Ho Loka ha ho Tlisoe ke Lineano Tsa Molomo
“Ho loka ha lōna ha ho sa fetise ha bangoli le ha bafarisi, le ke ke la kena ’musong oa maholimo.”—MATTHEU 5:20.
1, 2. Ho ile ha etsahala’ng nakoana feela pele Jesu a fana ka Thuto ea hae ea Thabeng?
JESU o ne a qetile bosiu bohle thabeng. Maholimo a tletseng linaleli a ne a bonahala holimo. Liphofotsoana tse tsamaeang bosiu li ne li ntse li soahla-soahlatsa lihlahleng. Ka bochabela metsi a Leoatle la Galilea a ne a ntse a otla lebōpo hanyenyane. Empa Jesu o ile a hlokomela hanyenyane feela botle bona bo mo potolohileng bo tletseng khutso, bo thobang maikutlo. O ne a qetile bosiu bohle a ntse a rapela Ntate oa hae oa leholimo, Jehova. O ne a hloka tataiso ea Ntate oa hae. Letsatsi le larileng ka pele e ne e tla ba le mahlonoko.
2 Ka bochabela leholimo le ne le hlakile. Linonyana li ile tsa qala ho fofa, li llela tlaase. Lipalesa tsa naha li ne li tenyetseha habonolo moeeng o sa fokeng ka matla. Ha mafube a qala ho hlaha, Jesu o ile a bitsa barutuoa ba hae eaba o khetha ba 12 har’a bona hore e be baapostola ba hae. Joale, a e-na le bona kaofela, o ile a qala ho theoha thabeng. Ho ne ho se ho ntse ho ka bonoa matšoele a tlohang Galilea, Tyre le Sidone, Judea le Jerusalema. A ne a tlela ho tla folisoa maloetse a ’ona. Matla a tsoang ho Jehova a ne a itsoela feela ho Jesu ha ba bangata ba ntse ba mo ama ’me ba phekoleha. Ba ne ba boetse ba tletse ho tla utloa mantsoe a hae a neng a tšoana le moriana o kokobetsang bohloko liphefumolohing tsa bona tse khathatsehileng.—Mattheu 4:25; Luka 6:12-19.
3. Ke hobane’ng ha barutuoa le matšoele ba ne ba lebelletse mantsoe a Jesu ka cheseho ha a qala ho bua?
3 Mananeong a bona a hlophisitsoeng a ho ruta, bo-rabbi ba ne ba tloaetse ho lula fatše, ’me hoseng hona ha letsatsi lena la nako ea selemo ka 31 C.E., Jesu le eena o ile a etsa joalo, ’me ho bonahala eka o ile a lula sebakeng se batalletseng holimonyana letsoapong. Ha barutuoa ba hae le matšoele ba bona sena, ba ile ba hlokomela hore ho na le hong ho khethehileng ho tlang, kahoo ba ile ba mo pota-pota ka tebello e khōlō. Ha a qala ho bua, ba ne ba lebelletse mantsoe a hae ka cheseho; ha a qetella nakoana e itseng hamorao, ba ile ba sala ba hloletsoe ke seo ba se utloileng. A re ke re boneng lebaka la seo.—Mattheu 7:28, NW.
Mefuta e ’Meli ea ho Loka
4. (a) Ke mefuta efe e ’meli ea ho loka eo ho ileng ha buisanoa ka eona? (b) Morero oa lineano tsa molomo e ne e le ofe, hona na o ile oa phethahatsoa?
4 Thutong ea hae ea Thabeng, e tlalehiloeng ho Mattheu 5:1–7:29 le ho Luka 6:17-49, ka ho toba Jesu o ile a bontša phapang pakeng tsa lihlopha tse peli: bangoli le Bafarisi le batho feela bao ba neng ba ba hatelletse. O ile a bua ka mefuta e ’meli ea ho loka, ho loka ha boikaketsi ha Bafarisi le ho loka ha ’nete ha Molimo. (Mattheu 5:6, 20) Ho iketsa ha Bafarisi ba lokileng ho ne ho theiloe lineanong tsa bona tsa molomo. Lineano tsena li ne li qalehile lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. e le “lekhoakhoa le potolohileng Molao” ho o sireletsa litlhaselong tsa Bohellena (mekhoa ea tsoelo-pele ea Bagerike). Li ne li se li talingoa e le karolo ea Molao. Ha e le hantle, bangoli ba ne ba bile ba talima lineano tsa molomo li phahametse Molao o ngotsoeng. Mishnah e re: “Mantsoe a Bangoli [lineano tsa bona tsa molomo] a lokela ho bolokoa ka thata-thata ho feta mantsoe a Molao o ngotsoeng.” Kahoo, ho e-na le ho ba “lekhoakhoa le potolohileng Molao” ho o sireletsa, lineano tsa bona li ile tsa fokolisa Molao ’me tsa o etsa lefeela, feela joalokaha Jesu a ile a re: “Ka masene le behella taelo ea Molimo ka thōko e le hore le boloke neano ea lōna.”—Mareka 7:5-9, NW; Mattheu 15:1-9.
5. (a) Batho feela ba neng ba tletse ho tla mamela Jesu ba ne ba le boemong bofe, hona bangoli le Bafarisi ba ne ba ba talima joang? (b) Ke eng e neng e etsa hore lineano tsa molomo e be mojaro o boima haholo mahetleng a batho feela ba sebetsang ka thata?
5 Batho feela ba neng ba phutheha ho tla mamela Jesu e ne e le ba lapileng moeeng, ba bile ba “khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa.” (Mattheu 9:36) Ka boikakaso ba boikhohomoso bangoli le Bafarisi ba ne ba ba soma, ba ba bitsa ʽam ha·’aʹrets (batho ba naha), ’me ba ba khesa joaloka baetsalibe ba hlokang tsebo, ba rohakehileng ba sa tšoaneloeng ke tsoho kahobane ba ne ba sa boloke lineano tsa molomo. Nakong ea Jesu lineano tseo li ne li se li le ngata li bile li fetohile moluba-lube o hatellang oa melao e nyatsa-nyatsang—e tletseng meetlo ea litšebeletso e senyang nako—hoo ho neng ho se motho feela ea sebetsang ka thata ea neng a ka khona ho li boloka. Ha ho makatse hore e be Jesu o ile a nyatsa lineano tseo phatlalatsa e le ‘mejaro e boima mahetleng a batho.’—Mattheu 23:4, NW; Johanne 7:45-49.
6. Ke eng e neng e makatsa haholo ka liphatlalatso tsa Jesu tsa ho qala, hona li ile tsa bontša phetoho efe ho barutuoa ba hae le bangoli le Bafarisi?
6 Kahoo ha Jesu a lula fatše letsoapong, ba ileng ba atamela ho tla mamela e ne e le barutuoa ba hae le matšoele a lapileng moeeng. E tlameha e be bana ba ile ba fumana liphatlalatso tsa hae tse qalang e le tse makatsang. ‘Ho thabile ba futsanehileng, ho thabile ba lapileng, ho thabile ba llang, ho thabile ba hloiloeng.’ Empa ke bo-mang ba ka thabang ha ba futsanehile, ha ba lapile, ha ba lla, le ha ba hloiloe? Hape ho ile ha phatlalatsoa bomalimabe ho ba ruileng, ba khotšeng, ba tšehang, le ba ratoang! (Luka 6:20-26, NW) Ka mantsoe a seng makae feela, Jesu o ile a fetola likhakanyo tsohle tse tloaelehileng le litekanyetso tsa batho tse amoheloang. E ile ea e-ba phetoho e khōlō ea maemo, tumellanong le mantsoe a Jesu ao a a buileng hamorao: “E mong le e mong ea iphahamisang o tla kokobetsoa, ’me ea ikokobetsang o tla phahamisoa.”—Luka 18:9-14, BPN.
7. E tlameha e be mantsoe a Jesu a qalang a ile a ba le phello efe ho letšoele le lapileng moeeng le neng le mametse Jesu?
7 Ho fapana le bangoli le Bafarisi ba neng ba khotsofetse ka boemo ba bona, ba ileng ba tla ho Jesu hoseng hona ba ne ba elelloa boemo ba bona bo bohloko ba moea. E tlameha e be mantsoe a hae a qalang a ile a ba tlatsa tšepo: “Ho thabile ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, hobane ’muso oa maholimo ke oa bona.” ’Me e tlameha e be ba ile ba hlasimoloha moeeng ha a phaella: “Ho thabile ba lapetseng le ba nyoretsoeng ho loka, hobane ba tla khorisoa”! (Mattheu 5:3, 6, NW; Johanne 6:35; Tšenolo 7:16, 17) E, ba ne ba tla khora ho loka, empa e ne e ke ke ea e-ba ho loka ha mofuta oa Bafarisi.
Ho ‘Loka Pel’a Batho’ ha Hoa Lekana
8. Ke hobane’ng ha ba bang ba ne ba ipotsa hore na ke joang ho loka ha bona ho ka fetang ho loka ha bangoli le Bafarisi, empa ke hobane’ng ha ho tlameha ho ho feta?
8 Jesu o ile a re: “Ho loka ha lōna ha ho sa fetise ha bangoli le ha bafarisi, le ke ke la kena ’musong oa maholimo.” (Mattheu 5:17-20; bona Mareka 2:23-28; 3:1-6; 7:1-13.) E tlameha e be ba bang ba ile ba nahana: ‘Re be ba lokileng ho feta Bafarisi? Ba itima lijo, baa rapela, ba ntša karolo ea leshome, ba fana ka limpho ho ba hlokang ’me ba qeta bophelo bohle ba bona ba ntse ba ithuta Molao. Ho loka ha rōna ho ka feta ha bona joang?’ Empa ho ne ho lokela ho feta ho loka ha bona. E ka ’na eaba Bafarisi ba ne ba nketsoe holimo ke batho, empa Molimo o ne o sa ba nke joalo. Ketsahalong e ’ngoe Jesu o ile a re ho Bafarisi bana: “Ha e le lōna, le ipea ba lokileng pel’a batho, empa Molimo o tseba lipelo tsa lōna; hobane se phahameng ho batho, ke manyala pel’a Molimo.”—Luka 16:15.
9-11. (a) Tsela e ’ngoe eo bangoli le Bafarisi ba neng ba nahana hore ba tla fumana boemo bo lokileng ka eona pel’a Molimo e ne e le efe? (b) Tsela ea bobeli eo ba neng ba lebelletse ho fumana ho loka ka eona ke efe? (c) Tsela ea boraro eo ba neng ba e tšepile e ne e le efe, hona moapostola Pauluse o ile a bolela eng e bontšang hore joang kapa joang tsela ee e ne e tla hlōleha?
9 Bo-rabbi ba ne ba iqapetse melao ea bona ea ho fumana ho loka. O mong e ne e le tokelo ea ho ba setloholo sa Abrahama: “Barutuoa ba ntat’a rōna Abrahama ba thabela lefatše lena ’me ke majalefa a lefatše le tlang.” (Mishnah) Mohlomong Johanne Mokolobetsi o ne a hanyetsa neano ena ha a lemosa Bafarisi ba tlang ho eena: “Beang litholoana tse tšoanelang pako. ’Me le se ke la re ka ho lōna: Abrahama ke ntat’a rōna [joalokaha eka hoo ho lekane].”—Mattheu 3:7-9; bona le Johanne 8:33, 39.
10 Ba ne ba re, tsela ea bobeli ea ho fumana ho loka ke ho fana ka limpho ho ba hlokang. Libuka tse peli tseo e seng karolo ea Mangolo a Halalelang tse ngotsoeng ke Bajode ba chesehang lekholong la bobeli la lilemo B.C.E. li senola pono ea bona ea neano. Polelo e ’ngoe e hlaha ho Tobit: “Ho fana ka limpho ho ba hlokang ho pholosa motho lefung ’me ho hlakola sebe se seng le se seng.” (12:9, The New American Bible) Buka ea Sirach (Ecclesiasticus) ea lumela: “Metsi a tima mollo o tukang, ’me limpho tse fuoang ba hlokang li tlisa tšoarelo ea libe.”—3:29, NAB.
11 Tsela ea boraro eo ba neng ba batla ho loka ka eona e ne e le ka mesebetsi ea Molao. Lineano tsa bona tsa molomo li ne li ruta hore haeba boholo ba liketso tsa motho e ne e le tse ntle, o ne a tla bolokeha. Kahlolo “e itšetlehile ka bongata ba mesebetsi e metle kapa e mebe.” (Mishnah) Hore ba tle ba fumane kahlolo e ntle, ba ne ba amehile ka “ho finyella litšoaneleho tseo e neng e tla ba tsa bohlokoa ho feta libe.” Haeba mesebetsi ea motho e metle e ne e feta mesebetsi ea hae e mebe ka mosebetsi o le mong, o ne a tla bolokeha—joalokaha eka Molimo o ne o ahlola ka ho bala mesebetsi ea bona eo e seng ea bohlokoa! (Mattheu 23:23, 24) Ha a fana ka pono e nepahetseng, Pauluse o ngotse: “Ha ho nama, leha e le ’ngoe, e tlang ho beoa e lokileng pel’a [Molimo] ke mesebetsi ea molao.” (Ba-Roma 3:20) Ka sebele, ho loka ha Bakreste ho tlameha ho feta ho loka ha bangoli le Bafarisi!
“Le Utloile Hore ho Itsoe”
12. (a) Thutong ea hae ea Thabeng Jesu o ile a tlisa phetoho efe tseleng ea hae e tloaelehileng ea ho kenyelletsa litšupiso tse supang Mangolo a Seheberu, hona hobane’ng? (b) Re ithuta eng ho sebelisoeng ha polelo “Ho itsoe” lekhetlo la botšelela?
12 Ha Jesu a qotsa Mangolo a Seheberu pejana, o ile a re: “Ho ngoliloe.” (Mattheu 4:4, 7, 10) Empa ka makhetlo a tšeletseng Thutong ea Thabeng, o ile a kenyelletsa lipolelo tse neng li utloahala eka li tsoa Mangolong a Seheberu ka mantsoe: “Ho itsoe.” (Mattheu 5:21, 27, 31, 33, 38, 43, NW) Hobane’ng? Hobane o ne a supa Mangolo kamoo a neng a hlalosoa ka teng ka kutloisiso ea lineano tsa Bafarisi tse neng li hanyetsa litaelo tsa Molimo. (Deuteronoma 4:2; Mattheu 15:3, NW) Sena se ile sa hlaka tšupisong ea Jesu ea botšelela eo e neng e bile e le ea ho qetela letotong lena: “Le utloile hore ho itsoe, ‘U tlameha ho rata moahisani oa hao ’me u hloee sera sa hao.’” Empa ha ho molao oa Moshe o neng o re, “Hloea sera sa hao.” Ke bangoli le Bafarisi ba neng ba bolela joalo. Eo e ne e le tlhaloso ea bona ea Molao oa ho rata moahisani oa hao—moahisani oa hao oa Mojode, eseng ba bang.
13. Jesu o lemosa joang khahlanong le qaleho feela ea boitšoaro bo ka lebisang polaong ea sebele?
13 Nahana ka polelo ea pele letotong lena la lipolelo tse tšeletseng. Jesu o ile a phatlalatsa: “Le utloile hoba ho boleletsoe baholo, ha thoe: U se ke ua bolaea; ’me, ea bolaileng o tla tšoaneloa ke kahlolo. Empa ’na, ke re ho lōna: Motho, leha e ka ba mang le mang, ea halefelang ngoan’abo feela, o tla tšoaneloa ke kahlolo.” (Mattheu 5:21, 22) Khalefo e ka pelong e ka lebisa puong e nyelisang ’me ho tloha moo ea lebisa likahlolong tse matla, ’me qetellong e ka ’na ea lebisa polaong ka boeona. Khalefo e bolokoang nako e telele ka pelong e ka ba e bolaeang: “E mong le e mong ea hloileng ngoan’abo ke ’molai.”—1 Johanne 3:15.
14. Jesu o re lemosa joang hore re se ke ra ba ra qala le ho kena feela tseleng e lebisang bofebeng?
14 Ka mor’a moo Jesu o ile a re: “Le utloile hoba ho boleletsoe baholo, ha thoe: U se ke ua feba. Empa ’na, ke re ho lōna: Motho, leha e ka ba mang le mang, ea talimang mosali ho mo lakatsa, o se a mo febile pelong ea hae.” (Mattheu 5:27, 28) Ha u batle ho etsa bofebe? Joale u se ke ua ba ua qala le ho kena tseleng eo ka ho lula u ntse u nahana ka bona. Lebela pelo ea hao, e leng oona mohloli oa lintho tse joalo. (Liproverbia 4:23; Mattheu 15:18, 19) Jakobo 1:14, 15 ea lemosa: “Empa motho e mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe; ’me sebe ha se phethehile, se tsoala lefu.” Ka linako tse ling batho ba ee ba re: ‘U se ke ua qala seo u ke keng ua se phetha.’ Empa ntlheng ena re lokela ho re: ‘U se ke ua qala seo u ke keng ua se thiba.’ Ba bang ba ’nileng ba tšepahala esita le ha ba sokeloa ka lefu ka pel’a lebotho la sesole le tšoereng lithunya hamorao ba ile ba khelosoa ke khoheli e nanarelang ea boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali.
15. Ke joang boemo ba Jesu tabeng ea tlhalo bo neng bo fapane ka ho felletseng le bo boletsoeng lineanong tsa molomo tsa Bajode?
15 Joale re tla polelong ea boraro ea Jesu. O ile a re: “Ho boletsoe hape, ha thoe: Motho ha a hlala mosali oa hae, a mo nee lengolo la hlalo. Empa ’na, ke re ho lōna: Motho, leha e ka ba mang le mang, ea hlalang mosali oa hae, ha e se ka baka la bofebe, o ’mea hore a fetohe mofebi; ’me e mong le e mong ea nyalang mosali ea hlaliloeng [ke hore, ea hlaliloeng ka mabaka a mang ntle le boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali], oa feba.” (Mattheu 5:31, 32) Bajode ba bang ba ne ba sebetsana le basali ba bona ka bolotsana ba bile ba ba hlala ka mabaka a fokolang ka ho fetisisa. (Malakia 2:13-16; Mattheu 19:3-9) Lineano tsa molomo li ne li lumella monna ho hlala mosali oa hae “esita le haeba a ne a sa mo phehela hantle” kapa “haeba a fumane e mong e motle ho mo feta.”—Mishnah.
16. Ke mokhoa ofe oa Bajode o ileng oa etsa hore ho hlapanya ka likano ho felloe ke moelelo, hona Jesu o ile a nka boemo bofe?
16 Ka boikutlo bo tšoanang Jesu o ile a tsoela pele: “Hape le utloile hore ho itsoe ho ba mehleng ea boholo-holo, ‘U se ke ua hlapanya u sa phethahatse’ . . . Leha ho le joalo, ke re ho lōna: Le se ke la hlapanya ho hang.” Nakong ena Bajode ba ne ba sebelisa mokhoa oa ho nka likano hampe ’me ba ne ba hlapanya ka likano tse ngata ka lintho tse fokolang empa ba sa li phethahatse. Empa Jesu o ile a re: “Le se ke la hlapanya ho hang . . . Etsang feela hore lentsoe la lōna E le bolele E, Che ea lōna, Che.” Molao-motheo oa hae o ne o le bonolo: Bua ’nete ka linako tsohle, ho se ke ha hlokahala hore u tiise polelo ea hao ka kano. Boloka likano bakeng sa litaba tsa bohlokoa.—Mattheu 5:33-37, NW; bapisa le 23:16-22.
17. Jesu o ile a ruta ka tsela efe e molemo ho feta ‘ho phetetsa leihlo ka leihlo le leino ka leino’?
17 Ka mor’a moo Jesu o ile a re: “Le utloile hoba ho boletsoe, ha thoe: Leihlo le phetetsoe ka leihlo, leino ka leino. Empa ’na, ke re: Le se ke la hanela ea le etsang hampe; empa ekare ha motho a u jabela lerama le letona, u mo sekehele le lona le leng.” (Mattheu 5:38-42) Mona Jesu ha a bue ka ho otla ho reretsoeng ho ntša motho kotsi empa o bua ka ho jabela motho ka karolo e ka morao ea seatla ho mo nyelisa. U se ke ua itlotlolla ka ho rohakana ka boiphetetso. Hana ho phetetsa bobe ka bobe. Ho e-na le hoo, bo buseletse ka botle ’me ka ho etsa joalo u “hlōle bobe ka botle.”—Ba-Roma 12:17-21.
18. (a) Bajode ba ile ba fetola molao oa ho rata moahisani oa hao joang, empa Jesu o ile a hanyetsa see joang? (b) Karabelo ea Jesu e ile ea e-ba efe ho ’muelli e mong oa molao ea neng a batla ho lekanyetsa tlhaloso ea lentsoe “moahisani”?
18 Mohlaleng oa botšelela oo e bileng e leng oa ho qetela, Jesu o ile a bontša ka ho hlaka hore na neano ea bo-rabbi e ne e fokolisitse Molao oa Moshe hakaakang: “Le utloile hore ho ile ha thoe: ‘Rata oa heno, u hloee sera sa hao.’ Empa ’na ke re ho lōna: Ratang lira tsa lōna, le rapelle ba le hlorisang.” (Mattheu 5:43, 44, BPN) Molao oa Moshe o ne o sa beha moeli oa lerato: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Levitike 19:18) Ke Bafarisi ba neng ba ferekanya taelo ena, ba re lentsoe “moahisani” le sebetsa feela ho ba bolokang lineano e le hore ba qobe ho e boloka. Ke kahoo eitseng ha Jesu a hopotsa ’muelli e mong oa molao taelo ea ho ‘rata moahisani oa hao joalokaha u ithata,’ monna eo a ileng a belaela: “Eo e hlileng e leng moahisani oa ka ke mang?” Jesu o ile a mo arabela ka setšoantšo sa Mosamaria ea molemo—iketse moahisani oa ea u hlokang.—Luka 10:25-37, NW.
19. Jesu o ile a khothalletsa hore re latele khato efe eo Jehova a e nkang mabapi le ba khopo?
19 Ha a ntšetsa thuto ea hae pele, Jesu o ile a phatlalatsa hore ‘Molimo o ne o bontša lerato ho ba khopo. O ne o ba chabisetsa letsatsi o bile o ba nesetsa pula. Ha ho letho le sa tloaelehang ka ho rata ba u ratang. Le ba khopo baa ho etsa hoo. Ha ho na lebaka la ho fana ka moputso oa hoo. Ipakeng le le bara ba Molimo. O etsiseng. Iketse moahisani oa bohle ’me u rate moahisani oa hao. ’Me ka ho etsa joalo “le phethehe, joalokaha Ntate oa lōna oa leholimo a phethehile.”’ (Mattheu 5:45-48, NW) Eo ke tekanyetso e phephetsang hakaakang eo re lokelang ho e phelela! ’Me e bontša hore ho loka ha bangoli le Bafarisi e ne e le ho fokolang hakaakang!
20. Ho e-na le ho behella Molao oa Moshe ka thōko, Jesu o ile a atolosa le ho tebisa tšusumetso ea oona esita le ho o phahamisa haholoanyane joang?
20 Kahoo ha Jesu a supa likarolo tsa Molao ’me a phaella, “Leha ho le joalo, ke re ho lōna,” o ne a sa behelle Molao oa Moshe ka thōko le ho hloma o mong sebakeng sa oona. Che, empa o ne a tebisa matla a oona le ho a atolosa ka ho bontša moea o neng o o tšehelitse. Molao o phahameng haholoanyane oa boena o ahlola lehloeo le jeroeng ka pelong ka hore ke polao. Molao o phahameng haholoanyane oa bohloeki o nyatsa monahano o tletseng litakatso tsa botona le botšehali ka hore ke bofebe. Molao o phahameng haholoanyane oa lenyalo o nyatsa tlhalo e etsoang ka mabaka a sa utloahaleng ka hore ke tsela e lebisang manyalong a bofebe. Molao o phahameng haholoanyane oa ’nete o bontša hore likano tse phetoa-phetoang ha li hlokahale. Molao o phahameng haholoanyane oa mosa o behella boiphetetso ka thōko. Molao o phahameng haholoanyane oa lerato o hloka lerato la bomolimo le se nang meeli.
21. Litemoso tsa Jesu li ile tsa senola eng mabapi le ho iketsa ha bo-rabbi ba lokileng, ’me ho hong hoo matšoele a neng a tla ithuta hona ke hofe?
21 E tlameha e be litemoso tse joalo tse neng li sa tsejoe pele li ile tsa ba le tšusumetso e tebileng hakaakang ha li fihla litsebeng tsa ba neng ba qala ho li utloa! Li ile tsa bontša ho iketsa ha batho ba lokileng ka boikaketsi ho tlisoang ke ho sebeletsa lineano tsa bo-rabbi e le ho se nang thuso hakaakang! Empa ha Jesu a ntšetsa pele Thuto ea hae ea Thabeng, matšoele a lapetseng le a nyoretsoeng ho loka ha Molimo a ne a tla ithuta ka ho toba hore na a ka ho fumana joang, joalokaha sehlooho se latelang se bontša.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Ke hobane’ng ha Bajode ba ile ba theha lineano tsa bona tsa molomo?
◻ Jesu o ile a etsa phetoho efe e khōlō malebana le bangoli le Bafarisi le batho feela?
◻ Bangoli le Bafarisi ba ne ba lebelletse ho fumana boemo bo lokileng pel’a Molimo joang?
◻ Jesu o ile a bontša hore tsela ea ho qoba bohlola le bofebe ke efe?
◻ Ka ho bontša moea o tšehelitseng Molao oa Moshe, Jesu o ile a theha litekanyetso life tse phahameng haholoanyane?