Khaolo ea 6
“O Ile a Ithuta ho Mamela”
1, 2. Ke hobane’ng ha ntate ea lerato a thaba ha a bona mora a mo mamela, hona tsela eo a ikutloang ka eona e bonahatsa joang tsela eo Jehova a ikutloang ka eona?
NTATE o shebile ka fensetere ha mora a ntse a bapala le metsoalle ea hae. Bolo eo ba ntseng ba bapala ka eona e tsoela ka ntle ho jarete seterateng. Moshemane o e sheba ka mohau. E mong oa metsoalle ea hae o re a mathe a il’o e lata, empa moshemane eo o sisinya hlooho. O re: “Ho itsoe ke se ke ka ea seterateng.” Ntate o bobotheha a le mong.
2 Ke hobane’ng ha ntate a thabile hakaale? Ke hobane o laetse mora hore a se ke a ea seterateng a le mong. Ha moshemane oa hae a mamela—le hoja a sa tsebe hore ntate o mo shebile—ntate oa tseba hore mora o ithuta ho mamela, kahoo o batla a sireletsehile. Ntate eo o ikutloa ka tsela e tšoanang le eo Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova, a ikutloang ka eona. Molimo oa tseba hore e le hore re lule re tšepahala ’me re tle re phele nakong e tlang e babatsehang eo a re lokiselitseng eona, re lokela ho ithuta ho mo tšepa le ho mo mamela. (Liproverbia 3:5, 6) E le hore re finyelle seo, o ile a re romela mosuoe ea hloahloa ka ho fetisisa.
3, 4. Jesu o ile “a ithuta ho mamela” ’me a ‘etsoa ea phethahetseng’ joang? Bontša.
3 Bibele e bua taba e ’ngoe e makatsang ka Jesu: “Le hoja e ne e le Mora, o ile a ithuta ho mamela linthong tseo a ileng a utloisoa bohloko ke tsona; ’me ka mor’a hore a etsoe ea phethahetseng a fetoha ea ikarabellang bakeng sa poloko e sa feleng ho bohle ba mo mamelang.” (Baheberu 5:8, 9) Mora enoa o bile teng ka lilemo tse se nang palo leholimong. O bone ha Satane le mangeloi a mang a marabele a sa mamele, empa Mora enoa oa letsibolo ha aa ka a imatahanya le ’ona. Mantsoe ana a bululetsoeng a boprofeta a lebisitsoe ho eena: “Ha kea ba lerabele.” (Esaia 50:5) Joale ho tla joang hore mantsoe a reng “o ile a ithuta ho mamela” a lebisoe ho Mora enoa ea mamelang ka ho phethahetseng? Ke joang sebōpuoa se phethahetseng joalo se ka ‘etsoang se phethahetseng’?
4 Nahana ka papiso ena. Lesole le na le sabole. Le hoja e e-s’o ka e sebelisoa ntoeng, e entsoe ka tsela e phethahetseng le ka boqhetseke. Empa le fana ka sabole eo ’me bakeng sa eona le nka e entsoeng ka tšepe e thatanyana, e tiileng ho feta ea pele. Sabole ena e se e kile ea sebetsa hantle ntoeng. Na eo hase khato e bohlale? Ka ho tšoanang, Jesu o bonahalitse ho mamela ka tsela e se nang sepha pele a tla lefatšeng. Empa ka mor’a nakoana eo a e phetseng mona lefatšeng, ho mamela ha hae e bile ho fapaneng ka ho feletseng. Ha re bua ka tsela ea tšoantšetso, ho mamela ha hae ho ile ha lekoa, ha matlafatsoa ha ba ha tiisoa ke liteko tseo ho neng ho se mohla Jesu a ka beng a ile a feta ho tsona ha a ne a le leholimong.
5. Ke’ng se ileng sa etsa hore ho mamela ha Jesu e be habohlokoa, hona re tlil’o hlahloba eng khaolong ee?
5 Thōmo ea Jesu ea hore a tle lefatšeng e ne e hloka hore a mamele. E le “Adama oa ho qetela,” Jesu o ne a tletse ho tla etsa seo motsoali oa rōna oa pele a hlōlehileng ho se etsa—e leng ho mamela Jehova Molimo, esita le ha a lekoa. (1 Bakorinthe 15:45) Empa Jesu o ne a sa mamele feela ho phetha molao. Jesu o ile a mamela ka kelello eohle ea hae, ka pelo eohle ea hae le ka moea oohle oa hae. ’Me o ile a etsa seo a thabile. O ne a nka ho etsa thato ea Ntate oa hae e le habohlokoa ho feta ho ja! (Johanne 4:34) Ke’ng e tla re thusa ho etsisa Jesu tabeng ea ho mamela? A re qale ka ho hlahloba se neng se mo susumelletsa ho mamela. Ho hlaolela boikutlo bo kang ba hae ho tla re thusa ho hanela teko le ho etsa thato ea Molimo. Ka mor’a moo re tla hlahloba e meng ea melemo e tlisoang ke ho bonahatsa botho bo kang ba Kreste tabeng ea ho mamela.
Se Neng se Susumelletsa Jesu ho Mamela
6, 7. Ke mabaka afe a mang a neng a susumelletsa Jesu hore a mamele?
6 Ho mamela ha Jesu ho ne ho susumetsoa ke se pelong ea hae. Joalokaha re bone Khaolong ea 3, Kreste o ne a ikokobelitse pelong. Boikhohomoso bo etsa hore batho ba se ke ba rata ho mamela, athe boikokobetso bo re thusa ho ithaopela ho mamela Jehova. (Exoda 5:1, 2; 1 Petrose 5:5, 6) Ho feta moo, ho mamela ha Jesu ho ne ho susumetsoa ke seo a se ratang le seo a se hloileng.
7 Ka holimo ho tsohle, Jesu o ne a rata Ntate oa hae oa leholimo, Jehova. Lerato leo le tla tšohloa haholoanyane Khaolong ea 13. Lerato leo le ile la etsa hore Jesu a hlaolele ho tšaba Molimo. O ne a rata Jehova haholo a bile a mo hlompha ka ho tebileng ka tsela ea borapeli hoo a neng a tšaba ho khopisa Ntate oa hae. Lebaka le leng le neng le etsa hore lithapelo tsa Jesu li utluoe ka mokhoa o amohelehang ke hobane o ne a tšaba Molimo. (Baheberu 5:7) Ho tšaba Jehova ke letšoao le leng le hlaheletseng le khethollang puso ea Jesu e le Morena oa Bomesia.—Esaia 11:3.
8, 9. Joalokaha ho ne ho profetiloe, Jesu o ne a ikutloa joang ka ho loka le ka bokhopo, hona o ile a bonahatsa tsela eo a ikutloang ka eona joang?
8 Ho rata Jehova ho boetse ho akarelletsa ho hloea lintho tseo Jehova a li hloileng. Ka mohlala, nahana ka boprofeta bona bo lebisitsoeng ho Morena oa Bomesia: “U ratile ho loka ’me u hloile bokhopo. Ke ka lebaka leo Molimo, Molimo oa hao, a u tlotsitseng ka oli ea thabo e khaphatsehang ho feta balekane ba hao.” (Pesaleme ea 45:7) “Balekane” ba Jesu e ne e le marena a mang a lesika la Morena Davida. Jesu o na le lebaka le etsang hore a thabele ho tlotsoa ha hae ka thabo e khaphatsehang, kapa hona hore a nyakalle haholo, ho feta leha e le ofe oa bona. Ke lefe? Moputso oa hae o moholo ho feta oa bona, ’me borena ba hae bo tlisa melemo ea ka ho sa feleng. Oa putsoa hobane ho rata ha hae ho loka le ho hloea ha hae bokhopo ho mo susumelelitse hore a mamele Molimo linthong tsohle.
9 Jesu o ile a bonahatsa tsela eo a ikutloang ka eona ka ho loka le bokhopo joang? Ka mohlala, Jesu o ile a etsa’ng ha balateli ba hae ba mamela tataiso eo a ba fileng eona ha ba etsa mosebetsi oa boboleli ’me kahoo ba kotula litholoana tse ntle? O ile a nyakalla. (Luka 10:1, 17, 21) Empa o ile a ikutloa joang ha ka makhetlo-khetlo batho ba Jerusalema ba bontša moea oa ho se mamele, ba qhela boiteko bo lerato boo a bo etsang ho ba thusa? O ile a lla ka lebaka la borabele bo motseng oo. (Luka 19:41, 42) Jesu o ne a amehile ka ho teba ka boitšoaro bo botle le bo bobe.
10. Re lokela ho hlaolela boikutlo bofe ha ho tluoa tabeng ea ho etsa se nepahetseng le se fosahetseng, hona ke’ng e tla re thusa tabeng eo?
10 Ho thuisa ka tsela eo Jesu a ikutloang ka eona ho re thusa ho hlahloba se re susumelletsang ho mamela Jehova. Le hoja re sa phethahala, re ka hlaolela lerato le tebileng la se molemo le lehloeo le matla la boitšoaro bo fosahetseng. Re lokela ho rapela Jehova, re mo kōpe hore a re thuse ho hlaolela boikutlo bo kang ba hae le ba Mora oa hae. (Pesaleme ea 51:10) Ka nako e tšoanang, re lokela ho qoba lintho tse nang le tšusumetso e tla fokolisa boikutlo boo. Re lokela ho ba hlokolosi ha re khetha boithabiso le batho bao re tloaelanang le bona. (Liproverbia 13:20; Bafilipi 4:8) Haeba re hlaolela boikutlo bo kang ba Kreste, ha re na ho mamela feela hobane re tlamehile. Re tla etsa se nepahetseng hobane re rata ho se etsa. Ha re na ho qoba ho etsa se fosahetseng hobane feela re tšaba hore re ka ’na ra tšoaroa, empa re tla se qoba hobane re hloile boitšoaro bo fosahetseng.
“Ha aa ka a Etsa Sebe”
11, 12. (a) Jesu o ile a etsahalloa ke eng qalong ea tšebeletso ea hae? (b) Satane o ile a qala ho leka Jesu joang, a sebelisa maqiti afe?
11 Qalong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a lekoa tabeng ea hore na o hloile sebe hakae. Ha a qeta ho kolobetsoa, o ile a qeta matsatsi a 40 le masiu a teng a le lefeelleng a se na lijo. Qetellong ea matsatsi ao, Satane o ile a tla ho tla mo leka. Hlokomela kamoo Diabolose a bileng maqiti kateng.—Matheu 4:1-11.
12 Qalong Satane o ile a re: “Haeba u mora oa Molimo, bolella majoe ana hore a fetohe mahobe.” (Matheu 4:3) Jesu o ne a ikutloa joang ka mor’a ho itima lijo nako e telele joalo? Bibele e re ka ho hlaka: ‘O ne a ikutloa a lapile.’ (Matheu 4:2) Kahoo Satane o ile a nka monyetla ka takatso ea tlhaho ea ho ja, ha ho pelaelo hore o ile a letela nako eo Jesu a fokotseng ’meleng ka eona. Hape ela hloko mantsoe a Satane a phoqang: “Haeba u mora oa Molimo.” Satane o ne a tseba hore Jesu ke “letsibolo la pōpo eohle.” (Bakolose 1:15) Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a lumella Satane hore a mo hlohlelletse hore a se ke a mamela. Jesu o ne a tseba hore hase thato ea Molimo hore a sebelise matla a hae ho itsoela molemo. O ile a hana ho etsa seo, a bontša hore ka boikokobetso o tšepile Jehova hore a mo fe lijo le hore a mo tataise.—Matheu 4:4.
13-15. (a) Satane o ile a leka Jesu ka eng lekhetlong la bobeli le la boraro, hona Jesu o ile a arabela ka ho re’ng? (b) Re tseba joang hore ha ho mohla Jesu a kileng a khaotsa ho ba seli mabapi le Satane?
13 Satane o ile a leka Jesu la bobeli ka ho mo isa sebakeng se phahameng toreng ea tempele. Ka masene, Satane o ile a sotha Lentsoe la Molimo, a leka Jesu ka hore a etse ketso ea mponeng ka hore a itihele fatše a le tsullung joalo e le hore mangeloi a tle a mo pholose. Ha matšoele a neng a le tempeleng moo a ne a ka bona mohlolo oo, na ho ka be ho bile le motho ea itetang sefuba ho belaella taba ea hore Jesu ke Mesia ea tšepisitsoeng? Hona haeba matšoele a ne a ka amohela Jesu e le Mesia hobane a bone ha a etsa ketso e hlollang joalo, na seo se ne se sa tl’o fokoletsa Jesu mathata le matšoenyeho? Mohlomong. Empa Jesu o ne a tseba hore thato ea Jehova ke hore Mesia a phethe mosebetsi oa hae ka tsela e bontšang boikokobetso, eseng hore a susumelletse batho hore ba lumele ho eena hobane a entse lipontšo tsa mohlolo. (Esaia 42:1, 2) Le lekhetlong lena, Jesu o ile a khetha ho mamela Jehova. Ha aa ka a tšoasoa ke leraba la botumo.
14 Empa ho thoe’ng ka leraba la matla? Ha Satane a leka Jesu ka lekhetlo la boraro, o ile a mo tšepisa ho mo fa mebuso eohle ea lefatše haeba Jesu a ka mo etsetsa ketso e le ’ngoe feela ea borapeli. Na Jesu o ile a nahanisisa ka seo Satane a reng a ka fana ka sona? O ile a re: “Tloha, Satane!” A phaella ka ho re: “Etsoe ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela, ’me ke eena feela eo u tla mo etsetsa tšebeletso e halalelang.’” (Matheu 4:10) Ho ne ho se letho le tla ke le hohele Jesu hore a rapele molimo e mong. Ho mo tšepisa ho mo fa matla kapa ho etsa hore a be le tšusumetso lefatšeng lena ho ne ho sa tl’o mo susumelletsa hore a etse ketso leha e le efe ea ho se mamele.
15 Na Satane o ile a tela? O ile a tloha ha Jesu a mo laela hore a tlohe. Empa Kosepele ea Luka e re Diabolose o ile a “mo tlohela ho fihlela nakong e ’ngoe e loketseng.” (Luka 4:13) Ha e le hantle, Satane o ne a tla fumana menyetla e meng ea ho leka Jesu, ’me o ne a tla mo leka ho isa qetellong. Bibele e re Jesu ke ea “lekiloeng ka litsela tsohle.” (Baheberu 4:15) Kahoo ha ho mohla Jesu a ileng a khaotsa ho ba seli; ’me le rōna ha rea lokela ho khaotsa ho ba seli.
16. Satane o leka bahlanka ba Molimo joang kajeno, hona u ka qhela boiteko ba hae joang?
16 Satane o ntse a tsoela pele ho leka bahlanka ba Molimo kajeno. Ka masoabi, ho se phethahale ha rōna ho atisa ho re etsa liphofu tse fumanehang habonolo. Ka mano Satane o ipiletsa litšobotsing tseo re sekametseng ho tsona, e leng boithati, boikhohomoso le takatso e matla ea ho batla ho laola ba bang. Satane a ka ’na a ipiletsa linthong tsena kaofela ka nako e le ’ngoe a sebelisa leraba la lintho tse bonahalang! Ke habohlokoa hore nako le nako re ke re iphe nako ea ho itlhahloba ka botšepehi. Re lokela ho thuisa ka mantsoe a hlahang ho 1 Johanne 2:15-17. Ha re ntse re thuisa ka ’ona, re ka ’na ra ipotsa hore na ebe takatso ea nama ea tsamaiso ee ea lintho, ho labalabela lintho tse bonahalang le takatso ea ho khahlisa ba bang li fokolisitse lerato la rōna ho Ntate oa rōna oa leholimo ho isa bohōleng bo itseng na. Re lokela ho hopola hore lefatše lena lea feta, hammoho le ’musi oa lona, e leng Satane. A re haneng maqiti a hae a ho re hohela hore re etse sebe! E se eka re ka susumetsoa ke Monghali oa rōna, kaha “ha aa ka a etsa sebe.”—1 Petrose 2:22.
“Kamehla ke Etsa Lintho Tse mo Khahlisang”
17. Jesu o ne a ikutloa joang ka ho mamela Ntate oa hae, empa ba bang ba ka ’na ba pheha khang ka ho re’ng?
17 Ho mamela ha ho bolele feela ho qoba sebe; ka mafolofolo Kreste o ile a etsa sohle seo Ntate oa hae a se laetseng. O ile a re: “Kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” (Johanne 8:29) Ho mamela ha Jesu ka tsela ena ho ne ho mo tlisetsa thabo e khaphatsehang. Ke ’nete hore ba bang ba ka ’na ba pheha khang ka hore ho ne ho le bonolo hore Jesu a mamele. E ka ’na eaba ba nahana hore o ne a lokela ho mamela Jehova feela, ea phethahetseng, athe rōna hangata re lokela ho mamela batho ba sa phethahalang ba fuoeng boikarabelo. Empa ’nete ke hore Jesu o ne a mamela batho ba sa phethahalang ba fuoeng boikarabelo.
18. Jesu o ile a beha mohlala oa ho mamela joang ha a ntse a hōla?
18 Ha Jesu a ntse a hōla, o ne a ikarabella ho batsoali ba hae ba sa phethahalang, e leng Josefa le Maria. Ho ka etsahala hore ebe o ne a bona liphoso tsa batsoali ba hae ho feta bana ba bang ba bangata. Na e ile ea e-ba lerabele, a fetela ka nģ’ane ho karolo eo Molimo a mo fileng eona eaba o ba bolella hore na ba tsamaise lelapa joang? Hlokomela seo Luka 2:51 e se buang ka Jesu ha a ne a le lilemo li 12: “A tsoela pele ho ipeha tlas’a bona.” Ka ho mamela ka tsela ena, o ile a behela bacha ba Bakreste ba lekang ho mamela batsoali ba bona le ho ba fa tlhompho e loketseng mohlala o motle.—Baefese 6:1, 2.
19, 20. (a) Jesu o ile a tobana le liphephetso life tse ikhethang tabeng ea ho mamela batho ba sa phethahalang? (b) Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete kajeno ba lokela ho mamela ba etellang pele har’a bona?
19 Ha ho tluoa tabeng ea ho mamela batho ba sa phethahalang, Jesu o ile a tobana le phephetso eo ho seng mohla Bakreste ba ’nete kajeno ba tla ke ba tobane le eona. Nahana ka nako e ikhethang eo a phetseng ka eona. Ho ne ho fetile nako e telele Jehova a amohela bolumeli ba Sejuda, bo neng bo e-na le tempele Jerusalema le baprista empa joale bo le mothating oa ho lahloa le ho nkeloa sebaka ke phutheho ea Bokreste. (Matheu 23:33-38) Ka nako e tšoanang, baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba ne ba ruta lithuto tsa bohata tse thehiloeng filosofing ea Bagerike. Bobolu bo ne bo iphile matla tempeleng hoo Jesu a ileng a re ke “lehaha la masholu.” (Mareka 11:17) Na Jesu o ile a qoba ho ea tempeleng le synagogeng? Che! Jehova o ne a ntse a li sebelisa. Ho fihlela Jehova a nka khato ’me a fetola lintho, Jesu o ile a ’na a bontša ho mamela ka ho ea meketeng e neng e tšoareloa moo tempeleng le ho ea synagogeng.—Luka 4:16; Johanne 5:1.
20 Haeba Jesu o ile a mamela tlas’a maemo ao, ruri Bakreste ba ’nete ba lokela ho mamela le ho feta kajeno! Ha e le hantle, re phela nakong e fapaneng hōle le eo, ena ke nako ea tsosoloso ea borapeli bo hloekileng e boletsoeng esale khale. Molimo o re tiisetsa hore a ke ke a lumella Satane ho silafatsa batho ba hae ba tsosolositsoeng. (Esaia 2:1, 2; 54:17) Ke ’nete hore phutheho ea Bokreste e entsoe ka baetsalibe le batho ba sa phethahalang. Empa na re lokela ho sebelisa mefokolo ea ba bang e le lebaka la ho se mamele Jehova, mohlomong ka ho se ee libokeng tsa Bokreste kapa ka ho nyatsa-nyatsa baholo? Che! Ho e-na le hoo, ka pelo eohle re tšehetsa ba etellang phutheho pele. Re bontša ho mamela ka ho ba teng libokeng le likopanong tsa Bokreste le ka ho sebelisa keletso ea Mangolo eo re e fuoang moo.—Baheberu 10:24, 25; 13:17.
21. Jesu o ile a itšoara joang ha batho ba ne ba mo susumelletsa hore a se ke a mamela Molimo, kahoo a re behela mohlala ofe?
21 Ha ho mohla Jesu a kileng a lumella batho, esita le metsoalle ea hae e nahanang hore ea mo thusa, hore e mo sitise ho mamela Jehova. Ka mohlala, moapostola Petrose o ile a leka ho tiisetsa Monghali oa hae hore ho ne ho sa hlokahale hore a utloe bohloko ’me a shoe. Jesu o ile a hana ka tieo keletso e khelohileng ea Petrose le hoja a ne a nahana hore oa mo thusa ha a re Jesu a ikhauhele. (Matheu 16:21-23) Kajeno, balateli ba Jesu ba atisa ho eletsoa ke beng ka bona ba ka ’nang ba leka ho ba susumelletsa hore ba se ke ba mamela litaelo tsa Molimo le melao-motheo ea hae e le ha ba nahana hore baa ba thusa. Joaloka balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo, re ikemiselitse hore “re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.
Meputso ea ho ba le Boikutlo bo Kang ba Kreste Tabeng ea ho Mamela
22. Jesu o ile a fana ka karabo potsong efe, hona joang?
22 Ho mamela ha Jesu ho ile ha lekoa ka ho feletseng ha a ne a tobana le lefu. Letsatsing leo le mahlonoko, “o ile a ithuta ho mamela” ka kutloisiso e feletseng. O ile a etsa thato ea Ntate oa hae, eseng ea hae. (Luka 22:42) Ka ho etsa joalo, o ile a iketsetsa tlaleho e phethahetseng ea botšepehi. (1 Timothea 3:16) O ile a fana ka karabo potsong eo e leng khale e botsitsoe, ea hore: Na motho ea phethahetseng a ka mamela Jehova esita le ha a le tlas’a teko? Adama hammoho le Eva ba ile ba hlōleha. Kahoo Jesu o ile a tla, a phela, a shoa, ’me a fana ka karabo e tobileng potsong eo. E le sebōpuoa sa Jehova se ka sehloohong, o ile a fana ka karabo e kholisang ka ho fetisisa potsong eo. O ile a mamela le ha seo se ne se bolela ho utloa bohloko bo tebileng.
23-25. (a) Ho mamela ho amana le botšepehi joang? Bontša. (b) Ho tla tšohloa eng khaolong e latelang?
23 Motho o bonahatsa ka ho mamela hore oa tšepahala ho Jehova kapa hore o inehetse ho eena ka pelo eohle. Kaha Jesu o ne a mamela, o ile a lula a tšepahala ’me a tsoela moloko oohle oa batho molemo. (Baroma 5:19) Jehova o ile a putsa Jesu ka ho enneng. Haeba re mamela Kreste e le Monghali oa rōna, le rōna Jehova o tla re putsa. Ho mamela Kreste ho lebisa ‘polokong e sa feleng’!—Baheberu 5:9.
24 Ho feta moo, ho tšepahala ka bohona ke tlhohonolofatso. Liproverbia 10:9 e re: “Ea tsamaeang ka botšepehi o tla tsamaea a sireletsehile.” Haeba botšepehi bo ka tšoantšoa le ntlo e khōlō e hahiloeng ka litene, ketso e ’ngoe le e ’ngoe ea ho mamela e ka tšoantšoa le setene. Setene se le seng se ka ’na sa bonahala e se sa bohlokoa hakaalo, empa se seng le se seng se phetha karolo e itseng, se na le molemo o itseng. ’Me ha litene li se li haheletsoe li le ngata, li hlahisa mohaho oa boleng bo holimo. Ha ho thathamisoa lintho tseo re li etsang tse bontšang hore re ea mamela, ke hore tseo re li etsang letsatsi le letsatsi le selemo ho pota, seo se re hahela ntlo e ntle ea botšepehi.
25 Ho ba le tlaleho ea nako e telele ea ho ba ea mamelang ho re hopotsa tšobotsi e ’ngoe—e leng ea ho mamella. Khaolo e latelang e tlil’o tšohla mohlala oa Jesu tšobotsing ena.
U ka Latela Jesu Joang?
● Litaelo tse ling tseo Kreste a faneng ka tsona ke life, ’me re ka etsa’ng ho li mamela, hona ho li mamela ho tla tlisa litlhohonolofatso life?—Johanne 15:8-19.
● Qalong, beng ka Jesu ba ne ba ikutloa joang ka tšebeletso ea hae, hona re ka ithuta eng tseleng eo Jesu a ileng a ba tšoara ka eona?—Mareka 3:21, 31-35.
● Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšoenyeha ka hore ho mamela Jehova ho ka ’na ha re amoha thabo bophelong?—Luka 11:27, 28.
● Re ka ithuta eng tabeng ea hore ebe Jesu o ile a ikemisetsa ho mamela molao o neng o hlile o sa mo tlame?—Matheu 17:24-27.
[Setšoantšo se leqepheng la 58]
Na boithabiso boo u bo khethang bo bontša hore u hloile se sebe?
[Setšoantšo se leqepheng la 63]
Re bontša ho mamela ka ho sebelisa seo re ithutang sona libokeng tsa Bokreste