-
Balepi ba Linaleli ba Etela JesuJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Banna ba tsoang ka bochabela ba etetse Jesu. Ke balepi ba linaleli ’me ba re ba khona ho bolela lintho tse tla etsahala bophelong ba motho ka ho sheba linaleli. (Esaia 47:13) Ha ba sa le hae, ba ile ba bona “naleli,” eaba ba tsamaea lik’hilomithara tse makholo ba e setse morao. Naleli ena ha ea ka ea ba isa Bethlehema empa e ile ea ba isa Jerusalema.
Ha ba fihla Jerusalema baa botsa, “o kae ea tsoetsoeng e le morena oa Bajuda? Etsoe re ile ra bona naleli ea hae ha re ne re le ka bochabela, ’me re tlil’o mo inamela.”—Matheu 2:1, 2.
-
-
Balepi ba Linaleli ba Etela JesuJesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
-
-
Na u nahana hore “naleli” ee e neng e ba tataisa e ne e tsoa ho Molimo? Le letho! Ho hlakile hore e ne e sa tsoe ho eena kaha ho fapana le hore e ba ise ho Jesu e ile ea ba isa ho Morena Heroda ea neng a batla ho mo bolaea. Hoja Molimo ha aa ka a bua le linohe tsena tsa linaleli, Morena Heroda a ka be a ile a bolaea Jesu. Joang kapa joang e tlameha ebe ke Satane ea neng a batla hore Jesu a bolaoe ’me o ile a sebelisa “naleli” ena ho phetha merero ea hae.
-