E Mong le e Mong o Tla Lula Tlas’a Sefate sa Hae sa Feiga
LINAHENG tsa Bochabela bo hare moriti o fumaneha ka thata ha ho chesa lehlabula. Sefate sefe kapa sefe se ka sireletsang motho mahlaseling a letsatsi sea thabeloa, haholo ha se metse pel’a lapeng. Sefate sa feiga se na le makhasi a maholo a sephara le makala a nammeng, ’me se etsa moriti o motle ho feta lifate tsohle tsa Bochabela bo Hare.
Buka ea Plants of the Bible e re: “Batho ba bolela hore moriti [oa sefate sa feiga] o pholile ebile o monate ho feta oa tente.” Lifate tsa feiga tse neng li mela ka thōko masimong a morara Iseraeleng ea boholo-holo, li ne li etsetsa batho ba sebetsang masimong libaka tse ntle tseo ba ka phomolang ho tsona.
Qetellong ea letsatsi le lelelele, le chesang, litho tsa lelapa li ne li ka lula tlas’a sefate sa feiga ’me tsa thaba hammoho. Ho feta moo, se putsa mong’a sona ka chai ea litholoana tse monate. Kahoo, ho tloha mehleng ea Morena Solomone ha motho a ne a lula tlas’a sefate sa hae sa feiga, hoo ho ne ho tšoantšetsa khotso, khora le nala.—1 Marena 4:24, 25.
Lilemo tse fetang 400 pele ho moo, moprofeta Moshe o ile a re Naha e Tšepisitsoeng ke ‘naha ea lifeiga.’ (Deuteronoma 8:8) Lihloela tse 12 li ile tsa bontša hore ke naha ea chai ka ho tla le lifeiga le litholoana tse ling ha li khutlela liahelong tsa Baiseraele. (Numere 13:21-23) Lilemong tse ka holimo ho lekholo tse fetileng, monna e mong ea neng a etetse linaheng tsa Bibele o ile a tlaleha hore sefate sa feiga e ne e le sona se atileng moo. Ke ka lebaka leo hangata Mangolo a buang ka lifeiga le lifate tsa feiga!
Sefate se Behang Habeli ka Selemo
Sefate sa feiga se mela hoo e batlang e le hohle, ’me metso ea sona e namang haholo e se thusa hore se se ke sa omella nakong ea lehlabula ea komello Bochabela bo Hare. Sefate sena ke sa mohlolo ka hore se beha lifeiga tsa pele ka June ’me se behe haholoanyane ho tloha ka August. (Esaia 28:4) Hangata Baiseraele ba ne ba e-ja litholoana tsa pele. Ba ne ba etsa mangangajane ka litholoana tsa morao e le hore ba tle ba li je selemo ho pota. Mangangajane a feiga a ne a khotloa a etsoa lipolokoe, ka linako tse ling ba a kopanya le alemonde. Lipolokoe tsena tsa feiga li ne li thusa haholo, li ōtla ebile li le monate.
Mosali ea bohlale Abigaile o ile a fa Davida lipolokoe tse 200 tsa feiga e khotliloeng, ntle ho pelaelo a nahana hore e tla ba lijo tsa bohlokoa ho babalehi. (1 Samuele 25:18, 27) Lifeiga tse khotliloeng e ne e boetse e le moriana. Lethopa le ileng la batla le bolaea Morena Ezekiase le ile la tlotsoa ka motoho oa lifeiga tse khotliloeng, tse omisitsoeng, le hoja a ile a folisoa haholo-holo ke Molimo.a—2 Marena 20:4-7.
Mehleng ea boholo-holo, mangangajane a lifeiga a ne a nkoa e le a bohlokoa bo boholo sebakeng sa Mediterranean. Cato, e leng setsebi litabeng tsa ’muso o ile a tsoka feiga ho kholisa Senate sa Roma hore Roma e kene Ntoeng ea Boraro Khahlanong le Carthage. Mangangajane a matle le a monate ka ho fetisisa a feiga a Roma a ne a tsoa Caria, Asia Minor. Ka hona, carica e ile ea e-ba lentsoe la Selatine la mangangajane a feiga. Sebakeng sona seo, moo e leng Turkey kajeno, ho sa ntsane ho etsoa mangangajane a feiga a boleng bo phahameng.
Hangata lihoai tsa Baiseraele li ne li lema lifate tsa feiga masimong a lifate tsa morara, empa li ne li rema lifate tse sa beheng. Ka lebaka la libaka tse haellang tsa mobu o motle, li ne li sa senye nako ka lifate tse sa beheng. Papisong ea Jesu ea sefate sa feiga se sa beheng, sehoai se ile sa re ho molemi oa morara: “Bona ke lilemo tse tharo ke ntse ke tla ke batla litholoana sefateng sena sa feiga, empa ha kea fumana letho. Se reme! Ha e le hantle ke hobane’ng ha se ka boloka mobu oo o se na thuso?” (Luka 13:6, 7) Kaha lifate tsa litholoana li ne li lefelloa lekhetho mehleng ea Jesu, sefate se sa beheng se ne se tla baka litšenyehelo.
Lifeiga e ne e le tsa bohlokoa lijong tsa Baiseraele. Ka lebaka leo, ha kotulo ea lifeiga e ne e le mpe—mohlomong ka lebaka la kahlolo e tsoang ho Jehova—e ne e e-ba tlokotsi. (Hosea 2:12; Amose 4:9) Moprofeta Habakuke o ile a re: “Le hoja sefate sa feiga se ke ke sa thunya, ’me lifate tsa morara li ke ke tsa beha litholoana; mosebetsi oa sefate sa mohloaare o ka ’na oa fella ka ho hlōleha, ’me masimo a ka ’na a se ke a hlahisa lijo . . . Empa leha ho le joalo, ha e le ’na, ke tla ithabela ho Jehova; ke tla inyakallela ho Molimo oa poloko ea ka.”—Habakuke 3:17, 18.
Letšoao la Sechaba se se Nang Tumelo
Ka linako tse ling Mangolo a sebelisa lifeiga kapa lifate tsa feiga ka tsela ea tšoantšetso. Ka mohlala, Jeremia o ile a tšoantša baholehuoa ba Juda le baskete ea lifeiga tse ntle, e leng lifeiga tsa pele tseo ho neng ho tloaelehile hore li jeoe. Leha ho le joalo, baholehuoa ba sa tšepahaleng ba ne ba tšoantšoa le lifeiga tse mpe, tse neng li ke ke tsa jeoa ’me li lokela ho lahloa.—Jeremia 24:2, 5, 8, 10.
Papisong ea hae ea sefate sa feiga se sa beheng, Jesu o ile a bontša ho mamella ha Molimo sechaba sa Bajuda. Joalokaha ho se ho boletsoe pejana, o ile a bua ka monna ea itseng ea neng a e-na le sefate sa feiga tšimong ea hae ea morara. Sefate sena se ne se sa beha ka lilemo tse tharo, ka hona mong’a sona o ne a le haufi le ho se rema. Empa molemi oa morara a re: “Monghali, se tlohele le selemong sena, ho fihlela ke cheka ho se potoloha ’me ke tšela monontša; ’me haeba joale se hlahisa litholoana ka moso, e tla ba hantle; empa haeba se sa li hlahise, u tla se rema.”—Luka 13:8, 9.
Ha Jesu a ne a etsa papiso ena, o ne a se a e-na le lilemo tse tharo a bolela molaetsa, a leka ho kenya tumelo ho litho tsa sechaba sa Bajuda. Jesu o ile a sebetsa ka matla, a “tšela monontša” sefateng sena sa feiga sa tšoantšetso—e leng sechaba sa Bajuda—a se fa monyetla oa ho beha litholoana. Leha ho le joalo, beke pele ho lefu la Jesu, ho ile ha hlaka hore sechaba sena ka kakaretso se lahlile Mesia.—Matheu 23:37, 38.
Jesu o ile a boela a sebelisa sefate sa feiga ho etsa papiso ea boemo bo bobe ba moea ba sechaba. Ha a le leetong a tloha Bethani a e-ea Jerusalema matsatsi a mane pele ho lefu la hae, o ile a bona sefate sa feiga se nang le makhasi a mangata empa se se na litholoana. Kaha lifeiga tsa pele li hlaha le makhasi—’me ka linako tse ling le pele ho ’ona—ho hloka litholoana ha sefate sena ho ne ho bontša hore ha se na thuso.—Mareka 11:13, 14.b
Joaloka sefate sa feiga se sa beheng empa se bonahala eka se phela hantle, sechaba sa Bajuda le sona se ne se e-na le ponahalo e thetsang. Empa se ne se sa behe litholoana tse khahlisang Molimo, ’me qetellong se ile sa latola Mora oa Jehova. Jesu o ile a rohaka sefate seo sa feiga se sa beheng, ’me letsatsing le latelang, barutuoa ba ile ba hlokomela hore se se se omeletse. Sefate seo se omeletseng se ne se tšoantšetsa hantle hore Molimo o tla lahla Bajuda hore e se ke ea hlola e e-ba sechaba sa hae se khethiloeng.—Mareka 11:20, 21.
‘Ithuteng Sefateng sa Feiga’
Jesu o ile a boela a sebelisa sefate sa feiga ho ruta thuto ea bohlokoa ka ho ba teng ha hae. O ile a re: “Ithuteng ntlha ena sefateng sa feiga e le papiso: Hang feela ha lekala la sona le lenyenyane le nolofala ’me le hlahisa makhasi, lea tseba hore lehlabula le haufi. Ka ho tšoanang le lōna, ha le bona lintho tsena tsohle, le tsebe hore o haufi, o menyako.” (Matheu 24:32, 33) Makhasi a lifate tsa feiga a matala ke letšoao le bonahalang habonolo le le sa lahleng la hore lehlabula le haufi. Ka tsela e tšoanang, boprofeta bo boholo ba Jesu bo tlalehiloeng ho Matheu khaolo ea 24, Mareka khaolo ea 13 le Luka khaolo ea 21 bo fana ka bopaki bo hlakileng ba hore o teng ka matla a ’Muso oa leholimo.—Luka 21:29-31.
Kaha re phela linakong tse mahlonoko, ka sebele re batla ho ithuta sefateng sa feiga. Haeba re etsa joalo, ’me re lula re falimehile moeeng, re na le tšepo ea hore re tla ba teng ha ho phethahatsoa tšepiso ena e khōlō e reng: “Ka sebele e mong le e mong o tla lula tlas’a sefate sa hae sa morara le tlas’a sefate sa hae sa feiga, ho ke ke ha e-ba le ea etsang hore ba thothomele; kaha molomo oa Jehova oa mabotho o boletse.”—Mikea 4:4.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a H. B. Tristram, e leng setsebi sa baeloji, ea ileng a etela linaheng tsa Bibele bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, o ile a hlokomela hore batho ba moo ba ntse ba sebelisa motoho oa lifeiga ho phekola mathopa.
b Sena se etsahetse haufi le motse oa Bethefage. Lebitso lena le bolela “Ntlo ea Lifeiga Tsa Pele.” E ka ’na eaba sena se supa hore sebaka seo se ne se tsebahala ka chai ea lifeiga tsa pele.