Hoo e Leng ’Nete ke Hofe ka Bethlehema le Keresemese?
“HA RE nahana ka Sephiri sa Bethlehema re ke ke ra thibela lipotso le lipelaelo ho hlaha likelellong tsa rōna.”—Bethlehem, ea Maria Teresa Petrozzi.
U ka ’na ua botsa: ‘Ke hobane’ng ha ho e-na le lipotso le lipelaelo?’ Etsoe, litumelo tse fapaneng tse mabapi le Keresemese, le libaka tse amanang le litumelo tsena, li theiloe ’neteng. Kapa na ho hlile ho joalo?
O Hlahile Neng?
Mabapi le nako ea tsoalo ea Jesu, Maria Teresa Petrozzi oa botsa: “Ha e le hantle, Molopolli o tsoetsoe neng? Ha re rate ho tseba selemo feela empa hape re rata ho tseba le khoeli, letsatsi, hora. Ha re na mokhoa oa ho tseba lipalo ka ho nepahetseng.” New Catholic Encyclopedia e tšehetsa sena: “Nako ea tsoalo ea Jesu Kreste e ka baloa ka ho lekanyetsoa feela.” Mabapi le nako e nkoang e le ea tsoalo ea Kreste e re: “Nako ea la 25 December ha e nyalane le tsoalo ea Kreste empa e nyalana le mokete oa Natalis Solis Invicti, mokete oa Roma oa letsatsi ha le kene tlung.”
Kahoo u ka ’na ua botsa, ‘Haeba Jesu ha aa tsoaloa ka la 25 December, o tsoetsoe neng?’ Likhaolong tsa 26 le 27 tsa Mattheu 26, 27, re utloisisa hore Jesu o shoele nakong ea Paseka ea Sejode, e ileng ea qala hoo e ka bang ka la 1 April, 33 C.E. Ho feta moo, Luka 3:21-23 e re bolella hore Jesu o ne a ka ba lilemo li 30 ha a ne a qala tšebeletso ea hae. Kaha tšebeletso ea hae ea lefatšeng e ile ea nka lilemo tse tharo le halofo, o ne a ka ba lilemo li 33 1/2 nakong ea lefu la hae. Kreste o ne a tla be a phetse lilemo tse 34 tse felletseng le likhoeli tse tšeletseng hamorao, e leng hoo e neng e ka ba ka la 1 October. Haeba re bala ho ea morao ho bona hore na Jesu o tsoetsoe neng, ha re fihle ho la 25 December kapa la 6 January, empa re fihla ho hoo e ka bang la 1 October selemong sa 2 B.C.E.
Hape hoa hlokomeleha hore khoeling ea December, Bethlehema le libaka tse e pota-potileng li apareloa ke boemo ba leholimo bo batang ba mariha, lipula tse batang, le lehloa ka linako tse ling. Motho ha a fumane balisa le mehlape ea bona ka ntle bosiu nakong eo. Boemo bona bo sa tloaelehang ba leholimo hase bo qalileng moraonyana tjena. Mangolo a tlaleha hore morena oa Juda Jojakime “o na a lutse tlung ea mariha, e le ka khoeli ea boroba mono o le mong [Kisleve, e nyalanang le November-December]; mashala a hlenneng a na a le teng ifo pel’a hae.” (Jeremia 36:22) O ne a hloka mofuthu hore a lule a futhumetse. Ho feta moo, ho Esdrase 10:9, 13 re fumana bopaki bo hlakileng ba hore khoeli ea Kisleve e ne e le ‘nako ea lipula tse kholo; ha ho kamoo motho a ka emang ka ntle.’ Sena sohle se bontša hore maemo a leholimo Bethlehema ka December ha a tšoanele tlhaloso ea Bibele ea liketsahalo tse amanang le tsoalo ea Jesu Kreste.—Luka 2:8-11.
Sebakeng Sefe?
Pono e nepahetseng ke efe ka sebaka seo e neng e le karolo ea sesosa sa ntoa ea Crimea (1853-56), e leng ‘ntoa e ileng ea baka tšollo e khōlō ea mali’ e ileng ea bolaea masole a Fora a fetang likete tse lekholo? Na ka sebele sebaka seo ke sebaka sa tsoalo ea Jesu?
Ho tloha sethathong, Bibele ka boeona ha e bolele sebaka se tobileng sa tsoalo ea Jesu. Mattheu le Luka ba tiisa hore tsoalo ea Jesu e ile ea phethahatsa boprofeta ba Messia bo ho Mikea 5:2, bo neng bo ile ba bolela esale pele hore “eo e tla ba morena oa Iseraele, e leng eena ea leng teng e sa le tšimolohong,” o ne a tla tsoa Bethlehema. (Mattheu 2:1, 5; Luka 2:4) Likosepele tsena ka bobeli li bolela feela lintho tsa bohlokoa tse hlokahalang, e leng hore Jesu o hlahetse Bethlehema le, ho ea ka Luka, hore lesea le ne le phuthetsoe ka masela ’me le robalitsoe ka sejelong.—Luka 2:7.
Ke hobane’ng ha bangoli ba Likosepele ba sa ka ba phaella ka linnete tse eketsehileng? Maria Teresa Petrozzi o re: “Baevangeli ba hlokomoloha linnete tsena, ka ho hlakileng lebaka ke hore ba li nka e le tse sa boleleng letho.” Ha e le hantle, ho hlakile hore Jesu ka boeena ha a ka a nka linnete tsa tsoalo ea hae e le tse nang le seo li se bolelang ka ho khethehileng, hobane ha ho mohla a kileng a qotsoa a bolela nako ea tsoalo ea hae kapa sebaka se tobileng sa tsoalo ea hae. Esita le hoja a hlahetse Bethlehema, Jesu ha aa ka a nka sebaka seo e le lehae la hae, empa sebaka sa Galilea se ne se bitsoa ‘naha ea habo.’—Mareka 6:1, 3, 4; Mattheu 2:4, 5; 13:54.
Tlaleho e ho Johanne 7:40-42 e bontša hore batho ka kakaretso ba ne ba sa tsebe sebaka seo a tsoaletsoeng ho sona, ba nahana hore o hlahetse Galilea: “Ba bang ba re: Na Kreste a ka tsoa Galilea na?” E itšetlehile ka se tlalehiloeng ho Johanne 7:41, The Church of the Nativity, Bethlehem e etsa qeto ena: “Taba ea hore lipuisano tse joalo li ile tsa hlaha ka boeona ha e shanofatse ’nete ea hore Kreste o hlahetse Bethlehema; empa bonyane e bontša hore bo-mphato ba Hae ba bangata ba ne ba sa e tsebe.”
Ho hlakile hore nakong ea bophelo ba Jesu ba lefatšeng, ha aa ka a phatlalatsa linnete tsa tsoalo ea hae. Ha hoa ka ha hatisoa sebaka seo a tsoaletsoeng ho sona. Joale, motheo oa tumelo ea hore Lehaha la Tsoalo ea Jesu ke sebaka seo Josefa a ileng a tlisa Maria ho sona ho tla beleha ke ofe?
Ka ho hloka leeme Petrozzi oa lumela: “Ha ho khonehe ho tseba ka ho tiileng hore na lehaha leo e ne e le le leng la mahaha a mangata a tlhaho a teng haufi le Bethlehema, kapa e ne e le lehaha le leholo le neng le sebelisoa joaloka setala tlung ea baeti. Leha ho le joalo, neano e tlohang morao koana halofong ea pele ea lekholo la bo2 la lilemo, e hlakile; ke lehaha leo e neng e le setala.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Neano Feela
Maria Teresa Petrozzi le R. W. Hamilton, hammoho le liithuti tse ling tse fapaneng tsa histori ea Bethlehema, ba bontša hore Justin Martyr, oa lekholong la bobeli la lilemo C.E., e bile eena oa pele oa ho bolela hore Jesu o hlahetse ka lehaheng, le hoja a sa ka a bolela ka ho toba hore na ke lefe. Mabapi le polelo ea Justin Martyr, Hamilton o etsa qeto ena: “Ena ke taba eo ho builoeng ka eona hanyenyane feela, ’me ho lekanya hore Mohalaleli Justin o ne a hopotse lehaha le itseng ka ho khetheha le hore o ne a bua ka Lehaha la Tsoalo ea Jesu le ntseng le le teng, e ne e tla ba ho qobella bopaki ba lentsoe le le leng haholo.”
Mongolong o botlaaseng ba leqephe Hamilton oa ngola: “Tlaleho ea Tsoalo ea Jesu e hlahang ‘Bukeng ea Jakobo’ kapa ‘Protevangelium’ e sa amoheloeng e le karolo ea Bibele, e ngotsoeng hoo e ka bang ka nako e tšoanang, le eona e bua ka lehaha, empa e le hlalosa e le le mahareng a tsela e lebang Bethlehema. Ho ea bohōleng boo e nang le molemo historing pale ena e bontša hore neano eo e ne e e-s’o amahanngoe le sebaka leha e le sefe se le seng, ’me ka sebele e ne e e-s’o amahanngoe le Lehaha la Tsoalo ea Jesu.”
Bangoli ba bolumeli ba lekholong la boraro la lilemo Origen le Eusebius ba amahanya neano e neng e tsejoa nakong eo le sebaka se itseng. Hamilton o beha mabaka ka ho re: “Hang ha pale e se e ile ea amahanngoa le lehaha le itseng e ne e ke ke ea fosahala; ’me hoa utloahala ho fihlela qeto ea hore lehaha le ileng la bontšoa baeti kapele ka morao ho A.D. 200 ke lona Lehaha la Tsoalo ea Jesu le ntseng le le teng hona joale.”
Bukeng ea hae Walks About the City and Environs of Jerusalem (1842), W. H. Bartlett, o ile a etsa khakanyo ena mabapi le lehaha lena: “Le hoja neano ea hore sena ke sebaka seo ’Moloki oa rōna a tsoaletsoeng ho sona e le ea khale haholo e bileng e hlomphehang, e boleloang ke Mohalaleli Jerome, ea ileng a phela a ba a shoela ntlong e nyenyane ea bolumeli e haufinyane le moo, sebaka sena ha se lumellane le bopaki, hobane le hoja ka nako tse ling ho ne ho ka ’na ha etsahala hore mahaha ao a sebelisoe e le litala Palestina, lehaha lena le tebile haholo hoo le neng le ke ke la lokela morero o joalo; ho phaella moo, ha re nahana ka tloaelo ea baitlami ea ho tšoaea ka ho hlaka sebaka sa liketsahalo tse makatsang tsa Mangolo ka mahaheng, mohlomong ho latela kamoo libaka tse joalo li tsotehang ka teng, bopaki bo khahlanong le sebaka sena bo bonahala e le bo khaolang khang.”
Re ka fihlela qeto efe ho tsoa bopaking bo fumanehang ba histori ’me, habohlokoa le ho feta, ho tsoa ’neteng ea Mangolo ea hore Jesu le baapostola ba hae ha baa ka ba nka sebaka seo a tsoaletsoeng ho sona e le sa bohlokoa ba letho? Ho hlakile hore ha Mofumahali Helena, ’mè oa Constantine e Moholo, a ne a tšoaea sebaka sa Kereke ea Tsoalo ea Jesu ka ho hlaka selemong sa 326 C.E., o ile a etsa joalo motheong oa seo Hamilton a se boletseng e le ‘se amahanngoang le neano ea khale.’ E ne e se motheong oa histori kapa oa bopaki ba Bibele.
Sena se lebisa qetong e ’ngoe ea hore sebaka sa sebele sa tsoalo ea Kreste ha se tsejoe. Ka baka leo, na hoa utloahala hore balumeli ba tšepahalang ba etele libaka tse halalelang joaloka Lehaha la Tsoalo ea Jesu le ho li hlompha ka tsela ea borapeli? Ka sebele, haeba lintho tse joalo li ne li hlokahala ho Bakreste, na Jesu ka boeena a ka be a sa ka a bolella baapostola ba hae ka tlamo ena kapa esita le takatso ea mofuta o joalo ka lehlakoreng la hae? Na e ka be e sa tlalehoa ka Lentsoeng la Molimo, Bibele, bakeng sa hore lefatše lohle la batho le e bale? Kaha ka ho totobetseng bopaki bo joalo ha bo eo ka Mangolong a Halalelang, ho hotle hore re batlisise seo Jesu a ileng a se nka e le se lokelang ho hopoloa.
Ho sa tsotellehe hore na re ka batlisisa hakae, ketsahalo e le ’ngoe feela eo re tla fumana hore barutuoa ba Jesu ba ne ba lokela ho e hopola ho theosa le lilemo ke lefu la hae la sehlabelo. O ile a shoa nakong ea selemo, nakoana ka mor’a hore a keteke Paseka ea hae ea ho qetela le barutuoa ba hae. Ketsahalong eo o ile a laela barutuoa ba hae ba tšepahalang hore ba je lijo tsa tšoantšetso ka ho sebelisa bohobe bo sa lomosoang, bo kang matzoth, le veine e khubelu. Mabapi le mokete ona o bonolo, o ileng oa tšoaroa ka lekhetlo la pele ka la 1 April, 33 C.E., o ile a laela: “Etsang hona hore le tle le ’ne le nkhopole.”—Luka 22:19, 20.
Ka ho mamela taelo ena ea Mangolo e tsoang ho Jesu ka boeena, selemo le selemo Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li keteka Sehopotso sa lefu la Kreste la sehlabelo. Ha li tšoarele ’moka ona oa Bokreste tulong e itseng e khethehileng ka kamoreng e ka holimo Jerusalema, hobane Jesu ha aa ka a laela seo ka ho khetheha. Empa ho pholletsa le lefatše, li kopana hammoho Liholong tsa tsona tsa ’Muso le libakeng tse ling tse loketseng tsa liboka libakeng tsa habo tsona. Mokete o latelang o tla tšoaroa ka la 30 March, 1991, ka mor’a hore letsatsi le likele. U mengoa hore u be teng Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e haufi le lehae la hao.
Hore u be teng moketeng ona oa bohlokoa ka ho mamela taelo ea Jesu, ha ho hlokahale hore u etele Jerusalema kapa Bethlehema. Ha ho lea mong ho Jesu le ho barutuoa ba hae ea ileng a bontša hore libaka ke tsa bohlokoa ’me e lokela ho ba litsi tsa borapeli ba Bokreste. Ho fapana le hoo, Jesu o ile a bolella mosali oa Mosamaria, ea neng a thehile borapeli ba hae Gerizime, thaba e ’ngoe ea Samaria, e ka leboea ho Jerusalema: “Mosali, ntumele, nako ea tla, eo le sa tl’o ka le rapela Ntate thabeng eo, leha e le Jerusalema. Empa nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo.”—Johanne 4:21, 23.
Ba rapelang Ntate ka moea le ka ’nete ha baa itšetleha ka libaka tse khethehileng, tse kang Bethlehema, kapa lintho tse itseng, tse kang litšoantšo, borapeling ba bona. Moapostola Pauluse o itse: “Ha re ntse re ahile ’meleng, ha re hae ho Molimo. Hobane re tsamaea ka tumelo, e seng ka pono.”—2 Ba-Korinthe 5:6, 7.
Leha ho le joalo, mohlomong u sa ntse u ipotsa, ke joang motho a ka rapelang Molimo ka mokhoa o amohelehang ho oona? Nakong e latelang ha e mong oa Lipaki tsa Jehova a e-tla monyakong oa hao, ka kōpo ’motse seo.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Mariha, sebaka se haufi le Bethlehema se ka ’na sa koaheloa ke lehloa. Na balisa ba ne ba tla robala ka ntle le linku tsa bona?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Litšoantšo tse leqepheng la 7]
Kereke ea Tsoalo ea Jesu e Bethlehema le lehaha le ka tlas’a eona
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictorial Archive (Near Eastern History) Est.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Garo Nalbandian