Na Molimo oa Ikarabella?
BIBELE e re: “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) Hape o na le toka ’me o mosa. “Ke Lefika, mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka. Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.”—Deuteronoma 32:4.
Kaha Jehova Molimo ke ’Mōpi, o na le matla a ho bonela pele lintho tsohle tse ka bakang kotsi, ’me o na le matla a ho li thibela. Ha re nahana ka lintlha tsena le kamoo Bibele e hlalosang litšobotsi tsa Molimo kateng, ke ka nepo ba bangata ba botsang hore na “Ke hobane’ng ha Molimo a lumella hore ho be le likoluoa tsa tlhaho?”a Batho ba limilione ba botsitseng potso eo ka tieo ba ithutile hore Molimo o araba potso eo ka tsela e utloahalang ka ho fetisisa ka Lentsoeng la hae le ngotsoeng. (2 Timothea 3:16) Ka kōpo nahana ka lintlha tse latelang.
Ba Latotse Lerato la Molimo
Bibele e re bolella hore Molimo o ne a file batsoali ba rōna ba pele sohle seo ba neng ba se hloka e le hore ba phele ba thabile ’me ba sireletsehile. Ho feta moo, ha bona le bana ba bona ba mamela taelo ea Molimo e reng “atang le ngatafale le tlale lefatše,” lelapa la motho le ntseng le hōla le ne le ka kholiseha hore Molimo o ne a tla tsoela pele a le hlokometse.—Genese 1:28.
Empa ka bomalimabe Adama le Eva ba ile ba ikhethela ho furalla ’Mōpi oa bona ka hore ka boomo ba se ke ba mo mamela ’me ba ikhethele ho ipusa. (Genese 1:28; 3:1-6) Ba bangata ba bana ba bona ba hatile mohlaleng oa bona. (Genese 6:5, 6, 11, 12) Ka mantsoe a mang, moloko oa batho ka kakaretso o khethile ho ipusa le ho laola lefatše, e leng lehae la bona, ba sa tataisoe ke Molimo nthong leha e le efe. Kaha Jehova ke Molimo ea lerato ea hlomphang molao-motheo oa bolokolohi ba ho ikhethela ha a qobelle batho ho mamela bobusi ba hae, le hoja tsela eo ba phelang ka eona e ka ’na ea lebisa tlokotsing.b
Leha ho le joalo, Jehova ha aa ka a lahla lelapa la motho. Le kajeno o ntse a “chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o [ntse a] nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:45) Ho feta moo, Molimo o file batho matla a hore ba khone ho ithuta ka lefatše le potoloho ea metsi, ’me ho isa bohōleng bo itseng tsebo eo e ba nolofalletsa ho tseba esale pele hore boemo ba leholimo bo tla ba bobe le hore ho ka ’na ha hlaha maemo a joaloka ho foqoha ha seretse se chesang.
Batho ba boetse baa tseba hore na ke likarolo life tsa lefatše tse atisang ho ba le litšisinyeho tsa lefatše kapa maemo a mabe a leholimo. Linaheng tse ling tsebo ena e thusitse ho pholosa batho ka ho ba ruta le ka ho qapa mekhoa e tsoetseng pele ea ho haha le ho fana ka temoso. Leha ho le joalo, lenane la likoluoa tsa tlhaho tse tlalehoang selemo le selemo le ntse le eketseha. Ho na le mabaka a mangata a sena a bile a rarahane.
Ho Phela Libakeng Tse ka ’Nang Tsa Hlaseloa ke Likoluoa Neng Kapa Neng
Hase kamehla taba ea hore na matla a tlhaho a bile makae e amang hore na koluoa e ba mpe hakae. Hangata haeba batho ba lutse ba le bangata sebakeng sa koluoa, koluoa e ba mpe le ho feta. Ho ea ka tlaleho e hatisitsoeng ke Banka ea Lefatše, linaheng tse fetang 160, karolo e fetang 25 lekholong ea baahi e lula libakeng tseo ho tsona ho nang le monyetla o moholo oa hore ba bolaoe ke likoluoa tsa tlhaho. Rasaense e mong ea bitsoang Klaus Jacob oa Univesithi ea Columbia, United States, o re: “Ha batho ba ntseng ba eketseha ba lula libakeng [tse kotsi], seo se etsa hore le ntho eo pele e neng e iketsahalla feela ka tsela ea tlhaho e fetohe koluoa.”
Lintho tse ling tse mpefatsang boemo le ho feta ke ho runya ha metse ea litoropo ka sekhahla, e bileng e sa hlophisoang, ho senngoa ha meru le ho sebelisoa ha konkreite mobung o neng o tla monya metsi a pula a phallang. Ho senngoa ha meru le ho sebelisoa ha konkreite ka ho khetheha ho ka hlahisa boemo bo kotsi ba ho ritsa ha mobu le ho baka likhohola tse matla.
Lintho tseo batho ba li etsang le tsona li ka etsa hore tšisinyeho ea lefatše e be koluoa e khōlō, kaha hase ho sisinyeha ha lefatše ho bolaeang batho ba bangata le hona ho ba lematsa empa ke mehaho e oang. Ke kahoo litsebi tsa litšisinyeho tsa lefatše li reng: “Litšisinyeho tsa lefatše ha li bolaee batho. Empa ba bolaoa ke mehaho.”
Ho hlōleha ha mebuso ea lipolotiki le hona ho ka eketsa lenane la batho ba shoang. Naheng e ’ngoe ea Amerika Boroa, litšisinyeho tsa lefatše li ile tsa ripitla motse-moholo ka makhetlo a mararo lilemong tse 400 tse fetileng. ’Me ho tloha ka 1967 ha ho ne ho e-ba le tšisinyeho ea lefatše ea ho qetela moo, palo ea baahi ba moo e imenne ka makhetlo a mabeli ’me hona joale ba limilione tse hlano. Makasine ea New Scientist, e re: “Empa ha ho melao e laolang tsela eo mehaho e hahoang ka eona e le hore e ka sireletsa baahi kapa melao eo ha e lateloe.”
Tlhaloso ena e qetellang e hlalosa hantle se ileng sa etsahala motseng oa New Orleans, Louisiana, U.S.A., o hahiloeng libakeng tse phuleng tse atisang ho ba le meroallo. Le hoja ho e-na le mepopotlo ea majoe e thibelang likhohola le lipompo tse isang metsi leoatleng, koluoa eo ba bangata ba neng ba e tšohile e ile ea qetella e etsahetse ka 2005 ha Leholiotsoana Katrina le hlasela. Tlaleho ea USA Today, e re, ba ile ba hlokomoloha “litemoso tse fanoeng ka lilemo-lemo” kapa “ba se ke ba li nkela hloohong hakaalo.”
Ka ho tšoanang batho ba ntse ba sa nkele hloohong hakaalo taba ea hore mocheso oa lefatše o ntse o eketseha, e leng seo bo-rasaense ba bangata ba lumelang hore se ka ’na sa mpefatsa likoluoa tse tlisoang ke boemo bo bobe ba leholimo le ho phahama ha metsi a leoatle. Ho hlakile hore maemo a lipolotiki, a kahisano le a moruo—e leng maemo ao Molimo a sa a laoleng—le ’ona a lokela ho eloa hloko. Lintho tsena tse tsamaisoang ke batho li re hopotsa ’nete ea Bibele ha e re motho o sitoa ho ‘tsamaisa mehato ea hae.’ (Jeremia 10:23) Taba e ’ngoe e amehang ke tsela eo batho ba itšoarang ka eona ha ba lemosoa—ebang ba lemosoa ke lintho tsa tlhaho kapa ba lemosoa ke ba boholong.
Ithute ho Lemoha Matšoao a Lemosang
Li sa tloha feela re lokela ho hlokomela hore likoluoa tsa tlhaho li ka etsahala ho sa ba le temoso ea letho. Moeklesia 9:11, e re: “Bohle [re] hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” Empa hangata ho ba le temoso eo lintho tsa tlhaho kapa ba boholong ba fanang ka eona ho bontša hore ho ka ’na ha e-ba le koluoa. Ka hona, ha batho ba tseba matšoao, seo se ka ’na sa ba ekeletsa menyetla ea hore ba phonyohe.
Ha tsunami e hlasela sehlekehlekeng sa Simeulue, Indonesia, ka 2004, ho ile ha shoa batho ba supileng ho baahi ba likete-kete ba moo. Kaha ba ne ba tseba hore ha metsi a leoatle a khutlela morao ka tsela e sa tloaelehang ho ka etsahala hore ho be le tsunami, batho ba bangata ba ile ba baleha ha leoatle le khutlela morao. Ka ho tšoanang, batho ba bang ba ile ba phema lifefo tse matla le ho foqoha ha seretse se chesang ka hore ba ele litemoso hloko. Kaha hangata maemo a tlhaho a fana ka temoso pele ba boholong ba fana ka eona, motho o lokela ho ela hloko litemoso tseo, haholo-holo haeba a phela sebakeng se atisang ho ba le likoluoa.
Empa ka bomalimabe setsebi se seng sa ho foqoha ha seretse se chesang se re “batho ba tloaetse ho hlokomoloha boemo bo kotsi esita le ha lintho li totobetse.” Sena se etsahala haholo-holo moo batho ba tloaetseng ho hlaba mokhosi oa bohata kapa moo koluoa e qetetseng ho etsahala khale. ’Me ka linako tse ling batho ha ba batle ho siea thepa ea bona, esita le ha ba tjametsoe ke koluoa.
Libakeng tse ngata, batho ba kojoana li mahetleng ’me ha ba khone ho balehela sebakeng se sireletsehileng. Empa bofuma ha bo bontše hore ’Mōpi oa rōna o leeme, ho e-na le hoo bo bontša hore batho baa hlōleha. Ka mohlala, mebuso e atisa ho sebelisa chelete e ngata ho lefella libetsa empa e sa etse ho hokaalo ho thusa ba hlokang.
Leha ho le joalo, batho ba bangata ba ka fumana thuso e itseng, ho sa tsotellehe hore na ba boemong bofe. Ba ka e fumana joang? Molimo o re file melao-motheo e molemo ka Lentsoeng la hae le ngotsoeng, e leng Bibele e Halalelang, e ka re sireletsang ha re e sebelisa.
Melao-motheo e Sireletsang Bophelo
◼ Le se ke la leka Molimo. Deuteronoma 6:16, e re: “Le se ke la leka Jehova Molimo oa lōna.” Bakreste ba ’nete ha ba na tumela-khoela ea hore Molimo o tla lula a ba sirelelitse likotsing tse ka ba hlahelang nameng. Kahoo ha ba bona hore boemo bo ka ’na ba e-ba kotsi, ba latela keletso ena e bululetsoeng: “Ea masene ke ea boneng tlokotsi ’me a ipata, empa ba se nang phihlelo ba fetetse pele ’me ba tla fumana kotlo.”—Liproverbia 22:3.
◼ Nka bophelo e le ba bohlokoa ho feta lintho tseo u nang le tsona. “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Ke ’nete hore lintho tse bonahalang li na le molemo o itseng, empa hase tsa bohlokoa ba letho ho ba shoeleng. Kahoo ba ratang bophelo ba bile ba ananela tokelo ea bona ea ho sebeletsa Molimo ha ba ipehe kotsing ho sa hlokahale e le hore ba sireletse thepa ea bona.—Pesaleme ea 115:17.
Ka 2004, Tadashi, ea lulang Japane, o ile a tloha ha hae hang-hang ka mor’a hore ho be le tšisinyeho ea lefatše le pele ba boholong ba ntša taelo. O ne a nka bophelo e le ba bohlokoa ho feta lehae le thepa. Akira, ea lulang sebakeng seo le eena, o ile a ngola a re, “se lekanyetsang hore na motho o hlile o lahlehetsoe hakae hase lintho tse bonahalang tse mo lahlehetseng, empa ke pono eo motho a nang le eona. Ke ile ka nka koluoa eo e le monyetla o motle oa hore ke bebofatse tsela eo ke phelang ka eona.”
◼ Mamela litemoso tse fanoang ke ’muso. “Ipehe tlas’a balaoli ba phahameng.” (Baroma 13:1) Ha ba boholong ba fana ka taelo ea hore batho ba tlohe sebakeng se itseng kapa ba etse ho itseng ho itšireletsa, re lokela ho latela seo ba reng re se etse. Tadashi o ile a mamela taelo ea hore batho ba tlohe sebakeng se kotsi ’me a ea hōle le sona kahoo a qoba ho tsoa likotsi kapa ho bolaoa ke ho reketla ha lefatše.
Ha ba boholong ba sa lemose batho hore ho ka ’na ha e-ba le koluoa, batho ka bomong ba lokela ho iketsetsa qeto ea hore na ba tla latela temoso eo neng le hore na ba tla etsa’ng, ba nahanne ka lintlha tsohle tse amehang. Libakeng tse ling mebuso e ka ’na ea fana ka tataiso e ka thusang batho ho pholoha koluoa. Haeba boitsebiso bo joalo bo teng sebakeng sa heno, na ua bo tseba? Hona na u se u buisane le ba lelapa ka bona? (Bona lebokose le sehloohong sena) Likarolong tse ngata tsa lefatše, liphutheho tsa Lipaki, li tataisoa ke ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova li ralile metheo e lokelang ho lateloa maemong a tšohanyetso haeba ho e-na le tšabo ea hore koluoa e ka ba teng kapa e hlile e etsahala, ’me mehato ena e ipakile e le molemo haholo.
◼ Bontša lerato la Bokreste. Jesu o ile a re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane . . . joalokaha ke le ratile.” (Johanne 13:34) Batho ba bontšang lerato le kang la Kreste la boitelo ba etsa sohle se matleng a bona ho thusana hore ba lokele ho tobana le likoluoa tsa tlhaho kapa ba itšireletse ha li etsahala. Baholo liphuthehong tsa Lipaki Tsa Jehova ba leka ka matla ho iteanya le litho tsohle tsa phutheho ho tiisa hore li sireletsehile kapa hore li fihle sebakeng se sireletsehileng. Baholo ba boetse ba hlahloba maemo ho tiisa hore setho se seng le se seng se na le lintho tse hlokahalang, tse joaloka metsi a hloekileng a nooang, lijo, liaparo le meriana e hlokahalang. Ka nako e tšoanang, malapa a mang a Lipaki a libakeng tse sireletsehileng a bula mahae a ’ona ho amohela Lipaki tse ling tse tlohang libakeng tse sa sireletsehang. Ka sebele lerato le joalo “ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe.”—Bakolose 3:14.
Na likoluoa tsa tlhaho li tla mpefala le ho feta, joalokaha ba bang ba nahana joalo? Mohlomong, empa e tla ba ka nakoana feela. Hobane’ng? Hobane nako e tletseng litlokotsi ea ho ipusa ha moloko oa batho o sa busoe ke Molimo, e haufi le ho fela. Ka mor’a moo, lefatše lohle le baahi bohle ba lona ba tla busoa ka ho feletseng ka lerato ke Jehova, e leng se tla tlisa melemo e babatsehang, joalokaha re tla tloha re bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Litšisinyeho tsa lefatše, maemo a mabe a leholimo, ho foqoha ha seretse se chesang le maemo a mang a joalo hase likoluoa ka botsona. Ke feela ha li ama batho hampe le thepa ea bona moo e bang likoluoa tsa tlhaho.
b Ho fumana lintlha tse eketsehileng tabeng ea hore ebe Molimo o lumeletse mahlomola le bokhopo ka nakoana, ka kōpo bona lihlooho tse letotong le nang le sehlooho se reng “‘Hobane’ng?’—Ho Araba Potso e Thata ka ho Fetisisa,” tokollong ea November 2006 ea makasine ena hammoho le khaolo ea 11 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
NA LE SE LE ITOKISELITSE HO BALEHA?
Ofisi ea Tsamaiso ea Maemo a Tšohanyetso ea New York City e khothalletsa malapa hore a itokisetse ho tloha hae ka hore a pake “mokotla oa maemo a tšohanyetso”—e leng mokotla o thata, o behiloeng haufi, o nkehang habonolo o tšetseng lintho tsa bohlokoa tse hlokahalang maemong a tšohanyetso. Ho ka ’na ha kenngoa lintho tse latelang:c
◼ Likopi tsa mangolo a bohlokoa tse tšetsoeng ka nthong e sa keneleng metsi
◼ Linotlolo tsa koloi le tsa ntlo tse sa sebelisoeng kamehla
◼ Karete ea mokitlane kapa ea banka le chelete
◼ Metsi a ka botlolong le lijo tse sa boleng
◼ Toche, seea-le-moea, cell phone (haeba u e-na le eona), libeteri tse katileng maemo
◼ Meriana e ka nkang bonyane beke, litaelo tse ngotsoeng tsa hore na e nooa joang, mangolo a ngaka a bontšang hore na ho sebelisoa meriana efe le mabitso a lingaka le linomoro tsa tsona tsa fono. (Tiisa hore u ntša meriana eo pele e felloa ke nako ’me u kenya e meng sebakeng sa eona)
◼ Mokotla oa thuso ea pele
◼ Lieta tse thata, tse le lekanang hantle le liaparo tsa pula
◼ Boitsebiso ba hore na le le lelapa le tla fumanana joang le hore na le tla kopana hokae, hammoho le ’mapa oa sebaka seo
◼ Lintho tsa ho hlokomela ngoana
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
c Le hoja lethathamo le ka holimo le nkiloe ho le fanoeng ke ba boholong, ho entsoe liphetoho mona le mane. Hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe e thathamisitsoeng mona eo u ka ’nang ua e hloka kapa ea hlokahala sebakeng seo u lulang ho sona, ’me ho ka ’na ha hlokahala hore u kenyelletse lintho tse ling. Ka mohlala, batho ba hōlileng le ba holofetseng ba na le lintho tse itseng tse khethehileng tseo ba tla li hloka.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 4]
USGS, David A. Johnston, Cascades Volcano Observatory