veine ea mofuta ofe e loketseng hore e ka sebelisoa nakong ea Sejo sa Morena sa Mantsiboea?
11 Kaha Paseka ea Bajode e ne e tšoaroa nako e telele ka mor’a kotulo ea morara, Jesu o ne a ke ke a sebelisa seno se sa lomosoang, empa o ne a tla sebelisa veine e khubelu eo ho neng ho ka ba bobebe hore e emele mali a hae. (Bapisa le Tšenolo 14:20.) Mali a Kreste a ne a sa hloke ho hlapolloa, kahoo veine e se nang letho e loketse, ho fapana le liveine tse tiisitsoeng ka brandy (tse kang port, sherry, kapa muscatel) kapa tse ekelitsoeng ka linōko kapa litlama (vermouth, Dubonnet, kapa majoala a mangata a bitsang takatso ea lijo). Empa ha ho hlokahale hore re tšoenyehe ka mokhoa o tlōtseng ka hore na veine e entsoe joang, hore na tsoekere e seng kae e ile ea eketsoa nakong ea ho lomosoa ha eona ho etsa hore e be le tatso e itekanetseng kapa hore na e na le tahi kapa hore na sebabole se senyenyane se ile sa sebelisoa hore e se ke ea senyeha.c Liphutheho tse ngata li sebelisa veine e khubelu ea khoebo (e kang Chianti, Burgundy, Beaujolais, kapa claret) kapa veine e khubelu e bonolo e entsoeng lapeng. Veine le bohobe ke litšoantšetso feela; kahoo, ntho leha e le efe e sa sebelisoang e ka isoa lapeng ’me hamorao ea sebelisoa feela joaloka lijo tse ling kapa lintho tse nooang.
12. Jesu o hlalositse hore veine e na le moelelo ofe oa tšoantšetso?
12 ’Nete ea hore Jesu o buile ka mali a hae bosiung ba Paseka e ne e ka hopotsa motho mali a likonyana morao koana Egepeta. Empa hlokomela kamoo Jesu a hlileng a etsa papiso e fapaneng, a re: “Senoelo sena ke selekane se secha maling a ka, a tšolleloang lōna.” (Luka 22:20) Pejana Molimo o ne o ile oa etsa selekane le sechaba sa Iseraele ea nama, ’me se ile sa khakoloa ka mali a mahlabelo a liphoofolo. Ho ne ho e-na le ho tšoana pakeng tsa mali a mahlabelo ao le mali a Jesu. Kaofela a ne a akarelletsoa ho khakoleng ha Molimo selekane le sechaba sa batho ba oona. (Exoda 24:3-8; Ba-Heberu 9:17-20) Tšobotsi e ’ngoe ea selekane sa Molao e ne e le hore Iseraele ea nama e ne e e-na le tebello ea ho bōpa sechaba sa marena le baprista. (Exoda 19:5, 6) Leha ho le joalo, ka mor’a hore Iseraele e hlōlehe ho boloka selekane sa Jehova, o ile a re o ne a tla nkela “selekane sa pele” sebaka ka “selekane se secha.” (Ba-Heberu 9:1, 15; Jeremia 31:31-34) Senoelo sa veine seo joale Jesu a ileng a se fetisa har’a baapostola ba tšepahalang se ne se emela selekane sena se secha.
13, 14. (a) Ho ba selekaneng se secha ho bolela eng? (b) Ke eng e bontšoang ke ho kopanela ha motho ho ja litšoantšetso?
13 Bakreste ba nketsoeng selekaneng sena se secha ba bōpa sechaba sa moea sa marena le baprista. (Ba-Galata 6:16) Moapostola Petrose o ngotse: “Le moloko o khethiloeng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le sechaba se ruiloeng, le tle le bolele lithoko tsa ea le bitsitseng lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Petrose 2:9) Ho hlakile hore na ke poloko efe eo ba e amohelang—bophelo leholimong e le babusi hammoho le Jesu. Tšenolo 20:6 e tiisa sena: “Ho lehlohonolo, ho halaletse ba nang le kabelo tsohong ea pele; . . . e tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.”
14 Ha e le hantle, ka mor’a hore Jesu a laele baapostola hore ba kopanele ho ja bohobe le veine tsa tšoantšetso, o ile a ba bolella hore ba ne ba tla ‘ja ba be ba noe tafoleng ea hae ’musong oa hae, ’me ba lule literoneng ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.’ (Luka 22:28-30) Ka baka leo, ho kopanela ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso ho bolela ho hongata ho feta feela ho lumela sehlabelong sa Jesu. Mokreste e mong le e mong o tlameha ho amohela topollo ’me a be le tumelo hore a tle a fumane bophelo bo sa feleng kae kapa kae. (Mattheu 20:28; Johanne 6:51) Empa ho kopanela ho ja litšoantšetso ho bontša hore motho o selekaneng se secha, o khethetsoe ho ea ba le Jesu ’Musong oa hae.
Tlhokahalo ea ho ba le Temoho Nakong ea Sehopotso
15. Jesu o ile a fana ka tšepo e ncha joang bakeng sa bahlanka ba Molimo?
15 Joalokaha sehlooho se ka pele se hlalositse, pele ho mehla ea Jesu bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba ne ba se na tšepo ea ho ea leholimong. Ba ne ba lebelletse ho fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng, lehaeng la motho la tšimolohong. Jesu Kreste e bile oa pele oa ho tsosoa e le moea, ’me o ile a fetoha oa pele ho batho oa ho nkeloa leholimong. (Ba-Efese 1:20-22; 1 Petrose 3:18, 22) Pauluse o tiisitse sena, a ngola: “Re neiloe sebaka sa ho kena sehalalelong, re se na tšabo, ka mali a Jesu, e leng tsela e ncha e isang bophelong, eo a re hleketseng eona.” (Ba-Heberu 10:19, 20) Ke bo-mang ba neng ba tla latela, ka mor’a hore Jesu a bule tsela eo?
16. Bokamoso bo tšoere eng bakeng sa ba kopanelang ho ja bohobe le veine?
16 Bosiung boo ka bona Jesu a ileng a thea Sejo sa Morena sa Mantsiboea, o ile a bolella baapostola ba hae ba tšepahalang hore o ba lokisetsa bolulo leholimong. (Johanne 14:2, 3) Empa hopola hore Jesu o ile a boela a bolela hore ba kopanelang ho ja bohobe le ho noela senoelong ba ne ba tla ba ’Musong oa hae ’me ba lule literoneng ho ahlola. Na bao e ne e tla ba baapostola feela? Che, hobane hamorao moapostola Johanne o ile a ithuta hore Bakreste ba bang le bona ba ne ba tla hlōla ’me ba ‘lule le Jesu teroneng ea hae,’ ’me kaofela ba ne ba tla fetoha ‘’muso le baprista hore ba buse lefatše.’ (Tšenolo 3:21; 5:10, TLP) Johanne o ile a boela a ithuta palo e felletseng ea Bakreste ba “lopolotsoeng lefatšeng”—ba 144 000. (Tšenolo 14:1-3) Kahobane ha ho bapisoa sena ke sehlopha se senyenyane, ke “mohlatsoana” ha o bapisoa le bohle ba ’nileng ba rapela Molimo ho theosa le lilemo, ho hlokahala temoho e khethehileng nakong ea Sehopotso.—Luka 12:32.
17, 18. (a) Bakreste ba bang Korinthe ba ile ba oela tloaelong efe? (b) Ke hobane’ng ha ho ja le ho noa ka ho fetelletseng ho ne ho tebile haholo? (Ba-Heberu 10:28-31)
17 Pauluse o ile a phahamisa sena lengolong la hae le eang ho Bakorinthe nakong ea ha baapostola ba bang ba sa ntsane ba phela le ha Molimo o ne o bitsa Bakreste “hore e be bahalaleli.” Pauluse o ile a bolela hore ho ne ho hlahile mokhoa o mobe har’a ba neng ba le teng moo ba neng ba tlameha ho kopanela ho ja litšoantšetso. Ba bang ba ne ba e-ja lijo esale pele, tseo ho tsona ba neng ba e-noa kapa ba e-ja haholo, e leng ho neng ho etsa hore ba otsele, ho thotofatsa phalimeho ea likelello tsa bona. Ka baka leo, ba ne ba ke ke ba “lemoha ’mele,” ’mele oa nama oa Jesu o neng o emeloa ke bohobe. Na hoo ho ne ho tebile haholo? E! Ka ho kopanela ho jeng ka mokhoa o sa tšoanelang, ba ile ba ba “molato mabapi le ’mele le mali a Morena.” Haeba ba ne ba falimehile kelellong le moeeng, ‘ba ne ba ka lemoha seo ba leng sona ’me ba ne ba se na ho ahloloa.’—1 Ba-Korinthe 1:2, TLP; 11:20-22, 27-31, NW.
18 Ho ne ho hlokahala hore Bakreste bao ba lemohe eng hona joang? Taba ea pele, ba ne ba lokela ho ananela ka pelo le ka kelello pitso ea bona ea ho ba har’a majalefa a 144 000 a bophelo ba leholimo. Ba ile ba lemoha see joang, hona na kajeno ke ba bangata ba lokelang ho lumela hore ke karolo ea sehlopha see se senyenyane seo Molimo o ’nileng oa se khetha ho tloha mehleng ea baapostola?
19. Ke boemo bofe bo senolang litaba bo bileng teng Sehopotsong sa 1989?
19 Ha e le hantle, ke ba fokolang haholo feela ba Bakreste ba ’nete kajeno ba hlokomelang sena boemong ba bona. Moketeng oa Sejo sa Morena sa Mantsiboea ka 1989, ba fetang 9 479 000 ba ile ba bōkana liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova ho pota lefatše. Ba ka bang 8 700 ba ile ba ipolela ba e-na le tšepo ea ho ‘bolokeloa ho kena ’musong leholimong.’ (2 Timothea 4:18) Ba bangata haholo—e, limillione tsa Bakreste ba bang ba tšepahalang, ba hlohonolofalitsoeng ba ileng ba bōkana—ba ile ba lemoha hore tšepo ea bona e tiileng ke ho phela ka ho sa feleng lefatšeng.
20. Ba sehlopha sa ba 144 000 ba hlokomelisoa joang hore ba bitsitsoe? (1 Johanne 2:27, NW)
20 Ka Pentekonta ea 33 C.E., Molimo o ile oa qala ho khetha ba 144 000 bakeng sa bophelo ba leholimo. Kaha tšepo ena e ne e le ncha, e le eo bahlanka ba Molimo ba pele ho mehla ea Jesu ba neng ba se na eona, bao ba neng ba khethiloe ba ne ba tla tseba joang kapa ba ne ba tla tiisetsoa tšepo ee joang? Ba lemoha sena ka ho amohela bopaki ba sona bo fanoang ke moea o halalelang oa Molimo. Seo ha se bolele hore ba hlile ba bona moea (hase motho) kapa hore ba ba le pono e itseng kelellong ea ha moea o buisana le bona, leha e le hore ba utloa mantsoe a tsoang sebakeng sa moea. Pauluse oa hlalosa: “Ka sebele sa oona, Moea oa Molimo o pakelana le meea ea rōna hore re bana ba Molimo . . . re majalefa, mafalefa a Molimo; re majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re e-na le kabelo mahlōkōng a hae, hore re tle re be le kabelo tlotlisong ea hae.”—Ba-Roma 8:16, 17, TLP.
21. (a) Batlotsuoa ba tseba joang hore ba na le tšepo ea leholimo? (1 Ba-Korinthe 10:15-17) (b) Batlotsuoa ke batho ba mofuta ofe, ’me ba tiisa tšepo ea bona ka boikokobetso joang?
21 Bopaki bona, kapa ho hlokomela sena, bo lokisa monahano oa bona le tšepo ea bona bocha. E sa ntsane e le batho, ba thabela lintho tse ntle tsa pōpo ea lefatšeng ea Jehova, empa tšekamelo e khōlō ea bophelo ba bona le lintho tseo ba amehileng ka tsona ke ho ba majalefa hammoho le Kreste. Ha baa ka ba ba le pono ena ka tšusumetso e itseng ea maikutlo. Ke batho ba tloaelehileng, ba leka-lekaneng liponong tsa bona le boitšoarong. Empa kaha ba khethiloe ke moea oa Molimo, ba kholisehile ka pitso ea bona, ha ba na lipelaelo tse qophellang ka eona. Ba hlokomela hore poloko ea bona e tla ba ho ea leholimong haeba ba ipaka ba tšepahala. (2 Ba-Thessalonika 2:13; 2 Timothea 2:10-12) Kaha ba utloisisa hore na sehlabelo sa Jesu se bolela eng bakeng sa bona ’me ba lemoha hore ke Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, ka boikokobetso ba kopanela ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso.
22. Boholo ba ba tla ba teng Sejong sa Morena sa Mantsiboea ba tla lemoha eng?
22 Ba bangata ho bao ka kutlo ba tla bōkana ka la 10 ’Mesa ha ba na tšepo eo, hobane Molimo ha oa ba tlotsa ka moea, ho ba bitsetsa bophelong ba leholimo. Joalokaha re boletse, Molimo o qalile ho khetha ba 144 000 morao koana mehleng ea baapostola. Empa ha pitso eo e phethoa, ho ka lebelloa hore ba bang ba tlang ho tla o rapela ba ne ba tla ba le tšepo eo Moshe, Davida, Johanne Mokolobetsi le bahlanka ba bang ba tšepahalang ba shoeleng pele Jesu a bula tsela ea ho ea bophelong leholimong ba neng ba e-na le eona. Ka hona, kajeno Bakreste ba limillione ba tšepahalang le ba chesehang ha ba kopanele ho ja litšoantšetso tsa Sehopotso. Bakreste ba joalo ba lemoha hore ba ka pel’a Molimo ka kutloisiso ea hore ba utloisisa tšepo ea bona e tiileng. Ba rua molemo maling a Jesu le ’meleng oa hae ka hore ba tšoareloe libe tsa bona ba tle ba fumane bophelo bo se nang ho fela lefatšeng.—1 Petrose 1:19; 2:24; Tšenolo 7:9, 15.
23. Ke hobane’ng ha Sehopotso e tla ba mokete oa thabo? (Bapisa le 2 Likronike 30:21.)
23 Joale, a re lebelleng ka cheseho mokete o thabisang ka la 10 ’Mesa. E tla ba nako ea ho sebelisa temoho empa hape e tla ba nako ea thabo. E tla ba thabo bakeng sa ba fokolang ka lenane ba nang le tšepo ea leholimo bao ka nepo le ka kutlo ba tla kopanela ho ja bohobe le ho noela senoelong. (Tšenolo 19:7) E tla ba thabo hape bakeng sa Bakreste ba limillione ba thabileng bao mantsiboeeng ao ba tla shebella ’me ba ithute hape ba na le tšepo ea ho hopola ka ho sa feleng lefatšeng mokete oo o nang le se sengata seo o se bolelang.—Johanne 3:29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a “Bosiung boo A ileng a ekoa ka bona Morena Jesu o ile a nka bohobe; a fana ka liteboho, A bo roba ’me a re: ‘Hona ke ’mele oa ka o fuoang lōna; etsang hona e le sehopotso sa ka.’ Ka ho tšoanang A nka senoelo ha lijo tsa mantsiboea li felile, ’me a re: ‘Senoelo sena ke selekane se secha, se tiisitsoeng ke mali a ka; neng le neng ha le se noa, ho etseng e le sehopotso sa ka.’”—An Expanded Paraphrase of the Epistles of Paul, ea F. F. Bruce.
b Seithuti se seng se fana ka khopolo ena mabapi le hore na ke hobane’ng ha ho ile ha phaelloa ka veine: “[Paseka] e ne e se e ke ke ea hlola e e-ba ho phutheha ho se nang thabo ha batho bohle ba baholo ba batona selemo le selemo; e ne e tla fetoha nako ea mokete oa lelapa, oo ho oona ho noa veine ho neng ho e-na le sebaka sa tlhaho.”—The Hebrew Passover—From the Earliest Times to A.D. 70, ea J. B. Segal.
c Ho tloha mehleng ea boholo-holo letsoai, methoebe e mesoeu ea mahe, le metsoako e meng e ’nile ea sebelisoa ho hlakisa kapa ho hlahisa ’mala le tatso ea veine, Baroma ba bile ba sebelisa sebabole e le ntho e thibelang lipeō tsa mafu ha ho etsoa veine.
Karabelo ea Hao ke Efe?
◻ Ke hobane’ng ha ho fetisoa bohobe bo sa lomosoang nakong ea Sehopotso, hona bo tšoantšetsa eng?
◻ Senoelo se fetisoang nakong ea Sejo sa Morena sa Mantsiboea ke eng, hona se emela eng?
◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala temoho mabapi le mokete oa Sehopotso?
◻ Ke hobane’ng ha u lebelletse ka cheseho Sehopotso se tlang?