Khaolo 2
Sehlooho se Seholo sa Bibele
Ho hlalosa Mangolo Liphiri tse koahetsoeng bukeng ea Tšenolo li ’nile tsa tsietsa liithuti tse tšepahalang tsa Bibele ka nako e telele. Ka nako ea Molimo e loketseng, liphiri tseo li lokela ho koaholloa, empa joang, neng, hona li koaholleloa bo-mang? Ke moea oa Molimo feela o neng o ka tsebahatsa seo li se bolelang ha nako e khethiloeng e atamela. (Tšenolo 1:3) Liphiri tseo tse halalelang li ne li tla senoleloa makhoba a Molimo a chesehang lefatšeng e le hore a ka matlafaletsoa ho tsebahatsa likahlolo tsa hae. (Matheu 13:10, 11) Ha ho boleloe hore litlhaloso tse bukeng ena ha li na phoso. Joaloka Josefa oa khale, re re: “Na litlhaloso hase tsa Molimo?” (Genese 40:8) Leha ho le joalo, ka nako e tšoanang re lumela ka tieo hore litlhaloso tse ngotsoeng mona li lumellana le Bibele eohle, li bontša kamoo boprofeta ba Molimo bo phethahalitsoeng ka tsela e hlollang kateng liketsahalong tsa lefatše linakong tsa rōna tse mahlonoko.
1. Morero oa Jehova o moholo ke ofe?
MAELE a Bibele a re: “Qetello ea taba hamorao e molemo ho feta tšimoloho ea eona.” (Moeklesia 7:8) Ke bukeng ea Tšenolo moo re balang ka tlhōrō e susumetsang ea morero o moholo oa Jehova oa ho halaletsa lebitso la hae ka pel’a pōpo eohle. Joalokaha Molimo a ile a bolela ka ho pheta-pheta ka e mong oa baprofeta ba hae ba pejana: “Ba tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.”—Ezekiele 25:17; 38:23.
2. Ke tsebo efe e khotsofatsang eo Tšenolo, hammoho le libuka tsa Bibele tse ka pele, li re thusang ho e fumana?
2 Feela joalokaha Tšenolo e bolela kamoo litaba li tla qetella ka tlhōlo kateng, libuka tse ka pele tsa Bibele li re hlalosetsa moo litaba li qalileng teng. Ka ho hlahloba tlaleho ena, re khona ho utloisisa litseko tse amehang le ho fumana pono e akaretsang ea merero ea Molimo. Hoo ke ho khotsofatsang hakaakang! Ho feta moo, ho lokela ho re susumelletsa ho nka bohato, e le hore re ka kopanela bokamosong bo babatsehang bo emetseng moloko oa batho. (Pesaleme ea 145:16, 20) Ntlheng ena, ho bonahala ho loketse ho buisana ka semelo le ka sehlooho sa Bibele eohle, e le hore re ka hopola tseko e khōlōhali eo hona joale e tobaneng le batho bohle, hammoho le morero oa Molimo o boletsoeng ka ho hlaka oa ho rarolla tseko eo.
3. Ke boprofeta bofe bo bukeng ea Genese bo bontšang sehlooho sa Bibele eohle, ho akarelletsa Tšenolo?
3 Buka ea pele ea Bibele, Genese, e bua ka ‘tšimoloho’ ’me e hlalosa mesebetsi ea Molimo ea pōpo, ho akarelletsa pōpo ea hae e ka sehloohong ea lefatšeng, e leng motho. Genese e boetse e bolela boprofeta ba pele ba Molimo, bo builoeng ke Molimo ka boeena tšimong ea Edene lilemong tse ka bang 6 000 tse fetileng. Noha e ne e sa tsoa sebelisoa ho thetsa mosali oa pele, Eva; ’me eena o ile a susumelletsa monna oa hae, Adama, hore a kopanele le eena ha a tlōla molao oa Jehova ka ho ja litholoana tsa “sefate sa tsebo ea botle le bobe.” Ha Molimo a liha kahlolo ho batho bao ba babeli ba entseng sebe, o ile a re ho noha: “Ke tla beha bora pakeng tsa hao le mosali le pakeng tsa peō ea hao le peō ea hae. E tla u khoba hlooho ’me uena u tla e loma serethe.” (Genese 1:1; 2:17; 3:1-6, 14, 15) Boprofeta bona bo bontša sehlooho sa Bibele eohle, ho akarelletsa Tšenolo.
4. (a) Ka mor’a hore Molimo a bolele boprofeta ba pele, ho ile ha etsahala eng ka batsoali ba rōna ba pele? (b) Ho hlaha lipotso life mabapi le boprofeta ba pele, hona ke hobane’ng ha ho hlokahala hore re tsebe likarabo?
4 Kapele ka mor’a ho bolela boprofeta boo, Molimo o ile a leleka batsoali ba rōna ba pele Edene. Ba ne ba ke ke ba hlola ba lebella ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng; ba ne ba tla lokela ho ea phela lefatšeng le sa lokisoang ka ntle ho serapa seo. Ba le tlas’a kahlolo ea lefu, ba ne ba tla tsoala bana ba imetsoeng ke sebe. (Genese 3:23–4:1; Baroma 5:12) Leha ho le joalo, boprofeta ba Edene bo ne bo bolela eng? Ke bo-mang ba amehang? Bo amana joang le Tšenolo? Bo tšoere molaetsa ofe bakeng sa rōna kajeno? E le hore re ka lopolloa liphellong tsa ketsahalo e tšabehang e ileng ea etsa hore Jehova a bolele boprofeta boo, ke habohlokoahali hore re tsebe likarabelo tsa lipotso tsena.
Ba ka Sehloohong Tšoantšisong Ena
5. Ha noha e thetsa Eva, ho ile ha hlaha eng mabapi le bobusi ba Molimo le lebitso la hae, ’me tseko ee e tla rarolloa joang?
5 Boprofeta ba Genese 3:15 bo ne bo tobisitsoe ho noha e ileng ea bua leshano ho Eva, ea fana ka maikutlo a hore o ne a ke ke a shoa ha a sa mamele empa o ne a tla ipusa, e be molimotsana. Kahoo noha e ile ea etsa Jehova raleshano ’me ka bolotsana ea fana ka maikutlo a hore batho ba ne ba ka ntlafatsa bophelo ba bona ka ho hana puso ea Hae e phahameng. (Genese 3:1-5) Bobusi ba Jehova bo ile ba phephetsoa ’me lebitso la hae le letle la silafatsoa. Buka ea Tšenolo e hlalosa kamoo Moahloli ea lokileng, Jehova, a sebelisang puso ea ’Muso ea Mora oa hae, Jesu Kreste, ho tlosa qoso bobusing ba hae le ho hlakola lebitso la hae thohako eohle.—Tšenolo 12:10; 14:7.
6. Tšenolo e re ke mang ea ileng a bua le Eva a sebelisa noha?
6 Ha ho buuoa ka “noha,” na ho boleloa noha ea sebele feela? Le hanyenyane! Tšenolo e re tsebisa sebōpuoa sa moea se khopo se ileng sa bua se sebelisa noha eo. E ne e le “drakone e khōlō . . . , noha ea pele, e bitsoang Diabolose le Satane, e khelosang lefatše lohle,” e ileng ‘ea eka Eva ka mano a eona.’—Tšenolo 12:9; 2 Bakorinthe 11:3.
7. Ke eng se bontšang hore mosali eo ho buuoang ka eena ho Genese 3:15 o sebakeng sa moea?
7 Genese 3:15 e boetse e bua ka “mosali.” Na ebe mosali eo e ne e le Eva? E ka ’na eaba o ile a nahana joalo. (Bapisa le Genese 4:1.) Empa bora bo sa feleng pakeng tsa Eva le Satane bo ne bo ke ke ba khona ho tsoela pele ha Eva a e-shoa lilemong tse ka holimo ho 5 000 tse fetileng. Ho feta moo, kaha Noha eo Jehova a neng a bua le eona ke moea o sa bonahaleng, re lokela ho lebella hore mosali le eena o sebakeng sa moea. Tšenolo 12:1, 2 e tiisa sena, e bontša hore mosali enoa oa tšoantšetso ke mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova oa leholimo oa libōpuoa tsa moea.—Bona le Esaia 54:1, 5, 13.
Peō Tse Peli Tse Hanyetsanang
8. Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka botebo ka seo joale se buuoang ka peō tse peli?
8 Joale ho hlaha peō tse peli ho Genese 3:15. Re lokela ho ameha ka peō tsena ka ho teba, hobane li amana le tseko e khōlō ea bobusi bo loketseng holim’a lefatše lena. Hona ho ama e mong le e mong oa rōna, ho sa tsotellehe hore na o monyenyane kapa o moholo. Ke efe ho peō tsee eo u e tšehetsang?
9. Ha ho pelaelo hore peō ea Noha e akarelletsa eng?
9 Pele, ho buuoa ka peō, kapa bana, ea Noha. Ke eng? Ka sebele e akarelletsa libōpuoa tse ling tsa moea tse ileng tsa ikopanya le Satane bofetoheling ba hae tseo qetellong li ileng tsa ‘liheloa tlaase le eena’ sebakeng sa lefatše. (Tšenolo 12:9) Kaha Satane kapa Beelzebube, ke “’musi oa bademona,” ho hlakile hore ke bona ba etsang mokhatlo oa hae o sa bonahaleng.—Mareka 3:22; Baefese 6:12.
10. Bibele e tsebahatsa ba bang e le karolo ea peō ea Satane joang?
10 Ho feta moo, Jesu o ile a bolella baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba mehleng ea hae hore: “Le tsoa ho ntat’a lōna Diabolose, ’me le lakatsa ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna.” (Johanne 8:44) Ka ho hanyetsa Jesu, Mora oa Molimo, baeta-pele bao ba bolumeli ba ile ba bontša hore le bona e ne e le bana ba Satane. E ne e le karolo ea peō ea Satane, ba mo sebeletsa e le ntat’a bona oa tšoantšetso. Ka ho tšoanang, batho ba bang ba bangata ho theosa le histori ba itsebahalitse ka ho etsa thato ea Satane, haholo-holo ka ho hanyetsa le ho hlorisa barutuoa ba Jesu. Ba kopane, batho bana ba ka ’na ba hlalosoa e le ba etsang mokhatlo o bonahalang oa Satane lefatšeng.—Bona Johanne 15:20; 16:33; 17:15.
Peō ea Mosali ea Tsebahatsoa
11. Ka makholo a lilemo, Molimo o ile a senola eng mabapi le peō ea mosali?
11 Boprofeta bo ho Genese 3:15 bo qetella ka ho bua ka peō ea mosali. Ha Satane a ne a ntse a hōlisa peō ea hae, Jehova o ne a ntse a lokisetsa “mosali” oa hae, kapa mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo o kang mosali, hore a hlahise peō. Ka lilemo tse ka bang 4 000, Jehova o ’nile a tsoela pele ho senolela batho ba mamelang ba tšabang Molimo lintlha tse qaqileng tse amanang le ho tla ha peō eo. (Esaia 46:9, 10) Kahoo, Abrahama, Isaka, Jakobo le ba bang ba ne ba ka haha tumelo tšepisong eo ea hore peō e ne e tla hlaha lelokong la bona. (Genese 22:15-18; 26:4; 28:14) Hangata Satane le batšepuoa ba hae ba ne ba hlorisa bahlanka ba joalo ba Jehova ka lebaka la tumelo ea bona e sa thekeseleng.—Baheberu 11:1, 2, 32-38.
12. (a) Karolo e ka sehloohong ea peō ea mosali e fihlile neng hona e le ka ketsahalo efe? (b) Jesu o ile a tlotsoa ka morero ofe?
12 Qetellong, selemong sa 29 sa Mehla e Tloaelehileng ea rōna, motho ea phethahetseng Jesu o ile a itlhahisa Nōkeng ea Jordane ’me a kolobetsoa. Moo Jehova o ile a tlotsa Jesu ka moea o halalelang, a re: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:17) Moo Jesu o ile a tsebahatsoa e le ea neng a rometsoe a e-tsoa mokhatlong o hlophisitsoeng oa moea oa Molimo leholimong. O ile a boela a tlotsoa e le ea Khethetsoeng ho ba Morena oa ’Muso oa leholimo o tla tsosolosa puso holim’a lefatše lebitsong la Jehova, e leng ho neng ho tla rarolla tseko e amanang le puso, kapa bobusi, ka ho sa feleng. (Tšenolo 11:15) Kahoo, Jesu ke eena Ea ka sehloohong peōng ea mosali, ke Mesia ea profetiloeng.—Bapisa le Bagalata 3:16; Daniele 9:25.
13, 14. (a) Ke hobane’ng ha ho sa lokela ho re makatsa ho ithuta hore peō ea mosali e ne e ke ke ea e-ba motho a le mong ea khethehileng? (b) Molimo o khethile ba bakae har’a batho hore e be karolo ea bobeli ea peō eo, hona ba etsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa mofuta ofe? (c) Ke bo-mang hape ba sebetsang ba le bonngoeng le peō?
13 Na peō ea mosali e ne e tla ba motho a le mong feela ea khethehileng? Ho thoe’ng ka peō ea Satane? Bibele e khetholla peō ea Satane e le e akarelletsang lekhotla la mangeloi a khopo le batho ba hlomphollang Molimo. Joale, ha hoa lokela ho re makatsa ho ithuta ka morero oa Molimo oa ho khetha ba tšepahalang ba 144 000 har’a batho hore ba e’o busa e le baprista hammoho le Peō ea Bomesia, Jesu Kreste. Tšenolo e bua ka bana ha e re Diabolose, ka bora ba hae khahlanong le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o kang mosali, o ile a “tloha ho ea loantša ba setseng ba peō ea hae.”—Tšenolo 12:17; 14:1-4.
14 Ka Bibeleng, Bakreste ba tlotsitsoeng ba bitsoa barab’abo Jesu, ’me kaha ke barab’abo, ke bana ba Ntate a le mong le ’mè a le mong. (Baheberu 2:11) Ntat’a bona ke Jehova Molimo. Kahoo, e tlameha ebe ’mè oa bona ke “mosali,” mokhatlo o hlophisitsoeng oa leholimo oa Molimo o kang mosali. Ba fetoha karolo ea bobeli ea peō, ha Kreste Jesu eena e le karolo ea pele. Phutheho ea Bakreste bana ba tsoetsoeng ka moea lefatšeng ke eona e etsang mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo o bonahalang o sebetsang tlas’a mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o kang mosali maholimong, moo ba tlang ho kopanngoa le Kreste Jesu tsohong ea bona. (Baroma 8:14-17; Bagalata 3:16, 29) Le hoja e se karolo ea peō, ba limilione ba linku tse ling ba tsoang lichabeng tsohle ba kopanngoa hore ba sebetse le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo lefatšeng. Na u e mong oa linku tsee tse ling? Joale tšepo ea hao e thabisang ke ho phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise.—Johanne 10:16; 17:1-3.
Kamoo Bora bo Qalileng Kateng
15. (a) Hlalosa kamoo peō ea Satane e entsoeng ka batho le mangeloi e qalileng kateng. (b) Ho ile ha etsahala eng ka peō ea Satane nakong ea Moroallo oa mehleng ea Noe?
15 Batho ba etsang peō ea Satane ba qalile ho bonahala pele haholo historing ea batho. Ka mohlala, e mong e ne e le Kaine, e leng motho oa pele ea ileng a tsoaloa, “ea ileng a simoloha ho ea khopo ’me a bolaea mor’abo” Abele. (1 Johanne 3:12) Hamorao, Enoke o ile a bua ka Jehova a e-tla ka “limiriade tsa hae tse halalelang, ho phethisa kahlolo khahlanong le bohle, le ho paka hore bohle ba se nang bomolimo ba molato malebana le liketso tsohle tsa bona tse se nang bomolimo tseo ba ileng ba li etsa ka tsela e se nang bomolimo, le malebana le lintho tsohle tse tšosang tseo baetsalibe ba se nang bomolimo ba ileng ba li bua khahlanong le eena.” (Juda 14, 15) Ho feta moo, mangeloi a bafetoheli a ile a ikopanya le Satane ’me a fetoha karolo ea peō ea hae. Ana a ile “a furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng” maholimong e le hore a ka iphetolela ’meleng ea nama ’me a nyala barali ba batho. A ile a tsoala bana ba linatlahali bao e neng e le motsoako oa mangeloi le batho. Lefatše leo le ile la tlala pefo le bobe hoo Molimo a ileng a le felisa ka Moroallo, ’me Noe ea tšepahalang le lelapa la hae e ile ea e-ba bona feela ba ileng ba pholoha. Mangeloi a sa mameleng—ao hona joale e leng bademona ba tlas’a taolo ea Satane—a ile a tlameha ho lahla basali le bana ba ’ona bao e leng motsoako oa batho le mangeloi, ba ahlotsoeng. A ile a boela a iphetola, a khutlela sebakeng sa moea moo a emetseng ho phethahatsoa ha kahlolo ea Molimo e atamelang ka potlako holim’a Satane le peō ea hae.—Juda 6; Genese 6:4-12; 7:21-23; 2 Petrose 2:4, 5.
16. (a) Ke senatlahali sefe se ileng sa hlahella ka mor’a Moroallo, ’me se ile sa ipontša joang hore e ne e le karolo ea peō ea Satane? (b) Molimo o ile a sitisa batho ba neng ba tla haha tora ea Babylona joang?
16 Hang ka mor’a Moroallo o moholo, senatlahali se bitsoang Nimrode se ile sa hlaha lefatšeng. Bibele e mo hlalosa e le “setsomi se matla se hanyetsang Jehova”—ka sebele e ne e le karolo ea peō ea Noha. Joaloka Satane, o ile a bontša moea oa bofetoheli ’me a haha motse oa Babele, kapa Babylona, e leng se neng se le khahlanong le morero oa Jehova oa hore batho ba qhalane ba tlale lefatšeng. Bokhabane ba Babylona e ne e lokela ho ba tora e khōlō eo “tlhōrō ea eona e leng maholimong.” Molimo o ile a sitisa batho ba neng ba tla haha tora eo. O ile a ferekanya puo ea bona ’me “a ba hasanya lefatšeng lohle ho tloha moo” empa a lumella hore Babylona eona e ’ne e be teng.—Genese 9:1; 10:8-12; 11:1-9.
Mebuso ea Lipolotiki ea Hlaha
17. Ha batho ba ntse ba eketseha, ke tšobotsi efe e silafetseng ea mokhatlo oa batho e ileng ea hlahella, ’me ka lebaka leo, ho ile ha hlaha mebuso efe e meholo?
17 Babylona ho ile ha hlahella litšobotsi tsa batho ka kakaretso tse neng li le khahlanong le bobusi ba Jehova. E ’ngoe ea tsona e ne e le ea bopolotiki. Ha batho ba ntse ba ata, ba bang ba ratang botumo ba ile ba latela mohlala oa Nimrode ka ho inkela matla ka likhoka. Motho o ile a qala ho busa motho e mong ho mo ntša kotsi. (Moeklesia 8:9) Ka mohlala, mehleng ea Abrahama, Sodoma, Gomora le metse e meng e haufi e ile ea oela tlas’a taolo ea marena a tsoang Shinare le linaheng tse ling tse hōle. (Genese 14:1-4) Qetellong, litsebi tsa sesole le tsa tlhophiso li ile tsa etsa mebuso e meholo bakeng sa ho ithuisa le ho itlotlisa. Bibele e bua ka e meng ea eona, e akarelletsang Egepeta, Assyria, Babylona, ’Muso oa Bamede le Bapersia, Greece le Roma.
18. (a) Batho ba Molimo ba ikutloa joang ka babusi ba lipolotiki? (b) Ka linako tse ling balaoli ba lipolotiki ba ne ba phetha merero ea Molimo joang? (c) Babusi ba bangata ba ipontšitse joang hore ke karolo ea peō ea Noha?
18 Jehova o ile a lumella mebuso eo ea lipolotiki hore e be teng, ’me batho ba hae ba ne ba e mamela ka tsela e lekanyelitsoeng ha ba ne ba le linaheng tse tlas’a taolo ea eona. (Baroma 13:1, 2) Ka linako tse ling, balaoli ba lipolotiki ba ne ba bile ba ntšetsa pele merero ea Molimo kapa ba sireletsa batho ba hae. (Esdrase 1:1-4; 7:12-26; Liketso 25:11, 12; Tšenolo 12:15, 16) Leha ho le joalo, babusi ba bangata ba lipolotiki ba ’nile ba hanyetsa borapeli ba ’nete ka sehlōhō, ba ipontša hore ke karolo ea peō ea Noha.—1 Johanne 5:19.
19. Mebuso ea lefatše e hlalosoa joang bukeng ea Tšenolo?
19 Boholong ba taba, puso ea motho e hlōlehile ka mokhoa o tšabehang ho tlisetsa batho thabo kapa ho rarolla mathata a rōna. Jehova o lumeletse batho hore ba leke puso ea mefuta eohle, empa ha a amohele bobolu kapa tsela eo ka eona mebuso e ’nileng ea busa batho hampe. (Liproverbia 22:22, 23) Tšenolo e hlalosa mebuso e hatellang ea lefatše e le e bōpang sebata se ikhohomosang le se tšabehang.—Tšenolo 13:1, 2.
Bahoebi ba Baikhabi
20, 21. Sehlopha sa bobeli se tlamehang ho akarelletsoa ho “balaoli ba sesole” le “banna ba matla” e le ba peō e khopo ea Satane ke sefe, hona hobane’ng?
20 Bahoebi ba sa tšepahaleng ba rekisang matlotlo a bonahalang ba ile ba hlahella e le metsoalle e haufi-ufi ea baeta-pele ba lipolotiki. Litlaleho tse tsetolotsoeng masuping a Babylona ea boholo-holo li bontša hore litšebelisano tsa khoebo tse neng li tlatlapa batho ba kojoana-li-mahetleng li ne li tloaelehile haholo morao koo. Bahoebi ba lefatše ba tsoetse pele ho sebeletsa phaello ea boikhabi ho tla fihlela kajeno, ha linaheng tse ngata e le ba fokolang ba ruileng haholo empa boholo ba baahi bo tetebetse bofumeng. Mehleng ena ea mesebetsi ea indasteri, bahoebi le baetsi ba thepa ba entse phaello e khōlō ka ho fepela mebuso ea lipolotiki ka pokello ea libetsa tsa sesole tsa bodiabolose tse senyang, ho akarelletsa le libetsa tse bolaeang batho ba bangata ka nako e le ’ngoe, tse sa jeseng batho litheohelang kajeno. Batho ba joalo ba hlaheletseng khoebong ba leng meharo, le ba bang ba mofuta oa bona ba tlameha ho akarelletsoa ho “balaoli ba sesole” le “banna ba matla” e le ba peō e khopo ea Satane. Kaofela ke karolo ea mokhatlo oa lefatšeng oo Molimo le Kreste ba o ahlolang e le o lokeloang ke timetso.—Tšenolo 19:18.
21 Ntho e ’ngoe hape kantle ho lipolotiki tse silafetseng le khoebo e meharo, ke karolo ea boraro ea mokhatlo oa batho e lokeloang ke kahlolo ea Molimo e boima. Ke eng? U ka ’na ua makatsoa ke seo Tšenolo e se bolelang ka ntho ena e tsebahalang haholo lefatšeng ka bophara.
Babylona e Moholo
22. Ke bolumeli ba mofuta ofe bo ileng ba qaleha Babylona ea boholo-holo?
22 Ha Babylona ea pele e ne e thehoa, e ne e se feela mokhatlo oa bopolotiki. Kaha motse oo o ne o thehiloe khahlanong le bobusi ba Jehova, bolumeli bo ne bo ameha. Ha e le hantle, Babylona ea boholo-holo e ile ea fetoha setsi sa bolumeli sa borapeli ba litšoantšo. Baprista ba eona ba ne ba ruta lithuto tse hlomphollang Molimo, tse kang hore moea oa motho o tsoela pele o phela ka mor’a lefu le hore bophelong ba ka mor’a lefu ho na le sebaka se tšabehang sa tlhokofatso se busoang ke bademona. Ba ile ba khothalletsa hore batho ba rapele lintho tse bōpiloeng hammoho le melimo le melimotsana e mengata. Ba ile ba qapa litšōmo ho hlalosa hore na lefatše le qalile hokae le batho ba phelang ho lona ’me ba etsa litšebeletso le mahlabelo a litšila, ao ba neng ba nahana hore a tiisa hore ba tla ba le matla a ho ba le bana, ho hlahisa lijalo, le ho hlōla ntoeng.
23. (a) Ha batho ba hasana ba e-tsoa Babylona ba ile ba tsamaea le eng, hona ka liphello life? (b) Tšenolo e bitsa ’muso oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata ka lebitso lefe? (c) Kamehla bolumeli ba bohata bo ’nile ba loantša eng?
23 Ha batho ba lihlopha tsa lipuo tse sa tšoaneng ba tsoang Babylona ba hasana lefatšeng lohle, ba ile ba nka bolumeli ba Babylona ba tsamaea le bona. Kahoo, litšebeletso le litumelo tse tšoanang le tsa Babylona ea boholo-holo li ile tsa hōla har’a baahi ba pele ba Europe, Afrika, Linaha Tsa Amerika, Bochabela bo Hōle le Maoatleng a ka Boroa; ’me litumelo tse ngata ho tsena li ntse li le teng ho fihlela kajeno. Joale, ka nepo Tšenolo e hlalosa ’muso oa lefatše lohle oa bolumeli ba bohata e le motse o bitsoang Babylona e Moholo. (Tšenolo, khaolo ea 17 le 18) Hohle moo bo jetsoeng teng, bolumeli ba bohata bo hlahisitse baprista ba hatellang, tumela-khoela, ho hloka tsebo le boitšoaro bo bobe. E ’nile ea e-ba kofuto e matla letsohong la Satane. Kamehla Babylona e Moholo e ’nile ea loantša borapeli ba ’nete ba ’Musi Morena Jehova ka mabifi.
24. (a) Noha e ile ea khona ho loma Peō ea mosali “serethe” joang? (b) Ke hobane’ng ha ho longoa ha peō ea mosali ho hlalosoa e le leqeba le seretheng feela?
24 E le karolo e molato ka ho fetisisa ea peō ea Noha, bangoli le Bafarisi ba Bolumeli ba Sejuda ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba etella pele tabeng ea ho hlorisa moemeli ea ka sehloohong oa peō ea mosali ba ba ba qetella ba mo bolaile. Kahoo, Noha e ile ea khona ho “loma [“peō”] serethe.” (Genese 3:15; Johanne 8:39-44; Liketso 3:12, 15) Ke hobane’ng ha hoo ho hlalosoa e le leqeba le seretheng feela? Ke kahobane leqeba lena le mo amme ka nako e khutšoanyane feela ha a le lefatšeng. E ne e se la ka ho sa feleng hobane Jehova o ile a tsosa Jesu ka letsatsi la boraro ’me a mo phahamisetsa bophelong ba moea.—Liketso 2:32, 33; 1 Petrose 3:18.
25. (a) Jesu ea tlotlisitsoeng o se a nkile bohato khahlanong le Satane le mangeloi a hae joang? (b) Peō ea Satane ea lefatšeng e tla tlosoa neng? (c) Ha Peō ea mosali oa Molimo e khoba “hlooho” ea Satane, e leng noha, hoo ho tla bolela eng?
25 Hona joale Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o sebeletsa ka letsohong le letona la Molimo, a ahlola lira tsa Jehova. O se a nkile bohato khahlanong le Satane le mangeloi a hae, ka ho ba lihela tlaase le ho etsa hore tšebetso ea bona e felle lefatšeng lena feela—e leng se entseng hore ho ate bomalimabe mehleng ena ea rōna. (Tšenolo 12:9, 12) Empa joalokaha ho profetiloe, peō ea Satane ea lefatšeng e tla tlosoa ha Molimo a phethahatsa kahlolo holim’a Babylona e Moholo le likarolo tse ling tsohle tsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Satane lefatšeng. Qetellong, Peō ea mosali oa Molimo, Jesu Kreste, e tla khoba “hlooho” ea Satane, e leng noha ea khale e bolotsana, ’me hoo ho tla bolela ho timetsoa ha hae ka ho feletseng le ho tlosoa ha hae ka ho feletseng litabeng tsa batho.—Baroma 16:20.
26. Ke hobane’ng ha e le habohlokoahali hore re hlahlobe boprofeta ba Tšenolo?
26 Hoo hohle ho tla etsahala joang? Seo ke sona seo re se senoleloang bukeng ea Bibele ea Tšenolo. Re se senoleloa ka letoto la lipono, tse totobatsoang ke lipontšo le litšoantšo tse susumetsang. Ka thahasello, a re hlahlobeng boprofeta bona bo matla. Ka sebele, rea thaba haeba re utloa ’me re boloka mantsoe a Tšenolo! Ka ho etsa joalo, re tla kopanela ho tliseng tlhompho lebitsong la ’Musi Morena Jehova re be re rue mahlohonolo a hae a sa feleng. Ka kōpo tsoela pele ho bala ’me ka bohlale u sebelise seo u ithutang sona. Hoo ho ka bolela ho pholoha ha hao nakong ena ea ha histori ea batho e fihla tlhōrōng.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 13]
Litlaleho tsa mongolo oa cuneiform oa boholo-holo tsa litšebelisano tsa khoebo
Buka ea Ancient Near Eastern Texts, e hlophisitsoeng ke James B. Pritchard, e thathamisa melao e ka bang 300 e bokeletsoeng ke Hammurabi mehleng ea Babylona. Melao ena e bontša hore ho ne ho hlokahala hore ho nyatsoe ho se tšepahale ho pepenene ho bonahalang ho ne ho atile litšebelisanong tsa khoebo mehleng eo. Ho etsa mohlala: “Haeba monghali e mong a rekile silevera kapa khauta kapa lekhoba la monna kapa mosali kapa pholo kapa nku kapa esele kapa ntho ea mofuta ofe kapa ofe ho mora oa monghali e mong kapa lekhoba la monghali e mong kapa a itse a e boloke empa seo se entsoe ho se lipaki kapa litumellano, kaha monghali eo ke lesholu, o tla bolaoa.”