Buka ea Bibele ea 38—Zakaria
Mongoli: Zakaria
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema
Ho Ngoloa ho Phethiloe ka: 518 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: 520–518 B.C.E.
1. Boemo e ne e le bofe mabapi le tempele e Jerusalema ha Zakaria a qala ho profeta?
O EME ka ho felletseng! Boo e ne e le boemo ba mosebetsi oa kaho tempeleng ea Jehova e Jerusalema ha Zakaria a qala ho profeta. Le hoja Salomone a ile a haha tempele ea pele ka lilemo tse 7 1/2 (1 Mar. 6:37, 38), e ne e le lilemo tse 17 Bajode ba neng ba le botlamuoeng ba khutletse Jerusalema ’me kaho e ne e sa le hōle le ho fela. Qetellong mosebetsi o ile oa khaotsa ka ho felletseng ho latela thibelo ea Artaxerxese (ebang ke Bardiya kapa Gaumata). Empa joale, ho sa tsotellehe thibelo ena ea molao, mosebetsi o ne o boetse o tsoela pele. Jehova o ne a sebelisa Haggai le Zakaria ho susumelletsa sechaba ho nchafatsa kaho le ho e tšehetsa ho fihlela e fela.—Esdr. 4:23, 24; 5:1, 2.
2. Ke hobane’ng ha mosebetsi o ne o bonahala o ka thaba, empa Zakaria o ile a lebisa tlhokomelo ea bona ho eng?
2 Mosebetsi o ka pel’a bona o ne o bonahala o ka thaba. (Zak. 4:6, 7) Ba ne ba fokola, bahanyetsi ba le bangata, ’me le hoja ba ne ba e-na le khosana ea leloko la Davida, Zorobabele, ba ne ba se na morena ’me ba le tlas’a puso esele. Ho ne ho le bonolo hakaakang ho oela boikutlong ba ho fokola, ba boithati, ha nako eo e ne e hlile e hloka tumelo e matla le ketso e mafolo-folo! Zakaria o ile a sebelisoa ho lebisa tlhokomelo ea bona mererong ea Molimo ea nako eo esita le mererong e meholoanyane ea kamoso, kahoo a ba matlafaletsa mosebetsi o lokelang ho etsoa. (8:9, 13) E ne e se nako ea ho tšoana le bo-ntat’a bona moholo ba sa ananeleng.—1:5, 6.
3. (a) Zakaria o khetholloa joang, hona ke hobane’ng ha lebitso la hae le loketse? (b) Boprofeta ba Zakaria bo builoe le ho tlalehoa neng?
3 Zakaria e ne e le mang? Ho na le batho ba ka bang 30 ba sa tšoaneng ba boletsoeng ka Bibeleng ka lebitso Zakaria. Leha ho le joalo, mongoli oa buka e nang le lebitso lena o khetholloa e le “Zakaria, mor’a Berekia, mor’a Iddo.” (Zak. 1:1; Esdr. 5:1; Neh. 12:12, 16) Lebitso la hae (Zekhar·yahʹ, ka Seheberu) le bolela hore “Jehova O Hopotse.” Buka ea Zakaria e hlakisa haholo hore “Jehova oa makhotla” o hopola batho ba Hae, ho sebelisana le bona hantle molemong oa lebitso la Hae. (Zak. 1:3) Matsatsi a boletsoeng bukeng ena a fana ka bonyane kakaretso ea lilemo tse peli. E ne e le ka “khoeli ea boroba meno e le ’meli ea selemo sa bobeli sa ho busa ha Dariuse” (Mphalane/Pulungoana 520 B.C.E.) ha ho hahuoa ha tempele ho tsosolosoa le Zakaria a qala ho profeta. (1:1) Buka ena e boetse e bua ka “la bone la khoeli ea boroba mono o le mong, e leng la Kisleve,” ka “selemo sa bone sa ho busa ha morena Dariuse” (hoo e ka bang ka la 1 Tšitoe, 518 B.C.E.). (7:1, 2) Kahoo, boprofeta ba Zakaria ha ho pelaelo bo ne bo tla buuoa bo be bo tlalehoe nakong ea lilemo tsa 520-518 B.C.E.—Esdr. 4:24.
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha Zakaria a ile a profeta ho oa ha Tyre nako e telele ka mor’a ho likaliketsoa ha motse oo ke Nebukadnezare? (b) Ke ho phethahala ha boprofeta bofe bo ikhethang ho pakang ka ho kholisang hore buka ee e bululetsoe?
4 Liithuti tsa buka ea Zakaria li tla fumana bopaki bo bongata ka bonnete ba eona. Nka taba ea Tyre. E bile ka mor’a ho e lika-liketsa lilemo tse 13 morena Nebukadnezare oa Babylona a ileng a senya Tyre. Hona, leha ho le joalo, ha hoa ka ha bolela pheliso e felletseng ea Tyre. Lilemo tse ngata hamorao, Zakaria o ile a bolela esale pele timetso e felletseng ea Tyre. Ke motse oa sehleke-hleke oa Tyre oo Alexandere e Moholo a ileng a o ketola nakong ea ho haha ha hae ka sebete borokho bo tummeng; o ile a o chesa ka mabifi, kahoo a phethahatsa boprofeta ba Zakaria ba makholo a lilemo a ka bang mabeli pejana.a—Zak. 9:2-4.
5 Leha ho le joalo, bopaki bo kholisang ka ho fetisisa ba hore buka e bululetsoe ke Molimo, bo ka fumanoa phethahatsong ea boprofeta ba eona mabapi le Messia, Kreste Jesu, joalokaha bo ka bonoa ka ho bapisa Zakaria 9:9 le Mattheu 21:4, 5 le Johanne 12:14-16; Zakaria 12:10 le Johanne 19:34-37; le Zakaria 13:7 le Mattheu 26:31 le Mareka 14:27. Hape, ho na le ho tšoana ho ka hlokomeloang pakeng tsa Zakaria 8:16 le Ba-Efese 4:25; Zakaria 3:2 le Juda 9; le Zakaria 14:5 le Juda 14. Ho lumellana ho fumanoang Lentsoeng la Molimo kannete hoa babatseha!
6. (a) Ke eng se ikarabellang bakeng sa phetoho ho tloha khaolong ea 9 ea Zakaria ho ea pele? (b) Ebe lebaka ke lefe leo ka lona Mattheu a buang ka Zakaria e le “Jeremia”?
6 Ho na le bahlahlobisisi ba bang ba Bibele ba reng ho fetoha ha mokhoa oo e ngotsoeng ka oona ho tloha khaolong ea 9 ho ea pele ho bontša hore karolo ena e ne e ke ke eaba e ngotsoe ke Zakaria. Leha ho le joalo, ho fetoha ha mokhoa oo e ngotsoeng ka oona ka sebele ho tšoanelana hantle le mokhoa oo taba eo ho buuoang ka eona e feto-fetohang ka eona. Ha likhaolo tse robeli tsa pele li sebetsana le litaba tsa bohlokoa ba nakong eo ho batho ba mehleng ea Zakaria, likhaolong tsa 9 ho ea ho 14 moprofeta o kenella nakong e tlang. Ba bang ba ’nile ba nyatsa ho re na ke hobane’ng ha Mattheu a qotsa Zakaria empa a lebisa mantsoe a hae ho Jeremia. (Matt. 27:9; Zak. 11:12) Ho bonahala Jeremia ka linako tse ling a ne a nkoa e le oa pele ho Baprofeta ba Morao (ho e-na le Esaia, joaloka Libibeleng tsa rōna tsa hona joale); kahoo ha Mattheu, a bua ka Zakaria e le “Jeremia,” e ka ’na eaba o ne a latela tloaelo ea Sejode ea ho akarelletsa karolo eohle ea Lengolo tlas’a lebitso la buka ea pele ea karolo eo. Jesu ka boeena o ile a sebelisa lebitso “Lipesaleme” ho akarelletsa libuka tsohle tse tsejoang e le Mangolo [a Halalelang].—Luka 24:44.b
7. Buka ea Zakaria e hlophisitsoe joang?
7 Ho fihlela khaolong ea 6, temana ea 8, buka ena e na le letoto la lipono tse robeli, tse tšoanang le tsa Daniele le Ezekiele, ka kakaretso li amana le ho hahuoa ha tempele bocha. Tsena li lateloa ke molaetsa oa molao le boprofeta bo mabapi le borapeli bo tiileng, tsosoloso, le letsatsi la Jehova la ntoa.
LITABA TSE KA HARE TSA ZAKARIA
8. Pono ea banna ba bane ba lipere e bontša’ng mabapi le Jerusalema le lichaba?
8 Pono ea pele: Banna ba bane ba lipere (1:1-17). Jehova o re, “Khutlelang ho ’na, . . . ’me ke tla khutlela ho lōna,” joale o boetse oa botsa, “mantsoe a ka le likahlolo tsa ka tseo ke neng ke li laetse bahlanka ba ka, baprofeta, na ha lia ka tsa fihlela bo-ntat’a lōna?” (1:3, 6) Batho baa lumela hore ba amohetse se ba loketseng. Joale ho hlaha pono ea pele ea Zakaria. Bosiu banna ba bane ba lipere ba ema har’a lifate haufi le Jerusalema, hoba ba khutle ho tsoa hlahloba lefatše lohle, leo ba le fumaneng le sa tšoenyeha ’me le iketlile. Empa lengeloi la Jehova, le nkang tlaleho ho bona, le tšoenyehile ka boemo ba Jerusalema. Jehova ka boeena o phatlalatsa ho khopeha ha hae ho hoholo khahlanong le lichaba tse thusitseng hore Sione e ee tlokotsing, ’me o bolela hore o tla “boela ho Jerusalema ka mohau.” Ntlo ea hae e tla hahuoa ho eona, ’me metse ea eona e “tla tlala menono.”—1:16, 17.
9. Jehova o hlalosa pono ea linaka le banna ba litsebi joang?
9 Pono ea bobeli: Linaka le banna ba litsebi (1:18-21, NW). Zakaria o bona linaka tse ’nè tse qhalantseng Juda, Iseraele le Jerusalema. Joale Jehova o mo bontša banna ba litsebi ba bane, a hlalosa hore bana ba tlile ho tla liha lichaba tse hanyetsang Juda.
10. Jehova o amana le ho atleha ha Jerusalema joang?
10 Pono ea boraro: Ho atleha ha Jerusalema (2:1-13). Ho bonoa monna e mong a metha Jerusalema. Motse oo o tla hlohonolofatsoa ka keketseho, ’me Jehova e tla ba lerako la mollo ho o potoloha le khanya bohareng ba ’ona. Oa hoeletsa, “Jo! Sione, u phonyohe,” ’me o phaella ka temoso, ‘Ea le amang o ama thaka ea leihlo la ka.’ (2:7, 8) Jehova a lutse ho eona, Sione e tla thaba, ’me lichaba tse ngata li tla ikopanya le Jehova. Nama eohle e laeloa ho lula e khutsitse ka pel’a Jehova, “hobane o tsohile bolulong ba hae bo khethehileng.”—2:13.
11. Moprista e Moholo Joshua o phahamisitsoe joang, ’me o khothalelitsoe tsela efe?
11 Pono ea bone: Topollo ea Joshua (3:1-10). Moprista e Moholo Joshua o bontšoa a le tekong, Satane a mo hanyetsa ’me lengeloi la Jehova le khalemela Satane. Na Joshua hase “lefatsa le ntšitsoeng mollong”? (3:2) Joshua o phatlalatsoa a hloekisitsoe, ’me liaparo tsa hae tse silafetseng li fapanyetsanoa ka “liaparo tsa bokhabane.” O khothalletsoa ho tsamaea ka litsela tsa Jehova, ea ‘tlisang mohlanka oa hae Lehlomela’ le ea beang ka pel’a Joshua majoe ao holim’a oona ho nang le mahlo a supileng.—3:4, 8.
12. Ke khothatso le tiiso efe tse fanoeng mabapi le ho hahoa ha tempele?
12 Pono ea bohlano: Seluloana sa mabone le lifate tsa mehloare (4:1-14). Lengeloi le tsosa Zakaria hore a bone seluloana sa gauda sa mabone a supileng, se likiloe ke lifate tse peli tsa mehloare. O utloa lentsoe lena la Jehova ho Zorobabele: ‘Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa Molimo.’ “Thaba e kholo” e tla batalatsoa ka pel’a Zorobabele, ’me lejoe la ntlha la tempele le tla tlisoa hore le hoeletse: “‘Le letle hakaakang! Le letle hakaakang!’” (BPN) Zorobabele o ralile metheo ea tempele, ’me Zorobabele o tla phetha mosebetsi. Mabone a supileng ke mahlo a Jehova “a ntseng a qamaka lefatše lohle.” (4:6, 7, 10) Lifate tse peli tsa mehloare ke batlotsuoa ba Jehova ba babeli.
13-15. Ho bonoa eng liponong tsa moqolo o fofang, tekanyo ea efa, le makoloi a mane a lipere?
13 Pono ea botšelela: Moqolo o fofang (5:1-4). Zakaria o bona moqolo o fofang, o ka bang bolelele ba limithara tse 9 le bophara ba limithara tse 4,5. Lengeloi le hlalosa hore hona ke thohako e hlahang ka lebaka la bohle ba utsoang le ho hlapanya ka bohata ka lebitso la Jehova.
14 Pono ea bosupa: Tekanyo ea efa (5:5-11). Sekoahelo se tlosoa tekanyong ea efa (hoo e ka bang lilithara tse 22), ho senola mosali ea bitsoang “Bokhopo.” O khutlisetsoa ka efeng, eo ka nako eo e phahamisetsoang leholimong ke basali ba babeli ba nang le mapheo, hore a tle a isoe Shinare (Babylona) ’me ‘e beoe mono litulong tsa eona tse e loketseng.’—5:8, 11, NW.
15 Pono ea borobeli: Makoloi a mane a lipere (6:1-8). Bona! Pakeng tsa lithaba tsa koporo tse peli, ho hlaha makoloi a mane, a e-na le lipere tsa mebala e sa tšoaneng. Ke meea e mene ea maholimo. Ka taelo ea lengeloi, li tsamaea le lefatše.
16. Ho profetoa eng mabapi le “Lehlomela”?
16 Lehlomela; ho itima lijo ha boikaketsi (6:9–7:14). Joale Jehova o laela Zakaria hore a bee moqhaka o motle hloohong ea Moprista e Moholo Joshua. O bua ka boprofeta ka “Lehlomela,” le tlang ho haha tempele ea Jehova le ho busa e le moprista teroneng ea hae.—6:12.
17. Mabapi le borapeli, Jehova o lakatsa eng, ’me ba hanang mantsoe a hae ba tla hlaheloa ke eng?
17 Lilemo tse peli ka mor’a hore Zakaria a qale ho profeta, ho fihla mokhethoa o tsoang Bethele ho tla botsa baprista ba tempele hore na linako tse itseng tsa ho lla le ho itima lijo li lokela ho tsoela pele li bolokoa. Ka Zakaria, Jehova o botsa batho le baprista hore na ba hlile ba tiile ka ho itima lijo ha bona. Seo Jehova a se hlokang ke ‘kutlo, toka ea ’nete, mosa o lerato, le mehauhelo.’ (7:7, 9, NW) Kaha ba hanyetsa mantsoe a hae a boprofeta ka manganga le ka lipelo tse thata ba lejoe la moralla, o tla ba lihela ka mabifi ho theosa le lichaba tsohle.
18. Jehova o etsa litšepiso life tse khanyang tsa tsosoloso?
18 Tsosoloso; “banna ba leshome” (8:1-23). Jehova o phatlalatsa hore o tla khutlela Sione ’me a lule Jerusalema, e tlang ho bitsoa “motse oa ’nete.” Maqheku a tla lula mapatlelong a oona, ’me bana ba tla bapalla teng. Hona ha ho thata haholo ho Jehova, Molimo oa ’nete le o lokileng! Jehova o tšepisa peō ea khotso ho masala a sechaba sa hae, a re: “Se tšoheng, matsoho a lōna a ke a tiee!” (8:3, 13) Ba lokela ho etsa lintho tsena: Ba bue ka ’nete e mong ho e mong le ho ahlola ka ’nete, ba boloke lipelo li lokolohile mekhoeng e kotsi le likanong tsa bohata. Hobane, nako ea tla eo batho ba metse e mengata ba tlang ho memana ho ea batla Jehova ka tieo, ’me “banna ba leshome” ba tsoang lipuong tsohle ba tla “itšoarella ka moseho oa kobo ea monna oa mo-Jode” ’me ba tsamaee le batho ba Molimo.—8:23.
19. Ho latela likahlolo life tse boima, empa ho thoe’ng ka morena oa Jerusalema?
19 Melaetsa ea molao khahlanong le lichaba, balisa ba bohata (9:1–11:17). Karolong ea bobeli ea buka ena, likhaolo 9 ho ea ho 14, Zakaria o tloha liponong tsa tšoantšetso ho ea mokhoeng o tloaelehileng haholoanyane oa boprofeta. O qala ka molaetsa oa molao o boima khahlanong le metse e sa tšoaneng, ho akarelletsa le motse o sehleke-hlekeng se majoe oa Tyre. Jerusalema e bolelloa hore e hooe ka thabo ea tlhōlo, hobane, “Bona, morena oa hao ke enoa; o tla ho uena; ke ea lokileng, ea nang le poloko, ke ea ikokobetsang, ea kaletseng esele.” (9:9) A khaola makoloi a ntoa le liqha, enoa o tla bua ka khotso ho lichaba ’me o tla busa ho isa lipheletsong tsa lefatše. Jehova o tla loanela batho ba hae khahlanong le Greece, ’me o tla ba pholosa. “Hobane mosa oa hae ke o moholo hakaakang, le botle ba hae ke bo boholo hakaakang!” (9:17, NW) Jehova, Mofani oa Pula, o nyatsa linohe le balisa ba bohata. O tla phahamisa ba ntlo ea Juda ’me a etse ba Efraime joaloka monna ea matla. Haele ka ba lopollotsoeng, “pelo tsa bona li nyakallele ho Jehova . . . ’me ba tla tsamaea ka lebitso la hae.”—10:7, 12.
20. Ke litšoantšetso life tse kenyelletsoang le mare “Mohau” le “Kutloano”?
20 Joale Zakaria o abeloa ho alosa mohlape, o rekisitsoeng polaong ke balisa ba se nang mohau ba reng: “Jehova a ke a rorisoe, ha ke tla fumana maruo.” (11:5, NW) Moprofeta o nka mare a mabeli ’me o a rea “Mohau” le “Kutloano.” (11:7, BPN) Ha a roba “Mohau” o tšoantšetsa ho rojoa ha selekane. Joale o batla moputso oa hae, ’me ba mo bekhela likotoana tse 30 tsa silevera. Jehova o laela Zakaria hore a li akhele ka letloleng la chelete ’me, ka ho phoqa ho fetelletseng, o re, “theko . . . e kalo eo ba ntekantseng ka eona.” (11:13) Joale ho pongoa lere “Kutloano,” ho rojoa boena ba Juda le Iseraele. Sabole e tla tlela balisa ba bohata ba hlokomolohileng linku tsa Jehova.
21. (a) Kahlolo ea Jehova ke efe ho ba loantšang Jerusalema? (b) Ke ho qhalanya le ho hloekisa hofe ho boletsoeng esale pele?
21 Jehova oa loana, e ba morena (12:1–14:21). Molaetsa o mong oa molao oa qala. Jehova o tla etsa Jerusalema sekotlolo se etsang hore lichaba li tsekele le lejoe le boima le ngoapang ba le phahamisang. O tla ripitla lichaba tsohle tse bang khahlanong le Jerusalema. Holim’a ntlo ea Davida, Jehova o tla tšollela moea oa mohau le lithapeli, ’me lichaba li tla talima eo li mo hlabileng, li mo llele, “joale ka ha ho lleloa mora ea tsoetsoeng a ’notši.” (12:10) Jehova oa makhotla o phatlalatsa ho khaoloa ha litšoantšo tsohle le baprofeta bohle ba bohata; bona batsoali ba ea joalo ba tlameha ho mo ntša leqeba e le hore a hlajoe ke lihlong ’me a tlose seaparo sa hae sa boprofeta. Molisa-’moho oa Jehova o tla otloa ’me mohlape o qhalane, empa Jehova o tla hloekisa ‘karolo ea boraro’ hore e bitse lebitso la hae. Jehova o tla re: “Ke sechaba sa ka,” ’me sona se tla re: “Jehova ke Molimo oa rōna.”—13:9.
22. Ke eng e tla etsahalla lichaba le Jerusalema ‘letsatsing la Jehova’?
22 “Bona, ho tla letsatsi leo e leng la Jehova.” Lichaba tsohle li tla hlasela Jerusalema, ’me halofo ea motse e tla ea botlamuoeng, e siea masala. Joale Jehova o tla tsoa ho ea loantša lichaba tseno, “joale ka mohla a loanang tsatsing la polao.” (14:1, 3) Thaba ea lifate tsa mohloare, ka bochabela ho Jerusalema, e tla aroha ho tloha bochabela ho ea bophirima, e etsa phula ea setšabelo. Letsatsing leo metsi a kollang a tla phallela bochabela le bophirima a tsoa Jerusalema, lehlabula le mariha, ’me “Jehova e tla ba morena oa lefatše lohle.” (14:9) Ha Jerusalema e ntse e thabela tšireletso, Jehova o tla otla ba e loantšang. Ha ba eme, linama tsa bona, mahlo a bona, le maleme li tla bola. Ba tla ferekana. Letsoho la e mong le e mong le tla fetohela oa habo. Ba setseng ba phela ba lichaba tsohle ba tla “nyoloha, ka selemo se seng le se seng, ho ea rapela Morena, Jehova oa makhotla.”—14:16.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
23. Tlaleho ea Zakaria e matlafatsa tumelo joang?
23 Bohle ba ithutang le ho nahanisisa ka boprofeta ba Zakaria ba tla rua molemo ka ho fumana tsebo e matlafatsang tumelo. Ka makhetlo a fetang a 50 Zakaria o lebisa tlhokomelo ho “Jehova oa makhotla” e le Eena ea loanelang batho ba Hae le ho ba sireletsa, a ba tlatsa matla ho ea ka seo ba se hlokang. Ha khanyetso e kang thaba e ne e sokela ho phethoa ha ho hahuoa ha tempele, Zakaria o ile a phatlalatsa: “Ke lentsoe la Jehova ho Zorobabele, le reng: Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa ka, ho bolela Jehova oa makhotla! Uena thaba e kholo, u eng pel’a Zorobabele? U lehoatata feela!” Tempele e ile ea phethoa ka thuso ea moea oa Jehova. Ka ho tšoanang kajeno, litšitiso li tla qhibiliha haeba ho sebetsanoa le tsona ka tumelo ho Jehova. Ho joalokaha Jesu a ile a bolella barutuoa ba hae: “Hoja le na le tumelo e ka ka hlaku ea mosetareda, leha le be le ka re ho thaba ena: Fallela mane; e ka fallela teng, ’me ho ka be ho se letho le le sitang.”—Zak. 4:6, 7; Matt. 17:20.
24. Ke papiso efe ea botšepehi e fanoeng khaolong ea 13 ea Zakaria?
24 Khaolong ea 13, temana ea 2 ho ea ho ea 6, Zakaria o bontša botšepehi boo ho tla fihlela kajeno bo tšoaeang mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. Sena se tlameha ho phunyelletsa kamanong e ’ngoe le e ’ngoe ea motho, e kang e haufi ea batho ba amanang ka tsoalo. Haeba mong ka uena ea haufi a profeta leshano ka lebitso la Jehova, ke hore, a bua se khahlanong le molaetsa oa ’Muso ’me ka phoso a leka ho susumetsa ba bang ka phuthehong ea batho ba Molimo, litho tsa lelapa tsa motho eo li tlameha hore ka botšepehi li tšehetse bohato bofe le bofe ba boahloli bo nkiloeng ke phutheho. Boemo bo tšoanang bo lokela ho nkoa mabapi le motsoalle ofe kapa ofe ea haufi ea profetang ka bohata, e le hore a ka hlajoa ke lihlong ’me a tsoa leqeba pelong ka lebaka la ketso ea hae e fosahetseng.
25. Boprofeta ba Zakaria bo amana joang le mangolo a mang a khethollang Messia, “Lehlomela,” le mosebetsi oa hae e le Moprista e Moholo le Morena tlas’a Jehova?
25 Joalokaha lirapa tsa rōna tsa kenyelletso li bontšitse, ho kena ha Jesu Jerusalema e le morena, “ea ikokobetsang, ea kaletseng esele,” ho ekoa ha hae ka “chelete tse mashome a mararo,” ho qhalana ha barutuoa ba hae ka nako eo, le ho hlajoa ha hae thupeng ke lerumo la lesole kaofela li ne li boletsoe esale pele ke Zakaria ka ho qaqa ho nepahetseng. (Zak. 9:9; 11:12; 13:7; 12:10) Boprofeta bo boetse bo bolela ka lebitso “Lehlomela” e le moahi oa tempele ea Jehova. Papiso ea Esaia 11:1-10; Jeremia 23:5; le Luka 1:32, 33 e bontša enoa e le Jesu Kreste, ea “tla busa ntlo ea Jakobo ka ho sa feleng.” Zakaria o hlalosa “Lehlomela” lena e le “moprista teroneng ea hae,” e leng ho nyalanang le mantsoe a moapostola Pauluse: “Jesu . . . [o] beoa moprista e moholo ka ho sa feleng, ka mokhoa oa Melkisedeke,” hape, ‘O lutse letsohong le letona ho terone ea Boholo maholimong.’ (Zak. 6:12, 13; Ba-Heb. 6:20; 8:1) Kahoo boprofeta bona bo supa “Lehlomela” e le Moprista e Moholo le Morena letsohong le letona la Molimo maholimong, ha ka nako e tšoanang bo bolela Jehova e le Morena ea Busang holim’a bohle: “Jehova e tla ba morena oa lefatše lohle. Ka tsatsi leo, Jehova o tla ba mong, lebitso la hae le be leng.”—Zak. 14:9.
26. Ke “tsatsi” lefe le khanyang leo Zakaria a le supang khafetsa?
26 Ha a bua ka nako eo, moprofeta o pheta poleloana “ka tsatsi leo” ka makhetlo a ka bang 20, hape e bile e qetella boprofeta ba hae. Ha ho hlahlobjoa ho hlaha ha eona hangata ho bontša hore e tla ba letsatsi leo Jehova a tla khaola mabitso a litšoantšo tsa bohata ka lona le ho tlosa baprofeta ba bohata. (13:2, 4) Ke letsatsi leo Jehova a loantšang lichaba tse futuhang le ho jala pherekano har’a tsona ha a li ripitla ’me a fana ka ‘khohlo ea lithaba tsa hae’ e le setšabelo bakeng sa batho ba hae. (14:1-5, 13; 12:8, 9) E, “Jehova, Molimo oa bona, o tla ba pholosa ka tsatsi leo, joale ka mohlape oo e leng sechaba sa hae,” ’me ba tla bitsana ba le tlas’a sefate sa morara le sefate sa feiga. (Zak. 9:16; 3:10; Mik. 4:4) Ke letsatsi le khanyang ha Jehova oa makhotla a “tla lula ka hare ho” sechaba sa hae le ha “metsi a bophelo a tla phalla a e-tsoa Jerusalema.” Mantsoe ana a Zakaria a khetholla liketsahalo “ka tsatsi leo” e le lilelekela tsa “leholimo le lecha le lefatše le lecha” tsa tšepiso ea ’Muso.—Zak. 2:11; 14:8, BPN; Tšen. 21:1-3; 22:1.
27. Boprofeta ba Zakaria bo lebisa tlhokomelo ho halaletsoeng ha lebitso la Jehova joang?
27 Jehova oa botsa, “Ke mang ea ka nyelisang letsatsi la taba tse nyenyane?” Bona! Katleho ena e lokela ho aparela lefatše lohle: ‘Lichaba tse ngata le merabe e matla e tla tla ho batla Jehova oa makhotla Jerusalema, ’me banna ba leshome ba lipuo tsohle tsa lichaba ba tla itšoarella ka moseho oa kobo ea monna oa mo-Jode, ba re: Re tla ea le lōna, hobane re utloile hoba Jehova o na le lōna.’ “Ka tsatsi leo” esita le liklokonyana tsa lipere li tla ngoloa mantsoe ana “Khalalelo ea Jehova.” Boprofeta bona bo hlasimollang bo molemo haholo ho bo hlahloba, hobane bo bontša hore lebitso la Jehova ka sebele le tla halaletsoa ka Peō ea hae ea ’Muso!—Zak. 4:10; 8:22, 23; 14:20.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Insight on the Scriptures, Moq. 2, maqephe 531, 1136.
b Encyclopaedia Judaica, 1973, Moq. 4, kar. 828; Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 1080-1.