Seo Libōpuoa Tse “Bohlale ka Tlhaho” li ka re Rutang Sona
MEKHOA ea ho fehla moea, ho etsa hore metsi a se ke a etsa leqhoa, ho monya letsoai metsing le ho fumana boteng ba lintho tlas’a metsi ka thuso ea maqhubu a molumo ke lintho tse qapiloeng tse tsebahalang haholo molokong oa batho lekholong lena la bo20 la lilemo. Leha ho le joalo, li bile teng har’a liphoofolo lilemo tse likete-kete pele. E, moloko oa batho o rua molemo ka ho ithuta ka libōpuoa tse “bohlale ka tlhaho” joalo. (Liproverbia 30:24-28, NW; Jobo 12:7-9) Liphoofolo tse ling, ho bonahala e le barupeli ba sa bueng ba moloko oa batho, ’me re ka fumana molemo o moholo ka ho li hlahloba.
Na re ka rua molemo ka ho hlahloba litšobotsi tsa liphoofolo tse itseng? Ha e le hantle, Jesu Kreste o ile a tšoantša balateli ba hae le linku, linoha, maeba esita le litsie. O ne a hopotse eng ha a bapisa balateli ba hae le liphoofolo tsee? A re boneng.
“Linku Tsa ka li Mamela Lentsoe la Ka”
Linku li boletsoe ka makhetlo a fetang 200 ka Bibeleng. Joalokaha Smith’s Bible Dictionary e hlalosa, “nku ke tšoantšetso ea bonolo, mamello le boikokobetso.” Ho Esaia khaolo ea 53, Jesu ka boeena o ile a tšoantšoa le nku ka boprofeta. Ke ho loketseng hakaakang hore a tšoantše balateli ba hae le phoofolo ee! Empa ke litšobotsi life tsa nku ka ho khetheha tseo Jesu a neng a hopotse ka tsona?
Jesu o ile a re: “Linku tsa ka li mamela lentsoe la ka, ’me kea li tseba, ’me lia ntatela.” (Johanne 10:27) Ka tsela ena o ile a totobatsa bonolo ba barutuoa ba hae le mafolo-folo a bona a ho mo latela. Linku tsa sebele li mamela molisa oa tsona ’me ka boithaopo lia mo latela. Molisa le eena o na le botsoalle bo haufi le mohlape.
Mohlape o ka ’na oa hasana holim’a lekhulo ha o fula, empa nku e ’ngoe le e ’ngoe ha e ikarole ho tse ling ka kakaretso. Buka Alles für das Schaf (Ntho e ’Ngoe le e ’Ngoe Bakeng sa Linku) e bolela hore, ka tsela ena, ha liphoofolo tsena li ikutloa li sa sireletseha kapa li tšohile, “li ka bokana hammoho ka potlako.” Haeba linku li baleha ho phema kotsi, li baleha joalo e le mohlape, li ema nako le nako ho boela li hlahloba boemo. “Ho baleha ha tsona ka mekhahlelo ho nolofaletsa likonyana le liphoofolo tse tetemang ho se salle morao. Mohlape o bile o li sireletsa ka ho khethehileng.” Ke eng seo re ka ithutang sona ka boitšoaro bona?
Bakreste ba ’nete kajeno ha baa hasana hohle har’a lihlotšoana le maquloana a Bokreste-’mōtoana. Ho e-na le hoo, ba bokelletsoe ka har’a mohlape o le mong. Mokreste e mong le e mong o utloa a e-na le katamelano ea botho le mohlape ona oa Molimo, ’me sena se tlatsetsa bonngoeng ba mokhatlo o hlophisitsoeng oa Lipaki tsa Jehova. Ka mehla ha maqakabetsi a hlaha—ebang ke a ho kula ho tebileng, a ntoa kapa a koluoa ea tlhaho—ke hokae moo morapeli e mong le e mong a batlang tataiso le tšireletso teng? Ke ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova, o fanang ka tšireletseho ea moea.
Ke joang keletso ea Bibele e etsoang hore e fumanehe? Ka likhatiso tse kang tsa Molula-Qhooa le koranta eo e leng motsoalle oa oona, Tsoha! Limakasine tsena le liboka tsa Bokreste li bile li fana le ka thuso e khethehileng ho ba hlokang tlhokomelo e eketsehileng, ho tšoana le likonyana le linku tse tetemang mohlapeng. Ka mohlala, tlhokomelo e fuoa batsoali ba se nang balekane le ba hlokofatsoang ke ho tepella maikutlo. Kahoo, ke ho bohlale hakaakang ho bala makasine e ’ngoe le e ’ngoe, le ho ba teng sebokeng se seng le se seng sa phutheho le ho sebelisa seo re ithutang sona! Ka seo re tla be re bontša hore re bonolo ’me re na le katamelano e matla le mohlape oa Molimo.—1 Petrose 5:2.
“Le le Seli Joaloka Linoha ’me Leha ho le Joalo le le ba Hlokang Molato Joaloka Maeba”
Smith’s Bible Dictionary ea bolela: “Ho pholletsa le Bochabela noha e ne e sebelisoa e le tšoantšetso ea tekanyetso ea bobe, ea moea oa ho se mamele.” Ka lehlakoreng le leng, “leeba la ka” e ne e le polelo ea lerato. (Sefela sa Lifela 5:2, NW) Kahoo, Jesu o ne a hopotse eng ha a ne a khothaletsa balateli ba hae ho ba ‘seli joaloka linoha ’me leha ho le joalo ba hloka molato joaloka maeba’?—Matheu 10:16.
Jesu o ne a fana ka litaelo bakeng sa ho bolela le ho ruta. Barutuoa ba hae ba ne ba ka lebella kamohelo e sa tšoaneng. Ba seng bakae ba ne ba tla bontša thahasello, athe ba bang ba ne ba tla hana litaba tse molemo. Ba bang ba ne ba tla be ba hlorise bahlanka bana ba ’nete ba Molimo. (Matheu 10:17-23) Barutuoa ba ne ba tla itšoara joang tlhorisong?
Ho Das Evangelium des Matthäus (Kosepele ea Matheu), Fritz Rienecker o re mabapi le Matheu 10:16: “Masene . . . a tlameha ho tsoakana le botšepehi, ’nete le ho hloka mano, esere ntho leha e le efe ea etsahala ho fa lira mabaka a utloahalang a ho belaela. Manģosa a Jesu a har’a bahanyetsi ba sehlōhō, ba sa bontšeng ho nahanela le ba hlaselang baapostola ba se na mohau ’me e le ka mabaka a fokolang. Kahoo, hoa hlokahala—feela joaloka noha—ho lula ba behile bahanyetsi leihlo, ’me ba hlahloba boemo ka mahlo le ka kelello tse falimehileng; ho laola boemo ba sa qhekelle ka bolotsana kapa thetso, ho ba ba hloekileng le ba nang le ’nete lentsoeng le ketsong ’me kahoo ba ipake ba tšoana le maeba.”
Ke eng seo bahlanka ba Molimo ba mehleng ena ba ka ithutang sona ka mantsoe a Jesu a fumanoang ho Matheu 10:16? Kajeno, batho ba arabela litabeng tse molemo ka tsela e tšoanang le eo ba ileng ba etsa ka eona lekholong la pele la lilemo. Ha ba tobane le tlhoriso, Bakreste ba ’nete ba lokela ho kopanya masene a noha le bohloeki ba leeba. Le ka mohla Bakreste ha ba sebelise thetso kapa ho hloka botšepehi empa ha baa silafala, ke ba ’nete, ’me baa tšepahala ha ba phatlalatsa molaetsa oa ’Muso ho ba bang.
Ho etsa mohlala: Basebetsi-’moho, bacha sekolong, kapa esita le litho tsa lelapa leno ba ka ’na ba u hlaba ka mantsoe ka tumelo ea hao u le Paki ea Jehova. Karabelo ea kapele e ka ’na ea e-ba ho arabela ka tsela e tšoanang ka ho nyefola tumelo ea bona. Empa na hoo ke ho hloka molato? Le hanyenyane. Haeba u bontša basomi ba hao hore litlhaloso tsa bona ha li ame boitšoaro ba hao bo botle, mohlomong ba ka ’na ba ntlafatsa. Joale u tla be u le masene ’me u hloka molato—‘u le seli joaloka noha, leha ho le joalo u hloka molato.’
“Sebōpeho sa Litsie se ne se Tšoana le Lipere Tse Lokiselitsoeng Ntoa”
Makasine ea GEO e tlaleha hore ka 1784, Afrika Boroa e ile ea hlaseloa ke “leru le leholo ka ho fetisisa [la litsie] le kileng la ngoloa tlalehong ea histori.” Leru lena le ile la koahela sebaka sa lisekoere k’hilomithara tse 5 200, e leng hoo e ka bang boholo ba Hong Kong ka makhetlo a mahlano. Smith’s Bible Dictionary e bolela hore tsie e “etsa tšenyo e tšabehang limeleng tsa linaha tseo e li hlaselang.”
Tšenolong ea hae e fanoeng ke Molimo ea lintho tse neng li tla etsahala “letsatsing la Morena,” Jesu o ile a sebelisa pono ea leru la litsie. Mabapi le tsona ho ile ha thoe: “Sebōpeho sa litsie se ne se tšoana le lipere tse lokiselitsoeng ntoa.” (Tšenolo 1:1, 10; 9:3-7) Bohlokoa ba setšoantšo see e ne e le bofe?
Ke khale Lipaki tsa Jehova li ile tsa utloisisa hore litsie tsa Tšenolo khaolo ea 9 li tšoantšetsa bahlanka ba tlotsitsoeng ba Molimo ba lefatšeng lekholong lena la lilemo.a Bakreste bana ba ’nile ba abeloa mosebetsi o khethehileng—ho bolela molaetsa oa ’Muso lefatšeng ka bophara le ho etsa barutuoa. (Matheu 24:14; 28:19, 20) Sena se ba hloka ho hlōla litšitiso le ho khomarela mosebetsi oa bona. Ke eng e neng e ka bapisa see hamolemo ho feta tsie e sa hlōloeng?
Le hoja e le bolelele bo ka tlaase ho lisenthimithara tse hlano, ka tloaelo tsie e fofa pakeng tsa lik’hilomithara tse 100 le 200 ka letsatsi. Tsie e senyang e ka ba ’na ea eketsa ho fofa ho isa lik’hilomithareng tse 1 000. GEO e hlalosa hore “e opa mapheo a eona ka makhetlo a 18 ka motsotsoana ’me e le ka lihora tse ka bang 17 ka letsatsi—ntho eo ho seng kokoanyana e ’ngoe e khonang ho e etsa.” Ke mosebetsi o mokaakang bakeng sa sebōpuoa se senyenyane joalo!
E le sehlopha, Lipaki tsa Jehova li tiile ho phatlalatseng litaba tse molemo tsa ’Muso. Hona joale li bolela linaheng tse fetang 230. Bahlanka bana ba Molimo ba hlōla litšitiso tse ngata e le hore ba kopanele ho phethahatseng mosebetsi ona. Ke mathata a mofuta ofe ao ba tobanang le ’ona? Leeme, lithibelo tsa molao, ho kula, ho nyahama le khanyetso e tsoang ho beng ka bona ke a seng makae feela. Empa ha ho letho le khonneng ho thibela tsoelo-pele ea bona. Ba khomarela mosebetsi oa bona o fanoeng ke Molimo.
Tsoela Pele ho Bontša Litšobotsi Tsa Bokreste
E, Jesu o ile a tšoantša balateli ba hae le linku, linoha, maeba le litsie. Ruri sena ke se loketseng mehleng ea rōna. Hobane’ng? Hobane bofelo ba tsamaiso ena ea lintho bo atametse, ’me mathata a re hatella ka ho eketsehileng ho feta leha e le neng pele.
Ba hopotse mantsoe a Jesu a papiso, Bakreste ba ’nete ba khomarela mohlape oa Molimo haufi-ufi ’me ka bonolo ba amohela keletso e tsoang mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova. Ba lula ba lebetse ’me ba falimehetse maemo a ka sitisang tšebetso ea bona ea Bokreste, ha ka nako e tšoanang ba lula ba sa nyatsehe linthong tsohle. Ho feta moo, ba phehella ho etsa thato ea Molimo ha ba tobane le litšitiso. ’Me ba tsoela pele ho ithuta ka libōpuoa tse ling tse “bohlale ka tlhaho.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., khaolo ea 22.