Lintlha Tsa Bohlokoa Tsa Mekete Tsa Histori ea Baiseraele
“Hararo ka selemo, ba batona bohle ba heno ba tla itlhahisa pel’a Jehova, Molimo oa hao, nģalong eo a tla e khetha . . . , ba se ke ba itlhahisa pel’a Jehova ba le feela.”—DEUTERONOMA 16:16.
1. Ke’ng se ka buuoang ka mekete ea linakong tsa Bibele?
U HOPOLA eng ha u nahana ka mokete? Mekete e meng linakong tsa boholo-holo e ile ea tsebahala ka ho fetella tabeng ea ho khotsofatsa litakatso le boitšoarong bo bobe. Ho joalo le ka mekete e meng ea kajeno. Empa mekete e thathamisitsoeng Molaong oa Molimo ho Iseraele e ne e fapane. Le hoja e ne e le liketsahalo tsa thabo, e ne e ka boela ea hlalosoa e le “liphutheho tse halalelang.”—Levitike 23:2.
2. (a) Ho ne ho hlokahala hore Baiseraele ba batona ba etse eng hararo ka selemo? (b) “Mokete” ke eng, joalokaha lentsoe lee le sebelisitsoe ho Deuteronoma 16:16?
2 Banna ba Baiseraele ba tšepahalang—hangata ba tsamaea le malapa a bona—ba ne ba fumana monyaka o khathollang ka ho ea Jerusalema, ‘nģalong eo Jehova a e khethileng,’ ’me ba ne ba nehela ka seatla se bulehileng meketeng e meraro e meholo. (Deuteronoma 16:16) Buka ea Old Testament Word Studies e hlalosa lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “mokete” ho Deuteronoma 16:16 e le “ketsahalo ea thabo e khōlō . . . eo ho eona liketsahalo tse ling tse khethehileng tsa mohau oa Molimo li neng li hopoloa ka ho etsa mahlabelo le ka ho keteka.”a
Bohlokoa ba Mekete e Meholo
3. Mekete e meraro ea selemo le selemo e ne e hopotsa ka litlhohonolofatso life?
3 Kaha Baiseraele ba ne ba phela ka temo, ba ne ba itšetlehile ka hore Molimo a ba hlohonolofatse ka pula. Mekete e meraro e meholo Molaong oa Moshe e ne e e-ba ka nako ea kotulo ea harese mathoasong a nako ea selemo, kotulo ea koro mafelong a nako ea selemo le kotulo ea lintho tse ling e etsoang mafelong a lehlabula. Tsena e ne e le liketsahalo tsa thabo e khōlō le tsa ho leboha Mofani oa lipula le Moetsi oa naha e behang. Empa mekete ena e ne e akarelletsa ho eketsehileng.—Deuteronoma 11:11-14.
4. Moketeng oa pele ho ne ho ketekoa ketsahalo efe e tummeng historing?
4 Mokete oa pele o ne o e-ba khoeling ea pele ea almanaka ea boholo-holo ea Bibele, ho tloha ka la 15 ho ea ho la 21 Nisane, e leng nako e lumellanang le ea rōna ea mafelong a March kapa mathoasong a April. O ne o bitsoa Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang, kaha o ne o tla hantle ka mor’a Paseka ea la 14 Nisane, o ne o boetse o bitsoa “mokete oa paseka.” (Luka 2:41; Levitike 23:5, 6) Mokete ona o ne o hopotsa Baiseraele ka ho lopolloa ha bona mahlomoleng Egepeta ka hona mahobe a sa lomosoang a bitsoa “mahobe a mahlomola.” (Deuteronoma 16:3) O ne o ba hopotsa hore ho baleha ha bona Egepeta e bile ho potlakileng hoo ho sa kang ha e-ba le nako ea ho lomosa hlama ea bona le ho emela hore e kokomohe. (Exoda 12:34) Nakong ea mokete ona ho ne ho sa lokela hore ho fumanoe bohobe bo lomositsoeng lelapeng la Moiseraele. Motho leha e le ofe ea neng a keteka, ho akarelletsa le mojaki, ea neng a e-ja bohobe bo lomositsoeng, o ne a lokela ho otloa ka lefu.—Exoda 12:19.
5. Ke tokelo efe eo e ka ’nang eaba e ile ea hopoloa moketeng oa bobeli, ’me ke bo-mang ba neng ba lokela ho kenyelletsoa thabong?
5 Mokete oa bobeli o ne o etsoa libeke tse supileng (matsatsi a 49) ka mor’a la 16 Nisane ’me o ne o e-ba letsatsing la botšelela la khoeli ea boraro, Sivane, e leng nako e lumellanang le ea rōna ea mafelong a May. (Levitike 23:15, 16) O ne o bitsoa Mokete oa Libeke (mehleng ea Jesu, o ne o boetse o bitsoa Pentekonta, e bolelang “Ea Mashome a Mahlano” ka Segerike), ’me o ne o etsoa ho ella nakong ea selemo e tšoanang le eo Baiseraele ba ileng ba kena selekaneng sa Molao ka eona Thabeng ea Sinai. (Exoda 19:1, 2) Moketeng ona e ka ’na eaba Baiseraele ba tšepahalang ba ne ba nahana ka tokelo ea bona ea ho behelloa ka thōko e le sechaba sa Molimo se halalelang. Ho ba ha bona sechaba sa Molimo se khethehileng ho ne ho ba hloka ho mamela Molao oa Molimo, o kang taelo ea ho hlokomela mafutsana ka lerato e le hore le bona ba ka thabela mokete.—Levitike 23:22; Deuteronoma 16:10-12.
6. Mokete oa boraro o ne o hopotsa batho ba Molimo phihlelo efe?
6 Mokete oa ho qetela ho e meraro e meholo ea selemo le selemo o ne o bitsoa Mokete oa Kotulo, kapa Mokete oa Metlotloane. O ne o etsoa khoeling ea bosupa, e leng Tishri kapa Ethanime, ho tloha ka la 15 ho ea ho la 21, e leng nako e lumellanang le mathoaso a October ea rōna. (Levitike 23:34) Nakong ena, batho ba Molimo ba ne ba lula ka ntle ho mahae a bona kapa marulelong a bona matlong a nakoana (metlotloane) a entsoeng ka makala a lifate le makhasi a tsona. Sena se ne se ba hopotsa ka leeto la bona la lilemo tse 40 ho tloha Egepeta ho ea Naheng e Tšepisitsoeng, ha sechaba se ne se tlameha ho ithuta ho tšepa Molimo bakeng sa litlhoko tsa sona tsa letsatsi le letsatsi.—Levitike 23:42, 43; Deuteronoma 8:15, 16.
7. Re fumana molemo joang tlhahlobong ea mekete ea Iseraele ea boholo-holo?
7 A re hlahlobeng mekete e meng e ileng ea ipaka ho ba ea bohlokoa historing ea batho ba Molimo ba boholo-holo. Sena se lokela ho re khothatsa kajeno, kaha le rōna re memeloa ho bokana hammoho kamehla beke le beke le hararo ka selemo likopanong tse nyenyane le tse khōlō.—Baheberu 10:24, 25.
Nakong ea Marena a Leloko la Davida
8. (a) Ke mokete ofe o tummeng historing o ileng oa etsoa mehleng ea Morena Solomone? (b) Re ka lebella tlhōrō efe e hlollang ea Mokete oa Metlotloane?
8 Ho keteka ho hong ho tummeng historing nakong ea Mokete oa Metlotloane ho bile nakong ea puso e atlehileng ea Morena Solomone, mor’a Davida. “Phutheho e khōlō haholo” e ile ea bokana ho tloha lipheletsong tsa Naha e Tšepisitsoeng bakeng sa Mokete oa Metlotloane le ho neheloa ha tempele. (2 Likronike 7:8) Ha o felile, Morena Solomone o ile a qhala ba ketekang, ba ileng ba ‘hlohonolofatsa morena, ba ikela hae litenteng tsa bona ka lipelo tse thabileng, tse nyakaletseng ke molemo oohle oo Jehova a o etselitseng Davida, mohlanka oa hae, le sechaba sa hae sa Iseraele.’ (1 Marena 8:66) Ruri eo e bile ntlha ea bohlokoa ea mokete. Kajeno, bahlanka ba Molimo ba lebeletse tlhōrō e hlollang ea Mokete oa Metlotloane oo e seng oa tšoantšetso qetellong ea Puso ea Lilemo tse Sekete ea Solomone e Moholoanyane, Jesu Kreste. (Tšenolo 20:3, 7-10, 14, 15) Ka nako eo, batho ba lulang sekhutlong se seng le se seng sa lefatše, ho akarelletsa le ba tsositsoeng le bapholohi ba Armagedone, ba tla kopana borapeling bo thabisang ba Jehova Molimo.—Zakaria 14:16.
9-11. (a) Ke’ng se ileng sa lebisa ntlheng ea bohlokoa ea mokete mehleng ea Morena Hezekia? (b) Ba bangata ba leng tlas’a ’muso o ka leboea oa meloko e leshome ba ile ba beha mohlala ofe, ’me o re hopotsa eng kajeno?
9 Mokete o latelang o ikhethang o tlalehiloeng ka Bibeleng o ile oa etsoa ka mor’a puso ea Morena Ahaze ea khopo, ea neng a koetse tempele ’me a lebisa ’muso oa Juda bokoenehing. Mohlahlami oa Ahaze e bile Morena Hezekia ea molemo. Selemong sa pele sa puso ea hae, a le lilemo li 25, Hezekia o ile a qala lenaneo le leholo la tsosoloso le ntlafatso. O ile a bula tempele hang-hang ’me a lokisetsa hore e lokisoe. Joale morena enoa o ile a romela mangolo ho Baiseraele ba lulang ’musong oa Iseraele oa meloko e leshome o ka leboea o tletseng bora, a ba memela hore ba tle ’me ba keteke Paseka le Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang. Ba bangata ba ile ba tla, ho sa tsotellehe ho songoa ke batho ba habo bona.—2 Likronike 30:1, 10, 11, 18.
10 Na mokete oo o ile oa atleha? Bibele ea tlaleha: “Bana ba Iseraele ba neng ba le Jerusalema ba etsa mokete oa mahobe a se nang litomoso joalo ka tšiu tse supileng, ka thabo e kholo; ba-Levi le baprista bona ba ’na ba boka Jehova ka letsatsi le letsatsi, ka liletsa tse matla.” (2 Likronike 30:21) Baiseraele bao ba behetse batho ba Molimo ba kajeno mohlala o motle hakaakang, bao boholo ba bona ba mamellang khanyetso ba bileng ba tsamaeang libaka tse telele e le hore ba be teng likopanong!
11 Ka mohlala, nahana ka Likopano tse tharo tsa Setereke tsa “Boinehelo ba Bomolimo” tse neng li tšoaretsoe Poland ka 1989. Har’a ba 166-518 ba neng ba le teng ho ne ho e-na le lihlopha tse khōlō tsa ba neng ba tsoa Soviet Union ea mehleng le linaheng tse ling tsa Europe Bochabela moo mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o neng o thibetsoe ka nako eo. Buka ea Lipaki tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimob ea tlaleha: “Ba bang ba bileng teng likopanong tsena, e ne e le lekhetlo la pele ba ba pokanong e khōlō ea batho ba Jehova ba fetang 15 kapa 20. Lipelo tsa bona li ile tsa tlala kananelo ha ba bona batho ba mashome a likete ba leng lebaleng la lipapali, ba kopanela le bona thapelong, ’me ba kopanya mantsoe a bona hammoho le bona lipineng tse rorisang Jehova.”—Leqepheng la 279.
12. Ke’ng se ileng sa lebisa ntlheng ea bohlokoa ea mokete pusong ea Morena Josiase?
12 Ka mor’a lefu la Hezekia, Bajudea ba ile ba boela ba khelohela borapeling ba bohata tlas’a Morena Manase le Morena Amone. Joale ha latela puso ea morena e mong ea molemo, Josiase e mocha, ea ileng a nka bohato ka sebete ha a tsosolosa borapeli ba ’nete. Ha a le lilemo li 25, Josiase o ile a laela hore tempele e lokisoe. (2 Likronike 34:8) Ha e ntse e lokisoa, Molao o ngotsoeng ke Moshe o ile oa fumanoa ka tempeleng. Morena Josiase o ile a susumetsoa ka ho teba ke seo a neng a se bala Molaong oa Molimo ’me a lokisetsa hore o balloe batho bohle. (2 Likronike 34:14, 30) Joale, ho ea ka se neng se ngotsoe, o ile a lokisetsa mokete oa Paseka. Morena enoa o ile a boela a beha mohlala o motle ka ho nehela ka seatla se bulehileng ketsahalong ena. Ka lebaka leo, Bibele ea tlaleha: ‘Ho no ho e-so ho ka ho etsoa Paseka e joalo ka eo Iseraeleng, ha e sa le mehleng ea Samuele moporofeta.’—2 Likronike 35:7, 17, 18.
13. Mekete ea Hezekia le Josiase e re hopotsa eng kajeno?
13 Lintlafatso tsa Hezekia le Josiase li tšoana le tsosoloso e babatsehang ea borapeli ba ’nete e bileng teng har’a Bakreste ba ’nete ho tloha ha Jesu Kreste a behoa teroneng ka 1914. Joalokaha ho bile joalo haholo-holo ka lintlafatso tsa Josiase, tsosoloso ena ea kajeno e ’nile ea thehoa ho se ngotsoeng ka Lentsoeng la Molimo. ’Me, joaloka mehleng ea Hezekia le Josiase, tsosoloso ea kajeno e ’nile ea tšoauoa ka likopano tse nyenyane le tse khōlō moo litlhaloso tse hlasimollang tsa boprofeta ba Bibele le tšebeliso e nakong ea melao-motheo ea Bibele li ’nileng tsa etsoa. Se ekelletsang thabong ea liketsahalo tsena tse rutang e bile lenane le leholo la ba ileng ba kolobetsoa. Joaloka Baiseraele ba bakileng mehleng ea Hezekia le Josiase, ba sa tsoa kolobetsoa ba furaletse mekhoa e khopo ea Bokreste-’mōtoana le lefatše lohle la Satane. Ka 1997 ho ile ha kolobetsoa ba fetang 375 000 ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Molimo ea halalelang, Jehova—e leng karolelano ea ba fetang 1000 ka letsatsi.
Ka Mor’a Botlamuoa
14. Ke’ng se ileng sa lebisa ntlheng ea bohlokoa ea mokete ka 537 B.C.E.?
14 Ka mor’a lefu la Josiase, sechaba se ile sa boela sa retelehela borapeling ba bohata bo litšila. Qetellong, ka 607 B.C.E., Jehova o ile a otla batho ba hae ka ho etsa hore mabotho a ntoa a Babylona a loantše Jerusalema. Motse ona le tempele ea oona li ile tsa timetsoa, ’me naha ea etsoa lesupi. Ho ile ha latela lilemo tse 70 tsa botlamuoa ba Bajuda Babylona. Joale Molimo o ile a tsosolosa masala a Bajuda a bakileng, a ileng a khutlela Naheng e Tšepisitsoeng ho ea tsosolosa borapeli ba ’nete. A ile a fihla motseng o senyehileng oa Jerusalema ka khoeli ea bosupa selemong sa 537 B.C.E. Ntho ea pele eo a ileng a e etsa e bile ho haha aletare ea ho nyehela mahlabelo a tloaelehileng a kamehla joalokaha ho bontšitsoe selekaneng sa Molao. Seo se etsahetse hantle feela nakong ea mokete o mong o tummeng historing. Eaba “ba etsa le mokete oa Metlotloane ka ho ea ka se ngoliloeng.”—Esdrase 3:1-4.
15. Ke mosebetsi ofe o neng o letetse masala a tsosolositsoeng ka 537 B.C.E., ’me boemo bo tšoanang le boo bo bile teng joang ka 1919?
15 Mosebetsi o moholo o ne o larile ka pele ho batlamuoa bana ba khutlileng—oa ho haha tempele ea Molimo bocha le ho haha Jerusalema le marako a eona. Ho ne ho e-na le khanyetso e ngata e tsoang ho baahisani ba mōna. Ha tempele e ntse e ahoa, e ne e le “letsatsi la taba tse nyenyane.” (Zakaria 4:10) Boemo bona bo ne bo tšoana le ba Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ka 1919. Selemong seo se tsebahalang, ba ile ba lokolloa botlamuoeng ba moea ba Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata. Ba ne ba le likete tse seng kae feela ’me ba ne ba talimane le lefatše le tletseng bora. Na lira tsa Molimo li ne li tla khona ho thibela tsoelo-pele ea borapeli ba ’nete? Karabo potsong eo e re hopotsa mekete e ’meli ea ho qetela e tlalehiloeng Mangolong a Seheberu.
16. Ke’ng seo e neng e le sa bohlokoa ka mokete o bileng teng ka 515 B.C.E.?
16 Qetellong tempele e ile ea ahoa bocha khoeling ea Adare ka 515 B.C.E., hantle feela ka nako ea mokete oa nako ea selemo oa Nisane. Bibele ea tlaleha: “Ba etsa mokete oa mahobe a se nang litomoso ka tšiu tse supileng ka thabo; kahobane Jehova a na a ba thabisitse le ho susumetsa pelo ea morena oa Assiria, hore a natlafatse matsoho a bona mosebetsing oa ntlo ea Molimo, Molimo oa Iseraele.”—Esdrase 6:22.
17, 18. (a) Ke ntlha efe ea bohlokoa ea mokete e ileng ea finyelloa ka 455 B.C.E.? (b) Ke joang re leng boemong bo tšoanang le boo kajeno?
17 Lilemo tse 60 hamorao, ka 455 B.C.E., ho ile ha finyelloa ntlha e ’ngoe ea bohlokoa. Mokete oa Metlotloane selemong seo o ile oa tšoaea ho phethoa ha tsosoloso ea marako a Jerusalema. Bibele ea tlaleha: “Phutheho kaofela ea ba khutlileng kholehong ea etsa metlotloane joalo, ’me ba lula metlotloaneng eo. Hobane bana ba Iseraele ba ne ba e-so etse joalo, ha e sa le le mehleng ea Joshua, mor’a Nune, ho fihlela la kajeno. Monyaka oa e-ba moholo.”—Nehemia 8:17.
18 E bile tsosoloso e tsebahalang hakaakang ea borapeli ba ’nete ba Molimo ho sa tsotellehe khanyetso e mabifi! Boemo boa tšoana kajeno. Ho sa tsotellehe maqhubu a mahloriso le khanyetso, mosebetsi o moholo oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o se o fihlile lipheletsong tsa lefatše, ’me melaetsa ea Molimo ea kahlolo e utloahetse libakeng tsohle. (Matheu 24:14) Tiiso ea ho qetela ea masala a tlotsitsoeng a ba 144 000 ea atamela. Metsoalle ea ’ona ea “linku tse ling” tse fetang limilione tse hlano e bokeletsoe lichabeng tsohle hore e be “mohlape o le mong” le masala a tlotsitsoeng. (Johanne 10:16; Tšenolo 7:3, 9, 10) Ke phethahatso e tsotehang hakaakang ea setšoantšo sa boprofeta sa Mokete oa Metlotloane! ’Me mosebetsi ona o moholo oa ho bokella o tla tsoela pele ho fihlela lefatšeng le lecha ha ba limilione tse likete ba tsositsoeng ba tla memeloa hore ba kopanele ho ketekeng Mokete oa Metlotloane oo e seng oa tšoantšetso.—Zakaria 14:16-19.
Lekholong la Pele la Lilemo C.E.
19. Ke’ng se ileng sa etsa hore Mokete oa Metlotloane oa 32 C.E. e be o ikhethang?
19 Har’a mekete e ikhethang ka ho fetisisa e tlalehiloeng ka Bibeleng ha ho pelaelo hore ke eo Mora oa Molimo, Jesu Kreste a bileng teng ho eona. Ka mohlala, nahana ka ho ba teng ha Jesu Moketeng oa Metlotloane (kapa, Litabernakele) selemong sa 32 C.E. O ile a sebelisa ketsahalo eo ho ruta linnete tsa bohlokoa ’me a tšehetsa thuto ea hae ka ho qotsa Mangolong a Seheberu. (Johanne 7:2, 14, 37-39) Tšobotsi ea kamehla ea mokete ona e ne e le tloaelo ea ho khantša likandelare tse khōlō tse ’nè lebaleng la tempele le ka hare. Sena se ne se tlatselletsa thabong ea litšebeletso tsa mokete tse neng li tsoela pele ho fihlela bosiu. Kamoo ho bonahalang kateng, Jesu o ne a bua ka mabone ana a maholo ha a re: “Ke ’na leseli la lefatše. Ea ntatelang ho hang ha a na ho tsamaea lefifing, empa o tla ba le leseli la bophelo.”—Johanne 8:12.
20. Ke hobane’ng ha Paseka ea 33 C.E. e ile ea e-ba e ikhethang?
20 Eaba ho tla Paseka le Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang selemong sa bohlokoa sa 33 C.E. Letsatsing leo la Paseka, Jesu o ile a bolaoa ke lira tsa hae ’me ea e-ba Konyana ea Paseka eo e seng ea tšoantšetso, e ileng ea shoa bakeng sa ho tlosa “sebe sa lefatše.” (Johanne 1:29; 1 Bakorinthe 5:7) Matsatsi a mararo hamorao, ka la 16 Nisane, Molimo o ile a tsosa Jesu ka ’mele oa moea o sa shoeng. Sena se ile sa lumellana le nyehelo ea litholoana tsa pele tsa harese joalokaha Molao o laetse. Kahoo, Morena Jesu Kreste ea tsositsoeng e ile ea e-ba “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.”—1 Bakorinthe 15:20.
21. Ho ile ha etsahala’ng ka Pentekonta ea 33 C.E.?
21 Mokete oo ka sebele o neng o khethehile e ne e le oa Pentekonta ea 33 C.E. Letsatsing lena Bajuda ba bangata le basokolohi ba ne ba bokane Jerusalema, ho akarelletsa le barutuoa ba Jesu ba ka bang 120. Ha mokete o ntse o tsoela pele, Morena Jesu Kreste ea tsositsoeng o ile a tšollela moea o halalelang oa Molimo holim’a ba 120. (Liketso 1:15; 2:1-4, 33) Ka tsela eo ba ile ba tlotsoa ’me ea e-ba sechaba sa Molimo se secha se khethiloeng ka selekane se secha seo Jesu Kreste e neng e le ’muelli oa sona. Moketeng oo moprista ea phahameng oa Bajuda o ne a nyehela ho Molimo mahobe a mabeli a lomositsoeng a entsoeng ka litholoana tsa pele tsa kotulo ea koro. (Levitike 23:15-17) Mahobe ana a lomositsoeng a tšoantšetsa batho ba 144 000 ba sa phethahalang bao Jesu a ileng a ba “rekela Molimo” ho sebeletsa e le “’muso le baprista . . . ba tla busa e le marena holim’a lefatše.” (Tšenolo 5:9, 10; 14:1, 3) ’Nete ea hore babusi bana ba leholimo ba tsoa likarolong tse peli tsa moloko oa batho ba baetsalibe, Bajuda le Balichaba, e ka ’na ea tšoantšetsoa ka mahobe a mabeli a lomositsoeng.
22. (a) Ke hobane’ng ha Bakreste ba sa keteke mekete ea selekane sa Molao? (b) Re tla hlahloba eng sehloohong se latelang?
22 Ha selekane se secha se qala ho sebetsa ka Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha bolela hore selekane sa khale sa Molao se ne se khaolitse ho ba bohlokoa mahlong a Molimo. (2 Bakorinthe 3:14; Baheberu 9:15; 10:16) Seo ha se bolele hore Bakreste ba tlotsitsoeng ha ba na molao. Ba tlas’a molao oa bomolimo o rutoang ke Jesu Kreste le o ngotsoeng lipelong tsa bona. (Bagalata 6:2) Ka lebaka leo, Bakreste ha ba keteke mekete e meraro ea selemo le selemo, kaha ke karolo ea selekane sa khale sa Molao. (Bakolose 2:16, 17) Leha ho le joalo, re ka ithuta ho hongata boikutlong ba bahlanka ba Molimo ba pele ho Bokreste mabapi le mekete ea bona le liboka tse ling tsa borapeli. Sehloohong sa rōna se latelang, re tla hlahloba mehlala eo ntle ho pelaelo e tla susumelletsa bohle ho ananela tlamo ea ho kopanela lipokanong tsa Bokreste kamehla.
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Thuto ea Mekete ho Rōna Kajeno
Bohle ba tla rua molemo ka ho sa feleng sehlabelong sa Jesu se koahelang libe ba tlameha ho phela tumellanong le se tšoantšetsoang ke Mokete oa Mahobe a sa Lomosoang. Mokete ona o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo ke mokete oa thabo oa Bakreste ba tlotsitsoeng ba ketekelang ho lopolloa ha bona lefatšeng lena le khopo le ho lokolloa ha bona tsuong ea sebe ka thekollo ea Jesu. (Bagalata 1:4; Bakolose 1:13, 14) Mokete oa sebele o ne o nka matsatsi a supileng—e leng palo eo ka Bibeleng e sebelisetsoang ho tšoantšetsa phetheho ea moea. Mokete ona o tšoantšetsoang ke oa boholo-holo o nka nako eohle eo phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng e leng lefatšeng ka eona ’me o lokela ho ketekoa ka “botšepehi le ’nete.” Seo se bolela hore motho a itebele kamehla tomosong ea tšoantšetso. Ka Bibeleng tomoso e sebelisoa bakeng sa ho tšoantšetsa lithuto tse silafetseng, boikaketsi le bobe. Barapeli ba Jehova ba ’nete ba tlameha ho hloea tomoso e joalo, ba se ke ba e lumella hore e silafatse bophelo ba bona ’me ba se ke ba e lumella ho senya bohloeki ba phutheho ea Bokreste.—1 Bakorinthe 5:6-8; Matheu 16:6, 12.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Mekete ea Baiseraele e meraro e meholo e ile ea phetha morero ofe?
◻ Mekete ea mehleng ea Hezekia le ea mehleng ea Josiase e ne e khetholloa ka eng?
◻ Ke ntlha efe ea bohlokoa e ileng ea ketekeloa ka 455 B.C.E., hona ke hobane’ng ha see se re khothatsa?
◻ Ke’ng seo e neng e le sa bohlokoa ka Paseka le Pentekonta ea 33 C.E.?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona le Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., Moqolo oa 1, leqepheng la 820, karolong ea 1, serapeng sa 1 le sa 3, tlas’a “Festival.”
b E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ngata ea harese e ncha e ne e nyeheloa selemo le selemo ka la 16 Nisane, e leng letsatsi leo Jesu a ileng a tsoha ka lona
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
E ka ’na eaba Jesu o ne a bua ka mabone a mokete ha a ne a ipitsa “leseli la lefatše”