Bontša Teboho—’Muso oa Jehova oa Bomessia oa Busa
“Rea u leboha, Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, . . . hobane u nkile matla a hao a maholo ’me u qalile ho busa u le morena.”—TŠENOLO 11:17, “NW.”
1. Mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower o ile a re’ng ka mor’a hore a etele Europe ka 1911?
MATHOASONG a 1911, mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower, C. T. Russell, o ile a fana ka letoto la lipuo tsa Bibele metseng e meholo ea Europe. Ha Russell a hlalosa leeto leo, o ile a ngola se latelang ho The Watch Tower, ea May 15, 1911: “Re ile ra makala ha re fumana bopaki bo bongata hakana ba katleho hohle . . . Babali ba rōna baa tseba hore ka lilemo tse ’maloa re ’nile ra lebella hore Mehla ena e felle ka nako e tšabehang ea khathatso, ’me re lebelletse hore e qhome ka tšohanyetso le ka matla ka moraonyana ho October, 1914, eo, ho ea kamoo re utloisisang Mangolo ka teng, e leng nako eo Linako tsa Balichaba—nako ea hore Balichaba ba tsoele pele ho busa lefatše—li tla fela ka eona; ka hona, ke nako eo ka eona ’muso oa Messia o tla beng o loketse ho qala ho busa.” Na tebello ee e ile ea phethahala?
2. Khotso e ile ea senyeha joang ka 1914, hona ka liphello life tse bohloko?
2 Karolong ea pele ea selemo sa 1914, lefatše le ne le bonahala le sireletsehile le bile le se kotsing ea ntoa. Empa ka tšohanyetso khotso e ile ea senngoa ke ha Moserbia e mong a bolaea mojalefa oa borena ba Austria ka la 28 June, 1914. Ka potlako Austria-Hungary e ile ea phatlalatsa hore e futuhela Serbia. Russia e ile ea tla ka lehlakoreng la Serbia, kahoo ka la 1 August Jeremane e ile ea phatlalatsa hore e futuhela Russia. Ka mor’a moo Jeremane e ile ea phatlalatsa hore e futuhela France ka la 3 August; ka la 4 August Great Britain e ile ea phatlalatsa hore e futuhela Jeremane; ka la 7 August Montenegro e ile ea phatlalatsa hore e futuhela Austria-Hungary; ka la 23 August Japane e ile ea phatlalatsa hore e futuhela Jeremane; ka la 28 August Austria-Hungary e ile ea phatlalatsa hore e futuhela Belgium. Ba bangata ba ne ba lumela hore ntoa eo e tla lala ka potlako. Ho e-na le hoo, e ile ea fetoha ntoa e mpe ka ho fetisisa historing ho tla fihlela nakong eo, kaha linaha tse ling tse 19 li ile tsa nka mahlakore tšollong ea mali ea machaba e ileng ea senya bophelo ba masole le batho ba sa loaneng ba fetang 13 000 000, ’me ba fetang 21 000 000 ba ile ba holofala le ho tsoa likotsi.
3, 4. Ho ile ha etsahala eng ntlo-khōlō ea Mokhatlo hoseng ha Labohlano, ka la 2 October, 1914?
3 Hoseng ha Labohlano, la 2 October, 1914, Russell o ile a phatlalatsa tjena ho basebetsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo oa Watch Tower e Brooklyn, New York: “Linako tsa Balichaba li felile; nako ea marena a bona e felile.” Lelapa la Bethele, “ntlo ea Molimo,” le ile la amohela sena ka litlatse tse matla.
4 C. T. Russell le bo-mphato ba hae ba ne ba e-na le lebaka lefe le utloahalang la ho thaba hakaalo hoseng hoo ha October? Polelo “Linako tsa Balichaba” e simolohile hokae? Ho na le bopaki bofe ba hore Linako tsa Balichaba li felile ka October 1914? Hona seo se lokela ho u ama joang?
Jerusalema le Linako tsa Balichaba
5. Polelo “Linako tsa Balichaba” e simolohile hokae?
5 Polelo “Linako tsa Balichaba,” kapa “linako tse khethiloeng tsa lichaba,” e hlaha boprofeteng ba Jesu bo boholo bo mabapi le timetso ea Jerusalema. (Luka 21:5-36, King James Version) Matsatsi a mabeli pele Jesu a fana ka bona, o ile a itlhahisa ho baahi ba Jerusalema e le eena Messia oa bona. Le hoja a ile a ea motseng oo a kaletse esele ka boikokobetso, matšoele a Bajode a ile a tlerola ka tlhōlo, feela joalokaha Zakaria 9:9 e ne e boletse esale pele. A ile a hooa: “Ho bokoe Ea tlang e le Morena ka lebitso la Jehova.”—Luka 19:28-40, NW.
6, 7. Bajudea ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba itjarisa molato ofe o tšabehang oa mali, hona ka liphello life?
6 Empa Jesu o ne a tseba hore haufinyane sechaba se ne se tla susumelletsoa hore se mo fetohele ka lebaka la lehloeo le tletseng polao la baeta-pele ba Jerusalema ba bolumeli ba neng ba susumetsoa ke ntat’a bona, Diabolose. (Genese 3:15; Johanne 8:44) Nakoana ka mor’a moo, ka la 14 Nisane, letšoele la Bajode le ile la hooa la re Jesu a bolaoe. Ba ile ba hoeletsa ba re ho ’musisi oa Roma ea leqe: “Mali a hae a be holim’a rōna, le holim’a bana ba rōna.” (Mattheu 27:24, 25) Ho e-na le ho amohela Jesu e le Morena oa Bomessia, baprista ba baholo ba ile ba phatlalatsa: “Ha re na morena, ha e se Cesare.” (Johanne 19:15) Ka hona Messia oa ’nete o ile a khokhotheloa thupeng ea tlhokofatso hore a be a shoe, a qositsoe ka bohata ka hore o hlohlelletsa bofetoheli khahlanong le Roma le hore o nyefola Molimo oa Bajode.—Mareka 14:61-64; Luka 23:2; Johanne 18:36; 19:7.
7 Joang kapa joang khalefo ea Molimo e ne e tla tlela baahi ba Judea ka lebaka la molato oa bona o tšabehang oa mali. Jerusalema, hammoho le tempele ea eona e majaba-jaba, e ne e ke ke ea hlola e bitsoa “motse oa morena e moholo,” Jehova. (Mattheu 5:35; Luka 13:33-35) Matsatsi a ’maloa pele ho lefu la Jesu, barutuoa ba hae ba ile ba bua ka kananelo ka mehaho ea tempele ea motse oo. Ha a arabela, Jesu o ile a profeta: “Ha e le ka tseo le li talimileng, ho ea tla matsatsi ao lejoe le sa tl’o ka le lesoa holim’a lejoe le leng, le sa heletsoa.”—Luka 21:5, 6.
8. Ha Jesu a fana ka “pontšo” ea liketsahalo tse lebisang timetsong ea Jerusalema, ho ile ha akarelletsoa eng hape?
8 Barutuoa ba Jesu ba ile ba botsa ka ho makala: “Moruti, na tseo li tla etsahala neng, ’me pontšo e tla ba efe ea hoba tseo li se li tla hlaha?” (Luka 21:7) Ha Jesu a arabela ka nepo o ile a profeta liketsahalo tse ileng tsa lebisa timetsong ea Jerusalema, a ba a phaella ka polelo ena ea bohlokoa: “Jerusalema e tla hatakeloa ke Balichaba, ho fihlela linako tsa Balichaba li phetheha.” (Luka 21:8-24, KJ) Ka hona Jesu o ile a supa ho hong ho tlang ka ntle ho timetso ea Jerusalema—ho hong ho neng ho lokela ho ema “ho fihlela linako tsa Balichaba li phetheha.” Mabapi le “pontšo,” Jesu o ile a re: “Etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:31) Ka hona, pontšo eo e ne e tla phethahala habeli. Karolong ea pele, kapa ka tekanyo e nyenyane, phethahatso e ne e tla bontša hore ‘tšenyeho ea Jerusalema e se e atametse.’ (Luka 21:20) Karolong ea bobeli, eo e bileng e leng e kholoanyane, phethahatso e ne e tla tla ha Linako tsa Balichaba li se li felile, ’me e ne e tla bontša hore “’muso oa Molimo o haufi.”—Bapisa le Mattheu 24:3.
Jerusalema ea Lefatše e Nkeloa Sebaka ke Motse o Moholoanyane
9. Jerusalema ea lefatše e ile ea lahleheloa ke boemo ba eona bo khethehileng neng, ’me e nketsoe sebaka ke eng?
9 Ka ho bolela hore “Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba, ho fihlela linako tse khethiloeng tsa lichaba li phetheha,” na Jesu o ne a bontša hore qetellong Molimo o tla boela o amohele motse oo oa lefatše? Che. Ka mor’a polao ea Mora oa Molimo ea ratoang, Jerusalema ea lefatše e ile ea lahleheloa ke boemo ba eona bo khethehileng ka ho sa feleng ’me e se e nketsoe sebaka ke ‘motse oa Molimo o phelang, Jerusalema oa leholimo’ o e fetang hōle ka boholo.—Ba-Heberu 12:22; Mattheu 23:37, 38; 27:50, 51.
10. Polelo “Jerusalema oa leholimo” e bolela eng?
10 Ka Bibeleng polelo “Jerusalema oa leholimo” e sebelisoa ho hlalosa ’Muso oa leholimo o ke keng oa senngoa oo Bakreste ba tlotsitsoeng ba bitselitsoeng ho oona.a (Ba-Heberu 11:10; 12:22, 28) Ha moapostola Pauluse a ngola sena, Bajode ba ne ba sa ntsane ba talima motse oa lefatše hammoho le tempele ea oona ka tsela e tletseng kananelo. Ka hona, Pauluse o ile a hopotsa Bakreste ba Baheberu hore “mona, ha re na motse o tieang, empa re batla o tlang ho hlaha.”—Ba-Heberu 13:14.
Lebaka Leo ka Lona o Bitsoang Jerusalema ea Leholimo
11. Ho fihlela ha Jerusalema ea lefatše e lahleheloa ke kamohelo ea Jehova, e ne e emela eng?
11 Ka nako e telele Jerusalema e ile ea ba motse-moholo oa sechaba sa Iseraele, seo ho neng ho thoe marena a sona a “lula teroneng ea Jehova.” (1 Likronike 29:23) Hape, Jehova o ile a etsa selekane le Davida sa hore borena bo ne bo tla lula lelapeng la hae ka ho sa feleng. Feela joalokaha metse e meholo ea kajeno, e kang Washington, Moscow, Canberra, le Pretoria, e sebelisoa ho khetholla mebuso ea habo eona ka ho fapana, kahoo ka Bibeleng Jerusalema e sebelisoa ho emela ’muso oa lesika la Davida.—2 Samuele 7:16; Luka 1:32.
12. Poleloana “Linako tsa Balichaba” e lokela ho sebelisoa joang?
12 ’Muso oa Davida o ne o e-na le sebaka se lekanyelitsoeng seo o se busang, o fella meeling ea Iseraele ea boholo-holo e neng e tšoailoe ke Molimo. Ka hona Jerusalema ea lefatše e ne e le tšoantšetso feela ea ’Muso oa sebele oa Bomessia o neng o tla busa o le leholimong ’me o buse lefatše lohle. (Pesaleme ea 2:2, 7, 8; Daniele 7:13, 14; 2 Timothea 4:18) Ka hona, buka The Time Is At Hand, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Watch Tower ka 1889, e ile ea bolela ka ho hlaka: “Morena oa rōna o ile a sebelisa poleloana ‘Linako tsa Balichaba’ e le e bolelang khefu ea histori ea lefatše e pakeng tsa ho tlosoa ha ’Muso oa tšoantšetso oa Molimo, ’Muso oa Iseraele (Ezek. 21:25-27), le ho hlahisoa le ho hlongoa ha oo o neng o o tšoantšetsa, ’Muso oa ’nete oa Molimo.”
Linako tsa Balichaba—Li Telele Hakae?
13. Linako tsa Balichaba li qalile neng, hona ke hobane’ng ha u arabela joalo?
13 ’Muso oa tšoantšetso oa Molimo o ile oa ketoloa ke morena Nebukadnezare oa Babylona ka 607 B.C.E. Khoeling ea bosupa ea Bajode, hoo e ka bang bohareng ba October, naha e ne e se e le lesupi.b (2 Marena 25:8, 9, 22, 25, 26) Ho paka hore sena se etsahetse ka tumello ea Molimo, Jehova Molimo o ile a fa Nebukadnezare toro. E ne e akarelletsa sefate se ileng sa rengoa eaba se lumelloa hore se boele se hōle ka mor’a nako e bolelele ba “linako tse supileng.” Toro eo e ile ea phethahala ka lekhetlo la ho qala ha Nebukadnezare a khutlisetsoa boreneng ba hae ka mor’a ho ba boemong ba bohlanya ka nakoana.—Daniele 4:10-17, 28-36, NW.
14. ’Moko-taba oa toro ea Nebukadnezare e ne e le ofe?
14 Leha ho le joalo, sehlooho sa toro ea Nebukadnezare se ile sa bontša hore phethahatso ea eona e khōlō e ne e akarelletsa ’muso oa tšoantšetso oa Molimo, oo morena eo oa Balichaba a ileng a lumelloa ho o ‘rema.’ Toro eo e ile ea fella ka polelo ena e senolang morero: “Hore ba utloang ba tsebe hoba Mookameli ea phahameng o na le ’muso holim’a borena ba motho, le hobane o bo fa eo a ratang ho mo fa bona, le hoba a ka phahamisetsa ho bona ea fetisang ka bonyenyane [“ea tlaase ka ho fetisisa har’a batho,” NW].”—Daniele 4:17.
15. Ke joang Jesu Kreste a neng a tšoaneleha ho ba “ea tlaase ka ho fetisisa har’a batho?” (Mattheu 11:29, NW)
15 Ke motho a le mong feela ea neng a tšoaneleha lintlheng tsohle hore a ka bitsoa “ea tlaase ka ho fetisisa har’a batho.” Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši o ile a ipaka e le ea joalo ka hore e be ka ho rata o ile a furalla khanya ea hae ea leholimo hore a tl’o tsoaloa e le motho, e le Jesu, ea ileng a hlokofatsoa ke lefu le tlotlollang le le sehlōhō ka ho fetisisa matsohong a Satane. (Ba-Filippi 2:3, 5-11, NW) Hoba Jesu a tsohe ’me a khutlele khanyeng ea leholimo, o ile a lokela ho ema ho fihlela nako e bolelele ba linako tse supileng ea puso ea Balichaba e fela pele a behoa teroneng e le Morena oa Bomessia holim’a batho.—Ba-Heberu 10:12, 13.
16. Buka ea Tšenolo e thusa Bakreste joang ho sebetsa lipalo ho fumana hore na linako tse supileng li felile neng?
16 Empa Lipaki tsa Jehova li ile tsa khona ho utloisisa bolelele ba linako tse supileng joang? Bibele e senola hore “nako le linako le halofo ea nako,” kapa linako tse tharo le halofo, li lekana le matsatsi a 1 260. (Tšenolo 12:6, 14, NW) Ka hona, ha nako eo e menoa habeli, kapa linako tse supileng, hoo ho ne ho tla lekana le matsatsi a 2 520. Motheong oa tataiso ea boprofeta ea “letsatsi ka leng le lekana le selemo,” linako tse supileng li ne li tla lekana le lilemo tse 2 520. (Numere 14:34, BPN; Ezekiele 4:6) Ka ho sebetsa lipalo tjena, Linako tsa Balichaba, tse qalileng ka October 607 B.C.E., li ile tsa fela lilemo tse 2 520 hamorao ka October 1914.
17. Ke phatlalatso efe e thabisang e neng e lokela ho tsebahatsoa ka 1914?
17 Ka October 1914, Jehova Molimo o ile a beha Mora oa hae ea ratoang, Morena Jesu Kreste, teroneng ’Musong oa leholimo. Qetellong, pono ea moapostola oa Mokreste Johanne e ho Tšenolo e ile ea qala ho phethahala, ’me ho ne ho ka etsoa phatlalatso ena: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena [Jehova] oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me [Jehova] o tla busa ka ho sa feleng.” (Tšenolo 1:10; 4:1; 11:15) Tsee ke litaba tse babatsehang hakaakang ’me li tlisa thabo e khōlō hakaakang ho majalefa-’moho le bafo bohle ba ’Muso oo!—Tšenolo 11:17.
18. Ke hobane’ng ha batho ba ’nile ba hlokofatsoa ke maemo a soabisang ho tloha ka 1914?
18 Ke ’nete hore karolong e khōlō ea batho, ha hoa ba le thabo e kaalo lefatšeng ho tloha ka 1914. Empa maemo a tletseng bomalimabe a teng lefatšeng ke bopaki ba hore puso ea Satane e haufi le ho fela. See re se tseba joang? Buka ea Tšenolo e ile ea bontša hore ho hlongoa ha ’Muso oa Molimo ho ne ho tla tlisa ntoa leholimong. Satane le bademona ba hae ba ne ba tla lelekoa leholimong ’me ba seheloe moeli tikolohong ea lefatše la rōna. Ka mor’a ho bona tlhōlo ena ponong ea boprofeta, Johanne o ile a utloa lentsoe le phahameng le re: “Thabang ke hona, maholimo, le lōna ba ahileng teng. Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.”—Tšenolo 12:1-12.
19. Ke hobane’ng ha Bakreste ba ’nete ba tletse teboho e kaale ka hore e be baa phela nakong ee?
19 Maemo a lefatše a ’nileng a mpefala ho tloha ka 1914 ke bopaki ba hore pono ea Johanne e phethahetse le hore bofelo ba batho bohle ba hanang ho ikokobeletsa bobusi ba Molimo bo atamela ka tsela e tšosang. (Luka 21:10, 11, 25-32) Ke ho thabisang hakaakang hore e be re phela nakong ena e babatsehang eo ka eona Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, a tla rarolla tseko e khōlō ea bobusi ba hae holim’a lefatše! Joale, lefatše le tla fetoloa paradeise e ntle, ’me batho ba lokileng ba phonyohileng ba tla phahamisetsoa phethehong. Esita le bafu ba tla tsosoa ’me ba fuoe monyetla oa ho tšoaneleha bakeng sa bophelo bo sa feleng.—Tšenolo 20:1-3, 12, 13; 21:3-5.
Tlhokahalo ea ho Fetoha Kajeno
20. (a) Ke bo-mang ba ileng ba ipaka e le bahlanka ba ’nete ba Jehova lefatšeng pele ho 1914? (b) Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba ne ba ikemiselitse ho etsa liphetoho life?
20 Ka lilemo tse 38 pele ho 1914, Liithuti tsa Bibele, joalokaha Lipaki tsa Jehova li ne li bitsoa joalo ka nako eo, li ile tsa supa nako eo e le sona selemo seo Linako tsa Balichaba li neng li tla fela ka sona.c Boo ke bopaki bo totobetseng hakaakang ba hore e ne e le bahlanka ba ’nete ba Jehova! Leha ho le joalo, joaloka bahlanka ba Molimo ba lekholong la pele la lilemo, le bona ba ne ba e-na le likhopolo tse itseng tse fosahetseng. Ka mohlala, ba ne ba lebelletse hore ka October 1914 Bakreste ba tlotsitsoeng bao lenane la bona le seng le felletse ba ne ba tla tsohela leholimong. Hape ba ne ba nahana hore ntoa e qalileng ka 1914 e ne e tla lebisa ka ho toba bofelong ba lefatše la Satane.
21. Bakreste ba ’nete ba ile ba fumana taeo efe nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše?
21 Leha ho le joalo, ka mor’a nako Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba hlokomela hore ho ne ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi o mongata oo ba neng ba lokela ho o etsa lefatšeng. Ka lebaka la ho phehella ha bona ho paka phatlalatsa nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, ba ile ba feta har’a mahloriso a sehlōhō a babusi ba lipolotiki, ba neng ba hlohlelletsoa ke baruti ba Bokreste-’mōtoana. (Pesaleme ea 2:1-6) Mosebetsi oa Bakreste ba ’nete o ile oa nonyetsoa haholo ka la 21 June, 1918, ha baeta-pele ba ka sehloohong ba Mokhatlo oa Watch Tower United States ba ahloleloa lilemo tse 20 teronkong ka liqoso tsa bohata.
22, 23. (a) Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ba ’nile ba etsa’ng ho tloha ka 1919, ’me ho bile le likarabelo life tse peli tse sa tšoaneng? (b) Ke eng e neng e tšoantšetsoa ke Jerusalema e sa tšepahaleng?
22 Ntoa ea I ea Lefatše e ile ea fela ka tšohanyetso ka November 1918. Joale, ka la 25 March, 1919, baeta-pele ba Mokhatlo oa Watch Tower ba ile ba lokolloa teronkong. Hamorao ba ile ba lokolloa molatong ka ho felletseng. Ho ile ha hlaha nako ea khotso e neng e sa lebelloa bakeng sa Bakreste bao ba tlotsitsoeng ba tšepahalang, e tšoanang le menyetla e ileng ea itlhahisa ho barutuoa ba pele ba Kreste ka mor’a hore ba matlafatsoe ke moea o halalelang ka 33 C.E.—Liketso 2:17-21, 41.
23 Ho tloha ka 1919, e le sehlopha Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšepahalang ka cheseho ba ’nile ba utloa taelo e akarellelitsoeng mantsoeng a Jesu a ho Mattheu 24:14: “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.” Ka lebaka leo, ba ka bang limillione tse ’nè ba “linku tse ling” tsa Kreste ba nehelane ka bophelo ba bona ho sebeletseng Jehova ba kopane le masala a tlotsitsoeng. (Johanne 10:16) Bokreste-’mōtoana, tlas’a tšusumetso ea baruti ba bona, bo tsoela pele ho hana molaetsa oa ’Muso. Ho khetha ha bona maano a batho a lipolotiki le ho hlorisa ha bona Lipaki tsa Jehova ho tšoana le tsela e nyarosang eo baahi ba Judea ba lekholong la pele la lilemo ba ileng ba tšoara Kreste ka eona. Feela joalokaha Jehova a ile a phethahatsa kahlolo ea hae holim’a Jerusalema, o tla etsa se tšoanang ho se neng se tšoantšetsoa ke Jerusalema e sa tšepahaleng, ka ho khetheha, Bokreste-’mōtoana. ’Me joalokaha moloko o ileng oa utloa molaetsa oa kahlolo oa Kreste o ile oa phelela ho bona timetso eo a neng a e boletse esale pele, kahoo moloko o bileng teng ho tloha ka 1914 “o ke ke oa feta” pele ‘mahlomola a maholo’ a boletsoeng esale pele a e-tla.—Mattheu 24:21, 22, 34.
24. Hore re tle re pholohele lefatšeng le lecha la Molimo, re tlameha ho etsa’ng?
24 Re tlameha ho etsa’ng hore re tle re pholohe mahlomola a maholo ’me re tsoele pele re ntse re phela ho kena lefatšeng le lecha la Molimo? Ho sa tsotellehe litebello tse fosahetseng tseo e ka bang ofe kapa ofe oa rōna o ne a e-na le tsona, re tlameha ho itebela khahlanong le ho robala mabapi le mesebetsi ea rōna ea Bokreste. (Habakuke 2:3; 1 Ba-Thessalonika 5:1-6) Ba khonang ho hopola lintho tse etsahetseng ho tloha ka 1914 ba ntse ba tsoela pele ho fokotseha. Ka hona, ho hlokahala hore re falimehe; nako ha e sa le eo. (Mattheu 24:42) Bohle ba batlang ho pholoha bofelo ba lefatše la Satane le khopo ba tlameha ho nka khato hona joale ka tsela e bontšang hore ba lumellana le mantsoe a bululetsoeng: “Rea u leboha, Jehova Molimo, ea Matla ’Ohle, . . . hobane u nkile matla a hao a maholo ’me u qalile ho busa u le morena.”—Tšenolo 11:17, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona Molula-Qhooa oa September 1, 1983, maqephe 21, 22.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na ke hobane’ng ha sena se tšoaea qaleho ea Linako tsa Balichaba, bona “Let Your Kingdom Come,” khaolo 14, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
c C. T. Russell o ile a ngola taba e neng e e-na le sehlooho “Linako tsa Lichaba: Li Fela Neng?,” e ileng ea hatisoa makasineng oa Bible Examiner, ka October 1876. Leqepheng la 27, taba eo e ile ea re: “Linako tse supileng li tla fela ka A.D. 1914.”
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Jerusalema ea boholo-holo e ne e emela eng, empa e ile ea lahleheloa ke boemo ba eona bo hlomphehang joang?
◻ Linako tsa Balichaba li qalile neng ’me li felile neng, hona ka phello efe e boletsoeng esale pele?
◻ Timetso ea Jerusalema e sa tšepahaleng e ne e tšoantšetsa eng?
◻ Re tseba joang hore mahlomola a maholo a se a le haufi, ’me re tlameha ho etsa’ng hore re tle re pholohe ho ’ona?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Jerusalema le tempele ea eona li ile tsa lahleheloa ke boemo ba tsona bo hlomphehang, empa Molimo o ile oa tsoela pele ho hlohonolofatsa Mora oa oona, Messia, oa ba oa buisana le eena ka ho toba o le leholimong