Leholimo
Tlhaloso: Bolulo ba Jehova Molimo le ba libopuoa tse khabane tsa moea; sebaka se sa bonahaleng mahlong a batho. Bibele e boetse e sebelisa lentsoe “(ma)leholimo” ka kutloisiso tse ling tse sa tšoaneng; ka mohlala: ho emela Molimo ka booona, mokhatlo oa oona o hlophisitsoeng oa libopuoa tse khabane tsa moea, boemo ba mohau oa bomolimo, bokahohleng bo bonahalang ntle ho lefatše, sebaka se potolohileng qitikoe e Lefatše, mebuso ea batho e tlas’a taolo ea Satane, le ’muso oa ho loka oa leholimo oo Jesu Kreste le majalefa le eena ba neiloeng matla a ho busa ho oona ke Jehova.
Na bohle re phetse sebakeng sa moea pele re tsoaloa re le batho ba nama?
Joh. 8:23: “[Jesu Kreste o itse:] Lōna, le ba tlase, ’na, ke oa holimo; lōna, le ba lefatše lena, ’na, ha ke oa lefatše lena.” (Jesu o ne a e-tsoa sebakeng sa moea. Empa, joalokaha Jesu a boletse, ho ne ho se joalo ka batho ba bang.)
Ba-Roma 9:10-12: “Rebeka o kile a emola . . . enere ha mafahla a e-so ho tsoaloe, a e-so ho etse botle, leha e le bobe, hore ho tle ho bonahale hoba morero oa Molimo, ha o khethile motho, o tiile, e seng ka mesebetsi, empa e le ka thato ea ea bitsang, ho kile ha thoe ho eena Rebeka: E moholo o tla sebeletsa e monyenyane.” (Bonneteng, haeba mafahla Jakobo le Esau ba ne ba kile ba phela pele sebakeng sa moea ba ne ba tla be ba iketselitse tlaleho e theiloeng boitšoarong ba bona moo, na ha ho joalo? Empa ba ne ba se na tlaleho e joalo ho fihlela kamorao ho hore ba tsoaloe e le batho.)
Na batho bohle ba lokileng ba ea leholimong?
Lik. 2:34: “Davida [eo Bibele e buang ka eena e le ‘monna ea pelong ea Jehova’] ha a ka a nyolohela maholimong.”
Matt. 11:11: “Ke re ho lōna: Ka ’nete, har’a ba tsoetsoeng ke basali, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane ’musong oa maholimo o moholo ho eena.” (Ka hona Johanne ha a ka a ea leholimong ha a e-shoa.)
Pes. 37:9, 11, 29: “Ba bolotsana ba tla felisoa, athe ba itšepetseng Jehova ba tla rua lefatše. . . . ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo. Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.”
Hoja Adama a se ke a sitoa, na o ne a tla qetella a ile leholimong?
Gen. 1:26: “Molimo oa ntoo re: A re etseng motho ka setšoantšo sa rōna le ka ho tšoana ha rōna, ’me a buse lihlapi tsa leoatle le tse rurang tsa maholimo, le makhomo le lefatše lohle, le lihahabi tsohle tse hahabang lefatšeng.” (Kahoo, morero oa Molimo ka Adama e ne e le hore ebe mohlokomeli oa lefatše le oa bophelo ba liphoofolo tsa lona. Ha ho letho le boleloang ka hore o tla ea leholimong.)
Gen. 2:16, 17: “Jehova Molimo a laela motho, a re: Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Ha e-ea tloha e le morero oa Molimo hore ka letsatsi le leng motho a shoe. Taelo ea Molimo e qotsitsoeng mona e bontša hore o ile oa lemosa hore ho se nkoe tsela e tla isa lefung. Kotlo ea ho se utloe e ne etlaba lefu, e seng monyako o isang bophelong bo molemonyana leholimong. Kutlo e ne e tla tlotloa ka bophelo bo tsoetseng pele, bophelo bo sa feleng, Paradeiseng eo Molimo o neng o e neile motho. Bona le Esaia 45:18.)
Na motho o tlameha ho ea leholimong hore a be le bokamoso bo thabileng ka sebele?
Pes. 37:11: “Ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”
Tšen. 21:1-4: “Eaba ke bona leholimo le lecha le lefatše le lecha; . . . Ka utloa lentsoe le phahameng le e-tsoa teroneng, le re: Bonang tabernakele ea Molimo e har’a batho; o tla aha le bona; e tla ba lichaba tsa oona, ’me Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”
Mik. 4:3, 4: “Sechaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa. Ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”
Na Jesu o butse tsela e eang leholimong bakeng sa ba shoeleng pele ho eena?
Petrose oa Pele 3:19, 20 e bolela eng? ‘Ke ka oona moea [oa kamorao ho tsoho ea hae] oo a [Jesu] ileng ho bolella meea e teronkong, e neng e ikhantšitse khale, ha Molimo o no o sa mameletse ka sebete, e leng mehleng ea Noe, ha ho no ho hahuoa areka, eo batho [“meea,” NW, KJ, Dy; “batho,” TEV, JB, RS] ba seng bakae, e leng ba robileng meno e le ’meli, ba pholositsoeng ka eona metsing.’ (Na ‘meea eo e teronkong’ ke meea ea batho ba ileng ba hana ho mamela boboleli ba Noe pele ho Moroallo ’me na joale ba ne ba bulehetsoe ke tsela ea ho ea leholimong? Ho bapisa 2 Petrose 2:4, Juda 6 le Genese 6:2-4 ho bontša hore meea ena e ne e le bara ba Molimo ba mangeloi ba ileng ba iphetolela nameng ’me ba nyala mehleng ea Noe. Ho 1 Petrose 3:19, 20 lentsoe la Segerike bakeng sa “meea” ke pneuʹma·sin, ha lentsoe le ngotsoeng e le “batho” e le psy·khaiʹ. “Meea” e ne e se batho ba hlobotseng nama empa mangeloi a sa utloeng; “batho” bao ho buuoang ka bona mona e ne e le batho ba phelang, Noe le ba lelapa la hae. Se neng se bolelloa “meea e teronkong” e tlameha ebe e ne e le molaetsa oa kahlolo.)
Petrose oa Pele 4:6 e bolela eng? “Evangeli e behetsoe le bona ba shoeleng, e leng hore, leha ba ahlotsoe nameng ka mokhoa oa batho, ba phele moeeng pel’a Molimo.” (Na baa “ba shoeleng” e ne e le batho ba shoeleng pele ho lefu la Kreste? Joalokaha ho se ho bontšitsoe, bafu hase “meea e teronkong.” Meea eo e ne e le mangeloi a sa utloeng. Ho bolela ho ne ho ke ke hoa ruisa batho ba shoeleng molemo hobane, joalokaha Moeklesia 9:5 e bolela, “ha ba tsebe letho leha le le leng,” ’me Pesaleme ea 146:4 e phaella ka hore lefung merero ea motho ‘e-ea fela.’ Empa Ba-Efese 2:1-7, 17 e hlile e bua ka batho ba neng ba shoele moeeng ’me ba phela moeeng ka lebaka la ho amohela litaba tse molemo.)
Na ka “Testamenteng e Ncha” bophelo ba leholimo bo beiloe e le tšepo bakeng sa Bakreste bohle?
Joh. 14:2, 3: “Meaho e mengata ka tlung ea Ntate; hojane ha ho joalo, nka be ke le boleletse; ke ea ho le lokisetsa bolulo. ’Me etlare ha ke se ke ile, ke le lokiselitse bolulo, ke tla boela ke boee, ke le nkele ho ’na, hore moo ’na ke leng teng, le lōna le be teng.” (Mona Jesu o bontša hore baapostola ba hae ba khabane, bao a neng a bua le bona, ka nako ea teng, ba ne ba tla ba le Jesu ka “tlung” ea Ntate oa hae, leholimong. Empa mona ha a bolele hore na ke ba bakae hape ba neng ba tla ea leholimong.)
Joh. 1:12, 13: “Empa bohle ba le [Jesu] amohetseng, le ba neile tokelo ea ho ba bana ba Molimo, e leng ba lumelang lebitso la lona; ba sa kang ba tsoaloa ke mali, leha e le ka ho rata ha nama, leha e le ka ho rata ha monna, ba mpa ba tsoetsoe ke Molimo.” (Hlokomela hore tabeng e potolohileng, temaneng ea 11, ho buuoa ka batho “bahabo” Jesu, Bajode. Ba bangata ba ileng ba mo amohela ha a tlile ho bona lekholong la pele la lilemo ba ile ba fetoha bana ba Molimo, ba talimile bophelong ba leholimo. Maetsi a tabeng a bua ka ntho ea nako e fetileng, ka hona serapa sena ha se bue ka batho bohle ba fetohileng Bakreste ho tloha nakong eo.)
Ba-Roma 8:14, 16, 17: “Bohle ba tsamaisoang ke Moea oa Molimo, bona ke bana ba Molimo. Le oona Moea o emelana le moea oa rōna, hore re bana ba Molimo. ’Me ha re le bana, re majalefa: majalefa a Molimo, le majalefa hammoho le Kreste, ha re fela re utloa bohloko le eena re tle re neoe khanya le eena.” (Nakong ea ha ho ngoloa sena, e ne e le ’nete hore bohle ba neng ba tsamaisoa ke moea oa Molimo e ne e le bara ba Molimo bao tšepo ea bona e neng e le hore ba tla tlotlisoa le Kreste. Empa litaba li ne li sa ka tsa ema joalo kamehla. Luka 1:15 e bolela hore Johanne Mokolobetsi o ne a tla tlala moea o halalelang, empa Mattheu 11:11 e hlakisa hore a ke ke a kopanela khanyeng ea ’Muso oa leholimo. Ka hona, kamor’a hore ho bokelloe majalefa a ’Muso oa leholimo, ho ne ho tla ba le ba bang ba neng ba tla sebeletsa Molimo e le balateli ba Mora oa oona empa leha ho le joalo ba sa kopanele khanyeng ea leholimo.)
Ke litšupiso life tse tobileng ka “Testamenteng e Ncha” tsa tokisetso ea hore Bakreste ba tlotloe ka bophelo bo sa feleng lefatšeng?
Matt. 5:5: “Ho lehlohonolo ba bonolo; hobane ba tla ja lefa la lefatše.”
Matt. 6:9, 10: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.” (Thato ea Molimo ke efe ka lefatše? Genese 1:28 le Esaia 45:18 li supa eng?)
Matt. 25:31-33, 40, 46: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. O tla bea linku ka letsohong la hae le letona, a bee lipōli ho le letšehali. Morena o tla ba [linku] araba, a re: Ka ’nete kea le bolella, ke re: Tseo le li entseng e monyenyane ho baena ba ka, le li entse ’na. ’Me bona [lipōli] bao ba tla ea bohlokong bo sa feleng, empa ba [linku] lokileng ba tla ea bophelong bo sa feleng.” (Hlokomela hore “linku” tsena hase ntho e le ’ngoe le baena ba Morena, bao e leng “ba nang le kabelo pitsong ea leholimo.” [Ba-Heb. 2:10–3:1] Empa bana ba kang linku ba ne ba tla be ba phela nakong ea ha Kreste a le teroneng ea hae le nakong ea ha “baena” ba bang ba hae ba tla be ba sa le mathateng lefatšeng.)
Joh. 10:16: “Ke sa na le linku tse ling, tsee e seng tsa lesaka lena; le tsona e ka khona ke li tlise, ’me li tla utloa lentsoe la ka, ’me mohlape o tla ba mong, molisa le eena a be mong.” (“Linku tse ling” tsee ke life? Ke balateli ba Molisa ea Molemo, Jesu Kreste, empa ha ba ka lesakeng la linku la “selekane se secha,” ka tšepo ea bophelo ba leholimo. Empa ba tla kamanong e haufi le ba ka lesakeng leo la linku.)
2 Pet. 3:13: “Re lebeletse, ka pallo ea oona, maholimo a macha le lefatše le lecha moo ho loka ho ikahetseng teng.” (Le Tšenolo 21:1-4)
Tšen. 7:9, 10: “Ka mora’ tseo [kamor’a hore moapostola Johanne a bone palo e feletseng ea ba ‘tiisitsoeng’ ba “lopolotsoeng lefatšeng” ho ea ba le Kreste Thabeng ea Sione ea leholimo; bona Tšenolo 7:3, 4; 14:1-3], ka talima, ’me ka bona bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana, ba apere liaparo tse telele tse tšoeu, ba tšoere lipalema matsohong a bona, ba ntse ba hoa ka mantsoe a phahamileng, ba re: Poloko ke ea Molimo oa rōna, o lutseng teroneng, le ea Konyana.”
Bibele e tšoaretse ba bakae tšepo ea bophelo ba leholimo?
Luka 12:32: “Mohlatsoana, se tšabe, hobane ho khahlile Ntat’a lōna ho le fa ’muso.”
Tšen. 14:1-3: “Ka talima, ’me ka bona Konyana [Jesu Kreste] e eme thabeng ea Sione [leholimong; bona Ba-Heberu 12:22-24], e e-na le ba ngoliloeng lebitso la Ntat’a eona liphatleng tsa bona, . . . Ba ne ba bina ho kang sefela se secha . . . ’Me ho no ho se ba ka ithutang sefela seo, ha e se ba likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba lopolotsoeng lefatšeng.”
Na ba 144 000 ke Bajode ba tlhaho feela?
Tšen. 7:4-8: “Ka utloa palo ea ba tšoailoeng e le likete tse lekholo le nang le mashome a mane a metso e mene, e leng ba tšoailoeng melokong eohle ea bana ba Iseraele. . . . Juda . . . Rubene . . . Gade . . . Asere . . . Nefthali . . . Manasse . . . Simeone . . . Levi . . . Issakare . . . Zabulone . . . Josefa . . . Benyamine.” (Ena e ke ke ea e-ba meloko ea Iseraele oa tlhaho hobane ha ho mohla ho bileng le leloko la Josefa, meloko ea Efraime le Dane ha e-ea kenyelletsoa lethathamong lena, ’me Balevi ba ne ba behelletsoe ka thōko bakeng sa tšebeletso e amanang le tempele empa ba ne ba sa baloe e le o mong oa meloko e 12. Bona Numere 1:4-16.)
Ba-Roma 2:28, 29: “Eo e leng mo-Jode, hase eo e leng eena kantle, le lebollo hase le etsoang kantle, nameng; empa mo-Jode ke eo e leng eena kahare, ’me lebollo ke la pelo, le etsoang ke Moea, e seng ke letere.”
Ba-Gal. 3:26-29: “Hobane bohle le bara ba Molimo ka ho lumela ho Jesu Kreste. . . . Ha ho sa le mo-Jode, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lōna le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste. ’Me ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko la Abrahama, le majalefa ka pallo.”
Na palo ea 144 000 ke tšoantšetso feela?
Karabelo e bontšoa ke ’nete ea hore, hoba ho boleloe palo e tiileng ea 144 000, Tšenolo 7:9 e bua ka “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala.” Haeba palo ea 144 000 e ne e se ea sebele e ne e sa tl’o bolela letho ha e bapisoa le “bongata bo boholo.” Ho talima palo e le ea sebele ho lumellana le polelo ea Jesu ho Mattheu 22:14 mabapi le ’Muso oa maholimo: “Ba bitsoang ba bangata, empa ba khethiloeng ha ba bakae.”
Na ba “bongata bo boholo” bao ho buuoang ka bona ho Tšenolo 7:9, 10 le bona ba ea leholimong?
Tšenolo ha e re ba ‘lopolotsoe lefatšeng’ joaloka ba 144 000 hore ba eo ba le Kreste Thabeng ea Sione ea leholimo.—Tšen. 14:1-3.
Hore ba hlalosoa ba “eme pel’a terone le pel’a Konyana,” hase tlamo hore ebe ho supang sebaka, empa boemo bo amohelehang. (Bapisa Tšenolo 6:17; Luka 21:36.) Mantsoe “pel’a terone” (e·noʹpi·on tou throʹnou, ka Segerike; “pontšeng ea terone”) ha a hloke hore ba be leholimong. Boemo ba bona bo mpa bo le “pontšeng” ho Molimo, o re bolellang hore o bona bana ba batho o le leholimong.—Pes. 11:4; bapisa Mattheu 25:31-33; Luka 1:74, 75; Liketso 10:33.
‘Bongata bo boholo bo leholimong’ bo boleloang ho Tšenolo 19:1, 6 ha bo tšoane le “bongata bo boholo” ba Tšenolo 7:9. Bo leholimong ha bo hlalosoe bo ‘tsoa lichabeng tsohle’ kapa bo re poloko ea bona e tsoa ho Konyana; ke mangeloi. Mantsoe “bongata bo boholo” a sebelisitsoe ka Bibeleng kamanong le litaba tse sa tšoaneng.—Mar. 5:24; 6:34; 12:37.
Ba eang leholimong ba tla etsa joang teng?
Tšen. 20:6: “E tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena lilemo tse sekete.” (Le Daniele 7:27)
1 Ba-Kor. 6:2: “Na ha le tsebe hoba bahalaleli ba tla ahlola lefatše?”
Tšen. 5:10: “U ba beile marena le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa holim’a [“holim’a,” NW, AT, Da, Kx, CC] lefatše.” (Lona lentsoe leo la Segerike le tsela eo le sebelisitsoeng ka eona ha ho ngoloa le fumanoa ho Tšenolo 11:6. Ho NW, RS, KJ, Dy, jj., kaofela li le ngola e le “holim’a.”)
Ke mang ea khethang ba tla ea leholimong?
2 Ba-Thess. 2:13, 14: “Re tšoanetse ho boka Molimo ka mehla ka baka la lōna, banab’eso, baratuoa ba Morena, kahobane Molimo o le khethile e sa le ho qaleng, hore le tle le bolokehe ke ho halaletsoa ke Moea, le ke ho lumela ’nete. O le bilelitse hona ka Evangeli ea rōna, le tle le rue khanya ea Morena oa rōna Jesu Kreste.”
Ba-Roma 9:6, 16: “Hase bohle ba tsoileng ho Iseraele e leng ba-Iseraele. . . . hase taba ea ea ratang, leha e le ea ea titimang, empa e le ea Molimo o hauhelang.”