LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI
Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba e-na le mabaka afe a ho lula “ba lebeletse” Mesia?
Mehleng ea Johanne Mokolobetsi, ‘batho ba ne ba lebeletse ’me kaofela ba nahana ka lipelong tsa bona mabapi le Johanne, “Na ekaba ke eena Kreste?”’ (Luka 3:15) Ke hobane’ng ha Bajuda ba ne ba ka lebella hore Mesia a hlahelle ka nako eo? Ho na le mabaka a mangata.
Ka mor’a hore Jesu a hlahe, lengeloi la Jehova le ile la itlhahisa ho balisa ba neng ba lebetse mehlape naheng, pel’a Bethlehema. Le ile la phatlalatsa la re: “Kajeno le tsoaletsoe Mopholosi, e leng Kreste Morena, motseng oa Davida.” (Luka 2:8-11) Ka mor’a moo, “letšoele la lekhotla la leholimo la e-ba hammoho le lengeloi leo, le rorisa Molimo ’me le re:a ‘Khanya e be ho Molimo bophahamong bo holimo, ’me khotso e be har’a batho bao a khahloang ke bona lefatšeng.’”—Luka 2:13, 14.
Ruri phatlalatso eo e ile ea ama ka ho teba balisa bao ba ikokobelitseng. Ba ile ba tloha hang-hang ba leba Bethlehema ’me ha ba fihla ho Josefa, Maria le lesea Jesu, “ba tsebahatsa polelo eo ba neng ba e boleletsoe malebana le ngoana enoa e monyenyane.” Ka lebaka leo, “bohle ba ileng ba utloa ba hlolloa ke lintho tseo ba li bolelloang ke balisa bao.” (Luka 2:17, 18) Polelo e reng “bohle ba ileng ba utloa” e fana ka maikutlo a hore balisa ba ile ba bua le batho ba bang ntle le Josefa le Maria. Joale ha balisa ba khutlela hae, “ba tlotlisa Molimo le ho mo rorisa bakeng sa lintho tsohle tseo ba ileng ba li utloa le ho li bona, feela joalokaha ba ne ba li boleletsoe.” (Luka 2:20) Ka sebele balisa bao ba ile ba bolella batho ba bang lintho tse molemo tseo ba neng ba li utloile ka Kreste!
Ha Maria a tlisa mor’a hae oa letsibolo Jerusalema ho tla mo hlahisa ka pel’a Jehova, joalokaha Molao oa Moshe o ne o laela, moprofeta oa mosali ea bitsoang Anna o ile “a qala ho khutlisetsa liteboho ho Molimo le ho bua ka ngoana eo ho bohle ba letetseng topollo ea Jerusalema.” (Luka 2:36-38; Ex. 13:12) Kahoo, litaba tse mabapi le ho hlahella ha Mesia li ile tsa tsoela pele ho phatlalatsoa.
Hamorao, “linohe tsa linaleli tse tsoang likarolong tse ka bochabela tsa tla Jerusalema, li re: ‘O kae ea tsoetsoeng e le morena oa Bajuda? Etsoe re ile ra bona naleli ea hae ha re ne re le ka bochabela, ’me re tlil’o mo inamela.” (Mat. 2:1, 2) “Ha Morena Heroda a utloa [sena], a ferekana, hammoho le Jerusalema eohle; ’me ha a bokella baprista bohle ba ka sehloohong le bangoli ba sechaba a qala ho ba botsisisa hore na Kreste o ne a lokela ho tsoalloa hokae.” (Mat. 2:3, 4) Kahoo, batho ba bangata ba ile ba tsebisoa hore: Mesia ea neng a lebeletsoe o se a fihlile!b
Luka 3:15 e qotsitsoeng pejana, e bontša hore Bajuda ba bang ba ne ba nahana hore e ka ’na eaba Johanne Mokolobetsi ke eena Kreste. Empa Johanne o ile a hlakisa taba eo, ka ho re: “Ea tlang ka mor’a ka o matla ho mpheta, eo ke sa tšoaneleheng ho mo rōlisa meqathatso. Eo o tla le kolobetsa ka moea o halalelang le ka mollo.” (Mat. 3:11) Karabo ea Johanne e bontšang boikokobetso e ne e ke ke ea sitisa batho hore ba lule ba letetse Mesia ka tjantjello.
Na ho ka etsahala hore ebe Bajuda ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba bala nako eo Mesia a neng a tla fihla ka eona ba ipapisitse le boprofeta ba libeke tse 70, bo tlalehiloeng ho Daniele 9:24-27? Le hoja ho ka ’na ha etsahala hore ebe ba ne ba bo tseba, re ke ke ra tiisa hore ba ile ba etsa joalo. ’Nete ke hore mehleng ea Jesu ho ne ho e-na le litlhaloso tse ngata tse hanyetsanang mabapi le libeke tse 70, ’me ha ho le e ’ngoe ea tsona e batlang e tšoana le kutloisiso ea rōna ea kajeno.c
Baessene, bao batho ba bangata ba neng ba nahana hore ke baitlami ba Bajuda, ba ne ba ruta hore ho elella qetellong ea lilemo tse 490, ho tla hlahella Bo-mesia ba babeli, empa ha re na bonnete ba hore ba ne ba thehile seo boprofeteng ba Daniele. Esita le haeba ba ne ba se thehile boprofeteng boo, ho thata ho lumela hore Bajuda ka kakaretso ba ile ba susumetsoa ke tsela eo sehlotšoana seo se neng se itšehlile thajana, se neng se bala nako ka eona.
Lekholong la bobeli la lilemo C.E., Bajuda ba bang ba ne ba lumela hore libeke tse 70 li qalile ka 607 B.C.E. ha tempele e ne e ripitloa ka lekhetlo la pele ho ea ho 70 C.E., ha e ne e ripitloa ka lekhetlo la bobeli, ha ba bang bona ba ne ba amahanya ho phethahala ha boprofeta boo le mehla ea Bamaccabee, ba lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. Kahoo, ba ne ba sa lumellane ka hore na libeke tse 70 li ne li lokela ho baloa joang.
Haeba nako ea libeke tse 70 e ne e utloisisoa ka nepo lekholong la pele la lilemo C.E., motho o ne a ka nahana hore baapostola le Bakreste ba bang ba lekholong la pele la lilemo ba ka be ba buile ka nako eo e le bopaki ba hore Mesia ea neng a tšepisitsoe o fihlile hantle ka nako e le Jesu Kreste. Empa ha ho bopaki bo bontšang hore Bakreste bao ba pele ba ile ba bua ka eona.
Ho na le lebaka le leng hape leo re lokelang ho le ela hloko. Bangoli ba Kosepele ba bontšitse ka makhetlo hore Jesu Kreste o phethahalitse likarolo tse ling tsa boprofeta bo Mangolong a Seheberu. (Mat. 1:22, 23; 2:13-15; 4:13-16) Leha ho le joalo, ha ho le ea mong oa bona ea amahanyang ho hlahella ha Jesu lefatšeng le boprofeta ba libeke tse 70.
Ka bokhutšoanyane: Re ke ke ra tiisa hore batho ba mehleng ea Jesu ba ne ba utloisisa ka nepo boprofeta ba libeke tse 70. Leha ho le joalo, Likosepele li fana ka mabaka a mang a utloahalang a hore na ke hobane’ng ha batho ba ne ba “lebeletse” Mesia.
a Bibele ha e bolele hore mangeloi a ile a “bina” ha Jesu a hlaha.
b Re ka ’na ra ipotsa, Ho tlile joang hore linohe tsa linaleli li amahanye ho hlaha ha “naleli” e ka Bochabela le ho hlaha ha “morena oa Bajuda”? Na ebe mohlomong li ile tsa utloa ka ho hlaha ha Jesu ha li ntse li haola le Iseraele?
c Hore u fumane kutloisiso ea rōna ea kajeno mabapi le boprofeta ba libeke tse 70, sheba buka ea Ela Hloko Boprofeta ba Daniele! khaolo ea 11.