Lipale Tse Iqapetsoeng le se Hlileng se Etsahetseng—Seo e Leng ’Nete ka Jesu
U NAHANA JOANG? NA LINTLHA TSE LATELANG KE LINTHO TSE ETSAHETSENG KAPA KE LIPALE TSE IQAPETSOENG?
Jesu o tsoetsoe ka la 25 December.
Banna ba bararo ba bohlale ba ile ba etela Jesu ha a qeta ho hlaha.
Jesu o ne a se na banab’abo.
Jesu e ne e le Molimo ea nkileng sebōpeho sa motho.
Jesu e ne e se feela motho ea lokileng.
BATHO ba bangata ba tla araba ka hore lintlha tsena kaofela ke ’nete. Ba bang ba ka ’na ba re ho thata, kapa ha ho khonehe ho tseba seo e leng ’nete. Mohlomong ba nka hore hafeela motho a lumela ho Jesu, ha ho tsotellehe hore na karabo ea potso eo ke efe.
Leha ho le joalo, Bibele eona e bua se fapaneng. E re khothalletsa hore re be le “tsebo e nepahetseng ea Morena oa rōna Jesu Kreste.” (2 Petrose 1:8) Re rua tsebo eo ka ho hlahloba Likosepele. Li re bolella ’nete ka Jesu, li re thusa hore re khetholle lintho tse hlileng li etsahetseng lipaleng tse iqapetsoeng. Kahoo, a re hlahlobeng seo Likosepele li se buang mabapi le lintho tseo batho ba li lumelang tse boletsoeng ka holimo.
SEO BATHO BA SE LUMELANG: Jesu o tsoetsoe ka la 25 December.
’NETE EA TABA: KE PALE E IQAPETSOENG.
Ha ho moo Bibele e bolelang ka ho toba ka khoeli kapa letsatsi leo Jesu a hlahileng ka lona. Joale letsatsi la la 25 December le tsoa hokae? Ho latela The Encyclopædia Britannica, batho ba bang ba neng ba ipitsa Bakreste “ba ne ba batla hore letsatsi leo le lumellane le mokete oa bohetene oa Roma o neng o tšoaea . . . ho tsoa ha letsatsi tlung mariha, nakong eo matsatsi a neng a qala ho ba malelele hape ’me letsatsi le qala ho phahamela holimo sepakapakeng.” Eona buka eo e re meetlo e mengata ea Keresemese e simolohile “meketeng ea bohetene ea temo le ea letsatsi e ketekoang bohareng ba mariha.”
Na Jesu o ne a ka lumela hore tsoalo ea hae e ketekoe ka la 25 December? Nahana ka sena: Ha ho tsejoe hore na Jesu o hlahile ka letsatsi lefe. Ha ho na moo Mangolo a re laelang hore re keteke tsoalo ea hae, ebile ha ho na bopaki leha e le bofe ba hore Bakreste ba pele ba ne ba le keteka. Ho e-na le hoo, Bibele e bolela letsatsi le tobileng la lefu la Jesu, ebile o ile a laela balateli ba hae hore ba hopole letsatsi leo.a (Luka 22:19) Ka ho hlakileng, Jesu o ne a batla hore batho ba nke lefu la hae la sehlabelo e le lona la bohlokoa, e seng tsoalo ea hae.—Matheu 20:28.
SEO BATHO BA SE LUMELANG: Banna ba bararo ba bohlale (kapa marena ho latela litumelo tse ling) ba ile ba etela Jesu ha a qeta ho hlaha.
’NETE EA TABA: KE PALE E IQAPETSOENG.
Mohlomong u kile ua bona litšoantšo tse pentiloeng kapa tse toroiloeng tse amanang le tsoalo ea Jesu, tse bontšitseng Jesu e le lesea le ka sejelong, le pota-potiloeng ke banna ba bararo ba bohlale ba nkileng limpho. Leha ho le joalo, litšoantšo tsena li iqapetsoe, hase ntho e hlileng e etsahetseng.
Ke ’nete hore ho na le batho ba hlahang Bochabela ba ileng ba tla moo Jesu e monyenyane a neng a le hona teng ho tla mo tlotlisa. Leha ho le joalo, baeti bana e ne e hlile e le linohe tsa linaleli. (Matheu 2:1, The New English Bible; The Bible—An American Translation) Na ba ile ba fumana Jesu a behiloe ka sejelong? Che; ha ba mo etela, o ne a se a lula ka tlung. Ho hlakile hore ba ile ba fihla likhoeli tse ’maloa ka mor’a hore Jesu a hlahe.—Matheu 2:9-11.
Baeti bao ba ne ba le bakae ka palo? Na ba ne ba le babeli, ba le bararo kapa ba le 30? Bibele ha e bolele. Mohlomong palo ena e tloaelehileng ea hore ba ne ba le bararo e bakiloe ke limpho tsa mefuta e meraro tseo ba ileng ba fana ka tsona.b (Matheu 2:11) Ba bang ba bile ba fane ka maikutlo a hore monna ka mong ho bao ba bohlale o ne a emela morabe o itseng oa batho. Empa ha ho moo Mangolo a fanang ka maikutlo a joalo. Ho e-na le hoo, joalokaha sengoloa se seng se hlalosang Likosepele se bolela, pale ena e iqapetsoe ke “rahistori oa lekholong la borobeli la lilemo ea neng a e-na le bokhoni ba ho iqapela lipale.”
SEO BATHO BA SE LUMELANG: Jesu o ne a se na banab’abo.
’NETE EA TABA: KE PALE E IQAPETSOENG.
Likosepele li bontša ka ho hlaka hore Jesu o ne a e-na le banab’abo. Kosepele ea Luka e re Jesu e ne e le “letsibolo” la Maria, ho bontšang hore hamorao Maria o ile a ba le bana ba bang.c (Luka 2:7) Kosepele ea Mareka e tlaleha hore ba bang motseng oa Nazaretha ba ile ba bapisa Jesu le banab’abo, ba mo nka a sa khetheha ka letho. Ba ile ba botsa: “Na eo hase . . . ngoan’abo Jakobo, le [“Josefa”], le Juda, le Simone? Na likhaitseli tsa hae ha li har’a rōna moo?”—Mareka 6:3, Bibele—Phetolelo e Ncha; Matheu 12:46; Johanne 7:5.
Ho sa tsotellehe seo Likosepele li se buang, litsebi tse ngata tsa thuto ea bolumeli li tsitlella hore Jesu e ne e le eena feela ngoana habo. Tse ling li fana ka maikutlo a hore baena ba Jesu le likhaitseli tsa hae bao ho buuoang ka bona ha e le hantle e ne e le bo-motsoal’ae.d Ba bang ba fana ka maikutlo a hore bana bao e ne e le ba tlileng le Josefa ha a nyala Maria. Empa ak’u nahane ka sena: Haeba Jesu e ne e le eena feela ngoana oa Maria, na batho bao ba Nazaretha ba ka be ba buile mantsoe ao? Che, ho e-na le hoo, e ka ’na eaba ba bang ba bona ba ile ba bona Maria ha a imme bana bao. Ba ne ba tseba hantle hore Jesu e ne e le e mong oa bana ba bangata ba tsoetsoeng ke Maria.
SEO BATHO BA SE LUMELANG: Jesu e ne e le Molimo ea nkileng sebōpeho sa motho.
’NETE EA TABA: KE PALE E IQAPETSOENG.
Maikutlo a hore Molimo o ile a tla lefatšeng ’me a phela e le motho ea bitsoang Jesu, e leng khubu ea thuto ea Boraro-bo-bong, a bile teng ka nako e telele—empa a ne a le sieo mehleng ea Jesu. Ho e-na le hoo, The Encyclopædia Britannica e re: “Lentsoe Boraro-bo-bong ha le hlahe Testamenteng e Ncha, ebile ha ho thuto e totobetseng e buang ka bona . . . Thuto ena e bile teng butle-butle ka mor’a lilemo tse makholo le hona batho ba bangata ba ne ba ngangisana ka eona.”
Ha e le hantle, malumeli a senya Jesu lebitso ha a ruta hore e ne e le Molimo ea nkileng sebōpeho sa motho.e A mo senya lebitso joang? Nahana ka mohlala ona. Basebetsi ba bang ba kōpa ntho e itseng ho mookameli oa bona, empa o ba bolella hore ha a na matla a ho ba fa eona. Haeba mookameli eo a bua ’nete, ka bohlale o amohela hore matla a hae a na le moeli. Empa haeba a sa bue ’nete—ka mantsoe a mang, haeba a e-na le matla a ho ba fa seo ba se kōpang empa a sa batle ho ba fa sona—joale o bua leshano.
Joale Jesu o ile a re’ng ha baapostola ba hae ba babeli ba ne ba batla ho ba boemong bo hlaheletseng? O ile a re ho bona: “Ha e le ho lula ka letsohong la ka le letona le ka ho le letšehali hase ’na ea ka fanang ka hona, empa ke ha ba ho lokiselitsoeng ke Ntate.” (Matheu 20:23) Haeba ka sebele Jesu e ne e le Molimo, na o ne a tla be a sa bue leshano? Ho e-na le hoo, ka ho ipeha ka tlas’a Ea nang le matla a maholo a bolaoli, Jesu o ile a beha mohlala o motle oa boikokobetso—ebile o ile a bontša hore ha a lekane le Molimo.
SEO BATHO BA SE LUMELANG: Jesu e ne e se feela motho ea lokileng.
’NETE EA TABA: HO HLILE HO JOALO.
Jesu o ile a bua pepenene hore e ne e se feela motho ea molemo. O ile a re: “Ke Mor’a Molimo.” (Johanne 10:36) Ke ’nete hore mang le mang a ka ipolela hore eena ke Mora oa Molimo. Empa haeba mantsoe ao a Jesu e ne e se ’nete, seo se ne se tla bontša hore ke motho oa mofuta ofe? Se ne se sa tl’o bontša hore ke motho ea molemo, ho e-na le hoo, e ne e tla be e le molotsana e moholo!
Bopaki bo matla ka ho fetisisa bo tsoa ho Molimo ka boeena. Ka makhetlo a mabeli o ile a re ka Jesu: “Enoa ke Mora oa ka.” (Matheu 3:17; 17:5) Ak’u nahane: Mangolo a tlaleha liketsahalo tse ’maloa feela moo lentsoe la Molimo le ileng la utloahala lefatšeng—empa ho tse peli tsa tsona ke moo a ileng a tiisa hore Jesu ke Mora oa hae! Bona ke bopaki bo matla ka ho fetisisa ba hore Jesu e ne e le Mora oa Molimo joalokaha a boletse.
Na sehlooho see se senotse lintho tse hlileng li etsahetseng tseo u neng u sa li tsebe ka Jesu? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha u sa hlahlobe Likosepele ka ho eketsehileng? U ka thabela ho ithuta tsona ua ba ua rua molemo. Etsoe Jesu ka boeena o itse ho ithuta ’nete ka eena le ka Ntate oa hae ho “bolela bophelo bo sa feleng.”—Johanne 17:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Jesu o shoele ka Letsatsi la Paseka, kapa ka la 14 Nisane ho latela almanaka ea Sejuda.—Matheu 26:2.
b Matheu o tlaleha hore baeti bao ba ile ba “bula matlotlo” a bona ’me ba fa Jesu khauta, libano tse tšoeu le myra. Ntho e thahasellisang ke hore e ka ’na eaba limpho tseo tse theko e boima li ile tsa fihla ka nako e nepahetseng kaha ka mor’a nakoana feela, lelapa labo Jesu—le neng le se na ho hokaalo—le ile la tlameha ho baleha sebakeng seo.—Matheu 2:11-15.
c Le hoja Jesu a tsoetsoe ka mohlolo, Maria o imme bana ba bang ba hae ka tsela e tloaelehileng ka ho kopana le monna oa hae, Josefa.—Matheu 1:25.
d Maikutlo ana a hlahileng ka Jerome hoo e ka bang ka 383 C.E., a atile haholo ho batho ba lumelang hore Maria o ile a lula e le moroetsana bophelo bohle ba hae. Hamorao Jerome o ile a re e ka ’na eaba khopolo eo ea hae ha ea nepahala, empa likelellong tsa batho ba bangata—le Kerekeng e K’hatholike—maikutlo ao a ntse a le teng.
e E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka thuto ea Boraro bo bong, sheba bukana e reng Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]
Linnete Tse Ling Tse ka ’Nang Tsa U Makatsa
Jesu e ne e le motho oa mofuta ofe? Na e ne e le motho ea itšoereng ka thata, ea se nang botsoalle le ea itšehlang thajana, ea neng a sa tloaelane le mang kapa mang feela tjee? Ba bang ba ka ’na ba re ho joalo. Mohlomong ke lona lebaka le etsang hore ba makale ha ba utloa hore Jesu . . .
• o ne a ea meketeng eo batho ba neng ba thabile ho eona.—Johanne 2:1-11.
• o ne a babatsa batho.—Mareka 14:6-9.
• o ne a thabela ho ba har’a bana.—Mareka 10:13, 14.
• o ile a lla pepenene.—Johanne 11:35.
• o ne a utloela batho bohloko.—Mareka 1:40, 41.