Matlotlo a Tsoang Tlalehong ea Molaetsa ea Mattheu
JEHOVA MOLIMO o ile a bululela Mattheu eo pele e neng e le molekhetho hore a ngole tlaleho e susumetsang ea tsoalo, bophelo, lefu, le tsoho ea Jesu Kreste. Litokomane tse meqolong e ’maloa e ngotsoeng ka letsoho ea ka morao ho lekholo la leshome la lilemo li bolela hore Tlaleho ena ea Molaetsa e ngotsoe hoo e ka bang selemong sa borobeli ka mor’a nyolohelo ea Jesu (hoo e ka bang ka 41 C.E.). Sena ha se hanane le bopaki bo ka har’a eona, kaha tlaleho eo e qetella ka ha Jesu a fana ka thōmo ho ba etsang barutuoa ka 33 C.E. ’me ha e bolele letho ka timetso ea Jerusalema matsohong a Baroma ka 70 C.E.
Ho Historia Ecclesiastica (Histori ea Kereke), rahistori oa lekholong la bone la lilemo Eusebius o qotsa Papias le Irenaeus ba lekholong la bobeli la lilemo le Origen oa lekholong la boraro la lilemo, bao kaofela ba bolelang hore Tlaleho ena ea Molaetsa e ngotsoe ke Mattheu ’me ba re o e ngotse ka Seheberu. Na kannete hoo e ne e le Searame? Ho latela litokomane tse boletsoeng ke George Howard, moprofesa oa bolumeli Univesithing ea Georgia, ha ho joalo. O ngotse: “Maikutlo ana a tlisitsoe haholo-holo ke tumelo ea hore mehleng ea Jesu Seheberu se ne se se se sa sebelisoe Palestina empa se se se nketsoe sebaka ke Searame. Tšibollo e ileng ea latela ea Meqolo ea Leoatle le Shoeleng, eo boholo ba eona e leng mengolo ea Seheberu, hammoho le litokomane tse ling tsa Seheberu tse tsoang Palestina tsa nakong e akarelletsang mehla ea Jesu, hona joale li bontša hore Seheberu se ne se phela ’me se sebetsa haholo lekholong la pele la lilemo.” Ka ho totobetseng, Mattheu o ile a ngola Tlaleho ea hae ea Molaetsa molemong oa Bakreste ba Baheberu empa e ka ’na eaba o ile a boela a e fetolela Segerikeng se tloaelehileng.
Re u khothalletsa ho bala Tlaleho ea Molaetsa ea Mattheu. Ha re ntse re hlahloba a seng makae har’a matlotlo ao e nang le ’ona, hlokomela boitsebiso bo potileng taba bo hlakisang tlaleho eo.
Tsoalo le Tšebeletso e Qalang
Tlaleho ea Molaetsa ea Mattheu e qala ka leloko le tsoalo ea Jesu. Ha Maria a fumanoa e le moimana, mohlankana oa hae, Josefa, “a rera ho mo hlala ka lekunutu.” (1:19, TLP) Empa o ne a ka etsa joalo joang, kaha ba ne ba lebeletsane feela? Koana, ho Bajode mosali ea lebelelitsoeng o ne a e-na le litlameho tse tšoanang le tsa basali ba nyetsoeng. Haeba a ne a e-ba le likamano tsa botona le botšehali le motho e mong, o ne a ka tlepetsoa ka majoe joalokaha eka ke mofebi. (Deuteronoma 22:23-29) Ka hona, ka baka la sebopeho se tlamang sa tebeletso, Josefa o ile a rera ho hlala Maria, le hoja ho ne ho se tšebeletso e neng e ba kopantse ka lenyalo.
Likhaolo tse qalang tsa Tlaleho ea Molaetsa ea Mattheu li na le Thuto ea Jesu ea Thabeng. Ho eona, Kreste o ile a lemosa hore motho o ne a tla ikarabella ho “Lekhotla le Phahameng” bakeng sa ho bitsa ngoan’abo ka “lentsoe le sa lokelang ho buuoa la nyeliso.” (5:22, NW) Puo e joalo e ne e lekana le hore motho a bitse ngoan’abo sethoto se se nang kelello.
Empa “Lekhotla le Phahameng” lee e ne e le eng? E ne e le Lekhotla la Bajode la Jerusalema le neng le entsoe ka litho tse 71. Ho ne ho hlokahala semelo sefe hore motho a tšoanelehe ho ba setho sa lona? Cyclopedia ea McClintock le Strong e re: “Mokōpi o ne a lokela ho hloka sekoli boitšoarong le ’meleng. O ne a lokela ho ba lilemong tse bohareng, ho ba molelele, ho khahleha litšobotsing, ho rua, ho ruteha . . . O ne a hlokoa hore a tsebe lipuo tse ’maloa . . . Batho ba seng ba hōlile haholo, basokolohi, maqhalaha, le Bahlanka ba Baprista ba ne ba sa tšoanelehe ka baka la libopeho tsa bona; leha e le hore ho ne ho ka khethoa batho ba se nang bana, hobane ba ne ba ke ke ba nahanela litaba tsa ka lapeng . . . ; leha e le ba neng ba ke ke ba paka hore ke bana ba molao ba moprista, Molevi, kapa Moiseraele. . . . Motho ea khetheloang Lekhotleng le Leholo la Bajode o ne a hlokoa hore, pele ho tsohle, e be e kile ea e-ba moahloli motseng oa habo; hore ha a tlosoa moo a be a ile a isoa Lekhotleng le Lenyenyane la Bajode . . . , le hore hape a be a ile a nyolohela Lekhotleng le Lenyenyane la Bajode la bobeli . . . pele a ka amoheloa e le setho sa ba mashome a supileng a motso o mong.”
Kahoo Jesu o ne a bolela hore “mang kapa mang ea bitsang ngoan’abo ka lentsoe le sa lokelang ho buuoa la nyeliso” o na le molato o tšoanang le oa motho ea qositsoeng le ea ahloletsoeng lefu ke Lekhotla le Phahameng la Bajode. Ke temoso e kaakang ea hore re se bue bobe ho banab’abo rōna! A re tšoareng maleme a rōna e le hore le ka mohla re se tšoaneloe ke kahlolo ka Lekhotleng le Phahameng ka ho Fetisisa, pel’a Jehova, “Moahloli oa lefatše.”—Genese 18:25; Jakobo 3:2-12.
Jesu Moruti ea Behang Litholoana
Tlaleho ena ea Molaetsa le eona e hlahisa Jesu e le moruti ea khonang ho arabela lipotso ka masene. Ka mohlala, ha a arabela potso, o ile a hlalosa hore na ke hobane’ng ha barutuoa ba hae ba ne ba sa itime lijo. (9:14-17) Ba ne ba se na lebaka la ho itima lijo ha a ntse a phela. Empa joalokaha a boletse esale pele, ba ile ba itima lijo ’me ba siama ha a e-shoa hobane ba ne ba sa tsebe hore na ke hobane’ng ha lefu la hae le ne le lumelletsoe. Leha ho le joalo, ka mor’a ho amohela moea o halalelang ka Pentekonta, ba ile ba behoa leseling ’me ha baa ka ba hlola ba itima lijo ka ho sareloa.
Ha a ntse a bua ka taba eo, Jesu o ile a eketsa ka hore ha ho motho ea lapang seaparo sa khale ka lesela le e-s’o honyele hobane matla a lona a se tabola le ho feta. Hape o ile a bolela hore veine e ncha ha e tšeloe ka makukeng a khale. Lekuka, kapa botlolo ea letlalo, e ne e le letlalo la phoofolo le suhiloeng le rokiloeng ka hohle haese lesobeng la leoto feela. Veine e ncha e ntseng e bela e fehla carbon dioxide e hlahisang matla a lekaneng ho phatlola makuka a khale, a ommeng. Ha ho bapisoa, ’nete eo Kreste a neng a e ruta e ne e le matla haholo bakeng sa Bojuda ba khale, bo sa fetoheng. Ho feta moo, o ne a sa leke ho lapa kapa ho ntšetsa pele tsamaiso efe kapa efe ea bolumeli e tsofetseng hammoho le meetlo ea eona ea ho itima lijo le mekhoa e meng. Ho fapana le hoo, Molimo o ile oa sebelisa Jesu ho hloma tsamaiso e ncha ea borapeli. Ka hona, ka sebele ha rea lokela ho etsa letho le tšehetsang mekhatlo ea tumelo e kopanetsoeng kapa le ntšetsang pele bolumeli ba bohata.
Utloa Keletso e Tsoang ho Mor’a Molimo
Ho latela tlaleho ea Mattheu ea ponahalo e khanyang, Molimo o ile oa bitsa Jesu Mora oa Oona ea o khahlisang ’me oa re re lokela ho mo mamela. (17:5) Kahoo re lokela ho utloa taeo eohle ea Kreste, e kang temoso ea hae ea hore mang kapa mang ea khopisang motho ea lumelang ho eena ho ne ho ka ba molemo ha a ka tebisetsoa leoatleng ka leloala le tlamelletsoeng molaleng oa hae. (18:6) Lejoe lee e ne e le la mofuta ofe? E ne e se le lenyenyane, hobane Jesu o ne a bolela lejoe le ka holimo la leloala le bophara ba limithara tse 1,2 ho isa ho 1,5. Ho le pitikisa holim’a lejoe le leholoanyane le ka tlaase ho ne ho hloka matla a phoofolo. Ha ho motho ea neng a ka pholoha leoatleng a tlamelletsoe boima bo bokaalo molaleng oa hae. Ka hona, ha e le hantle Jesu o ne a re laea hore re qobe molato oa ho khopisa ofe kapa ofe oa balateli ba hae. Ka morero o tšoanang, moapostola Pauluse o ngotse: “Ho hotle hore ho se ke ha jeoa nama, ho se ke ha nooa veine, ho se ke ha etsoa letho, leha le le leng, le ka khopisang ngoan’eno.”—Ba-Roma 14:21.
Mor’a Molimo o ile a fana ka taeo e sa tobang ha a phatlalatsa bangoli le Bafarisi ba le malimabe ’me a re ba ne ba tšoana le mabitla a hlatsoitsoeng hantle ka ntle. (23:27, 28, NW) Ho ne ho tloaelehile hore mabitla a hlatsuoe hore a be masoeu e le hore batho ba se a thetse ka phoso ’me ba e-ba sesila. Ka ho bua ka mokhoa ona, Jesu o ne a bontša hore bangoli le Bafarisi ba ne ba bonahala ba lokile ka ntle empa ba ne ba “tletse boikaketsi le bokhopo.” Ho utloa keletso ena e akarelletsoang mona ho tla etsa hore re qobe bolotsana ’me re itšoare ka ‘tumelo e se nang boikaketsi.’—1 Timothea 1:5, NW; Liproverbia 3:32, NW; 2 Timothea 1:5, NW.
Ea re Behetseng Mohlala le ’Moloki oa Botšepehi
Ka mor’a ho tlaleha boprofeta ba Jesu mabapi le ‘pontšo ea ho ba teng ha hae,’ Mattheu o bolela ka ho ekoa, ho qosoa, lefu, le tsoho ea Kreste. Ha a le thupeng, Jesu o ile a hana veine e tsoakiloeng le nyooko, motsoako o nang le tšusumetso e thethefatsang. (27:34, NW) Ka tloaelo basali ba ne ba fa batlōli ba molao veine e joalo ho bolaea bohloko ba ho khokhotheloa. Mareka 15:23 e re veine eo e ne e le “e tsoakiloeng ka myrrha,” e leng ho neng ho tla natefisa tatso. Kamoo ho bonahalang kateng, nyooko le myrrha ka bobeli li ne li le teng veineng eo Kreste a ileng a e hana. Ha a fihla tlhorong ea tsela ea hae ea lefatšeng, o ne a sa batle ho thethefatsoa kapa ho tšerehanngoa. Jesu o ne a lakatsa hore a be a ikutloa hantle e le hore a tšepahale lefung la hae. Joaloka Ea re behetseng mohlala, e se eka ka mehla re ka ameha ka ho boloka botšepehi ba rōna ho Jehova Molimo.—Pesaleme ea 26:1, 11, NW.