Metsi a Tšikhunyang a Fanang ka Bophelo bo sa Feleng
“Mang kapa mang ea noang metsi ao ke tla mo fa ’ona ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa ’ona a tla fetoha ka ho eena seliba sa metsi a tšikhunyang ho fana ka bophelo bo sa feleng.”—JOHANNE 4:14.
“KA TŠOHANYETSO, ka mor’a khoeli, . . . ho hlaha lehakoe le benyang le boputsoa bo nang le bosoeu, qitikoe e khanyang, e bohehang e boputsoa ba leholimo e nang le lintho tse tšoeu tse ntseng li biloha butle, e nyolohang butle joaloka perela e nyenyane har’a botšo bo tšosang.”—Ke kamoo Edgar Mitchell, ea tsamaeang ka sefofa-sepakapakeng, a ileng a hlalosa lefatše kateng ha a le bona a le sepakapakeng.
Ke eng e etsang hore lefatše le be ’mala o khanyang hakaale hoo motho ea tsamaeang ka sefofa-sepakapakeng a bileng a le thothokisa? Ke metsi a koahetseng karolo e khōlō ea lefatše. Ha e le hantle, metsi ha a etse feela hore lefatše le be letle; a boetse a phelisa libōpuoa tse lefatšeng mona. Ha e le hantle, hoo e ka bang karolo ea 65 lekholong ea ’mele oa motho ke metsi. Kahoo, ha Encyclopædia Britannica e bua ka metsi, e re: “Aa hlokahala bophelong, a phetha karolo e itseng hoo e ka bang nthong e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang limeleng le liphoofolong.”
Ka lebaka la ho potoloha ho sa khaotseng ha metsi, ha ho mohla a felang lefatšeng. The World Book Encyclopedia e re: “Hoo e ka bang lerotholi le leng le le leng la metsi leo re le sebelisang le khutlela leoatleng. Ha le fihla moo, letsatsi le le fetola mouoane. Joale le boela le rothela fatše e le pula. Metsi a sebelisoa ka makhetlo-khetlo. Ha ho mohla a felang.” Lilemong tse fetileng tse ka bang 3 000, Bibele e ile ea hlalosa mokhoa ona o hlollang, ea re: “Melapo eohle e phoroselang ea mariha e phallela leoatleng, empa leha ho le joalo leoatle ha le tlale. Sebakeng seo melapo e phoroselang ea mariha e phallelang ho sona, e khutlela ho sona e le hore e ka phalla.” Molimo o entse ntho e babatsehang hakaakang ka potoloho ea metsi!—Moeklesia 1:7.
Ka lebaka la hore metsi ke a bohlokoa bophelong ’me re a fumana ka tsela e hlollang, ha rea lokela ho makala hore ebe ho buuoa ka ’ona ka makhetlo a fetang a 700 ka Bibeleng. Hangata Bibele e sebelisa mesebetsi e ikhethang ea metsi—haholo-holo matla a ’ona a ho hloekisa le ho phelisa—ho tšoantšetsa tsela eo Bibele e ka re hloekisang le ho re phelisa tabeng ea borapeli le kamano ea rōna le Jehova.—Esaia 58:11; Johanne 4:14.
Matla a Bibele a ho Hloekisa
Kahobane Baiseraele ba ne ba itlhatsoa kamehla ka metsi, ba ne ba hloekile ’meleng ka tsela e ikhethang. Ho ne ho tloaelehile hore motho a hlatsoe maoto pele a kena ka tlung ho ea ja. (Luka 7:44) Ntle le hore Baiseraele ba ne ba boloka ’mele ea bona le thepa ea bona e hloekile, ba ne ba boetse ba sebelisa metsi ho itlhoekisa ha ba etsa litšebeletso tse itseng. Baprista ba sebeletsang tabernakeleng ba ne ba lokela ho itlhatsoa le ho hlatsoa liaparo tsa bona khafetsa. (Exoda 30:18-21) Hamorao, tempeleng e Jerusalema, Solomone o ile a etsa “leoatle le entsoeng ka ho qhibilihisoa” la koporo leo ka tloaelo le neng le tšela lilithara tse fetang tse 44 000 tsa metsi, a lekaneng ho hloekisa lintho tsohle tseo ho neng ho hlokahala hore li hloekisoe ho latela Molao oa Molimo. (2 Likronike 4:2, 6) Tšebeliso e joalo ea metsi e ruta Bakreste eng kajeno?
Moapostola Pauluse o ile a hlalosa hore Jesu o hloekisitse phutheho ea Bakreste “ka ho e hlatsoa ka metsi ka lentsoe.” Joaloka metsi a re hloekisang ’meleng, ’nete ea Lentsoe la Molimo e na le matla a ho re hloekisa boitšoarong le ho hloekisa borapeli ba rōna. Tlhoekiso ena e etsa hore barutuoa ba Kreste ba ‘halalele ’me ba se be le sekoli.’ (Baefese 5:25-27) Kahoo, bohle ba batlang ho amoheloa ke Molimo ba lokela ho ikitlaelletsa hore boitšoaro ba bona le borapeli ba bona bo lule bo ‘se na letheba le sekoli.’ (2 Petrose 3:11, 14) Lentsoe la Molimo le ba thusa joang hore ba etse see?
Ba batlang ho thabisa Jehova Molimo ba rua tsebo ena e tšoantšetsoang ke metsi ka ho ithuta Bibele kamehla. Ha tsebo ena e susumetsa likelello tsa bona le lipelo tsa bona, e etsa hore ba be le takatso e matla ea ho etsa seo Bibele e reng se etsoe, ha e re: “Le fetohe ka ho fetola likelello tsa lōna, e le hore le ka ipakela e le lōna thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng.”—Baroma 12:2.
Tsebo e nepahetseng ea thato ea Molimo e thusa batho ba joalo hore ba bone litšila tse teng boitšoarong ba bona le menahanong ea bona. Ha ba ntse ba sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba bona ka nako e telele, Lentsoe la Molimo, joaloka metsi, le tla ba thusa hore ba ‘hlatsuoe hore ba hloeke’ le libeng tse khōlō.—1 Bakorinthe 6:9-11.
Ke sona se ileng sa etsahalla mohlankana e mong oa Spain ea bitsoang Alfonso. O re: “Ha ke le lilemo li 18, ke ne ke sa thabele tsela eo ke phelang ka eona.” E ne e se e le lekhoba la lithethefatsi ebile e le senokoane se thatafetseng pelo. Ha a tsoela pele o re: “Ke ne ke ikutloa ke le litšila ka lebaka la tsela eo ke neng ke khehlemanya ’mele oa ka ka eona le ka lebaka la tsela eo ke neng ke tšoara batho ba bang ka eona.
“Ha ke le sekolong, ke ile ka lemoha moroetsana e mong oa thak’a ka ea neng a hloekile a bile a lokile, e leng se neng se etsa hore a fapane le liithuti tse ling. Mohlala oa hae o ile oa etsa hore ke lakatse ho phela bophelo bo hloekileng joaloka eena. O ile a nkhothalletsa hore ke ee sebokeng sa Lipaki Tsa Jehova, ’me ke ile ka ea. Hang ka mor’a moo ke ile ka qala ho ithuta Bibele le ho sebeletsa ho ba motsoalle oa Molimo. Pele ho feta selemo, ke ile ka hloekisa bophelo ba ka ’me ka ba Paki e kolobelitsoeng. Phetoho ena e khōlō e ile ea etsa hore batsoali ba bangata sebakeng seo ba nkōpe hore ke thuse bana ba bona ba lilemong tsa bocha bao e neng e se e le makhoba a lithethefatsi.”
Metsi a Fanang ka Bophelo bo sa Feleng
Jesu o kile a bolella mosali oa Mosamaria ea neng a kha metsi selibeng sa Jakobo ka “metsi a phelang.” O ile a re: “Mang kapa mang ea noang metsi ao ke tla mo fa ’ona ho hang a ke ke a nyoroa le ka mohla, empa metsi ao ke tla mo fa ’ona a tla fetoha ka ho eena seliba sa metsi a tšikhunyang ho fana ka bophelo bo sa feleng.” (Johanne 4:10, 14) Mantsoe a Jesu a bontša hore “metsi a phelang” a tšoantšetsa lintho tseo Molimo a faneng ka tsona bakeng sa bophelo, joalokaha li hlalositsoe ka Lentsoeng la hae, Bibele. Li etsa hore batho ba khone ho phela ka ho sa feleng. Ntho ea bohlokoa eo e leng karolo ea metsi ana a tšoantšetso ke sehlabelo sa thekollo sa Kreste Jesu. Jesu o ile a re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.
Alfonso, eo re buileng ka eena, o ananela haholo “metsi a phelang” a tsoang ho Molimo. Ha a bua ka ba ileng ba tsoela pele e le linokoane ’me ba sebelisa lithethefatsi, o re: “Moholoane oa ka o shoele, le bohle bao ke neng ke khema le bona. Ho tseba Lentsoe la Molimo ho mpholositse. Ka lebaka la lintho tseo Jehova a faneng ka tsona ho nthusa hore ke be le kamano e ntle le eena, kea phela.” Ho feta moo, ka lebaka la seo Alfonso a ithutileng sona Lentsoeng la Molimo, o lebeletse ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng.—2 Petrose 3:13.
Bohle Baa Mengoa
Bukeng ea ho qetela ea Bibele, re bala ka “nōka ea metsi a bophelo, e hlakileng joaloka kristale, e [phallang] ho tsoa teroneng ea Molimo le ea Konyana.” (Tšenolo 22:1) Nōka ena e tšoantšetsa lintho tseo Molimo a li lokiselitseng tseo qetellong li tla etsa hore batho e be ba se nang sekoli joalokaha Adama le Eva ba ne ba le joalo ha ba bōptjoa.
Ka mor’a ho hlalosa nōka eo, Bibele e tsoela pele ho etsa memo ena: “Mang kapa mang ea nyoriloeng a ke a tle; mang kapa mang ea lakatsang a ke a nke metsi a bophelo ntle ho tefo.” (Tšenolo 22:17) Kajeno, memo ena e etsoa lefatšeng ka bophara. Selemo se seng le se seng, Lipaki Tsa Jehova linaheng tse fetang 235 li qeta lihora tse fetang bilione li thusa batho hore ba fumane tsebo ea Bibele e fanang ka bophelo.
Na u nyoretsoe metsi a bophelo? Haeba u noa metsi ana a hloekileng, ka mantsoe a mang, haeba u ithuta ka lintho tseo ’Mōpi a li lokiselitseng u bile u li sebelisa, le uena u ka ba har’a ba ‘ipolokelang ka mokhoa o sireletsehileng motheo o motle bakeng sa ka moso, e le hore ba ka tšoara ka tieo bophelo ba sebele.’—1 Timothea 6:19.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 14]
Joaloka metsi a re hloekisang ’meleng, ’nete ea Bibele e na le matla a ho re hloekisa boitšoarong le ho hloekisa borapeli ba rōna
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 15]
MEHLOLI EA METSI LINAKONG TSA HA HO NE HO NGOLOA BIBELE
Linakong tsa ha ho ne ho ngoloa Bibele, batho ba ne ba sebetsa ka thata ho fumana mehloli eo ba ka fumanang metsi ho eona neng kapa neng. Abrahama le Isaka ba ile ba cheka liliba haufi le Beerseba ho etsa bonnete ba hore ba ba le metsi a lekaneng malapa a bona le mehlape ea bona.—Genese 21:30, 31; 26:18.
Hangata liliba tse sa tebang li ne li e-cha nakong ea lehlabula le lelelele le chesang. E le hore seliba se lule se na le metsi, se ne se lokela ho teba. (Liproverbia 20:5) Seliba se seng sa Lakishe se botebo ba limithara tse 44. Seliba se seng sa Gibeone, se botebo ba limithara tse fetang 25 le bophara ba limithara tse 11. Ha ho chekoa seliba seo ho ile ha hlokahala hore ho ntšoe majoe a ka etsang boima ba lithane tse 3 000. Mosali oa Mosamaria ea ileng a kha metsi selibeng sa Jakobo o ile a re ho Jesu: “Seliba se tebile.” Mohlomong seliba seo se ne se le botebo ba limithara tse 23.—Johanne 4:11.
Linaheng tsa boholo-holo tsa Bochabela bo Hare metsi a ne a boetse a fumanoa mameneng a maholo a metsi. Mamena ana a ne a amohela metsi a pula e neng e na ho tloha ka October ho ea ho April. Ho ne ho chekoa liforo maralleng e le hore metsi a ka leba mameneng ana. Baiseraele ba ne ba cheka mamena a maholo bakeng sa ho bokella metsi.—2 Likronike 26:10.
Ho kha metsi lilibeng le mameneng e ne e le mosebetsi o boima ’me e ntse e le mosebetsi o boima le kajeno. Basali ba kang Rebeka le barali ba Jethro ba ne ba etsa mosebetsi oa bohlokoa ka ho kha metsi letsatsi le leng le le leng bakeng sa malapa abo bona le mohlape oabo bona.—Genese 24:15-20; Exoda 2:16.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Alfonso kajeno, o bolela Lentsoe la Molimo