Matlotlo a Tsoang Molaetseng o Molemo oa Mareka
MOEA oa Jehova o ile oa susumetsa Mareka ho ngola tlaleho e tletseng liketsahalo tsa bophelo ba Jesu ba lefatšeng le tšebeletso ea hae. Le hoja Molaetsa ona o Molemo o sa bolele hore Mareka ke eena ea o ngotseng, ho na le bopaki ba sena libukeng tsa Papias, Justin Martyr, Tertullian, Origen, Eusebius, Jerome, le ba bang bao lingoliloeng tsa bona li buang ka liketsahalo tsa makholo a mane a pele a Mehla ea rōna e Tloaelehileng.
Ho latela neano, moapostola Petrose o fane ka boitsebiso ba motheo bakeng sa Molaetsa ona o Molemo. Ka mohlala, Origen o boletse hore Mareka o o ngotse “ho latela litaelo tsa Petrose.” Empa ho totobetse hore Mareka o ne a ka fumana mehloli e meng hape, hobane barutuoa ba ne ba kopanela lapeng ha ’mè oa hae. Ha e le hantle, kaha e ka ’na eaba Mareka e ne e le “mohlankana” ea ileng a phonyoha ho ba neng ba tšoara Jesu, e ka ’na eaba o ne a kile a kopana ka ho toba le Kreste.—Mareka 14:51, 52; Liketso 12:12.
E Ngoletsoe Bo-mang?
Ho totobetse hore Mareka ha a ne a ngola o ne a hopotse haholo-holo Balichaba. Ka mohlala, mokhoa oa hae o tobileng o ne o lumellana le boleng ba Baroma. O ile a hlalosa “korbane” e le “neo e etsetsoang Molimo” (7:11) ’me o bontšitse hore motho o ne a ka bona tempele ha a le Thabeng ea Mehloare. (13:3) Mareka o ile a boela a hlalosa hore Bafarisi “ba ne ba itima lijo” ’me Basadduci e le “ba latolang tsoho ea bafu.” (2:18; 12:18) Lipolelo tse joalo li ne li ke ke tsa hlokahala bakeng sa babali ba Bajode.
Ha e le hantle, ho bala Molaetsa o Molemo oa Mareka ho ka ruisa e mong le e mong molemo. Empa ke litšobotsi life tse amanang le oona tse ka re thusang ho ananela a mang a matlotlo a oona?
Mora oa Molimo Moetsi oa Mehlolo
Mareka o pheta mehlolo e ileng ea etsoa ke Kreste ka matla a Molimo. Ka mohlala, ketsahalong e ’ngoe ntlo e ne e tletse letšoele la batho hoo e le hore motho ea omeletseng litho a ka phekoloa, a ileng a lokela hore a theoleloe pel’a Jesu ka lesoba le chekiloeng marulelong. (2:4) Kaha ntlo e ne e tletse batho, e ka ’na eaba monna eo o ile a hloesoa ka leri kapa a hloesoa ka methati e ka ntle. Empa ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore ho chekoe ho be ho phunngoe marulelo? Koana, boholo ba marulelo a ne a bataletse ’me a behiloe holim’a libalaka tse tlohang lerakong le leng ho ea ho le leng. Libalaka li ne li kopantsoe ka maballo a koahetsoeng ka makala a lifate, lehlaka, le tse ling tse tšoanang. Ka holimo ho ne ho e-na le mobu o mongata o koahetsoeng ka seretse sa letsopa kapa ka letsopa le kalaka. Ka hona, ho etsa hore motho ea omeletseng litho a fihle ho Jesu, banna ba ne ba lokela ho cheka ho phunyeletsa marulelo a mobu. Empa e ile ea e-ba tlhohonolofatso e kaakang ka mor’a hore ba etse joalo! Kreste o ile a folisa motho eo, ’me bohle ba neng ba le teng ba ile ba rorisa Molimo. (2:1-12) Ke tiisetso e kaakang ea hore Mora oa Jehova o tla etsa liphekolo tse hlollang lefatšeng le lecha!
Jesu o ile a etsa o mong oa mehlolo ea hae seketsoaneng ha a ne a khutsisa sefefo Leoatleng la Galilea ka mor’a hore a tsosoe ha a ne a robetse “mosamong.” (4:35-41) Ka ho totobetseng mosamo e ne e se mofuta o bonojoana o sebelisoang hona joale ho phomotsa hlooho moalong. E ka ’na eaba e ne e le feela boea ba linku boo baqhobi ba liketsoana ba lulang holim’a bona kapa mosamo o molelele kapa ntho e mabotho-botho eo ho luloang ho eona karolong e ka morao ea seketsoana. Ka tsela leha e le efe, ha Jesu a ne a re ho leoatle, “Khutsa, u re tu!” ba neng ba le teng ba ne ba e-na le bopaki ba tumelo e sebetsang, hobane ‘moea o ile oa khutsa, ’me khutso e kholo ea e-ba teng.’
Ho Sebeletsa Dekapolise
Ha a tšela Leoatle la Galilea, Jesu o ile a kena Dekapolise, kapa naha e nang le metse e leshome e meholo. Le hoja ho se pelaelo hore metse ena e ne e e-na le batho ba bangata ba Bajode, e ne e le litsi tsa tsoelo-pele ea Bagerike kapa Bahellena. Mono, naheng ea ba-Gerasene, Jesu o ile a ntša bademona monneng e mong ea neng “a lula mabitleng.”—5:1-20.
Ka linako tse ling, mabitla a neng a fatiloe mafikeng e ne e le matsaba a ba sa pheleng hantle kelellong, moo ho ipatang batlōli ba molao, kapa mahae a mafutsana. (Bapisa Esaia 22:16; 65:2-4.) Ho latela buka ea lekholong la bo19 la lilemo, moeti ea kileng a etela sebakeng seo Jesu a ileng a kopana le monna enoa ea nang le bademona ho sona o itse ka lehae le joalo: “Bophahamo ba lebitla ka hare e ne e ka ba maoto a robeli [limithara tse 2,5], kaha ho ne ho theoheloa ka har’a lona ka lejoe le sekameng ho tloha monyako ho ea fatše. Boholo ba lona e ne e ka ba mehato e leshome le metso e ’meli ka mahlakore ’ohle; empa, kaha ho ne ho se khanya e kenang ntle ho e kenang le monyako, re ne re sitoa ho bona hore na ho na le kamore e ’ngoe e ka hare kapa che joalokaha e le teng ho a mang. Lekase la lejoe le letle haholo le ne le ntse le le teng ka hare, ’me joale le ne le se le sebelisoa ke lelapa ho bolokela koro le lijo tse ling, kahoo lebitla le neng le sebelisoa ka morero osele tjena le ne le se le fetohile sebaka sa boikhutso se sireletsehileng, se pholileng, le se tšoanelehang ho ba phelang.”
Jesu le Neano
Ketsahalong e ’ngoe, Bafarisi le bangoli ba bang ba ile ba belaela ka hore barutuoa ba Jesu ba ne ba e-ja ba sa hlapa matsoho. Molemong oa babali ba Balichaba, Mareka o ile a hlalosa hore Bafarisi le Bajode ba bang ba ne ‘ba ke ke ba e-ja, ntle leha ba hlapile matsoho ho ea fihla litsoeng.’ Ha ba ne ba e-tsoa ’marakeng, ba ne ba e-ja feela ka mor’a hore ba itlhoekise ka ho iphafatsa ka metsi, ’me lineano tsa bona li ne li akarelletsa “likolobetso tsa likopi le lijeke le lijana tsa koporo.”—7:1-4, NW.
Ntle le hore ka boikaketsi ba iphafatse ka metsi pele ba e-ja, Bajode bana ba ne ba kolobetsa, kapa ba qoelisa ka metsing, likopi, lijeke, le lijana tsa koporo tseo ba neng ba li sebelisa lijong. Seithuti John Lightfoot se ile sa bontša kamoo ba neng ba tlanngoe ke neano kateng. Ha se qotsa libukeng tsa baruti ba Bajode, se bontšitse hore tlhokomelo e khōlō e ne e lebisitsoe linthong tse kang hore na metsi a mangata hakae, mokhoa, le nako e khotsofatsang bakeng sa ho itlhatsoa. Lightfoot o ile a qotsa mohloli o bontšang hore Bajode ba bang ba ne ba itlhatsoa ka hloko pele ho lijo e le ho qoba kotsi e ka tlisoang ke Shibta, “moea o mobe o lulang holim’a matsoho a batho bosiu: ’me haeba motho leha e le ofe a ka tšoara lijo tsa hae ka matsoho a sa hlatsuoang, moea oo o lula holim’a lijo tseo, ’me ho na le kotsi e tsoang ho oona.” Ka hona ha ho makatse hore Jesu o ile a nyatsa bangoli le Bafarisi ka ‘ho tlohela molao oa Molimo ha ba khomarela neano ea batho’!—7:5-8, NW.
Tšebeletso ea ho Qetela ea Jesu ea Phatlalatsa
Ka mor’a hore a tlalehe ka tšebeletso ea morao ea Jesu Galilea le mosebetsi oa Hae Perea, Mareka o ile a lebisa tlhokomelo liketsahalong tse etsahetseng ka hare ho Jerusalema le mathōkong a eona. Ka mohlala, o ile a pheta ketsahalo ea ha Kreste a shebile batho ba nokela chelete ka polokelong ea letlotlo la tempele. Jesu o ile a bona hore mosali oa mohlolohali ea fumanehileng o entse monehelo feela ka ‘chelete tse peli tse fokolang haholo.’ Empa, o ile a bolela hore o ntšitse ho ba feta kaofela, hobane ba entse monehelo ba nkile ho tlalloeng ha bona, ha eena ‘a nkile bofumanehing ba hae, o noketse hohle hoo a neng a phela ka hona.’ (12:41-44, NW) Ho latela taba e ngotsoeng ka Segerike, o entse monehelo oa lepta tse peli. Lepton e ne e le cheletana ea Bajode ea koporo kapa ea bronze e nyenyane ka ho fetisisa, ’me ha e bapisoa le chelete ea kajeno hase letho. Empa mosali enoa ea fumanehileng o ile a etsa sohle seo a neng a ka se khona, a fana ka mohlala o motle oa ho hloka boikhabi ho tšehetseng borapeli ba ’nete.—2 Ba-Korinthe 9:6, 7.
Ha tšebeletso ea Jesu e ntse e e-ea qetellong, o ile a hlongoa lipotso ke Ponse Pilato, eo lebitso la hae le tlotla “molebeli” li hlahang mongolong o ileng oa fumanoa Cesarea ka 1961. Libakeng tse ka ntle tse kang Judea, ’musi (molebeli) ea neng a laola sesole, o ne a ikarabella bakeng sa tsamaiso ea lichelete, ’me a sebeletsa e le moahloli oa linyeoe. Pilato o ne a e-na le matla a ho lokolla Kreste, empa o ile a inehela lireng tsa Jesu ’me a batla ho khotsofatsa bongata ka ho mo nehela hore a khokhotheloe ’me a lokolla lerabele la ’molai Barabbase.—15:1-15.
Ho na le lineano tse fapa-fapaneng mabapi le bophelo ba morao ba Pilato le lefu la hae. Ka mohlala, rahistori Eusebius o ngotse: “Pilato ka boeena, ’musi oa mehleng ea ’Moloki oa rōna, o ne a kenelletse lihlōhōng hoo a ileng a qobelloa hore e be eena ea ikahlolelang lefu le ho ikotla ka letsoho la hae ka sebele: ho bonahala toka ea Molimo e ne e sa liehe ho fihla ho eena.” Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ntho e joalo e neng e ka ’na ea etsahala, lefu la bohlokoahali ka ho fetisisa e bile la Jesu. Ofisiri ea sesole ea Moroma (molaoli oa lekholo) e ileng ea bona ka mahlo lefu la Kreste le liketsahalo tse sa tloaelehang tse le potolohileng ka sebele e ne e bua ’nete ha e re: “Motho enoa e ne e le Mora oa Molimo ruri.”—15:33-39.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 31]
Israel Department of Antiquities and Museums; setšoantšo se nkiloe ho Israel Museum, Jerusalem