SEHLOOHO SE ITHUTOANG 15
U Ikutloa Joang ka Tšimo ea Hao?
“Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.”—JOH. 4:35.
PINA EA 64 Re Kotula re Thabile
SELELEKELAa
1-2. Mantsoe a Jesu a hlahang ho Johanne 4:35, 36 a bolela’ng?
JESU o ne a ntse a tsamaea har’a masimo ao mohlomong a neng a e-na le harese e sa tsoa hlomela. (Joh. 4:3-6) Harese ena e tla be a loketse ho kotulo ka mor’a likhoeli tse ka bang tse ’ne. Kahoo, e ka ’na eaba Jesu o ne a bua ntho e sa utloahaleng ha a re: “Phahamisang mahlo ’me le talime masimo, hore a soeufetse bakeng sa kotulo.” (Bala Johanne 4:35, 36.) O ne a bolela’ng?
2 Ha e le hantle, Jesu o ne a bua ka ho bokelloa ha batho e seng ho bokelloa ha lijo-thollo. Ak’u nahane ka ntho e neng e sa tsoa etsahala. Le hoja Bajuda ba ne ba sa isane le Basamaria, Jesu o ile a pakela mosali oa Mosamaria ea ileng a mo mamela. Bonneteng, ha Jesu a ntse a bua ka ‘masimo a soeufetseng bakeng sa kotulo,’ Basamaria ba neng ba utloetse ka eena ho mosali eane ba ne ba le tseleng e tlang ho eena hore a tl’o ba ruta. (Joh. 4:9, 39-42) Tlhaloso e ’ngoe ea Bibele ha e bua ka tlaleho ena e re: “Taba ea hore ebe batho bana ba ile ba tla kapele ho Jesu le ho tla mo mamela e bontša hore ba ne ba tšoana le harese e loketseng kotulo.”
3. Haeba u talima batho joaloka Jesu, u tla ba ’moleli ea molemo joang?
3 U ikutloa joang ka batho bao u ba rutang ka ’Muso oa Molimo? Na u ba talima joaloka lijo tsa masimong tse loketseng ho kotuloa? Haeba ho joalo, u tla etsa lintho tsena tse tharo. Ea pele, u tla bolella batho molaetsa ka potlako. Nako ea kotulo e lekane motinyane, kahoo ha re e senye. Ea bobeli, u tla thaba ha u bona batho ba amohela molaetsa oa ’Muso. Bibele e re batho ba tla thaba nakong ea kotulo. (Esa. 9:3) Ea ho qetela, u tla nka motho e mong le e mong e le morutuoa oa Jesu oa ka moso, kahoo u tla ba bolella molaetsa oa ’Muso ka tsela e tla ba ama le ho hapa thahasello ea bona.
4. Re tl’o ithuta’ng ho moapostola Pauluse sehloohong see?
4 E ka ’na eaba balateli ba Jesu ba ne ba bona eka Basamaria e ke ke ea e-ba barutuoa ba Jesu empa Jesu eena o ne a sa nahane joalo. Ho e-na le hoo, o ile a ba bona e le barutuoa ba hae ba ka moso. Le rona re lokela ho bona batho ba tšimong ea rona e le barutuoa ba Kreste ba ka moso. Moapostola Pauluse ke mohlala o ikhethang oo re ka o latelang. Re ka ithuta’ng ho eena? Sehloohong sena re tl’o buisana ka hore na (1) o ile a tseba joang hore na batho bao a ba pakelang ba lumela’ng, (2) o ne a khona joang ho bona hore na ba rata’ng, le (3) o ne a ba bona e le barutuoa ba Kreste ba nakong e tlang.
BA LUMELA ENG?
5. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a utloisisa bamameli ba hae ba neng ba le ka synagogeng?
5 Hangata Pauluse o ne a ruta ka lisynagogeng tsa Bajuda. Mohlala, ha a ne a le Thessalonika, o ile a ea synagogeng “ka lisabatha tse tharo a behelana mabaka le bona ka Mangolo.” (Lik. 17:1, 2) Ho ka etsahala hore ebe Pauluse o ne a ikutloa a phutholohile ha a le synagogeng. O holisitsoe joaloka Mojuda. (Lik. 26:4, 5) Pauluse o ne a utloisisa Bajuda hantle kahoo o ne a khona ho ba pakela ka kholiseho.—Bafil. 3:4, 5.
6. Batho ba neng ba le ’marakeng oa Athene ba ne ba fapane joang le bao Pauluse a neng a ba pakela synagogeng?
6 Ka mor’a hore bahanyetsi ba Pauluse ba mo leleke Thesalonika, o ile a ea Berea ’me ha a le moo a ea Athene. O ile a boela a “behelana mabaka ka synagogeng le Bajuda le batho ba bang ba neng ba rapela Molimo.” (Lik. 17:17) Empa ha a ntse a bolela litaba tse molemo ’marakeng, o ne a se a bua le batho ba fapaneng. Har’a bamameli ba hae ho ne ho e-na le bo-rafilosofi le balichaba ba bang ba neng ba nka molaetsa oa Pauluse e le “thuto e ncha.” Ba ile ba re ho eena: “U hlahisa lintho tse ling tse sa tloaelehang litsebeng tsa rona.”—Lik. 17:18-20.
7. Ho ea ka Liketso 17:22, 23, Pauluse o ile a fetola tsela ea hae ea ho bolela joang?
7 Bala Liketso 17:22, 23. Ha Pauluse a bua le balichaba ba Athene, ha a ka a bua le bona ka tsela e tšoanang le eo a ileng a bua le Bajuda ba neng ba le ka synagogeng. E ka ’na eaba Pauluse o ile a ipotsa, ‘Batho baa ba Athene ba lumela’ng?’ O ile a hlahlobisisa ka hloko lintho tse mo potolohileng a ba a elelloa le meetlo ea bona ea bolumeli. Ka mor’a moo, ha Pauluse a ruta batho bao thuto ea Mangolo o ile a batlana le lintho tsa bolumeli ba bona tseo ba lumellanang ka tsona. Mohlalosi e mong oa Bibele o re: “Joaloka Mokreste oa Mojuda, o ne a hlokomela hore Bagerike ba balichaba ha ba rapele Molimo oa ’nete eo Bajuda le Bakreste ba mo rapelang. Empa o ile a ba bontša hore ha e le hantle Molimo eo a buang ka eena Baathene baa mo tseba.” Kahoo, Pauluse o ne a ikemiselitse ho fetola maoa. O ile a bolella Baathene hore molaetsa oo a ba bolellang oona o tsoa ho “Molimo ea sa tsejoeng” eo ba neng ba leka ho mo rapela. Le hoja balichaba bao ba ne ba sa tseba Mangolo hakaalo, Pauluse ha a ka tela hore e ke ke ea e-ba Bakreste. Ho e-na le hoo, o ile a ba nka ba tšoana le lijo thollo tse loketseng ho kotuloa eaba o fetola tsela eo a ba bolellang litaba tse molemo ka eona.
8. (a) U ka etsa’ng hore u tsebe hore na batho ba tšimong ea heno ba lumela eng? (b) Haeba motho eo u mo pakelang a re o na le bolumeli ba hae, u ka mo arabela joang?
8 Joaloka Pauluse, sheba lintho tse u potolohileng. Sheba lintho tse ka ’nang tsa u thusa ho bona hore na batho ba tšimong ea heno ba lumela’ng. Mohlala, ke lintho life tse teng koloing kapa ha motho eo u buang le eena? Na lebitso la hae, liphahlo tsa hae, tsela eo a aparang ka eona kapa mantsoe ao a a sebelisang a u bontša hore na o bolumeling bofe? Mohlomong o u boleletse hore eena o na le bolumeli ba hae. Morali’abo rona Flutura eo e leng pula-maliboho e khethehileng o re o hlanaka taba ena ka hore a re ho mong’a ntlo: “U se ke oa tšoenyeha, ha kea tla ho tla fetola tumelo ea hao empa ke tl’o bua le uena ka taba ke ena . . . ”
9. U ka lumellana ka’ng le motho ea nang le bolumeli ba hae?
9 Ke lintho life tseo u ka buang ka tsona le motho ea nang le bolumeli ba hae? Leka ho batla lintho tseo le ka lumellanang ka tsona. E ka ’na eaba o lumela hore ho na le Molimo a le mong feela, oa lumela hore Jesu ke eena Mopholosi oa batho kapa e ka ’na eaba o lumela hore re phela nakong ea bofelo. U sebelisa lintho tseo le lumellanang ka tsona, buella Bibele ka tsela e tla hapa motho eo.
10. U lokela ho leka ho etsa’ng hona hobane’ng?
10 U hopole hore batho ba bang ba ka ’na ba se ke ba lumela lintho tsohle tseo ba li rutoang bolumeling ba bona. Kahoo, le ka mor’a hore u fumane hore na bolumeli ba motho eo ke bofe, leka ho tseba hore na ka ho khetheha o lumela’ng. Mor’abo rona David oa pula-maliboho e khethileng ea lulang Australia o re: “Batho ba bangata ba kopanya filosofi le litumelo tsa bona tsa bolumeli.” Morali’abo rona Donalta ea lulang Albania o re: “Batho ba bang bao re kopanang le bona ba re ba na le bolumeli ba bona empa hamorao ba lumela hore ha e le hantle ha ba lumele hore Molimo o teng.” Moromuoa e mong oa Argentina o bontša hore batho ba bang ba re ba lumela boraro bo teroneng empa ha e le hantle ha ba lumele hore Ntate, Mora le moea o halalelang ke Molimo a le mong. O re: “Ho tseba ka taba eo, ho ’nolofaletsa hore ke fumane lintho tseo nka lumellanang ka tsona le motho eo.” Kahoo, leka ho fumana hore na ha e le hantle batho ba lumela’ng. Qetellong joaloka Pauluse u ka ba “lintho tsohle ho batho ba mefuta eohle.”—1 Bakor. 9:19-23.
BA RATA’NG?
11. Joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 14:14-17, Pauluse o ile a bua ka tsela e susumetsang joang ho batho ba Lystra?
11 Bala Liketso 14:14-17. Pauluse o ile a bona hore na bamameli ba hae ba rata’ng eaba o bua ka tsona lintho tseo. Mohlala, batho bao a neng a bua le bona Lystra ba ne ba sa tsebe letho kapa ba e-na le tsebo e fokolang feela ka Mangolo. Kahoo Pauluse o ile a bua le bona ka tsela eo ba neng ba ka utloisisa. O ile a bua le bona ka chai le monyetla oa ho thabela bophelo. O ile a sebelisa mantsoe le mehlala eo bamameli ba hae ba neng ba ka e utloisisa hang-hang.
12. U ka khona ho tseba joang hore na motho o rata’ng ’me oa bua le eena ka taba eo?
12 E-ba le temoho e le hore u bone hore na batho ba tšimong ea heno ba rata’ng ebe u bua le bona ka lintho tseo. U ka khona ho fumana joang hore na motho o rata’ng ha u ntse u atamela ha hae kapa ha u se u le hona teng? Re sa pheta hape, sheba lintho tse u potolohileng. Mohlomong o ntse a sebetsa jareteng, o ntse a bala buka, a lokisa koloi kapa a etsa mesebetsi e meng. Haeba ho khoneha, ke hobane’ng ha u sa bue ka lintho tseo a ntseng a li etsa hore u qale moqoqo? (Joh. 4:7) Le liaparo tsa motho li ka u bolella hore na ke motho ea joang. Mohlala, li ka o bontša hore na ke oa naha efe, o sebetsa’ng le hore na o rata papali efe. Mor’abo rona Gustavo o re: “Ke ile ka buisana le mohlankana e mong ea lilemo li 19 ea neng a tenne sekipa se nang le sebini se tsebahalang. Ke ile ka mo botsa ka sekipa seo eaba oa ntlhalosetsa hore na hobane’ng ha a rata sebini seo. Puisano eo e ile ea etsa hore ke mo khannele thuto ea Bibele ’me ho na tjena ke Paki ea Jehova.”
13. U ka ithaopela ho khannela motho e mong thuto ea Bibele joang ka tsela e susumetsang?
13 Ha u ithaopela ho khannela motho e mong thuto ea Bibele, e buelle ka tsela e susumetsang ’me u mo thuse ho bona hore na ho etsa joalo ho tla mo tsoela molemo hakae. (Joh. 4:13-15) Mohlala, mong’a ntlo ea neng a thahasella molaetsa o ile a re Morali’abo rona Poppy a kene ka tlung. Ha Morali’abo rona Poppy a bona lengolo le manehiloeng leboteng ka tlung eo le bontša hore ’mè eo ke moprofesa ea neng a nketse lekala la thuto, o ile a hatisa taba ea hore le rona re ithuta Bibele le batho hape re ithuta eona libokeng. ’Mè eo o ile a lumela ho ithuta Bibele, a ea libokeng letsatsi le hlahlamang eaba hamorao o ea kopanong ea setereke. Selemo hamorao o ile a kolobetsoa. Kahoo, ipotse: ‘Batho bao ke tl’o boela ho bona ba rata’ng? Na nka khona ho ba hlalosetsa hore na thuto ea Bibele e khannoa joang ka tsela eo ba tla utloa ba rata ho ithuta?’
14. U ka etsa’ng e le hore u lokisetse thuto ka ’ngoe?
14 Ka mor’a hore u qale ho ithuta Bibele le batho, u lokisetse thuto ka ’ngoe hantle, u nahane ka boemo ba hae ba thuto, lelapa labo, boiphihlelo ba hae le hore na o rata’ng. Ha u ntse u lokisetsa, u etse qeto ea hore na u tla bala Mangolo afe, u tla mo shebellisa livideo life le hore na u tla sebelisa mehlala efe ho hlalosa lithuto tsa Bibele. U ka ’na oa ipotsa: ‘Ke ntho efe ka ho khetheha e tla susumetsa le ho ama pelo ea seithuti sa ka?’ (Liprov. 16:23) Koana Albania, Morali’abo rona Flora o ne a ithuta le ’mè e mong eo ka maikutlo ’ohle a hae a phahameng a ileng a re, “Ha ke lumele taba ea hore ho tla ba le tsoho.” Morali’abo rona Flora ha a ka a qobella ’me eo hore a lumele thuto eo. O re: “Ke ile ka hlokomela hore pele a lumela taba ea tsoho, o tlameha ho tseba ka Molimo ea re tšepisang hore bafu ba tla tsoha.” Ho tloha mohlang oo ho ea pele, Morali’abo rona Flora o ile a hatisa makhabane a Jehova a kang lerato, bohlale le matla. Hamorao ’mè eo o ile a lumela hore bafu ba tla tsosoa. Hona joale ke Paki ea Jehova e chesehang.
BA BONE E LE BARUTUOA BA KA MOSO
15. Ho ea ka Liketso 17:16-18, batho ba Greece ba ne ba etsa’ng e neng e tšoenya Pauluse, empa ke hobane’ng ha Pauluse a ile a pakela Baathene ho ntse ho le joalo?
15 Bala Liketso 17:16-18. Pauluse ha a ka a tenehela Baathene le hoja motse oa bona o ne o tletse ka borapeli ba litšoantšo, boitšoaro bo litšila le lifilosofi ba bile ba mo rohaka. Pauluse e ile ea e-ba Mokreste le hoja e ne e le “monyefoli le mohlorisi le monna oa monyelisi.” (1 Tim. 1:13) Feela joalokaha Jesu a ile a bona hore Pauluse e ka ba morutuoa, Pauluse le eena o ile a bona hore Baathene e ka ba barutuoa ba Jesu. Ho kholiseha hoo ho ile ha mo tsoalla namane e tšehali.—Lik. 9:13-15; 17:34.
16-17. Ke ntho efe e bontša hore batho ba mefuta eohle e ka ba barutuoa ba Kreste? Etsa mohlala.
16 Mehleng ea Jesu, batho ba mefuta eohle e ile ea e-ba barutuoa ba hae. Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba lulang Greece motseng oa Korinthe, o ile re batho ba bang ba phutheho eo ho na le nako eo ka eona e neng e le litlokotsebe kapa ba e-na le boitšoaro bo sa rateheng ho hang. O ile a phaella ka ho re: “Ke seo ba bang ba lona ba neng ba le sona. Empa le hlatsoitsoe hore le hloeke.” (1 Bakor. 6:9-11) Na ha e ne e le uena u ka be u ile oa bona batho bao e le barutuoa ba Kreste ba nakong e tlang?
17 Mehleng ena batho ba bangata ba ikemiselitse ho fetola bophelo ba bona e le hore e be barutuoa ba Jesu. Ka mohlala, ho lane la Australia, Morali’abo rona Yukina o ile a ithuta hore batho ba mefuta eohle ba ka mamela Lentsoe la Molimo. Ka letsatsi le leng ha a le mosebetsing, o ile a bona ausi e mong ea neng a tlatlapetse lithatho a bile a apere liphahlo tse sebarubaru. Morali’abo rona Yukina o re: “Ke ile ka cha ntši ka nakoana empa hamorao ka bua le eena. Ka hlokomela hore o rata Bibele hoo tse ling tsa lithatho tsa hae e neng e le litemana tsa Lipesaleme!” Ausi eo o ile a qala ho ithuta Bibele le ho ea libokeng.b
18. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho ahlola batho?
18 Na Jesu o ile a nahana hore masimo a loketse bakeng sa kotulo hobane a ne a nahana hore batho ba bangata ba tla mo latela? Le letho. Mangolo a ne a boletse esale pele hore ke batho ba seng bakae feela ba tla beha tumelo ho eena. (Joh. 12:37, 38) Hape Jesu o ne a e-na le bokhoni ba ho bala lipelo. (Mat. 9:4) Le hoja a ne a amehile haholo ka bao ba fokolang, o ile a bolella batho bohle molaetsa ka cheseho. Re ke ke ra khona ho bala lipelo, kahoo ha rea lokela ho ahlola batho bao re kopanang le bona tšimong. Ho e-na le hoo, re lokela ho ba bona e le barutuoa ba Kreste ba ka moso. Mor’abo rona Marc eo e leng moromuoa naheng ea Burkina Faso, o re: “Hangata batho bao ke nahanang hore ba tla hatela pele, ba khaotsa ho ithuta empa batho bao ke sa ba boneng hantle ke bona ba hatelang pele. Kahoo, ke ithutile hore ke taba ea bohlokoa ho lumella moea oa Jehova hore o re tataise.”
19. Re lokela ho nka batho ba tšimong ea rona joang?
19 Ka lekhetlo la pele ho ka ’na ha bonahala eka batho ba tšimong ea heno, ha ba tšoane le lijo-thollo tse loketseng ho kotuloa. Empa na u sa hopola hore na Jesu o ile a reng ho barutuoa ba hae? Masimo a soeufetse, ke hore a loketse hore a ka kotuloa. Batho ba ka fetoha ’me ea e-ba barutuoa ba Kreste. Jehova o lumela hore batho bana ba tšimong ea rona e ka ba barutuoa hape o ba nka e le ba bohlokoa. (Hag. 2:7) Haeba re bona batho ka tsela eo Jehova le Jesu ba ba bonang ka eona, re tla ithuta ka bophelo ba bona le lintho tseo ba li ratang. Re ke ke ra ba nka joaloka batho feela bao re sa ba tsebeng empa re tla ba nka joaloka bara le barali babo rona ba ka moso.
PINA EA 57 A re Ruteng Batho Bohle
a Tsela eo re ikutloang ka eona ka batho ba tšimong ea rona e ka ama tsela eo re ba rutang le ho ba bolella molaetsa oa Bibele ka eona joang? Sehloohong sena, re tl’o bona hore na Jesu le moapostola Pauluse ba ne ba talima bamameli ba bona joang. Re tla boela re bone hore na re ka ba etsisa joang ha re nahana ka litumelo tsa batho, lintho tseo ba li ratang le ho ba nka e le ba barutuoa ba Jesu ba ka moso.
b Lihlooho tsa sehlooho se reng “Bibele e Fetola Batho” li na le mehlala ea hore na Bibele e ka fetola bophelo ba batho joang. Lihlooho tseo li ile tsa hlaha Molula-Qhooeng ho fihlela ka 2017. Hona joale li se li hlala ho jw.org. Kena tlas’a MABAPI LE RONA > EXPERIENCES.
c TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Ha banyalani ba bang ba ntse ba sebetsa tšimo, ba hlokomela (1) ntlo e hlokometsoeng hantle, ebile e lenngoe lipalesa; (2) lelapa le nang le bana ba banyenyane; (3) lehae le bohlasoa le, (4) lelapa la batho ba nang le bolumeli. U nahana hore ke ntlong efe moo ho tla ba le morutuoa oa Kreste?