Gamaliele—O Rutile Saule oa Tarsase
BONGATA bo ne bo eme bo thotse tu! Metsotsoana e seng mekae pejana, ba ne ba batlile ba bolaea moapostola Pauluse. Eo hape a tsejoang e le Saule oa Tarsase, o ne a ile a pholosoa ke masole a Roma ’me joale o ne a talimile batho a le litepising tse pel’a tempele ea Jerusalema.
Pauluse o ile a etsetsa batho pontšo ka letsoho hore ba thōle ’me a qala ho bua ka Seheberu, a re: “Banna, barab’eso le bo-ntate, utloang boitšireletso ba ka ho lōna joale. . . . Ke Mojuda, ea tsoaletsoeng Tarsase ea Silisia, empa ea rutetsoeng motseng ona maotong a Gamaliele, ea rupetsoeng ho ea ka ho tiea ha Molao oa baholo-holo, ke chesehela Molimo feela joalokaha kaofela ha lōna le mo chesehela letsatsing lena.”—Liketso 22:1-3.
Kaha bophelo ba hae bo ne bo le kotsing, ke hobane’ng ha Pauluse a ile a qala ho ikemela ka ho bolela hore o rutiloe ke Gamaliele? Gamaliele e ne e le mang, hona ho ne ho ameha eng tabeng ea ho rutoa ke eena? Na koetliso ee e ile ea susumetsa Saule esita le ka mor’a hore a fetohe moapostola Pauluse oa Mokreste?
Gamaliele e ne e le Mang?
Gamaliele e ne e le Mofarisi ea tummeng. E ne e le setloholo sa Hillel e Moholo, ea neng a ile a theha se seng sa lihlopha tsa bolumeli tse khōlō ka har’a Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda ea Bafarisi.a Mokhoa oa ho ruta oa Hillel o ne o nkoa e le o utloahalang ho feta oa ea hlōlisanang le eena, Shammai. Ka mor’a timetso ea tempele ea Jerusalema ka 70 C.E., Bet Hillel (Ntlo ea Hillel) e ne e ratoa haholo ho feta ea Bet Shammai (Ntlo ea Shammai). Ntlo ea Hillel e ile ea fetoha letšoao la molao la Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda, kaha lihlotšoana tse ling tsohle li ile tsa nyamela ha tempele e timetsoa. Liqeto tsa Bet Hillel hangata ke motheo oa molao oa Bajuda ka har’a Mishnah, eo e ileng ea e-ba motheo oa Talmud, ’me ho ile ha bonahala hore tšusumetso ea Gamaliele e bile lebaka le ka sehloohong la ho tuma ha eona.
Gamaliele o ne a hlomphuoa hoo e bileng oa pele oa ho bitsoa rabban, tlotla e phahametseng ea rabi. Ha e le hantle, Gamaliele e ile ea e-ba motho ea hlomphehang haholo hoo Mishnah e reng ka eena: “Ha Rabban Gamaliele e moholo a e-shoa khanya ea Torah e ile ea fela, ’me bohloeki le bohalaleli [ka ho toba “ho khetheha”] li ile tsa fela.”—Sotah 9:15.
O Rutiloe ke Gamaliele—Joang?
Ha moapostola Pauluse a bolella letšoele le Jerusalema hore o ‘rutetsoe maotong a Gamaliele,’ o ne a bolela’ng? Ho ne ho ameha eng tabeng ea ho ba morutuoa oa mosuoe ea kang Gamaliele?
Mabapi le koetliso e joalo, Moprofesa Dov Zlotnick oa Seminari ea Sejuda ea Thuto ea Bolumeli ea Amerika oa ngola: “Ho nepahala ha molao oa molomo, ho akarelletsa le ho tšepahala ha oona, ho itšetlehile ka ho batlang e le ka ho feletseng ka kamano pakeng tsa mosuoe le morutuoa: tlhokomelo eo mosuoe a nang le eona ha a ruta molao le boikemisetso ba morutuoa ba ho ithuta oona. . . . Ka lebaka leo, barutuoa ba ne ba phehella ho lula maotong a litsebi . . . ‘ebe ba monya lipolelo tsa tsona ka cheseho.’”—Avot 1:4, Mishnah.
Emil Schürer, bukeng ea hae ea A History of the Jewish People in the Time of Jesus Christ, o re hlaha leseling mabapi le mekhoa ea mesuoe ea bo-rabi ea lekholong la pele la lilemo. Oa ngola: “Bo-rabi ba tummeng haholoanyane ba ne ba atisa ho bokana ka bongata pel’a bacha ba ratang thuto haholo, ka morero oa ho etsa hore ba tloaelane ka botlalo le ‘molao oa molomo’ o pharaletseng le o nammeng haholoanyane. . . . Thuto ena e ne e kopanyelletsa koetliso ea mohopolo e sa khathaleng e tsoelang pele. . . . Mosuoe o ne a botsa barutoana ba hae lipotso tse ngata tsa molao tse batlang qeto ea bona ’me a re ba li arabe kapa a li araba ka boeena. Barutoana le bona ba ne ba lumelloa ho botsa mosuoe oa bona lipotso.”
Ponong ea bo-rabi, ntho e neng e le ka sehloohong e ne e se hakaalo-kaalo ho pasa ha barutuoa. Ba neng ba rutoa ke mesuoe e joalo ba ne ba lemosoa: “Mang kapa mang ea lebalang ntho leha e le ’ngoe ea seo a ithutileng sona—ho ea ka Mangolo, ke taba ea bophelo kapa lefu.” (Avot 3:8) Thoriso e khōlō ka ho fetisisa e ne e lebisoa ho seithuti se neng se tšoana le “seliba se litsoeng ka samente, se sa lutleng le hanyenyane.” (Avot 2:8) Koetliso ea mofuta oo ke eo Pauluse, eo ka nako eo a neng a tsejoa ka lebitso la hae la Seheberu la Saule oa Tarsase, a ileng a e fumana ho Gamaliele.
Moea oa Lithuto Tsa Gamaliele
Ka ho lumellana le thuto ea Bafarisi, Gamaliele o ne a khothalletsa ho lumela molaong oa molomo. Kahoo o ile a beha khatiso e khōloanyane lineanong tsa bo-rabi ho feta Mangolong a bululetsoeng. (Matheu 15:3-9) Mishnah e qotsa Gamaliele ha a re: “Ipatlele mosuoe [rabi] ’me u itokolle lipelaelong, hobane u ke ke ua tlameha ho fana ka karolo e eketsehileng ea leshome ka lebaka la ho noha.” (Avot 1:16) Sena se ne se bolela hore ha Mangolo a Seheberu a ne a sa bolele ka ho toba hore na ho etsoe’ng, motho o ne a sa lokela ho sebelisa monahano oa hae kapa ho latela letsoalo la hae bakeng sa ho etsa qeto. Ho e-na le hoo, o ne a lokela ho fumana rabi ea tšoanelehang ea neng a tla mo etsetsa qeto. Ho latela Gamaliele, ke ka tsela ena feela motho a neng a ka qoba ho etsa sebe.—Bapisa le Baroma 14:1-12.
Leha ho le joalo, Gamaliele o ne a tsebahala haholo ka ho ba le maikutlo a utloahalang haholoanyane, a bontšang monahano o bulehileng haholoanyane liqetong tsa hae tsa bolumeli le tsa molao. Ka mohlala, o ile a bontša hore o nahanela basali ha a ne a etsa qeto ea hore o ne a tla “lumella mosali ho nyaloa hape motheong oa bopaki ba paki e le ’ngoe [ea lefu la monna oa hae].” (Yevamot 16:7, Mishnah) Ho ekelletsa moo, bakeng sa ho sireletsa mosali ea hlaliloeng, Gamaliele o ile a kenyeletsa lithibelo tse ’maloa tabeng ea lengolo la tlhalo.
Moea ona o boetse o bonoa litšebelisanong tsa Gamaliele le balateli ba pele ba Jesu Kreste. Buka ea Liketso e re ha baeta-pele ba bang ba Bajuda ba ne ba batla ho bolaea baapostola ba Jesu bao ba neng ba ba tšoaretse ho bolela, “monna ea itseng a ema ka har’a Sanhedrine, Mofarisi ea bitsoang Gamaliele, mosuoe oa Molao ea hlomphuoang ke batho bohle, eaba o laela hore banna bao ba behoe ka ntle ka nakoana. Eaba o re ho bona: ‘Banna ba Iseraele, ikeleng hloko mabapi le hore na le rera ho etsa’ng mabapi le banna bana. . . . Ke re ho lōna, Le se ke la kena-kenana le banna bana, empa le ba tlohele; . . . ho seng joalo, mohlomong le ka fumanoa le le ba hlileng ba loantšang Molimo.’” Keletso ea Gamaliele e ile ea eloa hloko, ’me baapostola bao ba ile ba lokolloa.—Liketso 5:34-40.
E Ile ea Bolela’ng ho Pauluse?
Pauluse o ne a koetlisitsoe a bile a rutiloe ke e mong oa mesuoe e meholo ka ho fetisisa ea bo-rabi ba lekholo la pele la lilemo C.E. Ha ho pelaelo hore ho bua ha moapostola enoa ka Gamaliele ho ile ha etsa hore letšoele le Jerusalema le mamele puo ea hae ka hloko. Empa o ne a bua le bona ka Mosuoe ea phahametseng Gamaliele hōle—Jesu, Mesia. Ka nako eo Pauluse o ne a bua le letšoele leo e le morutuoa oa Jesu, e seng oa Gamaliele.—Liketso 22:4-21.
Na koetliso ea Gamaliele e ile ea ama thuto ea Pauluse joaloka Mokreste? Ho ka etsahala hore ebe thuto e sa tenyetseheng e ka Mangolong le molaong oa Bajuda e ile ea ipaka e le molemo ho Pauluse joaloka mosuoe oa Mokreste. Empa, mangolo a Pauluse a bululetsoeng ke Molimo a fumanoang ka Bibeleng a bontša ka ho hlaka hore o ne a furaletse lithuto tsa motheo tsa tumelo ea Gamaliele ea Bofarisi. Pauluse o ne a lebisa Bajuda ba habo le ba bang kaofela ho Jesu Kreste, e seng ho bo-rabi ba Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda kapa lineanong tsa batho.—Baroma 10:1-4.
Haeba Pauluse a ne a ile a tsoela pele ho ba morutuoa oa Gamaliele, a ka be a ile a thabela botumo bo boholo. Ba bang ba sehlopha sa Gamaliele ba ile ba thusa ho lekanyetsa bokamoso ba Tsamaiso ea Bolumeli ea Sejuda. Ka mohlala, Simeone, mor’a Gamaliele, eo mohlomong e neng e le seithuti-’moho le Pauluse, o ile a phetha karolo e ka sehloohong phetohelong ea Bajuda khahlanong le Roma. Ka mor’a ho ripitloa ha tempele, setloholo sa Gamaliele, Gamaliele oa II o ile a tsosolosa matla a ho laela a Sanhedrine, a a fetisetsa Yavneh. Setloholo sa Gamaliele oa II Judah Ha-Nasi e ne e le mohlophisi oa Mishnah, e fetohileng lejoe la motheo la mohopolo oa Sejuda ho fihlela mehleng ea rōna.
Joaloka seithuti sa Gamaliele, Saule oa Tarsase a ka be a ile a tuma haholo Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda. Empa, mabapi le tsela e joalo ea bophelo, Pauluse o ile a ngola: “Lintho tseo e neng e le maruo ho ’na, tsena ke li nkile e le tahlehelo ka lebaka la Kreste. Le hona, ka lebaka leo, ka sebele ke hlile ke boetse ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka. Ka lebaka la hae ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle tse ngata, e le hore nka rua Kreste.”—Bafilippi 3:7, 8.
Ka ho furalla tsela ea hae ea bophelo ea ho ba Mofarisi le ho fetoha molateli oa Jesu Kreste, Pauluse o ile a sebelisa keletso ea eo e neng e le mosuoe oa hae ea ho itebela khahlanong le ho ‘fumanoa e le ea hlileng a loantšang Molimo.’ Ka ho khaotsa ho hlorisa barutuoa ba Jesu, Pauluse o ile a khaotsa ho loantša Molimo. Ho e-na le hoo, ka ho ba molateli oa Kreste, e ile ea e-ba e mong oa “basebetsi-’moho le Molimo.”—1 Bakorinthe 3:9.
Mehleng ea rōna Lipaki tsa Jehova tse chesehang li tsoela pele ho bolela molaetsa oa Bokreste ba ’nete. Joaloka Pauluse, bongata ba tsona bo entse liphetoho tse tsotehang bophelong ba tsona. Tse ling li tetse mesebetsi e molemo e le hore li ka ba le karolo e khōloanyane mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso, oo ka sebele e leng mosebetsi ‘o tsoang ho Molimo.’ (Liketso 5:39) Li thabile hakaakang hore ebe li latetse mohlala oa Pauluse ho e-na le ho latela oa eo e kileng ea e-ba mosuoe oa hae, Gamaliele!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mehloli e meng e bolela hore Gamaliele e ne e le mora oa Hillel. Talmud ha e hlakise taba ena.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
E le moapostola Pauluse, Saule oa Tarsase o ne a bolela litaba tse molemo ho batho ba lichaba