Khaolo ea 21
Ho Itokiselletsa Lenyalo le Atlehileng
1, 2. (a) Jesu o ile a hatisa bohlokoa ba ho lokisetsa joang? (b) Ke sebakeng sefe ka ho khetheha moo tokiselletso e leng ea bohlokoa?
HO HAHA mohaho ho hloka tokisetso e hlokolosi. Pele ho raloa motheo, ho tlameha ho fumanoe setša ’me ho etsoe lipolane. Leha ho le joalo, ho na le ho hong habohlokoa. Jesu o ile a re: “Ke mang oa lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?”—Luka 14:28.
2 Seo e leng ’nete ka ho haha mohaho e sa boetse e le ’nete le ka ho haha lenyalo le atlehileng. Ba bangata ba re: “Ke batla ho kena lenyalong.” Empa ke ba bakae ba keng ba eme ’me ba nahane ka litšenyehelo? Le hoja Bibele e bua hantle ka lenyalo, e boetse e hlokomelisa ka liphephetso tseo lenyalo leo le li hlahisang. (Liproverbia 18:22; 1 Bakorinthe 7:28) Ka hona, ba nahanang ka lenyalo ho hlokahala ba be le pono ea sebele ka mahlohonolo le ka litšenyehelo tsa ho kena lenyalong.
3. Ke hobane’ng ha Bibele e le thuso ea bohlokoa ho ba lokisetsang lenyalo, ’me e tla re thusa ho arabela lipotso life tse tharo?
3 Bibele e ka thusa. Keletso ea eona e bululetsoe ke Moqapi oa lenyalo, Jehova Molimo. (Baefese 3:14, 15; 2 Timothea 3:16) Re sebelisa melao-motheo e fumanoang bukeng ena ea tataiso ea boholo-holo empa e le e nakong, a re ke re fumaneng (1) Hore na motho a ka tseba joang ha a loketse lenyalo? (2) Hore na ho lokela ho shejoe eng ho molekane? le (3) Hore na lefereho le ka bolokoa e le le hlomphehang joang?
NA U LOKETSE LENYALO?
4. Tšobotsi ea bohlokoa mabapi le ho boloka lenyalo le atlehileng ke efe, hona hobane’ng?
4 Ho haha mohaho ho ka ’na ha lefelloa haboima, empa le ho o boloka o sebetsa hantle le hona ho na le litšenyehelo. Hoa tšoana le ka lenyalo. Ho kena lenyalong ho bonahala e le phephetso e khōlō; leha ho le joalo, ho boloka kamano ea lenyalo selemo le selemo le hona ho tlameha ho nahaneloa. Ho boloka kamano e joalo ho kopanyelletsa eng? Ntlha ea bohlokoahali ke boitlamo ba pelo eohle. Bibele e hlalosa kamano ea lenyalo ka tsela ena: “Monna o tla tlohela ntat’ae le m’ae, o tla khomarela mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe feela.” (Genese 2:24) Jesu Kreste o fane ka motheo o le mong feela oa Mangolo bakeng sa tlhalo motho a e-na le monyetla oa ho nyala hape—“bohlola,” ke hore, likamano tse sa lumelloang tsa botona le botšehali kantle ho lenyalo. (Matheu 19:9) Haeba u nahana ka lenyalo, hopola litekanyetso tsena tsa Mangolo. Haeba ha u e-s’o lokele boitlamo bona bo tebileng, joale ha u e-s’o lokele lenyalo.—Deuteronoma 23:21; Moeklesia 5:4, 5.
5. Le hoja boitlamo bo tiileng ba lenyalo bo tšosa ba bang, ke hobane’ng ha bo lokela ho nkoa e le ba bohlokoa haholo ke ba lebelletseng ho kena lenyalong?
5 Khopolo ea boitlamo bo tebileng e tšosa ba bangata. Mohlankana e mong o ile a ipolela: “Ho tseba hore bobeli ba rōna re ne re khomarelane bophelo bohle, ho ile ha nketsa hore ke ikutloe ke qobelletsoe k’honeng, ke koaletsoe, ke le chankaneng ka ho feletseng.” Empa haeba u hlile u rata motho eo u rerileng ho nyalana le eena, boitlamo bo ke ke ba bonahala eka ke moroalo. Ho e-na le hoo, bo tla talingoa joaloka mohloli oa tšireletseho. Boikutlo ba boitlamo bo bontšoang lenyalong bo tla etsa hore balekane ba batle ho lula hammoho linakong tse monate le tse mpe ’me ba tšehetsane ho sa tsotellehe hore na ho hlaha eng. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola hore lerato la ’nete “le jara lintho tsohle” ’me “le mamella lintho tsohle.” (1 Bakorinthe 13:4, 7) Mosali e mong o re: “Boitlamo ba lenyalo bo nketsa hore ke ikutloe ke sireletsehile haholoanyane. Ke rata khotsofalo ea hore ebe re ile ra lumela ka borōna hape ra phatlalletsa lefatše hore re rerile ho khomarelana.”—Moeklesia 4:9-12.
6. Ke hobane’ng ha ho se molemo ho mathela lenyalong motho a sa le monyenyane lilemong?
6 Ho phelela boitlamo bo joalo ho hloka ho hōla tsebong. Kahoo, Pauluse o eletsa hore Bakreste ba etsa hantle hore ba se ke ba kena lenyalong ba e-s’o ‘fete palesa ea bocha,’ nakong eo boikutlo ba botona le botšehali bo phahameng ’me bo ka sitisa kahlolo ea motho. (1 Bakorinthe 7:36) Batho ba bacha ba fetoha ka potlako ha ba ntse ba hōla. Ba bangata ba kenang lenyalong ba sa le banyenyane haholo ba fumana hore ka mor’a lilemo tse seng kae feela litlhoko tsa bona le litakatso tsa bona, hammoho le tsa balekane ba bona, li fetohile. Lipalo li senola hore bacha ba kenang lenyalong ba le ka tlaase ho lilemo tse 20 ba boemong ba ho se thabe haholoanyane le ba ho batla tlhalo ho feta ba emang haleletsana. Kahoo se ke ua potlakela ho kena lenyalong. Lilemo tseo motho a li qetileng a phela e le motho e mocha ea hōlileng, oa lesoha li ka u fa phihlelo ea bohlokoa e tla u etsa hore u be ea hōlileng tsebong le ea tšoanelehang haholoanyane hore u ka ba molekane ea loketseng. Ho lieha ho kena lenyalong ho ka boetse ha u thusa hore u ikutloisise hamolemo haholoanyane—e leng se hlokahalang hore u tle u be le kamano e atlehileng lenyalong la hao.
ITSEBE PELE
7. Ke hobane’ng ha ba lokisetsang ho kena lenyalong ba lokela ho itlhahloba pele?
7 Na u ho fumana ho le bonolo ho thathamisa litšoaneleho tseo u li batlang ho molekane? Ho ba bangata ho joalo. Leha ho le joalo, ho thoe’ng ka litšoaneleho tsa hao? U na le litšobotsi life tse tla u thusa ho tlatsetsa lenyalong le atlehileng? U tla ba monna kapa mosali oa mofuta ofe? Ka mohlala, na u lumela liphoso tsa hao habonolo ’me u amohele keletso, kapa na kamehla ua itšireletsa ha u khalemeloa? Na ka kakaretso u thabile ’me u na le tšepo, kapa u na le tšekamelo ea ho ba ea hlonameng, ea belaelang khafetsa? (Liproverbia 8:33; 15:15) Hopola, lenyalo le ke ke la fetola botho ba hao. Haeba u ikhohomosa, u khopeha habonolo, kapa u le ea hlokang tšepo ka ho feteletseng ha u le lesoha, u tla ’ne u be joalo leha u le lenyalong. Kaha ho thata ho ipona ka tsela eo ba bang ba re bonang ka eona, ke hobane’ng ha u sa kōpe motsoali kapa motsoalle eo u mo tšepang hore a u hlalose ka ho toba kamoo u leng kateng le ho u fa litlhahiso? Haeba u tseba ka liphetoho tse ka etsoang, sebetsana le tsona pele u nka mehato ea ho kena lenyalong.
8-10. Bibele e fana ka keletso efe e tla thusa motho ka mong hore a lokisetse lenyalo?
8 Bibele e re khothaletsa hore re lumelle moea o halalelang oa Molimo hore o sebetse ho rōna, o hlahise litšoaneleho tse kang “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” Hape e re bolella hore re “nchafale matleng a susumetsang likelello tsa [rōna]” le hore re “apare botho bo bocha bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing bo sa sekisetseng.” (Bagalata 5:22, 23; Baefese 4:23, 24) Ho sebelisa keletso ena ha u sa le lesoha ho tla tšoana le ho kenya chelete bankeng—e leng ntho e tlang ho ipaka e le ea bohlokoahali kamoso, ha u kena lenyalong.
9 Ka mohlala, haeba u mosali, ithute ho lebisa tlhokomelo haholoanyane ho “motho ea ka sephiring oa pelo” ho feta seo u se etsang ka ponahalo ea ’mele oa hao. (1 Petrose 3:3, 4) Boikokobetso le ho hlaphoheloa kelellong ho tla u thusa hore u be bohlale, e leng “moqhaka oa bokhabane” oa ’nete. (Liproverbia 4:9, NW; 31:10, 30; 1 Timothea 2:9, 10) Haeba u monna, ithute ho tšoara basali ka tsela e mosa le e hlomphang. (1 Timothea 5:1, 2) Ha u ntse u ithuta ho etsa liqeto le ho jara boikarabelo, u boele u ithute ho inyenyefatsa le ho ikokobetsa. Boikutlo ba ho hatella bo tla lebisa khathatsong lenyalong.—Liproverbia 29:23; Mikea 6:8; Baefese 5:28, 29.
10 Le hoja ho se bonolo ho etsa qeto libakeng tsena, ke ntho eo Bakreste bohle ba lokelang ho sebeletsa ho eona. ’Me ho tla u thusa hore u be molekane ea molemo oa lenyalo.
SEO U KA SE SHEBANG HO MOLEKANE
11, 12. Batho ba babeli ba ka fumana joang hore na baa tšoanelana kapa che?
11 Na ho tloaelehile moo u phelang teng hore motho a ikhethele molekane oa lenyalo? Haeba ho joalo, u lokela ho tsoela pele joang haeba u fumana motho oa bong bo fapaneng a u khahla? Taba ea pele, ipotse, ‘Na e hlile lenyalo ke boikemisetso ba ka?’ Ke sehlōhō ho bapala ka maikutlo a motho e mong ka hore a be le litebello tse fosahetseng. (Liproverbia 13:12) Joale, ipotse, ‘Na ke boemong ba ho kena lenyalong?’ Haeba u arabela ka e, lipotsong tsena ka bobeli, mehato e latelang eo u tla e nka e tla fapana ho latela tloaelo ea sebaka ka seng. Linaheng tse ling, ka mor’a ho sheba motho nakoana, u ka ’na ua mo atamela ’me ua hlalosa takatso ea hao ea ho batla ho mo tloaela hamolemo. Haeba karabelo e le che, u se ke ua phehella ho isa bohōleng boo u tla nyatsuoa. Hopola, motho e mong le eena o na le tokelo ea ho etsa qeto tabeng ena. Leha ho le joalo, haeba karabelo e le e, u ka ’na ua lokisetsa ho qeta nako le le hammoho mesebetsing e hahang. Hona ho tla u fa monyetla oa ho bona hore na ho nyalana le motho eo e tla be e le bohlale kapa che.a Boemong boo u lokela ho sheba eng?
12 Ho arabela potso eo, nahana ka liletsa tsa ’mino tse peli, mohlomong piano le katara. Haeba li behiloe boemong bo botle ba ho bina, se seng le se seng sa tsona ha se letsoa se le seng se ka hlahisa ’mino o monate. Empa, ho etsahala’ng ha liletsa tsee li letsoa hammoho? Joale li tlameha ho ba boemong bo botle ba ho bina li lumellana. Hoa tšoana ka uena le eo u lebelletseng hore e be molekane. Mohlomong e mong le e mong oa lōna o sebelitse ka thata ho ‘beha’ litšobotsi tsa botho ba hae boemong bo botle joaloka motho ka mong. Empa joale potso ke ena: Na lea lumellana e mong ho e mong? Ka mantsoe a mang, na lea tšoanelana?
13. Ke hobane’ng haese bohlale ho fereha motho ea sa kopaneleng tumelong ea hao?
13 Ke habohlokoa hore ka bobeli le be le litumelo le melao-motheo tse tšoanang. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.” (2 Bakorinthe 6:14; 1 Bakorinthe 7:39) Ho nyalana le motho eo le sa kopaneleng tumelo le eena ho Molimo ho etsa hore mohlomong ho se lumellane ho hoholo ho tle ho be teng. Ka lehlakoreng le leng, ha e mong le e mong a inehetse ho Jehova Molimo ke motheo o tiileng ka ho fetisisa oa bonngoe. Jehova o batla hore u be ea thabileng le ho thabela tlamahano e haufi-ufi le motho eo u nyalanang le eena. O batla hore le tlamahane le Eena le ho tlamahana ka bolōna ka tlamo ea lerato e meloho e meraro.—Moeklesia 4:12.
14, 15. Na ho ba le tumelo e tšoanang ke eona feela tšobotsi ea bonngoe lenyalong? Hlalosa.
14 Le hoja ho rapela Molimo hammoho e le tšobotsi ea bohlokoahali ea bonngoe, ho ameha ho eketsehileng. Hore le tle le lumellane, uena le eo u lebelletseng hore e be molekane oa hao le lokela ho ba le lipakane tse tšoanang. Lipakane tsa lōna ke life? Ka mohlala, bobeli ba lōna le ikutloa joang ka ho ba le bana? Ke lintho life tse nang le sebaka sa pele bophelong ba lōna?b (Matheu 6:33) Lenyalong le atlehileng e le kannete, banyalani ke metsoalle e metle ’me ba thabela ho ba hammoho. (Liproverbia 17:17) Ka lebaka lena, ho hlokahala hore ba thahaselle lintho tse tšoanang. Ho thata ho boloka setsoalle se haufi-ufi—haholo-holo lenyalo—ha le sa thahaselle lintho tse tšoanang. Ho ntse ho le joalo, ha eo u lebelletseng hore e be molekane oa hao a thabela tšebeletso e itseng ka ho khetheha, e kang ho tsamaea ka morero oa boikhathollo, ’me uena u sa ho thabele, na hoo ho bolela hore bobeli ba lōna ha lea lokela ho nyalana? E seng joalo. Mohlomong ho na le lintho tse ling tseo le li thahasellang tsa bohlokoa. Ho feta moo, u ka ’na ua thabisa eo u lebelletseng hore e be molekane oa hao ka ho kopanela mesebetsing e hahang hobane motho e mong a e thabela.—Liketso 20:35.
15 Ha e le hantle, hore na le tšoanelana hakae ho laoloa haholo ke hore na le tenyetseha hakae bobeli ba lōna, e seng hore na le tšoana hakae. Ho e-na le ho botsa, “Na re lumellana nthong e ’ngoe le e ’ngoe?” lipotso tse ling tse molemo e ka ba: “Ho etsahala’ng ha re sa lumellane? Na re ka buisana ka taba ka bonolo, re fanana tlhompho le seriti? Kapa na lipuisano hangata li fella ka ho tjolietsana?” (Baefese 4:29, 31) Haeba u batla ho kena lenyalong, hlokomela mang le mang ea ikhohomosang le ea tšoarellang maikutlong a hae, eo hoseng mohla a batlang ho sekisetsa, kapa eo kamehla a batlang le ho rera hore lintho li be ka tsela ea hae.
FUMANA ESALE PELE
16, 17. Monna kapa mosali o lokela ho sheba eng ha a nahana ka molekane oa kamoso oa lenyalo?
16 Phuthehong ea Bokreste, ba tšepetsoeng boikarabelo ba lokela hore ba “lekoe pele mabapi le ho tšoaneleha.” (1 Timothea 3:10) Le uena u ka sebelisa molao-motheo ona. Ka mohlala, mosali a ka ’na a botsa, “Monna eo o na le botumo ba mofuta ofe? Metsoalle ea hae ke bo-mang? Na o bonahatsa boitšoaro? O tšoara batho ba hōlileng joang? O tsoa lelapeng la mofuta ofe? Na o sebelisana le lona? Boikutlo ba hae ke bofe ka chelete? Na o sebelisa lino tse tahang hampe? Na ke sefela-peloana, ebile o mabifi? O na le boikarabelo bofe ka phuthehong, hona o bo phetha joang? Na nka mo hlompha ka ho tebileng?”—Levitike 19:32; Liproverbia 22:29; 31:23; Baefese 5:3-5, 33; 1 Timothea 5:8; 6:10; Tite 2:6, 7.
17 Monna a ka ’na a botsa, “Na mosali eo o bonahatsa lerato le tlhompho ho Molimo? Na a ka khona ho hlokomela lelapa? Lelapa labo le tla lebella eng ho rōna? Na o bohlale, o mahlaha-hlaha, o hlokolosi? O bua ka eng? Na kannete o amehile ka boiketlo ba ba bang, kapa ke moikhabi, ntšunye-khare? Na oa tšepahala? Na o utloisisa ho ikokobeletsa bohlooho, kapa o manganga, mohlomong ebile ke lerabele?”—Liproverbia 31:10-31; Luka 6:45; Baefese 5:22, 23; 1 Timothea 5:13; 1 Petrose 4:15.
18. Haeba nakong ea lefereho ho lemohuoa mefokolo e menyenyane, ke eng se lokelang ho hopoloa?
18 U se ke ua lebala hore u sebetsana le ngoana ea sa phethahalang oa Adama, e seng mohale oa monna kapa oa mosali oa maiketsetso oa bukeng ea litaba tsa lerato. E mong le e mong o na le mefokolo, ’me e meng ea eona e tlameha ho hlokomolohuoa—ea hao le ea eo u lebelletseng hore e be molekane oa hao. (Baroma 3:23; Jakobo 3:2) Ho feta moo, bofokoli bo hlokometsoeng bo hlahisa monyetla oa ho hōla moeeng. Ka mohlala, a re re nakong ea lōna ea lefereho le ba le khang. Nahana: Esita le batho ba ratanang le ba hlomphanang ka linako tse ling ha ba lumellane. (Bapisa le Genese 30:2; Liketso 15:39.) Na ebe mohlomong se hlokahalang hase feela hore lōna ka bobeli le ‘buse lipelo tsa lōna’ haholoanyane ’me le ithute ho lokisa litaba ka khotso haholoanyane? (Liproverbia 25:28) Na eo u lebelletseng hore e be molekane oa hao o bontša takatso ea ho ntlafatsa? Uena? Na u ka ithuta ho ba ea sa khopeheng habonolo, ea sa halefeng kapele? (Moeklesia 7:9) Ho ithuta ho rarolla mathata ho ka theha mokhoa oa puisano e nang le botšepehi e hlokahalang haeba bobeli ba lōna le ka nyalana.—Bakolose 3:13.
19. Ke tsela efe e bohlale e ka nkuoang haeba mathata a tebileng a hlahella nakong ea lefereho?
19 Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u hlokomela lintho tse u khathatsang ka ho tebileng? Lipelaelo tse joalo li lokela ho nahanoa ka hloko. Ho sa tsotellehe hore na u ikutloa u e-na le maikutlo a lerato hakae kapa ho sa tsotellehe hore na u laba-labela ho kena lenyalong hakae, se ke ua iphoufaletsa liphoso tse tebileng. (Liproverbia 22:3; Moeklesia 2:14) Haeba u e-na le kamano le motho eo u nang le lipelaelo tse tebileng ka eena, ke bohlale ho khaotsa kamano eo le ho ikhula hore u ka etsa boitlamo bo tebileng ho motho eo.
BOLOKA LEFEREHO LA HAO LE HLOMPHEHA
20. Balekane ba leferehong ba ka boloka boitšoaro ba bona bo sa belaelloe joang?
20 U ka boloka lefereho la hao le hlompheha joang? Taba ea pele, tiisa hore boitšoaro ba hao ha bo belaelloe. Moo u phelang teng, na ho tšoarana ka matsoho, ho akana, kapa ho kopana ka matsoho ho nkoa e le boitšoaro bo loketseng bakeng sa batho ba babeli ba sa nyalanang? Esita le haeba lipontšo tse joalo tsa kameho e lerato li sa nyekoletsoe melomo, li lokela ho lumelloa feela ha kamano e fihlile boemong boo lenyalo le hlileng le reriloeng. Hlokomela hore lipontšo tsa kameho e lerato ha li tsoele pele ho fihlela e e-ba boitšoaro bo sa hloekang kapa bona bohlola. (Baefese 4:18, 19; bapisa le Sefela sa Lifela 1:2; 2:6; 8:5, 9, 10.) Kahobane pelo e mano, le tla be le le bohlale bobeli ba lōna hore le qobe ho ba bang ka tlung, ka foleteng, ka koloing e pakiloeng, kapa kae le kae moo le ka bang le monyetla oa boitšoaro bo bobe. (Jeremia 17:9) Ho boloka lefereho la lōna le hloekile boitšoarong ho fana ka bopaki bo hlakileng ba hore le na le boitšoaro le hore u beha kameho e se nang boithati bakeng sa boiketlo ba motho e mong ka pele ho litakatso tsa hao. Habohlokoahali, lefereho le hloekileng le tla thabisa Jehova Molimo, ea laelang bahlanka ba hae hore ba ithibe litšileng le bohloleng.—Bagalata 5:19-21.
21. Ke puisano efe e etsoang ka botšepehi e ka hlokahalang e le hore ho ka bolokoa lefereho le hlompheha?
21 Ea bobeli, lefereho le hlomphehang le boetse le akarelletsa puisano e etsoang ka botšepehi. Ha lefereho la lōna le tsoela pele ho isa lenyalong, ho tla hlokahala hore le buisane ka litaba tse ling tse itseng le sa patelane maikutlo. Le tla phela hokae? Na ka bobeli le tla sebetsa? Na le batla ho ba le bana? Hape, ho molemo ho senola lintho, mohlomong tsa linakong tsa motho tse fetileng, tse ka amang lenyalo. Li ka akarelletsa mekoloto e meholo kapa boikarabelo kapa litaba tsa ho kula, tse kang lefu leha e le lefe le tebileng kapa boemo boo u ka ’nang ua ba le bona. Kaha batho ba bangata ba tšoaelitsoeng ke HIV (kokoana-hloko e bakang AIDS) ha ba bontše matšoao kapele, e ne e ke ke ea e-ba phoso hore motho ka mong kapa batsoali ba tsotellang ba kōpe hore motho eo nakong e fetileng a ileng a ameha boitšoarong bo litšila ba botona le botšehali kapa tšebelisong ea lithethefatsi a hlahlobeloe AIDS. Haeba tlhahlobo e hlahisa hore o na le eona, motho ea tšoaelitsoeng ha aa lokela ho qobella ea lebelletsoeng ho ba molekane hore a tsoele pele ka kamano eo haeba joale eo a batla hore e fele. Ka sebele, mang le mang ea ileng a ameha mokhoeng oa bophelo o kotsi o tla be a etsa hantle hore a ithaopele ho hlahlobeloa AIDS le pele a qala lefereho.
HO TALIMA KA ’NǴANE HO LECHATO
22, 23. (a) Motho a ka lahleheloa ke ho leka-lekana joang ha a lokisetsa lechato? (b) Ke pono efe e leka-lekaneng e lokelang ho bolokoa ha ho nahanoa ka lechato le lenyalo?
22 Likhoeling tsa ho qetela pele ho lenyalo, bobeli ba lōna mohlomong le tla be le tšoarehile haholo ka ho lokisetsa lechato. Le ka fokotsa ho hatelleha kelellong haholo ka ho ba ba leka-lekaneng. Lechato le majaba-jaba le ka ’na la khahlisa beng ka lōna le sechaba, empa le ka ’na la siea banyalani ba bacha le malapa abo bona a khathetse nameng ’me a thefulehile haholo licheleteng. E ka ’na ea e-ba ho utloahalang ho khomarela litloaelo tse ling tsa sebaka sa heno, empa ho li khomarela ka bokhoba ’me mohlomong le ka tlhōlisano ho ka pupetsa morero oa mokete mohlomong ha ba ha le hlokisa le thabo eo le lokelang ho ba le eona. Le hoja ho lokela ho nahaneloa maikutlo a ba bang, monyali ke eena ea ikarabellang ka sehloohong bakeng sa ho etsa liqeto mabapi le hore na ho tla etsahala’ng moketeng oa lenyalo.—Johanne 2:9.
23 Hopola hore lechato la lōna ke la letsatsi le le leng feela, empa lenyalo la lōna ke la ka ho sa feleng. Qoba ho tsepamisa maikutlo a hao tabeng ea lechato. Ho e-na le hoo, talima ho Jehova Molimo bakeng sa tataiso, ’me u lokisetse esale pele bakeng sa bophelo ba ho ba lenyalong. Joale u tla be u itokiselitse hantle bakeng sa lenyalo le atlehileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sena se tla sebetsa linaheng tseo ho intša ha mohlankana le moroetsana ho nkoang ho loketse bakeng sa Bakreste.
b Esita le ka phuthehong ea Bokreste, ho ka ’na ha e-ba le ba phelang joaloka hoja ba phela meeling. Ho e-na le hore e be bahlanka ba Molimo ba pelo eohle, ba ka ’na ba susumetsoa ke maikutlo le boitšoaro tsa lefatše lena.—Johanne 17:16; Jakobo 4:4.
MELAO-MOTHEO EE EA BIBELE E KA THUSA . . . MOTHO HORE A LOKISETSE LENYALO LE ATLEHILENG JOANG?
Monna le mosali ba tlameha ho tlamahana.—Genese 2:24.
Motho oa ka hare ke oa bohlokoa ho feta ponahalo ea kantle.—1 Petrose 3:3, 4.
“Le se ke la kena jokong e sa lekaneng.”—2 Bakorinthe 6:14.
Batho ba sa hloekang boitšoarong ba ikarotse ho Molimo.—Baefese 4:18, 19.
[Lebokose le leqepheng la 17]
LITLOAELO LE BIBELE
Bohali: Linaheng tse ling lelapa labo monyali le lebelletsoe ho fa lelapa labo monyaluoa chelete. Ho tse ling, lelapa labo monyaluoa le fa la habo monyali chelete. Ho ka ’na ha se ke ha e-ba letho le phoso ka meetlo ena hafeela e le molaong. (Baroma 13:1) Leha ho le joalo, maemong ana ka bobeli, lelapa le amohelang le lokela ho qoba hore ka meharo le batle chelete kapa thepa e phahameng ho feta tekano. (Liproverbia 20:21; 1 Bakorinthe 6:10) Ho feta moo, ho lefshoa ha bohali le ka mohla ha hoa lokela ho nkoa hore ho fana ka maikutlo a hore mosali ke feela thepa e rekiloeng; leha e le hore monna o lokela ho ikutloa hore boikarabelo ba hae feela ho mosali oa hae le ba bohoeng ke ba chelete.
Sethepu: Meetlo e meng e lumella hore monna a be le basali ba fetang a le mong. Maemong a joalo, monna e ka ’na ea e-ba morena ho e-na le ho ba monna le ntate. Ho feta moo, lenyalo la sethepu hangata le khothalletsa tlhōlisano har’a basali. Ho Bakreste, Bibele e lumella bosoha kapa ho ba le mosali a le mong feela.—1 Bakorinthe 7:2.
Lenyalo la Teko: Balekane ba bangata ba bolela hore ho phela hammoho pele ho lenyalo ho tla ba thusa ho leka ho tšoanelana ha bona. Empa, lenyalo la teko ha le leke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoahali tsa lenyalo—boitlamo. Ha ho tokisetso e ’ngoe ntle ho lenyalo e fanang ka tekanyo e tšoanang ea tšireletso le tšireletseho ho bohle—ho kopanyelletsa le bana leha e le bafe ba ka ’nang ba hlaha kopanong eo. Mahlong a Jehova Molimo, ho phela hammoho ka tumellano ka ntle ho ho nyalana ke bohlola.—1 Bakorinthe 6:18; Baheberu 13:4.
[Litšoantšo tse leqepheng la 19]
Ha u sa ntse u le lesoha, hōlisa litšoaneleho, mekhoa le tsebo tse tla u sebeletsa hantle lenyalong