Tatian—Na e ne e le Mosireletsi oa Tumelo Kapa Mokhelohi?
HO ELLA qetellong ea leeto la hae la boraro la boromuoa, moapostola Pauluse o ile a kopana le banna ba baholo ba phutheho ea Efese eaba o re ho bona: “Kea tseba hore ka mor’a hore ke tlohe liphiri tse hatellang li tla kena har’a lōna ’me li ke ke tsa tšoara mohlape ka mosa, ’me har’a lōna ho tla hlaha batho ’me ba bue lintho tse sothehileng hore ba ikhulele barutuoa ka mor’a bona.”—Liketso 20:29, 30.
Ho lumellana le mantsoe a Pauluse, lekholo la bobeli la lilemo C.E. e ne e le nako ea liphetoho le bokoenehi bo boletsoeng esale pele. Bognostic, e leng mokhatlo oa bolumeli le oa filosofi o neng o atile o ileng oa senya tumelo ea balumeli ba bang, o ne o hōla ka nako eo. Magnostic a ne a lumela hore lintho tsa moea li ntle le hore lintho tsohle tsa nama li mpe. A e-na le monahano oa hore lintho tsohle tsa nama li mpe, a ne a hana lenyalo le ho ba le bana, a bolela hore Satane ke eena ea qapileng lintho tsena. A mang a ’ona a ne a lumela hore kaha lintho tsa moea ke tsona feela tse ntle, hase habohlokoa hore na motho o etsa eng ka ’mele oa hae. Pono e joalo e ile ea fella ka ho phela ka mekhoa e feteletseng ea ho itšoara ka thata-thata kapa ea ho khotsofatsa nama ho tlōla. Magnostic a ne a bolela hore poloko e tlisoa feela ke sephiri sa Bognostic, kapa ho itseba hore na u motho oa mofuta ofe, a qhela ’nete ea Lentsoe la Molimo.
Bakreste ka lebitso ba ile ba etsa joang ha ba sokeloa ke Bognostic? Batho ba bang ba rutehileng ba ile ba hanyetsa thuto ea bona e fosahetseng, empa ba bang ba ile ba inehela tšusumetsong ea bona. Ka mohlala, Irenaeus o ile a qala ntoa ea nako e telele khahlanong le lithuto tsa bokhelohi. O ne a rutiloe ke monna ea bitsoang Polycarp ea phetseng mehleng ea baapostola. Polycarp o ne a buella hore ho khomareloe ka thata lithutong tsa Jesu Kreste le baapostola ba hae. Le hoja motsoalle oa Irenaeus Florinus le eena a ne a rutiloe ke Polycarp, qetellong o ile a amohela lithuto tsa moeta-pele ea hlaheletseng ka ho fetisisa oa mokhatlo oa Magnostic ea bitsoang Valentinus. Ka sebele, tseo e ne e le linako tsa pherekano.
Libuka tsa Tatian, e leng sengoli se hlaheletseng sa lekholo la bobeli la lilemo li re fa leseli la likhopolo tsa bolumeli tsa nakong eo. Tatian e ne e le motho oa mofuta ofe? E bile Mokreste ka lebitso joang? Hona Tatian o ile a itšoara joang tšusumetsong ea bokhelohi ea Magnostic? Likarabo tsa hae tse thahasellisang le mohlala oa hae li ruta ba batlang ’nete kajeno lintho tsa bohlokoa.
O Fumana “Libuka Tse Ling Tsa Khale Haholo”
Tatian e ne e le letsoalloa la Syria. Ho tsamaea ha hae haholo le ho bala haholo li ile tsa etsa hore a utloisise hantle meetlo ea Bagerike le ea Baroma ea mehleng ea hae. Tatian o ile a ea Roma e le sebui sa mohahlauli. Leha ho le joalo, ha a ntse a le Roma, o ile a khahloa ke Bokreste. O ile a tloaelana le Justin Martyr, ’me mohlomong ea e-ba morutuoa oa hae.
Tlalehong eo Tatian a hlalosang hore na o ile a sokolohela joang Bokresteng ka lebitso, o re: “Ke ne ke batla kamoo nka tsebang ’nete kateng.” Ha a hlalosa hore na o ile a ba le monyetla oa ho bala Mangolo joang, o re: “Ke ile ka fumana libuka tse ling tsa khale haholo, e le tsa khale hoo li phahametseng likhopolo tsa Bagerike, hape e le tse se nang liphoso tse kang tsa tsona; ’me ke ile ka susumeletsoa ho li lumela ka lebaka la puo ea tsona e bonolo, botšepehi ba bangoli, ho tseba esale pele lintho tse tla etsahala nakong e tlang, melao ea boleng bo phahameng le ho phatlalatsa ’muso o akaretsang oa Motho a le mong.”
Tatian ha aa ka a tsilatsila ho kōpa batho ba mehleng ea hae hore ba hlahlobe Bokreste le ho bona kamoo bo leng bonolo ebile bo hlakileng kateng ha bo bapisoa le pherekano ea bohetene. Re ithuta eng libukeng tsa hae?
Libuka Tsa Hae li Senola Eng?
Libuka tsa Tatian li senola hore ke mosireletsi oa tumelo, mongoli ea buang ho sireletsa tumelo ea hae ka sebete. O ne a hloile filosofi ea bohetene ka pelo eohle ea hae. Bukeng ea hae e bitsoang Address to the Greeks, Tatian o hatisa hore bohetene ha bo na thuso le hore Bokreste kamoo a bo tsebang kateng ke bona bo nang le thuso. O ngotse ka mokhoa o matla haholo ha a nyatsa mekhoa ea Bagerike. Ka mohlala, ha a bua ka rafilosofi ea bitsoang Heracleitus, o re: “Lefu la hae le ile la bontša bothoto ba hae; hobane eitse ha a tšoaroa ke lefu la seema, le hoja a ne a ithutetse bongaka le filosofi, o ile a itlotsa ka bolokoe, boo eitseng ha bo omella bo ileng ba finyetsa ’mele oa hae hoo a ileng a naphoha linama, ’me a shoa.”
Tatian o ne a hlompha ka ho tebileng taba ea ho lumela ho Molimo a le mong, eo e leng ’Mōpi oa lintho tsohle. (Baheberu 3:4) Bukeng eo ea Address to the Greeks, o re Molimo ke “Moea” ’me hape o re: “Ke eena a le mong ea se nang qalo, ’me Eena ka Boeena ke qalo ea lintho tsohle.” (Johanne 4:24; 1 Timothea 1:17) Ha Tatian a hana tšebeliso ea litšoantšo borapeling, oa ngola o re: “Nka bitsa mahong le majoe melimo joang?” (1 Bakorinthe 10:14) O ne a lumela hore Lentsoe e ne e le letsibolo la mesebetsi ea Ntate oa leholimo le hore ka mor’a moo o ile a sebelisetsoa ho bōpa lihloliloeng tsohle. (Johanne 1:1-3; Bakolose 1:13-17) Ha Tatian a bua ka tsoho e tla etsoa ka nako e behiloeng, o re: “Re lumela hore qetellong ea lintho tsohle ho tla tsoha ’mele.” Ha a bua ka lebaka leo re shoang ka lona, Tatian oa ngola o re: “Ha rea bōpeloa ho shoa, empa ke molato oa rōna hore ebe rea shoa. Boikhethelo ba rōna bo re lihetse; re ne re lokolohile, empa joale re makhoba; re rekisitsoe ka lebaka la sebe.”
Tlhaloso eo Tatian a fanang ka eona ka moea ea ferekanya. O re: “Bagerike, moea ka booona ha o shoe, empa oa shoa. Leha ho le joalo, hoa khoneha hore o se ke oa shoa. Haeba ka sebele o sa tsebe ’nete, oa shoa, ’me o bola le ’mele, empa qetellong ea lefatše o tsoha hape le ’mele, o ahloleloa lefu ka ho hlokofatsoa ka ho sa feleng.” Hore na ha e le hantle Tatian o ne a bolela eng ka lipolelo tsena, ha hoa hlaka. Ho ka etsahala hore ebe ha a ntse a tšoareletse lithutong tse itseng tsa Bibele, o ne a boetse a leka ho khahlisa batho ba mehleng ea hae, ka hona a kopanya linnete tsa Bibele le lifilosofi tsa bahetene.
Buka e ’ngoe e hlaheletseng ea Tatian ke Diatessaron, kapa Harmony of the Four Gospels. Tatian ke eena motho oa pele ea ileng a fa liphutheho tsa Syria Likosepele ka puo ea tsona. Mosebetsi ona oa ho etsa Likosepele tse ’nè buka e le ’ngoe o ile oa nkoa e le oa bohlokoa haholo. E ile ea sebelisoa ke Kereke ea Syria.
Na e ne e le Mokreste Kapa Mokhelohi?
Ho hlahloba ka hloko libuka tsa Tatian ho senola hore o ne a tseba Mangolo le hore o ne a a hlompha haholo. Ha a ngola kamoo a mo susumelitseng kateng o re: “Ha ke labalabele ho rua; ke hana ho ba molaoli oa sesole; ke hloile bohlola; ha ke na lerato la leruo le ntšusumelletsang hore ke be mosesisi oa likepe; . . . ha ke hlanyetse botumo . . . Bohle ba chabeloa ke letsatsi le tšoanang, bohle baa shoa, ebang ba phela ka thabo kapa ke mafutsana.” Tatian oa eletsa, o re: “Khaotsa ho laoloa ke lefatše, u ’ne u hane bohlanya ba lona. Phelela Molimo, ’me ha u Mo utloisisa u hlobole botho ba hao ba khale.”—Matheu 5:45; 1 Bakorinthe 6:18; 1 Timothea 6:10.
Leha ho le joalo, nahana ka buka ea Tatian e bitsoang On Perfection According to the Doctrine of the Savior. Bukeng ena o re lenyalo le qapiloe ke Diabolose. Tatian o nyatsa lenyalo ka matla ka ho bolela hore ka lona, batho ba iketsa makhoba a lefatše lena le senyehang.
Ho bonahala eka hoo e ka bang ka 166 C.E., ka mor’a lefu la Justin Martyr, Tatian o ile a theha kapa a kopanela le sehlopha sa batho ba iphelisang ka thata se bitsoang Boencrate. Balateli ba sona ba ne ba buella ka matla ho bontša boitšoaro ka tsela e feteletseng le ho laola ’mele. Bophelo ba bona bo thata-thata bo ne bo ba hloka hore ba itime veine, lenyalo le maruo.
Seo re ka Ithutang Sona
Ke hobane’ng ha Tatian a ile a suthela hōle hakaale le Mangolo? Na e ile ea e-ba “moutloi ea lebalang”? (Jakobo 1:23-25) Na Tatian o ile a hlōloa ho hana lipale tsa bohata eaba o oela lifilosofing tsa batho? (Bakolose 2:8; 1 Timothea 4:7) Kaha liphoso tseo a ileng a li buella li ne li le khōlō haholo, na ho ka belaelloa hore o ile a ferekana kelello?
Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, libuka tsa Tatian le mohlala oa hae li re fa leseli la hore na boemo ba bolumeli e ne e le bofe mehleng ea hae. Li bontša kamoo tšusumetso ea lifilosofi tsa lefatše e ka senyang kateng. E se eka re ka mamela temoso ea moapostola Pauluse ea hore re “furalle lipuo tsa lefeela tse silafatsang se halalelang le likhanyetsano tsa seo ka bohata se bitsoang ‘tsebo.’”—1 Timothea 6:20.