Na ho na le ea Kileng a Bona Molimo?
MOPATRIAREKA ea tsebahalang Abrahama, ea phetseng nakong e kaholimo ho lilemo tse 1 900 pele ho tsoalo ea Jesu Kreste, o ne a talingoa ka mofuthu ke ’Mōpi oa rōna hoo a ileng a bitsoa “motsoalle oa Molimo.” (Jakobo 2:23, Byington) Haeba motho ofe kapa ofe a ne a ka neoa tokelo ea ho bona Molimo, ka sebele Abrahama e ne e tla ba eena motho eo. Koana, ka lekhetlo le leng, baeti ba bararo ba ile ba tla ho eena ka molaetsa oa Molimo. Abrahama o ile a bitsa e mong oa bona Jehova. Na see se bolela hore Abrahama o hlile a bona Molimo?
Tlaleho ena e fumanoa ho Genese 18:1-3. Moo rea bala: “Jehova a iponahatsa ho Abrahama lieikeng tsa Mamre, a lutse monyako oa tente, motšehare, ha ho futhumetse. A emisa mahlo, a talima, ’me a bona banna ba bararo, ba eme pel’a hae; eitse ha a ba bona, a tloha monyako oa tente ea hae, a titima, a ba khahlanyetsa, a inamela fatše, a re: Moren’a ka [“Jehova,” NW], ha ekaba ke bone mohau mahlong a hao, oho, u se ke ua fapoha mohlanka oa hao.”
Hamorao, ha Abrahama le baeti ba hae ba bararo ba ne ba talimile Sodoma ba le nģalong e phahameng, ba babeli ba ile ba tloha ho etela motse oo. Joale temana ea 22 e re: “Empa Abrahama a sala pel’a Jehova.” Ho tsoa ho sena ho ne ho ka ’na ha bonahala e ka Molimo o ne o e-na le Abrahama ka ’mele o bonahalang oa nama. Ena ke khang eo batho ba bang ba lumelang hore Molimo le Jesu Kreste ke motho a le mong ba e pheang.
Mabapi le Genese 18:3, seithuti sa Bibele Melancthon W. Jacobus se ngotse: “Mona Molimo o hlaha ka lekhetlo la pele paleng e le motho har’a batho, ho bontša bonnete ba Boleng ba Oona, le ho tšoana ha Oona le batho, ’me ka ketso ena e totobetseng ho tiisetsa mopatriareka tšebelisano-’moho ea Bomolimo le botsoalle.” Ba nang le pono ena ea litaba ba ne ba ka ’na ba etsa qeto ea hore Abrahama o hlile a bona Jehova ka mahlo a hae a nama le hore batho ba boneng Jesu Kreste ba bone le Molimo. Empa na qeto ee e lumellana le Bibele?
Seo Jesu a se Boletseng
Ho fapana le ho phatlalatsa hore e ne e le Molimo o le nameng, Jesu Kreste o itse: “Ke Mora oa Molimo.” (Johanne 10:36) E le Moemeli ea phethahetseng oa Jehova Molimo, Jesu o ile a boela a re: “Ke sitoa ho etsa letho ke ’notši; ke ahlola kamoo ke utloang kateng, ’me kahlolo ea ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratoang ke ’na, ke mpa ke batla ho ratoang ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 5:30) Ha Jesu a le thupeng ea tlhokofatso, o ile a rapela ’Mōpi e moholo ea maholimong, a ’mitsa “Molimo oa ka, Molimo oa ka.” (Mattheu 27:46) Kamorao ho tsoho ea hae, Jesu a bolella Maria Magdalena: “Ke nyolohela ho Ntate, e leng le Ntat’a lōna, ho Molimo oa ka, e leng le Molimo oa lōna.” (Johanne 20:1, 17) Kaha Jesu Kreste e ne e se sebopeho sa nama sa Molimo, ha ho motho ea boneng Jesu ea neng a ka re ka baka leo o bone Molimo.
Johanne, moapostola eo Jesu a neng a mo rata ka ho khethehileng, o ile a tiisa ’nete ea hore baapostola ba ne ba sa bone Molimo ha ba talimile Jesu. Tlas’a pululelo Johanne o itse: “Molimo ha oa ka oa bonoa ke motho le ka mohla o le mong.” (Johanne 1:18) Joale, Abrahama o bone mang? Phihlelo ea Moshe e re thusa ho fumana karabelo.
Kamoo Moshe a Boneng Molimo
Moshe o kile a senola takatso ea hae ea ho bona Molimo. Ho Exoda 33:18-20, rea bala: “Ak’u mpontše [’na Moshe] sefahleho sa hao. Jehova a re: Ke tla fetisa molemo oohle oa ka pontšeng ea hao, ke bolele lebitso la Jehova pel’a hao; ke tla hauhela eo ke mo hauhelang, ke rekolohele eo ke mo rekolohelang. Hape a re: U ke ke ua bona sefahleho sa ka, hobane ha ho motho ea ka mponang, ’me a phela.”
Seo Molimo o ileng oa lumella Moshe ho se bona e ne e le khanya ea Oona e fetang. Litemana tsa 21 ho ea ho 23 li bolela hore: “Jehova a boela a re: Bona, ho na le sebaka se seng pel’a ka; u tla ema lefikeng. Etlere ha khanya ea ka e feta, ke tla u kenya lefarung la lefika, ke u khurumetse ka letsoho la ka, ho fihlela ke ba ke feta. Ke ntoo tlosa letsoho la ka, ’me u tla mpona kamorao; empa sefahleho sa ka, sona ha se na ho bonoa.”
Tumellanong le seo Jehova a se boleletseng Moshe le seo moapostola Johanne a se buileng, Moshe ha aa ka a bona sebopeho se bonahalang sa Molimo kapa ho nka ha oona sebopeho sa nama. Sohle seo Moshe a se boneng ke leseli le siiloeng ke boteng ba Molimo ha bo feta. Esita le moo o ne a lokela ho sireletsoa ke Molimo. Ka ho hlakileng, hase Molimo ka booona oo Moshe a neng a o bona.
Ha Moshe a ne a buisana le Molimo “ba talimane lifahleho,” joalokaha ho boletsoe ho Exoda 33:11, o ne a sa kopana le Jehova hoo a neng a ka ’mona. Polelo ena e bontša mokhoa oo Moshe a neng a buisana le Molimo ka oona, e seng seo a neng a se bona. Ho buisana le Molimo “ba talimane lifahleho” ho bontša puisano ea batho ba babeli. Ka ho tšoanang, motho a ka tsoela pele ka puisano ea batho ba babeli ka fono-fono a sa bone motho e mong.
Ha Moshe a ne a bua le Molimo ’me a fumana litaelo tse tsoang ho oona, puisano eo e ne e sa etsoe ka lipono, joalokaha ho ne ho atisa ho etsahala ka baprofeta ba bang. Sena se boletsoe ho Numere 12:6-8 (NW), moo re balang: “A tsoela pele ho re: ‘Utloang mantsoe a ka, hle. Haeba ho kile ha e-ba le moprofeta oa lōna bakeng sa Jehova, e ne e tla ba ka pono ke neng ke tla itsebahatsa ho eena. Ka toro ke ne ke tla bua le eena. Ha ho joalo ka mohlanka oa ka Moshe! Tsohle tse ka tlung ea ka li beiloe letsohong la hae. Ke bua le eena ka molomo le molomo, ka hona ke ’montša, ’me e se ka lilotho; ’me ponahalo ea Jehova ke eona eo a e bonang.’” Ke ka kutloisiso efe Moshe a neng a bona “ponahalo ea Jehova”?
Moshe o ile a bona “ponahalo ea Jehova” ha eena, Aarone, le banna ba bang ba itseng ba ne ba le Thabeng ea Sinai. Ho Exoda 24:9, 10, ho ngotsoe: “Ba bona Molimo oa Iseraele; ba bona ka tlas’a maoto a oona mosebetsi oa safire o bonaletsang, o hloekileng joale ka leholimo.” Empa Moshe le banna ba bang ba ile ba khona ho “bona Molimo oa Iseraele” joang, kaha Molimo o ne o mo boleletse hore, “Ha ho motho ea ka mponang, ’me a phela”? Temana ea 11 (NW) ea hlalosa, hobane e re: “Ha aa ka a isa letsoho khahlanong le banna ba khethiloeng ba bara ba Iseraele, empa ba ile ba e-ba le pono ka Molimo oa ’nete ’me ba e-ja ’me ba e-noa.” Kahoo ponahalo ea Molimo eo Moshe le ba bang ba e boneng e ne e le ka mokhoa oa pono.
Mangeloi a Baemeli
Ho ne ho sa hlokahale hore ’Mōpi e moholo oa bokahohle a theohe sebakeng sa hae se phahameng maholimong e le hore a ka tla nehelana ka melaetsa ho batho ba itseng. Ntle le liketsahalo tse tharo tse tlalehiloeng tsa ha lentsoe la Molimo ka bolona le ne le utluoa ha Mora oa oona a ne a le lefatšeng, kamehla Jehova o ’nile a sebelisa mangeloi ho fetisa melaetsa ea Hae. (Mattheu 3:17; 17:5; Johanne 12:28) Esita le Molao oo Molimo o ileng oa o fa sechaba sa Iseraele Thabeng ea Sinai o ile oa fetisetsoa ho sona ka mangeloi, le hoja Moshe a boleloa a buisana ka ho toba le Molimo ka booona. Mabapi le sena, moapostola Pauluse o ngotse: “Joale, Molao [o teng] hobane’ng? O ekelitsoe ho etsa hore litlōlo li bonahale, ho fihlela peō e ka fihla eo tšepiso e neng e entsoe ho eona; ’me o fetisitsoe ka mangeloi ka letsoho la mokena-lipakeng.”—Ba-Galata 3:19, NW.
Hore Moshe o hlile a bua le lengeloi leo e neng e le moemeli oa botho oa Molimo ho boetse ho bontšoa ho Liketso 7:38, e reng: “Ke eena ea kileng a ba phuthehong feelleng, hammoho le lengeloi le neng le bua le eena thabeng ea Sinai le bo-ntat’a rōna moholo.” Lengeoi leo e ne e le lenģosa la botho la Jehova Molimo, ’Mōpi, kahoo le ile la bua le Moshe joalokaha e ka e ne e le Molimo ka booona o buang.
Lengeloi le ileng la fana ka molaetsa oa Molimo ho Moshe sehlahleng se tukang le lona e ne e le lenģosa. Le tsebahatsoa e le lengeloi la Jehova ho Exoda 3:2, moo re bolelloang: “Eaba lengeloi la Jehova le itlhahisa ho eena, khabong ea mollo, ka hare ho sehlahla.” Temana ea 4 e re: “Eitse ha Jehova a bona hobane o fapoha ho tla sheba, Molimo oa ’mitsa o le har’a sehlahla.” Temaneng ea 6, lengeloi lena la lenģosa le itse: “Ke ’na Molimo oa ntat’ao, Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaaka, Molimo oa Jakobo.” Kahoo ha a bua le moemeli enoa oa botho oa Molimo, Moshe o ile a bua joalokaha e ka o ne a bua le Jehova ka boeena.—Exoda 4:10.
Ho Baahloli khaolo ea 6, re fumana mohlala o mong oa monna ea ileng a bua le Molimo ka lengeloi la moemeli. Temana ea 1 e tsebahatsa moromuoa eo e le “lengeloi la Jehova.” Moo rea bala: “Eaba lengeloi la Jehova le tla, la lula tlas’a sefate sa terebinthe se Ofra, e leng sa Joase, mo-Abiezere ’me Gideone, mor’a hae, o na a pola koro sehatelong, hore a tle a e patele ba-Midiane.” Moromuoa enoa, “lengeloi la Jehova,” hamorao o boleloa joalokaha e ka e ne e hlile e le Jehova Molimo ka boeena. Litemaneng tsa 14 le 15 (NW), rea bala: “Eaba Jehova o talima [Gideone] ’me a re: ‘E-ea ka matla ana a hao, ’me u tla fela u pholose Iseraele letsohong la Mediane. Na ha ke u rōme na?’ Ha a arabela a re ho eena: ‘Ntšoarele, Jehova. Ke tla pholosa Iseraele ka eng na?’” Kahoo lengeloi le neng le nkile sebopeho se bonahalang leo Gideone a le boneng a ba a bua le lona tlalehong ea Bibele le boleloa joalokaha e ka e ne e le Molimo ka booona. Temaneng ea 22, Gideone o re: “Ke bone lengeloi la Jehova, re talimane lifahleho le lona.” Lengeloi le ile la bua ka bokhutšoanyane seo Molimo o neng o le boleletse hore le se bue. Kahona, Gideone o buile le Molimo ka lengeloi lena la lenģosa.
Hape, nahana ka taba ea Manoah le mosali oa hae, batsoali ba Samsone. Tlaleho ena le eona e bua ka lengeloi leo la moromuoa e le “lengeloi la Jehova” le “lengeloi la Molimo oa ’nete.” (Baahloli 13:2-18, NW) Temaneng ea 22, Manoah o re ho mosali oa hae: “Re tla shoela ruri, hobane re bone Molimo.” Le hoja a ne a sa bona Jehova ka sebele, Manoah o ne a ikutloa ka tsela eo hobane o ne a bone lenģosa la botho la Molimo le neng le nkile sebopeho se bonahalang.
“Molimo Ha Oa Ka Oa Bonoa ke Motho”
Joale re khona ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Abrahama a ile a bitsa lengeloi la Molimo la lenģosa le neng le nkile sebopeho se bonahalang joalokaha e ka o ne a bua le Jehova Molimo ka boeena. Kaha lengeloi lena le ile la bua ka bokhutšoanyane seo Molimo o neng o batla hore Abrahama a se bolelloe le hore le ne le tlile e le moemeli oa Oona oa botho, tlaleho ea Bibele e ne e ka re “Jehova a iponahatsa ho Abrahama.”—Genese 18:1.
Hopola hore lengeloi la Molimo la lenģosa le ne le ka fetisa melaetsa ea Oona ka bokhutšoanyane feela joalokaha fono-fono kapa seea-le-moea li ka fetisetsa mantsoe a rōna ho motho e mong. Kahoo, ho ka utloisisoa kamoo Abrahama, Moshe, Manoah, le ba bang ba neng ba ka bua le lengeloi le nkileng sebopeho se bonahalang joalokaha e ka ba ne ba bua le Molimo. Le hoja batho ba joalo ba ile ba khona ho bona mangeloi ana le khanya ea Jehova e neng e bonahatsoa ke ’ona, ha baa ka ba khona ho bona Molimo. Kahona, ho hang hona ha ho hanyetse polelo ea moapostola Johanne: “Molimo ha oa ka oa bonoa ke motho le ka mohla o le mong.” (Johanne 1:18) Seo batho bana ba se boneng e ne e le mangeloi a baemeli e seng Molimo ka booona.