Lihele—Tlhokofatso ea ka ho sa Feleng Kapa Lebitla le Tloaelehileng?
NA U ile ua bolelloa hore Bo-ntate ba Kereke ea pele, litsebi tsa thuto ea bolumeli tsa lilemo tse bohareng, le Babuelli ba Phetoho e Khōlō ea Bolumeli ba ne ba beha mabaka a hore tlhokofatso ea liheleng ke ea ka ho sa feleng? Haeba ho joalo, ho ka u makatsa ho tseba hore liithuti tsa Bibele tse phahameng li belaella pono eo hona joale. Se seng sa tsona sa Brithani, John R. W. Stott, se ngola hore “Mangolo a bua ka timetso e feletseng, le hore ‘tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea motho ea ikutloang’ ke neano e lokelang ho amohela matla a phahameng a Mangolo.”—Essentials—A Liberal-Evangelical Dialogue.
Ke’ng se entseng hore a etse qeto ea hore tlhokofatso ea ka ho sa feleng ha ea thehoa Bibeleng?
Thuto ea Puo
Mabaka a hae a pele a akareletsa puo. O hlalosa hore ha Bibele e bua ka boemo ba ho qetela ba kahlolo (“Gehenna”; bona lebokose, leqepheng la 8), hangata e sebelisa lentsoe la “timetso,” “leetsi apollumi (ho timetsa) le lereho apòleia (timetso)” la Segerike. Na mantsoe ana a bua ka tlhokofatso? Stott o hlalosa hore ha ketso e etsoa ke moetsi hape e le ketso e tobileng, “apollumi” e bolela ho “bolaea.” (Mattheu 2:13; 12:14; 21:41) Ka hona, ho Mattheu 10:28, moo King James Version e buang ka Molimo a timetsa “sephefumolohi le ’mele liheleng,” khopolo ea bohlokoa ke ho timetsa lefung, eseng ho utloisa bohloko ka ho sa feleng. Ho Mattheu 7:13, 14 (NW), Jesu o bontša phapang ea “tsela e tšesaane e lebisang bophelong” le “tsela e hebe-hebe e lebisang timelong.” Stott oa hlalosa: “Ka hona, ho ka bonahala ho makatsa haeba batho bao ho thoeng baa timetsoa ha e le hantle ba sa timetsoe.” Ka ho utloahalang o finyella qeto ena: “Haeba ho bolaea ke ho amoha ’mele bophelo, ho bonahala lihele e le ho amoha bophelo ba ’mele le ba moea, e leng ho timetsoa ha motho.”—Essentials, maqephe 315-16.
Ho Hlalosa Litlhaloso tsa Mollo oa Lihele
Ho ntse ho le joalo, batho ba bangata ba bolumeli ba tla lumellana le mopresidente oa Mokhatlo oa Boroa oa Mabaptist Morris H. Chapman, ea itseng: “Ke ruta lihele tsa sebele.” O ile a eketsa: “Bibele e li bitsa ‘letša la mollo,’ ’me ke nahana hore tlhaloso eo e ke ke ea ntlafatsoa.”
Ke ’nete hore ho nahana ka mollo joalokaha o sebelisitsoe Bibeleng ho ka hlahisa monahano oa tlhokofatso. Leha ho le joalo, buka Essentials ea hlalosa: “Ha ho belaetse hobane kaofela ha rōna re bile le phihlelo ea bohloko bo tebileng ba ho cha, hore likelellong tsa rōna mollo o tsamaisana le ‘tlhokofatso ea motho ea ikutloang’. Empa tšebetso e khōlō ea mollo hase ho utloisa bohloko, empa ke ho tlisa timetso, joalokaha batho bohle ba laolang libōpi tsa mollo lefatšeng ba ka paka.” (Leqephe 316) Ho hopola phapang eo ea bohlokoa ho tla u thusa ho qoba ho fumana moelelo oo eseng oona ka Mangolong. Mehlala e meng:
Mabapi le ba lahleloang Gehenna, Jesu o itse ke “moo sebōkō sa bona se sa shoeng, le mollo o sa timeng.” (Mareka 9:47, 48) Litlhaloso tse ling tsa Bibele li phehella hore mantsoe a Jesu a bolela tlhokofatso ea ka ho sa feleng hobane li susumetsoa ke mantsoe a buka ea Judith eo eseng karolo ea Mangolo a Halalelang (“O tla romela mollo le libōkō nameng ea bona ’me ba tla llisoa ke bohloko ka ho sa feleng.”—Judith 16:17, The Jerusalem Bible). Empa, buka ea Judith eo eseng karolo ea Mangolo a Halalelang, e sa bululeloang ke Molimo, hase motheo oa ho etsa qeto ka se boleloang ke lengolo la Mareka. Esaia 66:24, lengolo leo ho bonahalang Jesu a ne a lebisitse ho lona, le re mollo le libōkō li timetsa ’mele e shoeleng (Esaia o re, “litopo”) tsa lira tsa Molimo. Ha ho tlhahiso ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea motho ea ikutloang mantsoeng a Esaia kapa a Jesu. Tlhaloso ea mollo e bontša timetso e feletseng.
Tšenolo 14:9-11 e bua ka ba bang ba “tla hlokofatsoa mollong le sebaboleng . . . Mosi oa tlhokofalo ea bona o nyoloha ka mehla le mehla.”a Na hona ho paka tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea motho ea ikutloang liheleng? Ha e le hantle, seo polelo ena e se bolelang ke hore ba babe ba tla hlokofatsoa, eseng hore ba hlokofatsoa ka ho sa feleng. Temana e bolela hore ke mosi—bopaki ba hore mollo o entse mosebetsi oa ’ona oa timetso—o tsoelang pele ka ho sa feleng, eseng tlhokofatso ea mollo.
Tšenolo 20:10-15 e bolela hore “letšeng la mollo le sebabole, . . . ba tla hlokofatsoa motšehare le bosiu, ka ho sa feleng.” Ha u bala ka lekhetlo la pele, sena se ka ’na sa utloahala eka ke bopaki ba tlhokofatso ea ka ho sa feleng ke mollo ea motho ea ikutloang, empa ka sebele ha ho joalo. Hobane’ng? Har’a mabaka a mang, “sebata le moprofeta oa bohata” le “lefu le lebitla [Hades]” li tla fella ho seo mona se bitsoang “letša la mollo.” Joalokaha u ka etsa qeto habonolo, sebata, moprofeta oa bohata, lefu, le Hades hase batho ba sebele; ka hona, li ke ke tsa hlokofatsoa li ikutloa. Ho e-na le hoo, G. B. Caird ho A Commentary on the Revelation of St. John the Divine, oa ngola, “letša la mollo” le bolela “ho timetsoa le ho lebaloa ka ho feletseng.” Qeto ena e lokela ho finyelloa habonolo, hobane Bibele ka boeona e re ka letša lena la mollo: “Letša lena la mollo ke lona lefu la bobeli.”—Tšenolo 20:14, BPN.
Ho Arohanya Lithuto tsa Bolumeli tse Tšoanang
Ho sa tsotellehe mabaka ana, balumeli ba bangata ba phehella hore “timetso” ha e bolele seo lentsoe le se bolelang empa e bolela tlhokofatso ea ka ho sa feleng. Hobane’ng? Monahano oa bona o susumetsoa ke thuto ea bolumeli e tšoanang le ea mollo oa lihele—thuto ea ho se shoe ha sephefumolohi sa motho. ’Me kaha kereke ea bona e ka ’na eaba e hlahisitse lithuto tsena tse peli ka makholo a lilemo, ba ka ikutloa hore litemana tse buang ka timetso ha e le hantle li bolela tlhokofatso ea ka ho sa feleng. Etsoe, sephefumolohi sa motho se sa shoeng se ke ke sa felisoa—ke kamoo ba bangata ba behang mabaka ka teng.
Empa hlokomela ntlha e boletsoeng ke moruti oa Chache Philip E. Hughes: “Ho phehella hore sephefumolohi sa motho ka tlhaho ha se shoe ke ho tšoarella boemong bo sa amoheloeng kae kapa kae ke thuto ea Mangolo, hobane sebōpeho sa batho ho latela pono ea Bibele ka mehla se bonahala joaloka kopano e momahaneng ea moea le ’mele. . . . Temoso ea Molimo qalong, mabapi le sefate se hanetsoeng, ‘Mohla u se jang, u tla shoa,’ e ne e lebisitsoe ho motho e le sebōpuoa sa nama le moea—ha a ne a ka se ja, o ne a tla shoa e ntse e le sebōpuoa se joalo. Ha ho maikutlo a hore ho na le karolo ea hae e sa shoeng ’me ka hona ho shoa ha hae e be ha karolo e le ’ngoe feela.”—The True Image—The Origin and Destiny of Man in Christ.
Ka ho tšoanang, setsebi sa thuto ea bolumeli Clark Pinnock o re: “Khopolo ena [ea hore sephefumolohi sa motho ha se shoe] e susumelitse thuto ea bolumeli ka nako e telele haholo empa hase ea Bibele. Bibele ha e rute ho se shoe ha tlhaho ha sephefumolohi.” Ezekiele 18:4, 20 le Mattheu 10:28 li tiisa sena. Ho feta moo, Jesu ka boeena o ile a bua ka motsoalle oa hae ea shoeleng Lazaro joaloka ea “phomotseng,” kapa ea robetseng. Jesu o ile a re o “ea mo tsosa borokong.” (Johanne 11:11-14, NW) Kahoo motho, kapa sephefumolohi sa motho, Lazaro o ne a shoele, empa esita le ka mor’a hore ho fete nako e itseng, o ne a ka tsosoa, a khutlisetsoa bophelong hape. Linnete li paka hoo. Jesu o ile a tsosa Lazaro bafung.—Johanne 11:17-44.
Lintlha tsena li ama thuto ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng joang? Morao koo lekholong la bo17 la lilemo, mongoli oa meqoqo William Temple o ile a hlokomela: “Ho na le [mangolo] a buang ka ho lahleloa mollong o sa timeng. Empa haeba re sa a talime ka khopolo ea hore se lahleloang ka hare se ke ke sa felisoa, re tla fumana monahano, eseng oa hore se tla cha ka ho sa feleng, empa oa hore se tla timetsoa.” Tlhaloso eo e nepahetseng e sa ntse e le ’nete, hobane ha e le hantle ke seo Bibele e se rutang.
Ntle ho pelaelo, u na le mabaka a tlamang a ho belaella khopolo ea tlhokofatso ea ka ho sa feleng ea motho ea ikutloang liheleng. Kapa mohlomong u batla ho etsa ho fetang ho belaela feela ’me u latele keletso ea moprofesa oa thuto ea bolumeli Pinnock, ea itseng: “Karolo eohle ea litumelo tse pota-potileng lihele, ho akareletsa tlhokofatso e sa feleng, . . . e lokela ho felisoa motheong oa thuto e sa utloahaleng.” E, boitšoaro bo botle, toka, le—habohlokoa ka ho fetisisa—Lentsoe la Molimo, Bibele, li u bolella hore u etse feela joalo.
Haeba u etsa joalo, u tla bona hore sebōpeho sa ’nete sa lihele kannete sea utloahala. U ka fumana boitsebiso bo molemo tabeng ena bukeng U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.b Ka kōpo e kōpe ha u kopana le Lipaki tsa Jehova. Bala likhaolo “Ho Etsahala Joang Lefung?” “Na Ruri ‘Lihele’ li Teng?” le “Ho Tsoha Bo-mang, Hona ba Tsohela Hokae?” U tla fumana hore sebōpeho sa ’nete sa lihele hase se utloahalang feela empa hape ke se tšepisang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Polelong ena ea Bibele, “ho hlokofatsoa ka mollo” ho lebisa haholo-holo tlhokofatsong ea moea, le hona e le e lekanyelitsoeng. Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng bo qaqileng, bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Lebokose le leqepheng la 8]
HO HLALOSA MANTSOE
Sehloohong sena mantsoe “lihele” le “mollo oa lihele” joalokaha a sebelisitsoe ke litsebi tsa thuto ea bolumeli Bokreste-’mōtoaneng a lebisa ho lentsoe la Segerike geʹen·na, le hlahang ka makhetlo a 12 ho “Testamente e Ncha.” (Mattheu 5:22, 29, 30, NW; 10:28, NW; 18:9, NW; 23:15, 33, NW; Mareka 9:43, 45, 47, NW; Luka 12:5, NW; Jakobo 3:6, NW) Le hoja liphetolelo tse ling tsa Bibele li fetolela lentsoe lena la Segerike e le “lihele,” liphetolelo tse ling li le fetolela hantle e le “Gehenna.” Le tšoana le ‘letša la mollo e leng lefu la bobeli,’ tšoantšetso ea timetso ea ka ho sa feleng le fumanoang bukeng ea ho qetela ea Bibele.—Tšenolo 20:14, BPN.
Mabapi le mantsoe a mang a mabeli ao ka linako tse ling a fetoleloang e le “lihele,” A Dictionary of the Bible (1914), e hlophisitsoeng ke William Smith, ea hlokomela: “Lihele . . . ke lentsoe leo ka tloaelo ebile e le ka bomalimabe le sebelisoang ke bafetoleli ba rōna ho fetolela lentsoe la Seheberu Sheol. Mohlomong ho ne ho tla ba molemo ho boloka lentsoe la Seheberu Sheol, ho seng joalo le ngoloe ka mehla e le ‘lebitla’ kapa ‘mokoti’. . . . Ho T[estamente] e N[cha], lentsoe Hades, joaloka Sheol, ka linako tse ling le bolela feela ‘lebitla’ . . . Ke ka kutloisiso ena litlaleho li reng ka Morena oa rōna ‘O ile a theohela liheleng,’ ho bolelang boemo ba batho ba shoeleng ka kakaretso.”
Ho fapana le Gehenna, e tšoantšetsang timetso ea ho qetela, Sheol le Hades li bolela lefu lebitleng le tloaelehileng la batho, ka tebello ea ho tsosetsoa bophelong hape.—Tšenolo 20:13.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Jesu o ile a tsosa Lazaro borokong ba lefu