“Basali ba Sebetsang ka Thata Moreneng”
“Lumelisa Tryfene le Tryfose, basali ba sebetsang ka thata Moreneng.”—BA-ROMA 16:12, NW.
1. Tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng e ile ea ipaka e le tlhohonolofatso ho basali ka tsela efe?
TŠEBELETSO ea Jesu ea lefatšeng ka sebele e ne e le tlhohonolofatso ho basali ba Bajode. Mosebetsi oo a o qalileng o ne o tla tlisa matšeliso, tšepo, le seriti se secha bakeng sa basali ba merabe eohle. O ne a sa natse lineano tsa bolumeli ba Bajode tse neng li ‘etsa lentsoe la Molimo lefeela.’ (Mattheu 15:6) Lineano tse ngata tsa tsona li ile tsa hatakela litokelo tsa motheo tseo basali ba li fuoeng ke Molimo.
Boikutlo ba Jesu ka Basali
2. Ke hobane’ng ha ho ka thoe katamelo ea Jesu ho basali e ile ea tlisa liphetoho mehleng eo?
2 Ho ne ho na le phapang e khōlō hakaakang pakeng tsa boikutlo ba Jesu ka basali le boikutlo ba baeta-pele ba bolumeli ba Bajode! Ha re qotsa Encyclopaedia Judaica, baeta-pele bao ba ne ba nka basali e le “ba meharo, ba mamelang litaba tsa batho ba bang tsa lekunutu, ba botsoa, le ba mōna.” Ho buisana le mosali e ne e le ho nyatsoang, ’me “e ne e le ho hlabisang lihlong hore seithuti se bue le mosali seterateng.” (Jerusalem in the Time of Jesus, ea Joachim Jeremias; bapisa le Johanne 4:27.) Ho ka boleloa ho hongata ka boikutlo ba ho nyelisa basali ha baeta-pele ba bolumeli ba Bajode. Empa se boletsoeng ka holimo se tla tšoaneleha bakeng sa ho bontša kamoo katamelo ea Jesu ho basali e ileng ea tlisa liphetoho mehleng eo.
3. Ke liketsahalo life nakong ea tšebeletso ea Jesu tse bontšang hore o ne a ikemiselitse ho ruta basali linnete tse tebileng tsa moea?
3 Jesu o fana ka mohlala o phethahetseng oa kamoo banna ba ka bang le kamano e mofuthu le basali empa e le e hloekileng. Ha a ka a bua le bona feela empa hape o ile a ba ruta linnete tse tebileng tsa moea. Ha e le hantle, motho oa pele feela eo a ileng a mo senolela Bomessia ba hae ka ho hlakileng e ne e le mosali, ntle le moo e ne e le mosali oa Mosamaria. (Johanne 4:7, 25, 26) Ho phaella moo, ketsahalo e amang Maretha le Maria e bontša ka ho hlaka hore ho fapana le baeta-pele ba bolumeli ba Bajode, Jesu o ne a se na boikutlo ba hore mosali ha a na tokelo ea hore a siee lipitsa le lipane tsa hae ka nakoana e le hore a ka eketsa tsebo ea hae ea moea. Ketsahalong eo, Maria o ile a ‘ikhethela kabelo e ntle,’ a etelletsa lintho tsa moea pele. (Luka 10:38-42) Empa likhoeli tse seng kae hamorao ka mor’a hore khaitseli ea bona e shoe, hase Maria empa ke Maretha, ea ileng a bontša cheseho e khōlō ea ho teana le Morena. Esita le kajeno re thaba haholo ha re bala puisano eo e tebileng ea moea pakeng tsa Jesu le Maretha mabapi le tšepo ea tsoho! (Johanne 11:20-27) Eo e ne e le tokelo e kaakang ho Maretha!
Basali ba Ileng ba Sebeletsa Jesu
4, 5. Ntle ho baapostola, ke bo-mang ba ileng ba latela Jesu nakong ea tšebeletso ea hae Galilea, ’me ba ile ba mo sebeletsa joang?
4 Jesu o ile a boela a amohela ho sebeletsoa ke basali ha a ntse a tsamaea le naha. Tlalehong ea hae ea Kosepele, Mareka o bua ka “basali . . . bao, eneng ere ha a sa le Galilea, ba neng ba mo latela [Jesu], ba mo sebeletsa.” (Mareka 15:40, 41) Basali baa e ne e le bo-mang, hona ke joang ba neng ba sebeletsa Jesu? Ha re tsebe mabitso a bona kaofela, empa Luka o qolla mabitso a seng makae ’me o hlalosa tsela eo ba neng ba sebeletsa Jesu ka eona.
5 Luka oa ngola: “Ka mora’ tseo, a ’na a ea le metse le metsana, a ntse a ruta, a bolela Evangeli ea ’muso oa Molimo; ba leshome le metso e ’meli ba ea le eena, le basali ba bang, ba neng ba folisitsoe meea e mebe le maloetse: e le Maria, ea bitsoang Magdalena, eo bademona ba supileng ba neng ba tsoile ho eena; le Johanna, mosali oa Khusa, qhoku ea Heroda, le Susanna, le ba bang ba bangata ba neng ba sebeletsa Jesu ka tseo ba nang le tsona.” (Luka 8:1-3) Jesu o ne a ikemiselitse ho lateloa ke basali bana le ho sebelisa lintho tseo ba nang le tsona hore ba sebeletse litlhoko tsa hae tsa lintho tse bonahalang le tsa baapostola ba hae.
6. (a) Ke bo-mang ba ileng ba tsamaea le Jesu nakong ea leeto la hae la ho qetela le eang Jerusalema? (b) Ke bo-mang ba neng ba tšehelitse Jesu ho fihlela lefung la hae, ’me ba bang ba bona ba ile ba putsoa joang? (c) Ho latela lineano tsa bolumeli ba Bajode, ke eng se tsotehang ka tlaleho e ho Johanne 20:11-18?
6 Ha Jesu a bolaoa, “basali ba bangata ba ne ba le teng moo, ba talimile ba le hole, e le ba neng ba mo latetse ha a e-tsoa Galilea, ba mo sebelelitseng. Ho bona ho no ho le Maria Magdalena, le Maria, ’m’a Jakobo le Jose.” (Mattheu 27:55, 56) Ka hona, basali ba bangata ba tšepahalang ba ile ba tšehetsa Jesu nakong ea lefu la hae. Hape ho lokelang ho hlokomeloa ke hore basali ke bona lipaki tsa pele tsa tsoho ea hae. (Mattheu 28:1-10) Sena se ile sa senya neano ea Bajode, hobane bolumeling ba Bajode basali ba ne ba nkoa ba sa tšoanelehe ho ba lipaki tsa molao. U ntse u hopotse sena, bala Johanne 20:11-18, ’me u leke ho etsa setšoantšo ka kelellong sa boikutlo bo tebileng boo e tlamehang ebe Maria Magdalena o ile a bo utloa ha Morena ea tsohileng a iponahatsa ho eena, a ’mitsa ka lebitso, ’me a mo sebelisa e le paki ea hae hore a bolelle barutuoa ba hae hore kannete oa phela!
Basali ba Tšepahalang ba Bakreste ka Mor’a Pentekonta
7, 8. (a) Re tseba joang hore basali ba ne ba le teng ha ho ne ho tšolloa moea ka Pentekonta? (b) Basali ba Bakreste ba ile ba kopanela joang ho atolosoeng ho qalang ha Bokreste?
7 Ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, basali ba tšabang Molimo ba ne ba le teng hammoho le baapostola ba tšepahalang ka kamoreng e ka holimo e Jerusalema. (Liketso 1:12-14) Ho hlakile hore basali ba ne ba le teng har’a bao ho ileng ha tšolleloa moea o halalelang holim’a bona ka Pentekonta. Hobane’ng? Hobane ha Petrose a hlalosa se ileng sa etsahala, o ile a qotsa Joele 2:28-30, eo ka ho tobileng e buang ka “barali” le “makhabunyane,” kapa ‘basali ba bahlanka.’ (Liketso 2:1, 4, 14-18) Kahoo basali ba Bakreste ba tsoetsoeng ka moea, ba tlotsitsoeng e ne e le karolo ea phutheho ea Bokreste ho tloha ha e theoa.
8 Basali ba ile ba phetha karolo e khōlō ho phatlalatseng Bokreste le hoja e ne e se bona ba ka sehloohong. Ho bonahala eka Maria, ’mè oa Mareka le rakhali’a Barnabase, o ile a fana ka ntlo ea hae e khōlō hore e sebelisoe ke phutheho e Jerusalema. (Liketso 12:12) ’Me o ne a ikemiselitse ho etsa sena nakong eo ho neng ho sa tsoa qhoma mahloriso khahlanong le Bakreste. (Liketso 12:1-5) Barali ba bane ba ’moleli oa evangeli Filipi ba ile ba fuoa litokelo tsa ho ba baprofeta.—Liketso 21:9; 1 Ba-Korinthe 12:4, 10.
Boikutlo ba Pauluse ka Basali
9. Pauluse o ile a fana ka keletso efe mabapi le basali ba Bakreste lengolong la hae la pele le neng le ea ho Bakorinthe, hona o ne a khothalletsa basali ho hlompha molao-motheo ofe oa Molimo?
9 Ka linako tse ling moapostola Pauluse o qosoa ka hore o hloile basali ebile ha a ba tšepe. Ke ’nete, ke Pauluse ea ileng a tsitlella hore basali ba boloke sebaka sa bona se nepahetseng ka phuthehong ea Bokreste. Ka tloaelo, ba ne ba sa lokela ho ruta libokeng tsa phutheho. (1 Ba-Korinthe 14:33-35) Haeba mosali oa Mokreste a ne a bua sebokeng hobane Mokreste oa monna a le sieo kapa a profeta tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang, ho ne ho hlokahala hore a roale hloohong. Ho roala hona e ne e le “pontšo ea ho busoa,” bopaki bo bonahalang ba hore mosali o amohela tokisetso ea Molimo ea bohlooho.—1 Ba-Korinthe 11:3-6, 10.
10. Ba bang ba ’nile ba qosa moapostola Pauluse ka eng, empa ke eng se pakang hore qoso ee ke ea bohata?
10 Ho bonahala eka Pauluse o ile a fumana ho hlokahala hore a hopotse Bakreste ba pele melao-motheo ena ea puso ea Molimo e le hore ‘lintho tsohle li ka etsahala ka nepo’ libokeng tsa phutheho. (1 Ba-Korinthe 14:40, NW) Empa na see se bolela hore Pauluse o ne a le khahlanong le basali, joalokaha ba bang ba bolela? Che, ha ho joalo. Na hase Pauluse ea ileng a romela litumeliso tse mofuthu ho basali ba Bakreste ba robong khaolong e qetellang ea lengolo la hae le neng le ea ho Baroma? Na ha a ka a bontša kananelo e tebileng bakeng sa Foibe, Prisca (Priscilla), Tryfene, le Tryfose, eaba o re bana ba babeli ba ho qetela ke “basali ba sebetsang ka thata Moreneng”? (Ba-Roma 16:1-4, 6, 12, 13, 15, NW) ’Me ke Pauluse ea ileng a ngola tjena tlas’a pululelo: “Lōna bohle ba kolobelitsoeng ho Kreste, le apere Kreste. Ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lōna le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste.” (Ba-Galata 3:27, 28) Ka ho hlakileng Pauluse o ne a rata bo-khaitseli ba hae ba Bakreste a bile a ba ananela, ho akarelletsa le Lydia, ea ileng a beha mohlala o motle ka ho bontša moea oa ho amohela baeti nakong ea teko.—Liketso 16:12-15, 40; Ba-Filippi 4:2, 3.
Basali ba Sebetsang ka Thata Kajeno
11, 12. (a) Pesaleme ea 68:11, (NW) e phethahala joang ka tsela ea sebele kajeno? (b) Ba bangata ho bo-khaitseli ba rōna ba iphumana ba le boemong bofe, hona ke hobane’ng ha ba hloka kameho ea rōna e mofuthu le lithapelo tsa rōna?
11 Ka phuthehong ea Bokreste kajeno, ho na le basali ba bangata ba Bakreste “ba sebetsang ka thata Moreneng.” Ha e le hantle, lipalo li bontša hore “basali ba bolelang litaba tse molemo ke lebotho le leholo,” ba bōpa karolo e khōlō ea lebotho la Lipaki leo Jehova a le sebelisang nakong ena ea bofelo. (Pesaleme ea 68:11, NW) Basali bana ba Bakreste ba sebetsang ka thata ba iphumanetse botumo bo botle ha ba ntse ba loanela ho phethahatsa karolo ea bona e le basali, bo-’mè, bahlokomeli ba lelapa, ba phelisang lelapa, hammoho le ho ba basebeletsi ba Bakreste.
12 Ba ’maloa ho bo-khaitseli bana ba khabane ba na le banna ba sa lumelang. Ba lokela ho thulana le boemo bona letsatsi le chabang le le likelang. Ba bang ba ’nile ba loana ka lilemo-lemo hore e be basali ba molemo ’me ba ntse ba finyella litlhokahalo tsa ho ba bahlanka ba tšepahalang ba Jehova. Ha hoa ba bonolo, empa ba ’nile ba mamella, ka mehla ba ntse ba tšepile hore banna ba bona ba tla ‘haptjoa, leha e ke ke ea e-ba ka lentsoe’ empa ka boitšoaro ba bona bo botle ba Bokreste. ’Me lelapa lohle le thaba hakaakang ha monna ea joalo a arabela! (1 Petrose 3:1, 2) Ho sa le joalo, ka sebele bo-khaitseli bana ba tšepahalang ba hloka lerato la boena le lithapelo tsa litho tse ling tsa phutheho. Feela joalokaha “moea o khutsitseng le o bonolo” oo ba lekang ho o bontša e le “oa bohlokoa haholo mahlong a Molimo,” ka ho tšoanang botšepehi ba bona bo sa sisinyeheng ke ba bohlokoa mahlong a rōna.—1 Petrose 3:3-6, NW.
13. Ke hobane’ng ha ho ka thoe bo-khaitseli ba rōna ba bo-pula-maliboho ke “basali ba sebetsang ka thata Moreneng,” ’me ba lokela ho tšoaroa joang liphuthehong tsa bona ka ho fapana?
13 Ka sebele bo-khaitseli ba sebeletsang e le bo-pula-maliboho ho ka thoe ke “ba sebetsang ka thata Moreneng.” Ba bangata ho bona ba na le malapa, banna, le bana bao ba lokelang ho ba hlokomela, ho phaella mosebetsing oa bona oa ho bolela. Ba bang ba etsa mosebetsi oa nakoana oa boipheliso e le hore ba ka finyella litlhoko tsa bona tsa lintho tse bonahalang. Sena sohle se hloka tlhophiso e ntle, boikemisetso, mamello, le mosebetsi o mongata o boima. Basali bana ba Bakreste ba lokela ho utloa lerato le tšehetso ea bao maemo a bona a sa ba lumelleng ho nehelana ka lihora tsa bopula-maliboho mosebetsing oa ho paka.
14. (a) Ho buuoa ka mohlala ofe o motle oa mamello? (b) Ke basali bafe ba Bakreste ba tšoaneloang ke pabatso, hona hobane’ng? Bolela mehlala leha e le efe ea sebakeng sa lōna.
14 Basali ba bang ba Bakreste ba ’nile ba bontša boikemisetso bo sa tloaelehang tšebeletsong ea bopula-maliboho. Canada, Grace Lounsbury o ile a latsoa bopula-maliboho ka lekhetlo la pele ka 1914. Ka 1918 o ile a lokela ho bo tlohela ka baka la ho kula, empa ka 1924 o ile a khutlela tšebeletsong ea nako e tletseng. Nakong ea ha ho ngoloa sena, e ntse e le pula-maliboho, le hoja a le lilemo li 104! Bo-khaitseli ba bangata ba baromuoa bao ka bo-1940 ba ileng ba koetlisoa lihlopheng tsa pele tsa Sekolo sa Bibele sa Gileade sa Watch Tower ba ntse ba sebeletsa ka botšepehi, ba sebeletsa karolong ea boromuoa kapa e le litho tsa lelapa la Bethele le Brooklyn kapa ho le leng la makala a Mokhatlo oa Watch Tower. Basali bana ba Bakreste kaofela, ha e le hantle le bo-khaitseli bohle ba ikitlaetsang tšebeletsong ea Bethele, ba bontša moea oa boitelo ’me ba beha mohlala o motle. Na re ee re ba bolelle hore baa ananeloa?
Basali ba Balebeli ba Tsamaeang
15, 16. Haholo-holo ke sehlopha sefe sa basali ba Bakreste se tšoaneloang ke pabatso ea rōna e mofuthu, hona hobane’ng?
15 Basali ba balebeli ba tsamaeang ba bōpa sehlopha se seng sa basali ba Bakreste ba tšoaneloang ke pabatso e mofuthu le khothatso. Bo-khaitseli bana ba ratehang ba ikemiselitse ho latela banna ba bona ha ba ea liphuthehong ka ho fapana, kapa lipotolohong ka ho fapana, e le hore ba ka aha baena ba bona moeeng. Ba bangata ba bona ba tetse lehae le khotsofatsang; ba robala libetheng tse sa tšoaneng beke e ’ngoe le e ’ngoe, ’me hase ka mehla e leng libethe tse ntle. Empa ba thabela ho amohela eng kapa eng eo baena ba ka fanang ka eona. Ba behela bo-khaitseli ba bona ba moea mohlala o motle.
16 Basali bana ba Bakreste le bona ba fana ka tšehetso ea bohlokoa ho banna ba bona, hantle feela joaloka basali ba tšabang Molimo ba neng ba latela Jesu “ba mo latela, ba mo sebeletsa.” (Mareka 15:41) Ha ba khone ho sebelisa nako e ngata ba na le banna ba bona feela, bao ka mehla ba ‘nang le ho hongata hoo ba ho etsang mosebetsing oa Morena.’ (1 Ba-Korinthe 15:58, NW) Ba bang ba bona, joaloka Rosa Szumiga oa Fora, ea kenetseng tšebeletso ea nako e tletseng ka 1948, ba ’nile ba paka mekotla ea liphahlo bakeng sa banna ba bona le ho tsamaea le bona ka lilemo tse 30 kapa tse 40. Ba ikemiselitse ho itella Jehova le baena ba bona le bo-khaitseli. Ba tšoaneloa ke kananelo, lerato, le lithapelo tsa rōna.
Basali ba Baholo
17, 18. (a) Ho hlokoa hore basali ba baena ba khetheloang libaka tsa ho sebeletsa ba be le litšoaneleho life? (b) Basali ba baholo ba lumela ho etsa boitelo joang bakeng sa Jehova le baena ba bona, ’me basali ba bang ba ka thusa banna ba bona joang?
17 Ha moapostola Pauluse a ne a lokolisa litšoaneleho tsa baena ba ka ’nang ba khethoa e le baholo le bahlanka ba sebeletsang, o ile a boela a bua ka basali, ’me a ngola: “Le bona basali ba bona e be batho ba bokhabane, e seng baetselletsi, ba be le phalimeho le ho tšepeha nthong tsohle.” (1 Timothea 3:11) Ke ’nete, keletso ena e akaretsang e sebetsa ho basali ba Bakreste kaofela. Empa ka baka la boitsebiso bo potolohileng taba, ho hlakile hore basali ba baena ba khetheloang libaka tsa ho sebeletsa ba lokela ho latela keletso eo ka tsela e behang mohlala.
18 Ka thabo, basali ba balebeli ba Bakreste ba likete tse ngata ba etsa joalo. Ba na le mekhoa e itekanetseng ’me le moaparo oa bona ke o itekanetseng, ba nahana ka botebo ka bophelo ba bona ba Bokreste, ba hlokolosi ka seo ba se buang, ’me ka botšepehi ba leka ka matla hore ba tšepahale linthong tsohle. Hape ba lumela ho itela, ba lumela hore banna ba bona ba nehelane ka nako eo ba ka beng ba e sebelisa ba na le bona litabeng tsa phutheho. Basali bana ba tšepahalang ba Bakreste ba tšoaneloa ke lerato la rōna le mofuthu le khothatso. Mohlomong baena ba eketsehileng ba ka hahamalla litokelo ka hare ho liphutheho tsa rōna tse ngata haeba ka boikokobetso basali ba bona ba ka lumela hore ba etse boitelo bo joalo bakeng sa boiketlo ba bohle.
“Basali ba Hōlileng” ba Tšepahalang
19. Ke hobane’ng ha “basali ba hōlileng” ba bangata ba tšepahalang ba ananeloa haholo ka liphuthehong tsa bona, ’me re lokela ho ikutloa joang ka bona?
19 Tlhahlobisiso ea rōna ea basali ba boletsoeng ka Bibeleng e re nolofallelitse ho bona hore lilemo ha li thibele basali ba bontšang tumelo hore ba sebeletse Jehova. Sena se bontšoa ke mehlala ea Sara, Elizabetha, le Anna. Kajeno, ho na le basali ba bangata ba Bakreste ba seng ba tsofetse ba behang mehlala e metle ea tumelo le mamello. Ho phaella moo, ka bohlale ba ka tšehetsa baholo ka ho thusa bo-khaitseli ba bacha. Ba ka fa basali ba bacha keletso e bohlale ba sebelisa phihlelo ea bona ea nako e telele, feela joalokaha Mangolo a ba fa tumello ea ho etsa joalo. (Tite 2:3-5) Ka linako tse ling mohlomong khaitseli ea itseng ea hōlileng eena ka boeena o hloka thuso. Haeba ho joalo, moholo ea mo thusang o lokela ho ‘mo tšoara joaloka ’mè oa hae.’ Baholo ba lokela ho “hlonepha basali ba bahlolohali” le ho ba lokisetsa thuso ea lintho tse bonahalang ha ho hlokahala. (1 Timothea 5:1-3, 5, 9, 10) Ka sebele bo-khaitseli ba rōna ba hōlileng ba ratehang ba lokela ho ba le boikutlo ba hore baa ratoa le ho ananeloa.
Babusi Hammoho le Kreste
20. Basali ba bangata ba Bakreste ba ’nile ba fuoa tokelo efe e phahameng, ’me ke hobane’ng ha linku tse ling li lokela ho thabela see?
20 Ho latela Mangolo ho hlakile ka ho felletseng hore “Molimo ha o ee ka tšobotsi ea motho” mabapi le morabe kapa bong ba motho. (Ba-Roma 2:10, 11; Ba-Galata 3:28) Sena se boetse se pakoa ke tsela eo Jehova a khethang ba tla kopana le Mora oa hae pusong ea ’Muso. (Johanne 6:44) Bongata bo boholo ba linku tse ling bo lokela ho thaba hakaakang hore ebe basali ba tšepahalang, ba kang Maria ’m’a Jesu, Maria Magdalena, Priscilla, Tryfene, le Tryfose, le ba bang ba bangata ka phuthehong ea pele ea Bokreste, joale ba kopanetse pusong ea ’Muso, ba entša puso eo ka kutloisiso ea bona e haufi-ufi ea maikutlo le liphihlelo tsa basali! Eo e bile ponelo-pele e lerato le e bohlale hakaakang ho Jehova!—Ba-Roma 11:33-36.
21. Maikutlo a rōna ke afe kajeno ka “basali ba sebetsang ka thata Moreneng”?
21 Kajeno re ka chaela maikutlo a moapostola Pauluse monoana ha a ne a bua ka lerato le ka kananelo ka “basali bana ba loanetseng litaba tse molemo ka mahlakoreng ’ohle hammoho le ’na.” (Ba-Filippi 4:3, NW) Lipaki tsa Jehova kaofela, banna le basali, li ho nka e le thabo le tokelo ho sebetsa ka mahlakoreng ’ohle hammoho le ‘lebotho le leholo la basali ba bolelang litaba tse molemo,’ e, “basali ba sebetsang ka thata Moreneng.”—Pesaleme ea 68:11, NW; Ba-Roma 16:12, NW.
Lipotso tsa Tlhahlobo
◻ Jesu o ile a bontša joang hore ha a khetholle basali joaloka baeta-pele ba bolumeli ba Bajode?
◻ Basali ba tšabang Molimo ba ile ba sebeletsa Jesu joang, ’me ba bang ba bona ba ile ba fumana tokelo efe e khōlō?
◻ Pauluse o ile a fana ka keletso efe mabapi le basali libokeng tsa phutheho?
◻ Ke sehlopha sefe sa bo-khaitseli se tšoaneloang ke kameho ea rōna e mofuthu le tšehetso, hona hobane’ng?
◻ Re lokela ho ikutloa joang ka bohle bao kajeno e leng “basali ba sebetsang ka thata Moreneng”?
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Basali ba ile ba sebeletsa Jesu le baapostola ba hae
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Basali ba itetseng ba balebeli ba tsamaeang le ba baholo ba bang ba tlatsetsa hamolemo mosebetsing oa Molimo