Ho Utloisisa Lebaka Leo Messia a Neng a Tla Tla ka Lona
“Re fumane Messia.”—JOHANNE 1:41, “NW.”
1. Ke phatlalatso efe e makatsang e tlalehiloeng ka Bibeleng, hona e entsoe neng?
MOJODE ea bitsoang Andrease o ile a etsa phatlalatso ena e makatsang e ka holimo ho ngoan’abo lilemong tse ka holimo ho 1 950 tse fetileng. Na u utloa cheseho e teng mantsoeng a hae, a tlalehiloeng ke moapostola oa Mokreste Johanne? Rahistori oa Mokreste, Luka, o ile a supa selemo seo se sa lebaleheng e le “lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ea Tibere Cesare.” Selemo sa bo15 sa Tibere, ho tloha nakong ea ha ho phatlalatsoa hore ke moemphera oa Roma, se qalile ka September 28 C.E. ’me sa fela ka September 29 C.E.—Luka 3:1-3, 21, 22; Johanne 1:32-35, 41, NW.
2. Boprofeta ba Daniele bo ile ba lebisa tlhokomelo selemong sa 29 C.E. joang?
2 Selemo seo Messia a neng a tla hlaha ka sona se ne se boletsoe ka mokhoa o nepahetseng esale pele. Ho ne ho fetile lilemo tse 483 hantle ho tloha ha morena Artaxerxese oa Persia a fana ka taelo ea hore Jerusalema e tsosoe, selemong sa bo20 sa puso ea hae, 455 B.C.E.a (Nehemia 2:1-8) Moprofeta Daniele o ile a bolela esale pele hore “ho tloha ho tsoeng ha taelo ea ho tsosa le ho haha Jerusalema bocha ho fihlela ho Moeta-pele Messia, ho tla ba le libeke tse supileng, hape le libeke tse mashome a tšeletseng a metso e ’meli.” (Daniele 9:25, NW) Ka hona, ho ne ho tla feta nako ea libeke tsa boprofeta tse 7 + 62 = 69 pakeng tsa liketsahalo tsena tse peli tsa bohlokoa. Libeke tsa sebele tse mashome a tšeletseng a metso e robong li lekana le matsatsi a 483. Ho latela molao oa boprofeta oa “letsatsi ka leng le tla lekana le selemo se le seng,” Messia o ne a tla hlaha lilemo tse 483 hamorao, ka 29 C.E.—Ezekiele 4:6, BPN.
3. (a) Tlotla “Messia” e bolela eng? (b) Messia o ne a lokela ho phethahatsa boprofeta bofe?
3 Ka lebaka le utloahalang, ka selemo sa 29 C.E., “sechaba se ne se lutse ka tebello” ea Messia. (Luka 3:1, 15) Tlotla “Messia” e na le moelelo o tšoanang le “Kreste” ka Segerike; ka bobeli li bolela “Motlotsuoa.” (Johanne 1:41, NW) Potso e matla e neng e le teng har’a Bajode ba bangata e ne e le hore, ‘Ke mang eo Jehova Molimo a tla mo tlotsa hore e be morena ea sa tl’o busa Iseraele feela empa ea tla busa batho bohle?’ Ka boprofeta, ho ne ho se ho entsoe qeto ea hore mokhethoa e tla ba setloholo sa Juda setloholoana sa Abrahama. Ho feta moo, Messia e ne e tla ba mojalefa oa terone ea morena Davida oa Juda ’me o ne a tla tsoalloa motseng oa habo Davida Bethlehema.—Genese 17:5, 6; 49:10; Pesaleme ea 132:11; Daniele 7:13, 14; Mikea 5:2; Johanne 7:42.
Ho mo Khetholla ka Ntle le Pelaelo
4, 5. (a) Ho ile ha etsahala eng selemong se tšoaeang nako sa 29 C.E.? (b) Ea khethetsoeng ho ba Messia o ile a khetholloa ka tsela efe e sa sieeng pelaelo?
4 Selemong seo se tšoaeang nako, sa 29 C.E., ho ile ha etsahala tjena: “Lentsoe la Molimo la tla ho Johanne, mora oa Zakaria, feelleng. A ea le lefatše lohle le mathōko a Jordane, a ntse a bolela kolobetso ea pako, ea ho tšoareloa libe.” (Luka 3:2, 3) Tšebeletso ea Johanne e ile ea lokisetsa Bajode ba bakileng ho amohela Messia ea neng a tla tla haufinyane. Ho feta moo, Jehova o ile a fa Johanne pontšo. O ne a lokela ho batla eo “[a neng a tla] bona Moea o theohela ho eena, ’me o lula holim’a hae.”—Johanne 1:33.
5 Hoba a kolobetse Jesu oa Nazaretha, Johanne o ile a bona ho tlotsoa hona ho neng ho felisa pelaelo eohle. Jesu ha aa ka a tlotsoa ka oli, joalokaha ntat’ae moholo oa lefatšeng Davida a ne a ile a tlotsoa ka oli, empa o ile a tlotsoa ka moea o halalelang oa Jehova Molimo. (1 Samuele 16:13; Liketso 10:38) Ka eona nako eo, lentsoe la Molimo le ile la re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (Mattheu 3:16, 17) Joalokaha Johanne a ile a tiisa hamorao: “Ke bone Moea o theoha leholimong, o kang leeba, oa ba oa lula holim’a hae. Le ’na ke bone, ’me ke pakile hore enoa ke Mor’a Molimo.”—Johanne 1:32, 34.
6. Andrease le Johanne ba re behetse mohlala ofe o motle?
6 Ka mantsoe a joalo, ka botšepehi Johanne Mokolobetsi o ile a tsebisa barutuoa ba hae Jesu, a ba a ’mitsa “Konyana ea Molimo e tlosang libe tsa lefatše.” (Johanne 1:29) Barutuoa ba babeli ba ile ba arabela ka potlako. Ka mor’a hore ba qete letsatsi le le leng ba e-na le Jesu, ba ile ba kholiseha ka ho felletseng. Lebitso la e mong e ne e le Andrease, eo ka cheseho a ileng a batla ngoan’abo, Simone Petrose. Ho utloisisoa hore morutuoa e mong e ne e le Johanne mor’a Zebedea, ea ileng a fetoha moapostola oa Jesu ea ratoang haholo. Ka mor’a hore a pake ka Messia ka lilemo tse ka bang 70, eena Johanne enoa o ile a susumelletseha ho ngola boitsebiso bo ka holimo molemong oa rōna. Na mohlala oa hae le oa Andrease o ama pelo ea hao? Na u cheseha joaloka bona le ‘baapostola ba bang ba Konyana’ ho boleleng linnete tse thabisang tse mabapi le Messia?—Tšenolo 1:9; 21:14; Johanne 1:35-41; Liketso 5:40-42.
Ho Tlotsoa Joaloka Morena le Moprista ea Phahameng
7. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ke ke a sebeletsa e le moprista tempeleng ea Jerusalema?
7 Kaha Jesu o ne a tsoaletsoe sechabeng sa Bajode, o ile a ba “pusong ea molao.” (Ba-Galata 4:4) Ka hona, kaha e ne e le oa moloko oa Juda, o ne a ke ke a sebeletsa e le moprista tempeleng ea Jehova ea tšoantšetso, eo baprista ba eona e neng e le litloholo tsa Aarone oa moloko oa Levi. Moapostola Pauluse o ile a hopotsa Bakreste-’moho le eena: “Morena oa rōna o hlahile lelokong la Juda, e leng leo Moshe a sa kang a le abela boprista.”—Ba-Heberu 7:14.
8. Tempele ea Jehova ea lefatšeng e ne e tšoantšetsa eng?
8 Moapostola Johanne o ile a ngola: “Leseli la ’nete le bonesetsang motho e mong le e mong, le ne le e-tla lefatšeng.” (Johanne 1:6-9, BPN) Ha Jesu a kolobetsoa, ho ile ha tšoana le ha eka tempele e khōlō ea moea e qala ho ba teng, kaha joale ho ne ho se ho e-na le moprista ea phahameng oa moea ea neng a ka pholosa batho bokhobeng ba lefatše la Satane la lefifi la moea.—Ba-Heberu 8:1-5; 9:24.
9, 10. (a) Ke eng se neng se boleloa ke mantsoe a Jesu a reng: “Ha ua ka ua rata sehlabelo, leha e le nyehelo” le, “U ntokiselitse ’mele”? (b) Jesu ka boeena o ne a ikutloa joang ka see?
9 Jesu o ne a ntse a rapela ha a kolobetsoa. Bibele e tlaleha mantsoe a mang a bohlokoa ao a ileng a a bua, joalokaha moapostola Pauluse a ile a a qotsa hamorao: “Ha ua ka ua rata sehlabelo, leha e le nyehelo, empa u ntokiselitse ’mele. Ha ua ka ua khahlisoa ke licheso le ke mahlabelo a etsoang ka baka la sebe. Joale ka re: Bona, Molimo, ke tlile ho etsa thato ea hao; joale ka ha ho ngoliloe taba tsa ka bukeng.”—Ba-Heberu 10:5-7; Luka 3:21.
10 Ka hona, Jesu o ile a sebelisa boprofeta bo Pesalemeng ea 40:6-8 (NW) ho eena ka boeena, e leng bo neng bo boletse esale pele morero oa Jehova oa ho felisa mahlabelo a liphoofolo ao baprista ba lesika la Aarone ba neng ba a nyehela tempeleng ea Jerusalema. Jehova ha aa ka a “thabela” linyehelo tseo, kaha e ne e le tšoantšetso feela ebile li sa khone ho fana ka tefello ea sebe sa botho ka ho felletseng. Kahoo, Jehova o ile a lokisetsa Jesu ’mele o phethahetseng hore a tl’o o etsa sehlabelo. Molimo o ile oa fetisetsa bophelo ba Mora oa oona oa leholimo ka popelong ea moroetsana oa Mojode. Ka hona Jesu o ile a tsoaloa a sa silafatsoa ke sebe sa Adama. E ne e le Mora oa Molimo eo e leng motho ea phethahetseng, eo bophelo ba hae bo neng bo ka tlosa sebe sa batho. (Luka 1:30-35) Joalokaha Pesaleme ea 40:8 e ile ea bolela esale pele, takatso ea Jesu e tlohang botebong ba pelo e ne e le ho etsa thato ea Ntate oa hae. “Ke ka eona thato eo re halalelitsoeng ka sehlabelo sa ’mele oa Jesu Kreste se entsoeng hang.”—Ba-Heberu 10:10, 11.
11. Lefu la Messia le ile la phethahatsa boprofeta bofe, hona le ile la ‘felisa sehlabelo’ joang?
11 Sehlabelo sa bophelo ba Jesu ba botho se entsoeng hang bakeng sa nako e sa feleng se ile sa felisa tlhokahalo ea linyehelo tse eketsehileng tse neng li etsoa tempeleng ea tšoantšetso Jerusalema. Ho feta moo, o ile a shoa Letsatsing la Paseka ka 33 C.E. Eo e ne e le nako e ka etsang lilemo tse tharo le halofo ka morao ho kolobetso ea hae. Lilemo tse tharo le halofo li ne li lekana le halofo ea beke ea boprofeta. (Numere 14:34) Kahoo litaba li ile tsa tsamaea hantle feela kamoo Daniele a neng a boletse ka teng esale pele mabapi le ho bolaoa ha Messia: “Mahareng a veke o tla felisa sehlabelo le nyehelo.” (Daniele 9:26, 27) Le hoja boprista ba tšoantšetso ba Jerusalema bo ile ba tsoela pele ho fihlela ha tempele e ripitloa ka 70 C.E., mahlabelo ao baprista ba neng ba a nyehela lilemong tseo a ne a se a se na bohlokoa ba letho, kaha a ne a nketsoe sebaka ke sehlabelo sa Jesu se seholoanyane.—Mattheu 23:37, 38.
12. Boprista ba Jesu bo boholo ho ba Aarone ka tsela efe?
12 Aarone e bile eena oa pele lethathamong le lelelele la baprista ba phahameng ba Iseraele. Ka mor’a hore a tlotsoe ka oli e halalelang, o ile a lokela ho ema matsatsi a supileng tabernakeleng pele a fuoa matla a ho sebeletsa e le moprista ea phahameng. (Levitike 8:12, 33, NW) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a ema nako e itseng pele a fuoa matla a ho ba mokena-lipakeng bakeng sa batho. Eo e bile nako ea ho tloha ha a tlotsetsoa ho ba Moprista ea Phahameng ho fihlela tsohong ea hae. Ho fapana le Aarone, Mora ea sa shoeng oa Molimo ha a hloke bahlahlami, ’me o sebeletsa e le Moprista ebile e le Morena “ka mokhoa oa Melkisedeke.”—Pesaleme ea 110:1-4; Genese 14:18-20; Ba-Heberu 6:20; 7:1-3, 11-17, 23-25.
13. (a) Ke boikarabelo bofe bo boima bo neng bo le holim’a baprista ba phahameng ba Iseraele? (b) Jesu Kreste o jere boikarabelo bo boholo ho feta boo joang?
13 Iseraeleng ea boholo-holo, boikarabelo bo boholo ba thuto ea moea e nepahetseng bo ne bo le holim’a moprista ea phahameng. (Levitike 10:8-11; Malakia 2:7) Ka ho tšoanang, Jesu o ile a tsebisa bohle ba batlang ho rua ’Muso le bophelo bo sa feleng litlhokahalo tsa Jehova tse lokileng. (Mattheu 6:9, 10, 33; 7:28, 29; 11:12; 25:34, 46, NW) Ha a le synagogeng Nazaretha, Jesu o ile a bala a ba a sebelisa ho eena ka boeena boprofeta bo reng: “Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotselitse hore ke phatlalatse litaba tse molemo.” Joale, ka mor’a hore a qete nako e itseng Kapernauma, o ile a re: “Hape ke tlameha ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo metseng e meng, hobane ke rometsoe ka lebaka la sena.” (Luka 4:18, 19, 43, NW; Esaia 61:1, 2) Jesu o ile a boela a koetlisetsa balateli ba hae ba 70 ho atolosa mosebetsi ona oa ho bolela ka ’Muso, ’me o ile a bolela esale pele hore ba ne ba tla etsa mesebetsi e meholo ho feta eo eena ka boeena a e entseng. (Luka 10:1-9; Johanne 14:12) Sena se ile sa rala motheo bakeng sa phutuho ea thuto ea Bibele lefatšeng ka bophara eo Jesu a neng a tla e tsamaisa ka ‘mohlanka ea khabane,’ ea entsoeng ka balateli ba hae ba tšepahalang.—Mattheu 24:45-47; 28:19, 20.
Motšehetsi e Moholo oa Bobusi ba Jehova
14. (a) Ke hobane’ng ha moprista ea phahameng oa Iseraele a ne a kena ka Sehalalelisisong Letsatsing la Tefello ea Libe le neng le e-ba teng selemo le selemo? (b) Libano tse nkhang hamonate li ne li tšoantšetsa eng?
14 Lebaka la bohlokoa ka ho fetisisa leo Mor’a Molimo a ileng a tla lefatšeng ka lona e ne e se ho pholosa batho. Ho e-na le hoo, e ne e le ho rarolla litseko tse tletseng ketselletso tseo Satane a neng a li hlahisitse khahlanong le bobusi ba Jehova. Re ka fumana temohisiso ho sena ka ho nahana ka Letsatsi la Tefello ea Libe la Iseraele le neng le e-ba teng selemo le selemo, leo ka lona moprista ea phahameng oa tšoantšetso a neng a lokela ho kena ka Sehalalelisisong ka makhetlo a ’maloa. Lekhetlong la pele o ne a kena a tšoere libano tse nkhang hamonate, tse neng li tšolleloa sejaneng sa libano sa mashala a hlenneng. (Levitike 16:12-16) Sena se ne se tšoantšetsa hantle seo Moprista ea Phahameng eo moprista ea phahameng oa pele a neng a mo tšoantšetsa a neng a tla se etsa lefatšeng pele a nyolohela leholimong ho ea itlhahisa ho Jehova ka bohlokoa ba sehlabelo sa hae sa botho.b (Ba-Heberu 9:24) Joalokaha ho bontšitsoe ke ho sebelisoa ha libano, tsela ea Jesu ea botšepehi e ile ea khetholloa ka lithapelo tse tiileng, cheseho e matla bakeng sa borapeli bo hloekileng, le lerato le tebileng ho Jehova. (Pesaleme ea 141:2; Mareka 1:35; Johanne 2:13-17; 12:27, 28; 14:30, 31; Ba-Heberu 5:7) Jesu o ile a atleha ho boloka botšepehi bo se nang sekoli ha a talimane le teko e bolotsana, ho songoa, le mahloriso ’ohle a sehlōhō ao Satane le mahlahana a hae ba ileng ba a phaella holim’a hae.—Liproverbia 27:11; Mattheu 22:15-18; Mareka 14:60-65; 15:16-32; Luka 4:13, 29; Johanne 8:44, 59.
15. Re ka bontša teboho ea rōna ho Jehova joang bakeng sa hore e be o fane ka moprista ea phahameng ea babatsehang hakaale? (Ba-Heberu 10:21-26)
15 Jesu o ile a putsoa ka ho tsohela bophelong ba ho se shoe leholimong ka lebaka la ho tšehetsa bobusi ba Jehova. Re lokela ho leboha Jehova hakaakang ka hore e be o re file Moprista ea Phahameng ea babatsehang hakaale! “Ka hona, kaha rea bona hore re na le moprista ea phahameng ea phollelitseng le maholimo, Jesu Mor’a Molimo, a re khomareleng ho bolela tumelo ea rōna ho eena.” (Ba-Heberu 4:14, NW) Na takatso ea hao e matla ke ho latela mohlala oa Jesu oa botšepehi, ho sa tsotellehe seo Diabolose a ka se etsang? Haeba ho joalo, u ka kholiseha hore u tla fumana thuso, ’me u ka atleha. Lebaka ke hore thuso e molemo ka ho fetisisa ea fumaneha. “Re na le moprista ea phahameng, eseng ea ke keng a utloisisa mefokolo ea rōna, empa ea lekiloeng lintlheng tsohle joaloka rōna, empa a se na sebe. Ka hona, a re atameleng ka bolokolohi ba ho bua terone ea mosa o sa tšoanelang, e le hore re ka fumana mohau ’me ra fumana mosa o sa tšoanelang bakeng sa thuso ka nako e nepahetseng.”—Ba-Heberu 4:15, 16, NW; 5:7-10; Ba-Filippi 4:13, NW; 1 Johanne 2:1, 2.
Tlhokahalo ea ho Fetoha
16. Barutuoa ba pele ba Messia ba ne ba e-na le litebello life mabapi le puso ea hae ea ’Muso?
16 Ka potlako Andrease le Johanne ba ile ba khetholla Messia oa ’nete, empa ho ne ho sa ntsane ho e-na le ho hongata hoo bona le barutuoa ba bang ba pele ba neng ba lokela ho ithuta hona. (Johanne 16:12, 13) Joaloka Bajode ba bangata ba neng ba chesehela bolumeli ka nako eo, ba ne ba tšepile hore ’Muso oa Bomessia o ne o tla qala ho busa hona morao koo le hore o ne o tla lopolla sechaba sa Iseraele le motse-moholo oa sona, Jerusalema, pusong ea Balichaba. (Luka 2:38; 3:15; 19:11; 23:51; 24:21) Leha ho le joalo, seo se ka be se tliselitse batho molemo ofe oa nako e telele?
17, 18. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a fana ka setšoantšo sa “monna e mong oa lelōko la borena”?
17 Ho tlosa sebe le lefu ho bafo ba ’Muso oa hae o tlang, ho ne ho hlokahala hore pele Messia a bolaoe joaloka konyana ea sehlabelo. (Johanne 1:29; Esaia 53:7, 12) Ha Jesu a bolela esale pele hore na sena se ne se tla etsahala joang le hore na o ne a tla tsosoa joang, Petrose o ile a arabela: “Morena, u ikutloele bohloko: tse joalo li ke ke tsa u hlahela.” (Mattheu 16:21, 22) Leha ho le joalo, Jesu o ne a tseba hore barutuoa ba hae ‘ba ne ba sa utloisise taba eo.’—Mareka 9:31, 32; bapisa le Mattheu 17:22, 23.
18 Leetong la Jesu la ho qetela ha a ea Jerusalema, o ile a bua ka tsela e hlakileng haholoanyane. (Mattheu 20:18, 19) O ile a boela a bontša molemo o moholo oo lefu la hae le neng le tla o tlisa, a re: “Mor’a motho o tletse . . . ho nehelana ka sephefumolohi sa hae e le topollo bakeng sa ba bangata.” (Mattheu 20:28, NW) Litebello tse fosahetseng li ile tsa sitisa barutuoa ba hae ho utloisisa sena. Luka oa tlaleha: “Hobane a ne a atametse Jerusalema, ’me ba ne ba hopola hore ’Muso oa Molimo o se o tla hlaha kapele-pele.” Ho lokisa monahano oa bona, Jesu o ile a fana ka setšoantšo seo ho sona a ileng a itšoantša le “monna e mong oa lelōko la borena” eo pele a ileng a lokela ho etela “lefatšeng le hōle ho ea neoa borena.” (Luka 19:11, 12, BPN) ‘Lefatše’ leo le ne le bolela leholimo, moo Jesu a ileng a nyolohela teng ka mor’a lefu le tsoho ea hae.
19. (a) Barutuoa ba Jesu ba ile ba senola tebello efe e fosahetseng ka mor’a tsoho ea hae? (b) Ho ile ha ba le phetoho efe kamanong ea Molimo le batho ka Pentekonta ea 33 C.E.? (Ba-Heberu 8:7-9, 13)
19 Leha ho le joalo, pejana feela ho ho nyoloha ha Jesu, barutuoa ba hae ba ile ba botsa: “Morena, na u re, e se e le joale u tla tsosa ’muso oa Iseraele na?” (Liketso 1:6) Na Jesu o ile a ba furalla ka lebaka la see? Che, o ile a hlalosa hore e ne e e-s’o be nako le hore ba ne ba lokela ho ipoloka ba tšoarehile mosebetsing oa bohlokoa oa ho paka ka Messia oa ’nete. (Liketso 1:7, 8) Kamano ea Molimo ea selekane le Iseraele ea tlhaho e ne e le haufi le ho fela. Ka hona, ’Muso oa Bomessia o tlang o ne o sa tl’o tsosoa sechabeng seo se sa tšepahaleng sa lefatšeng. Jesu o ile a bolella bahanyetsi ba hae ba Bajode: “’Muso oa Molimo le tla o amohuoa, ’me o tla neoa sechaba se seng se tla bea litholoana tsa oona.” (Mattheu 21:43) Matsatsi a leshome ka mor’a hore Jesu a nyolohele leholimong, sechaba seo se ile sa tsoaloa. Moea o halalelang o ile oa tšolleloa holim’a barutuoa ba Jesu ba 120, ’me ka tsela eo ba ile ba tlotsetsoa ho ba “bahalaleli” ba Molimo le “majalefa hammoho le Kreste” ’Musong oa Bomessia o tlang.—Daniele 7:13, 14, 18; Ba-Roma 1:7, NW; 8:1, 16, 17; Liketso 2:1-4; Ba-Galata 6:15, 16.
20. Ho sa tsotellehe hore ba ne ba e-na le litebello tse ling tse fosahetseng, Bakreste ba tšepahalang ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba etsa’ng?
20 Esita le ka mor’a ho tlotsoa ha bona, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ntse ba e-na le litebello tse fosahetseng. (2 Ba-Thessalonika 2:1, 2, NW) Empa ho e-na le hore ba fetohe batho ba felletsoeng ke tšepo ba ntseng ba belaela, ka boikokobetso ba ile ba amohela tokiso. Ba matlafalitsoe ke moea o halalelang oa Molimo, ka thabo ba ile ba amohela kabelo ea ho paka le ho “etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.”—Mattheu 28:19, 20, NW; Liketso 1:8; Ba-Kolosse 1:23.
21. Ho tla hlahlojoa lipotso life sehloohong sa rōna se latelang?
21 Ho thoe’ng ka lekholo la rōna la bo20 la lilemo? Na bahlanka ba Jehova ba kajeno ba ile ba falimehela ho hlongoa ha ’Muso oa Jehova oa Bomessia? Hona na joaloka ba neng ba tšoana le bona lekholong la pele la lilemo, ho ile ha hlokahala hore litebello tsa bona li fetoloe ka litsela tse itseng?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a The Encyclopedia Americana hammoho le Great Soviet Encyclopedia lia lumellana hore puso ea Artaxerxese e ile ea fela ka 424 B.C.E. E ne e qalile neng? Ka 474 B.C.E. Ho tšehetsa sena, mongolo o mong oa khale o epollotsoeng o ngotsoe ka selemo sa bo50 sa puso ea Artaxerxese; o mong o bontša hore o ile a lateloa ke mohlahlami oa hae selemong sa bo51 sa puso ea hae. Ha re bala lilemo tse 50 tse felletseng ho tloha ka 424 B.C.E. ho khutlela morao, re fihla selemong sa 474 B.C.E. e le sona sa ho qala sa puso ea hae. Ka hona, selemo sa bo20 sa puso ea Artaxerxese, seo taelo eo e fanoeng ka sona, se ne se tla ba ka morao ho lilemo tse 19 tse felletseng a qalile puso, ke hore, 455 B.C.E. Bakeng sa lintlha tse eketsehileng, bona Insight on the Scriptures, Moqolo 2, leqephe 616, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
b Bona The Watchtower ea April 1, 1974, leqephe 222.
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Tlotla “Messia” e bolela eng?
◻ Ke ketsahalo efe ea bohlokoahali e ileng ea etsahala ka selemo sa 29 C.E.?
◻ Messia o ile a ‘felisa sehlabelo mahareng a veke’ joang?
◻ Ho tloha ha Jesu a tlotsoa, o jere boikarabelo bofe?
◻ Morero o moholo oa ho tla ha Messia ka lekhetlo la pele e ne e le ofe, ’me see se lokela ho re ama joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ho kena ha moprista ea phahameng ka Sehalalelisong ka lekhetlo la pele ho ne ho tšoantšetsa ho hong ha bohlokoa ho feta poloko ea batho