Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 10/15 leq. 29
  • Ho Nyarela ka Litabeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Nyarela ka Litabeng
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thibela Pefo
  • Bokahohle bo Hlophisitsoeng
  • Basodoma le Mak’hatholike
  • Na Bakreste ba Lokela ho Hloea Basodoma?
    Tsoha!—1997
  • Bosodoma—Na Ehlile bo Bobe Hakaalo?
    Tsoha!—1995
  • Bosodoma Boikarabelo ba Baruti ke Bofe?
    Tsoha!—1989
  • Bokahohle ba Rōna bo Hlollang—Na bo Bile Teng ka Tšohanyetso?
    Tsoha!—2000
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 10/15 leq. 29

Ho Nyarela ka Litabeng

Ho Thibela Pefo

Ha e bua ka keketseho ea pefo har’a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20, koranta ea bongaka American Health e tlaleha hore “ho loana le metsoalle, bao ba kenang sekolo le bona le baahisani ke sona sesosa sa pele sa mafu a bacha litoropong le sesosa sa bobeli sa mafu ’ohle a bacha Amerika.”

Boitekong ba ho thibela mesebetsi ea pefo, setsi sa keletso sa Boston se fana ka thuto e nolofalletsang liithuti tsa sona ho nka karolo litšoantšisong tse khutšoaane tsa pefo. Ka tsela ena, li “qala ho elelloa litšobotsi tse amanang le pefo,” ho hlalosa motsamaisi oa lenaneo, ’me li tseba “ho bona litšobotsi tsa ho halefa ho tsona.”

Liithuti li ithuta kamoo litho tsa ’mele li arabelang kateng pefong ha mokeli-keli o susumetsang ’mele oa adrenaline o eketseha ’me o hatella boitšoaro le puisano e le hore li ka ithuta ho theola bohale “pele ’mele o arabela lik’hemik’haleng tsa ’mele.” Li ithuta hore ka ho botsa lipotso le ho bua ka boikokobetso le ka boithatelo, phehisano e mabifi e ka qojoa.

Ke khale liithuti tsa Bibele li ithutile hore pefo e tsoala pefo, le hore, “karabo e bonolo e thethefatsa bohale.” (Liproverbia 15:1) Bibele e khothalletsa ho baleha esale pele ha re talimane le boemo bo ka hlahisang khohlano e mabifi. Morena Salomone ea bohlale o ngotse: “Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, khang ha e e-so ho hotele, u e tlohele.”—Liproverbia 17:14.

Bokahohle bo Hlophisitsoeng

Bofelong ba khoeli ea Motšeanong bo-ramahlale ba ka bang 200, ho kopanyelletsa le bahapi ba ’maloa ba meputso ea Nobel, ba ne ba kopane Blois, Fora. Seboka sa bona sa beke e ne e le ho keteka selemo sa bo25 sa ho sibolloa ha “CP violation,” e leng ho tlōla molao oo ho nahanoang hore o thea ho tšoana ho phethahetseng pakeng tsa likarolo tse bonahalang tsa bokahohleng le tse fapaneng le tsona.

Empa khopolo ena e hlahisa mathata a mangata a lekanang le litharollo tsa eona. Ha e qotsa Moprofesa oa Soviet Andrei Linde, International Herald Tribune e tlalehile: “Phapang ena ke hore likarolo tse sa tšoaneng li hlahisa bokahohle bo hlophisitsoeng.” Ha seithuti sa mahlale a bokahohle sa Fora Jean Audouze se botsoa hore na molato oa “CP violation” e bontša ho ba teng ha morero bokahohleng se itse: “Matsatsing a mang ke nahana hore ho joalo, ’me matsatsing a mang ke nahana hore ha ho joalo. Bokahohle ha bo na tlhophiso. ’Me bokahohle bo na le tlhophiso. Lintho tsena tse peli lia makatsa. Bokahohle hase ntho e itlhahetseng ntle ho tlhophiso.”

Bokahohle ha boa itlhahela ka kotsi kapa ntle ho tlhophiso. Genese 1:1 e re: “Tšimolohong, Molimo o no o hlole maholimo le lefatše.” Bokahohle bo hlophisitsoe hobane Jehova, ’Mōpi “hase Molimo oa mofere-fere [“o hlokang tlhophiso” NW],” empa oo mesebetsi ea Oona e “phethahetseng.”—1 Ba-Korinthe 14:33; Deuteronoma 32:4, NW; bapisa Esaia 40:26; 42:5.

Basodoma le Mak’hatholike

Ka makhetlo a mangata mopapa o boletse hore boemo ba molao ba Kereke ea K’hatholike tabeng ea boitšoaro ba bosodoma ke hore bo fosahetse. Joalokaha a hlalosa, “mokhatlo oa Bakreste ba pele o ne o sa lumelle ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Hase babishopo bohle ba K’hatholike le baprista ba lumellanang.

Mathoasong a 1989, mobishopo oa Fora Jacques Gaillot o boletse hore o ne a mpa a bua mantsoe a boletsoeng ke Jesu ha a ne a ngola hore “basodoma ba tla re kenela pele ’musong oa Molimo.”

Leha ho le joalo, seo Mobishopo Gaillot a hlōlehileng ho se bolela ke hore Jesu o ne a bolela liotsoa tse bakileng—e seng bafebi—e le tsona tse tla kena pele ho baetapele ba Bajode ba ikhohomosang ba mehleng ea hae ’musong oa Molimo.—Mattheu 21:28-32.

Ka ho tšoanang, haufinyane moprista oa Spain José Ramón Carrasco o ngotse ho koranta ea Madrid El País hore “ha ho mohla Jesu Kreste a kileng a nyatsa basodoma. . . . Ha a ne a bua ka lerato, o buile ka lerato la moahisani ’me haa ka a hlakisa hore na moahisani e lokela ho ba monna kapa mosali, kapa boemo e lokela ho ba bofe, kapa ka tsela eo a ratang ka eona.”

Leha ho le joalo, tlaleho ea Bibele e bontša hore Jesu o ne a sa bue ka likamano tsa bosodoma. Setšoantšong sa Mosamaria ea Molemo, o hlalositse ka ho hlakileng se boleloang ke lerato la moahisani, e leng ho bontša thahasello e hlokang boithati boiketlong ba batho ba bang.—Luka 10:29-37.

Bibele e re ka basodoma: “Le se ke la thetsoa, ha e le batho ba boitšoaro bo bobe, ba rapelang litšoantšo, bafebi, kapa basodoma . . . ba ke ke ba rua lefa la ’muso oa Molimo.”—1 Ba-Korinthe 6:9-11, Revised Standard Version, phetolelo ea K’hatholike.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela