Hona Joale ho Hlokahala Hore re Falimehe le ho Feta!
“A re se keng ra tsoela pele ho robala joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala, empa a re luleng re falimehile ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.”—1 BATHESALONIKA 5:6.
1, 2. (a) Pompeii le Herculaneum e ne e le metse ea mofuta ofe? (b) Baahi ba bangata ba Pompeii le Herculaneum ba ile ba hlokomoloha temoso efe, hona e le ka phello efe?
LEKHOLONG la pele la lilemo la Mehla e Tloaelehileng ea rōna, Pompeii le Herculaneum e ne e le metse e ’meli e ruileng ea Roma e neng e le haufi le Thaba ea Vesuvius. Baroma ba barui ba ne ba rata ho ea teng phomolong. Mabala a teng a boithabiso a ne a ka nka batho ba fetang sekete, ’me Pompeii ho ne ho e-na le lebala le leholo le nang le litulo tse ka lekanang motse kaofela. Baepolli ba Pompeii ba fumane libara tse ka bang 118, ’me tse ling tsa tsona e ne e le matlo ao ho becheloang ho ’ona kapa a botekatse. Boitšoaro bo bobe le lerato la lintho tse bonahalang e ne e le kobo-anela, joalokaha ho bontšoa ke litšoantšo tse ferefiloeng maboteng le mesaletsa e meng.
2 Ka la 24 August, 79 C.E., Thaba ea Vesuvius e ile ea qala ho ntša seretse se chesang. Litsebi tsa libaka tse foqohang seretse se chesang li lumela hore ho qhoma ha pele ho ileng ha ntša seretse se chesang le molora o ileng oa pupetsa metse ena e ’meli, mohlomong ho ka be ho ile ha fa baahi sebaka sa ho baleha. Ka sebele, ho bonahala ba bangata ba ile ba baleha. Leha ho le joalo, ba bang ba ileng ba halala kotsi kapa ba hlokomoloha litemoso, ba ile ba ikhethela ho lula. Joale, hoo e ka bang har’a mp’a bosiu, meea e chesang haholo, seretse le majoe, li ile tsa pupetsa Herculaneum, ’me tsa bipetsa baahi bohle ba neng ba setse motseng. Ka matjeke letsatsing le latelang, seretse se seng se sengata se ile sa bolaea bohle Pompeii. Ke phello e bohloko hakaakang ea ho se mamele temoso!
Bofelo ba Tsamaiso ea Lintho ea Sejuda
3. Ke ho tšoana hofe ho teng pakeng tsa ho timetsoa ha Jerusalema le ha Pompeii le Herculaneum?
3 Bofelo bo tšosang ba Pompeii le Herculaneum bo ile ba fetoa ke timetso e bohloko ea Jerusalema lilemong tse robong pele ho moo, le hoja tlokotsi eo e ne e bakiloe ke batho. Ho hlalosoa hore e bile “ho thibelloa ho sehlōhō ka ho fetisisa historing,” ’me ho tlalehoa hore ka lebaka la hona ho ile ha shoa Bajuda ba fetang milione. Leha ho le joalo, tlokotsi ea Pompeii le Herculaneum le ho timetsoa ha Jerusalema li etsahetse ka mor’a hore ho fanoe ka temoso.
4. Jesu o ile a fa balateli ba hae pontšo efe ea boprofeta ho ba lemosa hore bofelo ba tsamaiso ea lintho bo haufi, ’me e ile ea phethahatsoa joang ka lekhetlo la pele lekholong la pele la lilemo?
4 Jesu Kreste o ne a boletse esale pele hore motse ona o tla timetsoa, ’me o ne a hlile a bolela lintho tse neng li tla etsahala pele ho timetso eo—e leng lintoa, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše le tlōlo ea molao. Baprofeta ba bohata ba ne ba tla ipha matla, empa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ne li tla boleloa lefatšeng lohle. (Matheu 24:4-7, 11-14) Le hoja mantsoe a Jesu a phethahala haholo kajeno, a ile a phethahala hanyenyane ka nako eo. Histori e bolela hore ho ile ha e-ba le tlala e khōlō Judea. (Liketso 11:28) Rahistori oa Mojuda Josephus o tlaleha hore ho bile le tšisinyeho ea lefatše Jerusalema nakoana pele motse oo o senngoa. Ha bofelo ba Jerusalema bo ntse bo atamela, ho ne ho lula ho e-na le merusu, lintoa tsa lehae pakeng tsa mekha ea lipolotiki ea Bajuda le ho bolaoa ha batho ba bangata metseng e mengata eo ho eona ho neng ho lula Bajuda le Balichaba. Ho sa tsotellehe sena, litaba tse molemo tsa ’Muso li ne li ntse li boleloa “pōpong eohle e tlas’a leholimo.”—Bakolose 1:23.
5, 6. (a) Ke mantsoe afe a boprofeta a Jesu a ileng a phethahala ka 66 C.E.? (b) Ke hobane’ng ha ho ile ha shoa batho ba bangata hakaalo ha qetellong Jerusalema e timetsoa ka 70 C.E.?
5 Qetellong ka 66 C.E., Bajuda ba ile ba fetohela Roma. Ha Cestius Gallus a eteletse pele lebotho le il’o thibella Jerusalema, balateli ba Jesu ba ile ba hopola mantsoe a hae a reng: “Ha le bona Jerusalema e lika-likelitsoe ke mabotho a liahelong, joale le tsebe hore ho etsoa lesupi ha eona ho atametse. Joale ba leng Judea ba ke ba qale ho balehela lithabeng, ’me ba ka hare ho eona ba tlohe, ’me ba libakeng tse ka thōko ba se ke ba kena ka har’a eona.” (Luka 21:20, 21) Nako e ne e fihlile ea ho tloha Jerusalema—empa ba ne ba tla tloha joang? Ho sa lebelloa, Gallus o ile a ntša mabotho a hae ’me Bakreste ba Jerusalema le Judea ba fumana monyetla oa ho phetha mantsoe a Jesu ’me ba balehela lithabeng.—Matheu 24:15, 16.
6 Lilemo tse ’nè hamorao hoo e ka bang nakong ea Paseka, mabotho a Roma a ile a boea sekoele tlas’a Molaoli Tite, ea neng a ikemiselitse ho felisa bofetoheli ba Bajuda. Mabotho a hae a ile a lika-liketsa Jerusalema ’me a haha “thibello e nang le lithupa tse nchocho,” a ba sitisa ho baleha. (Luka 19:43, 44) Ho sa tsotellehe hore ntoa e ne e ka ’na ea qhoma, Bajuda ba tsoang ’Musong oohle oa Roma ba ne ba khobokane Jerusalema bakeng sa Paseka. Ba ile ba iphumana ba qabeletsoe ka hare ho motse. Ho latela Josephus, baeti bana ba malimabe ke bona ba ileng ba shoa ka bongata ha Baroma ba thibella Jerusalema.a Ha Jerusalema e oa qetellong, ho ile ha timela Mojuda a le mong ho ba supileng ’Musong oa Roma. Ho timetsoa ha Jerusalema le tempele ea eona e ile ea e-ba ho fela ha ’muso oa Bajuda le bolumeli ba bona bo thehiloeng Molaong oa Moshe.b—Mareka 13:1, 2.
7. Ke hobane’ng ha Bakreste ba tšepahalang ba ile ba pholoha ha Jerusalema e timetsoa?
7 Ka 70 C.E., Bakreste ba Bajuda ba ka be ba ile ba bolaoa kapa ba etsoa makhoba hammoho le bohle ba neng ba le Jerusalema. Leha ho le joalo, ho latela bopaki ba histori, ba ne ba etse hloko temoso eo Jesu a faneng ka eona lilemo tse 37 pejana. Ba ne ba tsoile motseng ’me ba sa ka ba khutla.
Temoso e Nakong ea Baapostola
8. Petrose o ile a lemoha hore ho hlokahala’ng, ’me ho ka etsahala hore ebe o ne a hopotse mantsoe afe a Jesu?
8 Kajeno, timetso e khōlō haholo e haufi, ’me e tla felisa tsamaiso ena eohle ea lintho. Lilemo tse tšeletseng pele Jerusalema e timetsoa, moapostola Petrose o ile a fana ka keletso e potlakileng le e nakong e sebetsang ka ho khetheha ho Bakreste mehleng ea rōna, keletso eo e ne e re: Falimehang! Petrose o ne a bona bohlokoa ba hore Bakreste ba ‘tsose matla a bona a hlakileng a ho nahana’ e le hore ba tle ba se ke ba hlokomoloha “taelo ea Morena” Jesu Kreste. (2 Petrose 3:1, 2) Ha Petrose a khothalletsa Bakreste hore ba falimehe, ho ka etsahala hore ebe o ne a hopotse seo a utloileng Jesu a se bolella baapostola ba Hae matsatsi a seng makae pele ho lefu la Hae, a re: “Lulang le talimile, le lule le falimehile, kaha ha le tsebe hore na nako e behiloeng e tla ba neng.”—Mareka 13:33.
9. (a) Ba bang ba ka ba le boikutlo bofe bo kotsi? (b) Ke hobane’ng ha ho ba lekhonono ho ka ba kotsi haholo?
9 Kajeno, ba bang baa soma ba re: “Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae?” (2 Petrose 3:3, 4) Ho hlakile hore batho bao ba nka hore lintho ha li fetohe empa li tsoela pele kamoo li ’nileng tsa e-ba kateng ho tloha ha lefatše le bōptjoa. Ho ba lekhonono joalo ho kotsi. Lipelaelo li ka re lebatsa hore metsotso e jele babeli, tsa re susumelletsa ho ikhotsofatsa. (Luka 21:34) Ntle ho moo, joalokaha Petrose a bontša, basomi bana ba lebala Moroallo oa mehleng ea Noe, o ileng oa timetsa tsamaiso ea lefatše lohle ea lintho. Kannete lefatše le ile la fetoha ka nako eo!—Genese 6:13, 17; 2 Petrose 3:5, 6.
10. Petrose o khothatsa ba ka ’nang ba felloa ke mamello ka mantsoe afe?
10 Petrose o thusa babali ba hae hore ba be le mamello ka ho ba hopotsa hore na ke hobane’ng ha hangata Molimo a lieha ho nka khato. Petrose o qala ka ho re: “Letsatsi le le leng ho Jehova le joaloka lilemo tse sekete ’me lilemo tse sekete li joaloka letsatsi le le leng.” (2 Petrose 3:8) Kaha Jehova o phela ka ho sa feleng, a ka nahanela maemo ’ohle ’me a khetha nako e molemo ka ho fetisisa ea ho nka khato. Joale ka mor’a moo, Petrose o bua ka takatso ea Jehova ea hore hohle batho ba bake. Mamello ea Molimo e bolela poloko ho ba bangata ba neng ba tla timela haeba a ne a ka nka khato ka potlako. (1 Timothea 2:3, 4; 2 Petrose 3:9) Leha ho le joalo, mamello ea Jehova ha e bolele hore a ke ke a nka khato. Petrose o re: “Letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu.”—2 Petrose 3:10.
11. Ke’ng e tla re thusa ho lula re falimehile moeeng, ’me ho ka bonahala eka see se ‘potlakisa’ letsatsi la Jehova joang?
11 Papiso ea Petrose ea tšoaneleha. Ha ho bonolo ho tšoara masholu, empa molebeli ea lulang a falimehile bosiu bohle ho ka etsahala hore a bone lesholu ho feta molebeli ea ntseng a bo tsipa. Molebeli a ka lula a falimehile joang? Ho bonolo hore molebeli a lule a falimehile bosiu bohle haeba a ntse a tsama-tsamaea ho e-na le ho lula fatše. Ka ho tšoanang, joaloka Bakreste, haeba re lula re le mafolofolo moeeng re tla lula re falimehile. Ke ka lebaka leo Petrose a re phehellang hore re tšoarehe “liketsong tse halalelang tsa boitšoaro le liketsong tsa boinehelo ba bomolimo.” (2 Petrose 3:11) Ho tšoareha joalo ho tla re thusa ho ‘lula re hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova.’ Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ‘ho lula re hopola’ le ka fetoleloa ka ho toba e le “ho potlakisa.” (2 Petrose 3:12; NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Ke ’nete hore re ke ke ra fetola linako tseo Jehova a li behang. Letsatsi la hae le tla tla ka nako eo a e behileng. Empa nako ea ho tloha hona joale ho fihlela letsatsi leo le fihla e tla bonahala e feta ka potlako haholoanyane haeba re tšoarehile tšebeletsong ea hae.—1 Bakorinthe 15:58.
12. Re le batho ka bomong, re ka rua molemo joang mamellong ea Jehova?
12 Kahoo, bohle ba nahanang hore letsatsi la Jehova lea lieha ba khothalletsoa ho ela hloko keletso ea Petrose ea ho letela nako e behiloeng ea Jehova ka mamello. Ka sebele, re ka sebelisa ka bohlale nako e eketsehileng eo re nang le eona ha Molimo a sa ntsane a mameletse. Ka mohlala, re ka tsoela pele ho sebeletsa ho ba le botho ba Bokreste esita le ho bolela litaba tse molemo ho ba bang ba bangata bao re neng re ke ke ra ba finyella. Haeba re lula re falimehile, Jehova o tla fumana ‘re se na letheba ebile re se na sekoli ’me re le khotsong’ ha tsamaiso ena ea lintho e fela. (2 Petrose 3:14, 15) See e tla ba moputso o mokaakang!
13. Ke mantsoe afe a Pauluse ho Bakreste ba Thesalonika a loketseng haholo kajeno?
13 Lengolong la hae la pele le eang ho Bakreste ba Thesalonika, Pauluse o boetse o bolela hore hoa hlokahala hore re lule re falimehile. Oa eletsa o re: “A re se keng ra tsoela pele ho robala joalokaha ba bang kaofela ba tsoela pele ho robala, empa a re luleng re falimehile ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.” (1 Bathesalonika 5:2, 6) Kajeno, kaha tsamaiso ea lintho ea lefatše lohle e haufi le ho timetsoa, keletso ee ke ea bohlokoa hakaakang! Barapeli ba Jehova ba phela lefatšeng la batho ba sa tsotelleng litaba tsa moea, ’me sena se ka ba ama. Ke ka lebaka leo Pauluse a eletsang a re: “A re luleng re hlaphohetsoe likelellong ’me re apare tšireletso ea sefuba ea tumelo le lerato ’me re roale tšepo ea poloko e le helmete.” (1 Bathesalonika 5:8) Ho ithuta Lentsoe la Molimo kamehla le ho kopanela kamehla le barab’abo rōna libokeng ho tla re thusa ho latela keletso ea Pauluse le ho hopola hore metsotso e jele babeli.—Matheu 16:1-3.
Ba Limilione ba Lula ba Lebetse
14. Ke lipalo-palo life tse bontšang hore ba bangata kajeno ba latela keletso ea Petrose ea ho lula ba falimehile?
14 Na ho na le ba bangata kajeno ba elang hloko khothatso e bululetsoeng ea ho lula ba falimehile? E, ba teng. Selemong sa tšebeletso sa 2002, tlhōrō ea bahoeletsi ba 6 304 645—e leng keketseho ea 3,1 lekholong ho feta ka 2001—ke bopaki ba ho falimeha moeeng ka ho sebetsa lihora tse 1 202 381 302 ho buisanoa le ba bang ka ’Muso oa Molimo. Bahoeletsi bana ba ne ba sa etse mosebetsi ona ka tloaelo feela. E ne e le karolo ea bohlokoa ea bophelo ba bona. Ba bangata ba bona ba na le maikutlo a kang a Eduardo le Noemi ba El Salvador.
15. Ke phihlelo efe ea El Salvador e bontšang hore ba bangata ba lutse ba falimehile moeeng?
15 Lilemong tse seng kae tse fetileng, Eduardo le Noemi ba ile ba ela hloko mantsoe a Pauluse a reng: “Boemo ba lefatše lena boa fetoha.” (1 Bakorinthe 7:31) Ba ile ba nolofatsa bophelo ba bona ’me ba kenela bopula-maliboho ba nako e tletseng. Ha nako e ntse e feta, ba ile ba putsoa ka litsela tse ngata ba ba ba kopanela le mosebetsing oa potoloho le oa setereke. Ho sa tsotellehe mathata a boima ao ba ileng ba thulana le ’ona, Eduardo le Noemi ba kholisehile hore ba entse qeto e nepahetseng ha ba tela bophelo ba boiketlo ka lebaka la tšebeletso ea nako e tletseng. Bahoeletsi ba bangata ho ba 29 269, ba akarelletsang bo-pula-maliboho ba 2 454 ba El Salvador, ba bontšitse boitelo bo tšoanang, e leng lebaka leo ka lona ho bileng le keketseho ea 2 lekholong ea bahoeletsi naheng eo selemong se fetileng.
16. Mor’abo rōna e mocha lilemong oa Côte d’Ivoire o ile a bontša boikutlo bofe?
16 Boikutlo bo tšoanang bo ile ba bontšoa ke mohlankana oa Mokreste oa Côte d’Ivoire, ea ileng a ngolla ofisi ea lekala, a re: “Ke mohlanka ea sebeletsang. Empa ke sitoa ho bolella barab’abo rōna hore e be bo-pula-maliboho empa ’na ke sa behe mohlala o motle. Kahoo ke tlohetse mosebetsi o lefang chelete e ngata ’me hona joale kea itšebetsa, e leng ho mphang nako e eketsehileng boboleling.” Mohlankana enoa e bile e mong oa bo-pula-maliboho ba 983 ba Côte d’Ivoire, e tlalehileng bahoeletsi ba 6 701 selemong se fetileng, e leng keketseho ea 5 lekholong.
17. Paki e nyenyane ea Belgium e ile ea bontša joang hore ha e tšosoe ke lehloeo?
17 Leeme, lehloeo le khethollo li ntse li tsoela pele ho baka mathata ho bahoeletsi ba ’Muso ba Belgium ba 24 961. Leha ho le joalo, baa cheseha ’me ha ba tšabe letho. Nakong ea thuto ea litumelo tsa batho sekolong, mocha ea lilemo li 16 oa Paki o ile a utloa ho thoe Lipaki Tsa Jehova ke sehlopha sa bokhelohi, ’me o ile a kōpa hore a bolele hore na maikutlo a Lipaki Tsa Jehova ’ona ke afe. A sebelisa video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name le bukana ea Lipaki Tsa Jehova—Ke Bo-mang?, o ile a hlalosa seo Lipaki li hlileng li leng sona. Boitsebiso bona bo ile ba thabeloa haholo, ’me bekeng e latelang liithuti li ile tsa ngola tlhahlobo eo ho eona lipotso tsohle li neng li ama bolumeli ba Bokreste ba Lipaki Tsa Jehova.
18. Ho na le bopaki bofe ba hore bahoeletsi ba Argentina le Mozambique ha baa ka ba sitisoa ke mathata a moruo ho sebeletsa Jehova?
18 Bakreste ba bangata ba thulana le mathata a boima matsatsing ana a ho qetela. Leha ho le joalo, ba leka ho ema ba tiile. Ho sa tsotellehe mathata a moruo a tsebahalang, Argentina e tlalehile tlhōrō e ncha ea Lipaki tse 126 709 selemong se fetileng. Mozambique bofuma bo ntse bo jele setsi. Leha ho le joalo, ba 37 563 ba tlalehile hore ba ile ba kopanela mosebetsing oa bopaki, e leng keketseho ea 4 lekholong. Ba bangata ba hula ka thata Albania, leha ho le joalo, naha eo e tlalehile keketseho e ncha ea 12 lekholong, ea finyella tlhōrō ea bahoeletsi ba 2 708. Ho hlakile hore moea oa Jehova ha o sitisoe ke mathata ha bahlanka ba hae ba etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso.—Matheu 6:33.
19. (a) Ke’ng se fanang ka bopaki ba hore ho sa ntsane ho e-na le batho ba bangata ba kang linku ba lapetseng ’nete ea Bibele? (b) Ke lintlha life hape tsa tlaleho ea selemo le selemo tse bontšang hore bahlanka ba Jehova ba lula ba falimehile moeeng? (Bona chate e leqepheng la 12-15.)
19 Karolelano ea khoeli le khoeli ea lithuto tsa Bibele tse 5 309 289 tse tlalehiloeng lefatšeng ka bophara selemong se fetileng e bontša hore ho sa ntsane ho e-na le batho ba bangata ba kang linku ba lapetseng ’nete ea Bibele. Ba bileng teng Sehopotsong ba finyelletse tlhōrō e ncha ea ba 15 597 746, ’me ba bangata ba bona ha ba e-s’o qale ho sebeletsa Jehova ka mafolofolo. E se eka ba ka tsoela pele ho hōla tsebong le leratong la bona ho Jehova le ho mokhatlo oa bara ba motho. Hoa thabisa ho bona hore “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” bo tsoela pele ho beha litholoana ha bo ntse bo sebeletsa ’Mōpi “bosiu le motšehare ka tempeleng ea hae” hammoho le bara babo bona ba tlotsitsoeng ka moea.—Tšenolo 7:9, 15; Johanne 10:16.
Ho Ithuta ho Lota
20. Re ithuta’ng mohlaleng oa Lota le mosali oa hae?
20 Ho hlakile hore esita le bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ka nakoana ba ka lebala hore metsotso e jele babeli. Nahana ka Lota, ngoan’a ngoan’abo Abrahama. Baeti ba babeli ba mangeloi ba ile ba mo tsebisa hore Molimo o ne a le haufi le ho timetsa Sodoma le Gomora. Litaba tsena ha lia ka tsa makatsa Lota “ea neng a ba mahlomoleng haholo ke ho inehella boitšoaro bo hlephileng ha batho ba nyelisang molao.” (2 Petrose 2:7) Ho sa tsotellehe sena, ha mangeloi ana a mabeli a mo felehetsa hore a tsoe Sodoma, o ile a ’na a “lieha.” Ho ile ha sala hanyenyane feela hore mangeloi a mo hule le lelapa la hae hore ba tsoe motseng. Hamorao mosali oa Lota o ile a hlokomoloha temoso ea mangeloi ea hore a se ke a hetla. Ho se tsotelle ha hae ho ile ha mo bolaea. (Genese 19:14-17, 26) Jesu o ile a lemosa a re: “Hopolang mosali oa Lota.”—Luka 17:32.
21. Ke hobane’ng ha hona joale ho hlokahala hore re falimehe le ho feta?
21 Tlokotsi ea Pompeii le Herculaneum le lintho tse etsahetseng ha Jerusalema e timetsoa, esita le mohlala oa Moroallo oa mehleng ea Noe le oa Lota, tsohle li bontša bohlokoa ba ho nka litemoso ka botebo. Joaloka bahlanka ba Jehova, re ela hloko lipontšo tsa nako ea bofelo. (Matheu 24:3) Re tsoile bolumeling ba bohata. (Tšenolo 18:4) Joaloka Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, ho hlokahala hore ‘re lule re hopola ho ba teng ha letsatsi la Jehova.’ (2 Petrose 3:12) E, hona joale ho hlokahala hore re falimehe le ho feta! Re ka nka mehato efe, ’me ke botho bofe boo re ka sebeletsang ho ba le bona e le hore re lule re falimehile? Sehloohong se latelang re tla tšohla litaba tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho ke ke ha etsahala hore ebe Jerusalema e ne e e-na le baahi ba fetang 120 000 lekholong la pele la lilemo. Eusebius o lekanya hore baahi ba 300 000 ba profinse ea Judea ba ne ba ile Jerusalema bakeng sa Paseka ka 70 C.E. Ba bang ba ileng ba bolaoa e tlameha ebe ba ne ba tsoa likarolong tse ling tsa ’muso.
b Ka ho hlakileng, mahlong a Jehova Molao oa Moshe o ne o nketsoe sebaka ke selekane se secha ka 33 C.E.—Baefese 2:15.
U ka Araba Joang?
• Ke phetoho efe e ileng ea nolofalletsa Bakreste ba Bajuda hore ba pholohe timetso ea Jerusalema?
• Keletso e mangolong a moapostola Petrose le moapostola Pauluse e re thusa ho lula re falimehile joang?
• Ke bo-mang kajeno ba bontšang hore ba falimehile?
• Re ithuta’ng tlalehong ea Lota le mosali oa hae?
[Chate e leqepheng la 12-15]
TLALEHO EA SELEMO SA TŠEBELETSO SA 2002 EA LIPAKI TSA JEHOVA LEFATŠENG LOHLE
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ka 66 C.E., Bakreste ba Jerusalema ba ile ba ela hloko temoso ea Jesu
[Litšoantšo tse leqepheng la 10]
Ho ba mafolofolo ho thusa Bakreste ho lula ba falimehile